Thuto e Nang le Morero
“Fana ka tsebo ho ea lokileng ’me o tla eketsa ho ithuta.”—LIPROVERBIA 9:9, NW.
1. Jehova o lebelletse eng ho bahlanka ba hae mabapi le tsebo?
JEHOVA ke “Molimo ea nang le tsebo.” (1 Samuele 2:3, NW) O ruta bahlanka ba hae. Moshe o ile a bolela esale pele hore lichaba tse neng li phela le Baiseraele li ne li tla re ka bona: “Chaba seno se seholo, ruri ke sechaba se hlalefileng, se nang le kelello.” (Deuteronoma 4:6) Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba le tsebo. Ho hlokahala hore e be liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo. E le ha moapostola Pauluse a bontša sepheo sa thuto e joalo, o ile a ngola: “Rōna . . . ha rea phetsa ho le rapella le ho kōpa hore le tlale tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore le ka tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova ka ho mo thabisa ka botlalo ha le ntse le beha litholoana tsa mosebetsi o mong le o mong o motle ’me le hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.”—Ba-Kolosse 1:9, 10, NW.
2. (a) Ho hlokahala eng hore re fumane tsebo e nepahetseng ka Molimo? (b) Ke joang Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se sebetsaneng le taba ee?
2 Ho ithuta ka sepheo sa ho fumana tsebo e nepahetseng ka Molimo le merero ea hae ho hloka bonyane thuto e itseng ea sekolo. Empa batho ba bangata ba ithutileng ’nete ea Lentsoe la Molimo ba lula linaheng tseo ho tsona ho nang le monyetla o fokolang oa thuto e loketseng ea sekolo kapa moo e leng sieo ho hang. Ba lahlehetsoe. E le ho hlōla bothata bona, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse ngata se ’nile sa laela hore moo ho hlokahalang, ho hlophisoe lihlopha tsa ho ithuta ho bala le ho ngola liphuthehong. Lilemong tse fetang 30 tse fetileng, koranta ea Brazil Diário de Mogi e ile ea hatisa sehlooho se re’ng “Lipaki tsa Jehova li Loantša ho se Tsebe ho Bala le ho Ngola.” E itse: “Morupeli ea tšoanelehang o qalella . . . ka mamello ho ruta ba bang ho bala le ho ngola. . . . Liithuti, ka baka la maemo a li susumelletsang joaloka basebeletsi ba Molimo, li tlameha ho hōlisa tsebo ea tsona ea puo e le hore li ka nehelana ka lipuo.” Ka hona, batho ba likete lefatšeng lohle ba atlehile ho fetoha liithuti tse molemo tsa Lentsoe la Molimo. Ba ile ba kenela thuto ena ea motheo ba e-na le lipakane tse phahameng.
Bohlale bo Hlokahalang Hore re be Basebeletsi ba Atlehang
3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba thahasella thuto ea sekolo? (b) Boemo e ne e le bofe Iseraeleng, hona ke thuto efe ea motheo e ke keng ea nkeloa sebaka ke ntho e ’ngoe ka liphuthehong tsa rōna kajeno?
3 Bakreste ba ’nete ba thahasella thuto ea sekolo, eseng hobane feela ba thabela ho ruteha, empa e le hore ba fetohe bahlanka ba atlehang haholoanyane ba Jehova. Kreste o nehile Bakreste bohle thomo ea ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ho ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo a ba laetseng tsona.’ (Mattheu 28:19, 20, NW) E le hore ba rute ba bang, le bona ba tlameha hore ba ithute, ’me sena se hloka mekhoa e metle ea ho ithuta. Ba tlameha ho tseba ho hlahlobisisa Mangolo ka hloko. (Liketso 17:11) E le hore ba phethahatse thomo ea bona, ho boetse ho hlokahala hore ba khone ho bala phollatsi.—Bona Habakuke 2:2; 1 Timothea 4:13.
4 Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, ho na le lebaka le letle la ho lumela hore, hangata, esita le bana Iseraeleng ea boholo-holo ba ne ba tseba ho bala le ho ngola. (Baahloli 8:14; Esaia 10:19) Kajeno basebeletsi ba Bakreste ho hlokahala hore ba ngole lintlha ka makhethe ha ba paka ka ntlo le ntlo. Ba ngole mangolo, ba ngole lintlha ha ba le libokeng, ’me ba hlahlobisise boitsebiso ba bona ba ho ithuta. Sena sohle se hloka ho tseba ho ngola mongolo o balehang. Ho boloka litlaleho ka phuthehong ea Bokreste ho etsa hore ho hlokahale bonyane tsebo ea motheo ea lipalo.
