Na Theknoloji e ka Tlisa Khotso Lefatšeng?
KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?
Ba lumela hore theknoloji e ka etsa hore ho be le lipuisano tse ka etsang hore batho ba momahane. Inthanete, mecha ea puisano, lifono le li-app li thusa batho ho fetolela lipuo. Sena se thusa batho ba linaha le litso tse fapaneng ho buisana ha bonolo. Maemong a mang, mahlakore a loantšanang a sebelisa theknoloji ho buisana haeba ho le kotsi hore a buisane lifahleho li talimane.
Ba lumela hore theknoloji e ka etsa hore ho se ke ha e-ba le lintoa. Artificial intelligence le litšoantšo tse nkiloeng ka satellite, ke tse ling tsa lintho tse ka sebelisoa hore ho shejoe libaka tseo ho tsona ho ka ’nang ha qhoma lintoa. Haeba ba boholong ba hlokomela hore batho ba buisana hampe inthaneteng, ebile ho na le matšoao a bontšang hore ho ka ba le merusu, ba ka khona ho thibela hore ho se ha qhoma ntoa e kholo.
Ba lumela hore theknoloji e ka ntlafatsa moruo. Theknoloji e eketsa mesebetsi. Ha mesebetsi e le mengata ebile e patala batho hantle, ho tla ba le khotso le teka-tekano, e leng lintho tse tla etsa hore ho se ke ha e-ba le lintoa.
Ka mohlala, theknoloji e ka ntlafatsa tsela eo temo e etsoang ka eona, eaba ea thusa lifeme hore li etse lihlahisoa tse ngata kapele. E ka boela ea thusa batho hore ba fumane thuto inthaneteng, ba be ba ithute ho sebelisa chelete hamolemo. Lintho tsena kaofela li thusa batho hore ba be le botsitso ’me ba se ke ba e-ba le mabaka a ho loantšana.
NAHANA KA SENA
Theknoloji e ka etsa hore ho be le khotso haeba batho ba e sebelisang ba batla khotso.
Ho etsahala’ng ha theknoloji e sebelisoa ke batho ba ratang ntoa?
Na theknoloji e ka etsa hore ho be le khotso lefatšeng empa e sebelisoa ho etsa libetsa tse kotsi?
Na theknoloji e ka fetola motho ha a le meharo, a e-na le lehloeo a bile a le leeme?
Clockwise from top: U.S. Air Force graphic; Creation Art/stock.adobe.com; Guido Mieth/DigitalVision via Getty Images; 3dsculptor/stock.adobe.com
Theknoloji e ka etsa hore ho be le khotso haeba batho ba e sebelisang ba batla khotso
SEO BIBELE E SE BUANG
Ho ea ka litemana tsena, hangata batho ba loana ka lebaka la meharo, boikhohomoso le mona. Le hoja theknoloji e re thusa ho etsa lintho tse ngata, e ke ke ea thibela batho ho itšoara ka tsela ena.
Theknoloji ke thulusi feela, e ka momahanyang batho kapa ea ba arohanya. Le hoja theknoloji e na le melemo e mengata, batho ba nang le merero e mebe ba ka e sebelisa hampe.
Bibele e ruta hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla tlisa khotso lefatšeng, eseng theknoloji. (Matheu 6:10) ’Muso oa Molimo o tla “felisa lintoa lefatšeng lohle” o be o felise libetsa tseo batho ba li sebelisang. (Pesaleme ea 46:9) Batho ba tla ithuta ho phelisana ka khotso ka hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba ikutloang ka eona ka batho ba bang. (Esaia 54:13) Ha nako e ntse e ea, batho ba ke ke ba hlola ba e-ba le mekhoa e mebe e etsang hore ba qetelle ba loantšana.—Pesaleme ea 37:10, 11; Baefese 4:22-24, 31, 32.
Yan Dobronosov/Global Images Ukraine via Getty Images
HO FUMANA LINTLHA TSE EKETSEHILENG
Ithute Bibele kapa u kope e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u etele.