Kamoo ho ka Thusoang ba Tepelletseng Maikutlo Hore ba Fumane Thabo Hape
EPAFRODITE, morutuoa oa Mokreste oa lekholong la pele la lilemo, o ne a tepelletse maikutlo. O ne a ile a romeloa ho ea hlokomela litlhoko tsa moapostola Pauluse ea neng a le litlamong empa o ile a kula haholo ka boeena. Le hoja Epafrodite a ne a hlaphohetsoe, o ne a tepelletse maikutlo hobane phutheho ea habo, e neng e mo rometse Roma, e ne e ile ‘ea utloa hore oa kula.’ (Ba-Filippi 2:25, 26) Ho batla ho imolla likelello tsa bona ka sena, le hoja a ne a le hōle hakaalo, ho ile ha mo tepelletsa maikutlo. Mohlomong o ne a boetse a ikutloa hore ba mo nka a hlōtsoe ho phetha mosebetsi oa hae. O ne a ka thusoa joang hore a fumane thabo ea hae hape?
Epafrodite o ile a khutlisetsoa hahabo Filippi a nkile lengolo le tsoang ho moapostola Pauluse. Ho lona, Pauluse o ile a laela phutheho eo: “Le mo nehe kamohelo e tloaelehileng Moreneng ka thabo eohle; ’me le ’ne le nke banna ba mofuta o joalo e le ba bohlokoa.” (Ba-Filippi 2:27-30, NW) Bakreste ba Filippi ba ile ba phehelloa ho atametsa Epafrodite haufi le bona ka tsela e neng e tla tšoanela tšoaneleho ea botsoalle e khethollang phutheho ea Bokreste. Mantsoe a bona a tšelisang a ne a tla mo bontša hore o nketsoe holimo haholo, e, ‘o nkoa e le oa bohlokoa.’ Tlhokomelo ena e tletseng thabo e ne e tla etsa ho hongata ho mo thusa hore a fumane topollo ho tepelleng ha hae kelellong.
Mohlala ona o bontša hore le hoja Bakreste ka kakaretso ba ‘ithabela Moreneng,’ ba bang har’a bona ba utloa bohloko bo sa tšoaneng ba ho tepella maikutlo. (Ba-Filippi 4:4) Ho tepella maikutlo ho fetelletseng ke ho ferekana maikutlo ho tebileng hoo ka linako tse ling ho ’nileng ha isa ho ipolaeeng. Ka linako tse ling, tšebetso ea boko le metsoako e meng ea ’mele lia ameha. Leha ho le joalo, ho tepella maikutlo hangata ho ka theoloa ke thuso e nang le temoho e fanoang ke ba bang. Kahoo, Pauluse o ile a fana ka khothatso ena: “Le bue ka mokhoa o tšelisang ho meea e tepelletseng maikutlo.” (1 Ba-Thessalonika 5:14, NW) Ka lebaka leo, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ka thabo li fana ka tšehetso ea maikutlo ho meea e tepelletseng maikutlo. Boikarabelo bona bo ile ba hlokomeloa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Bokreste morao koana ka 1903, hobane ka nako eo The Watch Tower e ile ea re ka meea e tepelletseng maikutlo, kapa ba pelo li fokolang: “Ba lipelo li fokolang le ba fokolang, ba ne ba tla hloka thuso, tšehetso, khothatso.” Empa u ka thusa meea e tepelletseng maikutlo joang?
Pele, ka ho bontša ‘ho utloelana bohloko,’ u ka khona ho thusa ea tepelletseng maikutlo hore a senole “ho tšoenyeha” ha pelo ea hae. Ka morao ho moo, “lentsoe le molemo” le tsoang ho uena le ka mo thusa hore a thabe. (1 Petrose 3:8, TLP; Liproverbia 12:25, NW) Ho mo lumella feela hore a bue ka bolokolohi le hore a utloisise kameho ea hao ho ka tlisa topollo e ngata. Mary, Mokreste oa lesooa ea ileng a loana le ho tepella maikutlo o ile a hlalosa: “Ke ne ke e-na le metsoalle e ’meli eo ke neng nka tšollela pelo ea ka ho eona ka sebele. Ke ne ke hloka motho ea ka mamelang.” Ho ba le eo u ka kopanelang mehopolo e ka hare-hare le eena ka matšoenyeho a bophelo ho ka bolela ho hongata haholo.
