-
“Khotso . . . ho Batho Bao o Khahloang ke Bona”Molula-Qhooa—1980 | December 1
-
-
mpho. Ho fana ha hao ho ka ’na ha kenya takatso ea ho fana, joalokaha Jesu a ile a bontša, a re: “Fanang, ’me le tla fuoa; le tla feloa sefubeng ka tekanyo e kholo, e hlohliloeng, e katiloeng, e tšolohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka eona, le tla lekanngoa ka eona le lona.” Leha ho ka ba joalo, u fana hobane u thabisoa ke ho fana: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Luka 6:38; Lik. 20:35.
Itloaetse ho fana ho theosa le selemo. Ho thusa ba bang. Hoa u thabisa. Ho khahlisa Jesu haholo ho feta ho beela ka thoko letsatsi la phomolo la lefatše ka lebitso la hae bakeng sa ho fapanyetsana limpho. ’Me ho hapa kamohelo ea Jehova, eena ea tla lefa ea fanang a thabile ka khotso tlas’a ’muso oa Molimo ka Kreste.
-
-
Tsepamisa Mahlo Pele Joaloka MokresteMolula-Qhooa—1980 | December 1
-
-
Tsepamisa Mahlo Pele Joaloka Mokreste
BATSOMI ba neng ba tsoma liqibi ba lahleha hoo ba ileng ba hloka tšepo moo ho neng ho se letho ha e se leqhoa feela le lifefo tse foufatsang tsa lehloa. Eare ha ba le boemong bo bobe haholo, e mong oa bona a re: “Ha ke lumele hore har’a rōna ho teng ea tla pholoha ho pheta taba ena.” Leha ho le joalo, banna ba ’maloa ba hana ho felloa ke tšepo. E mong oa bona, eo e neng e le moeta-pele oa karolo e ’ngoe, o ne a nahanne ka matla ka ngoanana eo a mo lebelelitseng. Eare ha balekane ba hae ba khathetseng ba batla ho ineela, sefahleho sa ngoanana se ne se feta khafetsa ka pel’a mahlo a hae. O ne a sa rera ho shoa, ’me a khothatsa metsoalle ea hae hore e se ke ea robala lehloeng empa hore e ’ne e tsoele pele. Eena le banna ba bang ba ka bang 50 ba pholoha tlokotsi eo. Lerato la hae ho ngoanana eo a neng a mo lebelelitse, eo a ileng a mo nyala kamorao ho moo, le setšoantšo se hlakileng sa sefahleho sa hae leihlong la kelello ea moshemane sa pholosa ba bangata lefung.
Pale ena ea ’nete e bontša bohlokoa ba hore le ka mohla re se fifalloe ke pono ea pakane ea rōna tlhōlisanong ea Bokreste ea bophelo. Ka linako tse ling, ntoa ea Mokreste khahlanong le ho kheloha tseleng ea ho loka e ka bonahala e le thata joaloka ea batsomi bao ba liqibi ba khathetseng. Lefu lea kena ha motho a khaotsa ‘ho loana’ ’me a ineela ho qophelleng ho fetisisang ha hore a robale ’me a khalehe. Ho lehlohonolo bao ka pel’a mahlo a likelello tsa bona ho leng teng setšoantšo se ba khothalletsang ho tsepamisa mahlo a bona pele e le hore ba se ke ba tela!
Ke sona se hlileng sa etsoa ke banna ba tšepahalang ba khale. Ka mohlala, ho e-na le hore a tsoele pele ka tsela ea borena eo a neng a phela ka eona makhotleng a Faro oa Egepeta, Moshe ‘a ikhethela ho tšoenngoa le sechaba sa Molimo.’ Ke ka baka lefe a ikhethetseng hoo? ‘Hobane o ne a talimile moputso.’ E, Moshe a tsepamisa mahlo ’me a bona moputso hammoho le Ea faneng ka tebello ea moputso o joalo. Kamoo ho bileng kateng, Moshe a bona ‘ea sa bonoeng,’ Molimo oa hae Jehova.—Ba-Heb. 11:24-27.
Hape, Jesu Kreste ha a ka a tela ntoa e bohloko hore a lule a tšepahetse, le hoja hona a ile a tlameha ho ho etsa ka “mohoo o moholo le ka meokho.” (Ba-Heb. 5:7) O ithutile kutlo ka tse bohloko tseo a li utloileng ’me a tsepamisa mahlo moputsong oo Ntate oa hae, Jehova, a neng a o beile ka pel’a hae.—Ba-Heb. 12:2.
SEO RE SE BONANG HA RE TSEPAMISA MAHLO PELE
Molimo o Holimo-limo o itšenolela batho ka lebitso la oona Jehova le ka lerato, mohau, tlhokomelo le mosa oa hae. (Pes. 83:18; Lik. 14:17) Jehova o ipakahalitse a e-na le lintho tsena ka bongata hoo, joaloka Jobo oa boholo-holo ea tšepahalang, re lokela ho hoa hore: “Ke ne ke utloile tsa hao ka litsebe feela, empa joale, mahlo a ka a u bone.” (Jobo 42:5) Ka mahlo a tumelo re boetse re bona Jesu a lutse ka letsohong le letona la Molimo leholimong. Ke eena ea tetseng bophelo ba hae ho re lokolla bokhobeng ba sebe le lefu. Ke pono e hapang hakaakang hore motho a e bone!—Ba-Kol. 3:1, 2; bapisa Liketso 7:55, 56.
Joalokaha eka hona ha hoa lekana, sebakeng re boetse re bona ho phatšima ha meso e mecha. Letsatsi leo ’muso oa Molimo o tla qala ho etsa lefatše paradeise le haufi! Le ka mohla re se fifalloe ke pono ea linnete tsena. Leihlo la rōna le tsepame joaloka la ntho e nkang lifoto e lokisitsoeng hantle, e le hore lintho tse ka pel’a rōna li sia seriti se hlakileng moeeng le pelong tsa rōna.
“Lebone la ’mele ke leihlo,” kamoo ho boletseng Jesu. “Ha leihlo la hao le lokile, ’mele oohle oa hao o na le leseli.” (Luka 11:34) Ka leihlo le lokileng le shebile Jehova Molimo, Mora oa hae le ’Muso, le maemong a thata ka ho fetisisa re tla ba le hona ho hlōla litšekamelo tsa hore re tele. Ka hona re tla ela hloko temoso: “Mahlo a hao a shalime, a tsepame, lintši tsa hao le tsona li ribolohe ka ho loka. U iqamakele ho hata ha maoto a hao hantle, tsela tsa hao tsohle li tle li loke.”—Liprov. 4:25, 26.
HO TSEPAMISA MAHLO PELE HO HLOKA BOITEKO
Paleng ea se etsahetseng bophelong e boletsoeng qalong, ho hlakile hore ho hlokahala boiteko bo boholo ho tsoela pele maemong a feteletseng. Tšekamelo ke ho tela le ho ithoballa. Motsotsong ona oa pale ea lefatše re phela boemong bo feteletseng boo Pauluse a ileng a re lemosa ka bona ho 2 Timothea 3:1: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko.” Le hoja Bakreste ba bangata ba fana ka mehlala e metle ea mamello, ba bang ba bontša matšoao a ho khathala ’me ba bang ba sekametse ho lahleng peisong. Ke thuso e khōlō ho bontša mabaka ao ka baka la oona Mokreste a qalang ho bontša matšoao a ho khathala ’me, ho feta tsohle, ho tseba hore na ke eng e ka etsoang ho a thibela. Mabaka a latelang a thusitse Bakreste ba bang hore ba ’ne ba tsepamise mahlo pele ha lipelo tsa bona li ne li nyahama kapa ba le haufi le ho tela.
