DINTLHA TSE HLAHANG QETELLONG
1 JEHOVA
Lebitso la Modimo ke Jehova mme le bolela “O Etsa Hore ho be.” Jehova ke Modimo ya matla ohle mme o bopile dintho tsohle. O na le matla a ho etsa ntho efe kapa efe eo a e batlang.
Ka Seheberu, lebitso la Modimo le ne le ngotswe ka ditlhaku tse nne. Ka puo ya kajeno, ditlhaku tseo ke YHWH kapa JHVH. Lebitso la Modimo le hlaha ka makgetlo a ka bang 7 000 ka hara Testamente ya Kgale. Lefatsheng lohle, batho ba ngola lebitso “Jehova” ka ditsela tse sa tshwaneng le ho le bitsa ka tsela e dumellanang le dipuo tsa habo bona.
2 BIBELE E “BUDULETSWE KE MODIMO”
Mongodi wa Bibele ke Modimo, empa o ile a sebedisa batho ho e ngola. Sena se tshwana le ha rakgwebo a kopa hore mongodi wa hae a mo thaepele lengolo kapa ha ntate a kopa hore ngwana wa hae a mo thuse ho ngola lengolo. Modimo o ile a sebedisa moya wa hae o halalelang ho tataisa batho ba neng ba ngola Bibele. Ka hoo ba ile ba ngola mehopolo ya Modimo. Moya wa Modimo o ne o ba tataisa ka ditsela tse sa tshwaneng. Ka dinako tse ding, o ne o etsa hore ba bone dipono kapa ba lore seo ba lokelang ho se ngola.
3 MELAOMOTHEO
Melaomotheo ya Bibele ke dithuto tse re thusang hore re etse diqeto tse nepahetseng bophelong. Ka mohlala, molaomotheo o reng “ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle” o re ruta hore batho bao re tlwaelanang le bona ba ka re susumetsa ka tsela e ntle kapa e mpe. (1 Bakorinthe 15:33) Molaomotheo o reng “seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule” o re ruta hore re ke ke ra kgona ho qoba ditlamorao tsa diketso tsa rona.—Bagalata 6:7.
4 BOPROFETA
Boprofeta ke molaetsa o tswang ho Modimo. Ka dinako tse ding, bo hlalosa hore na thato ya Modimo ke efe kapa bo fana ka dikahlolo le ditaelo. Bo ka boetse ba bolela esale pele ntho e tla etsahala nakong e tlang. Ho na le boprofeta bo bongata ka Bibeleng bo seng bo phethahetse.
5 BOPROFETA BO BUANG KA MESIA
Boprofeta bo buang ka Mesia bo ile ba phethahala ho Jesu. Sheba lebokose le reng “Boprofeta bo Mabapi le Mesia.”
▸ Kgaolo 2, ser. 17, mongolo o botlaseng ba leqephe.
6 KE HOBANENG HA JEHOVA A ILE A BOPA LEFATSHE?
Jehova o ne a batla hore lefatshe e be sebaka se setle seo batho ba ka dulang ho sona. Thato ya Modimo ka lefatshe e tla phethahala. Haufinyane, Modimo o tla fedisa batho bohle ba kgopo lefatsheng mme a fe batho ba hae bophelo bo sa feleng.
7 SATANE DIABOLOSE
Satane ke lengeloi le ileng la fetohela Modimo. Lebitso la hae Satane le bolela “Mohanyetsi” hobane o lwantsha Jehova. O boetse o bitswa Diabolose e bolelang “Moetselletsi.” O ile a fuwa lebitso leo hobane o bua mashano ka Modimo ebile o kgelosa batho.
8 MANGELOI
Jehova o ile a bopa mangeloi nako e telele pele a ka bopa lefatshe. Mangeloi a bopetswe hore a phele lehodimong. Ho na le mangeloi a ka hodimo ho dimilione tse 100. (Daniele 7:10) Mangeloi a na le mabitso le botho bo sa tshwaneng mme a ikokobeditse hobane ha a batle ha batho ba a rapela. Ha a lekane ka matla mme a na le mesebetsi e sa tshwaneng. E meng ya mesebetsi eo ke ho sebeletsa kapela terone ya Jehova, ho phethahatsa dikahlolo tsa hae, ho romela melaetsa, ho tshehetsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele, ho tataisa le ho sireletsa bahlanka ba Jehova lefatsheng. (Pesaleme ya 34:7; Tšenolo 14:6; 22:8, 9) Nakong e tlang, mangeloi a tla thusa Jesu ho fedisa dira tsa Modimo ntweng ya Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16; 19:14, 15.
