Buka ea Batho Bohle
“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—LIKETSO 10:34, 35.
1. Moprofesa e mong o ile a arabela joang ha a botsoa hore na o nahana eng ka Bibele, ’me o ile a etsa qeto ea ho etsa’ng?
MOPROFESA e mong o ne a le lapeng ka Sontaha se seng motšehare oa mantsiboea, a sa lebella baeti ho hang. Empa ha e mong oa baralib’abo rōna ba Bakreste a mo etela ha hae, o ile a mamela. Morali’abo rōna o ile a bua ka tšilafalo le bokamoso ba lefatše—lihlooho tse ileng tsa ipiletsa ho eena. Leha ho le joalo, ha morali’abo rōna a kenyelletsa Bibele puisanong, o ile a bonahala a belaela. Ka hona morali’abo rōna o ile a mo botsa hore na o nahana’ng ka Bibele.
O ile a arabela: “Ke buka e molemo e ngotsoeng ke banna ba bohlale, empa Bibele ha ea lokela ho nkoa ka ho teba.”
Morali’abo rōna o ile a botsa: “Na u kile ua bala Bibele?”
Moprofesa eo ka ho makala o ile a tlameha ho lumela hore ha a e-s’o ka a e bala.
Eaba morali’abo rōna oa botsa: “Ho tla joang hore u bue ka kholiseho e matla hakaale ka buka eo ho seng mohla u kileng ua e bala?”
Morali’abo rōna o ne a hlahisitse ntlha ea bohlokoa. Moprofesa enoa o ile a etsa qeto ea ho hlahloba Bibele a ntan’o etsa qeto ka eona.
2, 3. Ke hobane’ng ha Bibele e le buka eo batho ba bangata ba sa e tsebeng, ’me see se re hlahisetsa phephetso efe?
2 Moprofesa enoa ha a mong. Batho ba bangata ba na le maikutlo a itseng a tiileng ka Bibele le hoja ka bobona ho se mohla ba kileng ba e bala. Ba ka ’na ba e-ba le Bibele. Ba ka ba ba lumela hore ke buka ea bohlokoa historing. Empa ho ba bangata, ke buka eo ho seng mohla e kileng ea baloa. Ba bang ba re: ‘Ha ke na nako ea ho bala Bibele.’ Ba bang baa ipotsa, ‘Buka ea boholo-holo e ka sebetsa joang bophelong ba ka?’ Maikutlo a joalo a re hlahisetsa phephetso ea sebele. Lipaki tsa Jehova li lumela ka tieo hore Bibele e ‘bululetsoe ke Molimo ’me e molemo bakeng sa ho ruta.’ (2 Timothea 3:16, 17) Leha ho le joalo, re ka kholisa batho joang hore ho sa tsotellehe semelo sa bona sa morabe, bochaba, kapa mofuta oa morabe, ba lokela ho hlahloba Bibele?
3 A re buisaneng ka mabaka a mang a hore na ke hobane’ng ha Bibele e lokela ho hlahlojoa. Puisano e joalo e tla re hlomella ho behelana mabaka le bao re kopanang le bona tšebeletsong ea rōna, mohlomong re ba kholise hore ba lokela ho hlahloba seo Bibele e se buang. Ka nako e tšoanang, tlhahlobo ena e lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna ea hore ka sebele Bibele e seo e ipolelang hore e sona—e leng “lentsoe la Molimo.”—Baheberu 4:12.
Buka e Ajoang ka ho Fetisisa Lefatšeng
4. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Bibele ke buka e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng?
4 Taba ea pele, Bibele e lokela ho hlahlojoa hobane ke buka e ajoang ka ho fetisisa le e fetoleloang ka ho fetisisa historing eohle ea batho. Lilemong tse fetang 500 tse fetileng, kopi ea pele e hatisitsoeng ka mochine e ile ea hatisoa mochineng oa khatiso oa Johannes Gutenberg. Ho tloha ka nako eo, ho hatisitsoe Libibele tse ka bang limilione tse likete tse ’nè, li feletse kapa li sa fella. Ka 1996, Bibele e feletseng kapa likarolo tsa eona e ne e fetoletsoe lipuong tse 2167 le maleme.a Karolo e ka holimo ho 90 lekholong ea lelapa la batho e na le bonyane karolo ea Bibele ka puo ea eona. Ha ho buka le e ’ngoe—ea bolumeli kapa eo e seng ea bolumeli—e e atamelang!
