“Joko ea ka e Mosa ’me Mojaro oa ka o Bobebe”
“Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na.”—MATTHEU 11:29, NW.
1, 2. (a) Bophelong ke eng e u khathollang? (b) Motho o lokela ho etsa’ng ho fumana khatholoho eo Jesu a e tšepisitseng?
HO TOLA ka metsi a pholileng ka mor’a letsatsi le chesang le le mongobo, kapa ho robala hamonate ka mor’a leeto le lelelele le khathatsang—ho khatholla hakaakang! Ho joalo le ha ho tlosoa mojaro o boima kapa haeba libe kapa litšito li tšoareloa. (Liproverbia 25:25; Liketso 3:19) Khatholoho e tlisoang ke liphihlelo tse thabisang joalo e-ea re matlafatsa, ’me e re susumelletsa ho etsa ho eketsehileng.
2 Bohle ba imetsoeng le ba khathetseng ba ka tla ho Jesu, hobane o ba tšepisitse sona seo—khatholoho. Leha ho le joalo, ho fumana khatholoho ena e lakatsehang haholo, ho na le seo motho a lokelang ho ikemisetsa ho se etsa. Jesu o itse: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho.” (Mattheu 11:29, NW) Joko ee ke eng? E tlisa khatholoho joang?
Joko e Mosa
3. (a) Mehleng ea Bibele ho ne ho sebelisoa lijoko tsa mofuta ofe? (b) Joko e amana le moelelo ofe oa tšoantšetso?
3 Kaha Jesu le ba mo mametseng ba ne ba phela sechabeng sa balemi, ba ne ba tloaelane hantle le joko. Ha e le hantle, joko ke thupa e telele e fatiloeng ka mahlakoreng a mabeli hore e lokele ho behoa melaleng ea sepane sa liphoofolo, haholo-holo lipholo, ho li pana hammoho hore li hule mohoma, sekosekara, kapa mojaro o mong. (1 Samuele 6:7) Le lijoko tsa batho li ne li sebelisoa. Tsena e ne e le lithupa kapa lipalo tse neng li jaroa mahetleng ho tlamelletsoe mojaro lehlakoreng ka leng. Ka tsona, basebetsi ba ne ba khona ho jara mejaro e boima. (Jeremia 27:2; 28:10, 13) Kaha joko e ne e amana le meroalo le mosebetsi o boima, hangata e ne e sebelisoa ka tšoantšetso Bibeleng ho emela ho phahamela ba bang kapa ho ba laola.—Deuteronoma 28:48; 1 Marena 12:4; Liketso 15:10.
4. Joko eo Jesu a e fang ba tlang ho eena e tšoantšetsa eng?
4 Joale, joko eo Jesu a ileng a mema ba tlang ho eena hore ba e jare ke eng? Hopola hore o itse: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na.” (Mattheu 11:29, NW) Motho ea ithutang ke morutuoa. Kahoo, ka mantsoe a bonolo ho nka joko ea Jesu ho bolela ho fetoha morutuoa oa hae. (Ba-Filippi 4:3) Leha ho le joalo, sena se hloka ho fetang feela ho tseba lithuto tsa hae. Se hloka liketso tse lumellanang le tsona—ho etsa mosebetsi oo a o entseng le ho phela ka tsela eo a phetseng ka eona. (1 Ba-Korinthe 11:1; 1 Petrose 2:21) Ho hloka ho ikemisetsa ho ikokobeletsa matla a hae a ho laela le a bao a ba abetseng matla a ho laela. (Ba-Efese 5:21; Ba-Heberu 13:17) Ho bolela ho ba Mokreste ea inehetseng, ea kolobelitsoeng, ea amohelang litokelo tsohle le boikarabelo bo tlisoang ke boinehelo bo joalo. Ke joko eo Jesu a fanang ka eona ho bohle ba tlang ho eena bakeng sa matšeliso le khatholoho. Na u ikemiselitse ho e amohela?—Johanne 8:31, 32.
5. Ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba phihlelo e thata ho jara joko ea Jesu?