9 SEBE
Sebe ke ntho e nngwe le e nngwe eo re ka e etsang kapa ra e nahana, e sa dumellaneng le thato ya Jehova. Ka ha sebe se senya setswalle sa rona le Modimo, o re file melao le melaomotheo e re thusang hore re se ke ra etsa sebe ka boomo. Adama le Eva ba ile ba etsa sebe ha ba tlola molao wa Modimo mme ba lahlehelwa ke bophelo bo sa feleng. Ke ka lebaka leo ba ileng ba tsofala mme ba shwa. Ka ha re futsitse sebe ho Adama, le rona re a tsofala le ho shwa.
10 ARMAGEDONE
Ke ntwa eo Modimo a tlang ho e lwana ho fedisa lefatshe la Satane le dintho tsohle tse kgopo.
11 MMUSO WA MODIMO
Mmuso wa Modimo ke mmuso oo Jehova a o hlomileng lehodimong. Jesu ke yena Morena wa ona. Nakong e tlang, Jehova o tla sebedisa mmuso ona ho fedisa mathata ohle a teng lefatsheng. Mmuso wa Modimo o tla busa lefatshe lohle.
12 JESU KRESTE
Modimo o bopile Jesu pele a bopa ntho le ha e le efe. Jehova o ile a romela Jesu lefatsheng ho tla shwela batho bohle. Ka mora hore Jesu a bolawe, Jehova o ile a mo tsosa bafung. Hona jwale Jesu ke Morena wa Mmuso wa Modimo lehodimong.
13 BOPROFETA BO BUANG KA DIBEKE TSE 70
Bibele e ile ya profeta kapa ya bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tla neng. E ne e tla ba qetellong ya dibeke tse 69 tsa boprofeta, tse ileng tsa qala ka selemo sa 455 B.C.E. mme tsa fela ka selemo sa 29.
Re tseba jwang hore dibeke tseo di ile tsa fela ka selemo sa 29? Dibeke tse 69 di qadile ka selemo sa 455 B.C.E. ha Nehemia a ne a fihla Jerusalema mme a tsosolosa motse oo. (Daniele 9:25; Nehemia 2:1, 5-8) Ka tlwaelo, beke e na le matsatsi a 7. Le ha ho le jwalo, dibeke tseo ho buuwang ka tsona boprofeteng bona ha se tsa matsatsi a 7 tseo re di tlwaetseng. Ho e na le hoo, letsatsi ka leng la beke le lekana le selemo hobane ho sebediswa mantswe a boprofeta a reng “letsatsi ka leng le lekana le selemo.” (Numere 14:34, Bibele—Phetolelo e Ncha; Ezekiele 4:6) Sena se bolela hore beke ka nngwe e na le dilemo tse 7, e leng se bolelang hore dibeke tse 69 ke dilemo tse 483 ka kakaretso (69 x 7). Haeba re bala dilemo tse 483 mme re bala ho tloha selemong sa 455 B.C.E., re fihla selemong sa 29. Sena ke sona selemo seo Jesu a ileng a kolobetswa ka sona mme ya ba Mesia!—Luka 3:1, 2, 21, 22.
Boprofeta boo bo boetse bo bua ka beke e nngwe, e leng dilemo tse ding hape tse 7. Bekeng eo, Mesia o ne a tla bolawa ka selemo sa 33, mme ho tloha ka selemo sa 36 ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo di ne di tla qala ho bolellwa ditjhaba tse ding, e seng Bajuda feela.—Daniele 9:24-27.
14 THUTO YA LESHANO YA BORARO BO TERONENG
Bibele e re ruta hore Jehova Modimo ke Mmopi le hore o bopile Jesu pele ho dintho tse ding tsohle. (Bakolose 1:15, 16) Jesu ha se Modimo ya Matla Ohle. Ha ho mohla Jesu a kileng a re o lekana le Modimo. Ha e le hantle, o ile a re: “Ntate o moholo ho nna.” (Johanne 14:28; 1 Bakorinthe 15:28) Empa dikereke tse ding di ruta batho ka Boraro bo Teroneng, hore Modimo ke batho ba bararo ka hara mmele o le mong e leng: Ntate, Mora, le moya o halalelang. Polelwana e reng “Boraro bo Teroneng” ha e yo ka Bibeleng. Thuto ena ke leshano.
