53 PAULUSE
O Ile a ba Sebete Nakong ea Sefefo
HA PAULUSE e ba Mokreste, Jesu o ile a re o tla hlaheloa “ke lintho tse ngata tse bohloko” ka lebaka la ho bolela litaba tse monate. Na mantsoe a Jesu a ile a phethahala? Ka mor’a lilemo tse 20 Pauluse e se e le Mokreste, o ilfe a ngola lengolo la hae la bobeli ho ea phuthehong ea Korinthe. Nakong eo a neng a ngola lengolo leo, o ne a ile a ‘otloa ka makhetlo a mangata a ba a batla a shoa.’ Hape o ile a pholoha ha a ne a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mararo. Ka lekhetlo le leng ha sekepe se robeha ka eena, o ile a iphumana a qeta bosiu le motšehare kaofela a le ka har’a metsi a leoatle. Leha ho le joalo, o ne a sa ntse a tl’o robeheloa ke sekepe hape.
Pauluse o ne a se a e-na le lilemo tse peli a le teronkong ea Roma e Sesarea, Judea. ’Musisi oa Judea o ne a sa mo lokolle hobane o ne a batla tjotjo, kahoo ha ’musisi eo a nkeloa sebaka ke e mong, Pauluse o ile a ipiletsa ho Sesare. Qetellong, o ile a kenngoa sekepeng a isoa ho Sesare ea neng a le sebakeng se ka bang lik’hilomithara tse 3 000 ho tloha Sesarea. Ka sekepeng, o ne a e-na le Luka, “ngaka e ratoang” eo e neng e le mosebetsi-’moho le eena hammoho le Mokreste e mong ea bitsoang Aristakase.—Bakol. 4:14.
Ha sekepe se fihla Mira e Asia Minor, molaoli ea bitsoang Juliase o ile a kenya batšoaruoa sekepeng sa lijo-thollo se tsoang Egepeta. Sekepe seo se ne se ea Italy. Ka mor’a hore batšoaruoa ba kene ka sekepeng, sekepe se ile sa tloha, empa ho ile ha tsoha sefefo se ileng ‘sa thatafatsa’ leeto lena. Tlalehong ea Bibele e buang ka leeto lena, Luka o buile ka makhetlo a mabeli hore basesisi ba ile ba thatafalloa ke ho laola sekepe. Basesisi ba ile ba ema sebakeng se bitsoang Kou e Ntle, e le hore ba emele hore sefefo se kokobele. Ha ba le moo, Pauluse o ile a bona hore ho ka ba molemo hore ba hle ba lule moo ho fihlela mariha a feta, hobane haeba ba ka tsoela pele ka leeto ba ne ba ka hlaheloa ke kotsi.
Pauluse o ile a ba sebete eaba o bolella Juliase hore ba se ke ba tloha Koung e Ntle. O ile a mo lemosa hore haeba ba ne ba ka tsoela pele ka leeto ba ne ba tla “senyeheloa ke sekepe” ba be ba shoe. Leha ho le joalo, Juliase ha aa ka a mo mamela, o ile a khetha ho mamela basesisi ba sekepe. E tlameha ebe o ile a ikoahlaela qeto ea hae. Ha Luka a hlalosa se ileng sa etsahala, o re: ‘Ho ile ha tsoha sefefo se matla haholo se ileng sa fefola sekepe hampe.’ Nako e khutšoanyane ka mor’a moo, sefefo sena se ile sa ba matla le ho feta. Ho ile ha feta lihora tse ngata le matsatsi a mangata “sefefo se [ntse] se tsukutla sekepe ka matla.” E le ho thibela sekepe ho qoela, basesisi ba ile ba lahlela liropo tse boima le lintho tse ling ka leoatleng. Batho kaofela ba ile ba qeta matsatsi a mangata ba sa je. Sefefo seo se ile sa nka libeke tse ka bang peli. Luka o re ka nako eo motho e mong le e mong ea ka sekepeng o ne a nahana hore o tl’o shoa.
Ha Pauluse e le motšoaruoa sekepeng, o ile a thusa motho e mong le e mong ea neng a e-na le eena ho pholoha sefefo se matla
Pauluse o ile a re ho bona: “Le se ke la tšoha.” Kaha lengeloi le ne le mo boleletse hore na ho tla etsahala’ng, o ile a boela a re ho bona: “Ha ho motho ea tla shoa, ke sekepe feela se tla soahlamana.” Ha basesisi ba bang ba leka ho baleha ka seketsoana, Pauluse o ile a fana ka temoso ea hore ketso eo e tla etsa hore batho ba bangata ba shoe. A ba khothalletsa hore ba lule ka sekepeng. Kahoo, basesisi ba ile ba khaolo ropo ea seketsoana eaba ba se lahlela ka leoatleng ho se na motho ea keneng ka har’a sona.
