Thuto—E Sebelisetse ho Rorisa Jehova
“Ea iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ea hae; empa ea batlang thoriso ea ea mo romileng, ke eena e leng oa ’nete.”—JOHANNE 7:18.
1. Thuto e qalile neng hona joang?
THUTO e qalile khale-khale. E qalile ha Jehova Molimo, Tichere e Khōlō le Morupeli, a ne a sa tsoa bōpa Mora oa hae oa letsibolo. (Esaia 30:20, NW; Ba-Kolosse 1:15) Enoa ke Eena ea neng a ka ithuta ho Tichere e Khōlō ka boeona! Ka likete tsa lilemo tse se nang palo a le haufi-ufi le Ntate oa hae, Mora eo—ea ileng a tsejoa e le Jesu Kreste—o ile a fumana thuto ea bohlokoahali mabapi le litšoaneleho, mesebetsi le merero ea Jehova Molimo. Hamorao ha e ne e le motho lefatšeng, Jesu o ne a ka re: “Ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo, joalo ka ha Ntate a nthutile.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Johanne 8:28.
2-4. (a) Ho latela Johanne khaolo ea 7, ke maemo afe a neng a potolohile ho ba teng ha Jesu Moketeng oa Metlotloane ka 32 C.E.? (b) Ke hobane’ng ha Bajode ba ne ba makaletse tsebo ea Jesu ea ho ruta?
2 Jesu o ile a sebelisa thuto eo a e fumaneng joang? Ka lilemo tse tharo le halofo tsa tšebeletso ea hae ea lefatšeng, o ile a abela ba bang seo a ithutileng sona a sa khathale. Leha ho le joalo, o ne a etsa sena ka morero o le mong oa sehlooho. ’Me e ne e le ofe? A re hlahlobeng mantsoe a Jesu ho Johanne khaolo ea 7, moo a ileng a hlalosa tšimoloho le morero oa thuto ea hae.
3 Nahana hore na boemo e ne e le bofe. E ne e le hoetla ka 32 C.E., hoo e ka bang lilemo tse tharo ka mor’a kolobetso ea Jesu. Bajode ba ne ba phuthehetse Jerusalema bakeng sa Mokete oa Metlotloane. Ho ne ho ile ha buuoa haholo ka Jesu matsatsing a seng makae a qalang a mokete. Ha mokete o le bohareng, Jesu o ile a ea tempeleng ’me a qala ho ruta. (Johanne 7:2, 10-14) Joaloka kamehla, o ile a ipaka e le Tichere e khōlō.—Mattheu 13:54; Luka 4:22.
4 Temana ea 15 ea Johanne khaolo ea 7 e re: ‘Bajode ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo joang, athe ha a ka a ithuta?’ Na ua utloisisa hore ke hobane’ng ha ba ne ba maketse? Jesu o ne a sa ka a kena sekolo leha se le seng sa bo-rabbi, kahoo o ne a sa ruteha—ho latela maikutlo a bona! Empa, Jesu o ne a fumana habobebe likarolo tse itseng ka Mangolong a Halalelang le ho li bala. (Luka 4:16-21) Ka sebele, ’metli enoa oa Galilea o bile a ba ruta le Molao oa Moshe! (Johanne 7:19-23) O ne a khona ho etsa see joang?
5, 6. (a) Jesu o ile a hlalosa mohloli oa thuto ea hae joang? (b) Jesu o ile a sebelisa thuto ea hae ka tsela efe?
5 Ha re bala litemaneng tsa 16 le 17, Jesu o ile a hlalosa: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng. Ekare ha motho a rata ho etsa thato ea [H]ae, o tla tseba thuto hore na e tsoa ho Molimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.” Ba ne ba batla ho tseba hore na Jesu o rutiloe ke mang, ’me o ile a ba bolella ka ho hlakileng hore thuto ea hae e ne e tsoa ho Molimo!—Johanne 12:49; 14:10.
6 Jesu o ile a sebelisa thuto ea hae joang? Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 7:18, Jesu o ile a re: “Ea iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ea hae; empa ea batlang thoriso ea ea mo romileng, ke eena e leng oa ’nete, ’me bokhopo ha bo eo ho eena.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ke ho loketseng hakaakang hore ebe Jesu o ile a sebelisa thuto ea hae bakeng sa ho tlisetsa Jehova thoriso, eo ‘bohlale ba hae bo phethehileng’!—Jobo 37:16.
