Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 2-LA 8 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAHEBERU 7-8
“Moprista oa ka ho sa Feleng ho ea ka Mokhoa oa Melkizedeke”
(Baheberu 7:1, 2) Etsoe Melkizedeke enoa, morena oa Saleme, moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, ea ileng a khahlanyetsa Abrahama ha a khutla polaong ea marena eaba oa mo hlohonolofatsa 2 le eo Abrahama a ileng a mo arolela karolo ea leshome ea lintho tsohle, pele ho tsohle, ha ho fetoleloa, ke “Morena oa Ho Loka,” joale hape ke morena oa Saleme, ke hore, “Morena oa Khotso.”
it-2-E 366
Melkizedeke
Ke morena oa boholo-holo oa Saleme le “moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,” Jehova. (Gen 14:18, 22) Ke eena moprista oa pele ea boletsoeng ka mangolong ’me o qalile ho ba moprista nakoana pele ho selemo sa 1933, pele ho mehla ea Kreste. Moapostola Pauluse o re Melkizedeke ke “Morena oa Khotso” kaha e ne e le morena oa Saleme, e bolelang “Khotso” ’me ho latela seo lebitso la hae le neng le se bolela o ile a re ke “Morena oa Ho Loka.” (Heb 7:1, 2) E ka ’na eaba Saleme ea boholo-holo e ne e le khubung ea motse oa Jerusalema, ’me lebitso lena Saleme le ile la kenyelletsoa ha ho rehoa motse oa Jerusalema oo ka linako tse ling o bitsoang “Saleme.”—Pes 76:2.
Kamor’a hore Abrahama a hlole Kedorlaomere le marena ao a neng a ikopantse le eena, o ile a tla Khohlong ea Shave kapa “Khohlong ea morena.” Ha ba le moo, Melkizedeke o ile “a tlisa bohobe le veine” eaba o hlohonolofatsa Abrahama a re: “Abrame a hlohonolofatsoe ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše; ’me ho bokoe Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea nehelaneng ka bahatelli ba hao matsohong a hao!” Kamor’a moo, Abrahama o ile a mo fa “karolo ea leshome” e tsoang “linthong tsa bohlokoa tse hapuoeng” ho marena a neng a ikopantse.—Gen 14:17-20; Heb 7:4.
(Baheberu 7:3) Kahobane a se na ntate, a se na ’mè, a se na leloko, a se na tšimoloho ea matsatsi kapa qetello ea bophelo, empa a entsoe ea joaloka Mora oa Molimo, o lula e le moprista ka ho sa feleng.
it-2-E 367 ¶4
Melkizedeke
Na ke ’nete hore Melkizedeke o ne “a se na tšimoloho ea matsatsi kapa qetello ea bophelo”?
Pauluse o ile a bua ka ntlha e ikhethang ka Melkizedeke ha a re: “Kahobane a se na ntate, a se na ’mè, a se na leloko, a se na tšimoloho ea matsatsi kapa qetello ea bophelo, empa a entsoe ea joaloka Mora oa Molimo, o lula e le moprista ka ho sa feleng.” (Heb 7:3) Melkizedeke o ile a tsoaloa a ba a shoa joaloka batho ba bang. Leha ho le joalo, ha ho na moo ho buuang ka mabitso a batsoali ba hae le leloko la habo le litloholo. Hape, mangolo ha a bue letho ka tlhaho ea hae le ho shoa ha hae. Ka hona, Melkizedeke ke eena hantle ea neng a ka tšoantšetsa Jesu Kreste hobane le eena boprista ba hae ke bo ke keng ba fela. Melkizedeke o ne a se na baprista ba mo hlahlamang kapa bao a tla ba hlahlama. Ho joalo feela le ka Kreste, ha a hlahlame moprista leha e le ofe ea phahameng ebile le Bibele e bontša hore ha a na mohlahlami. Ho ekelletsa moo, Jesu o hlahetse lelokong la Juda le lesikeng la borena la Davida, empa boprista le borena ba hae ha li amane le leloko leo a tsoang ho lona. Lintho tsena li etsahetse hobane Jehova a ne a tšepisitse Jesu hore li tla etsahala.
(Baheberu 7:17) Etsoe bopaking ho thoe: “U moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.”
it-2-E 366
Melkizedeke
Seo Boprista ba Jesu bo se Tšoantšetsang. Boprofeteng bo ikhethang bo buang ka Mesia, Jehova o ile a tiisetsa “Morena” oa Davida a re: “U moprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke!” (Pes 110:1, 4) Boprofeta bona bo ile ba fa Baheberu lebaka la ho lumela hore Mesia ea tšepisitsoeng e tla ba morena le moprista. Lengolong la Baheberu, moapostola Pauluse o ile a tlosa khoao e neng e ka ’na ea e-ba teng ea hore Jesu ke eena eo “e bileng moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.”—Heb 6:20; 5:10; sheba SELEKANE.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baheberu 8:3) Etsoe moprista e mong le e mong ea phahameng o behoa hore a nyehele limpho le mahlabelo; ka lebaka leo ho ne ho hlokahala le ho enoa hore a be le ho hong hoo a ho nyehelang.
Mahlabelo a Neng a Khahlisa Molimo
11 Moapostola Pauluse o re: “Moprista e mong le e mong ea phahameng o behoa hore a nyehele ka bobeli limpho le mahlabelo.” (Baheberu 8:3) Hlokomela hore Pauluse o arola linyehelo tse etsoang ke moprista ea phahameng oa Iseraele ea boholo-holo lihlopha tse peli, e leng, “limpho” le “mahlabelo,” kapa “mahlabelo bakeng sa libe.” (Baheberu 5:1) Batho ka kakaretso ba fana ka limpho ho bontša kameho e lerato le kananelo, esita le ho hlaolela botsoalle, lerato le kamohelo. (Genese 32:20; Liproverbia 18:16) Ka ho tšoanang, linyehelo tse ngata tse laetsoeng ka Molao li ka talingoa e le “limpho” tse fuoang Molimo bakeng sa ho batla kamohelo ea hae le lerato. Ho tlola Molao ho ne ho hloka puseletso, le ho etsa litokiso, ho ne ho nyeheloa “mahlabelo bakeng sa libe.” Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, haholo-holo Exoda, Levitike le Numere, li fana ka boitsebiso bo bongata mabapi le mefuta e sa tšoaneng ea mahlabelo le linyehelo. Le hoja e ka ba phephetso ea sebele ho rona ho utloisisa ka ho feletseng le ho hopola makolopetso ’ohle, ho hlokahala hore re ele hloko lintlha tse ling tsa bohlokoa mabapi le mefuta e sa tšoaneng ea mahlabelo.
(Baheberu 8:13) Ha a re “selekane se secha” sa pele o se entse se feletsoeng ke nako. Joale se etsoang se feletsoeng ke nako le se tsofalang se haufi le ho nyamela.
it-1-E 523 ¶5
Selekane
Selekane sa Molao se ile sa ‘felloa ke nako’ joang?
