“Mohlatsoana, se Tšabe”
“Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.”—LUKA 12:32.
1. Mantsoe a Jesu a reng: “Mohlatsoana, se tšabe” a thehiloe ho eng?
“LE SE khaotse ho batla ’muso oa [Molimo].” (Luka 12:31, NW) Ha Jesu a ne a bua mantsoe ana ho barutuoa ba hae, o ile a hlalosa molao-motheo o neng o ile oa tataisa monahano oa Bakreste ho tloha mehleng ea hae ho tla fihlela ho ea rōna. ’Muso oa Molimo o tlameha ho ba sebakeng sa pele bophelong ba rōna. (Mattheu 6:33) Leha ho le joalo, tlalehong ea Luka, Jesu o ile a tsoela pele ho bua mantsoe a bontšang lerato le a kholisang ho sehlopha se khethehileng sa Bakreste. O ile a re: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) Joaloka Molisa ea Molemo, Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba haufi-ufi le eena ba tla thulana le matšoenyeho. Empa ho ne ho se lebaka la hore ba tšabe haeba ba ne ba ntse ba batla ’Muso oa Molimo. Kahoo, keletso ea Jesu e ne e se taelo e thata. Ho e-na le hoo, e ne e le tšepiso e lerato e ileng ea susumetsa tšepo le sebete.
2. Mohlatsoana o entsoe ka bo-mang, hona ke hobane’ng ha ba na le tokelo e khethehileng?
2 Jesu o ne a bua le barutuoa ba hae, ’me o ile a ba bitsa “mohlatsoana.” Hape o ne a bua le bao Jehova a neng a tla ba “fa ’muso.” Ha ba bapisoa le letšoele le leholo le neng le tla amohela Jesu mehleng ea morao, ruri sehlopha sena se ne se fokola ka palo. Hape ba ne ba nkoa e le ba bohlokoa hobane ba ne ba khethetsoe bokamoso bo hlollang, ba ho sebelisoa tšebeletsong e tlotlehang. Ntate oa bona, Molisa ea Moholo, Jehova, o bitsa mohlatsoana ka tebello ea hore ba fumane lefa la leholimo le amanang le ’Muso oa Kreste oa Bomessia.
Mohlatsoana
3. Ke pono efe e khanyang ea mohlatsoana eo Johanne a ileng a e bona?
3 Joale mohlatsoana oo o nang le tebello e hlollang hakaale o entsoe ka bo-mang? Balateli ba Jesu Kreste ba tlotsoang ka moea o halalelang. (Liketso 2:1-4) Ha a ba bona e le libini tsa leholimo tse tšoereng liharepa matsohong a tsona moapostola Johanne o ile a ngola: “Joale, ka talima, ’me ka bona Konyana e eme thabeng ea Sione, e e-na le ba ngoliloeng lebitso la Ntat’a eona liphatleng tsa bona, ba le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene. Bao ke ba sa kang ba itšilafatsa le basali; hobane ba sa le joalo ka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e eang teng; ke ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana. ’Me leshano ha lea ka la fumanoa melomong ea bona; hobane ba hlokile letheba pel’a terone ea Molimo.”—Tšenolo 14:1, 4, 5.
4. Mohlatsoana o boemong bofe lefatšeng kajeno?
4 Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., bana ba tlotsitsoeng, ba tsoetsoeng ka moea ba sebelelitse e le manģosa a Kreste lefatšeng. (2 Ba-Korinthe 5:20) Kajeno, ke feela masala a bona a setseng, a sebeletsa hammoho e le sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale. (Mattheu 24:45; Tšenolo 12:17) Ho tloha selemong sa 1935 ka ho khethehileng, “linku tse ling,” e leng Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng, bao hona joale palo ea bona e baloang ka limilione ba ikopantse le bona. Bana ba thusa ho boleloeng ha litaba tse molemo lefatšeng lohle.—Johanne 10:16.
