“E Khōlō ka ho Fetisisa ho Tsena ke Lerato”
“Leha ho le joalo, joale ho setse tsena tse tharo, tumelo, tšepo, lerato; empa e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.”—1 BA-KORINTHE 13:13, “NW.”
1. Setsebi se seng sa anthropology se ile sa re’ng ka lerato?
SE SENG sa litsebi tse hlahelletseng ka ho fetisisa tsa anthropology lefatšeng se kile sa re: “Ka lekhetlo la pele historing ea libōpuoa tsa mofuta oa rōna re qala ho utloisisa hore tlhokahalo ea lerato ke eona ea bohlokoa ka ho fetisisa litlhokahalong tsohle tsa batho tsa maikutlo. E eme setsing sa litlhokahalo tsohle tsa batho feela joalokaha letsatsi le eme bohareng ba litsela tseo lipolanete li tsamaeang ho tsona ’me lipolanete li ntse li le pota-pota. . . . Ngoana ea neng a sa ratoe o fapane haholo le ngoana ea neng a ratoa ka tsela eo lik’hemik’hale li sebetsang ka eona ’meleng oa hae, ka tsela e tloaelehileng eo ’mele o sebetsang ka eona, le maikutlong. Ngoana ea neng a sa ratoe o hōla a fapane le ngoana ea neng a ratoa. Hona joale seo re se tsebang ke hore motho o tsoaletsoe ho phela joalokaha eka ho phela le ho ratoa ke ntho e le ’ngoe. Ka ho hlakileng, sena ha se secha. Sena se tiisa Thuto ea Thabeng.”
2. (a) Moapostola Pauluse o ile a bontša bohlokoa ba lerato joang? (b) Ke lipotso life tseo joale li lokelang ho hlahlobjoa?
2 E, joalokaha monna enoa ea rutehileng oa lefatše a ile a lumela, ’nete ena e mabapi le bohlokoa ba lerato boiketlong ba motho hase ntho e ncha. E ka ’na eaba ke hona barutehi ba lefatše ba qalang ho e utloisisa hona joale, empa e ile ea hlaha ka hare ho Lentsoe la Molimo nakong e ka holimo ho lilemo tse makholo a 19 tse fetileng. Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a neng a ka ngola: “Leha ho le joalo, joale ho setse tsena tse tharo, tumelo, tšepo, lerato; empa e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.” (1 Ba-Korinthe 13:13, NW) Na ua tseba hore ke hobane’ng ha lerato le le leholo ho tumelo le tšepo? Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lerato ke tšoaneleho e khōlō ka ho fetisisa litšoanelehong tsa Molimo le litholoaneng tsa moea oa oona?
Mefuta e Mene ea Lerato
3. Ho na le mehlala efe ea lerato le susumetsoang ke maikutlo ka Mangolong?
3 Matla a motho a ho bontša lerato ke pontšo ea bohlale ba Molimo le kameho e lerato ka batho. Ho thahasellisang ke hore Bagerike ba boholo-holo ba ne ba e-na le mantsoe a mane a emelang “lerato.” Le leng e ne e le eʹros, e bolelang lerato le susumetsoang ke maikutlo le amahanngoang le khoheli ea botona le botšehali. Ha ho moo bangoli ba Mangolo a Segerike a Bokreste ba ileng ba sebelisa eʹros teng, le hoja Septuagint e sebelisa mefuta ea lentsoe leo ho Liproverbia 7:18 le 30:16, ’me ho na le litšupiso tse ling tsa lerato le susumetsoang ke maikutlo ka Mangolong a Seheberu. Ka mohlala, re bala ka hore Isaaka o ile a “rata” Rebeka. (Genese 24:67) Mohlala o hlokomelehang ka sebele oa lerato lena o fumanoa tabeng ea Jakobo, eo ho bonahalang eka o ile a rata Ragele e motle ha a qala ho ’mona. Ha e le hantle, “Jakobo [o ile] a sebeletsa bohali ba Ragele ka lilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, lilemo tseo tsa ka litšiu tse seng kae.” (Genese 29:9-11, 17, 20, BPN) Sefela sa Lifela le sona se bua ka lerato le susumetsoang ke maikutlo le neng le le teng pakeng tsa molisana le moroetsana. Empa ho lokela ho hatisoe ka matla hore lerato la mofuta ona, leo e ka bang mohloli oa khotsofalo le thabo e khōlō, le lokela ho bontšoa feela ka tsela e lumellanang le litekanyetso tsa Molimo tse lokileng. Bibele e re bolella hore monna a ka ‘thabisoa pelo ka litšiu tsohle’ ke lerato la mosali oa hae eo a mo nyetseng ka molao feela.—Liproverbia 5:15-20.
