KHAOLO EA 25
“Ke Ipiletsa ho Sesare”
Pauluse o beha mohlala o motle oa ho sireletsa litaba tse monate
E Thehiloe ho Liketso 25:1–26:32
1, 2. (a) Pauluse o boemong bofe? (b) Ho ipiletsa ha Pauluse ho Sesare ho hlahisa potso efe?
PAULUSE o sa ntse a lebetsoe ka thata Sesarea. Lilemo tse peli pele ho moo ha a khutlela Judea, ka mor’a matsatsi a seng makae feela Bajuda ba ile ba leka ka makhetlo a ka bang mararo hore ba mo bolaee. (Lik. 21:27-36; 23:10, 12-15, 27) Ho fihlela joale, lira tsa hae li hlolehile empa ha li tele. Ha Pauluse a hlokomela hore o sa ntse a ka oela liatleng tsa bona, o re ho ’Musisi oa Moroma Festase: “Ke ipiletsa ho Sesare.”—Lik. 25:11.
2 Na Jehova o ile a tšehetsa qeto ea Pauluse ea ho ipiletsa ho moemphera eo oa Roma? Ke habohlokoa hore re tsebe karabo ea potso ena, kaha re fana ka bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa Molimo mehleng ena ea bofelo. Re tlameha ho tseba hore na re lokela ho latela mohlala oa Pauluse ha re “sebelisa molao ho fumana tokelo ea ho bolela litaba tse monate.”—Bafil. 1:7.
“Ke Eme ka Pel’a Setulo sa Kahlolo” (Liketso 25:1-12)
3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Bajuda ba ile ba kopa hore Pauluse a tlisoe Jerusalema ’me o ile a phonyoha lefu joang? (b) Jehova o tšehetsa bahlanka ba hae joang kajeno, joalokaha a ile a tšehetsa Pauluse?
3 Matsatsi a mararo ka mor’a hore Festase ’musisi e mocha oa Moroma oa Judea a qale ho busa, o ile a ea Jerusalema.a Ha a le moo o ile a mamela ha baprista ba ka sehloohong le banna ba ka sehloohong ba Bajuda, ba qosa Pauluse ka hore o entse tlolo e mpe ea molao. Ba ne ba tseba hore ’musisi eo e mocha o tlamehile hore a bope khotso le bona hammoho le Bajuda kaofela. Eaba ba kopa hore Festase a ba etsetse mosa, ba re: Tlisa Pauluse Jerusalema ’me nyeoe ea hae e tšoareloe teng. Leha ho le joalo, ba ne ba rerile bolotsana. Lira tseo li ne li entse ’mommori oa ho bolaea Pauluse ha a tloha Sesarea a e-ea Jerusalema. Festase o ile a hana a re: “E-reng baeta-pele ba lona ba tsamaee le ’na ba e’o mo qosa haeba ehlile ho e-na le ntho e phoso eo a e entseng.” (Lik. 25:5) Ka lebaka leo, le lekhetlong lena Pauluse o ile a phonyoha lefu.
4 Jehova o ile a sebelisa Jesu Kreste ho matlafatsa Pauluse litekong tsohle tsa hae. Hopola hore Jesu o ile a re ho Pauluse ponong: “E-ba sebete.” (Lik. 23:11) Kajeno bahlanka ba Molimo ba tobana le mathata le mahloriso. Jehova ha a etse hore mathata ’ohle a re pote ka thoko empa o re fa bohlale le matla a ho a mamella. Re ka kholiseha hore Molimo oa rona ea lerato o tla re fa “matla a sa tloaelehang” ha re a hloka.—2 Bakor. 4:7.
