Moea oa Boithaopo o Tlisa Batho Gileade
SEKOLO sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se etselitsoe ho koetlisetsa banna le basali ba inehetseng tšebeletsong ea ho ba baromuoa linaheng lisele. Ke bo-mang ba tlang Gileade? Ke ba nang le moea oa boithaopo. (Pesaleme ea 110:3) Sena se ile sa totobala ka la 8 September, 2001, ha sehlopha sa bo111 se abeloa mangolo.
Liithuti tse ling tsa sehlopha sena li ne li se ntse li ithaopetse ho tlohela malapa, metsoalle le linaha tsa habo tsona ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō teng. Ka ho etsa joalo, li ile tsa leka ho bona hore na li ka lokisa maemo a tsona e le hore li phele maemong a batlang a fapane le a habo tsona. Ka mohlala, Richer le Nathalie ba ile ba lokisa litaba tsa bona e le hore ba fallele Bolivia, Todd le Michelle bona ba ile ba ea Dominican Republic, ’me David le Monique ba ile ba ea naheng ea Asia ho ea jala litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Liithuti tse ling li ne li se li ile tsa sebetsa Nicaragua, Ecuador le Albania.
Christy o ile a khothalletsoa ho ithuta puo ea Sepanishe ha a le sekolong se phahameng, e leng se ileng sa thusa ho mo lokisetsa ho lula lilemo tse peli Ecuador pele a nyaloa. Ba bang ba ile ba kopanela le liphutheho tsa ba buang lipuo lisele linaheng tsa habo bona. Kaha Saul le Priscilla ba ne ba talimane le bothata bo fapaneng, ba ile ba bontša moea oa boithaopo ka ho sebetsa ka thata ho ntlafatsa Senyesemane sa bona pele ba tla sekolong sena.
Libeke tse 20 tsa ho koetlisetsoa boromuoa li ile tsa fela ka potlako. Letsatsi la ho abeloa mangolo le ile la fihla, ’me liithuti li ne li e-na le metsoalle le beng ka tsona, li mametse keletso e bohlale le mantsoe a khothatsang a karohano.
Molula-setulo oa lenaneo e ne e le Theodore Jaracz, ea ileng a abeloa lengolo sehlopheng sa bosupa sa Sekolo sa Gileade, ’me hona joale o sebetsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Mantsoe a hae a selelekela a ile a hlakisa ’nete ea hore joaloka mokhatlo o hlophisitsoeng, ha ho mohla re ileng ra fapoha pakane ea ho koetlisa liithuti Gileade, e leng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mareka 13:10) Gileade e hlomella liithuti tse tšoanelehang hore li etse mosebetsi ona oa ho bolela ka tekanyo e fetang ea pele le hore li bolele libakeng tsa lefatše tseo ho tsona baromuoa ba koetlisitsoeng ba hlokahalang ka ho khetheha. Mor’abo rōna Jaracz o ile a eletsa liithuti hore li sebelise thuto ea tsona ea Gileade hamolemo ha li kena khabong le baromuoa ba ntseng ba sebetsa linaheng tse 19 tseo bana ba fumanang mangolo ba neng ba e-ea ho tsona.
Keletso e Nakong Bakeng sa ba Abeloang Mangolo
Ho ile ha latela letoto la lipuo. William Van De Wall, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala ea United States, o ile a bua ka taba e reng, “Cheseho ea Boromuoa ke Letšoao la Bakreste ba ’Nete.” O ile a bua ka mosebetsi oa ho ‘etsa barutuoa,’ o tlalehiloeng ho Matheu 28:19, 20, ’me o ile a eletsa liithuti a re: “Etsisang Jesu, ea ileng a etsa mosebetsi oa hae oa boromuoa ka cheseho le ka mafolofolo.” Ho thusa bana bao e neng e il’o ba baromuoa ho boloka cheseho ea mosebetsi oa boromuoa, o ile a ba khothatsa a re: “Le khomarele kemiso e khonehang; le be le mekhoa e metle ea thuto ea botho, le kheme le litaba tsa puso ea Molimo; ’me kamehla le hopole mabaka a hore na ke hobane’ng ha le le likabelong tsa lōna.”