Leha ho le joalo, Selekane sa Molao se ile sa felloa ke nako ha Molimo a bua a sebelisa moprofeta Jeremia hore ho tla ba le selekane se secha. (Jer 31:31-34; Heb 8:13) Selekane sa Molao se ile sa felisoa ka selemo sa 33 ha Jesu a ne a e-shoa thupeng ea tlhokofatso (Kol 2:14), ’me sa nkeloa sebaka ke selekane se secha.—Heb 7:12; 9:15; Lik 2:1-4.
’Malo oa Bibele
(Baheberu 7:1-17) Etsoe Melkizedeke enoa, morena oa Saleme, moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, ea ileng a khahlanyetsa Abrahama ha a khutla polaong ea marena eaba oa mo hlohonolofatsa 2 le eo Abrahama a ileng a mo arolela karolo ea leshome ea lintho tsohle, pele ho tsohle, ha ho fetoleloa, ke “Morena oa Ho Loka,” joale hape ke morena oa Saleme, ke hore, “Morena oa Khotso.” 3 Kahobane a se na ntate, a se na ’mè, a se na leloko, a se na tšimoloho ea matsatsi kapa qetello ea bophelo, empa a entsoe ea joaloka Mora oa Molimo, o lula e le moprista ka ho sa feleng. 4 Joale, bonang hore na monna enoa o ne a le moholo hakaakang eo Abrahama, hlooho ea lelapa, a ileng a mo fa karolo ea leshome linthong tsa bohlokoa tse hapuoeng. 5 Ke ’nete, banna ba tsoang ho bara ba Levi ba amohelang boemo ba bona ba boprista ba na le taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome ho batho ho ea ka Molao, ke hore, ho barab’abo bona, esita le haeba ba tsoile lethekeng la Abrahama; 6 empa monna ea sa kang a lokolisa leloko la hae ho tloha ho bona o ile a nka likarolo tsa leshome ho Abrahama ’me a hlohonolofatsa ea neng a e-na le litšepiso. 7 Joale kantle ho phehisano leha e le efe, ea tlaase o hlohonolofatsoa ke e moholo. 8 Tabeng e ’ngoe ke batho ba shoang ba amohelang likarolo tsa leshome, empa tabeng e ’ngoe ke e mong eo ho pakoang ka eena hore oa phela. 9 Haeba nka sebelisa polelo ena, ka Abrahama esita le Levi ea amohelang likarolo tsa leshome o lefile likarolo tsa leshome, 10 kaha o ne a sa ntse a le lethekeng la moholo-holo oa hae ha Melkizedeke a mo khahlanyetsa. 11 Joale, ka sebele haeba phetheho e ne e le ka boprista ba Balevi, (kaha ka bona e le tšobotsi ea kamehla batho ba ile ba fuoa Molao,) ho ne ho tla ba le tlhokahalo efe e eketsehileng ea hore moprista e mong a hlahe ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke ebe ha ho thoe ke ho ea ka mokhoa oa Arone? 12 Etsoe kaha boprista bo ntse bo fetoha, ho ba le tlhokahalo ea hore le molao o fetohe. 13 Etsoe monna eo mabapi le eena ho boleloang lintho tsena e bile setho sa moloko o mong, oo ho tsoa ho oona ho seng ea sebelelitseng aletareng. 14 Etsoe ho hlakile haholo hore Morena oa rona o hlahile Juda, moloko oo mabapi le oona Moshe a sa kang a bua letho malebana le baprista. 15 Ho sa ntse ho hlakile ka ho eketsehileng haholo hore ka ho tšoana le Melkizedeke ho hlaha moprista e mong, 16 ea fetohileng ea joalo, eseng ho ea ka molao oa taelo o itšetlehileng ka nama, empa ho ea ka matla a bophelo bo ke keng ba timela, 17 etsoe bopaking ho thoe: “U moprista ka ho sa feleng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.”
LA 9-LA 15 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAHEBERU 9-10
“Seriti sa Lintho Tse Molemo Tse Tlang ho Tla”
(Baheberu 9:12-14) Che, ha aa ka a kena ka mali a lipoli le a lipohoana, empa o kene ka mali a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona. 13 Etsoe haeba mali a lipoli le a lipoho le molora oa khomo ea sethole o fafatsoang holim’a ba silafetseng o halaletsa ho isa tekanyong ea bohloeki ba nama, 14 mali a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa matsoalo a rona hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?
it-1-E 862 ¶1
Tšoarelo
Ho latela molao oo Molimo a neng a o file sechaba sa Israrele, e le hore motho a tšoareloe ha a ne a entse sebe kapa a sitetsoe mor’abo o ne a lokela hore a lokise phoso ea hae joalokaha Molao o ne o boletse. Hangata, motho o ne a lokela ho etsetsa Jehova sehlabelo. (Le 5:5–6:7) Ke ka hona Pauluse a ileng a re: “E, hoo e batlang e le lintho tsohle li hloekisoa ka mali ho ea ka Molao, ’me ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” (Heb 9:22) Leha ho le joalo, mahlabelo a liphoofolo a ne a sa hlakole libe ka ho feletseng kapa hona ho etsa hore motho a ikutloe a e-na le letsoalo le hloekileng. (Heb 10:1-4; 9:9, 13, 14) Empa, selekane se secha se boletsoeng esale pele se mabapi le sehlabelo sa Jesu Kreste se entse hore re tšoareloe ka ho feletseng. (Jer 31:33, 34; Mat 26:28; 1Ko 11:25; Ef 1:7) Nakong eo Jesu a neng a folisa motho ea shoeleng litho, o ile a bontša hore o na le matla a ho tšoarela libe.—Mat 9:2-7.
(Baheberu 9:24-26) Etsoe Kreste ha aa ka a kena sebakeng se halalelang se entsoeng ka matsoho, seo e leng setšoantšo sa ntho ea sebele, empa o kene leholimong, joale ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rona. 25 Leha e le hore ke bakeng sa hore a inyehele hangata, joalokaha moprista ea phahameng a kena sebakeng se halalelang selemo le selemo ka mali ao e seng a hae. 26 Ho seng joalo, o ne a tla lokela ho utloa bohloko hangata ho tloha ho thehoeng ha lefatše. Empa joale o iponahalitse hang le ka ho ke keng ha phetoa qetellong ea litsamaiso tsa lintho ho tlosa sebe ka sehlabelo sa hae.