5. Festase o ile a sebetsa nyeoe ea Pauluse joang?
5 Matsatsi a seng makae hamorao, Festase o ile “a lula setulong sa kahlolo” Sesarea.b Pauluse le baqosi ba hae ba ne ba eme ka pela Festase. Pauluse o ile a araba liqoso tsa bona tse sa utloahaleng ka ho re: “Ha kea tlola Molao oa Bajuda kapa oa tempele ebile ha kea siteloa Sesare.” Pauluse o ne a se na molato ’me o ne a lokela ho lokolloa. Festase o ne a tla etsa qeto efe? Kaha o ne a batla ho iqekisetsa ho Bajuda, o ile a botsa Pauluse a re: “Na u batla ho ea Jerusalema u e’o ahloleloa lintho tsee u le hona teng?” (Lik. 25:6-9) Potso ena e ne e sa utloahale e le ka ’nete. Ha Pauluse a ne a ka isoa Jerusalema, o ne a tla ahloloa ke batho ba mo qosang ’me ho ne ho tla be ho felile ka eena. Lekhetlong lena, Festase o ne a batla ho ipeha ka botleng lipolotiking ho e-na le ho sebelisa toka. ’Musisi oa pele ho eena e leng Ponse Pilato, o ile a etsa se tšoanang nyeoeng ea Jesu. (Joh. 19:12-16) Baahloli ba kajeno le bona ba ka ’na ba etsa liqeto tse hlokang toka e le ho iqekisetsa ho batho ba itseng. Ka lebaka leo, ha rea lokela ho makala ha makhotla a etsa liqeto tse hlokang toka linyeoeng tsa batho ba Molimo.
6, 7. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ipiletsa ho Sesare, hona o behetse Bakreste ba ’nete mohlala ofe kajeno?
6 Festase o batlile a beha bophelo ba Pauluse kotsing hobane feela a batla ho iqekisetsa ho Bajuda. Kahoo, Pauluse o ile a sebelisa tokelo ea hae e le moahi ea Roma. O ile a re ho Festase: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Sesare moo ke tšoanelang ho ahloleloa teng. Le uena oa bona hore ha kea fosetsa Bajuda. . . . Ke ipiletsa ho Sesare.” Hangata ha motho a itse o ipiletsa ho Sesare, ho ne ho se motho ea ka mo hanelang. Festase o ile a totobatsa ntlha ena a re: “Kaha u ipilelitse ho Sesare, u tla ea ho Sesare.” (Lik. 25:10-12) Pauluse o behetse Bakreste ba ’nete kajeno mohlala ka ho ipiletsa ho ba nang le matla a phahameng molaong. Ha bahanyetsi ba leka ho “baka mathata ka ho loha mano, ba etsa eka ba latela molao,” Lipaki Tsa Jehova li sebelisa molao ho sireletsa litaba tse monate.c—Pes. 94:20.
7 Ka lebaka leo, ka mor’a hore Pauluse a tšoaroe lilemo tse fetang tse peli bakeng sa litlolo tseo a sa li etsang, o ile a fuoa monyetla oa hore a ipuelle Roma. Leha ho le joalo, ho na le ’musi ea neng a batla ho mo bona pele a tsamaea.
“Ke Ile ka Mamela Litaelo” (Liketso 25:13–26:23)
8, 9. Ke hobane’ng ha Morena Agripa a ile a etela Sesarea?
8 Matsatsi a seng makae ka mor’a hore Festase a mamele boipiletso ba Pauluse ho Sesare, Morena Agripa le khaitseli ea hae Bernise ba ile ba nka leeto “ho tla lumelisa” ’musisi eo e mocha.d Mehleng ea puso ea Roma, ho ne ho tloaelehile hore bahlanka ba ’muso ba etele babusisi ba sa tsoa khethoa. Ha ho pelaelo hore ha Agripa a thoholetsa Festase ka ho khethoa ha hae, o ne a leka ho tiisa maqhama le eena, a ipulela likhoro.—Lik. 25:13.
