Hlokomela “Mantsoe a Basele”
“Ho hang li ke ke tsa latela osele empa li tla mo baleha, hobane ha li tsebe mantsoe a basele.”—JOHANNE 10:5.
1, 2. (a) Maria o etsa joang ha Jesu a bitsa lebitso la hae, hona ketsahalo ee e hlakisa polelo eo Jesu a ileng a e bolela pejana joang? (b) Ke eng e re thusang ho lula re le haufi le Jesu?
JESU ea tsositsoeng o bona mosali a eme haufi le lebitla la hae le se nang letho. O tseba mosali eo hantle. Ke Maria Magdalena. Hoo e ka bang lilemo tse peli pejana, o ne a ile a mo phekola ha a ne a tšoeroe ke modemona. Ho tloha ka nako eo mosali enoa o ’nile a tsamaea le Jesu le baapostola ba hae, a ba hlokometse ka lintho tseo ba neng ba li hloka letsatsi le letsatsi. (Luka 8:1-3) Leha ho le joalo, kajeno Maria oa lla, o saretsoe haholo hobane o bone Jesu a e-shoa, joale le setopo sa hae se nyametse! Kahoo Jesu oa mo botsa: “Mosali, u llela’ng? U batla mang?” Kaha o nahana hore Jesu ke mohlokomeli oa serapa, oa araba: “Mohlomphehi, haeba u mo nkile, mpolelle hore na u mo behile hokae, ’me ke tla mo tlosa.” Joale Jesu o re: “Maria!” Kapele-pele o lemoha tsela eo a tloaetseng ho bua le eena ka eona. O hooa ka thabo o re: “Mosuoe!” ’Me o mo kopa ka matsoho.—Johanne 20:11-18.
2 Tlaleho ena e bontša ka tsela e amang maikutlo seo Jesu a ileng a se bolela nakoana pele ho moo. Ha a ipapisa le molisa ’me a bapisa balateli ba hae le linku, o re molisa o bitsa linku tsa hae ka mabitso ’me li tseba lentsoe la hae. (Johanne 10:3, 4, 14, 27, 28) Ka sebele, joalokaha linku li tseba molisa oa tsona, le Maria o ile a tseba Molisa oa hae, Kreste. Ho joalo le ka balateli ba Jesu kajeno. (Johanne 10:16) Feela joalokaha tsebe e lethoethoe ea nku e e thusa hore e lule e le haufi le molisa oa eona, temoho ea rōna ea moea le eona e re thusa ho iphaphatha le mehato ea Molisa oa rōna ea Khabane, Jesu Kreste.—Johanne 13:15; 1 Johanne 2:6; 5:20.
3. Papiso ea Jesu ea lesaka la linku e re hopotsa lipotso life tse ling?
3 Leha ho le joalo, ho ea ka papiso eona eo, bokhoni ba nku ba ho lemoha molumo oa lentsoe la motho ha bo e nolofalletse feela ho lemoha motsoalle oa eona empa bo boetse bo e nolofalletsa ho lemoha le sera sa eona. Seo ke sa bohlokoa haholo hobane re na le bahanyetsi ba bolotsana. Ke bo-mang? Ba sebetsa joang? Re ka itšireletsa joang? E le hore re tsebe sena, a re boneng hore na Jesu o re’ng hape papisong ea hae ea lesaka la linku.
‘Ea sa Keneng ka Monyako’
4. Ho ea ka papiso ea molisa, linku li latela mang, hona ha li latele mang?
4 Jesu o re: “Ea kenang ka monyako ke molisa oa linku. Molebeli oa monyako oa mo bulela, linku li mamela lentsoe la hae, ’me o bitsa linku tsa hae ka mabitso o li etella pele ha li tsoa. Ha a ntšitse tsa hae kaofela, o tsamaea ka pel’a tsona, ’me linku lia mo latela, hobane li tseba lentsoe la hae. Ho hang li ke ke tsa latela osele empa li tla mo baleha, hobane ha li tsebe mantsoe a basele.” (Johanne 10:2-5) Hlokomela hore Jesu o sebelisa ‘lentsoe’ ka makhetlo a mararo. Ka makhetlo a mabeli o bua ka lentsoe la molisa, empa lekhetlong la boraro, o bua ka “mantsoe a basele.” Ke osele oa mofuta ofe eo Jesu a buang ka eena?