4. Mohlala oa lerato la lelapa o bontšitsoe joang ka Mangolong?
4 Joale le leng ke lerato le matla la lelapa, kapa lerato le mofuthu la tlhaho, le theiloeng kamanong ea mali, leo Bagerike ba neng ba e-na le lentsoe stor·geʹ bakeng sa lona. Ke lona le entseng hore ho be le polelo e reng, “Mali aa llelana.” Re fumana mohlala o motle oa sena leratong leo likhaitseli tsa Lazaro, Maria le Maretha, li neng li e-na le lona ho khaitseli ea tsona. Hore e ne e le oa bohlokoa haholo ho tsona ho bontšoa ke kamoo li ileng tsa lla haholo ka teng ha a e-shoa ka tšohanyetso. Hape li ile tsa nyakalla hakaakang ha Jesu a tsosa khaitseli ea tsona e ratoang Lazaro! (Johanne 11:1-44) Lerato leo ’mè a nang le lona ho ngoan’a hae ke mohlala o mong oa lerato la mofuta ona. (Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 2:7.) Ka hona, ho hatisa hore na lerato leo a neng a na le lona ho Sione le ne le le leholo hakaakang, Jehova o ile a bolela hore le ne le bile le le leholo ho feta lerato leo ’mè a nang le lona ho ngoan’a hae.—Esaia 49:15.
5. Khaello ea lerato e bonahala joang kajeno?
5 Pontšo e ’ngoe ea hore re phela “matsatsing a ho qetela” ka ‘linako tsa ’ona tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’ ke khaello ea “lerato le mofuthu la tlhaho.” (2 Timothea 3:1, 3, NW) Ka lebaka la hore lerato la lelapa lea haella, bacha ba bang ba baleha malapeng, ’me bana ba bang ba seng ba hōlile ba hlokomoloha batsoali ba bona ba hōlileng. (Bapisa le Liproverbia 23:22.) Khaello ea lerato le mofuthu la tlhaho e boetse e bontšoa ke ho ata ha tšoaro e mpe ea bana—batsoali ba bang ba otla bana ba bona hampe hoo ho eeng ho hlokahale hore ba kenngoe sepetlele. Khaello ea lerato la botsoali e boetse e bonahala ho hlōleheng ha batsoali ba bangata ho khalemela bana ba bona. Ho tlohella bana hore ba itsamaele ka tsela ea bona hase bopaki ba lerato empa ke ho ba lumella ho iketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e ratang. Ntate eo kannete a ratang bana ba hae o tla ba khalemela ha ho hlokahala.—Liproverbia 13:24; Ba-Heberu 12:5-11.
6. Fana ka mehlala ea Mangolo e bontšang lerato le mofuthu pakeng tsa metsoalle.
6 Ho boetse ho na le lentsoe la Segerike phi·liʹa, le bontšang lerato le mofuthu (le se nang maikutlo a likamano tsa botona le botšehali) pakeng tsa metsoalle, joaloka le pakeng tsa banna kapa basali ba babeli ba baholo. Re fumana mohlala o motle oa sena leratong leo Davida le Jonathane ba neng ba ratana ka lona. Ha Jonathane a bolaoa ntoeng, Davida o ile a mo llela, a re: “Ke tsielehile ka baka la hao, Jonathane, ngoan’eso: u no u khahleha ho ’na; lerato la hao ho ’na e ne e le le makatsang, le fetang lerato la basali!” (2 Samuele 1:26) Re boetse re ithuta hore Kreste o ne a e-na le lerato le khethehileng ho moapostola Johanne, ea neng a tsejoa e le morutuoa “ea ratoang ke Jesu.”—Johanne 20:2.