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore batho lefatšeng lohle ba be le Bibele?
5 Lipalo-palo feela ha li tiise hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ka sebele re lokela ho lebella tlaleho e ngotsoeng e bululetsoeng ke Molimo hore e fumanoe ke batho lefatšeng lohle. Etsoe, Bibele ka boeona e re bolella hore “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Ho fapana le buka leha e le efe, Bibele e tšetse meeli ea bochaba ’me e tlōtse mekoallo ea morabe. Ka sebele Bibele ke buka ea batho bohle!
Tlaleho e Ikhethang ea ho Bolokoa
6, 7. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe ha ho mangolo leha e le afe a pele a Bibele ao ho tsebahalang hore a teng, hona see se phahamisa potso efe?
6 Ho na le lebaka le leng leo ka lona Bibele e lokelang ho hlahlojoa. E phonyohile litšitiso tsa tlhaho le tsa batho. Tlaleho ea kamoo e ileng ea bolokoa ho sa tsotellehe litšitiso tse khōlō, ka sebele ea ikhetha har’a lingoliloeng tsa boholo-holo.
7 Ka sebele bangoli ba Bibele ba ile ba ngola mantsoe a bona ka enke pampiring ea loli (e entsoeng ka semela sa Egepeta se bitsoang loli) le letlalong la ho ngolla (le entsoeng ka matlalo a liphoofolo).b (Jobo 8:11) Leha ho le joalo, thepa ea ho ngolla e joalo e na le lira tsa tlhaho. Oscar Paret oa setsebi oa hlalosa: “Ka bobeli lintho tsena tseo ho ngolloang ho tsona li kotsing e tšoanang ea ho senngoa ke mongobo, hlobo le mefuta e sa tšoaneng ea tšenyane. Ka lebaka la phihlelo ea letsatsi le leng le le leng, rea tseba hore na ho bonolo hakaakang hore moo ho bulehileng kapa ka kamoreng e mongobo pampiri e senyehe, esita le letlalo le thata.” Ka hona hase ntho e makatsang hore ebe ha ho na mangolo a pele ao ho tsebahalang hore a teng; mohlomong a ile a senyeha khale-khale. Empa haeba mangolo ao a pele a ile a hlōloa ke lira tsa tlhaho, Bibele e ile ea phonyoha joang?
8. Mangolo a Bibele a ile a bolokoa joang ho theosa le makholo a lilemo?
8 Hang ka mor’a hore mangolo a pele a ngoloe, likopi tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa qala ho etsoa. Ha e le hantle, ho kopitsa Molao le likarolo tse ling tsa Mangolo a Halalelang e bile mosebetsi oa botsebi Iseraeleng ea boholo-holo. Ka mohlala, moprista Esdrase, o hlalosoa e le “[mokopitsi, NW] ea masene molaong oa Moshe.” (Esdrase 7:6, 11; bapisa le Pesaleme ea 45:1.) Empa likopi tse ileng tsa etsoa le tsona e ne e le tse senyehang habonolo; qetellong li ile tsa lokela ho nkeloa sebaka ka tse ling hape, tse ngotsoeng ka letsoho. Mosebetsi ona oa ho kopitsa likoping o ile oa tsoela pele ka makholo a lilemo. Kaha batho ha baa phethahala, na liphoso tsa bakopitsi ha lia ka tsa fetola taba e ngotsoeng ea Bibele haholo? Bopaki bo bongata bo arabela ka che!