7, 8. (a) Thuto e lokela ho sebelisoa joang? (b) Lipakane tse ’nè tse ka sehloohong tsa thuto e leka-lekaneng ke life?
7 Kahoo re ithuta thuto ea bohlokoa ho Jesu—thuto ha ea lokela ho sebelisetsoa ho ithorisa, empa e lokela ho sebelisetsoa ho tlisetsa Jehova thoriso. Ha ho na tsela e molemo ho feta eo ea ho sebelisa thuto. Joale, re ka sebelisa thuto joang ho tlisetsa Jehova thoriso?
8 Ho ruta ho bolela “ho koetlisa ka taeo e hlophisitsoeng le ka mokhoa o laolehileng [haholo-holo] tsebong e itseng, phihlelong kapa mosebetsing.” Joale a re ke re nahaneng ka lipakane tse ’nè tse ka sehloohong tsa thuto e leka-lekaneng le kamoo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e ka sebelisetsoang ho rorisa Jehova. Thuto e leka-lekaneng e lokela ho re thusa (1) ho bala hantle, (2) ho ngola ka mokhoa o hlakileng, (3) ho hōla kelellong le boitšoarong le (4) ho fumana koetliso e hlokahalang e ka sebelisoang bophelong ba letsatsi le letsatsi.
Ho Ithuta ho Bala Hantle
9. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba ’mali ea balang hantle?
9 Ntlha ea pele lethathamong lena ke ho bala hantle. Ke hobane’ng ha ho bala hantle e le habohlokoa hakaale? The World Book Encyclopedia ea hlalosa: “Ho bala . . . ho ka sehloohong tabeng ea ho ithuta ’me ke e ’ngoe ea litsebo tsa bohlokoa haholo bophelong ba letsatsi le leng le le leng. . . . Babali ba tsebang ho bala ba phetha karolo ea bohlokoa ho haheng sechaba se atlehileng, se behang litholoana. Ka nako e tšoanang, bona ka bobona ba thabela bophelo bo bonahatsang phihlelo e eketsehileng le bo khotsofatsang haholoanyane.”
10. Ho bala Lentsoe la Molimo ho re thusa joang ho thabela bophelo bo bonahatsang phihlelo e eketsehileng, bo khotsofatsang haholoanyane?
10 Haeba ho bala ka kakaretso ho ka re thusa ho thabela “bophelo bo bonahatsang phihlelo e eketsehileng le bo khotsofatsang haholoanyane,” sena ke ’nete hakaakang tabeng ea ho bala Lentsoe la Molimo! Ho bala ho joalo ho bulela likelello tsa rōna le lipelo menahano ea Jehova le merero ea hae, ’me ho e utloisisa ka ho hlaka ho etsa hore bophelo ba rōna bo be le moelelo. Ho phaella moo, Ba-Heberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” Ha re ntse re bala Lentsoe la Molimo ’me re thuisa ka lona, re huleloa haufinyane le Moqapi oa lona, ’me re susumeletseha ho etsa liphetoho bophelong ba rōna e le hore re ka khahleha haholoanyane ho eena. (Ba-Galata 5:22, 23; Ba-Efese 4:22-24) Le rōna re susumeletseha ho abela ba bang linnete tsa bohlokoa tseo re li balang. Sena sohle se tlisetsa Tichere e Khōlō, Jehova Molimo, thoriso. Ruri ha ho na tsela e molemo ho feta eo ea ho sebelisa matla a rōna a ho bala!
11. Lenaneo le leka-lekaneng la thuto ea botho le lokela ho akarelletsa eng?
11 Ebang re bacha kapa re hōlile, re khothaletsoa ho bala hantle, hobane ho bala ho phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba rōna ba Bokreste. Ho phaella ho baleng Lentsoe la Molimo kamehla, lenaneo le leka-lekaneng la thuto ea botho le ne le tla akarelletsa ho hlahloba temana ea Bibele bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla, ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! ka hloko, le ho lokisetsa liboka tsa Bokreste. ’Me ho thoe’ng ka tšebeletso ea Bokreste? Ho hlakile hore ho bolela phatlalatsa, ho boela ho batho ba thahasellang le ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele kaofela li hloka tsebo e ntle ea ho bala.
