Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/15 maq. 31-32
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Nako ea ho Falimeha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/15 maq. 31-32

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ha a bua ka “pontšo ea ho tla ha [hae], le ea ho fela ha lefatše,” Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.” (Matt. 24:3, 34) Hona re lokela ho ho utloisisa joang?

Boprofeta bona, bo boletsoeng selemong sa 33 C.E., bo phethahetse ka ho hlokomelehang ka tšoantšetso ho fihlela selemong sa 70 C.E., ha ho timetsoa tsamaiso ea lintho ea Sejode, ’me Jerusalema le tempele ea eona li heletsoa, ‘ho se lejoe le salang holim’a lejoe.’ Jerusalema feela, Bajode ba 1 100 000 ba timela, ho ea ka mongoli oa lipale Josephus. Le hoja barutuoa ba bangata ba pele ba Jesu ba ne ba shoele ho tla fihlela nakong eo ka mahloriso, o mong oa moloko o neng o bile le Jesu ’me o bone liketso tse matla tsa hae o ile oa salla ho bona bofelo ba “lefatše” leo. (Matt. 24:2, 3) E ne e le batho ba moloko oa Jesu, lithaka tsa hae.

Leha ho le joalo, ka boprofeta ba Jesu re utloisisa hore mantsoe a hae a ne a tla phethahala hape hamoraonyana ’me a fihle tlhorong ‘mahlomoleng a maholo ao a joalo ka oona a e-song ho etsahale ’me a ke ke a hlola a etsahala hape.’ ‘Mahlomola a maholo’ ana a tla akarelletsa tsamaiso eohle ea batho, “lichaba tsohle,” tseo Lipaki tsa Jehova li tlamehang ho ’bolela litaba tsena tse molemo tsa ’muso ho tsona pele bofelo bo tla’ e seng “tsamaiso ea lintho” ea Sejode feela. “Tlokotsi” e qalileng ho hlokofatsa lefatše lena, ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše, e bontša hore “pontšo” ea Jesu e phethahala haholo ka sebele ho tloha ka selemo sa 1914 ho ea pele.—Matt. 24:3-8, 14, 21.

Ke “moloko” ofe, o sa ‘tlo feta tseo tsohle li e-so etsahale’? Ha o bue ka nako, eo ba bang ba lekileng ho e hlalosa e le lilemo tse 30, 40, 70 kapa tsona tse 120, empa, ke batho, batho ba phelang ‘ha ho qaleha tlokotsi’ ea tsamaiso ea lefatše lena le ahlotsoeng. Ke moloko oa batho ba boneng liketsahalo tsa tlokotsi tse ileng tsa qhoma mabapi le Ntoa ea I ea Lefatše ho tloha ka 1914 ho ea pele.

Joalokaha ho bontšoa ke sehloho se leqepheng la 56 la U.S. News & World Report Pherekhong, 1980, “Haeba u nahana hore 10 ke lilemo tseo ho tsona ketsahalo e bang le matla a sa feleng kelellong ea motho,” joale kajeno ho na le Maamerika a fetang limillione tse 13 a “hopolang ka Ntoa ea I ea Lefatše.” ‘Me haeba tsamaiso e khopo ea lefatše lena e ka phela ho fihlela qetellong ea lekholo la lilemo, e leng ho bonahalang ho se na monyetla ka baka la liphetoho tsa lefatše le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele, ho tla be ho ntse ho le teng baphonyohi ba moloko oa Ntoa ea I ea Lefatše. Leha ho le joalo, ’nete ea hore palo ea bona e ntse e fokotseha, ke pontšo e ’ngoe ea ho “fela ha lefatše” ho tlang ka potlako.

Ntlheng ena, makasine ea The Economist ea la 15 Tlhakubele 1980, e fane ka tlhahlobo e khahlisang ea buka e reng “The Generation of 1914,” ea Robert Wohl. Ea bolela hona ho tsotehang: “Qetellong Mong. Wohl o bolela maikutlo a hae ka moloko oa 1914. Khaolong e qetellang e tobileng le e khutsufalitsoeng o fana ka maikutlo a hore meloko e ke ke ea hlalosoa ka lipalo tsa lilemo, empa lihlopha tse potolohang tlokotsi e le ’ngoe e kholo paleng, eo ntoa ea pele ea lefatše e leng mohlala o moholo.” Hona ho lumellana hantle haholo le maikutlo a Mangolo ao Lipaki tsa Jehova li nang le oona ka “moloko oa 1914.”

E, ho teng moloko oa batho o neng o phela ka 1914, le o boneng liphetoho tse khōlō tsa pale ho tloha mehleng e neng e khutsitse ho tla mehleng ena ea ntoa, tlōlo ea molao le tšenyo. Ba bangata ho bao hona joale e leng Lipaki tsa Jehova ba bile har’a oona. Kannete, 1914 e tšoaile “mohlala o moholo” oa phetoho, kaha selemo seo se qalile “Tlokotsi” e hlileng ea boleloa har’a lichaba. Ho sa ntsane ho phela batho ba bangata ba ka re bolellang kamoo maemo a fetohileng ka ho kotsi kateng lefatšeng selemong sa 1914. ’Me lefatše le ntse le oela boemong bo bobe ho ea pele ba khathatso. Ka baka leo, re ka thaba hobane Jesu o tiisitse hore baphonyohi ba tla ba teng ba “moloko oa 1914”—hore moloko ona o tla be o sa fela ka ho feletseng—ha ‘mahlomola a maholo’ a tlosa lesira la tsamaiso ena e khopo ea lefatše.