5 Ho fumana khatholoho ka ho jara joko—na hase ho ikhanyetsa? Che, ha ho joalo, hobane Jesu o boletse hore joko ea hae e “mosa.” Lentsoe lena le na le moelelo oa bonolo, mofuthu, ho rateha. (Mattheu 11:30, NW; Luka 5:39; Ba-Roma 2:4; 1 Petrose 2:3) Joaloka ’metli oa setsebi, Jesu mohlomong o kile a etsa mehoma le lijoko, kahoo o ne a ka tseba mokhoa oa ho etsa hore joko e kene ka tsela e tla etsa hore mosebetsi o etsoe ka mokhoa o sa utloiseng bohloko kahohle kamoo ho ka khonehang. O ne a ka beha sekatana kapa letlalo tlas’a eona. Tse ngata li etsoa joalo e le hore li se ke tsa sehla kapa tsa hohla molala ka ho fetelletseng. Ka tsela e tšoanang, joko ea tšoantšetso eo Jesu a fanang ka eona e “mosa.” Le hoja ho ba morutuoa oa hae ho akarelletsa litlamo tse itseng le boikarabelo, hase phihlelo e thata kapa e hatellang empa ke e khathollang. Litaelo tsa Ntate oa hae oa Leholimo, Jehova, le tsona hase moroalo.—Deuteronoma 30:11; 1 Johanne 5:3.
6. E ka ’na eaba Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Jarang joko ea ka”?
6 Ho na le se seng hape se etsang hore joko ea Jesu e be “mosa,” kapa ho be bonolo ho e jara. Ha a ne a re: “Jarang joko ea ka,” e ka ’na eaba o ne a bolela e ’ngoe ea lintho tsena tse peli. Haeba o ne a nahanne joko e mahlakore a mabeli, ke hore ea sepane sa liphoofolo tse peli tse hulang forakha, re ka re o ne a re mema hore re kene jokong eo a leng ho eona. E ka ba tlhohonolofatso e kaakang—hore Jesu a be lehlakoreng la rōna a hula hammoho le rōna mojaro oa rōna! Ka lehlakoreng le leng, haeba Jesu o ne a nahanne ka thupa ea joko e sebelisoang ke mosebetsi ea tloaelehileng, re ka re o ne a fana ka mokhoa o tla etsa hore mojaro leha e le ofe oo re o jarang o be bonolo ’me o laolehe. Ka tsela leha e le efe, joko ea hae ke mohloli oa khatholoho ea ’nete hobane o-oa re tiisetsa hore: “Ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong.”
7, 8. Ba bang ha ba le tlas’a khatello ba etsa phoso efe?
7 Joale re lokela ho etsa’ng haeba re ikutloa hore mojaro oa mathata a bophelo oo re o jereng ho ntse ho e-ba thata ho o jara le hore re tlas’a khatello e matla? Ka phoso ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore joko ea ho ba morutuoa oa Jesu Kreste e boima haholo kapa e hloka lintho tse ngata haholo, esita le hoja se ba imelang e le ho hlokomela litlhoko tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi. Batho ba bang ba leng boemong bo joalo ba khaotsa ho ea libokeng tsa Bokreste, kapa ba tlohela ho kopanela tšebeletsong, mohlomong ba nahana hore ba tla fumana khatholoho e itseng. Leha ho le joalo, eo ke phoso e tebileng.
8 Re utloisisa hore joko eo Jesu a fanang ka eona e “mosa.” Haeba re sa e jare ka mokhoa o loketseng, e ka re sehla. Ka lebaka leo re lokela ho hlahloba joko e leng mahetleng a rōna. Haeba ka lebaka le itseng, joko e robehile kapa e sa behoa hantle, ho e sebelisa ho tla hloka eseng feela boiteko bo eketsehileng ka lehlakoreng la rōna ho e jara empa ho tla re utloisa bohloko ka mokhoa o itseng. Ka mantsoe a mang, haeba mesebetsi ea puso ea Molimo e qala ho bonahala e le moroalo ho rōna, re tlameha ho hlahloba ’me re bone haeba re e etsa ka tsela e nepahetseng. Re etsa lintho ka sepheo sefe? Na re lokiselitse ka ho lekaneng ha re e-ea libokeng? Na ’meleng le kelellong re itokisitse ha re kopanela tšebeletsong ea tšimo? Na re na le kamano e haufi le e ntle le ba bang ka phuthehong? ’Me ka holimo ho tsohle, kamano ea rōna ea botho le Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, e joang?