7. A·gaʹpe e na le sebōpeho sefe, ’me lerato lee le ile la bontšoa joang?
7 Pauluse o ile a sebelisa lentsoe lefe la Segerike ho 1 Ba-Korinthe 13:13 (NW), moo a boletseng tumelo, tšepo, le lerato ’me a re “e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato”? Mona lentsoe le sebelisitsoeng ke a·gaʹpe, le tšoanang le leo moapostola Johanne a ileng a le sebelisa ha a re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, 16, BPN) Lena ke lerato le tataisoang kapa le laoloang ke melao-motheo. Le ka ’na la akarelletsa lerato le mofuthu le lerato le khethehileng kapa la se ke la le akarelletsa, empa ke boikutlo bo hlokang boithati kapa bo nang le kameho ea ho etsetsa ba bang se molemo ho sa tsotellehe litšoaneleho tsa motho eo le bontšoang ho eena kapa melemo leha e le efe e ka tlang ho motho ea le bontšang. Lerato la mofuta ona le ile la susumelletsa Molimo hore o fane ka letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa pelong ea oona, Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Joalokaha Pauluse a re hopotsa hantle: “Ho thata hore motho a shoele ea lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shoela ea molemo, empa Molimo o bontšitse lerato la hae ho rōna, ka hore Kreste a re shoele ha re ne re sa le baetsalibe.” (Ba-Roma 5:7, 8, BPN) E, a·gaʹpe e etsetsa ba bang se molemo ho sa tsotellehe boemo ba bona bophelong kapa tšenyehelo e ka tlang ho ea bontšang lerato leo.
Ke Hobane’ng ha le le Leholo ho Tumelo le Tšepo?
8. Ke hobane’ng ha a·gaʹpe e le khōlō ho tumelo?
8 Empa ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re lerato la mofuta oo (a·gaʹpe) le leholo ho tumelo? Ho 1 Ba-Korinthe 13:2 (BPN) o ile a ngola: “Leha nka ba le nèo ea boporofeta, ’me ka tseba liphiri tsohle tsa Molimo, ka ba ka li utloisisa, esita leha nka ba le tumelo eohle e hlokahalang ho suthisa lithaba, empa ha ke se na lerato, ha ke letho.” (Bapisa le Mattheu 17:20.) E, haeba boiteko ba rōna ba ho fumana tsebo le ho hōla tumelong bo ne bo ka etsoa ka morero oa boithati, sena se ne se ke ke sa re tlisetsa molemo o tsoang ho Molimo. Ka ho tšoanang, Jesu o ile a bontša hore ba bang ba ne ba tla ‘profeta ka lebitso la hae, ba leleke bademona ka lebitso la hae, ’me ba etse mehlolo e mengata ka lebitso la hae’ empa o ne a ke ke a ba amohela.—Mattheu 7:22, 23.
9. Ke hobane’ng ha lerato le le leholo ho tšepo?
9 Ke hobane’ng ha lerato la mofuta oa a·gaʹpe le boetse le le leholo ho tšepo? Ke hobane tšepo e ka ’na ea etsa hore motho a ichebe boeena, a amehe haholo-holo ka melemo e tlang ho eena, athe lerato “ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 5, NW) Ho feta moo, tšepo—joaloka tšepo ea ho pholoha ‘mahlomoleng a maholo’ ho kena lefatšeng le lecha—ea fela ha se neng se tšepiloe se phethahala. (Mattheu 24:21) Joalokaha Pauluse a bolela: “Re pholositsoe ka ho lebella ka tšepo, empa ho lebella se seng se le teng ha e sa le ho tšepa, hobane motho a ka lebella joang seo a seng a e-na le sona? Empa ha re tšepile ho fumana seo re e-song ho be le sona, re se lebella ka mamello.” (Ba-Roma 8:24, 25, BPN) Lerato ka bolona le mamella lintho tsohle, ’me le ka mohla ha le hlōlehe. (1 Ba-Korinthe 13:7, 8, NW) Ka hona, lerato le hlokang boithati (a·gaʹpe) le leholo ho tumelo kapa tšepo.