9 Festase o ile a bolella Morena Agripa ka Pauluse ’me morena a re a ka thabela ho utloa seo Pauluse a se buang. Letsatsing le hlahlamang babusi bao ba babeli ba ile ba lula setulong sa kahlolo. Empa makoko le matla a bona e le babusi ha a ka a ipiletsa ho feta mantsoe ao motšoaruoa ea ka pel’a bona a neng a tla tloha aa bua.—Lik. 25:22-27.
10, 11. Pauluse o ile a bontšoa joang hore o hlompha Agripa, hona Pauluse o ile a mo hlalosetsa lintlha life tse amanang le bophelo ba hae ba nakong e fetileng?
10 Ka tlhompho Pauluse o ile a leboha Morena Agripa ka monyetla oa ho ipuella ka pel’a hae. O ile a re morena ke setsebi sa meetlo le likhang tsohle tsa Bajuda. Eaba Pauluse o hlalosa bophelo ba hae ba nakong e fetileng. O ile a re: “Ke ne ke le har’a lequloana la Bafarisi e leng lequloana le phethang Melao ea lona ka botlalo ho feta Bajuda ba bang.” (Lik. 26:5) Kaha Pauluse e ne e le Mofarisi, o ne a e-na le tšepo ea hore Mesia o tla tla. Ha e se e le Mokreste, ka sebete o ile a tsebahatsa hore Jesu Kreste ke eena eo e neng e le khale a lebeletsoe. Kahoo baqosi ba Pauluse ba ne ba lumela hore Mesia o tla tla empa ba ile ba mo qosetsa ho paka ka hore Mesia eo ea neng a tla tla e ne e le Jesu. Sena se ile sa etsa hore Agripa a labalabele haholoanyane ho utloa seo Pauluse a se buang.e
11 Ha Pauluse a hopola kamoo a neng a sotla Bakreste ka teng, o ile a re: “Le ’na ke ne ke nahana hore ho nepahetse ho loantša mang kapa mang ea rutang ka lebitso la Jesu oa Monazaretha. . . . Ke ne ke ba halefetse hoo ke neng ke ba hlorisa le metseng e meng.” (Lik. 26:9-11) Pauluse o ne a sa feteletse litaba. Batho ba bangata ba ne ba tseba kamoo a ileng a sotla Bakreste kateng. (Bagal. 1:13, 23) E ka ’na eaba Agripa o ne a ipotsa hore na motho ea joalo o fetotsoe ke’ng.
12, 13. (a) Pauluse o hlalositse ho sokoloha ha hae joang? (b) Pauluse o ne a ntse a “raha litsenene” joang?
12 Agripa o ile a fumana karabo ha Pauluse a tsoela pele a re: “Ke ne ke e-ea Damaseka ke fuoe matla le taelo ea ho etsa joalo ke baprista ba baholo. Joale Morena, har’a mpa ea motšehare ha ke le tseleng, ka bona khanya e fetang ea letsatsi e tsoang leholimong e mpotoloha le batho bao ke neng ke tsamaea le bona. Ra oela fatše kaofela eaba ke utloa lentsoe le re ho ’na ka puo ea Seheberu: ‘Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng? U ithatafalletsa bophelo ka ho ntoantša.’ Ka re: ‘U mang Morena?’ Eaba o re: ‘Ke ’na Jesu eo u mo hlorisang.’”f—Lik. 26:12-15.
13 Pele Pauluse a bona pono ena ea mohlolo, ka tsela ea tšoantšetso o ne a ntse a “raha litsenene.” Joalokaha pelesa e ne e ka intša kotsi ka ho raha tsenene, Pauluse o ne a senya kamano ea hae le Molimo ha a ne a sitisa thato ea Molimo hore e phethahale. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a hlaha ho Pauluse tseleng e eang Damaseka. Sena se ile sa etsa hore monna enoa ea pelo e ntle, ea mpang a sa tsebe seo a se etsang, a fetole maikutlo a hae.—Joh. 16:1, 2.