9. Mohlala oa Bamasorete o bontša ho ba seli ka ho fetisisa le ho nepa ha bakopitsi ba Bibele joang?
9 Hase feela hore bakopitsi e ne e le litsebi empa ba ne ba boetse ba hlompha ka ho teba mantsoe ao ba a kopitsang. Lentsoe la Seheberu bakeng sa “mokopitsi” le na le moelelo oa ho bala le ho tlaleha. Ho etsa mohlala oa ho ba seli ka ho fetisisa le ho nepa ha bakopitsi bana, nahana ka Bamasorete, bakopitsi ba Mangolo a Seheberu ba neng ba phela pakeng tsa lekholo la botšelela le la leshome la lilemo C.E. Ho ea ka setsebi Thomas Hartwell Horne, ba ne ba lekanyetsa hore na “tlhaku ka ’ngoe ea alfabeta ea [Seheberu] e hlaha ka makhetlo a mangata hakae Mangolong ’ohle a Seheberu.” Nahana hore na seo se bolela’ng! Ho qoba ho siea tlhaku leha e le ’ngoe, bakopitsi bana ba inehetseng ba ne ba sa bale feela mantsoe ao ba a kopilitseng empa ba ne ba bala le litlhaku. Ka sebele, ho latela palo e fumanoeng ke setsebi se seng, ho tlalehoa hore ba ile ba fumana litlhaku ka bonngoe tse 815 140 ka Mangolong a Seheberu! Boiteko bo joalo bo matla bo ile ba tiisa hore a nepahetse ka tekanyo e phahameng.
10. Ho na le bopaki bofe bo susumetsang ba hore taba e ngotsoeng ea Seheberu le ea Segerike eo liphetolelo tsa kajeno li thehiloeng ho eona e emela mantsoe a bangoli ba pele ka nepo?
10 Ha e le hantle, ho na le bopaki bo susumetsang ba hore taba e ngotsoeng ea Seheberu le Segerike eo liphetolelo tsa kajeno li thehiloeng ho eona e emela ka botšepehi bo tsotehang mantsoe a bangoli ba pele. Har’a bopaki ba sena ho na le likopi tse likete tse ngotsoeng ka letsoho tsa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho—tse hakanyetsoang ho 6000 tsa Mangolo a Seheberu kaofela kapa likarolo tsa ’ona, le tse ling tse 5000 tsa Mangolo a Bakreste a Segerike—tse phonyohileng ho fihlela mehleng ea rōna. Tlhahlobo e etsoang ka hloko e tšoanang le eo ea libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tse leng teng e nolofalelitse litsebi tsa taba e ngotsoeng ho hlokomela liphoso leha e le life tsa bakopitsi le ho lekanyetsa hore na e ne e baleha joang pele. Ha a bua ka taba e ngotsoeng Mangolong a Seheberu, setsebi William H. Green o ne a ka re: “Re ka ’na ra bua re sa tšabe hore ha ho buka e ’ngoe ea boholo-holo e fetisitsoeng ka ho nepahala hakaalo.” Re ka tšepa taba e ngotsoeng ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka ho tšoanang.
11. Leseling la 1 Petrose 1:24, 25, ke hobane’ng ha Bibele e pholohile ho fihlela mehleng ea rōna?
11 Ho ka be ho bile bonolo hakaakang hore Bibele e fele hoja e se be ka likopi tse ngotsoeng ka letsoho tse ileng tsa nkela tsa pele sebaka, ka molaetsa oa tsona oa bohlokoa! Ho na le lebaka le le leng feela la ho phonyoha ha eona—Jehova ke ’Moloki le Mosireletsi oa Lentsoe la hae. Joalokaha Bibele ka boeona e bolela, ho 1 Petrose 1:24, 25: “Nama eohle e joaloka joang, le khanya eohle ea eona e joaloka thung-thung ea joang; joang boa omella, ’me palesa ea oa, empa polelo ea Jehova e lula e le teng ka ho sa feleng.”
E Fetoleloa Lipuong Tsa Moloko oa Batho Tse Sebelisoang
12. Ho phaella makholong a lilemo a ho kopitsoa, Bibele e ile ea talimana le litšitiso life tse ling?
12 Ho phonyoha ho sa tsotellehe ho kopitsoa ka makholo a lilemo e bile ho phephetsang haholo, empa Bibele e ne e tobane le tšitiso e ’ngoe—ho fetoleloa lipuong tsa kajeno. Bibele e tlameha ho bua ka puo ea batho e le hore e ka bua le lipelo tsa bona. Leha ho le joalo, ho fetolela Bibele—e nang le likhaolo tse fetang 1100 le litemana tse 31 000—hase mosebetsi o bonolo. Empa, ka makholo a lilemo, bafetoleli ba inehetseng, ka thabo ba ile ba amohela phephetso ena, ka linako tse ling ba talimana le litšitiso tse khōlō haholo.
