Tataiso ea Molimo ho Khetheng Molekane oa Lenyalo
“Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—PESALEME EA 32:8.
1. Ho hlokahala lintho life lenyalong le molemo?
BATHO ba letsang meropa ba qala ho tilinya meropa ea bona. Kheleke ea ’mino e kenella ka bokhabane bo tsotehang. Phello ke lehlaso le monate ruri. Terakeng e khōlō, banna ba babeli ba laolla mabokose a boima a thepa e rekisoang. E mong o akhela lebokose ho ’mate oa hae, ea le kapang habonolo feela ’me a letela le leng. Liketsahalo tsena ka bobeli li bonahala li etsoa habonolo feela ntle ho tšokolo ea letho. Leha ho le joalo, ke mang ea ka lekang ho li etsa a sa ikoetlisetsa tsona, a se na ’mate ea khonang eo a ka li etsang le eena, ’me haholo-holo ho se na tataiso e nepahetseng kapa taeo? Ka ho tšoanang, ho ka bonahala eka lenyalo le molemo le iketsahalla feela tjee. Ho e-na le hoo, le lona le itšetlehile ka molekane ea molemo, boiteko bo lumellanang, ’me haholo-holo ka keletso e bohlale. Ha ho pelaelo hore tataiso e loketseng ke ea bohlokoa.
2. (a) Ke mang ea thehileng tokisetso ea lenyalo, hona e le ka morero ofe? (b) Litokisetso tsa manyalo a mang li entsoe joang?
2 Ke ntho ea tlhaho hore mohlankana kapa moroetsana a nahane ka molekane oa lenyalo—ka mphato bophelong. Haesale Jehova Molimo a theha lenyalo la monna le mosali, ena e bile tsela e tloaelehileng ea bophelo. Empa monna oa pele Adama, ha aa ka a ikhethela mosali. Jehova ka lerato o ile a mo fa eena. (Genese 2:18-24) Banyalani ba pele ba ne lokela ho ngatafala, e le hore lefatše le ka qetella le tletse batho. Ka mor’a lenyalo leo la pele, ho ne ho tloaelehile hore litokisetso tsa lenyalo li etsoe ke batsoali ba monyaluoa le monyali, ka linako tse ling e le ka mor’a ho fuoa tumello ke ba nyalanang. (Genese 21:21; 24:2-4, 58; 38:6; Joshua 15:16, 17) Le hoja manyalo ao ho ’ona motho a khetheloang molekane a ntse a tloaelehile linaheng tse ling le meetlong e meng, ba bangata kajeno ba ikhethela balekane ba lenyalo.
3. Molekane oa lenyalo o lokela ho khethoa joang?
3 Molekane oa lenyalo o lokela ho khethoa joang? Ba bang ba susumetsoa ke ponahalo—seo ba fumanang se khahleha le ho rateha mahlong a bona. Ba bang ba sheba maruo, e mong ea tla ba hlokomela hantle le ea tla ba fa lintho tseo ba li hlokang le tseo ba li batlang. Empa na ho sebelisa e ’ngoe ea litsela tsee ke hona feela ho ka isang lenyalong le thabileng le le khotsofatsang? Liproverbia 31:30 e re: “Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.” Sephiri se hona moo: Nahana ka Jehova ha u khetha molekane.
Tataiso ea Molimo e Lerato
4. Molimo o fana ka thuso efe mabapi le ho khetha molekane oa lenyalo?
4 Ntat’a rōna ea lerato oa leholimo, Jehova, o fane ka Lentsoe la hae le ngotsoeng hore le re tataise litabeng tsohle. O re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Kahoo, ha ho makatse ha tataiso e atlehileng ka nako e telele ea ho khetha molekane oa lenyalo e fumaneha ka Bibeleng. Jehova o batla hore manyalo a rōna e be a tšoarellang le a thabileng. Kahoo, o fane ka thuso bakeng sa hore re utloisise le ho sebelisa tataiso ena. Na seo hase sona seo re ka se lebellang ho ’Mōpi oa rōna ea lerato?—Pesaleme ea 19:8.