9. Ke hobane’ng ha le ka mohla joko ea Bokreste e sa lokela ho ba moroalo o boima?
9 Ha re amohela ka pelo eohle joko eo Jesu a fanang ka eona ’me re ithuta ho e jara ka mokhoa o nepahetseng, ha ho lebaka la hore e bonahale eka ke moroalo o boima. Ha e le hantle, haeba re ka iketsetsa setšoantšo sa taba ena ka kelellong—Jesu a le jokong e le ’ngoe le rōna—ha ho thata hore re bone hore na ha e le hantle ke mang ea jereng moroalo o boima. Ho tšoana le ngoana e monyenyane ea itšoareletseng premeng ea hae, ea nahanang hore ke eena ea e sutulletsang pele athe, ha e le hantle, ke motsoali ea etsang seo. Joaloka Ntate ea lerato, Jehova Molimo o hlokomela ho haelloa ha rōna le bofokoli ba rōna ’me o arabela litlhokong tsa rōna ka ho sebelisa Jesu Kreste. Pauluse o itse: “Molimo oa ka o tla le tlatsetsa ka tsohle tseo le li hlokang, ka monono oa oona, khanyeng, ka Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:19; bapisa le Esaia 65:24.
10. Phihlelo ea motho ea nkang borutuoa ka ho teba ke efe?
10 Bakreste ba bangata ba inehetseng ba utloisisitse sena ka ho felletseng ka phihlelo ea botho. Ka mohlala, Jenny, o fumana hore ho ba pula-maliboho e thusang khoeli le khoeli le ho sebetsa ka nako e tletseng mosebetsing oa boipheliso o batlang ho hongata ho mo beha tlas’a khatello e khōlō. Leha ho le joalo, o ikutloa hore mosebetsi oa bopula-maliboho ha e le hantle o mo thusa hore a leka-lekane. Ho thusa batho ho ithuta ’nete ea Bibele le ho ba bona ba fetola bophelo ba bona hore ba fumane kamohelo ea Molimo—ke sona se mo thabisang haholo bophelong ba hae bo phathahaneng. O lumellana ka pelo eohle le mantsoe a maele a reng: “Lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo.”—Liproverbia 10:22.
Mojaro o Bobebe
11, 12. Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Mojaro oa ka o bobebe”?
11 Ho phaella tabeng ea hore Jesu o re tšepisa joko e “mosa,” o-oa re tiisetsa: “Mojaro oa ka o bobebe.” Joko e “mosa” e se ntse e etsa hore mosebetsi o be bonolo haholoanyane; haeba le mojaro o bebofatsoa, ruri mosebetsi o-oa thabisa. Leha ho le joalo, Jesu o ne a nahanne eng ka polelo ee?
12 Nahana ka seo sehoai se ka se etsang ha se batla ho fetola mosebetsi oa liphoofolo tsa sona, ha re re ho tloha mosebetsing oa ho lema tšimo ho ea ho oa ho hula sekosekara. Pele se tla tlosa mohoma ebe se kenya sekosekara. E ka ba bothoto ha se ka batla hore liphoofolo tsena li hule mohoma le sekosekara ka bobeli. Ka ho tšoanang, Jesu o ne a sa bolelle batho hore ba behe mojaro oa hae ka holimo ho oo ba neng ba se ntse ba o jere. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha ho mohlanka ea ka sebeletsang marena a mabeli.” (Luka 16:13) Ka hona, Jesu o ne a fa batho khetho. Na ba ne ba tla ikhethela ho tsoela pele ba jere mojaro o boima oo ba neng ba e-na le oona, kapa ba ne ba tla o beha fatše ’me ba amohele oo a neng a ba fa oona? Jesu o ile a ba khothatsa ka lerato: “Mojaro oa ka o bobebe.”