Leha ho le joalo, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela ho mamela le ho fana ka keletso e sa tebang e kang, “U se ke ua sheba litaba tsa bophelo ka bobeng,” kapa, “U nahane ka tsela e molemo.” Lipolelo tse joalo li ka hlahatsa ho haelloa ke ho ipeha boemong ba e mong ’me e ka ba tse sa lokelang ho hang ha motho e mong a tepelletse maikutlo, joalokaha Liproverbia 25:20 e bontša ha e re: “Ho hlobola kobo mohla ho hatsetseng, . . . ke ho hlabela pelo e hlomohileng lipina tsa menyaka.” Lipolelo tse nang le tšepo ka ho sa utloahaleng le tsona li ka ’na tsa siea motho ea tepelletseng maikutlo a ikutloa a tšoenyehile ho feta pele. Hobane’ng? Hobane boiteko bo joalo ha bo sebetsane le mabaka a ho tepella maikutlo ha hae.
Matlafatsa ka Mantsoe
Motho ea tepelletseng maikutlo ka mokhoa o fetelletseng o ikutloa a sa sareloa feela empa mohlomong a bile a se na thuso ’me a se na le tšepo. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “meea e tepelletseng maikutlo” le hlile le bolela “ba moea o monyenyane.” Seithuti se seng sa Legerike se hlalosa lentsoe ka tsela ena: “Ea sebetsang ka thata tlas’a khathatso eo, hoo pelo ea hae e tebang ka ho eena.” Kahoo, liliba tsa maikutlo a hae li pshele, ho se ikhalale ha hae ho theohile.—Bapisa le Liproverbia 17:22.
Mopatriareka Jobo o itse: ‘Nka le matlafatsa ka molomo oa ka.’ (Jobo 16:5) Lentsoe la Seheberu bakeng sa “matlafatsa” ka linako tse ling le fetoleloa e le “ho fa matla” kapa “ho eketsa matla.” Le sebelisetsoa ho hlalosa kamoo tempele e ileng ea ‘tiisoa’ ka ho lokisoa ha mohaho. (Esaia 41:10; Nahume 2:1, NW; 2 Likronike 24:13) Mantsoe a hao a lokela hore ka bohlale a tsosolose ho se ikhalale ha motho ea tepelletseng maikutlo, setene holim’a setene, kamoo re ka bolelang. Ho etsa sena ho hloka hore u ipiletse ‘matleng a hae a ho nahana.’ (Ba-Roma 12:1, NW) Tokollo ea 1903 ea The Watch Tower e qotsitsoeng pejana e itse mabapi le ba tepelletseng maikutlo: “Ka lebaka la . . . ho ikhalala, ba hloka hore ba etelletsoe pele hanyenyane, e le hore ba hlahise litalenta tseo ba hlileng ba nang le tsona, molemong oa ho ba khothatsa le molemong oa tlhohonolofatso ea ntlo eohle ea tumelo.”
Mohlala oa Bibele oa Elkana le mosali oa hae ea tepelletseng maikutlo Anna o bontša kamoo u ka matlafatsang ka mantsoe, joalokaha ho ile ha etsa Jobo. Elkana o ne a e-na le basali ba babeli. E mong ho bona, Peninna, o ne a e-na le bana ba bangata, empa Anna e ne e le nyopa. Mohlomong, Anna o ne a inka a se na thuso. (Bapisa le Genese 30:1.) Joalokaha eka mojaro ona o ne o se boima ho lekana, Peninna o ne a mo tsunya-tsunya hoo a ileng a bokolla le ho felloa ke takatso ea lijo. Le hoja Elkana a ne a sa hlokomele botebo ba ho tsieleha ha hae, ha a bona boemo ba hae, o ile a botsa: “Anna, u llela’ng, ’me ha u je ke’ng? Na pelo ea hao e ntšofaletse’ng?”—1 Samuele 1:1-8.