Mesong, Pauluse o ile a bolella motho e mong le e mong ka sekepeng hore a ka ja. O ile a re ho bona: “Ha ho le ea mong oa lona ea tla tsoa kotsi.” Ka mor’a moo, o ile a leboha Jehova bakeng sa lijo pele ba ka ja. Ba ile ba ja bohobe eaba ba lahlela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e setseng ka leoatleng. Mantsoe a Pauluse le lintho tseo a ileng a li etsa, li ile ‘tsa khothatsa’ banna bohle ba neng ba le ka sekepeng haholo. Ha letsatsi le chaba, sekepe se ile sa thula majoe a neng a le ka har’a metsi eaba sea soahlamana hobane maqhubu a ne a khahlellana holim’a sona. Sekepe seo se ile sa senyeha. Mantsoe a Pauluse a ile a phethahala, kaha ‘batho bohle ba ile ba fihla lebopong ba sireletsehile.’
Banna bao ba ile ba fihla sehlekehlekeng sa Malta. Molimo o ile a sebelisa Pauluse ho folisa batho ba bangata ba neng ba kula moo. Batho ba ile ba ananela seo Pauluse le metsoalle ea hae ba ba etselitseng sona. Ba ile ba ba tšoara ka mosa le ho ba fa limpho tse ngata.
Ha mariha a fela, Pauluse o ile a fihla Roma, ’me o ile a qobelloa hore a lule ka tlung lilemo tse ka bang peli le lesole le neng le mo lebetse. Boemong boo bo boima, Pauluse o ile a tsoela pele ho bontša sebete. O ile a tsoela pele ho bolela litaba tse monate ’me a ngola mangolo a eang ho Bakreste-’moho le eena. Ka mor’a hore a lokolloe, o ile a tsoela pele ho bolela litaba tse monate. Lilemo hamorao o ile a isoa teronkong Roma. E ne e le lekhetlo la ho qetela a ea teronkong. Ho e-s’o ee kae ka mor’a moo, Baroma ba ile ba bolaea monna enoa ea nang le tumelo a bile a le sebete. Empa Pauluse o ne a sa tšabe lefu. O ne a kholisehile hore Jehova Molimo o tla mo tsosa le hore o tla felisa lefu ka nako e loketseng. (1 Bakor. 15:26) Jehova o tla mo putsa ka ho phela leholimong ka ho sa feleng e le morena hape e le moprista hammoho le Jesu Kreste.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Pauluse o ile a bontša joang hore o sebete karolong ee ea bophelo ba hae?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke hobane’ng ha Saule a ile a khetha ho sebelisa lebitso la hae la Seroma, e leng Pauluse? (w08 3/1 12 ¶4-5)
2. Lilemo tse robong ho tloha ha Pauluse a ne a khutlela Tarsase ho fihlela ha a ea Antioke li bitsoa “lilemo tseo ho sa buuoeng letho” ka eena. E ka ’na eaba ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse nakong eo? (w00 7/15 26-27, lebokose ¶3-4)
3. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bolella Juliase hore ba ke ba eme hanyenyane pele ba tsoela pele ka leeto le eang Italy? (Lik. 27:9, 10; wp17.5 9 ¶3-4) A
Setšoantšo A: Sekepe se seholo sa mehleng ea Bakreste ba pele, se neng se sebelisetsoa ho tsamaisa thepa, se tšoanang le seo Pauluse a ileng a tsamaea ka sona ha ba tloha Mira
4. Ke hobane’ng ha batho ba Malta ba ile ba re Pauluse “ke ’molai”? (Lik. 28:4; w15 10/1 9 ¶5-6)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Pauluse o ile a bolella banna bao a neng a e-na le bona ka sekepeng hore ka thuso ea Molimo, ha ho motho ea tla shoa. (Lik. 27:22, 34) Taba ee e u ruta eng ka matla a Jehova, hona e etsa hore u ikutloe joang ka ho bolella batho ba bang litaba tse monate?
Ka mor’a hore Pauluse a rapele, batho bohle ba ka sekepeng ba ile “ba khothala.” (Lik. 27:35, 36) Ke maemong afe moo lithapelo tsa rona li ka khothatsang batho ba bang? B
Setšoantšo B
U ka etsisa sebete seo Pauluse a se bontšitseng tlalehong ee joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ithutile’ng ka Pauluse tlalehong ee, e etsang hore u thabele hore ebe o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?
Ithute Lintlha Tse Ling
Ithute hore na likepe li ne li le bohlokoa hakae mehleng ea Pauluse le hore na Bakreste ba ile ba li sebelisa joang ho phatlalatsa litaba tse monate libakeng tse ngata.
Baholo ba bang ba etsisitse Pauluse joang ka ho mamella le ho thusa Bakreste-’moho le bona?
Etsisa ba Ileng ba Fumana Litšepiso ka Lebaka la Mamello ea Bona—Pauluse (3:22)