Ho Ithuta ho Ngola ka Mokhoa o Hlakileng
12. (a) Ke hobane’ng ha ho ithuta ho ngola ka mokhoa o hlakileng e le habohlokoa? (b) Ke mosebetsi ofe oa ho ngola o moholo ka ho fetisisa o kileng oa etsoa?
12 Pakane ea bobeli ke hore thuto e leka-lekaneng e lokela ho re thusa ho ithuta ho ngola ka mokhoa o hlakileng. Ho ngola ha ho fetise mantsoe le maikutlo a rōna feela empa hape hoa a boloka. Lilemong tse makholo-kholo tse fetileng, banna ba Bajode ba ka bang 40 ba ile ba ngola mantsoe ao Mangolo a bululetsoeng a ileng a etsoa ka ’ona meqolong ea loli kapa ea letlalo. (2 Timothea 3:16) Ruri ona e bile mosebetsi oa ho ngola o moholo ka ho fetisisa o kileng oa etsoa! Ha ho pelaelo hore ho pholletsa le makholo a lilemo Jehova o ile a fana ka tataiso tabeng ea ho kopitsoa ho ileng ha etsoa ka makhetlo-khetlo ha mantsoe ao a halalelang, hoo a fihlileng ho rōna a le boemong boo re ka a tšepang. Na ha re lebohe hore ebe Jehova o ile a ngola mantsoe a hae, ho e-na le ho itšetleha ka hore a fetisetsanoe ka puo ea molomo?—Bapisa le Exoda 34:27, 28.
13. Ke’ng se bontšang hore Baiseraele ba ne ba tseba ho ngola?
13 Mehleng ea boholo-holo, ke lihlopha tse khethehileng feela tse neng li tseba ho bala le ho ngola, tse kang bangoli ba Mesopotamia le Egepeta. Ho fapana ka ho totobetseng le lichaba tse ling, Iseraeleng e mong le e mong o ne a khothaletsoa ho tseba ho bala le ho ngola. Taelo e ho Deuteronoma 6:8, 9 ea hore Baiseraele ba ngole likoseneng tsa menyako ea matlo a bona, le hoja kamoo ho bonahalang kateng e ne e le ha tšoantšetso, e fana ka maikutlo a hore ba ne ba tseba ho ngola. Bana ba ne ba rutoa ho ngola ba sa le banyenyane. Almanaka ea Gezer ke o mong oa mehlala ea khale ka ho fetisisa ea mongolo oa Seheberu sa boholo-holo, litsebi tse ling li nahana hore ke ho ikoetlisetsa ho tšoara lithuto ka hlooho ho neng ho etsoa ke moshanyana ea kenang sekolo.
14, 15. Litsela tse ling tse molemo le tse hahang tsa ho sebelisa tsebo ea ho ngola ke life?
14 Empa re ka sebelisa tsebo ea ho ngola joang ka tsela e molemo le e hahang? Ka sebele ke ka ho ngola lintlha libokeng tsa Bokreste, likopanong tse nyenyane le tse khōlō. Lengolo, esita leha le le ‘lekhutšoanyane,’ le ka khothatsa ea kulang kapa la fetisetsa liteboho ho moena kapa khaitseli moeeng ea bileng mosa ho rōna kapa ea ileng a re amohela ka mofuthu. (1 Petrose 5:12) Haeba e mong ka phuthehong a lahlehetsoe ke moratuoa ka lefu, lengolo le lekhutšoanyane kapa karete le ka re ‘tšelisetsa ba pelo li tepeletseng.’ (1 Ba-Thessalonika 5:14) Khaitseli oa Mokreste eo ’mè oa hae a ileng a bolaoa ke kankere o ile a hlalosa: “Motsoalle e mong o ile a ’ngolla lengolo le monate. Seo ka sebele se ile sa thusa hobane ke ne nka le bala khafetsa.”
15 Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebelisa tsebo ea ho ngola ke ho tlisetsa Jehova thoriso ka ho ngola lengolo ka morero oa ho fana ka bopaki ba ’Muso. Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re ’ne re ngollane le batho ba sa tsoa thahasella ba lulang libakeng tse thōko-thōko. Ho kula ho ka ’na ha u thatafaletsa ho ea ka ntlo le ntlo ka nakoana. Mohlomong lengolo le ka fetisa seo uena ka bouena ka ho tloaelehileng u neng u tla se bua.