Melemo ea ho Kena Sekolo Hantle
5. (a) Qaleho ea lentsoe “sekolo” ke efe? (b) Bacha ba lokela ho nka monyetla ofe?
5 Ka ho thahasellisang, lentsoe “sekolo” le tsoa lentsoeng la Segerike skho·leʹ, leo qalong le neng le bolela “nako ea phomolo” kapa ho sebelisa nako ea ho phomola bakeng sa ho etsa mosebetsi o mong oa bohlokoa, joaloka ho ithuta. Hamorao le ile la bolela sebaka seo thuto e joalo e neng e etsetsoa ho sona. Sena se bontša hore, ka nako e ’ngoe, ke sehlopha se itseng feela—Greece le linaheng tse ling tse ngata—se neng se e-ba le nako ea phomolo ea ho ithuta. Sehlopha sa batho ba sebetsang hangata se ne se lula se sa ruteha. Kajeno, linaheng tse ngata bana le bacha ba fuoa nako ea ho ithuta. Ka sebele bana ba Lipaki ba lokela ho reka nako e loketseng hore e be bahlanka ba rutehileng le ba nang le tsebo ba Jehova.—Ba-Efese 5:15, 16.
6, 7. (a) E meng ea melemo ea ho kena sekolo ka ho lekaneng ke efe? (b) Ho ithuta puo esele ho ka thusa ka litsela life? (c) Kajeno boemo ke bofe har’a bacha ba bangata ha ba qeta sekolong?
6 Tsebo ea motheo ea histori, jeokrafi, saense, le tse ling e tla nolofaletsa bana ba Lipaki hore e be basebeletsi ba leka-lekaneng. Ho kena sekolo ha bona ho tla ba thusa eseng feela lithutong tse ngata empa le mokhoeng oa ho ithuta. Bakreste ba ’nete ha ba khaotse ho ithuta le ho bala ha ba qeta sekolong. Leha ho le joalo, seo ba se fumanang thutong ea bona, se tla itšetleha haholo ka ho tseba mokhoa oa ho ithuta. Sekolo sa lefatše le se ka phuthehong li ka ba thusa ho hōlisa matla a bona a ho nahana. (Liproverbia 5:1, 2) Ha ba bala ba tla khona ho lemoha hamolemo hore na ntho ea bohlokoa ke efe, e hlokang tlhokomelo le ho hopoloa.
7 Ka mohlala, ho ithuta puo esele, ho ke ke ha hōlisa matla a kelello a bacha feela empa ho tla ba etsa hore ba sebelisoe haholoanyane mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ho a mang a makala a Mokhatlo oa Watch Tower, baena ba bacha ba ’maloa ba ho fumane ho le molemo ho khona ho bua kapa ho ngola Senyesemane ka mokhoa o phollatsi. Ho feta moo, basebeletsi bohle ba Bakreste ba lokela ho ikitlaetsa ho tseba puo ea habo bona hantle. Litaba tse molemo tsa ’Muso li tlameha ho boleloa ka mokhoa o hlakileng, le o nepahetseng oa puo. Linnete li bontša hore lefatšeng kajeno, bacha ba bangata ha ba qeta sekolo ba na le bothata ba ho ngola le ho bala ka mokhoa o nepahetseng esita le ho etsa lipalo tse bonolo ka ho fetisisa; ’me ba na le tsebo e fokolang feela ea histori le jeokrafi.
Thuto ea Sekolo e Lekaneng
8. Ke mangolo afe a buang ka taba ea thuto ea sekolo ea lefatše le hore motho a khone ho itjara?
8 Ka baka leo, ena e bonahala e le nako e loketseng ea ho hlahloba pono ea Mokreste ka thuto ea sekolo ea lefatše. Ke melao-motheo efe ea Bibele e sebetsang tabeng ee? Tabeng ea pele, linaheng tse ngata ho ikokobelletsa “Cesare” ka ho loketseng ho hloka hore batsoali ba ise bana ba bona sekolong. (Mareka 12:17; Tite 3:1) Ha bacha ba Lipaki ba etsa mosebetsi oa sekolo, ba lokela ho hopola Ba-Kolosse 3:23 (NW) e bolelang hore: “Ho sohle seo le se etsang, se etseng ka sephefumolohi sohle joalokaha eka le se etsetsa Jehova, eseng batho.” Molao-motheo oa bobeli o amehang ke hore Bakreste ba lokela ho khona ho itjara, esita le haeba ke basebeletsi ba nako e tletseng. (2 Ba-Thessalonika 3:10-12) Haeba monna a nyetse, o lokela ho khona ho hlokomela mosali le bana ba ka ’nang ba hlaha, le ho ba le ho eketsehileng bakeng sa ho fa ba hlokang le ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli sebakeng sa habo le lefatšeng ka bophara.—Ba-Efese 4:28; 1 Timothea 5:8.
