Na U Kene Phomolong ea Molimo?
“Motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena ka boeena o phomotse mesebetsing ea hae.”—BAHEBERU 4:10.
1. Ke hobane’ng ha phomolo e ratoa hakaale?
PHOMOLO. Ke lentsoe le monate le le ipiletsang hakaakang! Kaha re phela lefatšeng lena la kajeno le potlakileng le le phathahaneng, bongata ba rōna re tla lumela hore phomolo e seng kae e thabeloa haholo. Ebang re banyenyane kapa re baholo, re lenyalong kapa re masoha, re ka ’na ra ikutloa re hatelletsoe ’me re khathetse ke bophelo ba letsatsi le leng le le leng. Bakeng sa ba nang le mefokolo kapa maloetse a itseng, letsatsi le leng le le leng ke phephetso. Joalokaha Mangolo a bolela, “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Baroma 8:22) Hase hore ha motho a phomola o botsoa. Phomolo ke tlhoko ea motho e lokelang ho khotsofatsoa.
2. Jehova o ’nile a phomola ho tloha neng?
2 Jehova Molimo ka boeena o ntse a phomotse. Bukeng ea Genese, rea bala: “Maholimo a phethoa joalo, le lona lefatše le lintho tsohle tsa teng. Molimo oa phetha ka tsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; ’me ka tsatsi la bosupa oa phomola mosebetsing oohle oo o o entseng.” Jehova o ile a nka “letsatsi la bosupa” e le la bohlokoa bo ikhethang hobane tlaleho e bululetsoeng e tsoela pele ho re: “Molimo oa hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, ’me oa le khetha [“halaletsa,” NW].”—Genese 2:1-3.
Molimo o Ile a Phomola Mosebetsing oa Hae
3. Ke mabaka afe a neng a ke ke a etsa hore Molimo a phomole?
3 Ke hobane’ng ha Molimo a ile a phomola “ka letsatsi la bosupa”? Ho hlakile hore ha aa ka a phomola hobane a ne a khathetse. Jehova o na le ‘matla a maholo’ ’me “ha a khathale, ha a fokole.” (Esaia 40:26, 28) Hape, hase hore Molimo o ile a phomola hobane a ne a hloka khefu kapa a batla ho fokotsa lebelo, etsoe Jesu o re boleletse: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Johanne 5:17) Ha e le hantle, “Molimo ke Moea” ’me ha aa tlangoa ke mokhoa oo ’mele o sebetsang ka oona le litlhoko tsa libōpuoa tsa nama.—Johanne 4:24.
4. Ke ka tsela efe “letsatsi la bosupa” le neng le fapane le ‘matsatsi’ a pele a tšeletseng?
4 Re ka lemoha joang lebaka leo Molimo a ileng a phomola ka lona ka “letsatsi la bosupa”? Ka ho hlokomela hore le hoja a ne a thabile haholo ka seo a neng a se finyeletse nakong e telele ea ‘matsatsi’ a pele a tšeletseng a pōpo, Molimo ka ho khetheha, o ile a hlohonolofatsa “letsatsi la bosupa” ’me a bolela hore lea ‘halalela.’ Concise Oxford Dictionary e hlalosa ho “halalela” e le “ho nehela ho feletseng kapa ho loketseng (ho molimo kapa morerong o itseng oa bolumeli).” Kahoo, ho hlohonolofatsa ha Jehova “letsatsi la bosupa” le ho bolela hore lea halalela, ho bontša hore lona le “phomolo” ea hae li tlameha ebe li amana ka tsela e itseng le thato ea hae e halalelang le morero oa hae, ho e-na le ho amana le litlhoko leha e le life tsa hae. Kamano eo ke efe?
5. Ke eng eo Molimo a ileng a e kenya tšebetsong nakong ea ‘matsatsi’ a tšeletseng a qalang a pōpo?
5 Nakong ea ‘matsatsi’ a pele a tšeletseng a pōpo, Molimo o ne a entse a bile a kentse tšebetsong mekhoa eohle le melao e laolang ho sebetsa ha lefatše le tsohle tse ho lona. Hona joale bo-rasaense ba hlokomela kamoo lintho tsena li entsoeng ka tsela e babatsehang kateng. Ho ella qetellong ea “letsatsi la botšelela,” Molimo o ile a bōpa banyalani ba pele ’me a ba beha ‘tšimong ea Edene, ka ’nģa bochabela.’ Qetellong, Molimo o ile a bolela morero oa hae mabapi le lelapa la motho le lefatše ka mantsoe ana a boprofeta: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.”—Genese 1:28, 31; 2:8.
6. (a) Qetellong ea “letsatsi la botšelela,” Molimo o ile a ikutloa joang ka tseo a li bōpileng? (b) “Letsatsi la bosupa” le halalela ka kutloisiso efe?
6 Ha “letsatsi la botšelela” la pōpo le fihla qetellong, tlaleho ea re bolella: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.” (Genese 1:31) Molimo o ne a khotsofetse ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e entse. Kahoo, o ile a phomola kapa a khaotsa mosebetsing oa ho bōpa lefatšeng. Leha ho le joalo, le hoja tšimo eo ea paradeise e ne e phethahetse ’me e le ntle, e ne e le sebaka se senyenyane feela ’me ho ne ho e-na le batho ba babeli feela lefatšeng. Ho ne ho tla nka nako hore lefatše le lelapa la motho li fihle boemong boo Molimo a neng a bo rerile. Ka lebaka lena, o ile a khetha “letsatsi la bosupa” e le le neng le tla lumella tsohle tseo a li bōpileng ‘matsatsing’ a pele a tšeletseng hore li phethehe tumellanong le thato ea hae e halalelang. (Bapisa le Baefese 1:11.) Ha “Letsatsi la bosupa” le fela, lefatše le tla be le fetohile paradeise ea lefatše lohle eo ho eona lelapa la batho ba phethahetseng le tla lula ka ho sa feleng. (Esaia 45:18) “Letsatsi la bosupa” le beheletsoe ka thōko kapa le nehetsoe bakeng sa hore thato ea Molimo ka lefatše le moloko oa batho e phethahale. Ka kutloisiso ena, lea “halalela.”
7. (a) Molimo o ile a phomola ka kutloisiso efe ka “letsatsi la bosupa”? (b) Lintho tsohle li tla ba joang qetellong ea “letsatsi la bosupa”?
7 Kahoo, Molimo o ile a phomola mosebetsing oa hae oa pōpo ka “letsatsi la bosupa.” Ho joalokaha eka o ile a emisa ’me a lumella seo a se kentseng tšebetsong hore se phethe morero oa sona. O kholisehile ka hohle-hohle hore qetellong ea “letsatsi la bosupa,” ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla be e le hantle kamoo a rerileng kateng. Esita le haeba ho bile le litšitiso, li tla be li hlōtsoe. Moloko oohle oa batho o mamelang o tla rua molemo ha thato ea Molimo e fetoha ’nete e feletseng. Ha ho letho le tla thibela sena hobane Molimo o hlohonolofalitse “letsatsi la bosupa,” ’me o le ‘halalelitse.’ Ke tebello e khanyang hakaakang bakeng sa moloko oa batho o mamelang!
Baiseraele ba Ile ba Hlōleha ho Kena Phomolong ea Molimo
8. Baiseraele ba ile ba boloka Sabatha neng, hona joang?
8 Sechaba sa Iseraele se ile sa rua molemo tokisetsong ea Jehova ea mosebetsi le phomolo. Esita le pele a fa Baiseraele Molao Thabeng ea Sinai, Molimo o ile a ba bolella ka Moshe hore: “Hlokomelang ntlha ea hore Jehova o le file sabatha. Ke lona lebaka leo ka letsatsi la botšelela a le fang bohobe ba matsatsi a mabeli. E mong le e mong a lule sebakeng sa hae. A ho se ke ha tloha le ea mong sebakeng sa hae ka letsatsi la bosupa.” Phello e bile hore “batho ba ile ba tsoela pele ho boloka sabatha ka letsatsi la bosupa.”—Exoda 16:22-30, NW.
9. Ka ntle ho pelaelo, ke hobane’ng ha molao oa Sabatha e bile phetoho e thabeloang ke Baiseraele?
9 Tokisetso ena e ne e le ncha ho Baiseraele ba neng ba sa tsoa lopolloa bokhobeng ba Egepeta. Le hoja Baegepeta le lichaba tse ling ba ne ba arola linako ka matsatsi a mahlano ho ea ho a leshome, ho ka etsahala hore ebe makhoba a Baiseraele a ne a sa lumelloe ho ba le letsatsi la phomolo. (Bapisa le Exoda 5:1-9.) Ka lebaka leo, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore batho ba Iseraele ba ile ba thabela phetoho ena. Ho e-na le hore ba nke taelo ea ho boloka Sabatha e le moroalo kapa thibelo, e tlameha ebe ba ile ba thabela ho e phetha. Ha e le hantle, hamorao Molimo o ile a ba bolella hore Sabatha e ne e le molemong oa ho ba hopotsa ka bokhoba ba bona le ka ho ba lopolla ha hae Egepeta.—Deuteronoma 5:15.
