“Ona ke Mokhoa oo Molimo a Ileng a re Rata ka Oona”
“Haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale rōna ka borōna re tlas’a tlamo ea ho ratana.”—1 JOHANNE 4:11.
1. Ka la 23 March ka mor’a hore letsatsi le likele, ke hobane’ng ha batho ba limilione ba tla be ba bokane Liholong tsa ’Muso le libakeng tse ling tseo ho kopaneloang ho tsona ho pota lefatše?
KA Sontaha sa la 23 March, 1997, ka mor’a hore letsatsi le likele, ha ho pelaelo hore ho tla ba le batho ba ka holimo ho 13 000 000 lefatšeng ka bophara ba tla bokana Liholong tsa ’Muso le libakeng tse ling tseo Lipaki tsa Jehova li kopanelang ho tsona. Hobane’ng? Hobane lipelo tsa bona li anngoe ke pontšo ea Molimo ea lerato e khōlō ka ho fetisisa molokong oa batho. Jesu Kreste o ile a lebisa tlhokomelo bopaking boo bo hlollang ba lerato la Molimo, ha a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
2. Ke lipotso life tseo kaofela ha rōna ho neng ho ka ba molemo hore re ipotse tsona mabapi le karabelo ea rōna leratong la Molimo?
2 Ha re ntse re nahana ka lerato leo Molimo a le bontšitseng, ke hantle ha re ipotsa, ‘Na ka sebele ke ananela seo Molimo a se entseng? Na tsela eo ke sebelisang bophelo ba ka ka eona e fana ka bopaki ba kananelo eo?’
“Molimo ke Lerato”
3. (a) Ke hobane’ng ha ho bontša lerato e se mohlolo ho Molimo? (b) Matla le bohlale li bonahala joang mesebetsing ea hae ea pōpo?
3 Ho bontša lerato ka bohona hase mohlolo ho Molimo hobane “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Lerato ke tšobotsi ea hae e ka sehloohong. Ha a ne a lokisa lefatše e le hore batho ba ka aha ho lona, ho phahamisa ha hae lithaba le ho bokella ha hae metsi matšeng le maoatleng e ne e le ponahatso e hlollang ea matla. (Genese 1:9, 10) Ha Molimo a ne a etsa hore metsi le oksijene li potolohe, ha a ne a etsa likokoanyana tse ngata-ngata tse nyenyane haholo tse bonoang ka mochine o hōlisang ponahalo le mefuta e sa tšoaneng ea limela bakeng sa ho fetolela metsoako ea lik’hemik’hale ea lefatše mefuteng eo batho ba ka e monyang e le hore ba ’ne ba phele, ha a ne a kenya nako e sebetsang ka tlhaho ka hare ho rōna hore e lumellane le bolelele ba matsatsi le likhoeli holim’a Lefatše, sena se ile sa bontša bohlale bo boholo. (Pesaleme ea 104:24; Jeremia 10:12) Empa, ho bileng ho hlaheletseng haholoanyane pōpong e bonahalang ke bopaki ba lerato la Molimo.
4. Pōpong e bonahalang, kaofela re lokela ho bona le ho ananela bopaki bofe ba lerato la Molimo?
4 Mahalapa a rōna a re bolella ka lerato la Molimo ha re loma tholoana e lutlisang mathe, e butsoitseng eo ho totobetseng hore ha ea etsetsoa feela ho re fepa empa hape e etselitsoe ho re thabisa. Mahlo a rōna a bona bopaki bo totobetseng ba lona ho likeleng ha letsatsi ho hlollang, maholimong a tletseng linaleli bosiung ba ha ho hlakile, mefuteng e sa tšoaneng ea lipalesa le mebala ea tsona e khanyang, ho thaleng ha liphoofolo tse nyenyane le ho bososeleng ho mofuthu ha metsoalle. Linko tsa rōna li etsa hore re le elelloe ha re hema monko o monate oa lipalesa tsa nako ea selemo. Litsebe tsa rōna li le utloa ha re mamela ho hoasa ha phororo, lipina tsa linonyana le mantsoe a baratuoa. Re le utloa ha moratuoa a re kopa ka matsoho ka mofuthu. Liphoofolo tse itseng li fuoe matla a ho bona, ho utloa kapa ho fofonela lintho tseo batho ba ke keng ba li bona, ba li utloa kapa ba li fofonela. Empa moloko oa batho, o entsoeng ka setšoantšo sa Molimo, o na le matla a ho lemoha lerato la Molimo ka tsela eo ka eona ho seng phoofolo e ka le lemohang.—Genese 1:27.
