Pōpo e Bolela Khanya ea Molimo!
“Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.”—PESALEME EA 19:1.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha batho ba ke ke ba bona khanya ea Molimo ka ho toba? (b) Baholo ba 24 ba tlotlisa Molimo joang?
“U KE ke ua khona ho bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang ’me leha ho le joalo a phela.” (Exoda 33:20) Ke kamoo Jehova a ileng a lemosa Moshe kateng. Ka lebaka la hore batho ba entsoe e le ba fokolang nameng, ba ke ke ba bona khanya ea Molimo ka ho toba ’me ba phela. Leha ho le joalo, ponong moapostola Johanne o ile a bontšoa pono e hlollang ea Jehova a le teroneng ea Hae e khanyang.—Tšenolo 4:1-3.
2 Ho fapana le batho, libōpuoa tsa moea tse tšepahalang li khona ho bona sefahleho sa Jehova. Tse ling tsa tsona ke “baholo ba mashome a mabeli a metso e mene” bao Johanne a ba boneng ponong ea leholimo, ba emelang ba 144 000. (Tšenolo 4:4; 14:1-3) Ba re’ng ha ba bona khanya ea Molimo? Ho latela Tšenolo 4:11, ba re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”
Lebaka Leo ka Lona “ba se Nang Boikemelo”
3, 4. (a) Ke hobane’ng ha ho lumela ho Molimo ho se khahlanong le saense? (b) Maemong a mang, lebaka la ho hana ho lumela ho Molimo ke lefe?
3 Na u susumelletseha ho tlotlisa Molimo? Boholo ba batho ha bo susumelletsehe ho etsa joalo, ba bang ba bile ba latola hore Molimo o teng. Ka mohlala, setsebi se seng sa linaleli se ile sa re ha se ngola: “Na ke Molimo ea ileng a kenella ’me ka bohlale a etsa bokahohle bo hlophisehileng molemong oa rōna? . . . Ho ne ho tla ba hotle haeba ho ne ho le joalo. Ka bomalimabe ke lumela hore hoo ke thetso. . . . Molimo hase eena ea entseng lintho tseo.”
4 Lipatlisiso tsa saense li na le moo li fellang teng—li ka etsoa feela ka lintho tseo batho ba hlileng ba ka li bonang le ho ithuta tsona. Ho seng joalo e mpa e le khopolo-taba kapa ho noha feela. Kaha “Molimo ke Moea,” ho ke ke ha sebelisoa mekhoa e tobileng ea saense ho ithuta ka eena. (Johanne 4:24) Ka hona, ke ho ikhohomosa ho hana ho lumela ho Molimo ka ho re ho khahlanong le saense. Rasaense Vincent Wigglesworth oa Univesithi ea Cambridge o ile a re mekhoa ea saense ka boeona “e itšetlehile ka bolumeli.” Joang? “E thehiloe tumelong e tiileng ea hore liketsahalo tsa tlhaho li lumellana le ‘melao ea tlhaho.’” Kahoo ha motho a hana ho lumela ho Molimo, na hase feela hore o tloha tumelong e ’ngoe o ea ho e ’ngoe? Maemong a mang ho se lumele ho Molimo ho bonahala e le ho hana ka boomo ho amohela ’nete. Mopesaleme o ile a re ha a ngola: “Ho ea ka boikhohomoso ba hae, ea khopo ha a batlisise; likhopolo tsohle tsa hae ke tse reng: ‘Molimo ha a eo.’”—Pesaleme ea 10:4.