5. Ke hobane’ng ha re ke ke ra amohela ka mofuthu mofuta oa osele ea boletsoeng ho Johanne khaolo ea 10?
5 Jesu ha a bue ka osele eo re batlang ho mo amohela ka mofuthu—e leng lentsoe leo ho ea ka puo ea pele ea Bibele le bolelang “lerato la basele.” (Baheberu 13:2) Papisong ea Jesu, osele hase motho ea menngoeng. Ha a ‘kene ka lesakeng la linku ka monyako empa o hloa sebakeng se seng.’ Ke “lesholu le motlatlapi.” (Johanne 10:1) Motho oa pele eo ho buuoang ka eena ka Lentsoeng la Molimo e le ea ileng a fetoha lesholu le motlatlapi ke mang? Ke Satane Diabolose. Re fumana bopaki ba sena bukeng ea Genese.
Ha Lentsoe la Osele le ne le Utloahala ka Lekhetlo la Pele
6, 7. Ke hobane’ng ha ho loketse hore Satane a bitsoe osele le lesholu?
6 Genese 3:1-5 e hlalosa kamoo lentsoe la osele le ileng la utloahala kateng ka lekhetlo la pele lefatšeng. Tlaleho ena e bolela hore Satane o ile a tla ho mosali oa pele, Eva, a sebelisa noha, eaba o bua le eena ka mokhoa o thetsang. Ke ’nete hore, tlalehong ena ha ho boleloe ka ho toba hore Satane ke “osele.” Leha ho le joalo, liketso tsa hae li bontša ka litsela tse ngata hore o ne a tšoana le osele ea boletsoeng papisong ea Jesu e tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 10. Hlokomela lintho tse ling tseo ba tšoanang ka tsona.
7 Jesu o bolela hore osele o tla liphofung tsa hae ka har’a lesaka ka mokhoa o sa tobang. Ka ho tšoanang, Satane o ile a tla phofung ea hae ka mokhoa o sa tobang, a sebelisa noha. Mokhoa ona o bolotsana o ile oa senola seo Satane a hlileng a leng sona—hore ke lesholu le mano. Ho feta moo, osele ea leng ka lesakeng la linku o ikemiselitse ho utsoetsa mong’a linku. Ha e le hantle, o mobe le ho feta lesholu, hobane sepheo se seng sa hae ke ho “bolaea le ho timetsa.” (Johanne 10:10) Ka ho tšoanang, Satane e ne e le lesholu. Ha a ne a thetsa Eva, o ile a mo utsoa hore a se ke a tšepahala ho Molimo. Ho phaella moo Satane o ile a ba a tlisetsa batho lefu. Kahoo, ke ’molai.
8. Satane o ile a sotha mantsoe a Jehova le sepheo sa hae joang?
8 Ho se tšepahale ha Satane ho ile ha bonahala tseleng eo ka eona a ileng a sotha mantsoe a Jehova le sepheo sa hae. O ile a botsa Eva a re: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng?” Satane o ile a iketsa eka o maketse, joalokaha eka o ne a re: ‘Molimo o sehlōhō hakaakang?’ O ile a phaella ka ho re: “Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha.” Hlokomela mantsoe a hae: “Molimo oa tseba.” Ka mantsoe a mang, Satane o itse: ‘Ke tseba seo Molimo a se tsebang. Ke tseba sepheo sa hae, se sebe.’ (Genese 2:16, 17; 3:1, 5) Ka masoabi, Eva le Adama ha baa ka ba tlohela ho mamela lentsoe la osele enoa. Ho e-na le hoo, ba ile ba le mamela eaba ba itlisetsa bomalimabe hammoho le bana ba bona.—Baroma 5:12, 14.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore mantsoe a basele a utloahale kajeno?
9 Satane o sebelisa mekhoa e tšoanang ho khelosa batho ba Molimo kajeno. (Tšenolo 12:9) Ke “ntate oa leshano,” ’me ba lekang ho khelosa bahlanka ba Molimo joaloka eena, ke bana ba hae. (Johanne 8:44) A re hlokomeleng litsela tse ling tseo mantsoe a basele bao a utloahalang ka tsona kajeno.