● Pauluse o itse molebeli oa phutheho o lokela hore e be “monna oa mosali a le mong.” Ke hobane’ng ha a ne a ka thathamisa hoo har’a litšoaneleho bakeng sa balebeli, kaha Mokreste a ke ke a nyala sethepu?

Ho 1 Timothea 3:2 moapostola Pauluse o ngolile: “E ka khona molebeli a hloke sekoli, e be monna oa mosali a le mong, a be le phalimeho.” Mantsoe “monna oa mosali a le mong” a ne a bolela hore monna a se ke a belaelloa ho hang ka bobe boitšoarong ba botona le botšehali, hore ke mohlala tekanyetsong ea Bokreste ea lenyalo.

Jesu o ne a laetse hore barutuoa ba hae ba tšoarelle tokisetsong ea pele ea Molimo ea lenyalo, monna a le mong bakeng sa mosali a le mong. (Matt. 19:5, 6) Kahoo, ha ho motho ea ka kolobetsoang joaloka Mokreste ho fihlela ha a khaolitse sethepu. Leha ho le joalo ho ne ho loketse bakeng sa Pauluse ho hatisa ntlha tabeng ea baholo, hobane sethepu se ne se lumelletsoe har’a Bajode ’me se tloaelehile linaheng tseo ho neng ho tla jalloa Bokreste har’a tsona. Motho ea qalang ho kopanela le phutheho a tsebe ho bona ka mohlala oa baholo hore mosali a le mong, e seng sethepu, ke tokisetso e amohelehang bakeng sa Bokreste.

Empa mantsoe “monna oa mosali a le mong” a ka kenyelletsa ho hongata. Ka nako eo ho khoehla boitšoarong ho neng ho atile ho ne ho bonahala ka litlhalano tse tlang habonolo le ho nyala hape.

“Mokhoeng o silafetseng oa tlhalo o neng o lumelloa ke Magerike le molao oa Baroma, ho ne ho tloaelehile haholo hore monna le mosali ba arohane, ’me ba nyalane le basele hape, empa ba sa ntsane ba phela ka bobeli. Kahoo monna o ne a ka ba le basali ba phelang ba bararo kapa ba bane; kapa, ho e-na le hoo, basali bao e bileng ba hae ka ho latellana.” (The Life and Epistles of St Paul, ea Conybeare le Howson) Ho ne ho tlameha ho be kahosele ho Mokreste. Ke feela ha molekane oa hae a ne a ka etsa “bofebe” (boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa ba botona le botšehali) a neng a ka lokoloha hore a hlale ’me a nyale e mong. (Matt. 5:32; 19:9) Tšoaneleho ea “monna oa mosali a le mong” e ne e tla bolela hore moholo o ne a tla bea mohlala ka hore e se be monna ea hlalileng mosali oa hae ntle ho mabaka a Mangolo eaba o nyala e mong kamor’a moo.

Liithuti tse ling li utloisisitse hore 1 Timothea 3:2 e bolela hore moholo a ke ke a nyala ka lekhetlo la bobeli ho hang. Leha ho le joalo, seo Jesu a se buileng pelenyana le seo Pauluse a se ngotseng sebakeng se seng li bontša hore ho nyala hape ha ho phoso, kahoo ho ke ke ha etsa monna hore e be ea nang le sekoli kapa ha mo etsa ea se nang tšoaneleho ea ho sebeletsa e le moholo ka phuthehong. Hopola hore Pauluse o ngotse hore ke hantle ha basali ba bahlolohali (’me, ka ho utloahalang, banna ba bahlolohali) ba ka nyaloa ho e-na le ho chesoa ke takatso kapa ba itšunya litabeng tseo e seng tsa bona.—1 Ba-Kor. 7:8, 9, 36-39; 1 Tim. 5:13, 14.

Ho ba ha “monna oa mosali a le mong” hape ho ka fana ka maikutlo a hore ha a na molato oa sethepu kapa bofebe. O ne a tla hloka sekoli boitšoarong bophelong ba hae lenyalong, a tšepahala ho mosali a e-na le ’nete ho eena. Kahoo, The New English Bible e ngola temana ka tsela ena, molebeli a “hloke seo a ka rohakoang ka sona, a tšepahale ho mosali ea mong oa hae.”

Ka baka leo, ka ho bolela hore molebeli e lokela ho ba “monna oa mosali a le mong,” Pauluse, ka mantsoe a ’maloa, o ne a hatisa le ka lehlakoreng le leng mohlala o phahameng oa boitšoaro o lokelang ho beoa ke moholo ea nyetseng. E mong le e mong a tsebe ho mo sheba le ho bona hore e ne e le mohlala o phelang oa pono e phahameng ea lenyalo e fumanoang ho Bokreste ba ’nete.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela