Tumelo ea Hao e Matla Hakae?
“Ke ka tumelo ea lōna le emeng.”—2 BAKORINTHE 1:24.
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tumelo, ’me e ka matlafatsoa joang?
BAHLANKA ba Jehova baa tseba hore ba lokela ho ba le tumelo. Ha e le hantle, ‘kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ (Baheberu 11:6) Kahoo, ka bohlale re rapella moea o halalelang le tumelo, eo e leng e ’ngoe ea litholoana tsa oona tse molemo. (Luka 11:13; Bagalata 5:22, 23) Ho etsisa tumelo ea balumeli-’moho le rōna le hona ho ka matlafatsa tumelo ea rōna.—2 Timothea 1:5; Baheberu 13:7.
2 Tumelo ea rōna e ka ba matla ka ho eketsehileng ha re phehella seo Lentsoe la Molimo le reng Bakreste bohle ba se etse. Tumelo e ka eketseha ha re bala Bibele letsatsi le leng le le leng le ha re ithuta Mangolo ka khothalo re sebelisa lingoliloeng tse lokiselitsoeng ke “motsamaisi ea tšepahalang, ea masene.” (Luka 12:42-44; Joshua 1:7, 8) Re khothatsoa ke tumelo ea ba bang ha re e-ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste, likopanong tse khōlō le tse nyenyane. (Baroma 1:11, 12; Baheberu 10:24, 25) Tumelo ea rōna ea matlafala ha re bua le ba bang tšimong.—Pesaleme ea 145:10-13; Baroma 10:11-15.
3. Mabapi le tumelo, baholo ba Bakreste ba lerato ba re thusa joang?
3 Baholo ba lerato ba Bakreste ba re thusa ho matlafatsa tumelo ea rōna ka ho re fa keletso ea Mangolo le ka ho re khothatsa. Ba na le moea o tšoanang le oa moapostola Pauluse, ea ileng a re ho Bakorinthe: “Re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.” (2 Bakorinthe 1:23, 24) Phetolelo e ’ngoe e re: “Re batla ho sebelisana le lōna ka mokhoa o le thabisang, e seng ho le qōbella; etsoe le se le eme le tiile tumelong.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Ba lokileng ba phela ka lebaka la tumelo. Ha e le hantle, hase motho e mong ea ka bontšang tumelo molemong oa rōna kapa a etsa hore re tšepahale. Tabeng ena, ‘re lokela ho jara mojaro oa rōna.’—Bagalata 3:11; 6:5.
4. Litlaleho tsa Mangolo tsa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo li ka matlafatsa tumelo ea rōna joang?
4 Mangolo a na le litlaleho tse ngata tsa ba neng ba e-na le tumelo. Ho ka etsahala hore ebe re tseba liketso tsa bona tse ngata tse hlaheletseng, empa na re tseba tumelo eo ba neng ba e bontša letsatsi le letsatsi, mohlomong ka nako e telele? Hona joale, ho nahana hore na ba ne ba bontša tumelo ena joang maemong a tšoanang le a rōna, ho ka matlafatsa tumelo ea rōna.
Tumelo e re fa Sebete
5. Mangolo a na le bopaki bofe ba hore tumelo e re fa matla a hore re bolele lentsoe la Molimo ka sebete?
5 Tumelo e re fa matla a ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete. Ka sebete Enoke o ile a bolela esale pele hore Molimo o tla phethahatsa kahlolo ea hae. O ile a re: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) Ha ho pelaelo hore lira tse se nang bomolimo tsa Enoke li ile tsa batla ho mo bolaea ha li utloa mantsoe ana. Leha ho le joalo, tumelo e ile ea etsa hore a bue ka sebete, ’me Molimo “o ile a mo nka” ka ho mo robatsa lefung, mohlomong a etsa hore a se ke a utloa bohloko ba lona. (Genese 5:24; Baheberu 11:5) Rōna ha re sa bona mehlolo, empa Jehova o araba lithapelo tsa rōna e le hore re ka bolela lentsoe la hae ka tumelo le ka sebete.—Liketso 4:24-31.
6. Noe o ile a thusoa joang ke tumelo le sebete tseo Molimo a neng a mo file tsona?
6 Ka tumelo Noe o ile a “haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.” (Baheberu 11:7; Genese 6:13-22) Hape Noe e ne e le “’moleli oa ho loka” eo ka sebete a ileng a bolella batho ba mehleng ea hae temoso ea Molimo. (2 Petrose 2:5) E tlameha ebe ba ne ba soma molaetsa oa hae oa hore Moroallo oa tla, joalokaha ba bang ba soma ha re fana ka bopaki ba Mangolo ba hore tsamaiso ea hona joale ea lintho e tla tloha e fela. (2 Petrose 3:3-12) Leha ho le joalo, joaloka Enoke le Noe, re ka bolela molaetsa ona ka lebaka la tumelo le sebete tseo Molimo a re fileng tsona.
