Silase—Mohloli oa Khothatso
HO TLOHA qalong ea histori ea Bokreste, mosebetsi oa balebeli ba tsamaeang ba tšepahalang e ne e le oa bohlokoahali tabeng ea ho khothatsa liphutheho tsa batho ba Molimo le ho phatlalatsa litaba tse molemo ho isa likarolong tse hōle-hōle tsa lefatše. E mong oa balebeli ba khale-khale ba ileng ba khethoa e ne e le Silase, moprofeta le setho se neng se eteletse phutheho ea Jerusalema pele. O ne a phetha karolo e ka sehloohong tsoelo-peleng ea bohlokoa ea mosebetsi oa ho bolela ’me e ne e le e mong oa baromuoa ba pele ba ho bolela evangeli tšimong ea Europe. Ke’ng se ileng sa etsa hore Silase e be eo ka ho khetheha a neng a tšoaneleha hantle bakeng sa ho etsa see sohle? ’Me ke litšobotsi life tsa botho ba hae tseo e neng e tla ba hantle hore re li etsise?
Bothata ba Lebollo
Ha taba ea lebollo e neng e ka baka likarohano e hlaha hoo e ka bang ka 49 C.E., ho ile ha hlokahala hore sehlopha se busang se Jerusalema se fetise taelo e hlakileng har’a Bakreste bakeng sa ho rarolla bothata bona. Maemong ana, Silase, eo hape a neng a bitsoa Silvanase, o hlahella tlalehong ea Bibele. E ka ’na eaba ke e mong oa ba neng ba etsa qeto eo, eaba o khetheloa ho ba lenģosa la “baapostola le banna ba baholo,” bakeng sa ho fetisetsa qeto ea bona ho “barab’abo rōna Antioke le Syria le Silisia.” Ha ba le Antioke, Silase le Judase (Barsabase), ba e-na le Barnabase le Pauluse, ba ile ba fetisa molaetsa o potlakileng oo ba neng ba o nkile, ka ho hlakileng ba pheta liketsahalo tsa seboka sa Jerusalema, liqeto tse finyeletsoeng, le se fuperoeng ke lengolo. Hape “ba khothatsa barab’abo rōna ka lipuo tse ngata ’me ba ba matlafatsa.” Phello e thabisang e bile hore Bakreste ba Antioke ba ile ba ‘thaba.’—Liketso 15:1-32.
Kahoo, Silase o ile a phetha karolo e khōlō ho rarolleng bothata bona bo ka sehloohong. Empa kabelo ea hae e ne e se bonolo. Ho ne ho se na mokhoa oa ho tseba hore na phutheho ea Antioke e ne e tla arabela joang qetong e entsoeng. Kahoo, mohlalosi e mong o ile a re: “E ne e hloka motho ea bohlale haholo le masene hore a qaqise seo baapostola ba neng ba se ngotse lengolong la bona.” Ho khethoa ha Silase bakeng sa kabelo ena e hlokang tsebo kapa masene ho re bolella ho hong ka hore na e tlameha e ne e le motho oa mofuta ofe. O ne a ka tšepeloa ho fetisa litaelo tsa sehlopha se busang ka botšepehi. Hape, e tlameha ebe e ne e le molebeli ea bohlale ea neng a ka ba le tšusumetso e boelanyang ha phutheho e ne e sokeloa ke phehisano.
Ho Tsamaea le Pauluse
Hore na Silase o ile a khutlela Jerusalema ka mor’a thōmo eo kapa che ha ho tsejoe hantle. Leha ho le joalo, ka mor’a qabang e lipakeng tsa Barnabase le Pauluse mabapi le Johanne Mareka, Pauluse o ile a khetha Silase, ea neng a le Antioke ka nako eo, bakeng sa leeto le lecha leo qalong le neng le reretsoe hore e be la ho boela metseng eo Pauluse a neng a ile a bolela ho eona leetong la hae la pele la boromuoa.—Liketso 15:36-41.
Ho ka etsahala hore ebe ho khethoa ha Silase ho ne ho susumetsoa ke ho ba ha hae le maikutlo a nepahetseng ka thōmo ea Balichaba le ke matla a ho laela ao ka ’ona eena e le moprofeta le ’muelli oa sehlopha se busang a neng a ka thusa ho fetisetsa liqeto ho balumeli ba Syria le Silisia. Liphello e bile tse ntle haholo. Buka ea Liketso ea pheta: “Joale ha ba ntse ba tsamaea ho pholletsa le metse, melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka eona ho ba leng moo hore ba e boloke. Ka hona, ka sebele, liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Liketso 16:4, 5.