Moya o halalelang ke matla a Modimo a sa bonahaleng, ao a a sebedisang ho phetha thato ya hae. Moya o halalelang ha se motho. Ka mohlala, Bibele e re nakong e fetileng Bakreste ba ile ba “tlala moya o halalelang,” mme Jehova o ile a re: “Ke tla tshollela o mong wa moya wa ka hodima nama ya mofuta o mong le o mong.”—Liketso 2:1-4, 17.
15 SEFAPANO
Bakreste ba nnete ha ba sebedise sefapano ha ba rapela Modimo. Hobaneng?
E se e le nako e telele dikereke tse ngata di sebedisa sefapano. Mehleng ya kgale, sefapano se ne se sebediswa ke batho ba neng ba rapela medimo ya bohata. Ka mora lefu la Jesu, Bakreste ha ba a ka ba sebedisa sefapano esita le dilemo tse 300 ka mora moo. Dilemo hamorao, Mmusi wa Roma ya bitswang Constantine o ile a etsa hore sefapano e be letshwao la Bokreste. Letshwao leo le ile la sebediswa ho etsa hore Bokreste bo tsebahale. Empa ha ho moo sefapano se amanang teng le Jesu Kreste. Buka ya New Catholic Encyclopedia e re: “Sefapano se hlaha meetlong e bileng teng pele ho Bokreste le ho eo e seng ya Bokreste.”
Jesu ha a ka a shwella sefapanong. Mantswe a Segerike a fetoletsweng e le “sefapano” Dibibeleng tse ding, ha e le hantle a bolela “thupa e otlolohileng,” “patsi” kapa “sefate.” Mofetoledi e mong wa Bibele o re: “Ha ho na lentswe la Segerike [ka Testamenteng e Ntjha] le fanang ka setshwantsho sa dipalo tse pedi tse kopantsweng.” Jesu o bolaetswe thupeng e otlolohileng.
Jehova ha a batle hore re sebedise matshwao kapa ditshwantsho ha re mo rapela.—Exoda 20:4, 5; 1 Bakorinthe 10:14.
16 SEHOPOTSO
Jesu o ile a laela barutuwa ba hae hore ba tshware Sehopotso sa lefu la hae. Ba etsa sena selemo le selemo ka la 14 kgweding ya Nisane, e leng nako e tshwanang le eo Bajuda ba neng ka keteka Paseka ka yona. Bohobe le veine, tse tshwantshetsang mmele wa Jesu le madi a hae, di fetiswa ka pela bohle ba tlileng Sehopotsong. Ba jang bohobe boo le ho nwa veine ke bao Jesu a ba kgethileng ho ya busa le yena lehodimong. Bohle ba nang le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng ba tla Sehopotsong, empa ha ba je bohobe le ho nwa veine.
17 MOYA
Ka Bibeleng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha, lentswe “moya” le sebedisitswe ha ho buuwa ka (1) motho, (2) phoofolo, kapa (3) bophelo ba motho kapa ba phoofolo. Mehlala ke ena:
Motho. ‘Matsatsing a Noe, batho ba seng bakae, ke hore, meya e robedi, ba ile ba pholoswa metsing.’ (1 Petrose 3:20) Mona lentswe “meya” le bua ka batho, e leng Noe le mosadi wa hae, bara ba Noe le basadi ba bona.
Phoofolo. “Modimo a tswela pele ho re: “Metsi a ke a nyeunye boiyane ba meya e phelang [kapa diphoofolo] mme dibopuwa tse fofang di ke di fofe hodima lefatshe sepakapakeng sa mahodimo.’ Modimo a tswela pele ho re: “Lefatshe le ke le hlahise meya e phelang [kapa diphoofolo] ho ya ka mefuta ya yona, phoofolo e ruuwang le phoofolo e hahabang le sebata sa lefatshe ho ya ka mofuta wa sona.” Mme ha eba jwalo.”—Genese 1:20, 24.