13, 14. (a) Mofetoleli oa Bibele Robert Moffat o ile a talimana le phephetso efe Afrika mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo? (b) Batho ba buang Setswana ba ile ba itšoara joang ha Kosepele ea Luka e fumaneha ka puo ea bona?
13 Ka mohlala, nahana hore na ho tlile joang hore Bibele e fetoleloe lipuong tsa Afrika. Ka 1800, ho ne ho e-na le lipuo tse ka bang 12 feela tse ngoloang Afrika eohle. Lipuo tse ling tse makholo tse buuoang li ne li se na mokhoa oa ho ngoloa. Ena e ne e le phephetso e talimaneng le mofetoleli oa Bibele, Robert Moffat. Ka 1821, ha a le lilemo li 25, Moffat o ile a hloma ’mishone ka har’a batho ba Afrika e ka boroa ba buang Setswana. E le hore a ithute puo ea bona e sa ngoloeng, o ile a itsoakanya le batho. Moffat o ile a tiisetsa ’me, a sa sebelise libuka tsa ho ithuta ho bala kapa libuka tse hlalosang mantsoe, qetellong o ile a tseba puo eo hantle, a qapa mokhoa oa ho e ngola, ’me a ruta Batswana ba bang ho bala taba eo e ngotsoeng. Ka 1829, ka mor’a ho sebetsa har’a Batswana ka lilemo tse robeli, o ile a qeta ho fetolela Kosepele ea Luka. Hamorao o ile a re: “Ke tseba batho ba neng ba tsoa hōle ka lik’hilomithara tse makholo ho tla fumana likopi tsa Mohalaleli Luka. . . . Ke ba bone ba amohela likarolo tsa Mohalaleli Luka, ’me ba lla ha ba li fumana, ’me ba li peteletsa lifubeng, ’me ba ntša meokho ea teboho, ho fihlela ke re ho ba bang, ‘Le tla senya libuka tsa lōna ka meokho ea lōna.’” Moffat o ile a boela a bua ka monna oa Moafrika ea ileng a bona batho ba ’maloa ba bala Kosepele ea Luka ’me a ba botsa hore na ba tšoere eng. Ba ile ba araba: “Ke lentsoe la Molimo.” Monna enoa o ile a botsa: “Na lea bua?” Ba ile ba re: “E, le bua le pelo.”
14 Bafetoleli ba inehetseng ba kang Moffat ba ile ba fa Maafrika a mangata taba ea pele e ngotsoeng. Empa bafetoleli ba ile ba fa batho ba Afrika mpho eo e bileng e leng ea bohlokoa le ho feta—Bibele ka puo ea bona. Ho feta moo, Moffat o ile a tsebisa Batswana lebitso la Molimo, ’me a sebelisa lebitso leo phetolelong eohle ea hae.c Kahoo, Batswana ba ne ba re Bibele ke “molomo oa Jehova.”—Pesaleme ea 83:18.
15. Ke hobane’ng ha Bibele e phela hoo e phelang kajeno?
15 Bafetoleli ba bang likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše ba ile ba talimana le litšitiso tse tšoanang. Ba bang ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba fetolele Bibele. Nahana ka sena: Haeba Bibele e ne e ile ea lula e ngotsoe ka Seheberu le Segerike tsa boholo-holo, mohlomong e ka be e le khale e “shoele,” hobane ka mor’a nako e itseng bongata bo ne bo batla bo lebetse lipuo tseo, ’me ha ho mohla li kileng tsa tsejoa likarolong tse ngata tsa lefatše. Empa, Bibele e phela hoo e phelang hobane, ho fapana le buka leha e le efe e ’ngoe, e ka “bua” le batho lefatšeng lohle ka lipuo tsa bona. Ka lebaka leo, molaetsa oa eona o lula o ‘sebetsa ka ho ba o lumelang.’ (1 Bathesalonika 2:13) The Jerusalem Bible e fetolela mantsoe ana e le: “E sa ntse e le matla a phelang ka har’a lōna ba e lumelang.”