Tumelo e Etsa Hore re Mamelle
7. Abrahama le ba bang ba ile ba bontša tumelo le mamello joang?
7 Re hloka tumelo le mamello haholo ha re ntse re letetse bofelo ba tsamaiso ena e khopo. Abrahama mopatriareka ea tšabang Molimo, o har’a ‘bao ka tumelo le ho se fele pelo ba tla rua litšepiso.’ (Baheberu 6:11, 12) Ka tumelo o ile a tloha motseng oa Ure, o neng o e-na le lintho tsa bohlokoa, ’me ea e-ba mojaki naheng eo Molimo a neng a mo tšepisitse eona. Isaka le Jakobo e ne e le majalefa a tšepiso e tšoanang. Leha ho le joalo, “ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso.” Ka tumelo ba ile ba “hahamalla sebaka se molemo, ke hore, sa leholimo.” Ka lebaka leo, Molimo “o ba lokiselitse motse.” (Baheberu 11:8-16) E, Abrahama, Isaka le Jakobo—le basali ba bona ba tšabang Molimo—ba ile ba letela ’Muso oa Molimo oa leholimo ka mamello, ’me ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng ’musong oo.
8. Abrahama, Isaka le Jakobo ba ile ba bontša mamello le tumelo ho sa tsotellehe eng?
8 Abrahama, Isaka le Jakobo ha baa ka ba felloa ke tumelo. Ha baa ka ba rua Naha e Tšepisitsoeng ’me ha baa ka ba bona ha lichaba tsohle li itlhohonolofatsa ka peō ea Abrahama. (Genese 15:5-7; 22:15-18) Le hoja ‘motse o hahiloeng ke Molimo’ o ne o sa tl’o ba teng ho fihlela makholo a lilemo hamorao, banna bana ba ile ba tsoela pele ho bontša tumelo le mamello bophelong ba bona. Ka sebele kajeno re lokela ho etsa ho tšoanang kaha ’Muso oa Mesia o hlomiloe leholimong.—Pesaleme ea 42:5, 11; 43:5.
Tumelo e Etsa Hore re be le Lipakane Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
9. Tumelo e ama lipakane tsa rōna joang?
9 Bapatriareka ba tšepahalang ha baa ka ba nka mekhoa e litšila ea Bakanana, hobane ba ne ba e-na le lipakane tse phahameng haholoanyane. Ka ho tšoanang, tumelo e etsa hore re be le lipakane tsa moea tse re thusang hore re se ke ra nkoa ke lefatše le rapaletseng matleng a ea khopo, Satane Diabolose.—1 Johanne 2:15-17; 5:19.
10. Re tseba joang hore Josefa o ile a phehella pakane e phahameng ho feta ho hlahella lefatšeng?
10 Ka tataiso ea Molimo, mora oa Jakobo, Josefa, e ne e le motsamaisi oa lijo Egepeta, empa pakane ea hae e ne e se ho hlahella lefatšeng. Josefa o ne a e-na le tumelo ea hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahatsoa, ’me ha a le lilemo li 110 o ile a re ho barab’abo: “Kea shoa; empa ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lōna, ’me ka sebele o tla le ntša naheng ena a le ise naheng eo a e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.” Josefa o ile a kōpa hore a patoe naheng e tšepisitsoeng. Lefung la hae, setopo sa hae se ile sa tlotsoa hore se se ke sa bola ’me sa kenngoa ka lekeseng Egepeta. Empa ha Baiseraele ba lokolloa bokhobeng ba Egepeta, moprofeta Moshe o ile a nka masapo a Josefa hore a e’o epeloa Naheng e Tšepisitsoeng. (Genese 50:22-26; Exoda 13:19) Tumelo e tšoanang le ea Josefa e lokela ho re susumelletsa hore re phehelle lipakane tse phahameng ho feta ho hlahella lefatšeng.—1 Bakorinthe 7:29-31.
