Mahloriso a Hlahisa Khōlo Antioke
HA MAHLORISO a qhoma ka mor’a hore Setefane a shoele tumelo, barutuoa ba Jesu ba bangata ba ile ba baleha Jerusalema. Sebaka se seng seo ba ileng ba batla setšabelo ho sona ke Antioke, Syria, e bohōle ba lik’hilomithara tse 550 ho ella ka leboea. (Liketso 11:19) Liketsahalo tse ileng tsa latela sebakeng seo, li ne li lokela ho ama tsela eohle ea histori ea Bokreste. Hore re utloisise se ileng sa etsahala, ho tla ba molemo ho ba le tsebo e seng kae ka Antioke.
Mabapi le metse ea ’Muso oa Roma, boholo ba eona, katleho ea eona le bohlokoa ba eona, Antioke e ne e fetoa feela ke Roma le Alexandria. Motse ona o moholo oa Syria o ne o laola sekhutlo se ka leboea-bochabela sa phula ea Mediterranean. Antioke (eo kajeno e leng Antakya, Turkey) e ne e le holim’a Nōka ea Orontes e neng e ka tšeloa ka likepe, e neng e e hokahanya le boema-kepe ba eona, Seleucia Pieria, e bohōle ba lik’hilomithara tse 32. E ne e laola e ’ngoe ea litsela tsa khoebo tsa bohlokoa ka ho fetisisa e lipakeng tsa Roma le Phula eo ho eona ho kopanang Tigris le Euphrates. E le setsi sa khoebo, e ne e hoeba le ’muso oo kaofela ’me e le moo ho bonahalang mesebetsi ea batho ba mefuta eohle ba neng ba isa litaba tsa mekhatlo ea bolumeli kae le kae lefatšeng la Roma.
Bolumeli le filosofi tsa Bagerike li ne li atile Antioke. Empa “nakong ea Kreste,” kamoo ho bolelang rahistori Glanville Downey, “lihlotšoana tsa khale tsa borapeli tsa bokhelohi le lifilosofi li ne li batla li fetoha tumelo ea batho ka bomong, ha ba ntse ba batla tharollo ea bolumeli mathateng a bona le hore bo ba thuse ho finyella litakatso tsa bona.” (A History of Antioch in Syria) Ba bangata ba fumane tharollo tumelong ho Molimo a le mong feela, litšebeletsong le litekanyetsong tsa boitšoaro tsa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda.
Sehlopha se seholo sa Bajuda se ne se ile sa lula Antioke ho tloha ha motse oo o thehoa ka 300 B.C.E. Ho hakanngoa hore e ne e le sa batho ba lipakeng tsa 20 000 le 60 000, e le se fetang karolo ea 10 lekholong ea baahi. Rahistori Josephus o bolela hore lesika la marena la Seleucid le ile la khothalletsa Bajuda ho lula motseng oo, ’me la ba fa litokelo tse feletseng tsa ho ba baahi. Ka nako eo, Mangolo a Seheberu a ne a fumaneha ka Segerike. Sena se ile sa tsosa thahasello ea ba tšehetsang litakatso tsa Bajuda mabapi le Mesia. Kahoo, ho ne ho entsoe basokolohi ba bangata har’a Bagerike. Mabaka ana kaofela a ile a etsa hore Antioke e be tšimo e nonneng ea hore Bakreste ba etse barutuoa.
Ho Pakela Balichaba
Balateli ba bangata ba Jesu ba hlorisoang ba ileng ba qhalana ba e-tsoa Jerusalema ba ile ba bolela tumelo ea bona ho Bajuda feela. Leha ho le joalo, Antioke, barutuoa ba bang ba tsoang Cyprase le Cyrene ba ne ba bua le “batho ba buang Segerike.” (Liketso 11:20) Le hoja ho pakela Bajuda ba buang Segerike le basokolohi ho ne ho ’nile ha tsoela pele ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., ho bolela Antioke ho bonahala e ne e le ntho e ncha. Ho ne ho sa tobisoe ho Bajuda feela. Ke ’nete hore Korneliase oa Molichaba le lelapa la hae ba ne ba se ba fetohile barutuoa. Empa ho ile ha hlokahala pono e tsoang ho Jehova ho kholisa moapostola Petrose hore hoa lokela hore Balichaba ba pakeloe.—Liketso 10:1-48.
