Ho Arolelana Matšeliso ao Jehova a Fanang ka ’Ona
“Tšepo ea rōna bakeng sa lōna ha e thekesele, joalokaha re hlile re tseba hore, feela joalokaha le le ba nang le karolo litlhokofatsong, ka tsela e tšoanang hape le tla ba le karolo matšelisong.”—2 BAKORINTHE 1:7.
1, 2. Ba bangata bao e leng Bakreste kajeno ba bile le phihlelo efe?
BABALI ba Molula-Qhooa ba bangata ba kajeno ba hōtse ba sa tsebe ’nete ea Molimo. Mohlomong ho joalo le ka uena. Haeba ho joalo, hopola kamoo u ileng ua ikutloa kateng ha mahlo a hao a kutloisiso a qala ho tutuboloha. Ka mohlala, ha u ne u qala ho utloisisa hore bafu ha ba litlhokofatsong empa ho e-na le hoo ha ba ikutloe, na ha ua ka ua lokoloha? ’Me ha u ne u ithuta ka tšepo ea bafu, hore ba limilione tse likete ba tla tsohela bophelong lefatšeng le lecha la Molimo, na ha ua ka ua tšeliseha?—Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29.
2 Ho thoe’ng ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa bokhopo le ho fetola lefatše lee paradeise? Ha u ne u ithuta ka sena, na ha sea ka sa u tšelisa le ho u tlatsa ka tebello e thahasellisang? U ile ua ikutloa joang ha u ne u qala ho ithuta ka monyetla oa hore u ke ke ua hlola u shoa empa ho e-na le hoo u ka pholohela Paradeiseng e tlang ea lefatšeng? Ha ho pelaelo hore u ile ua thaba. E, u ile ua amohela molaetsa oa Molimo o tšelisang oo hona joale Lipaki tsa Jehova li o bolelang lefatšeng ka bophara.—Pesaleme ea 37:9-11, 29; Johanne 11:26; Tšenolo 21:3-5.
3. Ke hobane’ng ha ba arolelanang le ba bang molaetsa oa Molimo o tšelisang le bona ba tšoenyeha?
3 Leha ho le joalo, ha u ne u leka ho arolelana molaetsa oa Bibele le ba bang, u ile ua boela ua hlokomela hore “tumelo hase batho bohle ba nang le eona.” (2 Bathesalonika 3:2) Mohlomong metsoalle e meng ea hao ea nakong e fetileng e ne e u soma ka lebaka la ho bontša tumelo litšepisong tsa Bibele. Mohlomong u bile ua hlorisetsoa ho tsoela pele ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. E ka ’na eaba khanyetso e ile ea ipha matla ha u qala ho etsa liphetoho ho lumellanya bophelo ba hao le melao-motheo ea Bibele. U ile ua qala ho latsoa mahloriso ao Satane le lefatše la hae a a tlisetsang bohle ba amohelang matšeliso a Molimo.
4. Ba sa tsoa thahasella ba ka ’na ba itšoara ka litsela life tse sa tšoaneng mabapi le matšoenyeho?
4 Hoa soabisa hore, joalokaha Jesu a boletse esale pele, matšoenyeho a etsa hore ba bang ba khoptjoe ’me ba khaotse ho kopanela le phutheho ea Bokreste. (Matheu 13:5, 6, 20, 21) Ba bang ba mamella matšoenyeho ka ho tsepamisa likelello tsa bona litšepisong tse tšelisang tseo ba ithutang tsona. Qetellong ba nehela bophelo ba bona ho Jehova ’me ba kolobetsoa e le barutuoa ba Mora oa hae, Jesu Kreste. (Matheu 28:19, 20; Mareka 8:34) Ho hlakile hore matšoenyeho ha a khaotse hang ha Mokreste a kolobetsoa. Ka mohlala, ho ipoloka a hloekile e ka ba ntoa e thata bakeng sa motho ea hōtseng a phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Ba bang ba tlameha ho loana le khanyetso e sa khaotseng e tsoang ho litho tsa lelapa tse sa lumelang. Ho sa tsotellehe hore na matšoenyeho ke afe, bohle ba phehellang bophelo ba ho inehela ho Molimo ba ka kholiseha ka ntho e le ’ngoe. Ka tsela ea botho ka ho feletseng, ba tla latsoa matšeliso le thuso ea Molimo.
“Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
5. Pauluse o ile a boela a thulana le eng hammoho le liteko tse ngata tseo a fetileng ho tsona?
5 Ea ileng a ananela ka ho teba matšeliso ao Molimo a fanang ka ’ona ke moapostola Pauluse. Ka mor’a nako e lekang ka ho khetheha Asia le Macedonia, o ile a latsoa tokoloho e khōlō ha a utloa hore phutheho ea Korinthe e ne e arabetse hantle lengolong la hae la khalemelo. Sena se ile sa mo susumelletsa ho ba ngolla lengolo la bobeli, le nang le polelo e latelang ea thoriso: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.
6. Re ithuta eng mantsoeng a Pauluse a ho 2 Bakorinthe 1:3, 4?
6 Mantsoe ana a bululetsoeng a re fa boitsebiso bo bongata. A re a seka-sekeng. Ha Pauluse a rorisa Molimo kapa a mo leboha kapa a mo kōpa mangolong a hae, re atisa ho hlokomela hore o boetse o akarelletsa kananelo e tebileng bakeng sa Jesu, Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Baroma 1:8; 7:25; Baefese 1:3; Baheberu 13:20, 21) Kahoo, Pauluse o lebisa polelo ena ea thoriso ho “Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste.” Joale, ka lekhetlo la pele mangolong a hae, o sebelisa lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “mehauhelo e bonolo.” Lereho lena le tsoa lentsoeng le sebelisitsoeng ho bontša ho utloisoa bohloko ke litlhokofatso tsa e mong. Kahoo Pauluse o hlalosa maikutlo a bonolo a Molimo bakeng sa mang kapa mang ho bahlanka ba Hae ba tšepahalang ba matšoenyehong—maikutlo a bonolo a susumelletsang Molimo ho nka bohato ka mosa molemong oa bona. Qetellong, Pauluse o ile a talima ho Jehova joaloka mohloli oa tšoaneleho ena e lakatsehang ka ho mo bitsa “Ntate oa mehauhelo e bonolo.”
7. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle”?
7 “Mehauhelo e bonolo” ea Molimo e fella ka tokoloho ho ea matšoenyehong. Ka hona, Pauluse o tsoela pele ho hlalosa Jehova e le “Molimo oa matšeliso ’ohle.” Kahoo, matšeliso afe kapa afe ao re ka a fumanang ka lebaka la mosa oa balumeli-’moho le rōna, re ka talima ho Jehova e le mohloli oa ’ona. Ha ho matšeliso a sebele, a tšoarellang a sa tsoeng ho Molimo. Ho feta moo, ke eena ea bōpileng motho ka setšoantšo sa hae, kahoo a re nolofalletsa ho ba batšelisi. ’Me ke moea oa Molimo o halalelang o susumelletsang bahlanka ba hae ho bontša mehauhelo e bonolo ho ba hlokang matšeliso.
Ba Rupeletsoe ho ba Batšelisi
8. Le hoja Molimo e se mohloli oa liteko tsa rōna, ho mamella matšoenyeho ha rōna ho ka ba le phello efe e molemo ho rōna?
8 Le hoja Jehova Molimo a lumella liteko tse sa tšoaneng tse tlelang bahlanka ba hae ba tšepahalang, ha e e-s’o be mohloli oa liteko tse joalo le ka mohla. (Jakobo 1:13) Leha ho le joalo, matšeliso ao a fanang ka ’ona ha re mamella matšoenyeho a ka re koetlisa hore re elelloe litlhoko tsa ba bang haholoanyane. Ka phello efe? “E le hore re ka khona ho tšelisa ba mofuteng leha e le ofe oa matšoenyeho ka matšeliso ao rōna ka borōna re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.” (2 Bakorinthe 1:4) Kahoo Jehova o re koetlisetsa ho ba ba atlehang ho arolelana matšeliso a hae le balumeli-’moho le rōna le bao re kopanang le bona tšebeletsong ea rōna ha re ntse re etsisa Kreste ’me re “tšelisa ba llang kaofela.”—Esaia 61:2; Matheu 5:4.
9. (a) Ke’ng se tla re thusa ho mamella litlhokofatso? (b) Ba bang ba tšelisoa joang ha re mamella matšoenyeho ka botšepehi?
9 Pauluse o ile a mamella litlhokofatso tsa hae tse ngata ka lebaka la matšeliso a mangata ao a ileng a a fumana ho Molimo ka Kreste. (2 Bakorinthe 1:5) Le rōna re ka fumana matšeliso a mangata ka ho thuisa ka litšepiso tsa Molimo tsa bohlokoa, ka ho rapella tšehetso ea moea o halalelang oa hae, le ka ho fumana molemo likarabong tsa Molimo lithapelong tsa rōna. Kahoo re tla matlafaletsoa ho tsoela pele ho tšehetsa bobusi ba Jehova le ho paka Diabolose e le ea leshano. (Jobo 2:4; Liproverbia 27:11) Ha ka botšepehi re se re mameletse mofuta ofe kapa ofe oa matšoenyeho, re lokela hore, joaloka Pauluse, re ise tlotla eohle ho Jehova, eo matšeliso a hae a nolofalletsang Bakreste ho lula ba tšepahala tlas’a teko. Mamello ea Bakreste ba tšepahalang e na le phello e tšelisang ho bara ba motho, e etsa hore ba bang ba ikemisetse ho ‘mamella litlhokofatso tse tšoanang.’—2 Bakorinthe 1:6.
10, 11. (a) Lintho tse ling tse ileng tsa bakela phutheho ea Korinthe ea boholo-holo litlhokofatso ke life? (b) Pauluse o ile a tšelisa phutheho ea Korinthe joang, ’me o ile a bua ka tšepo efe?
10 Bakorinthe ba bile le karolo ea bona litlhokofatsong tse tlelang Bakreste bohle ba ’nete. Ho ekelletsa moo, ba ne ba hloka keletso ea ho khaola sehlola se sa bakeng. (1 Bakorinthe 5:1, 2, 11, 13) Ho hlōleha ho nka bohato bona le ho felisa ntoa le likarohano ho ne ho tliselitse phutheho eo nyeliso. Empa ba ile ba qetella ba sebelisitse keletso ea Pauluse ’me ba bontša pako ea ’nete. Kahoo, ka mofuthu o ile a ba babatsa ’me a bolela hore karabelo ea bona e ntle lengolong la hae e ne e mo tšelisitse. (2 Bakorinthe 7:8, 10, 11, 13) Kamoo ho bonahalang kateng, ea khaotsoeng le eena o ne a bakile. Ka hona Pauluse o ile a ba eletsa hore ba ‘mo tšoarele le ho mo tšelisa, e le hore ka tsela e itseng motho ea joalo a se ke a metsoa ke ho ba ha hae ea hlomohileng ka ho fetisisa.’—2 Bakorinthe 2:7.
11 Ka sebele, e tlameha ebe lengolo la Pauluse la bobeli le ile la tšelisa phutheho ea Korinthe. ’Me ona e ne e le o mong oa merero ea hae. O ile a hlalosa: “Tšepo ea rōna bakeng sa lōna ha e thekesele, joalokaha re hlile re tseba hore, feela joalokaha le le ba nang le karolo litlhokofatsong, ka tsela e tšoanang hape le tla ba le karolo matšelisong.” (2 Bakorinthe 1:7) Qetellong ea lengolo la hae, Pauluse o ile a phehella: “Le tsoele pele . . . ho tšelisoa, . . . ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna.”—2 Bakorinthe 13:11.
12. Bakreste bohle ba hloka eng?
12 Ke thuto ea bohlokoa hakaakang eo re ka ithutang eona ho see! Ho hlokahala hore litho tsohle tsa phutheho ea Bokreste li ‘arolelane matšeliso’ ao Molimo a fanang ka ’ona ka Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng. Esita le ba khaotsoeng ho ka etsahala hore ebe ba hloka matšeliso haeba ba bakile ’me ba tlohetse tsela ea bona e fosahetseng. Kahoo, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le entse tokisetso e mosa ea ho ba thusa. Hang ka selemo baholo ba babeli ba ka ’na ba etela ba itseng ba khaotsoeng. E ka ’na eaba bana ha ba sa na boikutlo ba borabele kapa ha ba sa kopanela sebeng se tebileng ’me e ka ’na eaba ba hloka thuso ea ho nka mehato e loketseng hore ba khutlisetsoe ka phuthehong.—Matheu 24:45; Ezekiele 34:16.
Matšoenyeho a Pauluse Asia
13, 14. (a) Pauluse o ile a hlalosa joang nako ea matšoenyeho a matla ao a ileng a thulana le ’ona Asia? (b) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a nahanne ka ketsahalo efe?
13 Mofuta oa litlhokofatso tseo phutheho ea Korinthe e neng e ile ea thulana le tsona ho fihlela mothating ona o ne o ke ke oa bapisoa le matšoenyeho a mangata ao Pauluse a neng a tlameha ho a mamella. Kahoo, o ne a ka ba hopotsa: “Ha re lakatse hore le hloke tsebo, barab’eso, ka matšoenyeho a ileng a re etsahalla seterekeng sa Asia, hore re ne re le tlas’a khatello e fetisisang e ka ’nģane ho matla a rōna, hoo re neng re se na bonnete ka ho feletseng esita le ka bophelo ba rōna. Ha e le hantle, re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re ne re amohetse kahlolo ea lefu. Hona e ne e le hore re ka ba le tšepo ea rōna, eseng ho rōna, empa ho Molimo ea tsosang bafu. Ho tsoa nthong e khōlō joaloka lefu o ile a fela a re pholosa ’me o tla re pholosa; ’me tšepo ea rōna e ho eena hore o tla boela a re pholose ka ho eketsehileng.”—2 Bakorinthe 1:8-10.
14 Litsebi tse ling tsa Bibele li lumela hore Pauluse o ne a bua ka morusu oa Efese, o ka beng o felletse ka lefu la Pauluse esita le la balekane ba hae ba babeli ba Macedonia bao a neng a tsamaea le bona, Gaiase le Aristakase. Bakreste bana ba babeli ba ile ba qobelloa ho kena ka lebaleng la liketsahalo le neng le tletse mahoo-hoo a ileng a “hooa hoo e ka bang ka lihora tse peli: ‘O moholo Artemise [molimotsana] oa Baefese!’” Qetellong, molaoli oa motse o ile a atleha ho khutsisa bongata bona. Tšokelo ena bophelong ba Gaiase le Aristakase e tlameha ebe e ile ea nyahamisa Pauluse haholo. Ha e le hantle, o ne a batla ho kena le ho behelana mabaka le mahoo-hoo ana a chesehang ka ho feteletseng, empa o ile a thibeloa ho beha bophelo ba hae kotsing ka tsela ena.—Liketso 19:26-41.
15. E ka ’na eaba ho ne ho hlalosoa boemo bofe bo feteletseng ho 1 Bakorinthe 15:32?
15 Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a hlalosa boemo bo feteletseng haholo ho feta ketsahalo e boletsoeng ka holimo. Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a botsa: “Haeba, joaloka batho, ke loanne le libata Efese, ke ha molemo oa eng ho ’na?” (1 Bakorinthe 15:32) Sena se ka ’na sa bolela hore bophelo ba Pauluse bo ne bo sa sokeloe feela ke batho ba bobatana empa bo ne bo sokeloa ke libata tsa sebele ka lebaleng la lipapali la Efese. Ka linako tse ling kotlo ea linokoane e ne e le ho qobelloa ho loantša libata ha bongata bo nyoretsoeng mali bo shebeletse. Haeba Pauluse o ne a bolela hore o ile a talimana le libata tsa sebele, e tlameha ebe motsotsong oa ho qetela ka mohlolo o ile a sireletsoa lefung le sehlōhō, joalokaha Daniele a ile a pholosoa litleneng tsa litau tsa sebele.—Daniele 6:22.
Mehlala ea Kajeno
16. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova tse ngata li ka ba matšoenyehong ao Pauluse a ileng a feta ho ’ona? (b) Re ka tiiseha ka eng mabapi le ba ileng ba e-shoa ka lebaka la tumelo ea bona? (c) Ho pholoha ha Bakreste lefung ka lesobana la nale ho bile le phello efe e molemo?