Kamoo Mantsoe a Basele a Utloahalang Kateng Kajeno
10. Ke tsela efe e ’ngoe eo mantsoe a basele a utloahalang ka eona?
10 Menahano e thetsang. Moapostola Pauluse o re: “Le se ke la khelosoa ke lithuto tse ngata, tsee e leng lithuto lisele.” (Baheberu 13:9, Bibele ea Sesotho) Ke lithuto tsa mofuta ofe tseo? Kaha li ka re ‘khelosa,’ ho hlakile hore Pauluse o bua ka lithuto tse ka etsang hore re se ke ra tsitsa moeeng. Ke bo-mang ba buang mofuta oo oa lithuto lisele? Pauluse o ile a re ho sehlopha sa baholo ba Bakreste: “Har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Liketso 20:30) Ka sebele, kajeno joaloka mehleng ea Pauluse, batho ba bang bao e kileng ea e-ba karolo ea phutheho ea Bokreste hona joale ba leka ho khelosa linku ka ho bua “lintho tse sothehileng”—e leng linnete tse sa fellang le mashano a totobetseng. Joalokaha moapostola Petrose a bolela, ba sebelisa “mantsoe a iqapetsoeng”—mantsoe a utloahalang eka ke ’nete empa ha e le hantle e le a se nang thuso.—2 Petrose 2:3.
11. Mantsoe a fumanoang ho 2 Petrose 2:1, 3 a senola mokhoa oa bakoenehi le sepheo sa bona joang?
11 Petrose o tsoela pele ho senola mekhoa ea bakoenehi ka ho bolela hore ba “tla tlisa ka lenyele maquloana a timetsang.” (2 Petrose 2:1, 3) Feela joalokaha lesholu le boletsoeng papisong ea Jesu ea lesaka la linku le sa kene ‘lesakeng la linku ka monyako empa le hloa sebakeng se seng,’ le bakoenehi baa re nyonyobela. (Bagalata 2:4; Jude 4) Sepheo sa bona ke sefe? Petrose o phaella ka ho re: “[Ba] tla le hanyapetsa.” Ka sebele, ho sa tsotellehe hore na bakoenehi ba ka re’ng ha ba leka ho itokafatsa, sepheo-pheo sa masholu ke ho “utsoa le ho bolaea le ho timetsa.” (Johanne 10:10) Hlokomela basele bao!
12. (a) Metsoalle ea rōna e ka re pepesetsa mantsoe a basele joang? (b) Maqheka a Satane a tšoana joang le a basele ba mehleng ea kajeno?
12 Metsoalle e kotsi. Mantsoe a basele a ka ’na a utloahala ka batho bao re tloaelaneng le bona. Litloaelano tse kotsi li beha bacha ka ho khetheha kotsing. (1 Bakorinthe 15:33) Hopola hore, Satane o ile a qoolla Eva—e leng motho e monyenyane le ea neng a e-na le phihlelo e nyenyane ho batho ba pele ba babeli. O ile a mo kholisa hore Jehova o ne a mo behetse lithibelo tse sa hlokahaleng, empa bonneteng e le Satane ea neng a etsa joalo. Jehova o ne a rata batho ba hae a bile a ba hlokomela. (Esaia 48:17) Ka ho tšoanang le kajeno, basele ba leka ho susumelletsa lōna bacha ho lumela hore batsoali ba lōna ba Bakreste ba le behetse lithibelo tse sa hlokahaleng. Basele bao ba ka le susumetsa joang? Ngoanana e mong oa Mokreste oa lumela o re: “Ho isa bohōleng bo itseng, liithuti-’moho le ’na li ile tsa fokolisa tumelo ea ka ka nakoana. Li ne li sa khaotse ho bolela kamoo bolumeli ba ka bo nang le lithibelo tse ngata le tse sa utloahaleng kateng.” Empa ’nete ke hore batsoali ba hao baa u rata. Kahoo ha liithuti-’moho le uena li leka ho u susumelletsa hore u se tšepe batsoali ba hao, u se ke ua thetsoa joaloka Eva.
13. Davida o ile a latela tsela efe e bohlale, ’me tsela e ’ngoe eo re ka mo etsisang ka eona ke efe?
13 Mabapi le litloaelano tse kotsi, mopesaleme Davida o re: “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.” (Pesaleme ea 26:4) Hape, na u hlokomela mokhoa o sebelisoang ke basele? Ba pata seo ba leng sona—feela joalokaha Satane a ile a pata seo a leng sona ka ho sebelisa noha. Kajeno, batho ba bang ba itšoereng hampe ba pata seo ba leng sona le merero ea bona ea sebele ka ho sebelisa Inthanete. Lipuisanong tseo bohle ba kopanelang ho tsona ka k’homphieutha, batho ba baholo ba bolileng ba ka ’na ba itlhahisa eka ke bacha e le hore ba u hohele lerabeng. Bacha, ka kōpo e-bang hlokolosi haholo esere la lemala moeeng.—Pesaleme ea 119:101; Liproverbia 22:3.