Lipotso tsa Elkana tse mosa, tse sa nģoseng li ile tsa neha Anna monyetla oa ho hlalosa maikutlo a hae ka mantsoe. E-bang o ile a arabela kapa che, o ile a thusoa ho hlahlobisisa hore na e ka ’na eaba ke hobane’ng ha a ikutloa a se na thuso. Kahoo, hape, moea o tepelletseng maikutlo o ka ’na oa re, ‘Ke mpa ke le motho ea mobe feela.’ U ka botsa, ‘Ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo?’ Joale mamela ka hloko ha a ikimollela ho uena seo a se utloang pelong ea hae.—Bapisa le Liproverbia 20:5.
Elkana joale o ile a botsa Anna potso ena e matlafatsang haholo: “Na, ho uena, ha ke fetise bara ba leshome na?” Anna o ile a hopotsoa kameho e mofuthu ea Elkana ho eena, ho sa tsotellehe bonyopa ba hae. Elkana o ne a mo nka e le oa bohlokoa, ’me ka lebaka leo o ne a ka fihlela qeto ea hore: “Ha e le hantle, ha ke ea se nang thuso hakaalo-kaalo. Ka sebele ke na le lerato le tebileng la monna oa ka!” Mantsoe a hae a ile a matlafatsa Anna, hobane o ile a qala ho ja ’me a ea tempeleng.—1 Samuele 1:8, 9.
Joalokaha Elkana a ile a toba taba ’me a hula tlhokomelo ea mosali oa hae hore e ee lebakeng le utloahalang la hore a ikutloe hamolemo ka boeena, ba lakatsang ho thusa batho ba tepelletseng ba tlameha ho etsa ka ho tšoanang. Ka mohlala, Mokreste ea bitsoang Naomi o ile a bua sena ka se ileng sa mo thusa hore a fumane thabo ea hae hape: “Ba bang ho metsoalle ba ile ba rorisa tsela eo ke neng ke hōlisa mora oa ka ka eona, kamoo ke hlokomelang ntlo ea ka ka teng, haesita le tsela eo ke neng ke boloka ponahalo ea ka ka eona ho sa tsotellehe ho tepella ha ka maikutlo. Khothatso ena e ile ea bolela ho hongata haholo!” E, pabatso e tšoanelehang e thusa moea o tepelletseng hore o bone litšoaneleho tse ntle tsa oona le hore o itekanye ka ho loketseng ka hore na ke oa bohlokoa hakae.
Haeba mosali oa hao a tepelletse maikutlo, ke hobane’ng ha u sa batle ho mo haha tumellanong le mantsoe a Liproverbia 31:28, 29? Mono rea bala: “Monna oa hae le eena oa mo rorisa, o re: Barali ba bangata ba bile khabane, empa uena, u ba feta bohle.” Ho ntse ho le joalo, mosali ea tepelletseng maikutlo a ka ’na a se ke a amohela khakanyo e joalo, kaha a ka ’na a ikutloa joaloka ea hlōlehileng hobane a sitoa ho hlokomela mesebetsi ea lelapa hantle kamoo a nahanang hore o lokela ho etsa ka teng. Leha ho le joalo, ka ho mo hopotsa hore na ke mosali oa mofuta ofe ka hare, le hore na o ne a le joang pele a utloa ho tepella maikutlo, mohlomong u ka khona ho mo kholisa hore thoriso ea hao hase ho phoqa feela ho se nang thuso. Hape u ka ’na ua lumela hore seo a se etsang hona joale se emela boiteko bo boholo. U ka re: ‘Kea tseba hore na ho ile ha u hloka eng hore u etse sena. Ho babatseha hakaakang hore u etse boiteko bo boholo hakaalo!’ Ho fumana kamohelo le thoriso ea molekane oa motho le bana, ba tsebang motho hamolemo haholo, ke habohlokoa ho tsosolosa ho se ikhalale.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:33, 34.