5. Ke hobane’ng ha ho se lumele ho Molimo ho se na boikemelo?
5 Leha ho le joalo, ho lumela ho Molimo hase ho lumela feela ka hlooho e ntšo, kaha ho na le bopaki bo matla ba hore Molimo o teng. (Baheberu 11:1) Setsebi sa linaleli Allan Sandage o ile a re: “Ke fumana ho hlile ho sa utloahale hore ebe tlhophiso e kana [e teng bokahohleng] e hlahile har’a hlakantsutsu. E tlameha ebe ho na le mohloli o itseng oa tlhophiso. Ho ’na Molimo ke sephiri, empa ke ka eena feela re ka hlalosang mohlolo oa bophelo, lebaka leo ka lona lintho li leng teng.” Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Roma hore ‘litšobotsi tsa Molimo tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng, hoo [ba sa lumeleng] ba se nang boikemelo.’ (Baroma 1:20) Ho tloha “pōpong ea lefatše”—haholo-holo ho tloha ha ho bōptjoa libōpuoa tse bohlale e leng batho, ba khonang ho lemoha hore Molimo o teng—ho ’nile ha totobala hore ho na le ’Mōpi ea matla haholo, e leng Molimo eo re lokelang ho inehela ho eena. Ka hona, ba sa eleng khanya ea Molimo hloko ha ba na boikemelo. Leha ho le joalo, pōpo e fana ka bopaki bofe?
Bokahohle bo Bolela Khanya ea Molimo
6, 7. (a) Maholimo a bolela khanya ea Molimo joang? (b) Maholimo a ntšitse ‘likhoele tsa ho lekanya’ ka morero ofe?
6 Pesaleme ea 19:1 e araba ka ho re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.” Davida o ile a lemoha hore linaleli le lipolanete tse phatsimang ‘sepakapakeng,’ kapa sebakeng, e ne e le bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba hore Molimo ea khanyang o teng. O tsoela pele: “Letsatsi le leng ka mor’a le leng le etsa hore puo e khaphatsehe, bosiu bo bong ka mor’a bo bong bo bonahatsa tsebo.” (Pesaleme ea 19:2) Letsatsi le leng ka mor’a le leng le bosiu bo bong ka mor’a bo bong, maholimo a bonahatsa bohlale ba Molimo le matla a hae a pōpo. Ho joalokaha eka puo e rorisang Molimo ea ‘khaphatseha’ maholimong.
7 Leha ho le joalo, ho hlokahala hore motho a be le temoho e le hore a utloe bopaki bona. “Ha ho puo, ’me ha ho mantsoe; ha ho lentsoe la ’ona le ntseng le utluoa.” Empa bopaki bona bo khutsitseng ba maholimo bo matla. “Khoele ea ’ona ea ho lekanya e kene lefatšeng lohle, le lipolelo tsa ’ona ho isa pheletsong ea naha e behang.” (Pesaleme ea 19:3, 4) Ho joalokaha eka maholimo a ntšitse ‘likhoele tsa ho lekanya’ ho tiisa hore bopaki ba ’ona bo khutsitseng bo fihla sekhutlong se seng le se seng sa lefatše.
8, 9. Tse ling tsa linnete tse ikhethang mabapi le letsatsi ke life?
8 Ka mor’a moo Davida o hlalosa mohlolo o mong oa pōpo ea Jehova: “Ho ’ona [maholimo a bonahalang] o behile tente bakeng sa letsatsi, le joaloka monyali ha a tsoa ka leqatheng la hae; le thaba joalokaha motho ea matla a thabela ka ho fetisisa ho matha tseleng. Le tsoa pheletsong e ’ngoe ea maholimo, potoloho ea lona e feletseng e ea lipheletsong tse ling tsa ’ona; ha ho letho le patehileng mochesong oa lona.”—Pesaleme ea 19:4-6.
9 Ha le bapisoa le linaleli tse ling, letsatsi le boholo bo itekanetseng feela. Empa ke naleli e tsotehang, e etsang hore lipolanete tse e potolohang li bonahale li le nyenyane haholo. Mohloli o mong o re letsatsi le boima ba “lithane tse limilione tse likete tsa limilione tse likete tsa limilione tse likete tse 2”—e leng karolo ea 99,9 lekholong ea boima ba setsi sa rōna sa potoloho ea lipolanete! Matla a lona a khoheli a etsa hore lefatše le khone ho le potoloha le le bohōle ba lik’hilomithara tse limilione tse 150 le sa suthele hōle kapa ho atamela haufi haholo le lona. E ka ba karolo e le ’ngoe feela ho tse limilione tse likete tse peli tsa matla a letsatsi e fihlang polaneteng ea rōna, empa e lekane ho etsa hore bophelo bo tsoele pele.