9, 10. (a) Ke eng se bonahalang e le tloaelo linaheng tse ngata? (b) Ke eng seo mosebeletsi oa pula-maliboho a ka se nkang e le moputso o lekaneng?
9 Mokreste e mocha o hloka thuto ea sekolo e kae hore a tle a boloke melao-motheo ee ea Bibele ’me a finyelle litlamo tsa hae tsa Bokreste? Sena se fapana ho ea ka linaha. Leha ho le joalo, hangata, ho bonahala eka, linaheng tse ngata tloaelo ke hore tekanyo ea ho kena sekolo e hlokahalang bakeng sa hore motho a fumane moputso o molemonyana e phahame ho feta kamoo e neng e le ka teng lilemong tse fetileng. Litlaleho tse fumanoeng ho tsoa makaleng a Mokhatlo oa Watch Tower likarolong tse fapaneng tsa lefatše li bontša hore libakeng tse ngata ho thata ho fumana mosebetsi o lefang hantle ka mor’a ho qeta nako e nyenyane e hlokoang ke molao oa ho kena sekolo kapa linaheng tse ling esita le ka mor’a ho qeta sekolong sa sekondari kapa se phahameng.
10 Ho boleloa’ng ka “moputso o molemonyana”? Ha ho boleloe mesebetsi e lefang haholo. Webster’s Dictionary e hlalosa “molemonyana” tabeng ena e le “e lekaneng, e khotsofatsang.” Ke eng seo ho ka thoe’ng se “lekane,” ka mohlala, ho ba batlang ho ba basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba litaba tse molemo? Hangata ba joalo ba hloka mosebetsi oa nakoana ho qoba ho beha “moroalo o theko e boima” ho baena ba bona kapa lelapa la habo bona. (1 Ba-Thessalonika 2:9, NW) Chelete eo ba e fumanang ho ka thoe e “lekane,” kapa “ea khotsofatsa,” haeba seo ba se fumanang se ba lumella hore ba phele hamolemonyana le hoja ba ntse ba e-na le nako e lekaneng le matla a ho phetha tšebeletso ea bona ea Bokreste.
11. Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba tlohetse tšebeletso ea bopula-maliboho, hona ho hlaha potso efe?
11 Hangata kajeno maemo ke afe? Ho tlalehiloe hore linaheng tse ling bacha ba bangata ba nang le sepheo se setle ba ’nile ba tlohela sekolo ka mor’a ho qeta nako e nyenyane e hlokahalang ea sekolo e le hore ba ka bula maliboho. Ha ba na tsebo ea mosebetsi oa matsoho kapa mangolo a hlokahalang ho fumana mosebetsi. Haeba ba sa thusoe ka lichelete ke batsoali ba bona, ba tlameha ho fumana mosebetsi oa nakoana. Ba bang ba ile ba tlameha ho etsa mesebetsi e ba hlokang hore ba sebetse nako e telele hore ba fumane chelete e lekaneng ea ho iphelisa. Ka baka la ho khathala ’meleng, ba ile ba tlohela tšebeletso ea bopula-maliboho. Batho ba joalo ba ka etsa eng hore ba itjare le hore ba boele tšebeletsong ea bopula-maliboho?
Pono e Leka-lekaneng ka Thuto ea Sekolo
12. (a) Mabapi le thuto ea sekolo, Mokreste o tla qoba ho ba le lipono life tse peli tse fetelletseng? (b) Ho bahlanka ba inehetseng ba Jehova le bana ba bona, thuto e lokela ho phetha morero ofe?