HŌLISA BOIKUTLO BO MOLEMO
Khothatso ke matla a maholo bakeng sa ho tiisetsa. (Lik. 27:33-36) Ho hlokahala boikutlo bo molemo bakeng sa khothatso, hobane boikutlo bo bobe bo na le phello e hananang le eo ’me boa nyahamisa. Na u tseba batho ba nang le maikutlo a mabe ’me ba nyatsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Na ke batho ba thabileng? Hase ho nyatsa hohle ho fosahetseng, hobane ho boetse ho teng ho nyatsa ho tšoanelehang. Empa na u hanyetsa hore ho nyatsa ho sa lokelang ho khathatsa motho ea nyatsang joalo ’me ho ka fella ka hore a sulafalloe haholo? Kaha hona ka sebele ke taba ea boikutlo, pheko e lutse ho hlaoleleng boikutlo bo molemo.
Kamehla Jehova o sheba se molemo le ho ba fosang. Le hoja Josafate phoso ea hae e ile ea halefisa Molimo, Jehova a re ho eena: “Leha ho le joalo, ho kile ha fumanoa ntho tse ntle ho uena.” (2 Likron. 19:3) Ke hobane’ng ha u sa etsise Jehova ntlheng ee ’me u shebe se molemo ho batho ba bang? Ka mohlala, haeba u ka sekamela hore u nyatse moholo ea khethiloeng ka phuthehong ea Bokreste, na ho ke ke ha e-ba molemo ho nahana ka lintlha tse ngata tse molemo tsa hae—lerato la hae ho Jehova le phutheho, mosebetsi oa hae o thata bakeng sa ho lokisetsa liboka le ho ithaopela ho thusa ho a nang le hona? Hona ho tla thusa hore u tlose mehopolo e mebe kelellong ea hao. ’Me neng le neng ha ho bonahala u talimane le maemo ao ho bonahalang a le mabe, ke hobane’ng ha u sa nahane ka botle bo tla tlisoa ke hore u nke bohato bo nepahetseng maemong a joalo? Re na le mohlala o motle haholo oa Jesu, ea ileng a hlomoha matsohong a lira tsa hae empa “o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.”—Ba-Heb. 5:8.
HAHA TUMELO E KHŌLOANYANE LE TŠEPO
Mohlomong u boetse u kopane le batho bao kamehla ba lumellang ho hlōloa ke ho itšaba. Le Bakreste ba ka ’na ba hlōloa ke boikutlo bo joalo hoo ba italimang ba se na molemo oa letho ’me e le ba seng ba sa lokela ho tsoela pele tseleng ea Bokreste. Empa na ee ke tsela e nepahetseng ea ho sheba taba? Ha ho hlile ha ho joalo. Bana ba Jehova ba lefatšeng ke ba bohlokoa haholo ho eena. (Hag. 2:7) Ha ho lea mong ea lekang ho etsa se nepahetseng ea eisehang mahlong a hae. Ka hona ho hlokahalang ke hore re tšepe Jehova haholoanyane ’me re be le tumelo e kholoanyane matleng a Molimo a ho re etsa bahlanka ba tšoanelehang ka moea oa hae.—2 Ba-Kor. 3:5.
Ho e-na le ho itlohella hore re nyahame ’me re tele, ka mehopolo ena re tla khothahala hore re tsepamise mahlo re shebe pele ka tšepo. Re tla thabisoa ke ho tiisetsa, hobane “ho lehlohonolo ea tšepang Jehova.”—Liprov. 16:20.
U SE KE UA BELAELA
Ho belaela ka ho tlōlisa le hona ho amoha batho ho thabela bophelo ’me hoa ba khathatsa. Hore hona ke lebaka la bohlokoa mehleng ea hona joale ho bontšoa ke mantsoe a Jesu ka “nako ea bofelo.” (Dan. 12:4) O totobalitse hore “batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatseng.”—Luka 21:26.