10. (a) Letsatsi le ntse le kena le tsoa ka “tenteng” joang? (b) Le matha joaloka “motho ea matla” joang?
10 Mopesaleme o bua ka letsatsi a sebelisa mokhabo-puo, o le tšoantša le “motho ea matla” ea mathang ho tloha ntlheng e ’ngoe ea lefatše ho ea ho e ’ngoe motšehare ebe bosiu o orohela “tenteng.” Ha motho a le lefatšeng ’me a bona naleli eo e matla e likela hōle moo mahlo a hae a fellang teng, e bonahala eka e kena ka “tenteng,” joalokaha eka e il’o phomola. Hoseng e bonahala eka ea bitoha, e phatsima “joaloka monyali ha a tsoa ka leqatheng la hae.” Joaloka molisa, Davida o ne a tseba kamoo serame sa bosiu se nyomanyomang kateng. (Genese 31:40) O ne a hopola kamoo mahlaseli a letsatsi a neng a mo futhumatsa ka potlako kateng le ho futhumatsa sebaka se mo potolohileng. Ho hlakile hore le ne le sa khathatsoa ke “leeto” la ho tloha bochabela ho ea bophirimela empa le ne le tšoana le “motho ea matla,” le itokiselitse ho nka leeto leo hape.
Linaleli le Melala e Hlollang
11, 12. (a) Ke eng e tsotehang ka hore ebe Bibele e bapisa linaleli le lehlabathe? (b) E ka ’na eaba bokahohle bo boholo hakae?
11 A sa sebelise sebonela-hōle, Davida o ne a khona ho bona linaleli tse likete tse seng kae feela. Leha ho le joalo, ho latela phuputso e ’ngoe ea haufinyane, palo ea linaleli tse teng bokahohleng tse ka bonoang ka libonela-hōle tsa kajeno ke litrilione tse likete tse 70—7 ha e lateloa ke lefeela ka makhetlo a 22! Jehova o ile a bontša hore li ngata haholo ha a bapisa palo ea linaleli le “lehlabathe le lebōpong la leoatle.”—Genese 22:17.
12 Ka lilemo tse ngata, litsebi tsa linaleli li ’nile tsa bona se neng se hlalosoa e le “libaka tse nyenyane tse khanyang tse nang le litsiketsi tse kang lerōle tse lerootho, tse sa hlakang.” Bo-rasaense ba ile ba nka hore “litsiketsi tsena tse itšophileng tse kang lerōle” li ne li le ka har’a molala oa rōna oa Milky Way. Ka 1924, ho ile ha sibolloa hore setsiketsi se haufi-ufi se joalo se kang lerōle, e leng Andromeda, e ne e hlile e le molala ka bosona—se le bohōle ba sebaka seo khanya e nkang lilemo tse limilione tse peli ho ea fihla ho sona! Hona joale bo-rasaense ba hakanya hore ho na le melala e limilione tse likete, molala ka mong o na le linaleli tse likete—ka linako tse ling o ba le linaleli tse limilione tse likete. Leha ho le joalo, Jehova “o bala palo ea linaleli; kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.”—Pesaleme ea 147:4.
13. (a) Ke eng e tsotehang ka lihlopha tsa linaleli? (b) Ke eng e bontšang hore bo-rasaense ha ba tsebe “litaelo tse hlomamisitsoeng tsa maholimo”?