5. Boikutlo ba ba setseng ba mohlatsoana ke bofe, hona ke hobane’ng ha ba sa lokela ho tšaba?
5 Boikutlo ba masala a mohlatsoana a sa ntseng a le lefatšeng ke bofe? Ka ho tseba hore ba tla amohela “’muso o sa sisinyeheng,” ba etsa tšebeletso ea bona e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tlhompho ea borapeli. (Ba-Heberu 12:28) Ka boikokobetso ba hlokomela hore tokelo ea bona ke e ke keng ea lekanngoa e fellang ka thabo e se nang moeli. Ba fumane “perela ea bohlokoa” eo Jesu a ileng a bua ka eona ha a ne a bua ka ’Muso. (Mattheu 13:46) Ha mahlomola a maholo a ntse a atamela, batlotsuoa ba Molimo ba eme ba sa tšabe. Ho sa tsotellehe se leng haufi le ho tlela lefatše la moloko oa batho ‘letsatsing la Morena le leholo, le khanyang,’ ha ba na tšabo e tepeletsang bakeng sa bokamoso. (Liketso 2:19-21) Ke hobane’ng ha ba sa lokela ho ba le eona?
Palo e-ea Fokotseha
6, 7. (a) Ke hobane’ng ha palo ea litho tsa mohlatsoana tse sa ntseng li le lefatšeng e fokola hakaale? (b) Motho ka mong o lokela ho talima tšepo eo a nang le eona joang?
6 Lilemong tsa morao tjena palo ea ba mohlatsoana ba sa ntseng ba le lefatšeng e fokotsehile haholo. Sena se ile sa totobala tlalehong ea Sehopotso ea 1994. Liphuthehong tsa batho ba Jehova tse ka bang 75 000 lefatšeng ka bophara ke ba 8 617 feela ba bontšitseng hore ba ipolela e le masala ka ho ja litšoantšetso. (Mattheu 26:26-30) Ha ho bapisoa, ba bileng teng ba ne ba le 12 288 917. Bakreste ba tlotsitsoeng baa tseba hore sena se lokela ho lebelloa. Jehova o behile palo e lekanyelitsoeng, ea ba 144 000, hore ba etse mohlatsoana, ’me o ’nile a o bokella ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. Hoa utloahala hore ho bitsoa ha mohlatsoana ho ne ho tla tloha ho fela ha palo ena e ne e se e tla fella, ’me hoa bonahala hore ho bokelloa ho akaretsang ha bana ba hlohonolofalitsoeng ka ho khethehileng ho ile ha phethoa ka 1935. Leha ho le joalo, ho ile ha profetoa hore mehleng ea bofelo linku tse ling li tla eketseha hore e be “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Ho tloha ka 1935 ka tsela e akaretsang Jehova o ’nile a bokella bongata bona bo boholo, boo tšepo ea bona e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Tšenolo 7:9; 14:15, 16; Pesaleme ea 37:29.
7 Boholo ba litho tsa mohlatsoana tse sa ntseng li le lefatšeng hona joale bo lilemong tsa bo-70, bo-80, le bo-90. Ba seng bakae ba se ba fetile selemo sa bona sa bo100 ba phela. Kaofela ha bona, ho sa tsotellehe lilemo tsa bona, baa tseba hore ka tsoho ea leholimo, ba tla qetella ba kopantsoe le Jesu Kreste ’me ba tla busa le eena ’Musong oa hae o khanyang. Litho tsa bongata bo boholo e tla ba bafo ba lefatšeng ba Kreste Morena. E mong le e mong a ke a thabele seo Jehova a se boloketseng ba mo ratang. Ha ho matleng a rōna hore re ikhethele tšepo eo re lokelang ho ba le eona. Jehova ke eena ea lokelang ho etsa qeto. Lihlopha tsena ka bobeli li ka thabela tšepo ea tsona ea bokamoso bo thabileng, ho sa tsotellehe hore na e ’Musong oa leholimo kapa paradeiseng lefatšeng tlas’a ’Muso oo.—Johanne 6:44, 65; Ba-Efese 1:17, 18.