“Tsoela Pele U Ntatela”
4 Mangolo ha a re letho ka ho fihla ha Jesu leholimong, ka tsela eo a ileng a amoheloa ka eona le thabo e bileng teng ha a boetse a kopana le Ntate oa hae. Leha ho le joalo, Bibele e ile ea senola esale pele se neng se tla etsahala nakoana ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong. Bajuda ba ne ba qetile lilemo tse fetang tse makholo a 15 ba tšoara mokete o halalelang. Hang ka selemo, moprista ea phahameng o ne a kena ka Sehalalelisisong sa tempele a fafatsa mali a mahlabelo a etsoang ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe ka pel’a areka ea selekane. Letsatsing leo, moprista ea phahameng o ne a tšoantšetsa Mesia. Jesu o ile a phetha morero oo mokete oo oa boprofeta o neng o o reretsoe ha a khutlela leholimong ’me a phetha seo hang le ka ho ke keng ha phetoa. O ile a kena tulong e hlollang ea Jehova leholimong—sebakeng se halalelang ka ho fetisisa bokahohleng—’me a hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa hae sa thekollo ka pel’a Ntate oa hae. (Baheberu 9:11, 12, 24) Na Jehova o ile a se amohela?
(Baheberu 10:1-4) Etsoe kaha Molao o na le seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng boleng ba sebele ba lintho tseo, le ka mohla batho ka mahlabelo a tšoanang ao ba a nyehelang ka mokhoa o tsoelang pele selemo le selemo ba ke ke ba etsa hore ba atamelang e be ba phethahetseng. 2 Ho seng joalo, na mahlabelo a ka be a sa khaotsa ho ’na a nyeheloa, hobane ba etsang tšebeletso e halalelang ba neng ba hloekisitsoe hang le ka ho ke keng ha phetoa ba ne ba ke ke ba hlola ba e-ba le kelo-hloko ea libe? 3 Ho fapana le hoo, ka mahlabelo ana ho na le khopotso ea libe selemo le selemo, 4 etsoe ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipoli a tlose libe.
it-2-E 602-603
Phetheho
Molao oa Moshe o ne o phethahetse. Molao o eang ho Baiseraele oo Jehova a neng a o file Moshe o ne o tsamaea le taba ea hore ba be le baprista le hore ba fane ka liphoofolo tse fapaneng bakeng sa mahlabelo. Le hoja Molao o ne o tsoa ho Molimo ea phethahetseng, molao oo le baprista le mahlabelo a ne a sa fetole batho hore e be ba phethahetseng joalokaha moapostola Pauluse a bontšitše. (Heb 7:11, 19; 10:1) Ho e-na le hore o lopolle batho sebeng le lefung, o entse hore sebe se bonahale le ho feta. (Bar 3:20; 7:7-13) Leha ho le joalo, litukisetso tsena kaofela li ile tsa finyella morero oa Molimo ’me tsa tataisetsa batho ho Kreste ’me tsa fetoha “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.”(Gal 3:19-25; Heb 10:1) Kahoo, ha Pauluse a bua ka “lebaka la ho hloleha ha Molao, ha o ntse o fokola ka nama” (Ro 8:3), ho hlakile hore o ne a bua ka hore moprista ea phahameng oa Mojuda (ea neng a khethiloe ka molao hore ebe eena ea ikarabellang tabeng ea mahlabelo le ho kena ka sehalalelisisong ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe ka mali a sehlabelo) a ke ke a khona “ho pholosa ka ho feletseng” bao a ba sebeletsang joalokaha ho hlalositsoe ho Baheberu 7:11, 18-28. Le hoja mahlabelo a neng a etsuoa ke baprista ba lesika la Arone a ne a etsa hore batho be haufi le Molimo, a ne a sa khone ho etsa hore motho a ikutloe a se na sebe. Pauluse o ne a bua ka taba ena ha a ne a re ha baprista ba ne ba koahela libe ba ne ba sa etse hore “ba atamelang e be ba phethahetseng,” ka hore ba ikutloe ba sena sebe. (Heb 10:1-4; bapisa le Heb 9:9) Moprista ea phahameng o ne a sa khone ho fana ka thekollo e hlokahalang e le hore motho a ka tšoareloa libe ka ho feletseng. Moprista Kreste ke eena feela eo batho ba ka khonang ho tšoareloa libe ka sehlabelo seo a faneng ka sona.—Heb 9:14; 10:12-22.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baheberu 9:16, 17) Etsoe moo ho nang le selekane, ho hlokahala hore ho fanoe ka lefu la moetsi oa selekane oa motho. 17 Etsoe selekane se tiea ka liphofu tse shoeleng, kaha ha se sebetse ka nako leha e le efe ha moetsi oa selekane oa motho a sa ntse a phela.
Lipotso tse Tsoang ho Babali
Pauluse o ile a bolela hore lefu lea hlokahala e le hore lilekane tse entsoeng pakeng tsa Molimo le batho li ka sebetsa. Selekane sa Molao ke mohlala. Moshe e ne e le ’muelli oa sona, eena ea ileng a etsa hore tumellano ena e pakeng tsa Molimo le Iseraele oa tlhaho e be teng. Kahoo Moshe o ile a phetha karolo ea bohlokoa ’me e ne e le eena motho ea ileng a sebetsana le taba ea hore Baiseraele ba kene selekaneng sena. Kahoo Moshe o ne a ka talingoa e le moetsi oa motho oa selekane sa Molao seo Jehova e leng eena ea se thehileng. Empa na mali a bophelo ba Moshe a ile a tlameha ho tšolloa bakeng sa hore selekane sa Molao se sebetse? Che. Ho e-na le hoo ho ile ha nehelanoa ka liphoofolo, mali a tsona a ne a emela mali a Moshe.—Baheberu 9:18-22.
Ho thoe’ng ka selekane se secha pakeng tsa Jehova le sechaba sa Iseraele oa moea? Jesu Kreste o ne a e-na le karolo e khanyang ea ho ba mokena-lipakeng, ’Muelli pakeng tsa Jehova le Iseraele oa moea. Le hoja Jehova a ile a theha selekane sena, se likoloha ho Jesu Kreste. Ka ntle le ho ba ’Muelli oa sona, ha a ne a le nameng Jesu o bile le litšebelisano tse tobileng le bao e neng e tla ba ba pele ba ho nkeloa selekaneng sena. (Luka 22:20, 28, 29) Ho feta moo, o ne a tšoaneleha ho fana ka sehlabelo se hlokahalang se ka etsang hore selekane sena se sebetse. Sehlabelo sena e ne e se sa liphoofolo feela tjee empa e ne e le sa bophelo bo phethahetseng ba motho. Kahoo Pauluse o ne a ka bolela hore Kreste ke moetsi oa selekane se secha. Ka mor’a hore “Kreste [a] . . . kene leholimong la sebele, a tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rona,” selekane se secha se ile sa sebetsa.—Baheberu 9:12-14, 24.
Ha a bua ka Moshe le Jesu e le baetsi ba batho ba lilekane, Pauluse o ne a sa etse tlhahiso ea hore e mong oa bona o ne a ile a theha lilekane tseo, tseo ha e le hantle li neng li entsoe ke Molimo. Ho fapana le hoo, batho bao ba babeli ba ne ba ameha ka mokhoa o tobileng joaloka babuelli tabeng ea ho theha lilekane tsena. ’Me boemong bo bong le bo bong, lefu le ne le hlokahala—lefu la liphoofolo le ne le emela lefu la Moshe, ’me Jesu o ile a fana ka mali a bophelo ba hae bakeng sa ba leng selekaneng se secha.