12 Ho ba le pono e leka-lekaneng ka thuto ea sekolo ho ka thusa. Ho bacha ba bangata ba lefatše, thuto ea sekolo ke letšoao le bontšang hore motho o phahame, ntho e ba thusang hore ba atlehe, senotlolo se isang mokhoeng oa bophelo oa nala, le oa lintho tse bonahalang. Ho ba bang, sekolo ke mosebetsi o tlamehang ho qetoa kapele kamoo ho ka khonehang. Lipono tsena ha lia nepahala bakeng sa Bakreste ba ’nete. Joale, ke eng se ka bitsoang “pono e leka-lekaneng”? Bakreste ba lokela ho nka thuto ea sekolo e le mokhoa o thusang ho finyella sepheo se lakatsehang. Mehleng ena ea qetello, sepheo sa bona ke ho sebeletsa Jehova ka hohle le ka katleho kamoo ho ka khonehang. Haeba naheng eo ba phelang ho eona, thuto e nyenyane kapa esita le ea sekolong se phahameng e ka ba lumella feela hore ba fumane mesebetsi e ba fang chelete e sa lekanang ho ba tšehetsa joaloka bo-pula-maliboho, joale ho ka ’na ha nahaneloa thuto ea sekolo kapa koetliso e etsoang ka thoko. Sena se ka etsoa ka pakane e tobileng ea tšebeletso ea nako e tletseng.
13. (a) Ke joang khaitseli e mong Philippines a ileng a khona ho ntšetsa pele tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho ha a ntse a hlokomela litlamo tsa lelapa la hae? (b) Ke temoso efe e nakong?
13 Ba bang ba fumane koetliso e ba buletseng menyetla ea mosebetsi o ba nolofalelitseng hore ba kopanele kapa ba boele tšebeletsong ea nako e tletseng. Khaitseli e mong Philippines e ne e le eena ea sebetsang ka lapeng, empa o ne a batla ho bula maliboho. Lekala le tlaleha hore: “O ile a khona ho etsa sena hobane o ile a ba le thuto e eketsehileng ’me a tšoaneleha ho ba motho ea bolokang litlaleho ea nang le lengolo.” Tlaleho e tsoang hona lekaleng leo e bolela hore: “Re na le ba ’maloa ba ntseng ba ntšetsa thuto ea bona pele ha ka nako e tšoanang ba khona ho lokisa kemiso ea bona hore ba bule maliboho. Hangata e ba bahoeletsi ba molemonyana kaha ba ithuta haholoanyane, le teng ha e le hore ha ba ipehele lipakane tse fetelletseng tsa lefatše.” Polelo ea ho qetela e lokela ho re fa lebaka la hore re nahane. Haeba ho hlokahala, sepheo sa thuto ea sekolo e eketsehileng, haeba e hlokahala, ha sea lokela ho lebaloa kapa ho nkeloa sebaka ke pakane ea ho ba le lintho tse bonahalang.
14, 15. (a) Ke hobane’ng ha ho sa lokeloa ho beha melao e thata-thata ka thuto ea sekolo? (b) Baena ba bang ba ikarabellang ba amohetse thuto efe ea lefatše, empa ke eng se tlatselitseng ho eona?
14 Linaheng tse ’maloa, likolo tsa sekondari li rupella motho mosebetsi oo a o batlang e leng ho ka lokisetsang mocha oa Mokreste ho ithutela mosebetsi o itseng oa matsoho kapa mosebetsi nakong ea ha a qeta sekolong. Esita le haeba ho se joalo, linaheng tse ling bacha ba se nang phihlelo ba nang le thuto ea motheo ba fumana mosebetsi oa nakoana o ba nolofaletsang ho fumana chelete e lekaneng hore ba ka bula maliboho. Kahoo, ha hoa lokela ho etsoa melao e thata-thata ho tšehetsa kapa ho hanyetsa thuto ea sekolo e eketsehileng.
15 Ba bangata bao hona joale ba sebeletsang e le balebeli ba tsamaeang, ba leng ntlo-khōlong ea Mokhatlo, kapa ho a mang a makala a eona ba na le thuto ea motheo feela. E ne e le bo-pula-maliboho ba tšepahalang, ha ho mohla ba kileng ba khaotsa ho ithuta, ba fumane koetliso, ’me ba fuoe litokelo tse khōloanyane. Ha ba ikoahlaee ka khetho eo ba e entseng. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba lithaka tsa bona ba ile ba khetha thuto ea univesithi eaba ba khaotsa khatelo-pele ea bona ea moea, ba imeloa ke lifilosofi tse fokolisang tumelo le “bohlale ba lefatše lena.”—1 Ba-Korinthe 1:19-21; 3:19, 20; Ba-Kolosse 2:8.
Ho Bala Litšenyehelo
16. (a) Ke mang ea etsang qeto mabapi le hore na ebe thuto ea sekolo e eketsehileng ea hlokahala, hona ke eng seo re tlamehang ho ameha ka sona haholo? (b) Ke eng se lokelang ho nahaneloa?