11. Moshe o ile a bontša ka tsela efe hore o na le lipakane tsa moea?
11 Moshe o ile “a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana” e le setho se rutehileng sa lelapa la borena la Egepeta. (Baheberu 11:23-26; Liketso 7:20-22) O ile a tela botumo ba lefatše mohlomong le phupu e khōlō ka lekeseng le majabajaba mabitleng a boemo a Egepeta. Empa seo e ne e tla ba sa bohlokoa ba eng ha se bapisoa le tokelo ea ho ba “monna oa Molimo oa ’nete,” ’muelli oa selekane sa Molao, moprofeta oa Jehova le mongoli oa Bibele? (Esdrase 3:2) Na u lakatsa ho hlahella lefatšeng, kapa na tumelo e entse hore u be le lipakane tsa moea tse phahameng haholoanyane?
Tumelo e Fella ka Bophelo bo Khotsofatsang
12. Tumelo e ile ea ama tsela eo Rahaba a neng a phela ka eona joang?
12 Tumelo e etsa hore batho ba be le lipakane tse phahameng hape e ba fa bophelo bo khotsofatsang. E tlameha ebe Rahaba oa Jeriko o ne a sa khotsofatsoe ke ho ba seotsoa. Leha ho le joalo, o ile a khotsofala hakaakang ha a putsoa ka lebaka la ho bontša tumelo! Ho ile “ha boleloa hore o lokile ka mesebetsi [ea tumelo], ka mor’a hore a bontše manģosa [a Baiseraele] kamohelo ea baeti le ho a ntša ka tsela e ’ngoe,” hoo a ileng a qoba lira tsa ’ona tsa Bakanana. (Jakobo 2:24-26) Rahaba o ile a hlokomela hore Jehova ke Molimo oa ’nete ’me o ile a bontša tumelo le ka ho lahla bophelo ba botekatse. (Joshua 2:9-11; Baheberu 11:30, 31) O ile a nyaloa ke mohlanka oa Jehova, eseng Mokanana ea sa lumelang. (Deuteronoma 7:3, 4; 1 Bakorinthe 7:39) Rahaba o ile a ba le tokelo e khōlō ea ho ba nkhono oa Mesia. (1 Likronike 2:3-15; Ruthe 4:20-22; Matheu 1:5, 6) Joaloka ba bang ba lahlileng boitšoaro bo bobe, o tla fumana moputso o mong oa ho tsohela ho tla phela lefatšeng la paradeise.
13. Davida o ile a etsa sebe sefe le Bathe-sheba, empa o ile a bontša boikutlo bofe?
13 Ka mor’a ho lahla botekatse, kamoo ho bonahalang kateng Rahaba o ile a phela bophelo bo hloekileng. Leha ho le joalo, ba bang bao e leng khale ba inehetse ho Molimo ba ’nile ba etsa libe tse khōlō. Morena Davida o ile a feba le Bathe-sheba, a etsa hore monna oa hae a bolaeloe ntoeng eaba o nka mosali oa hae. (2 Samuele 11:1-27) Davida o ile a ikoahlaea, ’me a kōpa Jehova ka matla a re: “U se ke ua tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na.” Moea oa Molimo ha oa ka oa tlohela Davida. O ne a e-na le tumelo ea hore Jehova mohaung oa hae a ke ke a nyelisa “pelo e robehileng le e sithabetseng” ka lebaka la sebe. (Pesaleme ea 51:11, 17; 103:10-14) Ka lebaka la tumelo ea bona, Davida le Bathe-sheba ba ile ba putsoa ka ho ba karolo ea lesika la Mesia.—1 Likronike 3:5; Matheu 1:6, 16; Luka 3:23, 31.
Tumelo e Matlafatsoa ke Thuso e Tsoang ho Molimo
14. Gideone o ile a kholisoa joang, ’me tlaleho ee e ama tumelo ea rōna joang?
14 Le hoja re tsamaea ka tumelo, ka linako tse ling re hloka ho kholisoa hore Molimo o tla re thusa. Ho bile joalo ka Moahloli Gideone, e mong oa “bao ka tumelo ba ileng ba hlōla mebuso likhohlanong.” (Baheberu 11:32, 33) Ha Bamidiane le ba entseng selekane le bona ba ne ba hlasela Iseraele, moea oa Molimo o ile oa aparela Gideone. Kaha o ne a batla ho kholiseha hore Jehova o eme le eena, o ile a kōpa ho etsa liteko ka ho siea boea bo kutiloeng seotlong bosiu. Tekong ea pele, phoka e ile ea lala feela holim’a boea bo kutiloeng, ’me fatše ha sala ho omme. Tekong ea bobeli ho ile ha etsahala se fapaneng. Lintho tsena li ile tsa kholisa Gideone ea seli ’me tsa mo matlafatsa, eaba o sebetsa ka tumelo ’me o hlōla lira tsa Iseraele. (Baahloli 6:33-40; 7:19-25) Haeba re batla ho kholiseha ha re talimane le ho etsa qeto, sena ha se bolele hore re haelloa ke tumelo. Ha e le hantle re bontša tumelo ka ho ea Bibeleng le ho lingoliloeng tsa Bokreste le ka ho rapella tataiso ea moea o halalelang ha re etsa liqeto.—Baroma 8:26, 27.