16, 17. (a) Ke phihlelo efe e bontšang bohlokoa ba ho ngola lengolo ka morero oa ho fana ka bopaki ba ’Muso? (b) Na u ka pheta phihlelo e tšoanang le eo?
16 Hlokomela phihlelo e ’ngoe. Lilemong tse ngata tse fetileng Paki e ’ngoe e ile ea ngola lengolo le fanang ka bopaki ba ’Muso e ngolla mosali oa mohlolohali eo lefu la monna oa hae le neng le phatlalalitsoe koranteng ea sebaka seo. Ha hoa ka ha e-ba le karabo. Eaba, ka November 1994, lilemo tse fetang 21 hamorao, Paki ena e fumana lengolo le tsoang ho morali oa mosali eo. Morali enoa o ile a ngola:
17 “Ka April 1973, u ile ua ngolla ’Mè ka morero oa ho mo tšelisa ka mor’a lefu la Ntate. Ke ne ke le lilemo li robong ka nako eo. Ka sebele ’Mè o ile a ithuta Bibele, empa ho fihlela kajeno ha e e-s’o be mohlanka oa Jehova. Leha ho le joalo, qetellong thuto ea hae e ile ea etsa hore ke fumane ’nete. Ka 1988, lilemo tse 15 ka mor’a hore ke fumane lengolo la hao—ke ile ka qala ho ithuta Bibele. Ke ile ka kolobetsoa ka la 9 March, 1990. Ke leboha haholo ka lengolo la hao la lilemo tse ngata tse fetileng hape ke thabela ho u tsebisa hore lipeō tseo u li jalileng ka sebele li ile tsa hōla, ka thuso ea Jehova. ’Mè o ile a mpha lengolo la hao hore ke le boloke, ’me ke batla ho u tseba. Ke tšepa hore u tla fumana lengolo lena.” Lengolo la morali enoa, le neng le e-na le aterese ea hae le nomoro ea thelefono, le ile la fela la finyella ho Paki ena e neng e ile ea ngola lilemong tse ngata hakaalo tse fetileng. Ak’u inahanele hore na mosali enoa e mocha o ile a makala hakaakang ha Paki ena—eo le hona joale e ntseng e ngola mangolo ho abela ba bang tšepo ea ’Muso, e mo founela!
Ho Hōla Kelellong, Boitšoarong le Moeeng
18. Mehleng ea Bibele, batsoali ba ne ba hlokomela thuto ea bana ba bona ea kelello le ea boitšoaro joang?
18 Pakane ea boraro ke hore thuto e leka-lekaneng e lokela ho re thusa ho hōla kelellong le boitšoarong. Mehleng ea Bibele ho ruta bana thuto ea kelello le ea boitšoaro ho ne ho nkoa e le bo bong ba boikarabelo bo ka sehloohong ba batsoali. Bana ba ne ba sa rutoe ho bala le ho ngola feela empa, habohlokoa haholo, ba ne ba rutoa Molao oa Molimo, o neng o akarelletsa mesebetsi eohle ea bona ea bophelo. Kahoo, thuto e ne e akarelletsa taeo mabapi le boikarabelo ba bona ba bolumeli le melao-motheo e laolang lenyalo, litšebelisano ka lapeng le boitšoaro likamanong tsa botona le botšehali esita le boikarabelo ba bona mabapi le batho ba bang. Thuto e joalo ha ea ka ea ba thusa ho hōla kelellong le boitšoarong feela, empa e ile ea ba thusa ho hōla le moeeng.—Deuteronoma 6:4-9, 20, 21; 11:18-21.
19. Re ka fumana thuto e re bontšang litekanyetso tsa boitšoaro tse molemohali tseo re ka phelang tumellanong le tsona le tse re thusang ho hōla moeeng hokae?
19 Kajeno teng? Thuto ea lefatše e molemo ke ea bohlokoa. E re thusa ho hōla kelellong. Empa re ka leba hokae bakeng sa thuto e tla re bontša litekanyetso tsa boitšoaro tse molemohali tseo re ka phelang ka tsona le tse tla re thusa ho hōla moeeng? Ka phuthehong ea Bokreste, re na le monyetla oa ho fumana lenaneo la thuto ea puso ea Molimo e sa fumaneheng kae kapa kae lefatšeng lena. Ka thuto ea rōna ea botho ea Bibele le libuka tse thehiloeng Bibeleng esita le taeo e fanoang libokeng tsa phutheho, likopanong tse nyenyane le tse khōlō, re ka fumana thuto ena ea bohlokoahali, e tsoelang pele—thuto ea bomolimo—ntle ho tefo! E re ruta eng?