5. Ntho ea bohlokoa ke eng bakeng sa thabo e tšoarellang lenyalong?
5 Ha Jehova a ne a theha tokisetso ea lenyalo, o ne a rerile hore e be tlamo ea ka ho sa feleng. (Mareka 10:6-12; 1 Bakorinthe 7:10, 11) Ke ka lebaka leo a ‘hloileng tlhalo,’ ’me a e lumella feela ka mabaka a “bohlola.” (Malakia 2:13-16; Matheu 19:9) Kahoo, ho khetha molekane oa lenyalo ke o mong oa mehato e tebileng ka ho fetisisa eo re ka e nkang ’me ha hoa lokela ho nkoa habobebe. Hase liqeto tse ngata tse ka hlahisang thabo kapa masoabi joaloka ena. Feela joalokaha motho a ka entša bophelo ba hae le ho bo etsa bo khotsofatsang ka lebaka la khetho e ntle, khetho e mpe e ka mo tlisetsa masoabi a sa feleng. (Liproverbia 21:19; 26:21) E le hore thabo e tsoele pele, ho bohlokoa ho khetha ka bohlale le ho ikemisetsa ho etsa boitlamo ba ka ho sa feleng, etsoe Molimo o thehile lenyalo e le bolekane bo neng bo tla atleha ha ho e-na le tumellano le tšebelisano.—Matheu 19:6.
6. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore bahlankana le baroetsana ba be hlokolosi haholo ha ba khetha balekane, hona ba ka etsa qeto e bohlale ka ho fetisisa joang?
6 Ho hlokahala hore bahlankana le baroetsana ba be hlokolosi haholo hore ha ba khetha balekane ba se ke ba foufatsoa ke botle le ho chesoa ke takatso. Ha ho pelaelo hore kamano e thehiloeng feela mabakeng a joalo kapele feela e ka fella ka ho khesa kapa ho hloea motho e mong. (2 Samuele 13:15) Ka lehlakoreng le leng, lerato le tšoarellang le ka hlaoleloa ha re ntse re tseba balekane ba rōna ’me le rōna re ntse re ikutloisisa hamolemo haholoanyane. Hape ho hlokahala hore re hlokomele hore se molemo ka ho fetisisa bakeng sa rōna e ka ’na ea se ke ea e-ba seo lipelo tsa rōna li neng li se lakatsa qalong. (Jeremia 17:9) Ke ka lebaka leo tataiso ea Molimo e fumanoang ka Bibeleng e leng ea bohlokoa hakana. E re thusa ho lemoha kamoo re ka etsang liqeto tse bohlale ka ho fetisisa kateng bophelong. Mopesaleme o ile a emela Jehova ha a re: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pesaleme ea 32:8; Baheberu 4:12) Le hoja lenyalo le ka khotsofatsa tabeng ea lerato le botsoalle tseo re li hlokang ka tlhaho, le boetse le hlahisa mathata a hlokang ho hōla kelellong le temoho.
7. Ke hobane’ng ha ba bang ba sa amohele keletso e thehiloeng Bibeleng mabapi le ho khetha molekane, empa ketso ee e ka isa hokae?
7 Ho bohlale ho ela hloko seo Moqapi oa lenyalo a se bolelang tabeng ea ho khetha molekane. Leha ho le joalo, re ka ’na ra hana ho amohela keletso e thehiloeng Bibeleng e tsoang ho batsoali kapa baholo ba Bakreste. Re ka ’na ra nka hore ha ba re utloisise ka ho feletseng, ’me litakatso tse tebileng tsa maikutlo li ka ’na tsa re khannela hore re latele se ratoang ke lipelo tsa rōna. Leha ho le joalo, ha ’nete e senoha, re ka ’na ra ikoahlaea hore ebe ha rea ka ra ela hloko keletso e bohlale e neng e fanoa molemong oa rōna. (Liproverbia 23:19; 28:26) Re ka ’na ra iphumana re le lenyalong leo ho se nang lerato ho lona, re e-na le bana bao re thatafalloang ke ho ba hlokomela, ’me mohlomong re bile re e-na le balekane ba sa lumelang. E ka ba ho soabisang hakaakang haeba tokisetso e ka beng e re tliselitse thabo e khōlō e fetoha mohloli oa matšoenyeho a maholo!
