“Le be le Khotso le Batho Bohle”
“Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—BAR. 12:18.
1, 2. (a) Jesu o ile a fa balateli ba hae temoso efe? (b) Ke hokae moo re ka fumanang keletso e mabapi le seo re lokelang ho se etsa haeba re hanyetsoa?
JESU o ile a lemosa balateli ba hae hore lichaba tsa lefatše li ne li tla ba hanyetsa, ’me o ile a hlalosa lebaka la sena bosiung ba pele a e-shoa. O ile a re ho baapostola ba hae: “Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.”—Joh. 15:19.
2 Moapostola Pauluse o ile a etsahalloa ke seo Jesu a neng a se boletse. Lengolong la hae la bobeli leo a neng a le ngoletse motsoalle oa hae e mocha lilemong, e leng Timothea, Pauluse o ile a ngola a re: “U latetse haufi-ufi thuto ea ka, tsela ea ka ea bophelo, morero oa ka, tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka, mamello ea ka, mahloriso a ka, litlhokofatso tsa ka.” Ka mor’a moo Pauluse o ile a eketsa ka ho re: “Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:10-12) Khaolong ea 12 ea lengolo leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Roma, Pauluse o ile a fana ka keletso e bohlale mabapi le hore na ba lokela ho etsa joang ha ba hanyetsoa. Mantsoe a hae a ka re tataisa nakong ena ea bofelo.
“Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Ntle”
3, 4. Keletso e ho Baroma 12:17 e ka sebelisoa joang (a) lelapeng le arohaneng bolumeling? (b) ha re sebelisana le baahelani ba rōna?
3 Bala Baroma 12:17. Pauluse o ile a hlalosa hore ha re hanyetsoa ka mabifi, ha rea lokela ho iphetetsa. Ke habohlokoa le ho feta hore batho ba lulang malapeng a arohaneng bolumeling ba mamele keletso ena. Molekane oa Mokreste ha a inehele tekong ea ho iphetetsa ka mantsoe a seng mosa kapa ka liketso tse seng mosa. ‘Ho busetsa bobe ka bobe’ ha ho hlahise molemo oa letho. Ho e-na le hoo, maikutlo a joalo a ka mpefatsa boemo le ho feta.
4 Pauluse o khothalletsa tsela e molemo ha a re: “Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle.” Ka lapeng, mosali ea bontšang mosa e le kannete ka mor’a hore monna oa hae a bue mantsoe a seng monate ka tumelo ea hae, a ka ’na a thibela khang e neng e ka ’na ea qhoma. (Liprov. 31:12) Carlos, eo hona joale e leng setho sa lelapa la Bethele, o hlalosa kamoo ’mè oa hae a ileng a hlōla khanyetso e matla ea ntate oa hae kateng ka hore a lule a le mosa a bile a hlokomela lelapa hantle. Carlos o re: “Ha re sa le bana o ne a re khothalletsa hore re hlomphe Ntate ka linako tsohle. O ne a nqobella hore ke bapale boules (e leng papali ea Mafora) le eena le hoja ke ne ke sa e ratisise. Empa hoo ho ne ho etsa hore ntate a thabe.” Qetellong o ile a qala ho ithuta Bibele ’me a kolobetsoa. Tabeng ea ho lokisetsa hore ho be le “lintho tse ntle mahlong a batho bohle,” hangata Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hlōla leeme ka hore li thuse baahelani ba tsona ha ho e-ba le likoluoa.
Ho Kokobetsa Khanyetso ka “Mashala a Mollo”
5, 6. (a) Ho ka boleloa hore “mashala a mollo” a bokelloa hloohong ea sera ka tsela efe? (b) Pheta phihlelo ea sebakeng sa heno e bontšang kamoo ho sebelisa keletso e ho Baroma 12:20 ho ka hlahisang litholoana tse molemo kateng.