16 Bakreste ba bangata ba kajeno ba ka ba matšoenyehong ao Pauluse a bileng ho ’ona. (2 Bakorinthe 11:23-27) Le kajeno Bakreste ba bile “tlas’a khatello e fetisisang e ka ’nģane ho matla a [bona],” ’me ba bangata ba ’nile ba talimana le maemo ao ho ’ona ba ‘neng ba se na bonnete ka ho feletseng ka bophelo ba bona.’ (2 Bakorinthe 1:8) Ba bang ba shoetse matsohong a babolai ba bangata le bahlorisi ba sehlōhō. Re ka tiiseha hore matla a Molimo a tšelisang a ile a ba nolofalletsa ho mamella le ho shoa lipelo tsa bona le likelello li ntse li tsepame phethahatsong ea tšepo ea bona, ebang ke tšepo ea leholimong kapa ea lefatšeng. (1 Bakorinthe 10:13; Bafilippi 4:13; Tšenolo 2:10) Maemong a mang, Jehova o tsamaisitse litaba, ’me barab’abo rōna ba ’nile ba pholosoa lefung. Ha ho pelaelo hore ba pholositsoeng ka tsela eo ba hlaoletse tšepo e eketsehileng “ho Molimo ea tsosang bafu.” (2 Bakorinthe 1:9) Ka mor’a moo, ba ne ba ka bua ka kholiseho e eketsehileng ha ba ntse ba arolelana le ba bang molaetsa oa Molimo o tšelisang.—Matheu 24:14.
17-19. Ke liphihlelo life tse bontšang hore barab’abo rōna ba Rwanda ba ’nile ba ba le karolo matšelisong a Molimo?
17 Haufinyane barab’abo rōna ba ratehang ba Rwanda ba fetile phihlelong e tšoanang le ea Pauluse le balekane ba hae. Ba bangata ba ile ba e-shoa, empa boiteko ba Satane bo ile ba hlōleha ho felisa tumelo ea bona. Ho e-na le hoo, barab’abo rōna naheng ena ba latsoitse matšeliso a Molimo ka litsela tse ngata tsa botho. Nakong ea bohato ba ho timetsa Matutsi le Mahutu a lulang Rwanda, ho na le Mahutu a ileng a beha bophelo ba ’ona kotsing ho sireletsa Matutsi le Matutsi a ileng a sireletsa Mahutu. Ba bang ba ile ba bolaoa ke ba fetelletsang lintho, ba bolaeloa ho sireletsa balumeli-’moho le bona. Ka mohlala, Paki e ’ngoe ea Mohutu e bitsoang Gahizi e ile ea bolaoa ka mor’a ho pata morali’abo rōna oa Motutsi ea bitsoang Chantal. Monna oa Chantal oa Motutsi, Jean, o ne a patiloe sebakeng se seng ke morali’abo rōna oa Mohutu ea bitsoang Charlotte. Ka matsatsi a 40 Jean le mor’abo rōna e mong oa Motutsi ba ile ba lula ba patiloe ka har’a chomela e khōlō, ba e-tsoa ka nako e khutšoanyane feela bosiu. Nako ena eohle, Charlotte o ne a ba fa lijo le ho ba sireletsa, le hoja a lula haufi le kampo ea sesole ea Mahutu. Leqepheng lena, u ka bona setšoantšo sa Jean le Chantal ba boetseng ba kopane, ba lebohang hore ebe barapeli-’moho le bona ba Mahutu ba ile ba ‘beha melala ea bona kotsing’ bakeng sa bona, hantle feela joalokaha Priska le Akuila ba ile ba etsa bakeng sa moapostola Pauluse.—Baroma 16:3, 4.
18 Paki e ’ngoe ea Mohutu, Rwakabubu, e ile ea rorisoa ke koranta ea Intaremara bakeng sa ho sireletsa balumeli ba habo eona ba Matutsi.a E ile ea re: “E mong hape ke Rwakabubu, e mong oa Lipaki tsa Jehova, ea ileng a tsoela pele ho pata batho mona le mane har’a barab’abo (ke kamoo balumeli-’moho ba bitsanang kateng). O ne a tloaetse ho qeta letsatsi lohle a ba nketse lijo le metsi a nooang le hoja a tšoeroe ke asma. Empa Molimo o ile a etsa hore a be le matla a fetang a tloaelehileng.”