8. Ho tšoauoa ha ba 144 000 ho entsoe ho ea bohōleng bofe, ’me ho tla etsahala eng ha ho se ho phethiloe?
8 Mohlatsoana oa ba 144 000 ba khethiloeng ke “Iseraele oa Molimo,” e nketseng Iseraele ea tlhaho sebaka mererong ea Molimo. (Ba-Galata 6:16) Ka hona, karolo e setseng ea sechaba seo sa moea e ntseng e le lefatšeng e entsoe ka masala. Ba joalo ba setseng ba tšoaeloa kamohelo ea Jehova ea ho qetela. Ponong, moapostola Johanne o ile a bona ha sena se etsahala, ’me a tlaleha: “Ka bona lengeloi le leng le nyoloha bochabatsatsi, le tšoere letšoao la Molimo o phelang; la phahamisa lentsoe, la hooeletsa mangeloi a mane a neng a neiloe taelo ea ho senya lefatše le leoatle, la re: Le se ke la senya lefatše, leha e le leoatle, leha e le lifate, re e-so ho tšoaee bahlanka ba Molimo oa rōna liphatleng tsa bona. ’Me ka utloa palo ea ba tšoailoeng e le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba tšoailoeng melokong eohle ea bana ba Iseraele [oa moea].” (Tšenolo 7:2-4) Kaha ho totobetse hore mosebetsi ona oa ho tšoaea Iseraele oa moea o se o tla fela, ho bonahala hore liketsahalo tse thabisang li haufi le ho etsahala. Ka lebaka leo, ‘mahlomola a maholo,’ ha meea e mene ea timetso e lokolloa holim’a lefatše, e tlameha ebe a se a le haufi haholo.—Tšenolo 7:14.
9. Mohlatsoana o talima palo e ntseng e eketseha ea bongata bo boholo joang?
9 Palo ea bongata bo boholo bo seng bo ntse bo bokeletsoe ke limilione. Sena se futhumatsa lipelo tsa masala hakaakang! Le hoja palo ea litho tsa mohlatsoana tse ntseng li le lefatšeng e tsoela pele ho fokotseha, ba koetlisitse le ho lokisetsa banna ba tšoanelehang ba bongata bo boholo bakeng sa ho nka boikarabelo mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o lefatšeng o ntseng o hōla. (Esaia 61:5) Joalokaha Jesu a bontšitse, ho tla ba le bapholohi ba mahlomola a maholo.—Mattheu 24:22.
“Se Tšabe”
10. (a) Ke tlhaselo efe e lokelang ho lebisoa ho batho ba Molimo, ’me e tla lebisa ho eng? (b) Ho botsoa lipotso life ka e mong le e mong oa rōna?
10 Satane le bademona ba hae ba theoletsoe boemong bo tlaase lefatšeng. Eena le makhotla a hae ba laoleloa ho hlasela batho ba Jehova ka matla a fetisisang. Tlhaselo ena, e boletsoeng esale pele ka Bibeleng, e hlalosoa e le tlhaselo ea Gogo oa Magogo. Diabolose o lebisitse tlhaselo ea hae ho bo-mang ka ho khetheha? Na hase ho litho tsa ho qetela tsa mohlatsoana, Iseraele oa moea oa Molimo, tse lulang ka khotso “nģalong tse phahameng tsa naha”? (Ezekiele 38:1-12) E, empa masala a sehlopha sa ba tlotsitsoeng ba tšepahalang, hammoho le metsoalle ea ’ona e tšepahalang ka ho sa sekisetseng, linku tse ling, ba tla bona kamoo tlhaselo ea Satane e tlang ho hlahisa karabelo e tšosang ka potlako ka lehlakoreng la Jehova Molimo. O tla kenella a sireletse batho ba hae, ’me sena se tla qholotsa ho qhoma ha “letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang.” (Joele 2:31) Kajeno, lekhoba le tšepahalang le le masene le finyella tšebeletso ea bohlokoa, e pholosang bophelo, ea ho lemosa ka ho kenella hona ha Jehova ho tlang. (Malakia 4:5; 1 Timothea 4:16) Na u tšehetsa tšebeletso eo ka mafolo-folo, ka ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova? Na u tla tsoela pele ho etsa seo u le ’moleli oa ’Muso ea sebete?