15. Ho nahana ka tumelo ea Barake ho ka re thusa joang?
15 Tumelo ea Moahloli Barake e ile ea matlafatsoa ka hore a kholisoe ka khothatso. Debora, moprofeta oa mosali, o ile a mo khothatsa hore a etelle pele ho lokolla Baiseraele khatellong ea Morena Jabine oa Mokanana. Ka tumelo le kholiseho ea hore Molimo o mo tšehelitse, Barake o ile a etella pele banna ba 10 000 ba sa hlomelang hantle ho ea ntoeng ’me a hlōla mabotho a maholo haholo a Jabine a neng a laoloa ke Sisera. Tlhōlo eo e ile ea thoholetsoa pineng e monate ea Debora le Barake. (Baahloli 4:1–5:31) Debora o ile a khothalletsa Barake hore a sebetse e le moeta-pele oa Iseraele ea khethiloeng ke Molimo, ’me e ne e le e mong oa bahlanka ba Jehova bao ka tumelo ba ileng “ba qhalakanya mabotho a basele.” (Baheberu 11:34) Ha re nahana kamoo Molimo a ileng a hlohonolofatsa Barake ha a ile a bontša tumelo, sena se ka ’na sa re susumelletsa hore re nke khato haeba ka linako tse ling re tsilatsila ho phetha likabelo tsa rōna tse thata tšebeletsong ea Jehova.
Tumelo e Khothalletsa Khotso
16. Abrahama o ile a beha mohlala ofe ha a phehella khotso le Lota?
16 Joalokaha tumelo e re thusa ho phetha likabelo tse thata tšebeletsong ea Molimo, e boetse e khothalletsa khotso le khutso. Abrahama ea hōlileng o ile a lumella Lota ngoan’a ngoan’abo hore a khethe lekhulo le nonneng haholo ha balisa ba bona ba qabana ’me ho hlokahala hore ba arohane. (Genese 13:7-12) E tlameha ebe Abrahama o ile a rapella hore a be le tumelo ea hore Molimo o tla ba thusa ho rarolla bothata bona. Ho e-na le ho inahanela, o ile a lokisa litaba ka khotso. Haeba re qabane le mor’abo rōna oa Mokreste, a re rapelleng tumelo ’me re “batle khotso,” re ntse re hopola mohlala oa Abrahama oa ho nahanela ka lerato.—1 Petrose 3:10-12.
17. Ke hobane’ng ha re ka re khohlano e neng e bonahala e le teng pakeng tsa Pauluse, Barnabase le Mareka e ile ea felisoa ka khotso?
17 Nahana kamoo ho sebelisa melao-motheo ea Bokreste ka tumelo ho ka re thusang ho khothalletsa khotso kateng. Ha Pauluse a le haufi le ho qala leeto la hae la bobeli la boromuoa, Barnabase o ile a lumela ha a re ba boele ba etele liphutheho tsa Cyprase le Asia Minor. Leha ho le joalo, Barnabase o ne a batla hore ba tsamaee le motsoal’ae Mareka. Pauluse o ile a hana hobane Mareka o ne a ile a ba lahla kherehloa Pamfilia. Ho ile ha e-ba “le ho phatloha ho hoholo ka bohale,” ’me ba ile ba arohana ka lebaka la qabang ena. Barnabase o ile a nka Mareka ha a e-ea Cyprase, athe Pauluse eena o ile a khetha ho tsamaea le Silase ’me “a pholletsa le Syria le Silisia, a matlafatsa liphutheho.” (Liketso 15:36-41) Hamorao, ho bonahala hore khohlano ena e ile ea felisoa, hobane Mareka o ile a ba le Pauluse Roma ’me moapostola Pauluse o ile a mo bua hantle. (Bakolose 4:10; Filemone 23, 24) Ha Pauluse e ne e le motšoaruoa Roma hoo e ka bang ka 65 C.E., o ile a re ho Timothea: “Nka Mareka ’me u tle le eena, kaha o na le thuso ho ’na bakeng sa ho sebeletsa.” (2 Timothea 4:11) Kamoo ho bonahalang kateng, ka tumelo Pauluse o ne a ile a rapella kamano ea hae le Barnabase le Mareka, ’me sena se ile sa fella ka khutso e tsamaisanang le “khotso ea Molimo.”—Bafilipi 4:6, 7.