14, 15. Pauluse o ile a re’ng mabapi le liphetoho tseo a ileng a li etsa bophelong ba hae?
14 Ruri Pauluse o ile a fetola bophelo ba hae haholo. Ha a bua le Agripa o ile a re: “Ke ile ka mamela litaelo tseo Jesu a mphileng tsona ha a hlaha ho ’na a le leholimong. Ke ile ka qala Damaseka, ha ke tloha ka ea Jerusalema eaba ke tsamaea hohle Judea ka ba ka fihla le ho batho ba lichaba, ke ntse ke bolella batho hore ba bake le ho sebeletsa Molimo ’me ba bontše ka liketso hore ba bakile.” (Lik. 26:19, 20) Ka lilemo tse ngata, Pauluse o ne a ntse a phetha mosebetsi oo Jesu Kreste a mo fileng oona ponong eo ea har’a motšehare. Liphello e ile ea e-ba life? Ba ileng ba amohela litaba tse monate tse boleloang ke Pauluse, ba ile ba bakela boitšoaro ba bona bo bobe ba ho se tšepahale ’me ba sokolohela ho Molimo. E ile ea e-ba baahi ba molemo, ba bolokang molao le ba laolehileng.
15 Leha ho le joalo Bajuda ba neng ba hanyetsa Pauluse, ba ne ba se na taba le melemo eo. Pauluse o ile a re: “Ke eona ntho e entseng hore Bajuda ba ntšoare ka tempeleng ba be ba leke ho mpolaea. Empa Molimo o nthusitse hore ebe ho fihlela kajeno ke ntse ke bolella batho ba maemo a tlase le a holimo.”—Lik. 26:21, 22.
16. Re ka etsisa Pauluse joang ha re hlalosetsa baahloli le babusi seo re se lumelang?
16 Kaha re Bakreste ba ’nete, re tlameha hore re “lule [re] itokiselitse ho ikarabella” bakeng sa tumelo ea rona. (1 Pet. 3:15) Ha re bolella baahloli le babusi seo re se lumelang, ho ka ’na ha e-ba molemo ho latela mokhoa oo Pauluse a ileng a o sebelisa ha a bua le Agripa le Festase. Ha re hlalosetsa balaoli ba phahameng ka tlhompho hore na linnete tsa Bibele li ntlafalitse bophelo ba rona joang hammoho le ba batho ba bang ba amohelang molaetsa oa rona, re ka ’na ra etsa hore ba fetole maikutlo a bona.
“U ka Ntšusumeletsa ho ba Mokreste” (Liketso 26:24-32)
17. Festase o ile a re’ng ha Pauluse a ipuella, hona batho ba etsa se tšoanang joang kajeno?
17 Ha babusi bao ba babeli ba ntse ba mametse bopaki bo matla ba Pauluse, ba ile ba sitoa ho iphapanyetsa bona. Hlokomela se ileng sa etsahala: “Ha Pauluse a ntse a ipuella, Festase a phahamisa lentsoe a re: ‘Oa hlanya Pauluse! Thuto ena e ngata ea u hlantša!’” (Lik. 26:24) Festase o ile a halefa ka tsela eo batho ba halefang ka eona kajeno. Batho ba bangata ba nka hore ba rutang seo Bibele e hlileng e se buang ba cheseha ka ho feteletseng. Hangata bahlalefi ba lefatše lena ha ba lumele seo Bibele e se rutang mabapi le tsoho ea bafu.
18. Pauluse o ile a re’ng ha a araba Festase ’me seo se ile sa etsa hore Agripa a re’ng?
18 Empa Pauluse o ile a araba ’musisi eo a re: “Ha ke hlanye Mohlomphehi ea Khabane Festase, ke bua ’nete ebile ke bua litaba tse nang le kelello. Le eena morena o li tseba hantle litaba tsena ’me ke mo bolella tsona ke sa tšabe letho . . . Morena Agripa, na u lumela Baprofeta? Kea tseba hore oa ba lumela.” Agripa a araba a re: “Lipuo tsa hao li matla hoo u neng u ka ntšusumeletsa ho ba Mokreste ka nako e khutšoanyane.” (Lik. 26:25-28) Ho sa tsotellehe hore na morena o ne a bua mantsoe ana a tiile kapa che, aa bontša hore bopaki boo Pauluse a ileng a fana ka bona bo ile ba mo ama pelo haholo.