5. Jehova o ile a bontša Adama le Eva lerato le leholo joang?
5 Ha Jehova Molimo a ne a bōpa batho ba pele, Adama le Eva, o ile a etsa hore ba pota-potoe ke bopaki ba lerato la hae. O ile a lema serapa, paradeise, ’me a etsa hore lifate tsa mefuta eohle li mele ho sona. O ne a lokiselitse nōka hore e se nosetse ’me a se tlatsa ka linonyana le liphoofolo tse hlollang. O ile a fa Adama le Eva sena sohle e le lehae la bona. (Genese 2:8-10, 19) Jehova o ile a sebetsana le bona joaloka bana ba hae, karolo ea lelapa la hae la bokahohleng. (Luka 3:38) Ha a lokisitse Edene hore e be mohlala, Ntate oa leholimo oa batho bana ba babeli ba pele o ile a beha ka pel’a bona kabelo e khotsofatsang ea ho atolosa Paradeise hore e be lefatšeng lohle. Lefatše lohle le ne le lokela ho ahoa ke bana ba bona.—Genese 1:28.
6. (a) U ikutloa joang ka tsela ea borabele eo Adama le Eva ba ileng ba e nka? (b) Ke’ng se ka ’nang sa bontša hore re ithutile ho se ileng sa etsahala Edene le hore re fumane molemo tsebong eo?
6 Leha ho le joalo, kapele Adama le Eva ba ile ba talimana le teko ea ho mamela, teko ea botšepehi bo sa sekisetseng. Ka ho latellana ba ile ba hlōleha ho bontša kananelo le lerato tseo ba neng ba li bontšitsoe. Seo ba ileng ba se etsa se ne se tšosa. E ne e le se ke keng sa lokafatsoa! Ka lebaka leo, ba ile ba lahleheloa ke kamano ea bona le Molimo, ba lelekoa lelapeng la hae le ho ntšetsoa ka ntle ho Edene. Rōna kajeno re sa ntse re latsoa liphello tsa sebe sa bona. (Genese 2:16, 17; 3:1-6, 16-19, 24; Baroma 5:12) Empa na re ithutile ho se etsahetseng? Re arabela joang leratong la Molimo? Na liqeto tseo re li etsang letsatsi ka leng li bontša hore re ananela lerato la hae?—1 Johanne 5:3.
7. Ho sa tsotellehe seo Adama le Eva ba se entseng, Jehova o ile a bontša lerato joang bakeng sa bana ba bona?
7 Esita le ho hloka kananelo ho hoholo ha batsoali ba rōna ba pele ba batho ho ile ha bontša bohle hore seo Molimo a neng a ba etselitse sona ha sea ka sa felisa lerato la Molimo. Ka lebaka la ho qenehela batho bao ka nako eo ba neng ba e-s’o hlahe—ho akarelletsa le rōna ba phelang kajeno—Molimo o ile a lumella Adama le Eva ho ba le bana pele ba e-shoa. (Genese 5:1-5; Matheu 5:44, 45) Haeba a ne a sa ka a etsa seo, ha ho le ea mong ho rōna ea ka beng a hlahile. Ka ho senola thato ea hae bohato ka bohato, Jehova o ile a boela a lokisetsa motheo oa tšepo bakeng sa bana bohle ba Adama ba neng ba tla sebelisa tumelo. (Genese 3:15; 22:18; Esaia 9:6, 7) Tokisetso ea hae e ne e akarelletsa mokhoa oo ka oona batho ba lichaba tsohle ba neng ba ka boela ba fumana seo Adama a neng a se lahlile, e leng bophelo bo phethahetseng e le litho tse amohelehang tsa lelapa la Molimo la bokahohle. O ile a etsa sena ka ho lokisetsa thekollo.
Thekollo Hobane’ng?
8. Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a laela feela hore le hoja Adama le Eva ba tlameha ho shoa, ha ho le ea mong ho bana ba bona ba mamelang ea neng a tla tlameha ho shoa?
8 Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore ho lefshoe thekollo ka sebōpeho sa bophelo ba motho? Na Molimo a ka be a sa ka a laela feela hore le hoja Adama le Eva ba tlameha ho shoa ka lebaka la borabele ba bona, bana ba bona bohle ba neng ba tla mamela Molimo ba phele ka ho sa feleng? Ho latela pono ea motho e shebelang lintho haufi, seo se ka ’na sa utloahala e le ho ba le kahlolo e molemo. Leha ho le joalo, Jehova “o rata ho loka le toka.” (Pesaleme ea 33:5, BPN) Ke feela ka mor’a hore Adama le Eva e be baetsalibe moo ba ileng ba e-ba le bana; ka hona ha ho le ea mong ho bana bao ea ileng a hlaha a phethahetse. (Pesaleme ea 51:5) Kaofela ba ne ba futsitse sebe, ’me kotlo ea sebe ke lefu. Haeba Jehova a ne a hlokomolohile sena, sena se ka be se ile sa behela litho tsa lelapa la hae la bokahohleng mohlala oa mofuta ofe? O ne a ke ke a hlokomoloha litekanyetso tsa hae tse lokileng. O ile a hlompha seo toka e neng e se hloka. Ha ho motho eo le ka mohla ka ho loketseng a neng a ka fumana phoso tseleng eo ka eona Molimo a ileng a sebetsana le litseko tsena tse amehang.—Baroma 3:21-23.
9. Ho latela tekanyetso ea bomolimo ea toka, ke thekollo ea mofuta ofe e neng e hlokahala?
9 Joale, he, ke joang ho neng ho ka lokisetsoa motheo o loketseng oa ho lokolla bana ba Adama ba neng ba tla bontša hore ba mamela Jehova ka lerato? Haeba motho ea phethahetseng a ne a ka shoa lefu la sehlabelo, toka e ne e tla lumella hore matla a ho reka a bophelo boo bo phethahetseng a koahele libe tsa bao ka tumelo ba neng ba tla amohela thekollo eo. Kaha sebe sa motho a le mong, Adama, se ne se ikarabella bakeng sa ho etsa hore lelapa lohle la motho e be baetsalibe, mali a tšolotsoeng a motho e mong ea phethahetseng, a nang le matla a ho reka a lekanang, a ne a ka tsitsisa sekala sa toka. (1 Timothea 2:5, 6) Empa motho ea joalo o ne a ka fumanoa hokae?
Tšenyehelo e ne e le Khōlō Hakae?
10. Ke hobane’ng ha bana ba Adama ba ne ba sa khone ho fana ka thekollo e hlokahalang?
10 Har’a bana ba Adama oa moetsalibe, ho ne ho se le ea mong ea neng a ka fana ka se neng se hlokahala e le hore ho ka rekolloa litebello tsa bophelo tse neng li lahlehetse Adama. “Ha ho le ea mong oa bona eo ka tsela leha e le efe a ka lopollang esita le mor’abo, leha e le ho fa Molimo thekollo bakeng sa hae; (’me theko ea topollo ea moea oa bona ke ea bohlokoa hoo e khaolitseng ho isa nakong e sa tsejoeng) e le hore a ka ’na a phela ka ho sa feleng ’me a se ke a bona mokoti.” (Pesaleme ea 49:7-9, NW) Ho e-na le ho siea moloko oa batho o se na tšepo, Jehova ka boeena ka mohau o entse tokisetso.
11. Jehova o ile a fana ka bophelo bo phethahetseng ba botho bo neng bo hlokahala bakeng sa thekollo e loketseng ka tsela efe?
11 Jehova ha aa ka a roma lengeloi lefatšeng ho etsa eka lea shoa ka ho tela ’mele oa nama oo le o filoeng empa le ntse le tsoela pele ho phela e le motho oa moea. Ho e-na le hoo, ka ho etsa mohlolo oo e leng Molimo, ’Mōpi feela ea neng a ka o etsa, o ile a fetisetsa matla a bophelo le botho ba mora oa leholimo pōpelong ea mosali, Maria, morali oa Heli, oa leloko la Juda. Matla a sebetsang a Molimo, moea oa hae o halalelang, o ile oa sireletsa khōlo ea ngoana enoa ka pōpelong ea ’mè oa hae, ’me o ile a hlaha e le motho ea phethahetseng. (Luka 1:35; 1 Petrose 2:22) Joale, matla a enoa a ho reka a ne a hlokahala bakeng sa ho fana ka thekollo e neng e tla khotsofatsa ka ho feletseng litlhokahalo tsa toka ea bomolimo.—Baheberu 10:5.
12. (a) Jesu ke ‘Mora ea tsoetsoeng a ’notši’ oa Molimo ka kutloisiso efe? (b) Ho roma ha Molimo enoa ho fana ka thekollo ho hatisa lerato la Hae ho rōna joang?