Boinehelo ba Bomolimo ke Ntlha e ka Sehloohong
8. Boinehelo ba bomolimo bo thusa joang hore lenyalo le tšoarelle le hore e be le thabisang?
8 Ho ke ke ha latoloa hore ho hohelana ho thusa hore lenyalo le tiee. Empa ho phela ka melao-motheo e tšoanang ke habohlokoa haholoanyane bakeng sa hore lenyalo le tšoarelle le hore e be le thabisang. Ho ba ba inehetseng hammoho ho Jehova Molimo ho etsa hore ho be le maqhama a tšoarellang ’me ho hōlisa bonngoe ka tsela eo ka eona ho seng ntho e ’ngoe e ka ho etsang. (Moeklesia 4:12) Ha banyalani ba Bakreste ba tsitsisa bophelo ba bona borapeling ba ’nete ba Jehova, baa momahana moeeng, kelellong le boitšoarong. Ba ithuta Lentsoe la Molimo hammoho. Ba rapela hammoho, ’me seo se momahanya lipelo tsa bona. Ba tsamaea hammoho ha ba e-ea libokeng tsa Bokreste ’me ba sebetsa hammoho tšebeletsong ea tšimo. Sena sohle se thusa hore ho be le maqhama a moea a etsang hore ba atamelane haholoanyane. Habohlokoa haholoanyane, ho fella ka tlhohonolofatso ea Jehova.
9. Abrahama o ile a etsa’ng mabapi le ho fumanela Isaka mosali, hona e le ka phello efe?
9 Kaha mopatriareka ea tšepahalang Abrahama o ne a inehetse ho Molimo, o ne a batla ho khahlisa Molimo ha ho fihla nako ea hore a khethele mora oa hae Isaka mosali. Ha Abrahama a bua le mohlanka oa hae ea tšepahalang oa ntlo, o ile a re: “Ke tla u hlapantša ka Jehova, Molimo oa maholimo le Molimo oa lefatše, hore u ke ke ua nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana bao ke lulang har’a bona, empa u tla ea naheng ea heso le ho beng ka ’na, ’me ka sebele u nkele mora oa ka Isaka mosali. . . . [Jehova] o tla romela lengeloi la hae hore le u etelle pele, ’me ka sebele u tla nkela mora oa ka mosali moo.” Rebeka e ile ea e-ba mosali ea babatsehang eo Isaka a ileng a mo rata haholo.—Genese 24:3, 4, 7, 14-21, 67.
10. Ka Mangolong banna le basali ba behetsoe lintho life tse ba tlamang?
10 Haeba re Bakreste ba masoha, boinehelo ba bomolimo bo tla re thusa ho hlaolela litšoaneleho tse tla re nolofalletsa ho finyella litlhoko tsa Mangolo tsa lenyalo. Har’a lintho tseo monna le mosali ba tlamehang ho ba le tsona, ho na le tsena tse boletsoeng ke moapostola Pauluse: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena . . . Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona . . . Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. . . . E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:22-33) Joalokaha re ka bona, mantsoe a bululetsoeng a Pauluse a hatisa hore ho tlameha ho be le lerato le tlhompho. Ho lumellana le keletso ena ho akarelletsa ho tšaba Jehova ka mokhoa o bontšang tlhompho. Ho hloka boitlamo ba pelo eohle bo bontšoang ha ho le thata leha ho le bonolo. Bakreste ba nahanang ho kena lenyalong ba lokela hore ba khone ho jara boikarabelo bona.
Ho Etsa Qeto ea Nako ea ho Kena Lenyalong
11. (a) Ka Mangolong ho fanoa ka keletso efe mabapi le nako ea ho kena lenyalong? (b) Ke mohlala ofe o bontšang bohlale ba ho latela keletso ea Bibele e tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 7:36?
11 Ho tseba nako eo ka eona re loketseng ho kena lenyalong ke habohlokoa. Kaha sena se fapana ka batho, Mangolo ha a behe lilemo. Leha ho le joalo, a bontša hore ho molemo ho leta ho fihlela re “fetile palesa ea bocha,” e leng nako ea ha ho chesoa ke takatso ea botona kapa ea botšehali ho ka ’na ha re fosisa litaba. (1 Bakorinthe 7:36) Michelle o re: “Ha ke ne ke bona metsoalle ea ka e ferehoa ’me e nyaloa, e mengata e le ka tlaase ho lilemo tse 20, ka linako tse ling ho ne ho e-ba thata ho sebelisa keletso ena. Empa ke ne ke hlokomela hore keletso ena e tsoa ho Jehova, ’me o re bolella feela se molemong oa rōna. Ka ho lieha ho nyaloa, ke ile ka khona ho tsepamisa kelello kamanong ea ka le Jehova le hore ke rue tsebo e itseng bophelong, eo ho seng bonolo hore u ka ba le eona ha u le lilemong tse ka tlaase ho 20. Lilemo hamorao, ke ne ke loketse hamolemo hore ke jare boikarabelo le mathata a hlahang lenyalong.”