19 Hape nahana ka banyalani ba Mahutu ba thahasellang ba bitsoang Nicodeme le Athanasie. Pele bohato ba ho timetsa morabe o itseng bo qalisoa, banyalani bana ba ne ba ntse ba ithuta Bibele le Paki ea Motutsi e bitsoang Alphonse. Ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka ho pata Alphonse ka tlung ea bona. Hamorao ba ile ba hlokomela hore ntlo hase sebaka se sireletsehileng hobane baahisani ba bona ba Mahutu ba ne ba tseba ka motsoalle oa bona oa Motutsi. Ka lebaka leo, Nicodeme le Athanasie ba ile ba pata Alphonse mokoting o jareteng ea bona. Bona e ne e le bohato bo molemo hobane baahisani ba ile ba qala ho tla batla Alphonse hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Ha a ntse a le ka mokoting ona ka matsatsi a 28, Alphonse o ile a thuisa ka litlaleho tsa Bibele tse kang ea Rahaba, ea ileng a pata Baiseraele ba babeli marulelong a ntlo ea hae Jeriko. (Joshua 6:17) Kajeno Alphonse o tsoela pele ka tšebeletso ea hae Rwanda e le ’moleli oa litaba tse molemo, o leboha hore ebe liithuti tsa hae tsa Bibele tsa Mahutu li ile tsa beha bophelo ba tsona kotsing molemong oa hae. ’Me ho thoe’ng ka Nicodeme le Athanasie? Hona joale ke Lipaki tsa Jehova tse kolobelitsoeng ’me ba khannela batho ba thahasellang ba ka holimo ho 20 lithuto tsa Bibele.
20. Jehova o tšelisitse barab’abo rōna ba Rwanda ka tsela efe, empa bongata ba bona bo tsoela pele ho ba le tlhoko efe?
20 Ha ho qalisoa bohato ba ho timetsa morabe o itseng Rwanda, ho ne ho e-na le baboleli ba litaba tse molemo ba 2 500 naheng eo. Le hoja ba makholo ba shoele kapa ba ile ba tlameha ho balehela kantle ho naha, lenane la Lipaki le nyolohetse ka holimo ho 3 000. Boo ke bopaki ba hore ka sebele Molimo o ile a tšelisa barab’abo rōna. Ho thoe’ng ka likhutsana le bahlolohali ba bangata har’a Lipaki tsa Jehova? Ka ho tloaelehileng, bana ba ntse ba le matšoenyehong ’me ba hloka matšeliso a sa khaotseng. (Jakobo 1:27) Meokho ea bona e tla hlakoloa ka ho feletseng feela ha tsoho e fihla lefatšeng le lecha la Molimo. Leha ho le joalo, ba khona ho sebetsana ka katleho le bophelo ka lebaka la tšebeletso ea barab’abo bona le ho ba barapeli ba “Molimo oa matšeliso ’ohle.”
21. (a) Ke libakeng life tse ling moo barab’abo rōna ba ’nileng ba e-ba le tlhoko e potlakileng ea matšeliso a Molimo, ’me kaofela ha rōna re ka thusa ka tsela efe? (Bona lebokose “Matšeliso Lilemong Tse ’Nè Tsa Ntoa.”) (b) Tlhoko ea rōna ea matšeliso e tla khotsofatsoa ka ho feletseng neng?
21 Libakeng tse ling tse ngata tse kang Eritrea, Singapore le moo pele e neng e le Yugoslavia, barab’abo rōna ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe matšoenyeho. E se eka re ka thusa barab’abo rōna ba joalo ka ho etsa lithapeli tsa kamehla hore ba tšelisehe. (2 Bakorinthe 1:11) ’Me e se eka re ka mamella ka botšepehi ho fihlela nako eo ka eona Molimo ka Jesu Kreste a “tla hlakola meokho eohle mahlong a [rōna]” ka kutloisiso e feletseng. Joale ka tekanyo e feletseng re tla latsoa matšeliso ao Jehova a tla fana ka ’ona lefatšeng la hae le lecha la ho loka.—Tšenolo 7:17; 21:4; 2 Petrose 3:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa oa January 1, 1995, leqepheng la 26, o ile oa pheta phihlelo ea morali oa Rwakabubu, Deborah, eo thapelo ea hae e ileng ea sisinya maikutlo a sehlopha sa masole a Mahutu ’me ea pholosa lelapa polaong.
Na Ua Tseba?
◻ Ke hobane’ng ha Jehova a bitsoa “Molimo oa matšeliso ’ohle”?
◻ Re lokela ho ba le maikutlo afe ka matšoenyeho?
◻ Re ka arolelana matšeliso le bo-mang?
◻ Tlhoko ea rōna ea matšeliso e tla khotsofatsoa ka ho feletseng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jean le Chantal, le hoja e le Lipaki tsa Matutsi, ba ile ba patoa libakeng tse sa tšoaneng ke Lipaki tsa Mahutu nakong ea bohato ba ho timetsa morabe o itseng Rwanda
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho arolelana molaetsa oa Molimo o tšelisang le baahisani ba tsona Rwanda