Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na re ka bolela hore bahlanka ba Molimo kajeno ba nang le tšepo ea lefatše ba na le moea oa Molimo ka ho lekana le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea?
Potso ena ha e ncha. Taba e tšoanang e ile ea tšohloa ho “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho The Watchtower ea April 15, 1952. Ba bangata e bile Lipaki ho tloha nakong eo, kahoo re ka boela ra nahana ka potso eo ’me ra hlahloba hore na boitsebiso ba pejana bo ne bo itse’ng.
Ntlha ea bohlokoa, karabo ke, e, bara le baralib’abo rōna ba tšepahalang ba sehlopha sa linku tse ling ba ka kopanela ka ho lekana le batlotsuoa ho amoheleng moea o halalelang oa Molimo.—Johanne 10:16.
Ka sebele, sena hase bolele hore moea o sebetsa ka tsela e tšoanang ho batho bohle. Nahana ka bahlanka ba tšepahalang morao koo linakong tsa pele ho Bokreste, bao ka sebele ba ileng ba amohela moea oa Molimo. Ka matla a moea, ba bang ba bona ba ile ba bolaea libata tse sehlōhō, ba folisa ba kulang, esita le ho tsosa bafu. ’Me ba ne ba hloka moea ho ngola libuka tse bululetsoeng tsa Bibele. (Baahloli 13:24, 25; 14:5, 6; 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:17-37; 5:1-14) The Watchtower e ile ea re: “Le hoja e ne e se ba sehlopha sa batlotsuoa, ba ne ba tletse moea o halalelang.”
Ka ’nģa e ’ngoe, nahana ka banna le basali ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba tlotsitsoe ka moea o halalelang, ho ba bara ba moea ba Molimo ka tšepo ea leholimo. Bohle ba ne ba tlotsitsoe, empa seo hase bolele hore ka mor’a moo moea o ile oa sebetsa ka tsela e tšoanang ho bona kaofela. Sena sea hlaka ho 1 Bakorinthe khaolo ea 12. Mono moapostola Pauluse o ne a bua ka limpho tsa moea. Rea bala litemaneng tsa 8, 9 le 11: “Ho e mong ka moea ho fanoa ka puo ea bohlale, ho e mong puo ea tsebo ho ea ka moea o tšoanang, ho e mong tumelo ka moea o tšoanang, ho e mong limpho tsa lipholiso ka moea oo o le mong. . . . Empa liketso tsena tsohle li etsoa ke moea o le mong le o tšoanang, o abela e mong le e mong ka bomong feela joalokaha o rata.”
Ka ho totobetseng, hase batlotsuoa bohle morao koo ba neng ba e-na le limpho tsa moea tsa ho etsa mehlolo. Ho 1 Bakorinthe khaolo ea 14, Pauluse o ile a bua ka seboka sa phutheho seo ho sona ho neng ho e-na le motho ea neng a e-na le mpho ea ho bua ka maleme, empa ho se motho ea neng a e-na le mpho ea ho fetolela. Leha ho le joalo, lekhetlong le leng pejana, e mong le e mong oa bona o ne a ile a tlotsoa ka moea. Na e ne e tla ba ho utloahalang ho bolela hore mor’abo rōna ea nang le mpho ea ho bua ka maleme o na le moea o fetang oa ba bang ba leng teng? Che. Batlotsuoa bao ba bang ba ne ba sa horeletseha, joalokaha eka bona ba sitoa ho utloisisa Bibele joaloka eena kapa bona ba sitoa ho tobana le liteko. Moea o ne o sebetsa ka tsela e ikhethang ho mor’abo rōna ea neng a bua ka maleme. Ho ntse ho le joalo, eena le bona ba ne ba tlameha ho lula ba le haufi le Jehova ’me ba ‘’ne ba tlale moea,’ joalokaha Pauluse a ile a ngola.—Baefese 5:18.
Tabeng ea masala kajeno, ka sebele a amohetse moea oa Molimo. Lekhetlong le leng o ile oa sebetsa ho ’ona ka tsela e ikhethang—nakong eo a neng a tlotsoa ’me a amoheloa e le bara ba moea. Ka mor’a moo a ’nile a ‘’na a tlala moea,’ a fumana thuso ea oona ha a batla kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea Bibele, a nka ketello-pele mosebetsing oa boboleli, kapa a tobana le liteko—tsa botho kapa tsa tlhophiso.
Litho tsa “linku tse ling,” le hoja ho se mohla li kileng tsa tlotsoa, li amohela moea o halalelang lintlheng tse ling. The Watchtower ea April 15, 1952, e ile ea hlokomela:
“‘Linku tse ling’ kajeno li etsa mosebetsi oa boboleli ho tšoana le masala, tlas’a maemo a tšoanang a lekang, ’me li bonahatsa botšepehi bo tšoanang. Li iphepa tafoleng e tšoanang ea moea, li ja lijo tse tšoanang, li amohela linnete tse tšoanang. E le ba sehlopha sa lefatšeng, ka tšepo ea lefatše le ka thahasello e matla linthong tsa lefatše, ba ka ’na ba bontša ho thahasella mangolo a amanang le boemo ba lefatše lefatšeng le lecha; athe masala a batlotsuoa, a nang le tšepo ea leholimo le thahasello e matla ea botho linthong tsa moea, mohlomong a ka ikitlaetsa haholoanyane ho ithuteng ka lintho tseo Lentsoeng la Molimo. . . . Leha ho le joalo ’nete e salang ke hore lihlopha tsena ka bobeli li bulehetsoe ke linnete tse tšoanang le kutloisiso e tšoanang, ke feela tsela eo batho ka bomong ba itšoarang ka eona ha ba ithuta e rerang kutloisiso eo ba e fumanang ka lintho tsa leholimo le tsa lefatše. Moea oa Morena o fumaneha ka ho lekana ho lihlopha tsena tse peli, ’me tsebo le kutloisiso li fanoa ka ho lekana ho lihlopha tsena tse peli, ka menyetla e lekanang ea ho li amohela.”