16 Ke mang ea etsang qeto ea hore na Mokreste e mocha o lokela ho ba le thuto ea sekolo e eketsehileng kapa koetliso? Molao-motheo oa Bibele ka bohlooho oa kenella tabeng ena. (1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 6:1) Motheong ona batsoali ka sebele ba tla batla ho tataisa bana ba bona hore ba khethe ho ithutela mosebetsi oa matsoho kapa mosebetsi le tekanyo ea thuto ea sekolo e tla hlokahala. Linaheng tse ngata likhetho tsa thuto le mosebetsi li tlameha ho etsoa esale pele nakong ea ha motho a le sekolong sa sekondari. Ena ke nako eo ka eona batsoali le bacha ba Bakreste ho hlokahalang hore ba batle tataiso ea Jehova hore ba etse khetho e bohlale, ba nahanne ka lithahasello tsa ’Muso. Bacha ba na le litšekamelo le litloaelo tse sa tšoaneng. Batsoali ba bohlale ba tla nahanela lintho tsena. Mosebetsi ’ohle o tšepahalang oa hlompheha, ebang ke oa matsoho kapa ke oa ofisi. Le hoja lefatše le ka phahamisa mosebetsi oa ofisi ’me la nyenyefatsa ho sebetsa ka thata ka matsoho, ho hang Bibele ha e etse joalo. (Liketso 18:3) Kahoo, kajeno ha batsoali le bacha ba Bakreste ka mor’a ho hlahloba ka thapelo melemo le mathata ba khetha ho ntšetsa pele lithuto ka mor’a sekolo sa sekondari kapa ba sa ho khethe, ba bang ka phuthehong ha baa lokela ho ba nyatsa.
17. Batsoali ba bang ba Lipaki ba etsetsa bana ba bona khetho efe?
17 Haeba ka tsela e bontšang ho ba le boikarabelo, batsoali ba Bakreste ba lokisetsa hore bana ba bona ba be le thuto e eketsehileng ka mor’a sekolo se phahameng, eo ke khetho ea bona. Linako tsa lithuto tsena li ka fapana ho ea ka mofuta oa khoebo kapa mosebetsi o khethiloeng. E le ka mabaka a lichelete le hore bana ba bona ba ka kena tšebeletsong ea nako e tletseng kapele kamoo ho ka khonehang, batsoali ba bangata ba Bakreste ba khethile mananeo a thuto a nkang nako e khutšoaane likolong tse rupellang motho mosebetsi oo a o batlang kapa tsa mosebetsi oa matsoho. Mabakeng a mang ho ile ha hlokahala hore bacha ba ithute mosebetsi o itseng ba ntse ba sebetsa empa ka linako tsohle e le ka sepheo sa hore ba etsetse Jehova tšebeletso ea nako e tletseng.
18. Haeba ho etsoa lithuto tse eketsehileng, ho lokela ho hopoloa eng?
18 Haeba ho khethoa ho ba le thuto e eketsehileng, ka sebele sepheo ha ea lokela ho ba ho iphahamisa ka thuto kapa ho hahamalla pakane ea mosebetsi oa lefatše o hlahelletseng. Lithuto li tlameha ho khethoa ka hloko. Makasine ona o totobalitse likotsi tsa thuto e phahameng, ’me e le ka mabaka a utloahalang, hobane boholo ba thuto e teng e phahameng bo hanana le “thuto e phelisang” ea Bibele. (Tite 2:1, NW; 1 Timothea 6:20, 21) Ho feta moo, ho tloha ka bo-1960, likolo tse ngata tse fanang ka thuto e phahameng li fetohile libaka tse se nang molao le tse boitšoaro bo bobe. “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” o ’nile a hanyetsa ka matla hore motho a kene tikolohong e joalo. (Mattheu 24:12, 45) Leha ho le joalo, re tlameha ho lumela hore, kajeno bacha ba bangata ba thulana le likotsi tsena tse tšoanang ha ba le likolong tse phahameng le likolecheng tsa mesebetsi ea matsoho esita le mesebetsing.—1 Johanne 5:19.a
19. (a) Ba etsang qeto ea ho ba le thuto e eketsehileng ba lokela ho itebela khahlanong le likotsi life? (b) Ke joang ba bang ba sebelisitseng thuto ea sekolo ea bona hamolemo?