18. E ka ’na eaba ho ile ha etsahala joang tabeng ea Evodia le Syntike?
18 Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala, “kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Mathata a ile a hlaha pakeng tsa basali ba babeli ba Bakreste, bao Pauluse a ileng a ngola ka bona a re: “Evodia kea mo eletsa le Syntike kea mo eletsa hore ba be le kelello e tšoanang Moreneng. . . . U ’ne u thuse basali bana ba loanneng le ’na re bapile ka mahlakore litabeng tse molemo.” (Bafilipi 4:1-3) Ho ka etsahala hore ebe basali bana ba tšabang Molimo ba ile ba rarolla bothata ba bona ka khotso ka ho sebelisa keletso e tšoanang le e tlalehiloeng ho Matheu 5:23, 24. Ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo ka tumelo ho tla khothalletsa khotso haholo kajeno.
Tumelo e re Thusa ho Mamella
19. Ke boemo bofe bo lekang bo sa kang ba senya tumelo ea Isaka le Rebeka?
19 Ka tumelo re ka boela ra mamella mahloriso. Mohlomong re nyahame ka lebaka la setho sa lelapa se kolobelitsoeng se tlōtseng molao oa Molimo ka ho kena lenyalong le motho ea sa lumelang. (1 Bakorinthe 7:39) Isaka le Rebeka ba ile ba utloa bohloko ka lebaka la hore mora oa bona Esau o ile a nyala basali ba sa tšabeng Molimo. Basali ba hae ba Bahethe ba ne “ba utloisa moea oa [bona] bohloko”—hoo Rebeka a ileng a re: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo a ka nka mosali ho barali ba Hethe joaloka bana ba tsoang har’a barali ba naha, bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?” (Genese 26:34, 35; 27:46) Leha ho le joalo, boemo bona bo lekang ha boa ka ba senya tumelo ea Isaka le Rebeka. E se eka re ka lula re e-na le tumelo e matla ha re hlaheloa ke maemo a thata.
20. Naomi le Ruthe ba re behela mohlala ofe oa tumelo?
20 Naomi, mohlolohali ea hōlileng e ne e le Mojudea ’me o ne a tseba hore basali ba bang ba Juda ba ka ’na ba beleha bara bao e neng e ka ba baholo-holo ba Mesia. Leha ho le joalo, ka lebaka la hore bara ba hae ba ne ba shoele ba se na bana ’me le eena a se a ke ke a hlola a beleha, monyetla oa hore lelapa la hae e be karolo ea lesika la Mesia o ne o le monyenyane ka sebele. Leha ho le joalo, Ruthe, ngoetsi ea hae ea mohlolohali, e ile ea e-ba mosali oa Boaze ea hōlileng, o ile a tsoalla Boaze mora ’me ea e-ba nkhono oa Jesu, Mesia! (Genese 49:10, 33; Ruthe 1:3-5; 4:13-22; Matheu 1:1, 5) Naomi le Ruthe ba ile ba mamella mahlomola ka lebaka la tumelo ea bona ’me sena se ile sa ba tlisetsa thabo. Le rōna re tla thaba haholo haeba re lula re e-na le tumelo ha re le mahlomoleng.
21. Ke eng seo tumelo e re etsetsang sona, ’me re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
21 Le hoja re sa tsebe se tla re hlahela nakong e tlang, ka tumelo re ka thulana ka katleho le bothata leha e le bofe. Tumelo e re fa sebete le mamello. E etsa hore re be le lipakane tse phahameng ka ho fetisisa le bophelo bo khotsofatsang. Tumelo e na le liphello tse ntle likamanong tsa rōna le ba bang ’me e re thusa ho mamella mahlomola. Kahoo, e se eka re ka ba “mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” (Baheberu 10:39) Ka matla a Molimo oa rōna ea lerato Jehova, a re tsoeleng pele ho bontša tumelo e matla, re mo tlotlisa.
U ka Araba Joang?
• Ho na le bopaki bofe ba Mangolo ba hore tumelo e ka re fa sebete?
• Ke hobane’ng ha re ka re tumelo e re fa bophelo bo khotsofatsang?
• Tumelo e khothalletsa khotso joang?
• Ho na le bopaki bofe ba hore tumelo e re thusa ho mamella mahlomola?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Tumelo e ile ea fa Noe le Enoke sebete sa ho bolela melaetsa ea Jehova
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Tumelo e tšoanang le ea Moshe e re susumelletsa ho phehella lipakane tsa moea
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ho kholisoa hore Molimo o tla ba thusa ho ile ha matlafatsa tumelo ea Barake, Debora le Gideone