E ka Tšeptjoa
16, 17. (a) E le hore Bibele e be e ka tšeptjoang, ho lokela hore ho be le bopaki bofe? (b) Fana ka mohlala o le mong o bontšang ho hloka leeme ha Moshe, mongoli oa Bibele.
16 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Na ka sebele Bibele e ka tšeptjoa? Na e bua ka batho ba hlileng ba phela, libaka tse hlileng tsa e-ba teng le liketsahalo tse hlileng tsa etsahala?’ E le hore re e tšepe, ho lokela ho ba le bopaki ba hore e ngotsoe ke bangoli ba hlokolosi, ba tšepahalang. Sena se re tlisa lebakeng le leng la ho hlahloba Bibele: Ho na le bopaki bo tiileng ba hore e nepahetse ’me ea tšepahala.
17 Bangoli ba tšepahalang ba ne ba ke ke ba tlaleha katleho feela empa ba ne ba tla tlaleha le ho hlōleha, eseng litšoaneleho tse ntle feela empa le mefokolo. Bangoli ba Bibele ba bontšitse ho hloka leeme ho joalo ho khathollang. Ka mohlala, nahana ka ho toba taba ha Moshe. Har’a lintho tseo a ileng a li tlaleha ka botšepehi ke ho se bue phollatsi ha hae, hoo ponong ea hae ho neng ho mo etsa hore a se tšoanelehe bakeng sa ho ba moeta-pele oa Iseraele (Exoda 4:10); phoso e tebileng eo a ileng a e etsa e ileng ea mo thibela ho kena Naheng e Tšepisitsoeng (Numere 20:9-12; 27:12-14); ho kheloha ha mor’abo, Arone, ea ileng a ikopanya le Baiseraele ba bafetoheli ha ba etsa seemahale sa namane ea khauta (Exoda 32:1-6); bofetoheli ba khaitselie, Miriame le kotlo ea hae e tlotlollang (Numere 12:1-3, 10); ho se hlomphe ha bara ba moholoane oa hae e leng Nadabe le Abihu (Levitike 10:1, 2); le ho belaela ha batho ba Molimo le ho korotla khafetsa. (Exoda 14:11, 12; Numere 14:1-10) Na tlaleho e joalo e tobang taba, e tšepahalang ha e bontše ho ameha ha sebele ka ’nete? Kaha bangoli ba Bibele ba ne ba ikemiselitse ho tlaleha boitsebiso bo sa rateheng ka baratuoa ba bona, batho ba habo bona, esita le bona ka bobona, na hase lebaka le letle la ho tšepa seo ba se ngotseng?
18. Ke’ng se tiisang hore mangolo a bangoli ba Bibele a ka tšeptjoa?
18 Ho lumellana ha bangoli ba Bibele le hona ho tiisa hore mangolo a bona ke a ka tšeptjoang. Ka sebele hoa tsoteha hore ebe banna ba 40 ba ngolang ka nako ea lilemo tse 1600 baa lumellana, esita le linthong tse nyenyane. Leha ho le joalo, ho lumellana hona ha hoa hlophisoa ka hloko hoo ho ka tsosang pelaelo ea hore ho reriloe ka lekunutu. Ho fapana le seo, ho totobetse hore ho lumellana hona ha makolopetso a sa tšoaneng ha hoa etsoa ka morero; makhetlong a mangata ho hlakile hore ho lumellana hona ha hoa ba teng ka tumellano.