14. Ka linako tse ling, mecha ea litaba e phatlalatsa mantsoe a basele joang?
14 Liqoso tsa bohata. Le hoja litabeng litlaleho tse ling tse buang ka Lipaki Tsa Jehova li se na leeme, ka linako tse ling mecha ea litaba e sebelisetsoa ho phatlalatsa mantsoe a basele. Ka mohlala, naheng e ’ngoe tlaleho e ’ngoe ea litaba e ile ea bolela ka bohata hore Lipaki li ile tsa tšehetsa puso ea Hitler Ntoeng ea II ea Lefatše. Naheng e ’ngoe teng, tlaleho e ile ea qosa Lipaki ka hore li senya mehaho ea likereke. Linaheng tse ’maloa mecha ea litaba e ile ea qosa Lipaki ka hore li hana ha bana ba tsona ba phekoloa ka meriana le hore li hlokomoloha ka boomo libe tse tebileng tse etsoang ke balumeli-’moho le tsona. (Matheu 10:22) Leha ho le joalo, batho ba tšepahalang ba re tsebang hantle baa tseba hore liqoso tseo ke tsa bohata.
15. Ke hobane’ng ha ho se bohlale ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlahisoang mecheng ea litaba?
15 Re lokela ho etsa’ng ha re tobana le liqoso tse phatlalatsoang ka mantsoe a basele bao? Re lokela ho nka ka botebo keletso e ho Liproverbia 14:15: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Ha ho bohlale ho lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlahisoang mecheng ea litaba ke ’nete. Le hoja ka sebele re sa belaelle boitsebiso bohle ba lefatše, rea tseba hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—1 Johanne 5:19.
“Lekang Lipolelo Tse Bululetsoeng”
16. (a) Tsela eo linku tsa sebele li itšoarang ka eona e bontša ho nepahala ha mantsoe a Jesu a fumanoang ho Johanne 10:4 joang? (b) Bibele e re khothalletsa hore re etse’ng?
16 Leha ho le joalo, re tseba joang hore na re sebetsana le motsoalle kapa sera? Jesu o itse linku li latela molisa “hobane li tseba lentsoe la hae.” (Johanne 10:4) Tsela eo molisa a shebahalang ka eona hase eona e etsang hore linku li mo latele; li latela lentsoe la hae. Buka e buang ka linaha tsa Bibele e bolela hore moeti e mong o kile a tsitlella hore linku li tseba molisa oa tsona ka moaparo oa hae, eseng ka lentsoe la hae. Molisa o ile a araba ka hore li tseba lentsoe. Ho tiisa sena, molisa o ile a apara liaparo tsa osele ’me osele a apara tsa molisa. Osele o ile a bitsa linku a apere liaparo tsa molisa, empa ha lia ka tsa tla ho eena. Li ne li sa tsebe lentsoe la hae. Empa eitse ha molisa a li bitsa, le hoja a ne a ikhakantse, linku li ile tsa tla hang-hang. Kahoo, motho a ka ’na a bonahala eka ke molisa, empa ho linku, seo hase bopaki ba hore ehlile ke eena. Ha e le hantle, linku li mamelisisa lentsoe la motho ea li bitsang, li le bapisa le lentsoe la molisa. Lentsoe la Molimo le re bolella hore re etse se tšoanang le re: “Lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1; 2 Timothea 1:13) Ke eng se tla re thusa hore re etse joalo?
17. (a) Re ka tloaelana le lentsoe la Jehova joang? (b) Ho tseba Jehova ho re nolofalletsa ho etsa eng?
17 Ka ho utloahalang, haeba re tseba hantle lentsoe la Jehova, kapa molaetsa oa hae, re tla nolofalloa ho lemoha lentsoe la osele. Bibele e re bolella kamoo re ka bang le tsebo e joalo kateng. E re: “Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.’” (Esaia 30:21) “Lentsoe” leo le utloahalang ka mor’a rōna le tsoa Lentsoeng la Molimo. Nako le nako ha re bala Lentsoe la Molimo, ho joalokaha eka re utloa lentsoe la Molisa oa rōna e Moholo, Jehova. (Pesaleme ea 23:1) Kahoo, ha re ithuta Bibele haholoanyane, re tloaelana le lentsoe la Molimo haholo. Tsebo eo e tebileng e tla re nolofalletsa ho lemoha mantsoe a basele kapele.—Bagalata 1:8.
18. (a) Ho tseba lentsoe la Jehova ho akarelletsa eng? (b) Ho ea ka Matheu 17:5, ke hobane’ng ha re lokela ho mamela lentsoe la Jesu?
18 Ho tseba lentsoe la Jehova ho akarelletsa eng hape? Ntle le ho le utloa, ho akarelletsa ho le mamela. Hlokomela hape Esaia 30:21. Lentsoe la Molimo le re: “Tsela ke eona ena.” E, ha re ithuta Bibele, re utloa litaelo tsa Jehova. Hape oa re laela o re: “Tsamaeang ho eona.” Jehova o batla hore re sebelise seo re se utloang. Kahoo, haeba re sebelisa seo re ithutang sona, ha re bontše feela hore re utloile lentsoe la Jehova empa re boetse re bontša hore re le mametse. (Deuteronoma 28:1) Ho mamela lentsoe la Jehova ho boetse ho bolela ho mamela lentsoe la Jesu, etsoe Jehova ka boeena o re boleletse hore re etse joalo. (Matheu 17:5) Jesu, Molisa ea Khabane, o re re etse’ng? O re ruta hore re etse barutuoa re be re tšepe “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45; 28:18-20) Ho mamela lentsoe la hae ho bolela bophelo bo sa feleng ho rōna.—Liketso 3:23.
“Li Tla mo Baleha”
19. Re lokela ho etsa joang ha re utloa mantsoe a basele?
19 Joale, re lokela ho etsa joang ha re utloa mantsoe a basele? Re lokela ho etsisa linku. Jesu o re: “Ho hang li ke ke tsa latela osele empa li tla mo baleha.” (Johanne 10:5) Re lokela ho etsa lintho tse peli. Ea pele, ‘ho hang re ke ke ra latela’ osele. E, ka tieo re furalla osele. Ha e le hantle, ho ea ka Segerike sa Bibele, mantsoe a reng “ho hang” a fetisa moelelo o matla ka ho fetisisa oa ho hana ntho e itseng ka puo eo. (Matheu 24:35; Baheberu 13:5) Ea bobeli, re “tla mo baleha,” kapa re mo furalle. Eo ke eona feela tsela e nepahetseng eo re ka etsang ka eona ho bao lithuto tsa bona li sa lumellaneng le lentsoe la Molisa ea Khabane.
20. Re tla etsa joang ha re tobane le (a) bakoenehi ba mano, (b) metsoalle e kotsi, (c) litlaleho tse leeme tsa mecha ea litaba?
20 Ka hona, ha re tobana le ba buang maikutlo a bokoenehi, re batla ho etsa seo Lentsoe la Molimo le se bolelang: “Le ’ne le behe leihlo ho ba bakang likarohano le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto eo le ithutileng eona, ’me le ba qobe.” (Baroma 16:17; Tite 3:10) Ka ho tšoanang, bacha ba Bakreste ba ka ’nang ba oela liatleng tsa metsoalle e kotsi ba lokela ho sebelisa keletso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea e mocha: “U balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” ’Me ha re tobane le liqoso tsa bohata tse tsoang mecheng ea litaba, re tla hopola keletso e tsoelang pele eo Pauluse a ileng a e fa Timothea: “[Ba mamelang mantsoe a basele] ba tla khelosetsoa lipaleng tsa bohata. Leha ho le joalo, uena u lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle.” (2 Timothea 2:22; 4:3-5) Ho sa tsotellehe hore na mantsoe a basele a ka utloahala a le monate hakae, re balehela ntho leha e le efe e tla senya tumelo ea rōna.—Pesaleme ea 26:5; Liproverbia 7:5, 21; Tšenolo 18:2, 4.
21. Ba hanang mantsoe a basele ba letetsoe ke moputso ofe?
21 Ka ho hana mantsoe a basele, Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba arabela mantsoeng a Molisa ea Khabane a fumanoang ho Luka 12:32. Mono Jesu o re ho bona: “Le se ke la tšaba, mohlatsoana, hobane Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.” Ka ho tšoanang, “linku tse ling” li lebeletse ka cheseho ho utloa mantsoe a Jesu a reng: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” (Johanne 10:16; Matheu 25:34) Re letetsoe ke moputso o thabisang hakaakang haeba re hana “mantsoe a basele”!
Na U sa Hopola?
• Satane o tšoaneloa joang ke tlhaloso ea osele ea boletsoeng papisong ea Jesu ea lesaka la linku?
• Mantsoe a basele a utloahala joang kajeno?
• Re ka lemoha mantsoe a basele joang?
• Re lokela ho etsa joang ha re utloa mantsoe a basele?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Maria o ile a tseba Kreste
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Osele ha a atamele linku ka ho toba
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Re etsa joang ha re utloa mantsoe a basele?