Motseng oo ho oona ho neng ho e-na le sechaba se seholo sa Bajuda ba boholo-holo ’me ho se na bora bo bokaalo lipakeng tsa Bajuda le Balichaba, bao e seng Bajuda ba ne ba pakeloa ’me ba ne ba arabela hamolemo litabeng tse molemo. Ho hlakile hore Antioke e ne e e-na le tikoloho e nepahetseng bakeng sa khōlo e joalo, ’me ‘palo e khōlō e ile ea fetoha balumeli.’ (Liketso 11:21) ’Me ha basokolohi ba neng ba rapela melimo ea bohetene e e-ba Bakreste, ba ne ba hlomeletsoe ka ho khethehileng bakeng sa ho pakela Balichaba ba bang ba neng ba ntse ba rapela melimo ea bohetene.
Eitse ha phutheho e Jerusalema e utloa ka liphetoho tse Antioke, ea romela Barnabase moo hore a etse lipatlisiso. Khetho eo e ne e le bohlale ebile e le lerato. E ne e le motho oa Cyprase, joaloka ba bang ba neng ba qalile ho bolela ho bao e seng Bajuda. Barnabase o ne a tla phutholoha har’a Balichaba ba Antioke. Le bona ba ne ba tla mo talima e le setho sa sechaba seo ba se tloaetseng.a O ne a ka ba le maikutlo a tšoanang le a bona mabapi le mosebetsi o neng o etsoa. Ka hona, “ha a fihla ’me a bona mosa o sa tšoanelang oa Molimo, a thaba ’me a qala ho ba khothaletsa kaofela hore ba tsoele pele Moreneng ka morero o tsoang pelong,” ’me “bongata bo boholo ba ekeletsoa Morena.”—Liketso 11:22-24.
“Mabaka a utloahalang a katleho ea qaleho ea mosebetsi Antioke,” ho latela maikutlo a rahistori Downey, “e ka ’na ea e-ba a hore motseng ona baromuoa ba ne ba sa tlamehe ho tšaba Bajuda ba chesehang ka ho feteletseng ba joaloka bao ba ileng ba kopana le bona Jerusalema; hape hore motse ona, joaloka motse-moholo oa Syria, o ne o busoa ke molaoli oa sesole, ka hona, sechaba sa teng se ne se laolehile haholo, ho e-na le monyetla o monyenyane oa pefo ea mahoohoo e joaloka e neng e kile ea e-ba teng Jerusalema, moo ho neng ho bonahala hore bahlanka ba ’muso oa Judea (bonyane ka nako ena) ba ne ba sa khone ho thiba Bajuda ba chesehang ka ho feteletseng.”
Maemong a joalo a molemo ho bile ho e-na le mosebetsi o mongata, mohlomong Barnabase o ile a hlokomela hore o hloka thuso, ’me o ile a nahana ka motsoalle oa hae Saule. Ke hobane’ng ha a ile a nahana ka Saule, kapa Pauluse? Kamoo ho bonahalang kateng, ke hobane Pauluse, le hoja e ne e se e mong oa baapostola ba 12, o ne a khethiloe hore e be moapostola har’a lichaba. (Liketso 9:15, 27; Baroma 1:5; Tšenolo 21:14) Kahoo, Pauluse o ne a tšoaneleha hamolemo e le molekane ha ho boleloa litaba tse molemo motseng oa Balichaba oa Antioke. (Bagalata 1:16) Ka hona, Barnabase o ile a ea Tarsase, a fumana Saule, ’me a mo tlisa Antioke.—Liketso 11:25, 26; bona lebokose le leqepheng la 26-7.
Ba Bitsoa Bakreste ka Tataiso ea Molimo
Selemo sohle, Barnabase le Saule ba ile ‘ba ruta bongata bo boholo, ’me ke Antioke moo pele barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.’ Ho ke ke ha etsahala hore ebe Bajuda e ne e le bona ba pele ba ileng ba bitsa balateli ba Jesu Bakreste (ka Segerike) kapa Bamesia (ka Seheberu), hobane ba ile ba lahla Jesu e le Mesia, kapa Kreste, ka lebaka leo ba ne ba ke ke ba bontša hore ba mo nka ka tsela eo ka ho bitsa balateli ba hae Bakreste. Ba bang ba nahana hore ho ka etsahala hore ebe baahi ba bahetene ka bosoasoi kapa ka ho soma ba ile ba ba reha lebitso la Bakreste. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ke Molimo ea faneng ka lebitso la Bakreste.—Liketso 11:26.