19 Haeba ho ka khethoa thuto e eketsehileng, ho bohlale hore mocha oa Paki haeba e le ntho e ka etsahalang, a etse sena a ntse a lula lapeng, ka hona, a khone ho boloka mekhoa e tloaelehileng ea ho ithuta ea Mokreste, ho ba teng libokeng, le mosebetsing oa boboleli. Ho tloha qalong feela, ho tlameha ho nkoa khato e loketseng mabapi le melao-motheo ea Bibele. Re lokela ho hopola hore Daniele le metsoalle ea hae e meraro e ne e le batšoaruoa kholehong ha ba qobelloa ho ba le lithuto tse phahameng Babylona, empa ba ile ba boloka botšepehi ka linako tsohle. (Daniele, khaolo 1) Le hoja ba beha lithahasello tsa moea pele, bacha ba Lipaki linaheng tse ’maloa ba entse lithuto tsa sekolo tse tla ba nolofaletsa ho sebetsa ka nakoana e le baboloki ba litlaleho, batho ba etsang mosebetsi oa matsoho, matichere, bafetoleli, litoloko, kapa mosebetsi leha e le ofe o ba tšehelitseng mosebetsing oa bona oa bohlokoa oa ho bula maliboho. (Mattheu 6:33) Bacha ba bangata ho bana hamorao ba fetohile balebeli ba tsamaeang kapa baithaopi ba Bethele.
Batho ba Kopaneng, ba Rutehileng
20. Ke khethollo efe e sieo har’a batho ba Jehova?
20 Har’a batho ba Jehova, ebang mosebetsi oa motho ke oa ofisi, oa matsoho, oa temo, kapa oo motho a lefuoang bakeng sa ho etsetsa ba bang lintho, ho hlokahala hore bohle e be liithuti tse hloahloa tsa Bibele ’me e be matichere a atlehang. Bohlale bo fumanoang ke bohle bakeng sa ho bala, ho ithuta, le ho ruta bo felisa phapang eo lefatše le e etsang pakeng tsa basebetsi ba mosebetsi oa matsoho le ba ofisi. Sena se fella ka bonngoe le tlhomphano e bonahalang ka ho khethehileng ho basebetsi ba baithaopi ba mahaeng a Bethele le litsing tsa Mokhatlo oa Watch Tower tsa kaho, moo litšoaneleho tsa moea li leng bohlokoa ka ho fetisisa li bileng li hlokoang ho bohle. Mona basebetsi ba liofising ba nang le phihlelo ba sebetsa ka thabo le basebetsi ba nang le tsebo ba mosebetsi oa matsoho, bohle ba bonahatsa lerato le nang le kananelo e mong ho e mong.—Johanne 13:34, 35; Ba-Fillipi 2:1-4.
21. Sepheo sa Bakreste ba bacha e lokela ho ba sefe?
21 Batsoali, tataisang bana ba lōna hore ba finyelle pakane ea ho ba litho tse ka sebelisoang tsa mokhatlo oa lefatše le lecha! Bacha ba Bakreste, sebelisang menyetla ea lona ea thuto ea sekolo e le mokhoa oa ho le hlomella hore le khone ho fumana litokelo tse eketsehileng tsa ho sebeletsa Jehova! Joaloka batho ba rutehileng, e se eka kaofela ha lōna le ka ipaka ho ba litho tse hlomeletsoeng hantle tsa mokhatlo oa puso ea Molimo hona joale le ka ho sa feleng ‘lefatšeng le lecha’ le tšepisitsoeng ke Molimo.—2 Petrose 3:13; Esaia 50:4; 54:13; 1 Ba-Korinthe 2:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona hape The Watchtower ea March 1, 1976, leqephe 118.
Ho Hlahloba Hore na U sa Hopola
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba thahasella thuto ea sekolo?
◻ Ke lipono life tse fetelletseng ka thuto ea sekolo tseo Bakreste ba ’nete ba tlamehang ho li qoba?
◻ Ke likotsi life tsa thuto ea sekolo e eketsehileng tseo re lokelang ho nahana ka tsona, hona re lokela ho itebela likotsing life?
◻ Ke khethollo efe ea lefatše e se nang sebaka har’a batho ba Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ka ho ithuta ka mafolo-folo, Bakreste ba bacha ba ka fetoha litho tse nang le thuso tsa mokhatlo oa lefatše le lecha
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ho khetha thuto ea sekolo e eketsehileng ho lokela ho susumetsoa ke takatso ea ho sebeletsa Jehova hamolemonyana