Na le Leholo ho Bohlale, Toka, le Matla?
10. Ke hobane’ng ha ho ka thoe lerato ke eona tšoaneleho e khōlō ka ho fetisisa litšoanelehong tsa Molimo tse khōlō tse ’nè?
10 Joale a re ke re talimeng litšoaneleho tse ’nè tse khōlō tsa Jehova Molimo: bohlale, toka, matla, le lerato. Na ho ka boela ha thoe lerato ke lona le leholo ka ho fetisisa litšoanelehong tsee? Ka sebele ho ka boleloa joalo. Hobane’ng? Hobane lerato ke ’ona matla a susumetsang seo Molimo o se etsang. Ke ka lebaka leo moapostola Johanne a ileng a ngola: “Molimo ke lerato.” E, Jehova ke mothofatso oa lerato. (1 Johanne 4:8, 16, BPN) Ha ho kae kapa kae ka Mangolong moo re balang hore Molimo ke bohlale, toka, kapa matla. Ho e-na le hoo, re bolelloa hore Jehova o na le litšobotsi tsena. (Jobo 12:13; Pesaleme ea 147:5; Daniele 4:37, NW) Litšoaneleho tsena tse ’nè li teng ho eena ka ho leka-lekana ho phethahetseng. Jehova a susumetsoa ke lerato, o phethahatsa merero ea hae ka ho sebelisa litšoaneleho tse ling tse tharo kapa ka ho li ela hloko.
11. Ke eng e ileng ea susumelletsa Jehova ho bōpa bokahohle le libōpuoa tsa moea le tsa batho?
11 Kahoo, ke eng e ileng ea susumelletsa Jehova ho bōpa bokahohle le libōpuoa tse bohlale tsa moea le tsa batho? Na e ne e le bohlale kapa matla? Che, hobane Molimo o ile oa mpa oa sebelisa bohlale le matla a oona pōpong. Ka mohlala, rea bala: “Jehova o theile lefatše ka bohlale.” (Liproverbia 3:19) Ho feta moo, tšoaneleho ea hae ea bohlale e ne e sa hloke hore a bōpe libōpuoa tse ka iketsetsang boikhethelo ba se nepahetseng kapa se fosahetseng ka bolokolohi. Lerato la Molimo le ile la o susumelletsa hore o arolelane le ba bang thabo ea ho ba teng e le boleng bo bohlale. Ke lerato le ileng la fumana tsela ea ho tlosa thohako eo toka e neng e e tlisitse holim’a batho ka lebaka la tšito ea Adama. (Johanne 3:16) E, ke lerato le ileng la susumelletsa Jehova ho rera hore batho ba utloang ba tle ba phele Paradeiseng ea lefatšeng e tlang.—Luka 23:43.
12. Re lokela ho arabela joang matleng, tokeng, le leratong tsa Molimo?
12 Ka lebaka la hore Molimo o matla ’ohle, le ka mohla ha rea lokela ho o bakela poulelo. Pauluse o ile a botsa: “Re rata ho boulelisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?” (1 Ba-Korinthe 10:22) Ka ho hlakileng, Jehova ke “Molimo o boulelang,” eseng ka kutloisiso e mpe, empa ka ho “batla boinehelo bo khethehileng.” (Exoda 20:5; King James Version) Joaloka Bakreste, re hlolloa ke lipontšo tse ngata tsa bohlale ba Molimo bo ke keng ba fihleloa. (Ba-Roma 11:33-35) Tlhompho ea rōna e khōlō bakeng sa toka ea oona e lokela ho etsa hore re qobe sebe sa ka boomo. (Ba-Heberu 10:26-31) Empa ha ho pelaelo hore lerato ke eona tšoaneleho e khōlō ka ho fetisisa litšoanelehong tse ’nè tse khōlō tsa Molimo. ’Me ke lerato la Jehova le hlokang boithati le re atametsang ho eena le bileng le etsang hore re batle ho mo khahlisa, ho mo rapela, le ho kopanela ho tlotliseng lebitso la hae le halalelang.—Liproverbia 27:11.