Ea ileng a latela lenaneong e ne e le Guy Pierce, setho sa Sehlopha se Busang. O ile a bua ka sehlooho se reng, “Tsoelang Pele ho Ntlafatsa ‘Matla a Lōna a ho Nahana.’” (Baroma 12:1) O ile a fa sehlopha se abeloang mangolo keletso e thusang, a ba khothalletsa ho sebelisa matla ao ba a filoeng ke Molimo a ho nahana le ho beha mabaka. O ile a re: “Tsoelang pele ho nahana ka botebo hore na Jehova o le bolella’ng ka Lentsoe la hae. Sena se tla le sireletsa.” (Liproverbia 2:11) Ntho e ’ngoe eo Mor’abo rōna Pierce a ileng a e bolella sehlopha sena ke hore ba se ke ba tsitlella maikutlong a bona hoo ba ka sitisang “matla a [bona] a ho nahana.” Ka sebele, likhopotso tsena tse nakong li tla thusa ha liithuti li ntse li sebetsa e le baromuoa.
Ka mor’a moo, molula-setulo o ile a bitsa e mong oa barupeli ba Gileade, e leng Lawrence Bowen, ea ileng a bua ka sehlooho se reng, “Etsa Qeto ea ho se Tsebe Letho.” O ile a bolela hore mosebetsing oa hae oa boromuoa Korinthe, moapostola Pauluse o ne a ‘entse qeto ea ho se tsebe letho haese Jesu Kreste, le eena e le ea ileng a khokhotheloa thupeng.’ (1 Bakorinthe 2:2) Pauluse o ne a tseba hore matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng, e leng moea o halalelang, a tšehetsa molaetsa o senotsoeng hohle ka Bibeleng: Ho tlosoa qoso ha bobusi ba Jehova ka Peō e tšepisitsoeng. (Genese 3:15) Liithuti tse 48 tse fuoang mangolo li ile tsa phehelloa hore li tšoane le Pauluse le Timothea le hore e be baromuoa ba atlehileng, ba khomarelang “mohlala oa mantsoe a phelisang hantle.”—2 Timothea 1:13.
Sehlooho sa letoto la lipuo tsa selelekela e ne e le se reng, “Ananela Tokelo ea Hao e Hlollang, Mpho e Tsoang ho Molimo.” Wallace Liverance, mongolisi Sekolong sa Gileade, o ile a thusa ba fuoang mangolo ho ananela hore litokelo tsa tšebeletso ke lipontšo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo, eseng ntho eo ba tlamehang ho e fuoa kapa eo ba e sebelelitseng. Ha a bua ka mohlala oa moapostola Pauluse, Mor’abo rōna Liverance o ile a re: “Jehova ha aa ka a khetha Pauluse hore e be moapostola oa lichaba ka lebaka la mesebetsi, hoo ho neng ho ka bonahala eka Pauluse o sebelelitse tokelo ea ho ba kabelong eo kapa hore e ne e le tlamo hore a e fumane. E ne e sa itšetleha ka ho kena mosebetsing pele ho ba bang kapa ka bokhoni. Ho ea ka batho, ho ne ho ka ’na ha bonahala eka tokelo ena e tšoanela Barnabase. E ne e sa itšetleha ka bokhoni ba motho; ho bonahala eka Apolose e ne e le sebui se hloahloa ho feta Pauluse. E ne e le pontšo ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Baefese 3:7, 8) Mor’abo rōna Liverance o ile a khothalletsa ba fuoang mangolo hore ba sebelise limpho tsa bona, kapa litokelo tsa bona tsa tšebeletso, ho thusa ba bang hore e be metsoalle ea Molimo le baamoheli ba “mpho eo Molimo a fanang ka eona . . . , [ea] bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 6:23.
Ka mor’a sena, Mark Noumair, morupeli e mong oa Gileade, o ile a tšoara puisano e phelang le liithuti tse ’maloa ka sehlooho se reng, “Tokisetso e Hlahisa Litholoana Tse Molemo.” (Liproverbia 21:5) Liphihlelo tsena li ne li bontša hore ha ’moleli a lokisetsa tšebeletso hantle, haholo ha a lokisa pelo ea hae, o tla thahasella batho e le kannete. Le ka mohla a ke ke a timelloa ke hore na o tšoanetse ho re’ng. Ho e-na le hoo, o tla bua, hape o tla etsa lintho tse tla ba thusa moeeng. Mor’abo rōna Noumair ha a hopola phihlelo ea hae ha e ne e le moromuoa Afrika o ile a re: “Sena ke sona senotlolo sa ho ba moromuoa ea atlehileng.”