(Baheberu 10:5-7) Kahoo ha a kena lefatšeng o re: “ ‘Ha ua ka ua batla sehlabelo le nyehelo, empa u ile ua ntokisetsa ’mele. 6 Ha ua ka ua amohela linyehelo tse feletseng tsa secheso le nyehelo ea sebe.’ 7 Joale ka re, ‘Bona! Ke tlile (moqolong oa buka ho ngoliloe ka ’na) ho etsa thato ea hao, Molimo.’ ”
it-1-E 249-250
Kolobetso
Luka o bontša hore Jesu o ne a ntse a rapela ha a kolobetsoa. (Lu 3:21) Mongoli oa lengolo la Baheberu o re ha Jesu a “kena lefatšeng” (eseng ha a ne a hlaha a sa khone ho bala le ho bua mantsoe ana empa ha a ne a kolobetsoa hape a qala tšebeletso ea hae) o ile a bua mantsoe ana a hlahang lengolong la Pesaleme ea 40:6-8: “Ha ua ka ua batla sehlabelo le nyehelo, empa u ile ua ntokisetsa ’mele. . . . Bona! Ke tlile (moqolong oa buka ho ngoliloe ka ’na) ho etsa thato ea hao, Molimo.” (Heb 10:5-9) Jesu o tsoetsoe e le Mojuda, e leng sechaba seo Jehova a neng a entse selekane sa Molao le sona. (Ex 19:5-8; Gal 4:4) Kahoo, ha Jesu a ne a kolobetsoa ke Johanne, o ne a se a ntse a le selekaneng le Jehova Molimo. Ha Jesu a ne a fana ka ’mele oa hae o ne a etsa se fetang seo Molao o neng o mo tlama ho se etsa. O ne a fana ka ’mele oa hae o ‘lokisitsoeng’ bakeng sa “thato” ea Molimo, le ho felisa mahlabelo a liphoofolo. Moapostola Pauluse o re: “Ka “thato” e boletsoeng re halalelitsoe ka ho nyeheloa ha ’mele oa Jesu Kreste hang le ka ho ke keng ha phetoa.” (Heb 10:10) Lebaka le leng le entseng hore Jesu a fane ka ’mele oa hae e ne e le ho phetha thato ea Ntate oa hae e neng e amana le ’Muso. (Lu 4:43; 17:20, 21) Jehova o ile a amohela sehlabelo sena sa mora oa hae ha a mo tlotsa ka moea o halalelang ’me a re: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.”—Mar 1:9-11; Lu 3:21-23; Mat 3:13-17.
’Malo oa Bibele
(Baheberu 9:1-14) Joale, selekane sa pele se ne se e-na le litaelo tsa tšebeletso e halalelang le sebaka sa sona se halalelang sa lefatšeng. 2 Etsoe ho ile ha hahuoa kamore ea pele ea tente eo ka ho eona ho neng ho e-na le seluloana sa lebone le tafole le pontšo ea mahobe; ’me e bitsoa “Sebaka se Halalelang.” 3 Empa ka mor’a lesira la bobeli ho ne ho e-na le kamore ea tente e bitsoang “Sehalalelisiso.” 4 E ne e e-na le pitsa ea khauta ea ho chesetsa libano le areka ea selekane e koahetsoeng ka khauta ho pota-pota ka hohle, eo ka ho eona ho neng ho e-na le nkho ea khauta e nang le manna le molamu oa Arone o ileng oa ba le lithunthung le matlapa a selekane; 5 empa ka holim’a eona ho ne ho e-na le likerubime tse khanyang tse okametseng sekoahelo sa poelano. Empa joale hase nako ea ho bua ka ho qaqileng malebana le lintho tsena. 6 Ka mor’a hore lintho tsena li hahuoe ka tsela ena, baprista ba kena ka kamoreng ea pele ea tente ka linako tsohle ho etsa litšebeletso tse halalelang; 7 empa ka kamoreng ea bobeli ke moprista ea phahameng feela ea kenang hang ka selemo, eseng kantle ho mali, ao a a nyehelang bakeng sa hae le bakeng sa libe tsa ho hloka tsebo tsa batho. 8 Ka hona moea o halalelang o hlakisa hore tsela ea ho kena sebakeng se halalelang e ne e e-s’o bonahatsoe ha tente ea pele e ne e sa ntse e eme. 9 Tente ena ke papiso bakeng sa nako e behiloeng e seng e fihlile, ’me tumellanong le eona limpho hammoho le mahlabelo lia nyeheloa. Leha ho le joalo, ha li khone ho etsa hore motho ea etsang tšebeletso e halalelang a phethahale mabapi le letsoalo la hae, 10 empa li amana feela le lijo le lino le likolobetso tse sa tšoaneng. E ne e le litlhokahalo tsa molao tse amanang le nama ’me li ile tsa behoa ho fihlela nakong e behiloeng ea ho otlolla lintho. 11 Leha ho le joalo, ha Kreste a tla e le moprista ea phahameng oa lintho tse molemo tse etsahetseng, ka tente e kholo le e phethahetseng haholo e sa etsoang ka matsoho, ke hore, eo e seng ea popo ena, 12 che, ha aa ka a kena ka mali a lipoli le a lipohoana, empa o kene ka mali a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona. 13 Etsoe haeba mali a lipoli le a lipoho le molora oa khomo ea sethole o fafatsoang holim’a ba silafetseng o halaletsa ho isa tekanyong ea bohloeki ba nama, 14 mali a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa matsoalo a rona hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?
LA 16-LA 22 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAHEBERU 11
“Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba le Tumelo?”
(Baheberu 11:1) Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.
E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
6 Ka Bibeleng tumelo e hlalosoa ho Baheberu 11:1. (E bale.) Tumelo e itšetlehile linthong tse peli tseo re sa li boneng: (1) “Lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona”—sena se ka ’na sa akarelletsa lintho tseo re li lebeletseng empa li e-s’o phethahale, joaloka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho le ho tla ha lefatše le lecha. (2) “Lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” Temaneng ena, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bopaki bo totobetseng” le bolela “bopaki bo kholisang” ba lintho tsa sebele tse sa bonoeng, joaloka ho lumela hore ho na le Jehova Molimo, Jesu Kreste, mangeloi le mesebetsi e etsoang ke ’Muso oa leholimong. (Baheb. 11:3) Re ka kholisa ba bang joang hore tšepo ea rona ke ea sebele le hore re lumela lintho tse sa bonoeng tseo ho buuoang ka tsona ka Lentsoeng la Molimo? Ka mantsoe a rona le liketso, kaha ntle ho tsona tumelo ea rona e tla be e sa fella.