20. Thuto ea bomolimo e re ruta eng, ’me e fella ka eng?
20 Ha re qala ho ithuta Bibele, re ithuta lithuto tsa Mangolo tsa motheo, ‘lithuto tseo ho qaloang ka tsona.’ (Ba-Heberu 6:1) Ha re ntse re tsoela pele, re ja “lijo tse tiileng”—ke hore, linnete tse tebileng haholoanyane. (Ba-Heberu 5:14) Empa, ho feta moo re ithuta melao-motheo ea bomolimo e re rutang tsela ea ho phela kamoo Molimo a batlang hore re phele kateng. Ka mohlala, re ithuta ho qoba litloaelo le mekhoa e ‘silafatsang nama’ le ho hlompha bolaoli le ’mele ea ba bang le thepa ea bona. (2 Ba-Korinthe 7:1; Tite 3:1, 2; Ba-Heberu 13:4) Ho phaella moo, re ananela bohlokoa ba ho tšepahala le ho ba mahlaha-hlaha mosebetsing oa rōna le molemo oa ho phela ka litaelo tsa Bibele mabapi le boitšoaro likamanong tsa botona le botšehali. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Ba-Efese 4:28) Ha re ntse re hatela pele tšebelisong ea melao-motheo ena bophelong ba rōna, re hōla moeeng, ’me kamano ea rōna le Molimo ea teba. Ho feta moo, boitšoaro ba rōna bo bontšang hore re tšaba Molimo bo re etsa baahi ba molemo, ho sa tsotellehe hore na re lula hokae. ’Me sena se ka susumeletsa ba bang ho tlotlisa Mohloli oa thuto ea bomolimo—Jehova Molimo.—1 Petrose 2:12.
Koetliso e ka Sebelisoang Bophelong ba Letsatsi le Letsatsi
21. Ke koetliso efe e ka sebelisoang eo bana ba neng ba e fumana mehleng ea Bibele?
21 Pakane ea bone ea thuto e leka-lekaneng ke ho fa motho koetliso e hlokahalang e ka sebelisoang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Mehleng ea Bibele thuto ea batsoali e ne e akarelletsa koetliso e ka sebelisoang. Banana ba ne ba rupelloa ho tseba mesebetsi ea lelapa. Khaolo ea ho qetela ea Liproverbia e bontša hore e tlameha e ne e le mengata ebile e sa tšoane. Kahoo, banana ba ne ba hlomelloa ka tsebo ea ho ohla, ho loha le ho pheha le ho hlokomela lelapa ka kakaretso, ho hoeba le ho ntšetsa pele litšebelisano tsa khoebo tse amanang le litša le mehaho. Ho ne ho tloaelehile hore bashemane ba rutoe mosebetsi oa boipheliso oa ntate oa bona, ebang ke temo kapa mosebetsi o mong kapa tsebo. Jesu o ile a ithuta ho betla mapolanka ho ntate oa hae oa mohōlisi, Josefa; kahoo, ha aa ka a bitsoa “mora oa ’metli” feela, empa hape o ile a bitsoa “’metli.”—Mattheu 13:55; Mareka 6:3.
22, 23. (a) Thuto e lokela ho lokisetsa bana bakeng sa eng? (b) Sepheo sa rōna sa ho khetha thuto e eketsehileng e lokela ho ba sefe ha ho bonahala hore ea hlokahala?
22 Le kajeno, thuto e leka-lekaneng hantle e akareletsa ho itokisetsa ho hlokomela litlhoko tsa lelapa nakong e tlang. Mantsoe a moapostola Pauluse ho 1 Timothea 5:8 a bontša hore ho hlokomela lelapa ke boikarabelo bo halalelang. O ile a ngola: “Ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” Joale, thuto e lokela ho lokisetsa bana boikarabelo boo ba tla bo jara bophelong esita le ho ba hlomella hore e be litho tsa sechaba tse sebetsang ka thata.