Tšebeletso ea Boromuoa ke Mosebetsi o Khotsofatsang
Ralph Walls le Charles Woody ba ile ba buisana le baromuoa ba bang ba nang le phihlelo, ba neng ba le Setsing sa Thupelo sa Patterson ho ea koetlisoa ka mokhoa o khethehileng. Lipuisano tsena li ile tsa hatisa hore tšebeletsong ea boromuoa thabo e tlisoa ke ho rata batho. Liithuti tsena le malapa abo tsona hammoho le metsoalle ea tsona ba neng ba le har’a bamameli, ba ile ba matlafatsoa ke ho mamela baromuoa bana ba nang le phihlelo ha ba hlalosa ka bobona hore na ke hobane’ng ha mosebetsi oa boromuoa o khotsofatsa.
John E. Barr, ea sebetsang Sehlopheng se Busang, o ile a fana ka puo ea sehlooho ea letsatsi leo, ’me sehlooho sa eona se ne se re, “Binelang Jehova Pina e Ncha.” (Esaia 42:10) Mor’abo rōna Barr o ile a bolela hore polelo e reng, “pina e ncha” e hlaha ka makhetlo a robong ka Bibeleng. O ile a botsa potso, “Pina ee e ncha e bua ka eng?” Eaba oa araba: “Taba e e potolohileng e bontša hore pina e ncha e binoa ka lebaka la liphetoho tšebelisong ea bobusi ba Jehova.” O ile a phehella liithuti hore li tsoele pele ho tlatsetsa ka mantsoe a tsona ha ho binoa lithoko tsa ’Muso o hlōlang oa Molimo o matsohong a Kreste Jesu, Morena oa Bomesia. Mor’abo rōna Barr o ile a bolela hore koetliso eo ba e fumaneng Gileade e ba thusitse ho utloisisa ka botebo ho feta pele litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa “pina [ena] e ncha.” “Sekolo se totobalitse bohlokoa ba ho ‘binela’ Jehova lithoko hammoho le bara le barali babo lōna kae kapa kae moo le eang teng; kamehla le hlaolele bonngoe le ba bang likabelong tsa lōna.”
Hoba liithuti li abeloe mangolo, ’muelli oa sehlopha sena o ile a bala lengolo la teboho e tsoang botebong ba pelo bakeng sa koetliso eo ba e fumaneng Gileade.
Na u ka atolosa tšebeletso eo u e etsetsang Molimo ’me ua etsa hore e be e behang haholo? Haeba ho joalo, ikitlaetse joaloka liithuti tsena tse abeloang mangolo. Ke sona se ba thusitseng hore ba tšoanelehele tšimo ea boromuoa. Ho fumanoa thabo e khōlō ha motho a ithaopa ka thabo ho inehela tšebeletsong ea Molimo.—Esaia 6:8.
[Lebokose le leqepheng la 25]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tseo se li emetseng: 10
Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 19
Palo ea liithuti: 48
Karolelano ea lilemo: 33,2
Karolelano ea lilemo ’neteng: 16,8
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 12,6
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa Bo111 se Abeloang Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.
(1)Yeomans, C.; Toukkari, A.; Nuñez, S.; Phillips, J.; Dawkin, M.; Silvestri, P. (2)Morin, N.; Biney, J.; López, M.; Van Hout, M.; Cantú, A.; Szilvassy, F. (3)Williams, M.; Itoh, M.; Van Coillie, S.; Levering, D.; Fuzel, F.; Geissler, S. (4)Yeomans, J.; Moss, M.; Hodgins, M.; Dudding, S.; Briseño, J.; Phillips, M. (5)López, J.; Itoh, T.; Sommerud, S.; Kozza, C.; Fuzel, G.; Moss, D. (6)Williams, D.; Dudding, R.; Geissler, M.; Morin, R.; Biney, S.; Cantú, L. (7)Dawkin, M.; Hodgins, T.; Levering, M.; Silvestri, S.; Van Hout, D.; Briseño, A. (8)Van Coillie, M.; Nuñez, A.; Kozza, B.; Sommerud, J.; Toukkari, S.; Szilvassy, P.