(Baheberu 11:6) Ho feta moo, kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.
“Moputsi oa ba mo Batlang ka Tieo”
Motho o lokela ho etsa’ng e le hore a khahlise Jehova? Pauluse o ile a ngola a re: ‘Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ Hlokomela hore Pauluse ha a re kantle ho tumelo ho thata ho khahlisa Molimo. Ho e-na le hoo, moapostola o re ho ke ke ha khoneha ho etsa joalo. Ka mantsoe a mang, ho ba le tumelo ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e le hore motho a khahlise Molimo.
Ke tumelo ea mofuta ofe e thabisang Jehova? Tumelo ea rona ho Molimo e lokela ho akarelletsa lintho tse peli. Ea pele, re “lokela ho lumela hore o teng.” Liphetolelo tse ling li re re lokela “ho lumela hore ke motho oa sebele.” Re ka khahlisa Molimo joang haeba re belaela hore o teng? Leha ho le joalo, tumelo ea ’nete e akarelletsa se fetang seo, kaha le bademona baa lumela hore Jehova o teng. (Jakobo 2:19) Ho lumela hore Molimo o teng ho lokela ho bonahala ka liketso tsa rona, seo se bolela hore re bontša tumelo ka hore re phele ka tsela e mo khahlisang.—Jakobo 2:20, 26.
Ea bobeli, re “lokela ho lumela hore” Molimo ke “moputsi.” Motho ea nang le tumelo ea ’nete o kholisehile ka ho feletseng hore boiteko ba hae ba ho phela ka tsela e khahlisang Molimo, e ke ke ea e-ba ba lefeela. (1 Bakorinthe 15:58) Re ka khahlisa Jehova joang haeba re belaela hore o na le bokhoni le takatso ea ho re putsa? (Jakobo 1:17; 1 Petrose 5:7) Ha motho a re Molimo ha a tsotelle batho, ha a na kananelo ebile o lekhonatha, motho eo ha a tsebe Molimo ea ngotseng Bibele.
Jehova o putsa batho ba joang? Pauluse o re “ba mo batlang ka tieo.” Buka e ’ngoe ea bafetoleli ba Bibele e bontša hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho ‘batla ka tieo,’ ha le bolele “ho batla ho tseba” ka Molimo, ho e-na le hoo, le bolela “borapeli” ba rona ho Molimo. Buka e ’ngoe e re leetsi lena la Segerike le bolela ketso e matla le boiteko bo etsoang ka tieo. Ka sebele, Jehova o putsa batho bao tumelo ea bona e ba susumelletsang ho mo etsetsa borapeli ka lerato le cheseho tse tsoang botebong ba pelo.—Matheu 22:37.
(Baheberu 11:33-38) Bao ka tumelo ba ileng ba hlola mebuso likhohlanong, ba tlisa ho loka, ba fumana litšepiso, ba thiba melomo ea litau, 34 ba thiba matla a mollo, ba phonyoha bohale ba sabole, ho tloha boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla, ba fetoha ba sebete ntoeng, ba qhalakanya mabotho a basele. 35 Basali ba ile ba amohela bafu ba bona ka tsoho; empa banna ba bang ba ile ba hlokofatsoa hobane ba ne ba ke ke ba amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo. 36 E, ba bang ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo le lichapo, ho feta moo, ka litlamo le lichankana. 37 Ba ile ba tlepetsoa ka majoe, ba lekoa, ba sakhoa likoto, ba shoa ka ho bolaoa ka sabole, ba phaila ka matlalo a linku, ka matlalo a lipoli, ha ba ntse ba le bohloking, ba le matšoenyehong, ba le tlas’a tšoaro e mpe; 38 lefatše le ne le sa ba tšoanele. Ba ile ba lelera mahoatateng le lithabeng le mahaheng le maphaong a lefatše.
Matlafatsa Tumelo ea Hao Litšepisong Tsa Molimo
10 Ho Baheberu khaolo ea 11, moapostola Pauluse o bua ka liteko tseo bahlanka ba bangata ba Molimo ba sa boleloang ka mabitso ba ’nileng ba tobana le tsona. Ka mohlala, o bua ka basali ba tumelo ba ileng ba shoeloa ke bara empa hamorao ba ba amohela ka tsoho. O boetse o bua ka bahlanka ba bang ba ileng ba hana ho “amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo.” (Baheb. 11:35) Le hoja re ke ke ra tiisa hore na Pauluse o ne a nahanne ka bo-mang, ba bang ba kang Nabothe le Zakaria, ba ile ba tlepetsoa ka majoe hobane ba mamela Molimo ’me ba etsa thato ea hae. (1 Mar. 21:3, 15; 2 Likron. 24:20, 21) Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba e-na le monyetla oa ho “amohela tokollo” haeba ba ne ba ka koeneha. Empa ho e-na le hoo, tumelo ea bona ho Molimo e ile ea etsa hore ba lule ba tiile, ’me ba khone ho “thiba melomo ea litau” le ho “thiba matla a mollo.”—Baheb. 11:33, 34; Dan. 3:16-18, 20, 28; 6:13, 16, 21-23.
11 Baprofeta ba bang ba kang Mikaia le Jeremia “ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo . . . le lichankana” ka lebaka la tumelo ea bona. Ha ba bang ba kang Elia, “ba ile ba lelera mahoatateng le lithabeng le mahaheng le maphaong a lefatše.” Kaofela ha bona ba ile ba mamella liteko tseo hobane ba ne ba e-na le “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”—Baheb. 11:1, 36-38; 1 Mar. 18:13; 22:24-27; Jer. 20:1, 2; 28:10, 11; 32:2.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baheberu 11:4) Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Molimo sehlabelo sa bohlokoa bo boholo ho feta Kaine, e leng tumelo eo ka eona a ileng a pakoa hore o ne a lokile, Molimo a paka mabapi le limpho tsa hae; ’me ka eona, le hoja a shoele, o sa ntse a bua.
it-1-E 804 ¶5
Tumelo
Batho ba nakong e fetileng ba ileng ba bontša tumelo. Batho bao Pauluse a reng ke “leru le leholo hakaalo la lipaki” (Heb 12:1) kaofela ha bona ba ne ba e-na le tumelo e matla. Ka mohlala, Abele o ne a tseba ka tšepiso eo Molimo a e entseng ka “peo” e neng e tla khoba “noha” hlooho. O ile a bona ha lintho tseo Jehova a li buileng ho batsoali ba hae li phethahala ha ba ntse ba le serapeng sa Edene. Ha ba se ba tsoile serapeng sa Edene, Adama le lelapa la hae ba ile ba ja bohobe ka mofufutso oa phatla tsa bona hobane lefatše le ne le rohakiloe le se le hlahisa meutloa le lihlabahlabane. E ka ’na eaba Abele o ile a bona ha Eva a lakatsa monna oa hae ’me Adama a laola Eva. Ha ho pelaelo hore o ile a utloa ha ’mè oa hae a bua ka bohloko ba pelehi. Hape le tsela e kenang serapeng sa Edene e ne e katiloe ke likerubime le lehare le halimang la sabole. (Gen 3:14-19, 24) Lintho tsena kaofela li ile tsa fa Abele “bopaki bo totobetseng” ba hore peo e tšepisitsoeng ke eona e tla fana ka topollo. Kahoo, tumelo e ile ea mo susumelletsa ho “nyehela ho Molimo sehlabelo,”sa bohlokoa bo boholo ho feta sa Kaine.—Heb 11:1, 4.