Ha baromuoa ba ntse ba tsamaea, moea o halalelang o ile oa ba faposa habeli libakeng tseo ba neng ba rerile ho ea ho tsona. (Liketso 16:6, 7) Timothea o ile a ekelletsoa sehlopheng sena ha se le tseleng, Lystra, ka mor’a “lipolelo tse boletsoeng esale pele” tse mo amang tse neng li sa hlalosoa. (1 Timothea 1:18; 4:14) Ka pono ea Pauluse, eo le eena a neng a e-na le neo ea ho profeta, bana ba tsamaeang hammoho ba ile ba laeloa hore ba ee Macedonia, Europe, ka sekepe.—Liketso 16:9, 10.
Ho Shapuoa le ho Kenngoa Teronkong
Ha ba le Filippi, “motse o ka sehloohong oa setereke” seo, Silase o ile feta phihlelong e bohloko e sa lebaleheng. Ka mor’a hore Pauluse a leleke moea oa bonohe ho lekhabunyane, beng ba lona, ha ba bona hore ba koaletsoe mohloli oa chelete, ba ile ba hulanyetsa Silase le Pauluse ka pel’a bo-magiseterata ba motse. Ka lebaka leo, ba babeli bao ba ile ba feta tlhekefetsong ea ho hlahisoa phatlalatsa e le lisenyi, ka mor’a hore ba taboleloe liaparo le ho shapuoa ka melamu ’marakeng.—Liketso 16:12, 16-22.
Hase feela hore ho shapuoa ho joalo e ne e le kotlo e tšosang, e etsang hore motho a mamelle ka ho feletseng empa, tabeng ea Pauluse le Silase, ho ne ho sa lumelloa ka molao. Hobane’ng? Melao ea Roma e ne e bontša hore ha ho moahi oa Roma ea neng a ka shapuoa. Pauluse e ne e le moahi oa Roma, ’me ho ka etsahala hore le Silase e ne e le eena. Ka mor’a ho otloa ka “likotlo tse ngata,” Pauluse le Silase ba ile ba lahleloa teronkong moo maoto a bona a ileng a tiisoa metšoasong. Gustav Stählin oa hlalosa hore ena e ne e le “kofuto e tšabehang, eo ho eona ho neng ho ka etsoa hore maoto a batšoaruoa a takalatse kamoo ho ratoang kateng, ka tsela e ba sitisang ho robala.” Empa, ka khitla, ntle ho pelaelo ea hore mekokotlo ea bona e ne e tletse maqeba a bohloko, “Pauluse le Silase ba ne ba rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina.”—Liketso 16:23-25.
Sena se re bolella ho hong hape ka botho ba Silase. O ne a thabile hobane ba ne ba utloa bohloko ka lebaka la lebitso la Kreste. (Matheu 5:11, 12; 24:9) Ho hlakile hore e ne e le moea oona oo, oo thōmong e fetileng ea ho ea Antioke o ileng oa nolofalletsa Silase le balekane ba hae ho atleha ho khothatseng le ho matlafatseng phutheho le ho etseng hore Bakreste-’moho le bona ba thabe. E tlameha ebe thabo ea Pauluse le Silase e ile ea eketseha ha ka mohlolo ba ne ba lokolloa teronkong ke tšisinyeho ea lefatše ’me ba khona ho thusa molebeli oa teronko ea neng a batla ho ipolaea le lelapa la hae ho sebelisa tumelo ho Molimo.—Liketso 16:26-34.
Pauluse le Silase ha baa ka ba tšosoa ke ho shapuoa le ho kenngoa teronkong. Ha ho ne ho romeloa molaetsa oa hore ba lokolloe, ba ile ba hana ho thoba Filippi ka tsela e bontšang ho hlajoa ke lihlong, joalokaha bo-magisterata ba ne ba lebeletse. Ba ile ba ema ba tiile ’me ba etsa hore boemo bona bo fetohele ho liofisiri tseo tse ikakasang le tse hatellang. Pauluse o ile a botsa: “Ba re shapile phatlalatsa re sa ahloloa, banna bao e leng Baroma, ’me ba re lahlela chankaneng; ’me na joale ba re ntša ka sephiri? Che, ka sebele! empa a ba tle ka bobona ’me ba re ntše.” Ka ho tšaba liphello, bo-magisterata ba ile ba iphumana ba tlamehile ho kōpa ba babeli bana ka tieo hore ba tlohe motseng oo.—Liketso 16:35-39.
Ka mor’a ho hlakisa litokelo tsa bona e le Baroma ka tsela eo likelellong tsa ba nang le matla a ho laela, Pauluse le Silase ba ile ba sebetsa tumellanong le kōpo ea bo-magisterata—empa eseng pele ba salisa metsoalle ea bona hantle. Tumellanong le seo joale e neng e le tšobotsi ea leeto lohle la boboleli, Silase le molekane oa hae ba ile ba boela ba “khothatsa” barab’abo bona eaba baa tsamaea.—Liketso 16:40.