12. Ke hobane’ng ha e se bohlale ho potlakela lenyalo u sa le monyenyane?
12 Ba potlakelang ho nyaloa ba sa le banyenyane hangata ba fumana hore litlhoko le litakatso tsa bona lia fetoha ha ba hōla kelellong. Hamorao ba hlokomela hore lintho tseo ba neng ba li lakatsa qalong ha e sa le tsa bohlokoa hakaalo. Mokreste e mong e monyenyane o ne a ikemiselitse ho nyaloa ha a le lilemo li 16. Nkhono’ae le ’m’ae ba ne ba nyetsoe ba le lilemo li kaalo. Ha mohlankana eo a neng a mo shebile a hana ho mo nyala ka nako eo, o ile a khetha e mong ea neng a rata ho mo nyala. Leha ho le joalo, hamorao bophelong o ile a ikoahlaea haholo ka lebaka la qeto ea hae e entsoeng ka lepotlapotla.
13. Ba kenang lenyalong pele ho nako ba atisa ho haelloa ntlheng efe?
13 Ha ho nahanoa ka lenyalo, ke habohlokoa ho ba le kutloisiso e ntle ea sohle se amehang. Ho kena lenyalong pele ho nako ho ka baka mathata a mangata ao ho ka etsahalang hore ebe banyalani ba banyenyane ha ba e-s’o lokele ho a jara. Ho ka etsahala hore ebe ba haelloa ke tsebo le khōlo tse hlokahalang bakeng sa ho sebetsana le likhatello tsa lenyalo le khōliso ea bana. Re ka kena lenyalong feela ha ’meleng, kelellong le moeeng re loketse hore re ka ba kamanong e tšoarellang.
14. Ho hlokahala eng ho sebetsana le maemo a hatellang lenyalong?
14 Pauluse o ile a ngola hore ba kenang lenyalong “ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” (1 Bakorinthe 7:28) Mathata a tla hlaha hobane ho ameha batho ba babeli ba sa tšoaneng, ’me maikutlo a tla fapana. Ka lebaka la ho se phethahale, ho ka ’na ha e-ba thata ho phethahatsa karolo ea rōna ea Mangolo tokisetsong ea lenyalo. (1 Bakorinthe 11:3; Bakolose 3:18, 19; Tite 2:4, 5; 1 Petrose 3:1, 2, 7) Ho batla le ho latela tataiso ea Molimo e le hore ho rarolloe maemo a hatellang ka lerato, ho hloka hore motho a hōle kelellong le hore a tsitse moeeng.
15. Batsoali ba ka phetha karolo efe ho lokisetseng bana ba bona lenyalo? Etsa mohlala.
15 Batsoali ba ka lokisetsa bana ba bona lenyalo ka ho ba thusa ho utloisisa bohlokoa ba ho latela tataiso ea Molimo. Batsoali ba ka sebelisa Mangolo le lingoliloeng tsa Bokreste ka bohlale ho thusa bana ba bona ho lekanyetsa hore na ebe bona kapa bao ba lebeletseng hore e be balekane ba bona ba loketse hore ba etse boitlamo ba lenyalo.a Blossom ea lilemo li 18 o ne a nahana hore eena le mohlankana e mong phuthehong ea habo baa ratana. Mohlankana eo e ne e le mosebeletsi oa pula-maliboho oa nako e tletseng, ’me ba ne ba batla ho nyalana. Empa batsoali ba hae ba ile ba mo bolella hore a eme selemo, ba nahana hore o sa le monyenyane haholo. Hamorao Blossom o ile a ngola, a re: “Ke leboha haholo hore ebe ke ile ka mamela keletso eo e bohlale. Pele selemo seo se fela, ke ile ka hōla kelellong ’me ka qala ho bona hore mohlankana enoa ha a na litšoaneleho tse ka mo etsang molekane oa lenyalo ea molemo. Qetellong o ile a lahla mokhatlo o hlophisitsoeng, ’me ke ile ka pholoha seo e ka beng e bile koluoa bophelong ba ka. Ke ntho e babatsehang hakaakang ho ba le batsoali ba hlalefileng bao kahlolo ea bona e ka tšeptjoang!”
‘Nyala Feela Moreneng’
16. (a) Bakreste ba ka lekoa joang tabeng ea ho ‘nyala Moreneng’? (b) Ha Mokreste a lekeha hore a nyalane le motho ea sa lumelang, o lokela ho nahana ka’ng?