10, 11. (a) Baiseraele ba ka be ba ile ba lebella ho thabela eng hoja ba mamela? (b) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba hlōleha ho kena phomolong ea Molimo?
10 Hoja Baiseraele ba tlohileng Egepeta le Moshe ba ne ba ile ba mamela, ba ka be ba bile le tokelo ea ho kena “naheng [e tšepisitsoeng] e kollang lebese le linotši.” (Exoda 3:8) Teng, ba ka be ba ile ba thabela phomolo ea sebele, eseng feela ka Sabatha empa bophelong bohle ba bona. (Deuteronoma 12:9, 10) Empa litaba ha lia ka tsa e-ba joalo. Moapostola Pauluse o ngola tjena mabapi le bona: “Ke bo-mang ba ileng ba utloa ’me leha ho le joalo ba phepheletsa bohaleng bo matla? Ha e le hantle, na bohle ba ileng ba tsoa Egepeta tlas’a Moshe ha baa ka ba etsa joalo? Ho feta moo, ke bo-mang bao Molimo a ileng a tenoa ke bona ka lilemo tse mashome a mane? Na ha aa ka a tenoa ke ba ileng ba etsa sebe, bao litopo tsa bona li ileng tsa oela lefeelleng? Empa ke ho bo-mang moo a ileng a hlapanya hore ba ne ba se na ho kena phomolong ea hae haese ho ba ileng ba etsa ka ho se mamele? Kahoo rea bona hore ba ne ba ke ke ba kena ka lebaka la ho hloka tumelo.”—Baheberu 3:16-19.
11 Ke thuto e matla hakaakang bakeng sa rōna! Ka lebaka la ho hloka ha oona tumelo ho Jehova, moloko oo o ile oa hlōleha ho fumana phomolo eo a neng a o tšepisitse eona. Ho e-na le hoo, o ile oa timela lefeelleng. O ile oa sitoa ho lemoha hore joaloka leloko la Abrahama, o ne o amana haufi-ufi le thato ea Molimo ea ho hlohonolofatsa lichaba tsohle tsa lefatše. (Genese 17:7, 8; 22:18) Ho e-na le hore o sebetse tumellanong le thato ea Molimo, lintho tsa oona tse tloaelehileng le litakatso tsa oona tsa boithati li ile tsa o khelosa ka ho feletseng. E se eka le ka mohla re ka se oele mokhoeng o joalo!—1 Bakorinthe 10:6, 10.
Phomolo e Setse
12. Ke tebello efe e neng e ntse e le teng bakeng sa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ’me ba ne ba ka e finyella joang?
12 Ka mor’a hore Pauluse a bue ka ho hlōleha ha Baiseraele ho kena phomolong ea Molimo ka lebaka la ho hloka tumelo, o ile a lebisa tlhokomelo ho balumeli-’moho le eena. Joalokaha ho hlokomeloa ho Baheberu 4:1-5, o ile a ba tiisetsa hore “ho siiloe tšepiso ea ho kena phomolong ea [Molimo].” Pauluse o ile a ba khothalletsa hore ba sebelise tumelo ‘litabeng tse molemo’ hobane “rōna ba sebelisitseng tumelo re hlile re kena phomolong eo.” Kaha Molao o ne o se o hlakotsoe ke sehlabelo sa thekollo sa Jesu, mona Pauluse o ne a sa bue ka phomolo ea sebele eo Sabatha e neng e fana ka eona. (Bakolose 2:13, 14) Ka ho qotsa Genese 2:2 le Pesaleme ea 95:11, Pauluse o ne a khothalletsa Bakreste ba Baheberu hore ba kene phomolong ea Molimo.