13. Mehleng ea Jesu batho ba ne ba jere mojaro ofe, hona e le ka phello efe?
13 Mehleng ea Jesu, batho ba ne ba hula ka thata tlas’a mojaro o boima oo ba neng ba o jarisitsoe ke baeta-pele ba hatellang ba Roma le baeta-pele ba bolumeli ba thata, ba baikaketsi. (Mattheu 23:23) Ka boiteko ba ho lahla mojaro oa Baroma, batho ba bang ba ile ba leka ho inkela molao matsohong. Ba ile ba ameha lintoeng tsa lipolotiki, e leng se ileng sa fella ka tlokotsi. (Liketso 5:36, 37) Ba bang ba ne ba ikemiselitse ho ntlafatsa boemo ba bona ka ho ameha ka botebo boitekong ba ho fumana lintho tse bonahalang. (Mattheu 19:21, 22; Luka 14:18-20) Ha Jesu a ne a ba bontša tsela e ka ba imollang ka ho ba memela hore ebe barutuoa ba hae, hase bohle ba neng ba loketse ho e amohela. Ba ne ba tsila-tsila ho beha fatše mojaro oo ba neng ba o nkile, le hoja o ne o le boima, ’me ba nke oa hae. (Luka 9:59-62) E bile phoso e kotsi hakaakang!
14. Matšoenyeho a bophelo le takatso ea lintho tse bonahalang li ka re imela joang?
14 Haeba re se seli, re ka etsa phoso e tšoanang kajeno. Ho ba barutuoa ba Jesu ho re lokolla ho phehelleng lipakane le lintho tse tšoanang le tseo batho ba lefatše ba li phehellang. Le hoja ho ntse ho hlokahala hore re sebetse ka thata ho fumana litlhokahalo tsa letsatsi le letsatsi, ha re li etse ntho ea bohlokoa bophelong ba rōna. Leha ho le joalo, matšoenyeho a bophelo le leraba la ho ba le lintho tse bonahalang tse mabotho-botho li ka re tšoara ka thata. Haeba re li lumella, litakatso tse joalo li ka bipetsa ’nete eo re e amohetseng ka cheseho. (Mattheu 13:22) Re ka ameha ka botebo ka ho phetha litakatso tse joalo hoo boikarabelo ba rōna ba Bokreste bo fetohang litlamo tse khathatsang tseo re batlang ho li phetha le ho li tlosa tseleng kapele. Ruri re ke ke ra lebella ho khatholoha ha re sebeletsa Molimo ka moea oo.
15. Jesu o fane ka temoso efe mabapi le takatso ea lintho tse bonahalang?
15 Jesu o ile a bontša hore bophelo ba ho khotsofala bo tlisoa, eseng ke ho hahamalla ho phetha lintho tsohle tseo re li batlang, empa ke ho nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane bophelong. O ile a eletsa: “Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se noa; leha e le ka sa ’mele ea lōna, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise lijo na? Na ’mele ha o fetise seaparo na?” Eaba o lebisa tlhokomelo ho linonyana tsa leholimo ’me a re: “Ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa.” Ha a bua ka likhahla tsa naha, o ile a phaella: “Ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joalo ka sa e ’ngoe ea tsona.”—Mattheu 6:25-29.
16. Phihlelo e bontšitse eng mabapi le liphello tsa ho hahamalla lintho tse bonahalang?
16 Na ho na le seo re ka ithutang sona thutong ee e bonolo ea mohlala o sebetsang? Ke phihlelo e tloaelehileng hore ha motho a hahamalla ho ntlafatsa boemo ba hae ba lichelete, o tšoaseha haholoanyane ho hahamalleng lintho tsa lefatše ’me mojaro o mahetleng a hae o ba boima haholoanyane. Lefatše le tletse ka bo-rakhoebo ba lefeletseng katleho ea bona ea lichelete ka malapa a arohaneng, manyalo a senyehileng, bophelo bo senyehileng, joalo-joalo. (Luka 9:25; 1 Timothea 6:9, 10) Mohapi oa khau ea Nobel Albert Einstein o kile a re: “Letlotlo, katleho ea kantle, botumo, leruo—ho ’na ha e sa le lintho tsena li nyonyeha. Ke nahana hore mokhoa oa bophelo o bonolo o sa batleng lintho tse ngata o molemohali bakeng sa e mong le e mong.” Sena se mpa feela se chaela monoana keletso e bonolo ea moapostola Pauluse: “Borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo.”—1 Timothea 6:6.