16 Tataiso ea Jehova ho Bakreste e hlakile: ‘Nyala feela Moreneng.’ (1 Bakorinthe 7:39) Batsoali ba Bakreste le bana ba bona ba ka ’na ba lekoa ntlheng ena. Joang? Bacha ba ka ’na ba batla ho kena lenyalong, empa e ka ’na eaba bahlankana kapa baroetsana baa haella ka phuthehong. Bonyane ho ka ’na ha bonahala ho le joalo. Sebakeng se itseng ho ka ’na ha e-ba le basali ba bangata ho feta banna, kapa ho ka ’na ha nkoa hore ha ho ea tšoanelehang tikolohong eo. Mohlankana eo e seng setho se inehetseng sa phutheho a ka ’na a thahasella moroetsana oa Mokreste (ho ka ’na ha e-ba joalo ka moroetsana), ’me ho ka ’na ha e-ba le khatello ea ho sekisetsa litekanyetso tseo Jehova a li behileng. Maemong a joalo, ho ka ba molemo ho nahana ka mohlala oa Abrahama. Tsela e ’ngoe eo a ileng a boloka kamano ea hae e ntle le Molimo ka eona e bile ka ho tiisa hore mora oa hae Isaka o nyala morapeli oa ’nete oa Jehova. Isaka o ile a etsa se tšoanang tabeng ea mora oa hae Jakobo. Sena se ne se hloka boiteko ho bohle ba amehang, empa se ile sa thabisa Molimo ’me sa fella ka tlhohonolofatso ea hae.—Genese 28:1-4.
17. Ke hobane’ng ha ho nyala motho ea sa lumelang ho ka ba kotsi, ’me lebaka la bohlokoahali la ho ‘nyala feela Moreneng’ ke lefe?
17 Maemong a seng makae, ea sa lumelang o qetella e le Mokreste. Leha ho le joalo, ho nyalana le ba sa lumelang hangata ho bile kotsi. Ba keneng jokong e sa lekaneng ha ba tšoane ka litumelo, melao-motheo, kapa lipakane. (2 Bakorinthe 6:14) Sena se ka ba le phello e kotsi puisanong le thabong ea lenyalo. Ka mohlala, mosali e mong oa Mokreste o ne a tletleba haholo ka taba ea hore ka mor’a seboka se matlafatsang, o ne a ke ke a ea lapeng ’me a qoqa ka lintho tsa moea le molekane oa hae ea sa lumelang. Ha e le hantle, ntho ea bohlokoa haholoanyane, ‘ho nyala Moreneng’ ke taba e amang botšepehi ho Jehova. Ha re etsa lintho tumellanong le Lentsoe la Molimo, lipelo tsa rōna ha li re ahlole, hobane re etsa se “khahlisang mahlong a hae.”—1 Johanne 3:21, 22.
18. Ha motho a nahana ho kena lenyalong, o lokela ho ela hloko litaba life tsa bohlokoa, hona hobane’ng?
18 Ha ho nahanoa ka lenyalo, bokhabane le bomoea tsa eo motho a lebeletseng ho kena lenyalong le eena e lokela ho ba lintho tse ka sehloohong tseo a nahanang ka tsona. Botho ba Bokreste, hammoho le ho rata Molimo le ho inehela ka moea oohle ho eena, ke tsa bohlokoa haholo ho feta botle. Ba thabelang ho amoheloa ke Molimo ke ba lemohang le ba phethahatsang tlamo ea bona ea ho ba balekane ba lenyalo ba matla moeeng. ’Me banyalani ba ba matla haholo ha ka bobeli ba inehetse ho ’Mōpi ’me ba amohela ka ho feletseng tataiso ea hae. Ka tsela ena Jehova oa hlomphuoa, ’me lenyalo le qala motheong o tiileng oa moea o tla tlatsetsa bonngoeng bo tšoarellang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
U ka Araba Joang?
•Ke hobane’ng ha tataiso ea Molimo e hlokahala ho khetheng molekane ea molemo oa lenyalo?
•Boinehelo ba bomolimo bo tla thusa joang ho tiiseng maqhama a lenyalo?
•Batsoali ba ka lokisetsa bana ba bona lenyalo joang?
•Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ‘nyala feela Moreneng’?
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ho sebelisa keletso ea Molimo ha u khetha molekane ho ka fella ka thabo e khōlō
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Litlhohonolofatso tse enneng li tlisoa ke ‘ho nyala feela Moreneng’