13. Ha Pauluse a qotsa Pesaleme ea 95, ke hobane’ng ha a ile a lebisa tlhokomelo ho lentsoe “kajeno”?
13 E tlameha ebe monyetla oa ho kena phomolong ea Molimo e bile “litaba tse molemo” ho Bakreste ba Baheberu, joalo feela kaha e tlameha ebe phomolo ea Sabatha e ile ea e-ba “litaba tse molemo” ho Baiseraele ba pele ho bona. Kahoo, Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba se etse phoso e tšoanang le e ileng ea etsoa ke Baiseraele lefeelleng. Ha a qotsa seo hona joale e leng Pesaleme ea 95:7, 8, o ile a lebisa tlhokomelo ho lentsoe “kajeno,” le hoja e ne e le khale Molimo a ile a phomola ho bōpeng. (Baheberu 4:6, 7) Pauluse o ne a phahamisa ntlha efe? Ea hore “letsatsi la bosupa” leo Molimo a neng a le behile ka thōko bakeng sa ho lumella hore morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho o phethahale ka botlalo, le ne le sa ntse le tsoela pele. Kahoo, e ne e le habohlokoa hore Bakreste-’moho le eena ba sebetse tumellanong le morero oo ho e-na le ho tšoareha ka mesebetsi ea boithati. O ile a boela a lemosa: “Le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna.”
14. Pauluse o bontšitse joang hore “phomolo” ea Molimo e sa le teng?
14 Ho phaella moo, Pauluse o ile a bontša hore “phomolo” e tšepisitsoeng e ne e se feela taba ea ho lula Naheng e Tšepisitsoeng tlas’a ketello-pele ea Joshua. (Joshua 21:44) Pauluse o ile a tletleba: “Haeba Joshua a ne a ba isitse sebakeng sa phomolo, Molimo ka mor’a moo a ka be a sa bua ka letsatsi le leng.” Ka lebaka leo, Pauluse o ile a phaella: “Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo.” (Baheberu 4:8, 9) “Phomolo [eo] ea sabatha” ke eng?
Kena Phomolong ea Molimo
15, 16. (a) Moelelo oa polelo e reng “phomolo ea sabatha” ke ofe? (b) ‘Ho phomola ha motho mosebetsing oa hae’ ho bolela eng?
15 Polelo ena “phomolo ea sabatha” e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “ho boloka sabatha.” (Kingdom Interlinear) Moprofesa William Lane oa bolela: “Lentsoe lena le fumane moelelo o ikhethileng oa lona tataisong ea Sabatha e ileng ea hlaha Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, motheong oa Exoda 20:8-10, moo ho ileng ha hatisoa hore phomolo le thoriso ke ntho e le ’ngoe . . . [Le] hatisa tšobotsi e khethehileng ea mokete le thabo tse bonahatsoang ha ho tlotlisoa Molimo le ha a rorisoa.” Kahoo, phomolo e tšepisitsoeng hase feela ho lokolloa mosebetsing. Ke ho tlohela mosebetsi o khathatsang, o se nang morero bakeng sa ho etsa tšebeletso e monate e hlomphang Molimo.
16 Sena se tšehetsoa ke mantsoe a latelang a Pauluse: “Etsoe motho ea keneng phomolong ea Molimo le eena ka boeena o phomotse mesebetsing ea hae, feela joalokaha Molimo a ile a phomola ho ea hae.” (Baheberu 4:10) Molimo ha aa ka a phomola letsatsing la bosupa la pōpo hobane a ne a khathetse. Ho e-na le hoo, o ile a emisa mosebetsi oa hae oa pōpo lefatšeng e le ho lumella mosebetsi oa liatla tsa hae hore o hōle ’me o fihle khanyeng e feletseng, thorisong ea hae le tlotlisong. Re le karolo ea tse bōpiloeng ke Molimo, le rōna re lokela ho tšoaneleha tokisetsong eo. Re lokela ho ‘phomola mesebetsing ea rōna,’ ka mantsoe a mang, re lokela ho khaotsa ho leka ho itokafatsa ka pel’a Molimo moo re lekang ho fumana pholoho. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba le tumelo ea hore pholoho ea rōna e itšetlehile ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, seo ka sona lintho tsohle li tla boela li etsoa hore li be tumellanong le morero oa Molimo.—Baefese 1:8-14; Bakolose 1:19, 20.
Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla
17. Re lokela ho qoba tsela efe e ileng ea lateloa ke Baiseraele ba nama?
17 Baiseraele ba ile ba hlōleha ho kena phomolong eo Molimo a neng a e tšepisitse ka lebaka la ho se mamele ha bona le ho haelloa ke tumelo. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba Baheberu: “Ka hona a re etseng sohle se matleng a rōna ho kena phomolong eo, esere leha e le mang a oela mohlaleng o tšoanang oa ho se mamele.” (Baheberu 4:11) Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba sebelisa tumelo ho Jesu, ’me ba bangata ba bona ba ile ba ba bohlokong bo boholo ha tsamaiso ea lintho ea Sejuda e fela ka 70 C.E. Ke habohlokoa hakaakang hore kajeno re be le tumelo lentsoeng leo Molimo a le tšepisitseng!