Mangolong a Segerike a Bakreste, leetsi le sebelisitsoeng mabapi le lebitso lena le lecha, ka tloaelo le fetoleloa e le ‘ba ile ba bitsoa,’ hangata le amahanngoa le ntho e phahametseng tlhaho, e amanang le bonohe kapa bomolimo. Kahoo, litsebi li le fetolela e le “ho noha,” “phatlalatso ea Molimo,” kapa “ho fana ka taelo ea bomolimo kapa keletso, ho ruta ho tloha leholimong.” Kaha balateli ba Jesu ba ne ba bitsoa Bakreste “ka tataiso ea Molimo,” ho ka etsahala hore ebe Jehova o ile a tataisa Saule le Barnabase hore ba fane ka lebitso leo.
Lebitso lena le lecha le ile la tsoela pele ho sebelisoa. Barutuoa ba Jesu ba ne ba ke ke ba hlola ba nkoa ka phoso e le sehlopha se khelohileng Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, eo ba neng ba hlile ba khetholohile ho eona. Hoo e ka bang ka 58 C.E., babusi ba Roma ba ne ba tseba hantle haholo hore na Bakreste e ne e le bo-mang. (Liketso 26:28) Ho latela rahistori Tacitus, ka 64 C.E., lebitso lena le ne le sebelisoa le har’a matšoele a Roma.
Jehova o Sebelisa ba Hae ba Tšepahalang
Litaba tse molemo li ile tsa boleloa ka katleho e khōlō Antioke. Ka tlhohonolofatso ea Jehova le boikemisetso ba balateli ba Jesu ba ho tsoela pele ho bolela, Antioke e ile ea e-ba setsi sa Bokreste ba lekholong la pele la lilemo. Molimo o ile a sebelisa phutheho ea moo e le setsi sa ho jala litaba tse molemo linaheng tse hōle. Ka mohlala, Antioke e ne e le moo moapostola Pauluse a tlohang teng ha a qala leeto ka leng la boromuoa.
Ka ho tšoanang, mehleng ea kajeno cheseho le boikemisetso ha ho talimanoe le khanyetso li tšehelitse ho jaloa ha Bokreste ba ’nete, li nolofalletsa ba bangata ho utloa le ho ananela litaba tse molemo.b Ka hona haeba u talimana le khanyetso ka lebaka la ho tšehetsa borapeli bo hloekileng, hopola hore Jehova o na le mabaka a hae a ho e lumella. Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno batho ba lokela ho fuoa monyetla oa ho utloa ka ’Muso oa Molimo le ho ema ka lehlakoreng la oona. Boikemisetso ba hao ba ho tsoela pele u sebeletsa Jehova ka botšepehi e ka ’na ea e-ba sona feela se hlokahalang ho thusa motho e mong ho ba le tsebo e nepahetseng ea ’nete.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha leholimo le hlakile, motho a ka bona sehlekehleke sa Cyprase a le Thabeng ea Casius, ka boroa-bophirimela ho Antioke.
b Bona Molula-Qhooa oa August 1, 1999, leqepheng la 9; Tsoha! ea May 8, 1999, leqepheng la 21-2; Buka ea Selemo ea Lipaki tsa Jehova ea 1999, leqepheng la 250-2.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]
“Lilemo Tseo ho sa Buuoeng Letho” ka Saule
LEKHETLO la ho qetela leo ho buuoang ka Saule bukeng ea Liketso pele a fallela Antioke hoo e ka bang ka 45 C.E. ke nakong eo morero oa bolotsana oa ho mo bolaea Jerusalema o neng o nyopisoa ’me balumeli ba habo ba mo romela Tarsase. (Liketso 9:28-30; 11:25) Empa hoo ho etsahetse lilemo tse robong pejana, hoo e ka bang ka 36 C.E. O ne a ntse a etsa eng ka nako eo—nako e bitsoang lilemo tseo ho sa buuoeng letho ka Saule?
Ha a e-tsoa Jerusalema, Saule o ile a ea libakeng tsa Syria le Silisia, ’me liphutheho tsa Judea li ile tsa utloa sena: “Monna ea neng a re hlorisa pele hona joale o se a bolela litaba tse molemo tse mabapi le tumelo eo a neng a e ripitla pele.” (Bagalata 1:21-23) E ka ’na eaba tlaleho eo e ne e bua ka mosebetsi oo a neng a o etsa le Barnabase Antioke, empa esita le pele ho moo ha ho pelaelo hore Saule e ne e se lelofa. Ka 49 C.E., ho ne ho e-na le liphutheho tse ngata Syria le Silisia. E ’ngoe e ne e le Antioke, empa ba bang ba nahana hore e ka ’na eaba tse ling li ne li bile teng ka lebaka la mosebetsi oa Saule nakong eo ho thoe’ng ke eo ho sa buuoeng letho ka eena.—Liketso 11:26; 15:23, 41.
Litsebi tse ling li lumela hore liketsahalo tse hapang tlhokomelo bophelong ba Saule li lokela hore li be li etsahetse ka nako eona eo. Ho seng joalo ho thata ho lekanyetsa nako eo mathata a mangata ao a fetileng ho ’ona e le ‘mosebeletsi oa Kreste’ a etsahetseng ka eona mosebetsing oa hae oa boromuoa. (2 Bakorinthe 11:23-27) Ke neng ha Bajuda ba shapa Saule lithupa tse 39 ka makhetlo a mahlano? Ke hokae moo a ileng a shapuoa ka makhetlo a mararo ka melamu? Ke hokae moo a ileng a kenngoa lichankaneng “hangata”? Botlamuoa ba hae Roma bo tlile hamorao. Re na le tlaleho e mabapi le lekhetlo le le leng leo a ileng a shapuoa ka lona le ho kenngoa chankaneng—Filippi. Empa ho thoe’ng ka a mang? (Liketso 16:22, 23) Mongoli e mong o bolela hore Saule nakong ena o ne a “paka ka Kreste lisynagogeng tsa Diaspora ka tsela e neng e tla mo tlisetsa mahloriso a tsoang ho ba boholong bolumeling le sechabeng.”
Saule o ile a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mane, empa Mangolo a fana ka makolopetso mabapi le lekhetlo le le leng feela, leo e bileng ka mor’a hore a thathamise mathata a hae ha a ngolla Bakorinthe. (Liketso 27:27-44) Ka hona, a mang a mararo ho ka etsahala hore ebile ha a le maetong ao re sa tsebeng letho ka ’ona. Ho ka etsahala hore ebe ketsahalo e ’ngoe kapa kaofela ha tsona li etsahetse ‘lilemong tseo ho sa buuoeng letho’ ka eena.
Ketsahalo e ’ngoe eo ho bonahalang hore ke e etsahetseng nakong ena e hlalosoa ho 2 Bakorinthe 12:2-5. Saule o itse: ‘Ke tseba motho ea kopanong le Kreste eo, lilemong tse leshome le metso e mene tse fetileng a ileng a nkeloa a le joalo leholimong la boraro, a kena paradeiseng, ’me a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue.’ Kamoo ho bonahalang kateng, Saule o ne a bua ka eena ka boeena. Kaha o ngotse sena hoo e ka bang ka 55 C.E., lilemo tse 14 pejana li ne li tla re khutlisetsa ho 41 C.E., bohareng ba “lilemo tseo ho sa buuoeng letho” ka eena.
Ha ho pelaelo hore pono eo e ile ea fa Saule temohisiso e ikhethang. Na e ne e le ho mo hlomella ho ba “moapostola ho lichaba”? (Baroma 11:13) Na e ile ea ama tsela eo hamorao a ileng a nahana ka eona, a ngola ka eona le ho bua ka eona? Na lilemo tse lipakeng tsa ho sokoloha ha Saule le memo ea ho ea Antioke li ile tsa mo koetlisetsa le ho mo hōlisetsa boikarabelo ba nakong e tlang? Ho sa tsotellehe hore na likarabo tsa lipotso tse joalo ke life, re ka kholiseha hore ha Barnabase a ne a mo memela ho ea thusa ho etella pele mosebetsi oa ho bolela Antioke, Saule ea chesehang o ne a tšoaneleha ka ho feletseng ho phetha kabelo ena.—Liketso 11:19-26.
[’Mapa o leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
SYRIA
Orontes
Antioke
Seleucia
CYPRASE
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
Jerusalema
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ka holimo: Antioke ea kajeno
Hare: Seo motho a se bonang ka leboea ho Seleucia
Tlaase: Lebota la boema-kepe ba Seleucia