17. Bibele e khothalletsa mokhoa ofe oa bophelo?
17 Ho na le tšobotsi ea bohlokoa eo re sa lokelang ho e hlokomoloha. Le hoja “mokhoa oa bophelo o bonolo o sa batleng lintho tse ngata” o na le melemo e mengata, ha o tlise khotsofalo ka booona feela. Ho na le ba bangata bao mokhoa oa bona oa bophelo o leng bonolo ka lebaka la ho qobelloa ke maemo, leha ho le joalo sena ha se bolele hore ba khotsofetse kapa ba thabile. Bibele ha e re khothalletse ho hana ho thabela lintho tse bonahalang ebe re phela bophelo ba ho ikarola mokhatlong oa batho le ho itima lintho. Ho buelloa haholo boinehelo ba bomolimo, eseng ho ikhotsofatsa. Ke feela ha re kopanya tse peli re tlang ho ba le “leruo le leholo.” Leruo la eng? Hona lengolong lena, Pauluse o bolela hore ba sa ‘tšepeng moruo o sa tieang, ba mpa ba tšepa Molimo’ ba tla ‘ipokellela letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.’—1 Timothea 6:17-19.
18. (a) Motho a ka fumana khatholoho ea ’nete joang? (b) Re lokela ho talima liphetoho tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore re li etse joang?
18 Re tla fumana khatholoho haeba re ithuta ho beha fatše mojaro oa rōna oa botho o boima oo e ka ’nang eaba re o jere le ho jara mojaro o bobebe oo Jesu a fanang ka oona. Ba bangata ba hlophisitseng bophelo ba bona hape hore ba kopanele haholoanyane tšebeletsong ea ’Muso ba fumane tsela e isang bophelong ba thabo le khotsofalo. Ho hlakile hore ho hlokahala tumelo le sebete hore motho a etse joalo, ’me ho ka ’na ha ba le litšitiso tseleng. Empa Bibele e-ea re hopotsa: “Ea elang moea hloko a ke ke a jala, ea talimang maru a ke ke a kotula.” (Moeklesia 11:4) Bonneteng lintho tse ngata ha li hlile ha li thata hakaalo hafeela re ikemiselitse ho li etsa. Karolo e thata haholoanyane ho bonahala e le ho ikemisetsa. Re ka ’na ra ikhathatsa ka ho loantšana kapa ho hanana le khopolo eo. Haeba re hlomella likelello tsa rōna ’me re amohela phephetso, re ka ’na ra makala ho fumana hore e fetoha tlhohonolofatso e kaakang. Mopesaleme o ile a phehella: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo.”—Pesaleme ea 34:8; 1 Petrose 1:13.
“Le Tla Fumanela Lisoule Tsa Lōna Khatholoho”
19. (a) Re ka lebella eng ha maemo a lefatše a tsoela pele ho senyeha? (b) Hafeela re le tlas’a joko ea Jesu, re ka tiisetsoa eng?
19 Moapostola Pauluse o ile a hopotsa barutuoa ba lekholong la pele la lilemo: “E ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” (Liketso 14:22) Sena ke ’nete le kajeno. Ha maemo a lefatše a tsoela pele ho senyeha, khatello e-ea eketseha ho ba ikemiselitseng ho phela bophelo ba ho loka le ba boinehelo ba bomolimo. (2 Timothea 3:12; Tšenolo 13:16, 17) Leha ho le joalo, re ikutloa joaloka Pauluse ha a re: “Re hlomohile ka nģa tsohle, empa ha re tsielehe ruri; re bothateng bo boholo, empa ha re tele; rea hlorisoa, empa ha re lahloe; re liheloa fatše, empa ha re timele.” Lebaka ke hore re ka itšetleha ka Jesu Kreste hore a re fe matla a fetang a tloaelehileng. (2 Ba-Korinthe 4:7-9) Ka ho amohela joko ea borutuoa ka pelo eohle, re tla thabela ho phethahala ha tšepiso ea Jesu: “Le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho.”—Mattheu 11:29, NW.
Na U ka Hlalosa?
◻ Joko e mosa eo Jesu a faneng ka eona ke eng?
◻ Re lokela ho etsa eng haeba re ikutloa hore joko ea rōna e fetoha moroalo?
◻ Jesu o ne a bolela eng ha a re: “Mojaro oa ka o bobebe”?
◻ Re ka kholiseha joang hore mojaro oa rōna o lula o le bobebe?