13 Jehova o ile a botsa Jobo: “Na u ka tiisa litlamo tsa sehlopha sa linaleli sa Kima, kapa na u ka lokolla lithapo tsa sehlopha sa linaleli sa Kesile?” (Jobo 38:31) Sehlopha sa linaleli ke linaleli tse ’maloa tse bonahalang li entse sebōpeho se itseng se khethehileng. Le hoja e ka ’na eaba linaleli li qaqolohane haholo, li bonahala li le libakeng tsa tsona tse tsitsitseng ha motho a li sheba a le lefatšeng. Ka lebaka la hore li libakeng tse tobileng, linaleli “li thusa haholo ho tataisa batho ba tsamaeang leoatleng kapa sepakapakeng, bo-rasepakapaka ba haolang ka lifofa-sebakeng, le ba ithutang linaleli.” (The Encyclopedia Americana) Leha ho le joalo, ha ho le ea mong ea utloisisang ka botlalo “litlamo” tse tlamahanyang lihlopha tsa linaleli. E, bo-rasaense ba ntse ba sitoa ho araba potso e botsitsoeng ho Jobo 38:33: “Na u tseba litaelo tse hlomamisitsoeng tsa maholimo?”
14. Tsela eo leseli le ikabang ka eona ke sephiri joang?
14 Bo-rasaense ba sitoa ho araba potso e ’ngoe e ileng ea botsoa Jobo: “Joale, tsela eo leseli le ikabang ka eona e hokae?” (Jobo 38:24) Mongoli e mong o ile a re patlisiso ena ea sebōpeho sa leseli ke “qaka e khōlō ea saense kajeno.” Ka lehlakoreng le leng, bo-rafilosofi ba bang ba Bagerike ba ne ba lumela hore leseli le hlaha leihlong la motho. Mehleng ea kajeno, bo-rasaense ba ’nile ba nahana hore leseli le na le likarolo tse nyenyane. Ba bang ba ’nile ba nahana hore le tsamaea ka maqhubu. Kajeno bo-rasaense ba lumela hore leseli le na le sebōpeho sa leqhubu le sa karolo e nyenyane. Ho ntse ho le joalo, sebōpeho sa leseli le tsela eo le “ikabang” ka eona li ntse li e-s’o utloisisoe.
15. Joaloka Davida, re lokela ho ikutloa joang ha re nahanisisa ka maholimo?
15 Ha motho a nahanisisa ka sena sohle, o tlameha ho ba le boikutlo bo kang ba mopesaleme Davida, ea ileng a re: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole, le mora oa motho oa lefatše ke’ng hore u mo hlokomele?”—Pesaleme ea 8:3, 4.
Lefatše le Libōpuoa Tse Phelang ho Lona li Tlotlisa Jehova
16, 17. Libōpuoa tse phelang har’a “maliba” li rorisa Jehova joang?
16 Pesaleme ea 148 e lokolisa litsela tse ling tseo ka tsona pōpo e bolelang khanya ea Molimo. Temana ea 7 e re: “Rorisang Jehova ho tsoa lefatšeng, lōna liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle le lōna maliba.” E, “maliba” a tletse mehlolo e totobatsang bohlale ba Molimo le matla a hae. Leruarua le leputsoa le boima ba lithane tse ka bang 120—e leng boima ba litlou tse 30! Pelo ea lona feela e boima ba lik’hilograma tse 450 ’me e khona ho pompa mali a boima ba lik’hilograma tse ka bang 6 400 a phallang ’meleng oa eona! Na liphoofolo tsee tsa tonanahali tsa leoatle lia noaboloha ebile li thatafalloa ho sesa? Le hanyenyane. Letšolo la Europe la ho Thibela Polao e sa Reroang ea Liphoofolo Tsa Leoatle le tlaleha hore li “chalametsa har’a maoatle” ka lebelo le makatsang. Ha ho sebelisoa sathalaete ho li sala morao ho ile ha bonahala hore “phoofolo e ’ngoe e ile ea fallela sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 16 000 ka likhoeli tse 10.”