23 Re lokela ho phehella thuto ea lefatše ho ea bohōleng bofe? Sena se ka ’na sa fapana ho ea ka linaha. Empa haeba menyetla ea mosebetsi e hloka koetliso e eketsehileng ho phaella ho e tlaase-tlaase e hlokoang ke molao, ho ho batsoali ho tataisa bana ba bona hore ba etse qeto mabapi le thuto e tlatseletsang kapa koetliso, ba hlahlobisisa melemo e ka ’nang ea e-ba teng le litšitiso tsa thuto e joalo e eketsehileng. Leha ho le joalo, sepheo sa motho sa ho khetha thuto e eketsehileng e lokela ho ba sefe ha ho bonahala hore ea hlokahala? Ka sebele ha ea lokela ho ba maruo, boiphahamiso kapa boithoriso. (Liproverbia 15:25; 1 Timothea 6:17) Hopola thuto eo re ithutileng eona mohlaleng oa Jesu—thuto e lokela ho sebelisetsoa ho tlisetsa Jehova thoriso. Haeba re khetha thuto e eketsehileng, re lokela ho susumetsoa ke takatso ea ho iphelisa ka ho lekaneng e le hore re ka sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang tšebeletsong ea Bokreste.—Ba-Kolosse 3:23, 24.
24. Ke thuto efe eo re ithutileng eona ho Jesu eo le ka mohla re tlamehang hore re se ke ra e lebala?
24 Ka lebaka leo, a re beng mahlaha-hlaha boitekong ba rōna ba ho fumana thuto ea lefatše e leka-lekaneng. E se eka re ka ithuisa molemo o feletseng ka lenaneo la thuto ea bomolimo le ntseng le tsoela pele le lokisetsoang ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. ’Me e se eka le ka mohla re ke ke ra lebala thuto ea bohlokoa eo re ithutileng eona ho Jesu Kreste, motho ea rutehileng ka ho fetisisa ea kileng a tsamaea lefatšeng lena—thuto e lokela ho sebelisetsoa ho tlisa thoriso ho Tichere e khōlō ka ho fetisisa, Jehova Molimo, e seng ho ithorisa!
Karabo ea Hao ke Efe?
◻ Jesu o ile a sebelisa thuto ea hae joang?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ithuta ho bala hantle?
◻ Re ka sebelisa tsebo ea ho ngola joang ho tlisetsa Jehova thoriso?
◻ Thuto ea bomolimo e re thusa joang hore re hōle boitšoarong le moeeng?
◻ Thuto e leka-lekaneng e lokela ho akarelletsa koetliso efe e ka sebelisoang?
[Lebokose le leqepheng la 13]
Thuso e ka Sebelisoang ke Matichere
Likopanong tsa Setereke tsa “Barorisi ba Thabileng” tsa 1995/96, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokolla bukana e ncha eo sehlooho sa eona se reng Lipaki Tsa Jehova le Thuto. Bukana ena e maqephe a 32, e mebala-bala ka ho khetheha e hatiselitsoe matichere. Ho fihlela joale e se e fetoletsoe ka lipuo tse 58.
Bukana ea matichere e hatisitsoe ka morero ofe? Oa ho ba thusa ho utloisisa hamolemo litumelo tsa liithuti tseo e leng bana ba Lipaki tsa Jehova. Bukana ee e fupere eng? Ka ho hlaka le ka tsela eo ho leng bonolo ho e utloisisa le e molemo, e hlalosa pono ea rōna mabapi le litaba tse kang thuto e tlatseletsang, matsatsi a tsoalo le Keresemese le ho lumelisa folakha. Hape bukana ena e kholisa matichere hore re batla hore bana ba rōna ba rue molemo o moholohali ka ho kena sekolo le hore ka tieo re batla ho sebelisana le matichere, ho ba sehlahlo ho bontšeng thahasello thutong ea bana ba rōna.
Bukana ea Thuto e ka sebelisoa joang? Kaha e lokiselitsoe matichere, a re e abeleng matichere, lihlooho tsa likolo, le liofisiri tse ling tsa likolo. E se eka bukana ena e ncha e ka thusa matichere ’ohle a joalo ho utloisisa maikutlo a rōna le litumelo le hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling re bolela hore re na le tokelo ea ho se kenelle linthong tse ling tse etsoang. Batsoali ba khothaletsoa ho sebelisa bukana ena e le motheo oa puisano ea botho le matichere a bana ba bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Iseraeleng ea boholo-holo thuto e ne e nkoa e le ea bohlokoa haholo