19. Ke joang litlaleho tsa Kosepele tsa ho tšoaroa ha Jesu li senolang tumellano eo ho hlakileng hore ha ea reroa?
19 Ka mohlala, nahana ka ketsahalo e ileng ea etsahala bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona. Bangoli ba bane ba Likosepele ba tlaleha hore e mong oa barutuoa o ile a tsomula sabole ’me a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng, a tlosa tsebe ea monna eo. Leha ho le joalo, ke Luka feela ea re bolellang hore Jesu o ile a ‘ama tsebe eo ’me a mo folisa.’ (Luka 22:51) Empa na hase seo re neng re ka se lebella ho mongoli ea neng a tsejoa e le “ngaka e ratoang”? (Bakolose 4:14) Tlaleho ea Johanne e re bolella hore ho barutuoa bohle ba neng ba le teng, ea ileng a sebelisa sabole e ne e le Petrose—’nete e sa makatseng ha ho nahanoa hore tšekamelo ea Petrose e ne e le ho potlakela litaba le ho ba mafolofolo. (Johanne 18:10; bapisa Matheu 16:22, 23 le Johanne 21:7, 8.) Johanne o tlaleha makolopetso a mang ao ho bonahalang a sa hlokahale: “Lebitso la lekhoba leo e ne e le Malkase.” Ke hobane’ng ha e le Johanne feela ea fanang ka lebitso la monna eo? Tlhaloso e fanoa ke ’nete e fokolang e bontšitsoeng hanyenyane tlalehong ea Johanne feela—Johanne “o ne a tsejoa ke moprista ea phahameng.” O ne a boetse a tsejoa ke ba ntlo ea moprista ea phahameng; bahlanka ba hae ba ne ba mo tseba ’me le eena a ba tseba.d (Johanne 18:10, 15, 16) Ho loketse hore ebe ke Johanne ea boletseng lebitso la monna eo ea tsoileng kotsi, ha bangoli ba bang ba Likosepele, bao ho hlakileng hore ba ne ba sa tsebe monna eo, ba sa bolele lebitso la hae. Ho lumellana ha makolopetso ana kaofela hoa tsoteha, empa ho hlakile hore ha hoa reroa. Ho na le mehlala e mengata e tšoanang le ena ho pholletsa le Bibele.
20. Ho hlokahala hore batho ba lipelo li tšepahalang ba tsebe eng ka Bibele?
20 Ka hona na re ka tšepa Bibele? Ntle ho pelaelo! Ho hloka leeme ha bangoli ba Bibele le ho lumellana ha litaba tse ka hare ho Bibele ho etsa hore e be ’nete. Ho hlokahala hore batho ba lipelo li tšepahalang ba tsebe hore ba ka tšepa Bibele, hobane ke Lentsoe le bululetsoeng la “Jehova, Molimo oa ’nete!” (Pesaleme ea 31:5) Ho na le mabaka a eketsehileng ao ka ’ona Bibele e leng buka ea batho bohle, joalokaha sehlooho se latelang se tla bua ka ’ona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Re itšetlehile ka lipalo tse phatlalalitsoeng ke United Bible Societies.
b Ha a kentsoe teronkong Roma ka lekhetlo la bobeli, Pauluse o ile a kōpa Timothea ho tlisa “meqolo, haholo-holo matlalo a ho ngolla.” (2 Timothea 4:13) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a kōpa likarolo tsa Mangolo a Seheberu e le hore a ka ithuta ’ona ha a le teronkong. Poleloana “haholo-holo matlalo a ho ngolla” e ka ’na ea bontša hore ho ne ho ameha meqolo ena ea loli hammoho le e meng ea matlalo a ho ngolla.
c Ka 1838, Moffat o ile a qeta phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka thuso ea molekane, o ile a qeta ho fetolela Mangolo a Seheberu ka 1857.
d Ho tloaelana ha Johanne le moprista ea phahameng le ba ntlo ea hae ho bontšoa ka ho eketsehileng hamorao tlalehong ena. Ha e mong oa makhoba a moprista ea phahameng a qosa Petrose ka ho ba e mong oa barutuoa ba Jesu, Johanne o hlalosa hore lekhoba lena e ne e le “mong ka monna eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe.”—Johanne 18:26.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore Bibele e be buka eo batho ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng ba nang le eona?
◻ Ho na le bopaki bofe ba hore Bibele e bolokiloe ka nepo?
◻ Bafetoleli ba Bibele ba ile ba talimana le litšitiso life?
◻ Ke eng se tiisang hore mangolo a Bibele a ka tšeptjoa?