Ho Tloha Macedonia ho ea Babylona
Ba sa nyahamisoa ke seo e ka beng e bile phihlelo e bohloko, Pauluse le Silase le balekane ba bona ba ile ba tsoela pele ho ea masimong a macha a boromuoa. Ha ba le Thesalonika ba ile ba boela ba talimana le mathata. Ka lebaka la ho atleha ha Pauluse tšebeletsong ea hae ka Lisabatha tse tharo, bahanyetsi ba mōna ba ile ba hlohlelletsa tlhaselo ea mahoohoo, ho ileng ha etsa hore ho be bohlale hore baromuoa bana ba tlohe motseng oo bosiu. Ba ile ba ea Berea. Ha bahanyetsi bana ba hlokomela se finyeletsoeng ke Pauluse le balekane ba hae motseng oo, ba ile ba tla ba tsoa hōle koana Thesalonika. Pauluse o ile a tsoela pele a le mong, ha Silase le Timothea ba setse Berea bakeng sa ho hlokomela sehlopha sa ba sa tsoa thahasella. (Liketso 17:1-15) Silase le Timothea ba ile ba boela ba kopana le Pauluse Korinthe, ba isa litaba tse molemo ’me mohlomong le mpho e tsoang ho metsoalle e tšepahalang ea Macedonia. E tlameha ebe sena se ile sa nolofalletsa moapostola enoa ea hlokang ho khaotsa ho etsa mosebetsi oa boipheliso, oo a neng a qalile ho o etsa lekhatheng leo, ’me a khutlele boboleling ba nako e tletseng ka mafolofolo. (Liketso 18:1-5; 2 Bakorinthe 11:9) Korinthe, Silase le Timothea ba boetse ba bitsoa baevangeli le balekane ba Pauluse. Ka hona ho totobetse hore le motseng oo ha baa ka ba khoehlisa mosebetsing oa bona.—2 Bakorinthe 1:19.
Ho nkiloe hore tšebeliso ea seemeli “re” ho pholletsa le mangolo a eang ho Bathesalonika—ao ka bobeli a neng a ngolloa Korinthe nakong ena—e bolela hore Silase le Timothea ba kentse letsoho ho ngoleng. Leha ho le joalo maikutlo a hore Silase o ne a kopanetse mosebetsing oa ho ngola, a thehiloe haholo-holo ho seo Petrose a se buang ka le leng la mangolo a hae. Petrose o re o ngotse lengolo la hae la pele a le Babylona “ka Silvanase, mor’abo rōna ea tšepahalang.” (1 Petrose 5:12, 13) Le hoja sena se ne se ka bolela feela hore Silvanase e ne e le ea tlalehang, ho fapana ha mokhoa oa ho ngola pakeng tsa mangolo a mabeli a Petrose ho ka ’na ha bontša hore o ile a sebelisa Silase e le mongoli oa lengolo la pele empa a se ke a mo sebelisa ho la bobeli. Kahoo, mohlomong e ’ngoe ea litsebo tse ngata tsa Silase le e ’ngoe ea litokelo tsa hae tsa puso ea Molimo e ne e le ea ho ba mongoli.
Mohlala oa ho Etsisoa
Ha re emella morao ’me re sheba lintho tseo re tsebang hore Silase o ile a li etsa, tlaleho ea hae ea khahleha. Ke mohlala o motle haholo ho baromuoa ba kajeno le ho balebeli ba tsamaeang. Ka ho hloka boithati o ile a nka maeto a malelele a ileng a mo bakela litšenyehelo tse ngata haholo, a sa ho etse bakeng sa ho fumana melemo ea lintho tse bonahalang kapa botumo, empa a ho etsetsa ho thusa ba bang. Sepheo sa hae e ne e le ho ba khothatsa ka keletso e bohlale le e masene, ka lipuo tse lokiselitsoeng hantle le tse chesang, le ka cheseho ea hae tšebeletsong ea tšimo. Ho sa tsotellehe hore na karolo ea hao ke efe har’a batho ba Jehova ba hlophisitsoeng, haeba ka ho tšoanang u loanela ho ba le maikutlo a nepahetseng—esita leha u talimane le mahlomola—le uena u tla ba mohloli oa khothatso ho balumeli-’moho le uena.
[’Mapa o leqepheng la 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leeto la Bobeli la Boromuoa la Pauluse
Leoatle le Leholo
Antioke
Derbe
Lystra
Ikoniamo
Troase
Filippi
Amfipolise
Thesalonika
Berea
Athene
Korinthe
Efese
Jerusalema
Sesarea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.