Tholoana ea Moea e Khōlō ka ho Fetisisa
13. Lerato le hlahella hokae har’a litholoana tsa moea oa Molimo?
13 Lerato le hlahella joang har’a litholoana tse robong tsa moea oa Molimo, tse boletsoeng ho Ba-Galata 5:22, 23? (NW) Litholoana tsena ke “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” Pauluse o ile a beha lerato e le lona la pele lethathamong ka lebaka le letle. Na lerato le leholo ho thabo, tšobotsi e latelang eo a e bolelang? E, le leholo ho eona, hobane ho ke ke ha ba le thabo ea nako e telele ha lerato le le sieo. Ha e le hantle, lebaka le leholo leo ka lona lefatše le hlokang thabo hakana ke boithati, khaello ea lerato. Empa Lipaki tsa Jehova lia ratana, ebile li rata Ntat’a tsona oa leholimo. Kahoo re lokela ho lebella hore e be tse thabileng, ’me ho ile ha boleloa esale pele hore li ne li “tla bina ka baka la thabo ea lipelo tsa [tsona].”—Esaia 65:14.
14. Ke hobane’ng ha ho ka thoe lerato le leholo ho tholoana ea moea ea khotso?
14 Hape lerato le leholo ho tholoana ea moea khotso. Ka lebaka la khaello ea lerato, lefatše le tletse khohlano le ntoa. Empa batho ba Jehova ba lutse hammoho ka khotso lefatšeng lohle. Mantsoe a mopesaleme ke ’nete ho bona: “Jehova o tla hlohonolofatsa sechaba sa hae ka khotso.” (Pesaleme ea 29:11) Ba na le khotso ena hobane ba na le letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete, e leng lerato. (Johanne 13:35) Ke lerato feela le ka hlōlang litšusumetso tse bakang karohano, e-bang ke tsa morabe, tsa bochaba, kapa tsa thuto. Ke “tlamo e phethehileng ea bonngoe.”—Ba-Kolosse 3:14, NW.
15. Karolo e phahameng ka ho fetisisa eo lerato le e phethang e bonahala joang ha le bapisoa le tholoana ea moea ea tiisetso?
15 Karolo e phahameng ka ho fetisisa eo lerato le e phethang e boetse e bonahala ha le bapisoa le tiisetso, ho mamella se fosahetseng kapa ho phephetsoa. Ho ba le tiisetso ho bolela ho mamella le ho lieha ho halefa. Ke eng e etsang hore batho ba felloe ke mamello kapa ba halefe ka potlako? Na hase khaello ea lerato? Leha ho le joalo, Ntat’a rōna oa leholimo o na le tiisetso ’me ‘o lieha ho halefa.’ (Exoda 34:6; Luka 18:7, NW) Hobane’ng? Hobane oa re rata ’me “ha a lakatse hore ofe kapa ofe a timetsoe.”—2 Petrose 3:9, NW.