18. (a) Pauluse o ile a fana ka mabaka afe a ho sebelisa tumelo lentsoeng la Molimo? (b) Ke joang lentsoe la Molimo le leng “bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli”?
18 Re na le mabaka a utloahalang a ho sebelisa tumelo lentsoeng la Jehova. Pauluse o ile a ngola: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang soule le moea, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo.” (Baheberu 4:12) E, lentsoe la Molimo kapa molaetsa oa hae, le “bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli.” Bakreste ba Baheberu ba ne ba lokela ho hopola se ileng sa etsahalla baholo-holo ba bona. Ha ba iphapanyetsa kahlolo ea Jehova ea hore ba ne ba tla shoella lefeelleng, ba ile ba leka ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Empa Moshe o ile a ba lemosa: “Baamaleke le Bakanana ba se ba le emetse, ’me ba tla le bolaea ka sabole.” Ha Baiseraele ba peselletsa ka manganga, “Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile lithabeng ba theoha, ba hlōla Baiseraele, ba ba phalalisa ho ea fihla Horema.” (Numere 14:39-45, BPN) Lentsoe la Jehova le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli, ’me joang kapa joang, mang le mang eo ka boomo a iphapanyetsang lona o tla kotula.—Bagalata 6:7-9.
19. Lentsoe la Molimo le “phunyeletsa” ka matla hakae, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho hlokomela hore re ikarabella ho Molimo?
19 Lentsoe la Molimo le “phunyeletsa [ka matla hakaakang] le ho ea fihla moo ho arohanang soule le moea, le manonyello le moko oa ’ona”! Le kenella menahanong le mererong ea batho, le phunyelletsa ka tsela ea tšoantšetso ka hare-hare ho masapo, mokong! Le hoja Baiseraele ba neng ba lokolotsoe bokhobeng ba Egepeta ba ne ba lumetse ho boloka Molao, Jehova o ne a tseba hore botebong ba lipelo tsa bona, ba ne ba sa ananela litokisetso tsa hae le litekanyetso tsa hae. (Pesaleme ea 95:7-11) Ba ne ba amehile ka ho khotsofatsa litakatso tsa bona tsa nama ho e-na le ho etsa thato ea hae. Kahoo, ha baa ka ba kena phomolong eo Molimo a neng a e tšepisitse, empa ba ile ba shoella lefeelleng. Re lokela ho ela seo hloko hobane “ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a [Molimo], empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Ka lebaka leo, e se eka kaofela re ka phethahatsa boinehelo ba rōna ho Jehova ’me re se ke ra ‘ikhula ho ea timetsong.’—Baheberu 10:39.
20. Ke eng e larileng ka pele, ’me re lokela ho etsa eng hona joale e le hore re kene phomolong ea Molimo?
20 Le hoja “letsatsi la bosupa”—letsatsi la Molimo la phomolo—le ntse le tsoela pele, o falimehetse hore morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho o phethehe. Haufinyane Jesu Kreste, Morena oa Bomesia, o tla nka khato ea ho tlosa lefatšeng bohle ba hanyetsang thato ea Molimo, ho akarelletsa le Satane Diabolose. Nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000 ba tla tlisa lefatše le moloko oa batho boemong boo Molimo a neng a bo rerile. (Tšenolo 14:1; 20:1-6) Hona joale ke nako ea hore re bontše hore bophelo ba rōna bo likoloha thatong ea Jehova Molimo. Ho e-na le hore re batle ho itokafatsa ka pel’a Molimo ebe re ntšetsa pele lithahasello tsa rōna, hona joale ke nako ea hore re ‘phomole mesebetsing ea rōna’ ’me re sebeletse lithahasello tsa ’Muso ka pelo eohle. Ka ho etsa joalo le ka ho lula re tšepahala ho Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, re tla ba le tokelo ea ho fumana melemo ea phomolo ea Molimo hona joale le ka ho sa feleng.
Na U ka Hlalosa?
◻ Molimo o ile a phomola ka morero ofe ‘letsatsing la bosupa’?
◻ Baiseraele ba ka be ba ile ba fumana phomolo efe, empa ke hobane’ng ha ba ile ba hlōleha ho kena ho eona?
◻ Re lokela ho etsa eng e le hore re kene phomolong ea Molimo?
◻ Ke joang lentsoe la Molimo e leng le phelang, le matla le le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Baiseraele ba ile ba boloka Sabatha empa ha baa ka ba kena phomolong ea Molimo. Na u tseba lebaka?