(Baheberu 11:5) Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo o ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.
‘O Ile a Khahlisa Molimo’
Joale ke joang Enoke a ileng a “fallisoa” e le hore a se ke a “bona lefu”? Ho ka etsahala hore Jehova o ile a fallisa Enoke ka tsela e monate ’me a mo tlosa bophelong le ho mo robatsa lefung ka tsela e neng e sa mo utloise bohloko. Empa pele ho moo, Enoke o ile a bontšoa “bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.” Ka tsela efe? Nakoana pele a robala borokong ba hae ba ho qetela, Enoke o ile a bontšoa pono e thabisang e tsoang ho Molimo, mohlomong a bontšoa lefatše le lecha la paradeise. Ka mor’a ho bona pono eo e hlakileng e neng e bontša hore Jehova o mo amohetse, Enoke o ile a robala lefung. Ha moapostola Pauluse a ne a ngola ka banna le basali bohle ba ileng ba bontša tumelo ho Jehova o ile a re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa.” (Baheberu 11:13) Ho ka etsahala hore nakoana ka mor’a moo lira tsa Enoke li ile tsa sala li batlana le setopo sa hae, empa “ha aa ka a fumanoa,” kaha Jehova o ile a pata setopo sa hae e le hore batho ba se ke ba se sebelisa hampe kapa ho se rapela.
’Malo oa Bibele
(Baheberu 11:1-16) Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe. 2 Etsoe banna ba linakong tsa khale ba ile ba pakoa ka sena. 3 Ka tumelo re lemoha hore litsamaiso tsa lintho li ile tsa hlophisoa ke lentsoe la Molimo, hoo se bonoang e bileng se tsoang linthong tse sa hlaheng. 4 Ka tumelo Abele o ile a nyehela ho Molimo sehlabelo sa bohlokoa bo boholo ho feta Kaine, e leng tumelo eo ka eona a ileng a pakoa hore o ne a lokile, Molimo a paka mabapi le limpho tsa hae; ’me ka eona, le hoja a shoele, o sa ntse a bua. 5 Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo o ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo. 6 Ho feta moo, kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo. 7 Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae; ka tumelo ena o ile a ahlola lefatše, ’me a fetoha mojalefa oa ho loka ho eang ka tumelo. 8 Ka tumelo Abrahama, ha a bitsoa, o ile a mamela ka hore a tsoe ho ea kena sebakeng seo a neng a reretsoe ho se amohela e le lefa; o ile a tsoa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng. 9 Ka tumelo o ile a lula e le mojaki naheng ea tšepiso joaloka naheng esele, ’me a lula litenteng le Isaka le Jakobo, majalefa le eena a tšepiso eona eo e tšoanang. 10 Etsoe o ne a letetse motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo. 11 Ka tumelo le eena Sara o ile a amohela matla a ho emola peo, esita leha a ne a fetile tekanyo ea lilemo, kaha o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala. 12 Kahoo hape ka monna a le mong, le eena ho tšoana leha a shoele, ho ile ha tsoaloa bana feela joalokaha eka ke linaleli tsa leholimo ka bongata le joaloka lehlabathe le mathokong a leoatle, ba se nang palo. 13 Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hole ’me ba li amohela ’me ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo. 14 Etsoe ba buang lintho tse joalo ba fana ka bopaki ba hore ba batla ka tieo sebaka sa bona. 15 Leha ho le joalo, hoja ebe ka sebele ba ne ba ’nile ba hopola sebaka seo ba neng ba tlohile ho sona, ba ka be ba bile le monyetla oa ho khutla. 16 Empa joale ba hahamalla sebaka se molemo, ke hore, sa leholimo. Kahoo Molimo ha a lihlong ka bona, hore ho ipiletsoe ho eena e le Molimo oa bona, etsoe o ba lokiselitse motse.
LA 23-LA 29 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAHEBERU 12-13
“Ha Jehova a re Khalemela, o Bontša Hore oa re Rata”
(Baheberu 12:5) Empa le lebetse ka ho feletseng keletso e buang le lona le le bara: “Mora oa ka, u se ke ua nyenyefatsa taeo e tsoang ho Jehova, kapa ua felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena;
U se ke Ua Talima “Lintho Tse ka Morao”
18 Keletso e utloisang bohloko. Ho thoe’ng haeba re utloisoa bohloko ke keletso e matla eo re ileng ra e fuoa? Sena se ke ke sa re utloisa bohloko feela empa se ka boetse sa re fokolisa—sa etsa hore re ‘felloe ke matla.’ (Baheb. 12:5) Ebang re “nyenyefatsa” taeo ka hore re se ke ra e amohela kapa re “felloa ke matla” hobane re ile ra e amohela eaba hamorao ha re sa e mamela—ha e le hantle, ha re lumelle keletso eo hore e re tsoele molemo le hore e re fetole. Ruri ho ne ho tla ba molemo ho mamela mantsoe a Solomone a reng: “Tšoara taeo; u se ke ua e tlohela. E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.” (Liprov. 4:13) Joaloka mokhanni ea hlomphang matšoao a tsela, a re amoheleng keletso, re e sebelise ’me re hahamalle pele.—Liprov. 4:26, 27; bala Baheberu 12:12, 13.
(Baheberu 12:6, 7) kaha Jehova o laea eo a mo ratang; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.” Ke ka lebaka la taeo le mamellang. Molimo o sebetsana le lona joalokaha a sebetsana le bara. Etsoe ke mora ofe eo ntat’ae a sa mo laeeng?
“Neng Kapa Neng ha le Rapela, le re, ‘Ntate’ ”
Ntate ea lerato o laea bana ba hae, kaha o amehile ka hore na e tla ba batho ba mofuta ofe ka moso. (Baefese 6:4) Ntate ea joalo o laea bana ba hae a tiile, le hoja ho se mohla a ba laeang ka tsela e sehloho. Ka tsela e tšoanang, Ntate oa rona oa leholimo a ka bona ho loketse hore ka linako tse ling a re fe taeo. Empa kamehla Molimo o re laea ka tsela e lerato ’me ha ho mohla a re laeang ka tsela e sehloho. Ho tšoana le Ntate oa hae, ha ho mohla Jesu a kileng a ba sehloho ha a laea barutuoa ba hae, esita leha ba ne ba lieha ho nka khato ka seo a neng a ba khalemella sona.—Matheu 20:20-28; Luka 22:24-30.