Tšebeliso ea mehlala ea Bibele e ka ’na ea thusa motho ea tepelletseng maikutlo hore a bone hore na ke liphetoho life monahanong tse ka ’nang tsa hlokahala. Ka mohlala, mohlomong motho o ameha ho tlōla ka maikutlo a ba bang. U ka ’na ua bua ka mohlala oa Epafrodite eaba ua botsa: ‘U nahana hore o ile a tepella maikutlo ka lebaka lefe ha a tseba hore phutheho ea habo e utloile hore o ne a kula? Na o ne a hlōlehile ka sebele? Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re a nkoe e le oa bohlokoa? Na bohlokoa ba sebele ba Epafrodite e le motho bo ne bo itšetlehile ka tokelo ea tšebeletso eo a neng a e-na le eona?’ Lipotso tse joalo li ka ’na tsa thusa Mokreste ea tepelletseng maikutlo hore a itšebelisetse tsona le ho hlokomela hore ha aa hlōleha hakaalo-kaalo.
“Le Tšehetse ba Fokolang”
Bibele ea phehella: “Le tšehetse ba fokolang.” (1 Ba-Thessalonika 5:14, NW) Boteng ba metsoalle e mengata ea Bakreste e ka fanang ka tlhokomelo e sebetsang ke molemo o mong oa bolumeli ba ’nete. Metsoalle ea sebele ke ba ‘tsoaletsoeng ho thusa mohl’a tsatsi la tsietsi,’ ’me kannete ba khomarela motho ea tepelletseng maikutlo. (Liproverbia 17:17, Bibele, Phetolelo e Ncha) Ha moapostola Pauluse a ne a ikutloa a ‘kokobetse,’ ’me a e-na le ‘ho tšoha ka hare,’ o ile a tšelisoa “ke ho fihla ha Tite.” (2 Ba-Korinthe 7:5, 6) Ka ho tšoanang, ho chakeloa ka pelo e mofuthu le ho letsetsoa fono-fono ka linako tse loketseng ho ka ananeloa ka botebo ke meea e tepelletseng maikutlo. U ka ’na ua botsa hore na ho na le tsela leha e le efe eo u ka fanang ka thuso e sebetsang, e kang ho tsamaisa melaetsa, ho etsa mosebetsi oa ntlo, kapa tse ling tse joalo.a Mokreste e mong ea bitsoang Maria o re: “Ha ke ne ke tepelletse maikutlo, motsoalle o ile a ’ngolla ka makhetlo a mangata ’me ka mehla o ne a kenyelletsa mangolo a khothatsang. Ke ne ke ee ke bale lengolo la hae hangata, ke lla ha ke ntse ke le bala. Mangolo a joalo a ne a tšoana le gauda ho ’na.”
Ka mor’a ho khothalletsa phutheho hore e thuse “meea e tepelletseng maikutlo,” Pauluse o re: “Le be le mamello ho bohle. Le bone hore ha ho e mong ea busetsang kotsi ka kotsi ho mang kapa mang e mong.” (1 Ba-Thessalonika 5:14, 15, NW) Mamello ke ea bohlokoa, hobane ka lebaka la bohloko ba kelello, monahano o mobe, le ho khathala ka mokhoa o sekhahla ka lebaka la ho hloka boroko, motho ea tepelletseng maikutlo a ka ’na a arabela ka “puo e hlaha,” joalokaha ho ile ha etsa Jobo. (Jobo 6:2, 3, NW) Rachelle, Mokreste eo ’m’ae a ileng a tepella maikutlo ka sekhahla, o ile a senola: “Ka makhetlo a mangata, ’Mè o ne a ee a bue ntho e ’ngoe e tletseng lehloeo. Boholo ba makhetlo ana, ke ne ke leka ho ikhopotsa hore na ’Mè e hlile ke motho ea mosa hakae—ea lerato, ea mosa, le ea fanang. Ke ile ka ithuta hore batho ba tepelletseng maikutlo ba bua lintho tse ngata tseo ba sa li rerang. Ntho e mpe ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang ke ho busetsa ka mantsoe a mabe kapa liketso tse mpe.”