5 Bala Baroma 12:20. Ha ho pelaelo hore ha Pauluse a ne a khetha mantsoe a tlalehiloeng temaneng ena, o ne a nahanne ka seo re se balang ho Liproverbia 25:21, 22: “Haeba ea u hloileng a lapile, u mo fe bohobe hore a je; ’me haeba a nyoriloe, u mo fe metsi hore a noe. Etsoe u bokella mashala hloohong ea hae, ’me Jehova o tla u putsa.” Ka lebaka la keletso eo Pauluse a faneng ka eona ho Baroma khaolo ea 12, e ke ke eaba o ne a bolela hore mashala a tšoantšetso a ne a lokela ho hlokofatsa mohanyetsi kapa ho mo tlotlolla. Ho e-na le hoo, kamoo ho bonahalang kateng maele ana—hammoho le mantsoe a Pauluse a tšoanang le ’ona, ao a a ngoletseng Baroma—a bua ka mokhoa o neng o sebelisoa mehleng ea boholo-holo ha ho ne ho qhibilihisoa tšepe. Charles Bridges, e leng setsebi sa Lenyesemane sa lekholong la bo19 la lilemo, o ile a re: “Kenya tšepe e thata har’a mollo, u se ke ua e beha feela holim’a oona, empa u bokelle mashala a hlenneng holim’a eona. Lipelo tse ngata ha li thata hoo li ke keng tsa qhibiliha ha li utloa lerato le tukang le bontšoang ka mamello le boitelo.”
6 Joaloka “mashala a mollo,” liketso tse mosa li ka nolofatsa lipelo tsa bahanyetsi, mohlomong tsa ba tsa kokobetsa khanyetso e mabifi. Liketso tse mosa li ka etsa hore batho ba be le maikutlo a matle ka batho ba Jehova le ka molaetsa oa Bibele oo ba o bolelang. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li le buang hampe joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.”—1 Pet. 2:12.
“Le be le Khotso le Batho Bohle”
7. Khotso eo Kreste a e sielang barutuoa ba hae ke eng, hona e lokela ho re susumelletsa hore re etse’ng?
7 Bala Baroma 12:18. Mantsiboeeng a ho qetela ao Jesu a bileng le baapostola ba hae ka oona, o ile a re ho bona: “Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka.” (Joh. 14:27) Khotso eo Kreste a e sielang barutuoa ba hae ke khutso eo ba bang le eona ha ba utloa lerato leo Jehova Molimo le Mora oa hae ea ratoang ba ba ratang ka lona. Khutso ena e lokela ho re susumelletsa hore re phele ka khotso le batho ba bang. Bakreste ba ’nete ba rata khotso ebile ba bōpa khotso.—Mat. 5:9, NW, ftn.
8. Re ka bōpa khotso joang ka lapeng le ka phuthehong ea habo rōna?
8 Tsela e ’ngoe eo re ka bōpang khotso ka eona ka lapeng, ke ka hore re rarolle liphapang kapele kamoo ho ka khonehang, ho e-na le ho tlohela maemo hore a mpefale. (Liprov. 15:18; Baef. 4:26) Taba ena e sebetsa le ka phuthehong ea Bokreste. Moapostola Petrose o bontša kamoo ho phehella khotso ho amanang kateng le ho laola leleme. (1 Pet. 3:10, 11) Ka mor’a hore Jakobo le eena a fane ka keletso e matla mabapi le hore batho ba sebelise leleme ka tsela e nepahetseng le hore ho hlokahala hore ba qobe poulelo le ho rata likhang, o ile a ngola, a re: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi. Ho feta moo, litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.”—Jak. 3:17, 18.
9. Ha re ntse re leka hore re “be le khotso le batho bohle,” ke eng eo re lokelang ho e hopola?
9 Mantsoe ao Pauluse a a buileng ho Baroma 12:18, ha a bolele hore re bōpe khotso ka lapeng le ka phuthehong feela. O re re lokela hore re “be le khotso le batho bohle.” Seo se akarelletsa baahelani, batho bao re sebetsang le bona le bao re kenang sekolo le bona, hammoho le bao re kopanang le bona mosebetsing oa rōna oa boboleli. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o hlakisa keletso ea hae ka ho re: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna.” Seo se bolela hore re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re “be le khotso le batho bohle,” hafeela re sa tlōle melao-motheo e lokileng ea Molimo.
Phetetso ke ea Jehova
10, 11. Re ‘fa khalefo sebaka’ ka kutloisiso efe, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo?