11. Ke hobane’ng ha boikutlo ba ho ba sebete e le ba bohlokoa kajeno?
11 Ha re talima boemo bo leng teng lefatšeng hona joale, ke ho nakong hakaakang hore mohlatsoana o ele hloko mantsoe ao Jesu a ileng a a lebisa ho oona: “Mohlatsoana, se tšabe”! Boikutlo ba ho ba sebete ka tsela eo boa hlokahala ha ho talingoa sohle se finyelloang hona joale tumellanong le morero oa Jehova. Ka bomong, e mong le e mong oa mohlatsoana o hlokomela hore hoa hlokahala hore a mamelle ho fihlela qetellong. (Luka 21:19) Joalokaha Jesu Kreste, Morena le Mong’a mohlatsoana, a ile a mamella a ba a ipaka a tšepahala ho fihlela a phetha tsela ea hae ea bophelo ba lefatšeng, ka ho tšoanang e mong le e mong oa masala o tlameha ho mamella le ho ipaka a tšepahala.—Ba-Heberu 12:1, 2.
12. Joaloka Jesu, Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba tlotsitsoeng joang hore ba se ke ba tšaba?
12 Batlotsuoa bohle ba tlameha ho ba le pono e tšoanang le eo moapostola Pauluse a neng a e-na le eona. Hlokomela kamoo mantsoe a hae joaloka ’moleli ea tlotsitsoeng oa phatlalatsa oa tsoho a lumellanang kateng le khothatso ea Jesu ea ho se tšabe. Pauluse o ile a ngola: “Hopola hobane Jesu Kreste, e leng oa leloko la Davida, o tsohile bafung, kamoo Evangeli ea ka e bolelang kateng; e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, ’me ke bile ke tlangoa ka baka la eona, joalo ka hola ke le sehlola; empa lentsoe la Molimo lona ha lea tlangoa. Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakhethoa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le khanya e sa feleng. Le tšepehile lentsoe le reng: Ekare ha re e-shoa le eena, re tla phela le eena; ’me ha re mamella bohloko le eena, re tla busa le eena; ha re mo latola, le eena o tla re latola; ha re lesa ho tšepeha, eena o ea ’ne a tšepehe; o sitoa ho itatola.”—2 Timothea 2:8-13.
13. Litho tsa mohlatsoana li kholisehile ka ho teba ka lintho life, ’me see se ba susumeletsa ho etsa eng?
13 Joaloka moapostola Pauluse, litho tsa mohlatsoana oa ba tlotsitsoeng tse setseng li ikemiselitse ho mamella ho utloa bohloko ha li ntse li bolela molaetsa o matla o hatisitsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Ho kholiseha ha bona ho tebile haholo ha ba ntse ba tšoarelletse litšepisong tsa Molimo tsa poloko le tsa ho fuoa ha bona “moqhaka oa bophelo” haeba ba ipaka ba tšepahala ho fihlela lefung. (Tšenolo 2:10) Ka ho tsoha hang-hang le ho fetoha, ba tla kopanngoa le Kreste, hore ba buse le eena e le marena. Ba atlehile hakaakang tseleng ea bona ea ho boloka botšepehi e le bahlōli ba lefatše!—1 Johanne 5:3, 4.
Tšepo e Ikhethang
14, 15. Tšepo ea tsoho ea mohlatsoana e ikhetha ka litsela life?
14 Tšepo ea tsoho eo mohlatsoana o nang le eona e-ea ikhetha. Ka litsela life? Ea pele, e tla pele ho tsoho e akaretsang ea “ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ha e le hantle, tsoho ea ba tlotsitsoeng ke ea bohlokoa bo khethehileng, joalokaha mantsoe ana a fumanoang ho 1 Ba-Korinthe 15:20, 23 a tiisa sena ka ho hlakileng: “Kreste o tsohile bafung, ’me o beiloe thakangoaha ea ba robetseng. Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ea hae; thakangoaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.” Ka ho ba le mofuta oa mamello le tumelo oo Jesu a ileng a o bontša, mohlatsoana o tseba seo o se boloketsoeng ha o phetha tsela ea oona ea lefatšeng, haholo-holo ho tloha ha Morena oa ’nete a tla tempeleng ea hae bakeng sa ho tla ahlola ka 1918.—Malakia 3:1.
15 Pauluse o re fa lebaka le leng la ho talima tsoho ena e le e khethehileng. Joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Ba-Korinthe 15:51-53, o ile a ngola: “Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle, hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ea morao. . . . Hobane e ka khona ho bolang hona ho apare ho sa boleng, le ho shoang hona ho apare ho sa shoeng.” Mantsoe ana a sebetsa ho litho tsa mohlatsoana tse shoang nakong ea ho ba teng ha Kreste. Ba sa tlamehe hore ba robale lefung ka nako e telele, ba apesoa ho se shoe, “hang, ka ho panya ha leihlo.”
16, 17. Mabapi le tšepo ea bona ea tsoho, Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlohonolofalitsoe ka ho khethehileng joang kajeno?
16 Leseling la kutloisiso ena, re ka utloisisa se boleloang ke mantsoe a moapostola Johanne a fumanoang ho Tšenolo 14:12, 13. O ile a ngola: “Ke moo ho tla bonahala mamello ea bahalaleli, e leng ba bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ea bona ho Jesu. Eaba ke utloa lentsoe le tsoang leholimong, le re ho ’na: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shoelang Moreneng ho tloha joale! Moea o re: E, hoba ba ea phomola mesebetsing ea bona; hobane mesebetsi ea bona ea ba latela.”
17 Ke moputso o ikhethang hakaakang o boloketsoeng masala a mohlatsoana! Tsoho ea ’ona e tla tla kapele, hang ka mor’a hore ba robale lefung. Ke phetoho e hlokomelehang hakaakang eo ba tla e latsoa ha ba amohela kabelo ea bona sebakeng sa moea! Ka ho tlotlisoa ho joalo ha mohlatsoana ho tsoelang pele le ka ho phethahatsoa ha boprofeta ba Bibele bo ka sehloohong bo seng bo tla phethoa, litho tsa ho qetela tsa mohlatsoana tse setseng ka sebele ho hlokahala hore li “se tšabe.” ’Me ho hloka tšabo ha tsona ho khothatsa bongata bo boholo, bo lokelang ho hlaolela boikutlo bo tšoanang ba ho hloka tšabo ha bo ntse bo lebeletse topollo nakong e khōlō ka ho fetisisa ea matšoenyeho ao lefatše le e-s’o ka le a bona.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha nako eo re phelang ho eona e potlakile? (b) Ke hobane’ng ha batlotsuoa le linku tse ling ba sa lokela ho tšaba?
18 Ho pheta mesebetsi ea mohlatsoana ho nolofaletsa mohlatsoana le bongata bo boholo ho tsoela pele bo tšaba Molimo oa ’nete. Nako ea kahlolo ea hae e fihlile, ’me nako e setseng e lekanyelitsoe, ka hona ke ea bohlokoa haholo. Ka sebele, nako ea hore ba bang ba nke bohato e lekanyelitsoe. Leha ho le joalo, rōna ha re na tšabo ea hore morero oa Molimo o tla hlōleha. Ka sebele o tla atleha!
19 Mantsoe a phahameng a tsoang leholimong a se a ile a utluoa a re: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” (Tšenolo 11:15) Ka sebele, Molisa e Moholo, Jehova, o tataisetsa linku tsa hae “mehlaleng ea ho loka, ka baka la lebitso la hae.” (Pesaleme ea 23:3) Ntle ho phoso mohlatsoana o tataisetsoa moputsong oa oona oa leholimo. ’Me linku tse ling li tla pholosoa li sireletsehile ho pholletsa le mahlomola a maholo e le hore li ka thabela bophelo bo sa feleng karolong ea lefatšeng ea ’Muso oa Molimo o khanyang tlas’a puso ea Kreste Jesu. Kahoo, le hoja mantsoe a Jesu a ne a lebisitsoe ho mohlatsoana, ruri bahlanka bohle ba Molimo ba lefatšeng ba na le lebaka la ho mamela mantsoe a hae: “Se tšabe.”
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore palo ea litho tsa mohlatsoana tse setseng e fokotsehe?
◻ Boemo ba masala a tlotsitsoeng ke bofe kajeno?
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho tšaba, ho sa tsotellehe tlhaselo e atamelang ea Gogo oa Magogo?
◻ Ke hobane’ng ha tšepo ea tsoho ea ba 144 000 e ikhetha, haholo-holo kajeno?