(Baheberu 12:11) Ke ’nete, ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.
“Mamelang Taeo ’Me le Hlalefe”
18 Le hoja ho ka ba bohloko ha re khalemeloa, ho hana khalemelo ho ka re tlisetsa litholoana tse bosula. (Baheb. 12:11) Nahana ka mehlala e ’meli ea batho bao re sa lokelang ho ba etsisa e leng Kaine le morena Tsedekia. Ha Molimo a bona hore Kaine o hloile moen’ae le hore o batla ho mo bolaea, o ile a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane? Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng? Empa haeba u sa fetohe hore u etse se molemo, sebe se laletse monyako, ebile sea u lakatsa; na u tla se laola?” (Gen. 4:6, 7) Kaine ha aa ka a mamela. O ile a bolaea moen’ae eaba o khola litholoana tse bosula bophelo bohle ba hae. (Gen. 4:11, 12) Hoja Kaine o ile a mamela Molimo, a ka be a sa ka a phela habohloko joalo.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baheberu 12:1) Kahoo, joale, kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki le re pota-potileng, le rona a re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rona,
Matha ka Mamello Peisong
11 ‘Leru le leholo la lipaki’ e ne e se bashebelli feela kapa batho bao ho ka boleloang hore ba eme ka thoko, ba tlile ho tla shebella peiso feela kapa ba tlil’o shebella ha semathi kapa sehlopha seo ba se ratang se hlola. Ho e-na le hoo, ba ne ba e-na le seabo joaloka limathi peisong. Ba ile ba matha ’me ba atleha ho qeta peiso. Le hoja ba se ba shoele, re ka nahana ka bona e le limathi tse nang le boiphihlelo tse ka khothatsang limathi tse ncha peisong. Nahana hore na semathi se ne se tla ikutloa joang haeba se ne se tseba hore se shebelletsoe ke limathi tse hloahloa ka ho fetisisa. Na se ne se ke ke sa susumelletseha hore se etse sohle seo se ka se khonang kapa le ho feta? Lipaki tseo tsa mehleng ea khale li ne ka tiisa hore le hoja peisong eo ea tšoantšetso ho ne ho ka ba boima, motho o ne a ka hlola. Kahoo, ka ho lula ba nahana ka mohlala oa ‘leru la lipaki,’ Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ka khothala ’me ba ‘matha ka mamello peisong’—joalokaha le rona re ka etsa joalo kajeno.
(Baheberu 13:9) “Le se ke la nkoa ke lithuto tse sa tšoaneng le tse sa tloaelehang; kaha ho hotle hore pelo e tiisoe ke mosa o sa tšoanelang, eseng ke tse jeoang, tseo ba iphathahanyang ka tsona ba sa ruang molemo.”
Nyehela Mahlabelo a Khahlisang Jehova
10 Ka hona ho ne ho hlokahala hore Baheberu ba qobe ho “khelosoa ke lithuto tse ngata, tsee e leng lithuto lisele” tsa ba lumelang Bojodeng. (Bagalata 5:1-6) Hase ka lithuto tse joalo empa ke ka ‘mohau oa Molimo pelo e ka tiisoang’ hore e lule e tiile ’neteng. Ho bonahala eka ba bang ba ne ba pheha khang ka lijo le mahlabelo, hobane Pauluse o boletse hore pelo ha e tiisoe “ka lijo tse sa kang tsa thusa ba li tšepileng.” Melemo ea moea e tlisoa ke boinehelo ba bomolimo le kananelo bakeng sa topollo, eseng ho ameha ka mokhoa o sa lokelang ka ho ja lijo tse itseng le ho boloka matsatsi a itseng. (Baroma 14:5-9) Ho feta moo, sehlabelo sa Kreste se felisitse mosebetsi oa mahlabelo a Balevi.—Baheberu 9:9-14; 10:5-10.
’Malo oa Bibele
(Baheberu 12:1-17) Kahoo, joale, kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki le re pota-potileng, le rona a re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rona, 2 ha re ntse re talimile ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rona, Jesu. Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo. 3 Ka sebele, le nahane ka hloko ka ea mameletseng puo e joalo e hanyetsang ea baetsalibe khahlanong le lithahasello tsa bona, e le hore le se ke la khathala eaba le felloa ke matla meeeng ea lona. 4Ha le tsoela pele ka ntoa ea lona khahlanong le sebe seo, le ka mohla ha le e-s’o hanyetse ho fihlela maling, 5 empa le lebetse ka ho feletseng keletso e buang le lona le le bara: “Mora oa ka, u se ke ua nyenyefatsa taeo e tsoang ho Jehova, kapa ua felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena; 6 kaha Jehova o laea eo a mo ratang; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.” 7 Ke ka lebaka la taeo le mamellang. Molimo o sebetsana le lona joalokaha a sebetsana le bara. Etsoe ke mora ofe eo ntat’ae a sa mo laeeng? 8 Empa haeba le se na taeo eo bohle ba bileng le kabelo ho eona, ka sebele le bana ba matšeo, eseng bara. 9 Ho feta moo, re ne re e-na le bo-ntate bao e neng e le ba nama joaloka rona ho re laea, ’me re ne re ba fa tlhompho. Na haholo ka ho eketsehileng re ke ke ra ipeha tlas’a Ntate oa bophelo ba rona ba moea ’me re phele? 10 Etsoe ka matsatsi a se makae ba ne ba re laea ho ea ka se neng se bonahala se le molemo ho bona, empa o etsa joalo molemong oa rona e le hore re ka ba le kabelo khalalelong ea hae. 11 Ke ’nete, ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo; leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka. 12 Kahoo otlollang matsoho a lepeletseng le mangole a tšeremang, 13 ’me le ’ne le otlolle litsela bakeng sa maoto a lona, e le hore se holofetseng se se ke sa ntšoa lenonyellong, empa ho e-na le hoo e le hore se ka fola. 14 Phehellang khotso le batho bohle, le khalaletso eo kantle ho eona ho seng motho ea tla bona Morena, 15 le lebela ka hloko hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka hlokisoang mosa o sa tšoanelang oa Molimo; e le hore ho se ke ha e-ba le motso o chefo o ka hlahang eaba o baka khathatso le hore ba bangata ba se ke ba silafatsoa ke oona; 16 e le hore ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau, ea ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng. 17 Etsoe lea tseba hore ka mor’a moo hape ha a batla ho rua tlhohonolofatso o ile a lahloa, kaha, le hoja ka tieo a ile a batla ho fetola maikutlo ka meokho, ha aa ka a fumana sebaka sa eona.
LA 30 SEPTEMBER–LA 6 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JAKOBO 1-2
“Ntho e ka re Lebisang Sebeng le Lefung”
(Jakobo 1:14) Empa e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae.