17 Dolphin e nko e motsu e tloaetse ho qoela ho ea botebong ba limithara tse 45, empa botebo bo boholo ka ho fetisisa bo tlalehiloeng boo dolphin e kileng ea fihla ho bona ke ba limithara tse 547! Phoofolo ee e khona ho tsoela pele e phela joang ka mor’a hore e qoele hakaalo? Lebelo leo pelo ea eona e otlang ka lona lea theoha nakong ea ha e qoela, ’me mali a phallela pelong, matšoafong le bokong. Hape, mesifa ea eona e na le k’hemik’hale e bolokang oksijene. Liqibi tse nang le nko e kang ea tlou le li-sperm whale li ka qoela ho ea botebong bo fetang boo. Makasine ea Discover e re: “Ho e-na le ho loantša khatello eo, li e tlohella hore e bohletse matšoafo a tsona ka ho feletseng.” Li boloka oksijene e ngata eo li e hlokang mesifeng. Ka ho hlakileng, libōpuoa tsena ke bopaki bo totobetseng ba bohlale ba Molimo ea matla ’ohle!
18. Metsi a leoatle a bontša bohlale ba Jehova joang?
18 Esita le metsi a leoatle a bonahatsa bohlale ba Jehova. Scientific American e re: “Lerotholi le leng le le leng la metsi a ka holimo a leoatle a botebo ba limithara tse 100 le na le limela tse likete tse nyenyane haholo tse phelang leoatleng.” ‘Moru ona o sa bonahaleng’ o hloekisa moea oa rōna ka ho tlosa lithane tse limilione tse likete tsa carbon dioxide. Limela tse nyenyane tse phelang leoatleng li hlahisa karolo e fetang halofo ea oksijene eo re e phefumolohang.
19. Mollo le lehloa li phetha thato ea Jehova joang?
19 Pesaleme ea 148:8 e re: “Lōna mollo le sefako, lehloa le mosi o teteaneng, uena moea o matla oa sefefo, o phethang lentsoe la hae.” E, Jehova o boetse o sebelisa matla a tlhaho a sa pheleng ho phetha thato ea hae. Nahana ka mollo. Lilemong tse mashome tse fetileng, mollo o qhomang merung o ne o talingoa e le o senyang feela. Hona joale babatlisisi ba lumela hore mollo o phetha karolo ea bohlokoa tikolohong, o tlosa lifate tsa khale kapa tse seng li e-shoa, o thusa hore peō e ngata e mele, o khutlisa limatlafatsi, le hore o hlile o fokotsa kotsi ea hore ho qhome mollo o sa laoleheng. Lehloa le lona ke la bohlokoa, le nosetsa mobu le ho o nontša, le etsa hore linōka li boele li tlale metsi, ’me le thibela limela le liphoofolo hore li se ke tsa bolaoa ke serame se matla.
20. Lithaba le lifate li tsoela moloko oa batho molemo joang?
20 Pesaleme ea 148:9 e re: “Lōna lithaba le lōna maralla ’ohle, lōna lifate tsa litholoana le lōna likedare tsohle.” Lithaba tse telele li paka matla a Jehova a maholo. (Pesaleme ea 65:6) Empa li boetse li phetha morero oa bohlokoa. Tlaleho ea Institute of Geography e Bern, Switzerland, e re: “Linōka tsohle tse khōlō lefatšeng li runya lithabeng. Ba fetang halofo ea batho ka kakaretso ba itšetlehile ka metsi a hloekileng a bokellanang lithabeng . . . ‘Litora tsena tsa metsi’ lia hlokahala bakeng sa boiketlo ba batho.” Esita le sefate se tloaelehileng se tlotlisa Moetsi oa sona. Tlaleho ea Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng e re lifate “ke tsa bohlokoa bakeng sa boiketlo ba batho linaheng tsohle . . . Mefuta e mengata ea lifate ke ea bohlokoa haholo moruong kaha ke mohloli oa lihlahisoa tse kang mapolanka, litholoana, linate, mamina a sefate le boka. Lefatšeng ka bophara, batho ba limilione tse likete tse 2 ba itšetlehile ka patsi bakeng sa ho pheha le libeso.”