Batho ba bang ka mehla ba bua ka linako tse likhathatso, boemo bo boima ba tsa lichelete, theko e phahameng, bonokoane bo jang setsi, ho qhalana bophelong ba lelapa, bolutu le lintho tse ling tse bosula. Ka baka la lipelaelo tsena Bakreste ba bang ba feletsoe ke matla a ho loantšana le sefefo sena ’me ba kotsing ea ho lahleheloa ke bophelo ba bona. Ka hona mabaka a potile ka hohle a hore re be le pono e fapaneng ho hang. Keletso e susumetsang ea Pauluse ke ena: “Ithabeleng Moreneng ka mehla [e, leha mathata a hlaha]; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng. . . . Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.” Ka phello efe? Joale “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.” (Ba-Fil. 4:4-7) Motho ea joalo a ke ke a nyahama pelong.
TEBISA BOEMO BA HAO BA MOEA
Ho tiisetsa ho ea pele sefefong sa lehloa ho hloka matla a maholo haholo. Matla a ntseng a fokola a bolokiloeng ka ’meleng ho hlokahala hore a nchafatsoe. Ka ho tšoanang, Mokreste ea sa iphepeng ka mehla kelellong le pelong ea hae ka lijo tsa moea o tla felloa ke thabo ’me a khathale. Haeba boemo bona bo nka nako e telele, a ke ke a tsoela pele tseleng ea bophelo.—Matt. 4:4.
Khatiso e etsoang kajeno ka menyaka le ho fapoha linthong tse tloaelehileng e ka etsa hore le bao e neng e le Bakreste ba matla ba fetohe “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Tim. 3:4) Hona, le hona ho tla ba amoha nako ea bohlokoa e hlokahallang hore ba iphepe ka lintho tsa moea. Hape, lintho tse bonahalang, “lerato la leruo,” le hloka motho nako ea hae hoo tšekamelo ea hae ea moea e ka senyehang ke lona. Mantsoe a Pauluse a temoso a hlile a sebetsa haholo mehleng ea rōna: “Bang ka ho le lakatsa [leruo la chelete] ba khelohile tumelo.”—1 Tim. 6:9, 10.
Motho ea batlang ho ema a tiile mehleng ena ea lifefo o tlameha ho tebisa boemo ba hae ba moea ka ho etsa kemiso ea linako tsa tsatsi le leng le le leng tsa ho ithuta Bibele le libuka tsa Mangolo. ’Me a batle ho kopana ka mehla le balumeli ba bang. (2 Tim. 3:16, 17; Ba-Heb. 10:24, 25) Hona ho tla thusa hore kelello ea hae le pelo li be le matla a hlalositsoeng ho Esaia 40:29-31: “[Jehova] o fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng. . . . ba itšepelang Jehova . . . ba titima, ’me ha ba khathale.”
TSAMAEA LE MOLIMO
Ho lehlohonolo motho ea ‘tsamaeang a se mong’ empa a e-na le motsoalle tseleng. E, “ba babeli ba feta a le mong, . . . leha ba e-oa, e mong a ka tsosa molekane oa hae.” (Moek. 4:9, 10) Banna ba khale ba tšepahalang ba kang Henoke le Noe ba ne ba e-na le motsoalle ea molemo haholo ea neng a tsamaea tsela le bona. Ba ne ba tsamaea le Molimo oa ’nete. (Gen. 5:24; 6:9) Ho tsamaea le Molimo ho nea motho thuso e hlokahalang ho pholoha lifefo tse mpe ka ho fetisisa. Ho buisana ha motho le Jehova ka tsatsi le leng le le leng le kamano e matla ea botho le Ntate oa hae oa leholimo ho tla mo emisa ka maoto.
Ka mohlala, haeba motho a ikutloa a tšoeroe ke bolutu ka baka la ho lahleheloa ke molekane ea ratoang oa lenyalo kapa ngoana lefung, katamelano ena e haufi le Molimo e tla etsa hore tahlehelo e matla e mamellehe. Ha Mokreste a tšoaroa hampe, a tlatlapuoa, kapa leha a ka utloisoa bohloko ke moena tumelong, kamano ena ea bohlokoa le Jehova e tla mo sireletsa hore a se ke a tela ntoeng. Leha motho a sitiloe ’me letsoalo la hae le tšoenyehile haholo pakong, kamano ea hae le Jehova e tla mo tsosolosa ’me, ka sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste, o tla tšoareloa libe tsa hae. (1 Joh. 1:7) O tla ’ne a tsepamise mahlo pele ’me a tsamaee a otlolohile e le Mokreste.
HO TSEPAMISA MAHLO PELE HO TLISA MOPUTSO O ENNENG
Joalokaha re bone, ho hlokahala boikutlo bo molemo ho re nolofaletsa ho hlōla lifefo tse boima tsa botho bophelong ba rōna. Ntle ho moo, rōna ka bōrōna mohlomong re talimane le ho tobana le ‘mahlomola a maholo,’ “sefefo” se matla ka ho fetisisa sa lefatše lohle se tla senya tsamaiso ena eohle ea lintho. (Matt. 24:21, 22; Jer. 25:31, 32) Moea oa Molimo o tla re thusa ho hlōla sefefo sena ’me re fumanehe re phela ha se fetile ’me letsatsi le chaba holim’a lefatše le hloekisitsoeng, le tlang ho fetoloa le etsoe paradeise ea lefatše lohle.
Jehova Molimo ha a batle hore re khathale ebe rea lahla. O batla ha re le har’a bao moapostola Pauluse a ba hlalosang ho Ba-Heberu 6:11, 12: “Re rata hoba e mong le e mong a ka ’na a hlahisa cheseho eona eo ho isa qetellong, tšepo ea lōna e tle e phethehe; le tle le se ke la fetoha ba botsoa, le mpe le be balateli ba ba ruileng lipallo ka tumelo le ka sebete.” Kahoo, a re se keng ra khathala, empa re lumelle kamano ea rōna ea botho le Jehova Molimo, tumelo ea rōna sehlabelong sa topollo sa Jesu le pono e khanyang ea Taolo e Ncha e be matla a nchafatsang bophelong ba rōna. Joale re tla tšoana le Moshe, ea ileng a bona Jehova ka tumelo, le joale ka Jesu, ea ileng a sheba pele thabong eo a neng a e beetsoe. E, le joale ka makholo a likete a Bakreste ho potoloha lefatše ba shebileng pele ’me ka tšepo ba re: “Ha e le rōna, ha re batho ba koenehang ho ea timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.”—Ba-Heb. 10:39.
-
-
Mohlolo o Lekanang le TsohoMolula-Qhooa—1980 | December 1
-
-
Mohlolo o Lekanang le Tsoho
Abrahama ha a le lilemo li 99 o ne a tsofetse haholo hore a ka ba le ngoana. Empa botsofali ba hae e ne e se tšitsio ho ’Mōpi hore a ka tsosolosa matla a hae a ho etsa bana, a nolofatsa hore Abrahama a be le Isaaka ka mosali oa hae ea ratoang Sara eo matla a hae a ho ba le bana a neng a se a shoele le oona. (Gen. 17:17; 21:1, 2; Ba-Roma 4:19) Kaha mohlolo ona o ile oa ama ho tsosolosoa ha linamana tse phelang, ruri o ne o tšoana le tsoho. Ka ho makatsang, hona ha e-ea ba ho tsosolosoa ha nakoana ha matla a Abrahama a ho ba le bana. Hoba Sara a shoe, eare ha Abrahama a nyala mosali e mong, Ketura, a ba le bara ba tšeletseng hape—Zimrame, Jokshane, Medane, Midiane, Ishbak le Shua. Kahoo, ka nako e fetang lilemo tse 40 matla a hae a ho ba le bana a ne a tsosolositsoe. (Gen. 23:1; 25:1, 2) Hona ho bontša hantle seo lengeloi Gabriele le ileng la se bolella moroetsana Maria makholo a lilemo hamorao: “Ha ho letho le ke keng la etsoa ke Molimo.” (Luka 1:37) Mohlolo o boetse o tiisa bonnete ba tšepo ea tsoho.
-