12 Jehova o ile a fana ka kabelo ee ho mora ofe har’a bara ba hae ba leholimo ba limiriade? Ho ea hlalositsoeng ka Mangolong e le “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.” (1 Johanne 4:9) Polelo ena e sebelisoa ho hlalosa, eseng seo a bileng sona ha a ne a hlaha e le motho, empa seo a neng a le sona pele ho moo maholimong. Ke eena feela eo Jehova a ileng a mo bōpa ka ho toba kantle le ho sebelisana le mang kapa mang. Ke Letsibolo la pōpo eohle. Ke eena ea ileng a sebelisoa ke Molimo ho bōpa libōpuoa tse ling kaofela. Mangeloi ke bara ba Molimo, joalokaha Adama e ne e le mora oa Molimo. Empa Jesu o hlalosoa e le ea nang le “khanya e joaloka ea mora ea tsoetsoeng a ’notši ea tsoang ho ntate.” Ho thoe o lula “boemong ba ho ba sefubeng ho Ntate.” (Johanne 1:14, 18) Kamano ea hae le Ntate ke e haufi, ea ho tšepelana makunutu, e bonolo. O na le lerato le kang la Ntate oa hae ho moloko oa batho. Liproverbia 8:30, 31 (NW) e bontša kamoo Ntate oa hae a ikutloang ka Mora enoa le kamoo Mora a ikutloang kateng ka moloko oa batho: “Ke ile ka ba eo [Jehova] a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi, ke thabile pel’a hae ka linako tsohle, . . . ’me bara ba batho ba ne ba le har’a lintho tseo [’na Jesu, Mosebetsi ea Hloahloa oa Jehova, mothofatso oa bohlale] ke neng ke li rata haholo.” Ke Mora enoa oa bohlokoa ka ho fetisisa eo Molimo a ileng a mo romela lefatšeng ho lokisetsa thekollo. Ka lebaka leo, polelo ea Jesu ke e utloahalang hakaakang: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši”!—Johanne 3:16.
13, 14. Tlaleho ea Bibele ea ho leka ha Abrahama ho nyehela Isaka e lokela ho re thusa ho ananela eng ka seo Jehova a se entseng? (1 Johanne 4:10)
13 Ho re thusa ho utloisisa ho ea bohōleng bo itseng se boleloang ke seo, khale pele Jesu a tla lefatšeng, Molimo o ile a laela Abrahama, lilemong tse ka bang 3890 tse fetileng: ‘Nka mora oa hao, ea mong ho uena, eo u mo ratang, eena Isaka; u ee naheng ea Moria, u mo etse teng sehlabelo sa secheso holim’a thaba e ’ngoe eo ke tlang ho u bolella eona.’ (Genese 22:1, 2) Ka tumelo, Abrahama o ile a mamela. Ipehe boemong ba Abrahama. Ho thoe’ng haeba eo e ne e le mora oa hao, ea mong feela eo u mo ratang haholo? U ne u tla ba le maikutlo afe ha u roba patsi bakeng sa nyehelo e chesitsoeng, u nka leeto la matsatsi a mangata le eang naheng ea Moria, ’me u beha mora oa hao aletareng?
14 Ke hobane’ng ha motsoali ea nang le qenehelo a e-na le maikutlo a joalo? Genese 1:27 e re Molimo o ile a bōpa motho ka setšoantšo sa Hae. Maikutlo a rōna a lerato le qenehelo a bontša lerato le qenehelo tsa Jehova ka tsela e nyenyane haholo. Tabeng ea Abrahama, Molimo o ile a kenella, e le hore ha e le hantle Isaka a se ke a etsoa sehlabelo. (Genese 22:12, 13; Baheberu 11:17-19) Leha ho le joalo, tabeng ea hae ka boeena, ha hoa ka ha etsahala hore motsotsong oa ho qetela Jehova a tlohele ho lokisetsa thekollo, le hoja e ile ea etsoa ka tšenyehelo e khōlō ho eena le ho Mora oa hae. Se ileng sa etsoa, ha sea ka sa etsoa ka lebaka la tlamo leha e le efe ka lehlakoreng la Molimo, empa, ho e-na le hoo, se ile sa etsoa e le pontšo ea mosa o sa tšoanelang o fetang o tloaelehileng. Na re e ananela ka ho feletseng?—Baheberu 2:9.
Seo e Etsang Hore se Khonehe
15. Thekollo e amme bophelo ba batho joang esita le tsamaisong ea lintho ea hona joale?
15 Tokisetso eo e lerato eo Molimo a e entseng e na le phello e matla bophelong ba ba e amohelang ka tumelo. Pele ba ne ba arohane le Molimo ka lebaka la sebe. Joalokaha Lentsoe la hae le bolela, e ne e le ‘lira kahobane likelello tsa bona li ne li le mesebetsing e neng e le khopo.’ (Bakolose 1:21-23) Empa ba ile ba “boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora oa hae.” (Baroma 5:8-10) Ka lebaka la ho fetola tsela ea bona ea bophelo le ka lebaka la ho amohela tšoarelo eo Molimo a etsang hore e fumanehe ho ba sebelisang tumelo sehlabelong sa Kreste, ba fuoa letsoalo le hloekileng.—Baheberu 9:14; 1 Petrose 3:21.