16. Lerato le hlaha joang ha le bapisoa le mosa, molemo, bonolo, le boitšoaro?
16 Pejana re ile ra bona hore na ke hobane’ng ha lerato le le leholo ho tumelo, ’me mabaka a fanoeng aa sebetsa le litholoaneng tsa moea tse setseng, e leng mosa, molemo, bonolo, le boitšoaro. Tsena kaofela ke litšobotsi tse hlokahalang, empa li ke ke tsa re tsoela molemo ha lerato le le sieo, feela joalokaha Pauluse a ile a bolela ho 1 Ba-Korinthe 13:3, moo a ileng a ngola: “’Me leha nka aba maruo a ka ’ohle, ka fana ka ’ona, kapa leha nka tela ’mele oa ka hore o chesoe, ha ke se na lerato, tseo ha li nthuse ka letho.” Ka lehlakoreng le leng, ke lerato le hlahisang litšobotsi tse kang mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro. Ka hona, Pauluse o ile a tsoela pele ho bolela hore lerato le mosa le hore “le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.” E, “lerato ha le hlōlehe le ka mohla o le mong.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 7, 8, NW) Ho ’nile ha hlokomeloa hore litholoana tse ling tsa moea ke liponahatso, kapa litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa lerato, e leng eona tšobotsi e boletsoeng pele. Ruri hoa utloahala hore har’a litšobotsi tse robong kaofela tsa moea, ka sebele lerato ke eona e khōlō ka ho fetisisa.
17. Ke lipolelo life tsa Mangolo tse tšehetsang qeto ea hore lerato ke eona tholoana ea moea e khōlō ka ho fetisisa?
17 Mantsoe a Pauluse a tšehetsa qeto ea hore lerato ke eona tholoana e khōlō ka ho fetisisa ea moea oa Molimo: “Le se ke la ba le molato ho motho, ha e se oa ho ratana; hobane ea ratang ba bang ke eena ea phethileng molao. Hobane melao e . . . akarelitsoe ke polelo ena e reng: Rata oa heno [“moahisani,” NW], joale ka ha u ithata. Lerato ha le etse oa habo motho hampe; ke moo lerato e leng phetho ea molao.” (Ba-Roma 13:8-10) Ka ho loketseng, morutuoa Jakobo o bua ka molao ona oa hore u rate moahisani oa hao joalokaha u ithata e le “molao oo e leng morena.”—Jakobo 2:8, NW.
18. Ho na le bopaki bofe bo eketsehileng ba hore lerato ke eona tšobotsi e khōlō ka ho fetisisa?
18 Na ho sa ntsane ho e-na le bopaki ba hore lerato ke eona tšobotsi e khōlō ka ho fetisisa? E, ka sebele bo teng. Nahana ka se ileng sa etsahala ha mongoli e mong a botsa Jesu: “Taelo e tlang pele ho tsohle ke efe?” E ka ’na eaba o ne a lebelletse hore Jesu a qotse e ’ngoe ea Litaelo tse Leshome. Empa Jesu o ile a qotsa Deuteronoma 6:4, 5 (NW) ’me a re: “Ea pele ke ena, ‘Utloa, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong, ’me u tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo eohle ea hao le ka sephefumolohi sohle sa hao le ka mohopolo oohle oa hao le ka matla ’ohle a hao.’” Joale Jesu o ile a phaella: “Ea bobeli ke ena, ‘U tlameha ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.’ Ha ho taelo e ’ngoe e khōlō ho tsena.”—Mareka 12:28-31, NW.
19. Tse ling tsa litholoana tse hlahelletseng tsa a·gaʹpe ke life?
19 Ruri Pauluse o ne a sa fetelletse litaba ha a bua ka tumelo, tšepo, le lerato ’me a re: “E khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.” Ho bontša lerato ho tlisa likamano tse ntle pakeng tsa rōna le Ntat’a rōna oa leholimo le ba bang, ho akarelletsa ba ka phuthehong le litho tsa malapa a rōna. Lerato le na le tšusumetso e matlafatsang ho rōna. ’Me sehlooho se latelang se tla bontša hore na ha e le hantle lerato la ’nete e ka ba le putsang hakae.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Lerato le leholo ho tumelo le tšepo joang?
◻ A·gaʹpe ke eng, hona lerato le joalo le bontšoa joang?
◻ Ke hobane’ng ha lerato e le eona tšoaneleho e khōlō ka ho fetisisa litšoanelehong tsa Molimo tse khōlō tse ’nè?
◻ Lerato le leholo ho litholoana tse ling tsa moea ka litsela life?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lerato le ile la susumelletsa Molimo hore o bōpe batho hore ba tl’o phela paradeiseng ea lefatšeng. Na u na le tšepo ea ho re u tla ba teng moo?