Ho Batla Ho Etsa Se Fosahetseng
Motho a ka hoheleha ho etsa ntho e fosahetseng. Mohlala, ha u le lebenkeleng u bona ntho eo u e ratang, ebe u batla ho e utsoa, u bile u hlokomela hore mohlomong u ke ke oa tšoaroa. Empa letsoalo la hao lea u khalemela, kahoo, u e sheba feela ebe oa feta. Oa thaba ha u hlokomela hore u entse ntho e nepahetseng.
SEO BIBELE E SE RUTANG
Bibele e tiisa hore ka linako tse ling kaofela ha rona re na le ho utloa re batla ho etsa lintho tse fosahetseng, ’me seo ha se bolele hore re batho ba babe. (1 Bakorinthe 10:13) Seo e leng sa bohlokoa ke hore na re etsa’ng ha re utloa re batla ho etsa se fosahetseng. Ba bang ba lula ba nahana ka lintho tsena ’me qetellong baa li etsa. Ba bang bona ba qoba ho li nahana hobane ba tseba hore li fosahetse.
“Empa e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae..”—Jakobo 1:14
(Jakobo 1:15) Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.
Ho Batla Ho Etsa Se Fosahetseng
Bibele e hlalosa se etsang hore motho a etse se fosahetseng. Jakobo 1:15 e re: “Takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” Ka mantsoe a bonolo, haeba re lula re nahana ka lintho tse fosahetseng, joang kapa joang re tla qetella re li entse. Empa re ka qoba ho ba makhoba a menahano e fosahetseng.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Jakobo 1:17) Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo, ’me ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.
it-2-E 253-254
Leseli
Jehova ke “Ntate oa maseli a leholimo.” (Jak 1:17) Ha se feela hore ke “Ea Fanang ka letsatsi bakeng sa leseli motšehare, litaelo tse hlomamisitsoeng tsa khoeli le linaleli bakeng sa leseli bosiu,” (Jer 31:35) empa o boetse ke Mohloli oa leseli la lintho tse ka mangolong. (2Ko 4:6) Molao oa hae, liqeto tsa hae tsa boahloli le lentsoe la hae, ke leseli ho ba li sebelisang. (Pes 43:3; 119:105; Lipr 6:23; Esa 51:4) Mopesaleme o ile a re: “Ka leseli le tsoang ho uena re ka bona leseli.” (Pes 36:9; bapisa le Pes 27:1; 43:3) Joalokaha khanya ea letsatsi e eketseha ho tloha ka meso “ho fihlela motšehare o moholo,” ka tsela e tšoanang, tsela ea ba lokileng ba fuoang bohlale ke Molimo e tla khanya ka ho eketsehileng. (Lipr 4:18) Ho mamela lithuto tsa Jehova, ho tla be ho bontša hore re tsamaea leseling la hae. (Esa 2:3-5) Ka lehlakoreng le leng, haeba motho a sa shebe lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona, o kotsing. Joalokaha Jesu a bolela: “haeba leihlo la hao le le khopo, ’mele oohle oa hao o tla ba lefifi. Ha e le hantle haeba leseli le ka ho uena ke lefifi, lefifi leo ke le leholo hakaakang!” (Mat 6:23; bapisa le De 15:9; 28:54-57; Lipr 28:22; 2Pe 2:14)
(Jakobo 2:8) Joale, haeba le itloaetsa ho phetha molao oa borena ho ea ka lengolo: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata,” le etsa hantle.
it-2-E 222 ¶4
Molao
“Molao oa Borena.” “Molao oa borena” o phahame ebile ke oa bohlokoa ho feta melao e meng e mabapi le tsela eo morena a lokelang ho tšoara ba bang ka eona. (Jak 2:8) Tšobotsi ea bohlokoa Molaong oa selekane e ne e le lerato, ’me “u rate moahelani oa hao joalokaha u ithata” (molao oa borena) e ne e le molao oa bobeli oo Molao oohle le Baprofeta ba neng ba itšetlehile ka oona. (Mat 22:37-40) Leha Bakreste ba se tlas’a Molao oa selekane, ba tlas’a Molao oa Morena Jehova le mora oa hae, Morena Jesu Kreste selekaneng se secha.
’Malo oa Bibele
(Jakobo 2:10-26) Etsoe mang kapa mang ea bolokang Molao oohle empa a nka mohato o fosahetseng ntlheng e le ’ngoe, o fetohile motloli khahlanong le tsona kaofela. 11 Etsoe ea ileng a re: “U se ke ua feba,” o ile a boela a re: “U se ke ua bolaea.” Joale, haeba u sa febe empa u bolaea, u fetohile motloli oa molao. 12 Le ’ne le bue ka tsela e joalo ’me le ’ne le etse ka tsela e joalo joalokaha ho etsa ba tla ahloloa ke molao oa batho ba lokolohileng. 13 Etsoe ea sa bontšeng mohau o tla ahloloa ntle ho mohau. Mohau o thaba ka ho fetisisa ka tlholo ho feta kahlolo. 14 Barab’eso, ho na le molemo ofe haeba e mong a re o na le tumelo empa a se na mesebetsi? Tumelo eo e ke ke ea mo pholosa, na ha ho joalo? 15 Haeba mor’abo rona kapa morali’abo rona a le boemong ba tlhobolo ’me a haelloa ke lijo tse lekaneng letsatsi, 16 empa leha ho le joalo e mong ho lona a re ho bona: “Tsamaeang ka khotso, le futhumale ’me le khore,” empa le sa ba fe tse hlokoang ke ’mele ea bona, ho na le molemo ofe? 17 Kahoo, tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi, e shoele. 18 Leha ho le joalo, e mong o tla re: “U na le tumelo, ’me ’na ke na le mesebetsi. Mpontše tumelo ea hao kantle le mesebetsi, ’me ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.” 19 U lumela hore ho na le Molimo a le mong, na ha ho joalo? U etsa hantle. Leha ho le joalo bademona baa lumela ’me baa thothomela. 20 Empa na u lakatsa ho tseba, Uena motho oa lefeela, hore tumelo kantle le mesebetsi ha e sebetse? 21 Na ha hoa ka ha boleloa hore ntat’a rona Abrahama o lokile ka mesebetsi ka mor’a hore a nyehele mora oa hae Isaka aletareng? 22 Ua bona hore tumelo ea hae e ile ea sebetsa hammoho le mesebetsi ea hae ’me ka mesebetsi ea hae tumelo ea hae e ile ea etsoa e phethahetseng, 23 ’me lengolo le ile la phethahala le reng: “Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me a balloa hoo e le ho loka,” ’me a bitsoa “motsoalle oa Jehova.” 24 Lea bona hore motho ho tla boleloa hore o lokile ka mesebetsi, eseng ka tumelo feela. 25 Ka mokhoa o tšoanang na le eena Rahaba oa seotsoa ha hoa ka ha boleloa hore o lokile ka mesebetsi, ka mor’a hore a bontše manģosa kamohelo ea baeti le ho a ntša ka tsela e ’ngoe? 26 Ka sebele, joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.