16. Mohlape o monyenyane o fuoa litlhohonolofatso life ka lebaka la tumelo ea oona thekollong?
16 Jehova o atoloselitse ho palo e nyenyane ea bana, e leng mohlape o monyenyane, molemo o sa tšoanelang oa ho ba basebetsi-’moho le Mora oa hae ’Musong oa leholimo, ka sepheo sa ho phetha morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa lefatše. (Luka 12:32) Bana ba nkiloe “ho tsoa molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le sehlopheng se seng le se seng sa batho le sechabeng se seng le se seng . . . hore e be ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10) Ha a ba ngolla, moapostola Pauluse o ile a re: “Le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: ‘Abba, Ntate!’ Moea ka booona o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo. Haeba, joale, re bana, hape re majalefa: majalefa ka sebele a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste.” (Baroma 8:15-17) Ka hore Molimo a ba nkele ka lapeng e le bara ba hae, ba fuoe kamano e ratehang eo Adama a e lahlileng; empa bara bana ba tla fuoa litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso ea leholimo—ntho eo Adama a sa kang a ba le eona le ka mohla. Ha ho makatse hore ebe moapostola Johanne o ile a re: “Bonang hore na ke lerato la mofuta ofe leo Ntate a re fileng lona, e le hore re ka bitsoa bana ba Molimo”! (1 Johanne 3:1) Molimo ha a bontše ba joalo lerato le laoloang ke melao-motheo (a·gaʹpe) feela, empa o ba bontša le kameho e mofuthu (phi·liʹa), eo e leng tšobotsi ea tlamo e leng lipakeng tsa metsoalle ea ’nete.—Johanne 16:27.
17. (a) Ke monyetla ofe o fuoeng bohle ba sebelisang tumelo thekollong? (b) “Tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo” e tla bolela’ng bakeng sa bona?
17 Ho ba bang hape—bohle ba sebelisang tumelo tokisetsong eo Molimo a e etsang ka seatla se bulehileng ea bophelo ka Jesu Kreste—Jehova o bula monyetla oa ho fumana kamano ea bohlokoa e ileng ea lahlehela Adama. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “Tebello e nang le taba-tabelo ea pōpo [pōpo e motho e tsoang ho Adama] e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo [ke hore, e letetse nako ea ha ho totobala hore bara ba Molimo bao e leng majalefa a ’Muso oa leholimo le Kreste a nka mehato e tiileng molemong oa moloko oa batho]. Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela [e ile ea tsoalloa sebeng ka tebello ea lefu, ’me ho ne ho se tsela eo ka eona e neng e ka itokolla], eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, motheong oa tšepo [eo Molimo a faneng ka eona] ea hore pōpo ka boeona le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:19-21) Tokoloho eo e tla bolela’ng? Hore ba lokolotsoe botlamuoeng ba sebe le lefu. Ba tla ba le likelello le ’mele tse phethahetseng, ba be le Paradeise e le lehae la bona, hape ba be le bophelo bo sa feleng boo ho bona ba tla thabela phetheho ea bona le ho bontša kananelo ea bona ho Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete. ’Me ho ile ha etsoa joang hore see sohle se khonehe? Ka sehlabelo sa thekollo sa Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši.
18. Ka la 23 March ka mor’a hore letsatsi le likele, re tla be re etsa’ng, hona hobane’ng?
18 Ka la 14 Nisane, 33 C.E., ka kamoreng e ka holimo Jerusalema, Jesu o ile a hloma Sehopotso sa lefu la hae. Mokete oa selemo le selemo oa ho ikhopotsa lefu la hae o fetohile ketsahalo ea bohlokoa bophelong ba Bakreste bohle ba ’nete. Jesu ka boeena o ile a laela: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Ka 1997 Sehopotso se tla tšoaroa ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 23 March (e leng ha la 14 Nisane le qaleha). Letsatsing leo, ha ho letho leo e neng e ka ba la bohlokoa ho feta ho ba teng bakeng sa tšebeletso ena ea Sehopotso.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Molimo o bontšitse lerato le leholo ka litsela life ho moloko oa batho?
◻ Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala bophelo ba motho bo phethahetseng ho rekolla bana ba Adama?
◻ Jehova o ile a lokisetsa thekollo ka tšenyehelo efe e khōlō?
◻ Ke eng eo thekollo e etsang hore e khonehe?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Molimo o fane ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši