“Letsoho la Jehova le ne le E-na le Bona”
“Lentsoe la Morena [Jehova] la ’na la ata joalo, la sebetsa ka matla.”—LIKETSO 19:20.
1. (a) Lira tsa Bokreste li ne li belaela ka eng lekholong la pele la lilemo C.E.? (b) Hohle moo moromuoa Pauluse a neng a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo teng ho ne ho latela eng, ’me ke eng eo ka mehla e neng e e-ba le Bakreste ba pele?
LILEMONG tse fetang 1 900 tse fetileng, lira tsa molaetsa oa Bokreste le bahanyetsi ba moapostola Pauluse eo e neng e le moromuoa li ile tsa belaela ka hore: “Batho bao ba ferekantseng lefatše lohle, ba tlile le koano; . . . athe kaofela ha bona ba etsa tse loantšanang le litaelo tsa Cesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.” (Liketso 17:6, 7) Hohle moo moromuoa oa Mokreste Pauluse a neng a tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova, ho ne ho e-ba le ntoa le morusu, ’me hangata ho e-ba le mahloriso. Bakreste ba bang ba pele le bona ba ile ba hlorisoa. Empa ka mehla “letsoho la Jehova le ne le e-na le bona.”—Liketso 11:21, NW.
2. Ke mang ea qalileng mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste, hona joang?
2 Mosebetsi oo oa bohlokoahali oa Bokreste oa boromuoa o ne o qaliloe ke mang? Ke Jesu, monna ea ikhethang ea neng a e-na le molaetsa o susumetsang le mokhoa o sa tloaelehang oa ho o hasa. Hopola hore Jesu, Mora oa Molimo, o ile a tla ho Bajode ka phatlalatso e makatsang e buang ka ’Muso oa Molimo. Empa ba ne ba thahasella feela hore ba bolokehe ka mesebetsi ea Molao.—Mattheu 4:17; Luka 8:1; 11:45, 46.
“Ho Lichaba Tsohle”
3. Ke boprofeta bofe ba Jesu boo e tlamehang e be bo ile ba makatsa barutuoa ba hae ba Bajode, hona hobane’ng?
3 Ka hona, re ka inahanela hore na barutuoa ba Jesu ba Bajode ba ile ba makala hakaakang ha matsatsi a mararo pele ho lefu la hae a ba bolella hore: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” E tlameha e be barutuoa ba hae ba ile ba ipotsa hore na ke joang ba neng ba ka khona ho bolela litaba tse molemo “ho lichaba tsohle.” Ke joang sehlotšoana se sekaalo sa balumeli se neng se ka phetha kabelo e boima hakaalo?—Mattheu 24:14; Mareka 13:10.
4. Ke taelo efe eo Jesu ea tsositsoeng a faneng ka eona ho barutuoa ba hae?
4 Hamorao, Jesu ea tsositsoeng o ile a phaella ka taelo e ’ngoe, a re: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Ka hona ba ile ba nehoa thōmo ea ho isa molaetsa oa Morena oa bona “ho lichaba tsohle.”—Mattheu 28:18-20.
5, 6. (a) Ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho ile ha fihla ho Balichaba joang, hona e le ka phello efe? (b) Baholo ba Jerusalema ba ile ba arabela joang ha Petrose a ba bolella phihlelo ea hae ka Molichaba Kornele?
5 Hamorao sena se ile sa akarelletsa ho bolella Balichaba, e leng ho ileng ha ipaka e le phephetso. Boikutlo boo Petrose a bileng le bona nako e fetang lilemo tse tharo hamorao ke bopaki ba seo. Ka pono, Petrose o ile a bolelloa hore a je libopuoa tse sa hloekang. Ha Molimo o ’montša hore lintho tseo pele li neng li nkoa li sa hloeka joale li ne li lokela ho talingoa e le tse hloekileng, Petrose o ile a makala. Joale Petrose o ile a tsamaisoa ke moea oa Molimo hore a etele ntlo ea Molichaba Kornele, molaoli oa lekholo oa Moroma. Ha a le moo, o ile a hlokomela hore thato ea Molimo e ne e le hore a bolelle Kornele, le hoja pele a ne a nahana hore ho kopana le batho ba merabe e meng e ne e le tlōlo ea molao. Ha Petrose a ntse a bua, moea o halalelang oa theohela holim’a lelapa leo la Balichaba, ’me ha e le hantle, sena sa bontša hore joale tšimo ea mosebetsi oa Bokreste oa boromuoa e ne e tlameha ho atoloha ho akarelletsa lefatše la bao e seng Bajode.—Liketso 10:9-16, 28, 34, 35, 44.