Basali ba bang ba Bakreste ba hōlileng tsebong ba ka ’na ba e-ba boemong bo khethehileng ba ho tlisa topollo ho basali ba bang ba tšoeroeng ke ho tsieleha maikutlo. (Bapisa le 1 Timothea 5:9, 10.) Basali bana ba tšoanelehang ba Bakreste ba ka ikemisetsa ho bua le ba joalo ka mokhoa o tšelisang liketsahalong tse loketseng. Ka linako tse ling ke ho loketseng haholoanyane hore bo-khaitseli ba Bakreste ba hōlileng tsebong ho e-na le baena ba tsoele pele ho thusa mosali ea joalo. Ka ho hlophisa litaba le ka ho ba laola ka ho loketseng, baholo ba Bakreste ba ka bona hore meea e tepelletseng maikutlo e fumana tlhokomelo e hlokahalang.
Baholo ba Nang le Maleme a Rutehileng
Balisa ba moea ka ho khetheha ba tlameha ho ba le “tsebo le temoho” e le hore ba ka “tseba kamoo ba ka buang ho khothatsa ba khathetseng.” (Jeremia 3:15, NW; Esaia 50:4, Beck) Leha ho le joalo, haeba moholo a se hlokolosi, a sa rera, a ka ’na a etsa hore motho ea tepelletseng maikutlo a ikutloe hampe ho feta. Ka mohlala, metsoalle e meraro ea Jobo kamoo e neng e nahana ka teng e ne e ile ho ea ‘bontša qenehelo ho eena le ho mo tšelisa.’ Empa mantsoe a eona, a neng a susumetsoa ke pono e fosahetseng ea tsietsi ea Jobo, a ile a sebeletsa ho mo ‘thumakanya’ ho e-na le ho mo tšelisa.—Jobo 2:11; 8:1, 5, 6; 11:1, 13-19; 19:2.
Lihlooho tse sa tšoaneng likhatisong tsa Watch Tower li ’nile tsa thathamisa melao-motheo e ka sebelisoang ho eletseng batho ka bomong.b Baholo ba bangata ba ’nile ba sebelisa taba e joalo. Leha ho le joalo, maemong a mang lipolelo tse sa nahaneleng tsa baholo—tse etsoang lipuisanong tsa botho kapa lipuong—li ’nile tsa e-ba kotsi haholo. Ka hona baholo ba se ‘ke ba bua ka ho se nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole’ empa e be ka ‘leleme le phekolang la ba bohlale.’ (Liproverbia 12:18) Haeba moholo a nahana ka phello e ka ’nang ea hlahisoa ke lipolelo tsa hae pele a bua, mantsoe a hae e ka ba a thobang. Ka baka leo, baholo, potlakelang ho mamela ’me le liehe ho fihlela liqeto pele le tseba taba ka ho felletseng.—Liproverbia 18:13.
Ha baholo ba e-ba le thahasello ea ’nete ho batho ba tepelletseng maikutlo, batho ba joalo ba ikutloa ba ratoa le ho ananeloa. Tlhokomelo e joalo e se nang boikhabi e ka ’na ea susumelletsa batho bana hore ba hlokomolohe lipolelo leha e le life tse nyahamisang. (Jakobo 3:2) Batho ba tepelletseng maikutlo hangata ba imeloa ke ho ikutloa molato, ’me baholo ba ka ba thusa hore ba be le pono e leka-lekaneng ea litaba. Le haeba ho ile ha etsoa sebe se tebileng, tlhokomelo ea moea e fanoang ke baholo e ka thusa ‘ho folisa se nonyetsehileng.’—Ba-Heberu 12:13.