19. Festase le Agripa ba ile ba etsa qeto efe mabapi le Pauluse?
19 Ka mor’a moo Agripa le Festase ba ema, eaba ba bontša letšoele hore nyeoe e felile. “Eare ha ba tloha ba buisana ba re: ‘Motho enoa ha a etsa letho le tšoaneloang ke lefu kapa teronko.’ Agripa a re ho Festase: ‘Hoja monna enoa ha a ipiletsa ho Sesare, a ka be a lokolotsoe.’” (Lik. 26:31, 32) Ba ne ba tseba hore monna ea neng a eme ka pel’a bona ha a na molato. Mohlomong ba ne ba se ba tla ba le maikutlo a matle ka Bakreste.
20. Liphello e bile life ha Pauluse a pakela balaoli ba phahameng?
20 Ha ho bonahale eka le ea mong oa babusi bana ba hlaheletseng o ile a amohela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Na e ne e le bohlale hore moapostola Pauluse a hlahe ka pel’a banna bao? Ho joalo. Hore ebe Pauluse o ile a “isoa ka pel’a babusisi le marena” Judea, ho ile ha etsa hore a pakele babusi ba Roma bao ho neng ho ka ’na ha e-ba thata ho ba pakela ka nako eo. (Luka 21:12, 13) Hape, botšepehi ba hae le se ileng sa mo hlahela ha a lekoa se ile sa matlafatsa tumelo ea bara le barali babo.—Bafil. 1:12-14.
21. Haeba re tsoela-pele ho bolela litaba tse monate, re tla fumana litlhohonolofatso life?
21 Hoa tšoana le kajeno. Haeba re tsoela-pele ho bolela litaba tse monate ho sa tsotellehe liteko le khanyetso, re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata. Re ka ’na ra fumana monyetla oa ho pakela balaoli bao ho neng ho ka ba thata ho ba pakela. Ha re mamella ka botšepehi re ka khothatsa bara le barali ba bo rona ba Bakreste, ra ba susumelletsa hore ba be sebete haholoanyane mosebetsing ona oa ho fana ka bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa Molimo.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng “’Musisi oa Moroma Porkiase Festase.”
b “Setulo sa kahlolo” se ne se le holim’a setupu. Sebaka se phahameng seo se leng ho sona se ne se bontša hore lentsoe la moahloli le lokela ho haheloa lesaka. Pilato o ile a lula setulong sa kahlolo ha a hlahloba liqoso tseo Jesu a neng a qosoa ka tsona.
c Sheba lebokose la sehlooho se re’ng “Ho Ipiletsa Makhotleng Molemong oa Borapeli ba ’Nete Mehleng ea Kajeno.”
d Sheba lebokose la sehlooho se re’ng “Morena Heroda Agripa II.”
e Kaha Pauluse e ne e le Mokreste o ne a lumela hore Jesu ke Mesia. Bajuda ba sa kang ba amohela Jesu, ba ne ba nka hore Pauluse ke mokoenehi.—Lik. 21:21, 27, 28.
f Setsebi se seng sa Bibele se buile tjena mabapi le mantsoe a Pauluse a hore o ne a tsamaea “har’a mpa ea motšehare”: “Ntle leha motsamai a potlakile haholo, o ne a phomola har’a motšehare ha ho chesa. Kahoo re hlokomela kamoo Pauluse a neng a hlile a le moeeng oa ho hlorisa Bakreste.”