6 Ha Petrose a hlalosetsa baholo ba Jerusalema ka phetoho ena, “ba lesa ho belaela; ’me ba tlotlisa Molimo ka hore: Efela Molimo o neile le ba-lichaba pako, hore ba bone bophelo.” (Liketso 11:18) Joale Lichaba tseo e seng Bajode li ne li ka amohela litaba tse molemo tsa Kreste le ’Muso oa hae ka bolokolohi!
Baromuoa ba Eang Lichabeng
7. Mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste o qalile joang ho pharalla linaheng tse mathōkong a Mediterranean, ’me Jehova o ne a talima see joang?
7 Mosebetsi oa boboleli, o ileng oa etsoa ka sefutho se eketsehileng ka mor’a lefu la boshoela-tumelo la Setefane, joale o ile oa tsoela pele ka mokhoa o fapaneng. Phutheho ea Jerusalema e ile ea qhalanngoa, haese baapostola feela. Pele, balumeli ba Bajode ba hlorisoang ba ne ba bolella feela Bajode ba Fenicia, Cypera, le Antioke. “Leha ho le joalo, ba bang ho . . . banna ba Cypera le ba Cyrene . . . ba bua le ba-Gerike, ba ba bolella litaba tsa Morena Jesu.” Jehova o ile a talima mosebetsi oo oa boromuoa o etsoang lichabeng joang? “Letsoho la Morena [Jehova] la e-ba le bona, ’me batho ba bangata ba lumela, ba sokolohela ho Morena.” Ka baka la sebete sa Bakreste bao ba pele, mosebetsi oa boromuoa o behang litholoana o ile oa qala ho pharalla ho ea linaheng tse mathōkong a Mediterranean. Empa ho ne ho sa ntsane ho e-na le ho hongata ho tlang ho latela.—Liketso 4:31; 8:1; 11:19-21.
8. Molimo o ile oa bontša bohato ba makhaolakhang bakeng sa katoloso ea mosebetsi oa boromuoa joang?
8 Hoo a ka bang pakeng tsa 47 le 48 C.E., ka moea o halalelang, Molimo o ile oa bontša khato ea makhaola-khang bakeng sa ho atolosoa ha mosebetsi oa boromuoa. Tlaleho e ho Liketso 13:2-4 e re bolella hore: “Moea o Halalelang oa re: Nkhetheleng Barnabase le Saule, ba ee mosebetsing oo ke ba bilelitseng oona. . . . Eare hobane Moea o Halalelang o ba rome, ba theohela Selocia [kou ea likepe ea Antioke oa Syria]; teng ba kena sekepeng, ba tšelela Cypera.” E tlameha e be hoo e ne e le ho thabisang hakaakang ho Pauluse le Barnabase—ho tsamaea ka sekepe ho ea kabelong ea bona ea ho qala naheng e sele! Moapostola Pauluse o ne a etelletse pele mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste. O ile a boela a rala motheo bakeng sa mosebetsi o neng o tla phethoa lekholong la rōna la bo20 la lilemo.
9. Moapostola Pauluse o ile a finyella eng ka maeto a hae a boromuoa?
9 Pauluse o ile a tsoela pele ho nka maeto a mararo a tlalehiloeng a boromuoa ho kopanyelletsa leeto la hae la ho ea Roma e le motšoaruoa. Nakong ea maeto ana, o ile a bula mosebetsi metseng e ’maloa e meholo Europe ’me a bolela molaetsa oa ’Muso linaheng le lihleke-hlekeng tseo kajeno li tsebjoang e le Syria, Cyprus, Crete, Turkey, Greece, Malta, le Sicily. Mohlomong o bile a fihla Spain. O ile a thusa ho hloma liphutheho metseng e mengata. Lekunutu la mosebetsi oa hae oa boromuoa o behang litholoana ke lefe?
Ho Ruta ka Mokhoa o Behang Litholoana
10. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a beha litholoana hakaale mosebetsing oa hae oa boromuoa?