Ha batho ba tepelletseng maikutlo ba ikutloa hore lithapelo tsa bona ha li sebetse letho le molemo, baholo ba ka rapela le bona le ho ba rapella. Ka ho bala le bona lihlooho tse theiloeng Bibeleng tse sebetsanang le ho tepella maikutlo, baholo ba ka ‘tlotsa bana ka oli’ ka mantsoe a moea a thobang. (Jakobo 5:14, 15) Hape baholo ba ka thusa ea tepelletseng maikutlo hore a nke mehato ea Mangolo ho rarolla liphapang leha e le life tsa botho tseo e ka ’nang eaba o na le tsona le e mong, haeba boo e le bona bothata. (Bapisa le Mattheu 5:23, 24; 18:15-17.) Hangata, likhohlano tse joalo, haholo ka lapeng, ke tsona motso oa ho tepella maikutlo.
Hlokomela hore ho fola ho nka nako. Le boiteko bo lerato ba Elkana ha boa ka ba lopolla Anna hang-hang ho tepelleng ha hae maikutlo. Lithapelo tsa Anna hammoho le tiisetso ea moprista e moholo qetellong li ile tsa isa topollong. (1 Samuele 1:12-18) Kahoo, mamella haeba karabelo e lieha. Joalokaha ho ka lebelloa, ka kakaretso baholo hase lingaka ’me ka lebaka leo maemong a mang ba ka ’na ba fumana boiteko ba bona bo lekanyelitsoe. Bona, hammoho le litho tsa lelapa la motho ea tepelletseng maikutlo, ba ka ’na ba hloka ho khothatsa eo hore a batle thuso ea litsebi. Haeba ho hlokahala, baholo kapa litho tsa lelapa ba ka hlalosa ka ho hlaka ho setsebi leha e le sefe bohlokoa ba ho hlompha kholiseho ea bolumeli ea motho ea tepelletseng maikutlo.
Ho fihlela lefatšeng le lecha la Molimo, ha ho ea tla ba le bophelo bo phethahetseng ’meleng, kelellong, kapa maikutlong. Ha ho sa le tjena, Mokreste leha e ofe ea lahleheloang ke thabo ea hae ka lebaka la ho tepella maikutlo a ke ke a fumana matla feela phuthehong ea Bokreste empa hape le ho Ntate oa rōna oa leholimo, “ea tšelisang ba tepelletseng maikutlo.”—2 Ba-Korinthe 7:6, New American Standard Bible.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Defeating Depression—How Others Can Help” ho Awake! ea November 8, 1987, maqephe 12-16.
b Bona lihlooho “Leleme le Rutehileng, ‘Le Khothatsang ba Khathetseng,’” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1982, le “‘Mantsoe a Moea’ Bakeng sa ba Kulang Kelellong” tokollong ea November 15, 1988.
[Lebokose le leqepheng la 29]
KAMOO U KA BUANG KA MOKHOA O TŠELISANG
□ MAMELA KA HLOKO—Ka lipotso tse bontšang temoho “kha” maikutlo a ka pelong ea motho eo. Potlakela ho mamela ’me u liehe ho fihlela liqeto leha e le life pele u utloa taba ka botlalo.—Liproverbia 20:5; 18:13.
□ BONTŠA HO IPEHA BOEMONG BA MOTHO E MONG—‘Ho utloelana bohloko’ ho lokela ho kopanngoa le ‘qenehelo e mosa’ ha u leka ho ba boemong ba maikutlo a le mang le ea tepelletseng maikutlo. ‘Lla le ea llang.’—1 Petrose 3:8, NW; Ba-Roma 12:15.
□ U BE LE MAMELLO—Ho ka ’na ha hloka lipuisano tse pheta-phetoang, ka hona tiisetsa. Hlokomoloha “puo e hlaha” eo motho ea tepelletseng maikutlo a ka ’nang a e bua ka lebaka la ho tsieleha.—Jobo 6:3, NW.
□ MATLAFATSA KA MANTSOE—Thusa ea tepelletseng maikutlo hore a bone litšoaneleho tsa hae tse molemo. Babatsa ka mokhoa o tobileng. Bontša hore mathata, liphihlelo tse mpe tsa nakong e fetileng, kapa mefokolo ha li rere hore na motho ke oa bohlokoa hakae. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo o mo rata le ho mo tsotella.—Jobo 16:5, NW.