21. Hlalosa kamoo lekhasi le tloaelehileng le pakang boqapi.
21 Bopaki ba hore ho na le ’mōpi ea bohlale bo bonoa tseleng eo sefate se entsoeng ka boqapi ka eona. Nahana ka lekhasi le tloaelehileng. Le na le lera le rellang ka ntle le etsang hore lekhasi le se ke la omella. Ka tlas’a lera le lehlakoreng le ka holimo ho na le lisele tse ngata tse nang le liphutheloana. Liphutheloana tsena li tšetse chlorophyll, e amohelang matla a leseli. Ka tšebetso e bitsoang photosynthesis, makhasi a fetoha “lifektheri tsa lijo.” Sefate se monya metsi ka methapo ea sona ebe se a isa makhasing ka “tsamaiso ea liphaephe tsa metsi” e rarahaneng. Li-“valve” tse nyenyane tse likete (tse bitsoang stomata) tse lehlakoreng le ka tlaase la lekhasi li ntse li buleha li bile li koaleha, li kenya carbon dioxide. Leseli le fana ka matla a kopanyang metsi le carbon dioxide ho hlahisa lik’habohaedreite. Joale semela se ka ja tsona lijo tseo se li hlahisitseng. Empa “fektheri” ena e khutsitse ebile ea boheha. Ho e-na le ho silafatsa, e ntša oksijene e le sehlahisoa se seng!
22, 23. (a) Linonyana le liphoofolo tse ling tse phelang naheng li na le matla afe a tsotehang? (b) Ho hlokahala hore re hlahlobe lipotso life tse eketsehileng?
22 Pesaleme ea 148:10 e re: “Lōna liphoofolo tse hlaha le lōna liphoofolo tsohle tse ruuoang, lōna lihahabi le linonyana tse nang le mapheo.” Liphoofolo tse ngata tse phelang naheng le libōpuoa tse fofang li bonahatsa bokhoni bo hlollang. Nonyana e phelang leoatleng e bitsoang Laysan albatross e ka fofa sebaka se selelele (ka lekhetlo le leng e kile ea fofa lik’hilomithara tse 40 000 ka matsatsi a 90 feela). Nonyana e bitsoang blackpoll warbler e tloha ka Leboea ho Amerika ho ea ka Boroa, e fofa lihora tse fetang 80 e sa khaotse. Kamele e boloka metsi ka maleng, eseng seloteng joalokaha ka tloaelo ho nahanoa joalo, e leng ho etsang hore e khone ho qeta nako e telele e sa hloke metsi. Ka hona, ha ho makatse hore ebe baenjiniere ba ithuta liphoofolo ka hloko ha ba qapa mechine le thepa e ncha. Mongoli Gail Cleere o re: “Haeba u batla ho haha ntho e tla sebetsa hantle . . . le e ke keng ea e-ba kotsi tikolohong ea eona, mohlomong u tla fumana mohlala o motle oo u ka o etsisang nthong e ’ngoe ea tlhaho.”
23 E, ruri pōpo e bolela khanya ea Molimo! Ho tloha maholimong a tletseng linaleli ho isa limeleng le liphoofolong, e ’ngoe le e ’ngoe e rorisa ’Mōpi oa eona ka tsela ea eona. Empa ho thoe’ng ka rōna batho? Re ka rorisa Molimo joalokaha lintho tsa tlhaho li mo rorisa joang?
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha ba latolang hore Molimo o teng ba se na boikemelo?
• Linaleli le lipolanete li tlotlisa Molimo joang?
• Leoatle le liphoofolo tse phelang naheng li paka hore ho na le ’Mōpi ea lerato joang?
• Matla a tlhaho a sa pheleng a phetha thato ea Jehova joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bo-rasaense ba hakanya hore palo ea linaleli tse ka bonoang ke litrilione tse likete tse 70!
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Frank Zullo
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
“Dolphin” e nko e motsu
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Pepa ea lehloa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
snowcrystals.net
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Nonyana e nyenyane e phelang leoatleng e bitsoang “Laysan albatross”