10 Pauluse o ne a etsisa tsela ea Kreste ea ho ruta. Ka hona o ne a tseba hore na a ka bolella batho joang. O ne a tseba ho ruta le ho koetlisetsa ba bang ho ba baruti. O ne a theile thuto ea hae Mangolong. O ne a sa leke ho khahla ba bang ka bohlale ba hae, empa ho e-na le hoo, o ne a beha mabaka ka Mangolo. (Liketso 17:2, 3) Hape Pauluse o ne a tseba hore na a ka tenyetsehela boemong ba bamameli ba hae joang le hore na a ka sebelisa boemo ba sebaka e le monyetla oa ho fetisa molaetsa oa hae joang. Ho joalokaha a itse: “Ke ikentse mohlanka oa bohle, ke tle ke rue ba bangata. Ho ba-Jode, ke ikentse mo-Jode . . . ho ba seng ka tlas’a molao, ke ikentse ea seng ka tlas’a molao . . . ho ba fokolang, ke ikentse ea fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.”—1 Ba-Korinthe 9:19-23; Liketso 17:22, 23.
11. Ke eng e bontšang hore Pauluse le metsoalle ea hae e ne e le baromuoa ba behang litholoana, ’me tšebeletso ea Bokreste e ne e pharalletse hakae?
11 Pauluse le metsoalle ea hae e ne e le baromuoa ba behang litholoana. Ka baka la phehello le mamello, ba ile ba hloma le ho matlafatsa liphutheho tsa Bokreste hohle moo ba neng ba ea teng. (Liketso 13:14, 43, 48, 49; 14:19-28) Tšebeletso ea pele ea Bokreste e ne e pharalletse hoo qetellong Pauluse a neng a ka ngola ka “lentsoe la ’nete, e leng molaetsa o molemo o le fihletseng. Molaetsa oo o namela lefatšeng lohle, ’me o beha litholoana. . . . O [phatlalletsoa] libōpuoa tsohle tse tlas’a letsatsi.” Ka sebele, mosebetsi oa pele oa boromuoa oa Bokreste o ile oa ama batho.—Ba-Kolosse 1:5, 6, 23, TLP.
12. Ke eng e ileng ea etsa hore mosebetsi oa ’nete oa boromuoa oa Bokreste o khaotse ka nakoana?
12 Leha ho le joalo, hoo e ka bang qalong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., bokoenehi ba kenella ka phuthehong ea Bokreste, joalokaha Jesu le baapostola ba ne ba lemositse. (Mattheu 7:15, 21-23; Liketso 20:29, 30; 1 Johanne 2:18, 19) Makholong a lilemo a ileng a latela, thuto ea bolumeli le thuto ea bohedene li ile tsa pupetsa molaetsa oa ’Muso. Bokreste-’mōtoana bo ile ba romela baromuoa, eseng hore ba e’o bolela ka ’Muso oa ’nete oa Molimo, empa ho ea hloma ’muso oa bopolotiki oa marena a bona le batšehetsi ba bona—hangata e le ka lerumo—holim’a baahi ba linaha tseo ba se nang boitšireletso. Mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste ba ’nete o ile oa khaotsa empa eseng ka ho sa feleng.
13. Phutuho ea boromuoa e qalehile joang mehleng ea kajeno, ’me ho ile ha finyelloa eng qetellong ea 1916?
13 Ho ea qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, Charles T. Russell, mookameli oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a bona ho hlokahala mosebetsi oa boromuoa. Ka hona a hlophisa phutuho e matla ea ho paka, ’me eena ka boeena a etela metse e mengata United States, a ba a tsamaea lefatšeng ka bophara ka sekepe ho etela linaha tse ngata ka hohle kamoo a neng a ka khona. Lingoliloeng tsa hae tse theiloeng Bibeleng li ne li hatisoa ka lipuo tse 35. Ho boleloa hore o tsamaile sebaka se fetang lik’hilomithara tse 1 600 000 e le morupeli oa phatlalatsa ’me o ne a fane ka linehelano tse fetang 30 000 pele ho lefu la hae ka 1916.
14. Joseph F. Rutherford o ile a etsa eng ho ntšetsa pele mosebetsi oa boromuoa?
14 Mohlahlami oa hae, Joseph F. Rutherford, le eena o ile a hlokomela tlhokahalo ea bohlokoahali ea mosebetsi oa boromuoa. Mathoasong a lilemo tsa bo-1920, o ile a romela banna ba ka tšeptjoang linaheng tse fapaneng ho ea thusa ho hloma mosebetsi oa boboleli. Baromuoa ba ile ba bula maliboho a mosebetsi ona oa ’Muso Spain, Amerika Boroa, le Afrika Bophirimela. Ka 1931 ha etsoa boipiletso bakeng sa baithaopi hore ba e’o matlafatsa mosebetsi Spain. Bahlankana ba bararo ba tsoang Engelane ba ile ba arabela ’me ba sebeletsa moo tlas’a maemo a thata le a boima ka ho fetisisa ka lilemo tse ’nè ho fihlela ha ho qhoma Ntoa ea Lehae ea Spain ka 1936. Joale ba ile ba lokela ho baleha e le hore ba pholose bophelo ba bona.
15. Ho ile ha etsahala joang ka bo-1940 ho atolosa mosebetsi oa boromuoa haholo?
15 Lilemong tse leshome tsa bo-1940, ho ne ho tla hlaha lintho tse molemo mosebetsing oa boromuoa. Mookameli oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower, Nathan H. Knorr, o ne a e-na le sehlopha sa banna ba chesehang ba sebetsang le eena. Ka ho hlakileng a le tlas’a tsamaiso ea moea o halalelang, ka 1942 o ile a bona ho hlokahala hore ho buloe sekolo sa boromuoa ho lokisetsa phephetso ea ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Har’a ntoa eo ea lefatše, o ile a nka bohato, ’me Sekolo sa Watchtower sa Gileade se ile sa khakoloa ka leboea Seterekeng sa New York ka Tlhakola 1943. Ka barupeli ba sona ba bane, se ne se fana ka koetliso e theiloeng Bibeleng ka likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng bakeng sa Tšebeletso ea boromuoa ho basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba chesehang ba fetang lekholo, banna le basali. Na phello ea mosebetsi oa bona e bile e nang le litholoana?
16. (a) Ke Lipaki tse kae tse neng li bolela ka 1943, ’me lenane leo le bapa joang le la kajeno? (b) Baromuoa ba phethile karolo efe keketsehong ee? Hlalosa.
16 Ka 1943 ho ne ho e-na le Lipaki tse 126 329 feela tse bolelang linaheng tse 54. Boemo ke bofe kajeno? Hona joale, lilemo tse 45 hamorao, lenane la tsona le mena leo ka makhetlo a 28, ke basebeletsi ba mafolo-folo ba fetang limillione tse tharo le halofo linaheng le lihleke-hlekeng tsa leoatle tse 212. Karolo e totobetseng ea keketseho ena e bile teng ka baka la motheo o motle o raliloeng ke baromuoa ba fetang 6 000 ba tsoang Sekolong sa Gileade. Bana ba tsoa linaheng tse 59 ’me ba ’nile ba romeloa linaheng tse 148 tse fapaneng ho theosa le lilemo tse mashome a mahlano tse fetileng. Ho e-na le hore ho be le Lipaki tse fetang likete tse lekholo feela lefatšeng lohle, joalokaha ho ne ho le joalo lilemong tse 45 tse fetileng, ka thuso ea bona joale ho na le linaha tse leshome tseo naha ka ’ngoe ho tsona e nang le basebeletsi ba fetang likete tse lekholo ba bolelang le ba rutang litaba tse molemo. Boholo ba lichaba tsena, baromuoa ba Gileade e bile bona ba ka pelepele mosebetsing oa ho bolela evangeli.
17. Ke mabaka afe a mararo a motheo a entseng hore mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste oa mehleng ea pele le oa mehleng ea kajeno o behe litholoana?
17 Ho sa tsotellehe hore na re bua ka mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste oa mehleng ea pele kapa ea kajeno, ho na le mabaka a motheo a entseng hore e be o behang litholoana. Le leng ke ho kopana ka ho toba le batho e leng ho fellang ka tšebeletso ea ntlo le ntlo le bopaki bo sa rereloang, ’moho le tokisetso ea thuto ea Bibele ea lehae. (Johanne 4:7-26; Liketso 20:20) Lebaka le leng ke molaetsa o tobileng le o bonolo o theiloeng Bibeleng o phahamisang ’Muso oa Molimo e le eona feela tharollo ea ka ho sa feleng bakeng sa mathata a batho. (Liketso 19:8; 28:16, 23, 30, 31) Ba bangata har’a baromuoa ba rōna ba sebeletsa linaheng tse sa tsoelang pele moo tlhokahalo ea puso e lokileng ea Molimo e totobetseng haholo. Lebaka la boraro ke lerato leo Kreste a rutileng ka lona le leo baromuoa ba rōna ba kajeno ba le bonahatsang litšebelisanong tsa bona tsa letsatsi le letsatsi le batho ba mefuta eohle le ba tsoang lichabeng tsohle. Ha ho pelaelo hore, ho theosa le lilemo tse 45 tse fetileng, baromuoa ba Watch Tower ba entse tlatsetso e khōlō katolosong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova lefatšeng ka bophara.—Ba-Roma 1:14-17; 1 Ba-Korinthe 3:5, 6.
Moea oa Bopula-maliboho oa Hōla
18. Ke bo-mang ba bang ba tletseng moea oa cheseho ea boromuoa o tšoanang le oa baromuoa ba Gileade?
18 Ha ho pelaelo hore mohlala oa cheseho ea baromuoa ba Gileade o tsositse ka ho ba bang takatso ea ho ba basebeletsi ba nako a tletseng. Kajeno, ho na le Lipaki tsa Jehova tse ling tse makholo a likete tse tletseng moea o tšoanang oa cheseho ea boromuoa. Tsena le tsona ke bo-pula-maliboho ka kutloisiso ea sebele, li latela mehlaleng ea Jesu, “Pula-maliboho ea polokeho ea tsona.”—Ba-Heberu 2:10, TLP; 12:2, Moffatt.
19. Lipaki tse ngata tse nang le moea oa bopula-maliboho li ithaopetse ho etsa joang, ’me li ikutloa li putsitsoe joang?
19 Ho tloha ka bo-1960 ho bile thata haholo ho romela baromuoa linaheng tse ’maloa. Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade se ntse se tsoela pele ho romela baromuoa linaheng, ho isa moo ho khonehang, ho latela tlhokahalo e teng linaheng lisele. Leha ho le joalo, ho na le tšimo e khōlō lefatšeng ka bophara bakeng sa Lipaki tse nang le moea oa ’nete oa bopula-maliboho. Ba bangata ba ithaopetse ho iketsetsa litokisetso tsa ho sebeletsa linaheng tseo ho tsona tlhokahalo e leng kholoanyane. Na u e mong ea ka ikopanyang le bona? Hangata ba joalo ba bolela hore mathata le boitelo li fetoa ka makhetlo a mangata ke thabo e khōlō ea ho fepa batho ba seka linku linnete tsa ’Muso linaheng tse ntseng li tsoela pele. Ba putsoa halekholo ha ba fumana ‘banab’abo bona le likhaitseli le bo-mm’a bona le bana ba bona’ ba bacha ’me ba arolelana le bona tšepo e hlollang ea bophelo bo sa feleng ‘tsamaisong ea lintho e tlang.’—Mareka 10:28-30, NW.
20. (a) Ke bo-mang ba etsang karolo e kholoanyane ea boboleli linaheng tse ngata? (b) Ho tla joang hore e be Japane e tlaleha kakaretso ea lihora tse ngata tšebeletsong ea tšimo selemo le selemo ho feta hoo e batlang e le linaha tse ling kaofela? (c) Ke potso efe eo ho leng hotle hore re nahanisise ka eona?
20 Ho feta moo, ho na le bahlanka ba Jehova ba makholo a likete kajeno ba tlalehang tšebeletso e halalelang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe joaloka bo-pula-maliboho ba ka mehla kapa ba thusang. Boholo ba bona ba sebetsa ka matla masimong a habo bona. Linaheng tse ngata, ba etsa karolo e khōlō ea boboleli, ’me hangata ba etela matlung a le mang ka libeke tse latellanang. Tšepo ea bona ea ’Muso e bonahatsoa lifahlehong tsa bona tse khanyang le boikutlong ba bona bo thabileng ha ba ntse ba etsa metsoalle e mecha ’me ba hlaolela thahasello e khōlō masimong a habo bona. Ho ba le bo-pula-maliboho ba eketsehileng ho bolela lihora tse ling tse ngata tse sebelisoang thorisong ea Molimo. Ka lilemo tse fetang leshome, Japane, moo karolo e khōlō haholo ea Lipaki tsa Jehova e neng e le Mabuddha pele, e tlalehile kakaretso ea lihora tse eketsehileng tšebeletsong ea tšimo selemo le selemo ho feta naha leha e le efe e ’ngoe ka ntle ho meeli ea United States. Hona ho tlisoa ke hore hoo e batlang e le halofo ea bahoeletsi ba eona ba ’Muso ba bula maliboho. Na le uena u ka hlophisa litaba tsa hao e le hore u kopanele tokelong ena e khōlō ka ho fetisisa, tšebeletso ea bopula-maliboho?
21. (a) Lipaki tse ling tseo boemo ba tsona bo sa li lumelleng ho ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba ka mehla li ka bontša moea oa bopula-maliboho joang? (b) Bacha ba ka bontša moea oa bopula-maliboho joang?
21 Ho na le Lipaki tse ling tse “chesehelang mesebetsi e metle.” (Tite 2:14) Li akarelletsa batho ba hōlileng, ba kulang, ba bangata ba nang le boikarabelo ba lelapa, le bacha ba sa ntsaneng ba le sekolong bao e ka ’nang eaba boemo ba bona ha bo ba lumelle ho ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba ka mehla. Bana le bona ba ka bontša moea oa bopula-maliboho ka ho fana ka tšehetso e khothatsang ho bo-pula-maliboho, ho kopanela le bona tšimong ka hohle kamoo ba ka khonang, le ho boloka boikutlo bo nepahetseng mabapi le menyetla ea bona ea ho paka. Bacha ba ka beha tšebeletso ea ’Muso ea nako e tletseng e le eona pakane ea bona ’me, hang ha ba kolobetsoa, ba kopanela bopula-malibohong bo thusang nako le nako. Joaloka Timothea e monyenyane, ba ka thuisa lintho tsena e le hore ba etse tsoelopele moeeng ’moho le batho bohle ba Molimo.—1 Timothea 4:15, 16.
22. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ke bofe bophelong, re lokela ho ba le boikemisetso bofe, hona e le ka phello efe e ntle?
22 Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ke bofe bophelong, e se eka kaofela ha rōna re ka susumetsoa ke moea oa Jehova hore re kopanele ka botlalo tšebeletsong ea hae. E se eka “letsoho la Jehova” le ka ’na la ba le e mong le e mong oa rōna e le hore mabapi le boiteko ba rōna bo etsoang ka boikokobetso ho ka thoe “lentsoe la Morena [Jehova] la ’na la ata joalo, la sebetsa ka matla.”—Liketso 11:21, NW; 19:20.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Mosebetsi oa boromuoa oa Bokreste o qalehile joang, ’me o ne o tla pharalla hakae?
◻ Moapostola Pauluse o phethile karolo efe ho atoloseng mosebetsi oa boromuoa?
◻ Mosebetsi oa boromuoa o tsosolositsoe joang mehleng ea kajeno?
◻ Ke mabaka afe a entseng hore tšebeletso ea boromuoa le ea bopula-maliboho e behe litholoana?
◻ Ke joang re ka tlalang moea oa bopula-maliboho kajeno?
[Chate e leqepheng la 13]
Mosebetsi oa ’Muso Linaheng Tse Leshome—1988
(Linaha tsena kaofela li tlalehile bahoeletsi ba fetang 100 000)
Naha Tlhoro ea Karolelano ea Lihora Tsa Ba Bileng Teng
Bahoeletsi Bo-pula-maliboho Boboleli Sehopotsong
USA 797 104 96 947 161 478 732 822 607
Mexico 248 822 32 117 58 061 457 1 004 062
Brazil 245 610 22 725 44 218 022 718 414
Italy 160 584 25 477 43 354 687 330 461
Nigeria 134 543 14 022 27 800 623 398 555
Japane 128 817 52 183 60 626 840 297 171
Jeremane 125 068 8 416 22 029 942 215 385
Brithani 113 412 11 927 22 103 713 211 060
Philippines 107 679 21 320 26 337 621 305 087
France 103 734 9 189 21 598 308 205 256
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Pauluse o tloha le Barnabase ho ea bula maliboho a mosebetsi oa boromuoa