10 Bala Baroma 12:19. Esita le ho “ba ratang ho hanyetsa” mosebetsi oa rōna le molaetsa oa rōna, ho akarelletsa le ba re hanyetsang pepenene, re tlameha ho lula re “ithibile bobeng” ’me re etsa “ka bonolo.” (2 Tim. 2:23-25) Pauluse o eletsa Bakreste hore ba se ke ba iphetetsa empa ba “fe khalefo sebaka.” Pauluse o bua ka khalefo ea mang? Ho hang e ne e ke ke eaba o ne a bolela hore re lokela ho lokoloha ho halefa kamoo re ratang kateng. Ka ho hlakileng, re fa khalefo ea Molimo sebaka. Kaha re Bakreste, rea tseba hore ho iphetetsa hase boikarabelo ba rōna. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; u se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.” (Pes. 37:8) Solomone eena o ile a eletsa a re: “U se ke ua re: ‘Ke tla buseletsa bobe!’ Tšepa Jehova, ’me o tla u pholosa.”—Liprov. 20:22.
11 Haeba bahanyetsi ba re tšoara hampe, ho molemo hore re tlohele litaba matsohong a Jehova hore e be eena ea ba ahlolang haeba a bona ho loketse hore a ba ahlole. E le ho bontša hore o ne a nahanne ka khalefo ea Jehova, Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Bapisa le Deuteronoma 32:35.) Haeba re ne re ka leka ho iphetetsa, re ne re tla be re inkela molao matsohong, ’me re ne re tla be re inkela seo Jehova a ipoloketseng sona e le tokelo ea hae a le mong feela. Ho feta moo, re ne re tla be re bontša hore ha re tšepe tšepiso ea Jehova ha a re: “Ke tla buseletsa.”
12. Khalefo ea Jehova e tla senoloa neng, hona joang?
12 Pejana lengolong leo a neng a le ngoletse Baroma, Pauluse o ile a re: “Khalefo ea Molimo e ntse e senoloa ho tsoa leholimong khahlanong le ho hloka bomolimo hohle le ho se loke hohle ha batho ba hatellang ’nete ka tsela e sa lokang.” (Bar. 1:18) Khalefo ea Jehova e tla senoloa ho tsoa leholimong ha a sebelisa Mora oa hae nakong ea ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšen. 7:14) Seo e tla ba “bopaki ba kahlolo e lokileng ea Molimo,” joalokaha Pauluse a hlalositse lengolong le leng la hae le bululetsoeng, ha a re: “Sena ke ho ela hloko hore ho lokile hore Molimo a busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang, empa, ho lōna ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho, phomolo hammoho le rōna tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.”—2 Bathes. 1:5-8.
Ho Hlōla Bobe ka Botle
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha re sa makale ha re hanyetsoa? (b) Re ka hlohonolofatsa ba re hlorisang ka tsela efe?
13 Bala Baroma 12:14, 21. Kaha re kholisehile ka ho feletseng hore Jehova o tla phethahatsa merero ea hae, ka sebete re ka ikakhela ka setotsoana mosebetsing oo a re fileng oona—e leng oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:14) Rea tseba hore mosebetsi ona oa Bokreste o tla halefisa lira tsa rōna, hobane Jesu o re lemositse a re: “Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Ka lebaka leo, ha re makale kapa hona ho nyahama ha re hanyetsoa. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Baratuoa, le se ke la makatsoa ke ho cha ho har’a lōna, ho le etsahallang hore e be teko, joalokaha eka le hlaheloa ke ntho e sa tloaelehang. Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho thaba kahobane le e-na le karolo litlhokofatsong tsa Kreste.”—1 Pet. 4:12, 13.
14 Ho e-na le ho hloea bahlorisi ba rōna, re leka ho ba ruta, kaha rea hlokomela hore ba bang ba bona e ka ’na eaba ba etsoa ke ho se tsebe. (2 Bakor. 4:4) Re leka ka matla hore re mamele keletso ea Pauluse ha a re: “Le ’ne le hlohonolofatse ba hlorisang; hlohonolofatsang ’me le se ke la rohaka.” (Bar. 12:14) Tsela e ’ngoe eo re ka hlohonolofatsang bahanyetsi ka eona ke ka hore re ba rapelle. Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna, ho etsetsa ba le hloileng se molemo, ho hlohonolofatsa ba le bitsetsang bomalimabe, ho rapella ba le rohakang.” (Luka 6:27, 28) Moapostola Pauluse o ne a tseba ka se ileng sa etsahala ho eena hore mohlorisi e ka ba morutuoa ea tšepahalang oa Kreste ’me ea e-ba mohlanka ea chesehang oa Jehova. (Bagal. 1:13-16, 23) Lengolong le leng, Pauluse o ile a re: “Ha re ntse re hlapaoloa, rea hlohonolofatsa; ha re ntse re hlorisoa, rea mamella; ha re ntse re nyelisoa, re kōpa ka tieo.”—1 Bakor. 4:12, 13.
15. Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlōla bobe ka botle ke efe?
15 Ka lebaka leo, Mokreste oa ’nete o ela hloko se boletsoeng temaneng ea ho qetela ea Baroma khaolo ea 12, e reng: “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” Satane Diabolose ke eena mohloli oa bobe bohle. (Joh. 8:44; 1 Joh. 5:19) Tšenolong e ileng ea fuoa moapostola Johanne, Jesu o ile a senola hore barab’abo ba tlotsitsoeng “ba ile ba hlōla [Satane] ka lebaka la mali a Konyana le ka lebaka la lentsoe la ho paka ha bona.” (Tšen. 12:11) Sena se bontša hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlōla Satane le tšusumetso ea hae e mpe eo a laolang tsamaiso ena ea lintho ka eona, ke ka ho etsa botle ka mosebetsi oa rōna oa ho paka, e leng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.
Ho Thaba Tšepong
16, 17. Baroma khaolo ea 12 e re rutile’ng mabapi le (a) hore na re lokela ho phela bophelo ba rōna joang? (b) hore na re lokela ho etsa lintho joang ka phuthehong? (c) hore na re lokela ho tšoara batho ba hanyetsang tumelo ea rōna joang?
16 Litaba tseo re li tšohlileng hakhutšoanyane khaolong ea 12 ea lengolo leo Pauluse a neng a le ngoletse Bakreste ba Roma, li re hopolitse lintho tse ngata. Re ithutile hore kaha re bahlanka ba inehetseng ba Jehova, re lokela ho ikemisetsa ho etsa mahlabelo. Kaha re susumetsoa ke moea oa Molimo, re etsa mahlabelo ka boithatelo hobane matla a rōna a ho nahana a re kholisitse hore eo ke thato ea Molimo. Re cheseha moeeng ’me ka mafolofolo re sebelisa limpho tsa rōna tse fapaneng. Re sebeletsa ka boikokobetso le boinyenyefatso bohle bo hlokahalang, ’me re etsa sohle seo re ka se khonang ho etsa hore ho lule ho e-na le bonngoe ba Bokreste. Re latela mokhoa oa ho amohela baeti ’me re bontša kutloelo-bohloko ea ’nete.
17 Baroma khaolo ea 12 e boetse e re fa likeletso tse ngata mabapi le hore na re lokela ho etsa’ng ha re hlorisoa. Ha rea lokela ho iphetetsa. Re lokela ho leka ho hlōla khanyetso ka liketso tse mosa. Re lokela ho leka ka matla ho phela ka khotso le batho bohle kahohle kamoo ho ka khonehang kateng, hafeela re sa tlōle melao-motheo ea Bibele. Sena se lokela ho etsoa ka lapeng, ka phuthehong, ha re sebelisana le baahelani, ha re le mosebetsing, sekolong le mosebetsing oa boboleli. Esita le ha re hanyetsoa pepenene, re etsa sohle seo re ka se khonang hore re hlōle bobe ka botle, re ntse re hopola hore phetetso ke ea Jehova.
18. Ke likeletso life tse tharo tse fanoeng ho Baroma 12:12?
18 Bala Baroma 12:12. Ho phaella keletsong ena eohle e bohlale le e molemo, Pauluse o boetse o fana ka likeletso tse tharo. Kaha le ka mohla re ne re ke ke ra etsa lintho tsena kantle ho thuso ea Jehova, moapostola Pauluse o re eletsa hore re ‘phehelle thapelong.’ Sena se tla re thusa hore re latele keletso e ’ngoe ea hae ea hore re ‘mamelle tlas’a matšoenyeho.’ Qetellong, re tlameha ho tsepamisa likelello tsa rōna nakong e tlang eo Jehova a re tšepisang eona ’me re ‘thabe tšepong’ ea ho phela ka ho sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng.
Tlhahlobo
• Re lokela ho etsa’ng ha re hanyetsoa?
• Re lokela ho leka ho bōpa khotso likarolong life, hona joang?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho batla ho iphetetsa?
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Ha re thusa baahelani ba rōna ka litsela tse tobileng, seo se ka ’na sa re thusa hore re hlōle leeme
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Na u loanela ho bōpa khotso ka phuthehong?