Bophelo ba motho kapa ba phoofolo. Jehova o ile a re ho Moshe: “Batho bohle ba neng ba tsoma moya wa hao [kapa bophelo ba hao] ba shwele.” (Exoda 4:19) Jesu o ile a re: “Ke nna modisa ya kgabane; modisa ya kgabane o nehelana ka moya wa hae [kapa bophelo ba hae] molemong wa dinku.”—Johanne 10:11.
Ho ekelletsa moo, ha motho a etsa ntho ka ‘moya wa hae wohle,’ o e etsa ka mafolofolo le ka bokgoni ba hae bohle. (Matheu 22:37; Deuteronoma 6:5) Bibele e boetse e sebedisa lentswe “moya” ha e bua ka dintho tse ding. Ka mohlala, hangata e le sebedisa ha e bua ka dintho tse sa bonahaleng mahlong a batho, jwalo ka moya o fokang le moya oo re o hemang. Lentswe lena le boetse le sebedisitswe ka Bibeleng ha ho buuwa ka dibopuwa tse sa bonahaleng jwalo ka mangeloi esita le ha ho buuwa ka matla a Modimo a sa bonahaleng, e leng moya o halalelang. Bibele ha e rute hore ho na le karolo e itseng mmeleng wa motho e tswelang pele e phela ka mora hore a shwe.—Exoda 35:21; Pesaleme ya 104:29; Matheu 12:43; Luka 11:13.
18 GEHENA
Gehena ke lebitso la sebaka se neng se le pela Jerusalema, moo dithole di neng di lahlelwa teng mme di tjheswa. Ha ho na bopaki ba hore mehleng ya Jesu, diphoofolo kapa batho ba ne ba lahlelwa sebakeng seo ba ntse ba phela e le hore ba tjheswe. Ka hoo, Gehena ha se sebaka se sa bonahaleng seo bafu ba tjhesetswang ho sona. Ha Jesu a ne a bua ka batho ba iswang Gehena, o ne a bua ka batho ba tla fediswa ka ho sa feleng.—Matheu 5:22; 10:28.
19 THAPELO YA MORENA
Ena ke thapelo eo Jesu a ileng a e etsa ha a ne a ruta barutuwa ba hae ho rapela. E boetse e bitswa thapelo ya “Ntata Rona ya Mahodimong” kapa thapelo ya mohlala. Ka mohlala, Jesu o re rutile ho rapela ka tsela ena:
“Lebitso la hao le ke le halaletswe”
Re rapella hore Jehova a nke bohato ka batho ba mo senyang lebitso. Sena se tla etsa hore bohle ba lehodimong le lefatsheng ba hlomphe lebitso la Modimo.
“Mmuso wa hao o ke o tle”
Re rapella hore mmuso wa Modimo o fedise lefatshe la Satane le kgopo mme o buse lefatshe le ho fedisa mathata ohle a teng ho lona.
“Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng”
Re rapella hore thato ya Modimo ka lefatshe e phethahale e le hore batho ba ka phela ho lona ka ho sa feleng, jwalo ka ha Jehova a ne a batla ha a ne a ba bopa.
20 THEKOLLO
Jehova o fane ka thekollo e le hore a pholose batho sebeng le lefung. Thekollo e ile ya lefa bophelo bo phethahetseng boo motho wa pele e leng Adama a ileng a bo lahla, mme ya etsa hore Jehova a boele a nke batho e le bana ba hae. Modimo o ile a romela Jesu lefatsheng ho tla shwela batho bohle ba baetsadibe. Ka lebaka la lefu la Jesu, batho bohle ba na le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng lefatsheng.
21 KE HOBANENG HA SELEMO SA 1914 E LE SA BOHLOKWA?
Boprofeta bo ho Daniele kgaolo ya 4, bo re ruta hore Modimo o ne a tla theha Mmuso wa hae ka selemo sa 1914.
Boprofeta: Jehova o ile a etsa hore Morena Nebukadnezare a lore ka sefate se seholo se ileng sa rengwa. Torong eo, kutu ya sefate e ile ya tlangwa ka lebanta la tshepe le la koporo ka “dinako tse supileng” e le hore e se ke ya hola. Ka mora moo, sefate se ile sa dumellwa hore se hole.—Daniele 4:1, 10-16.
Seo re ithutang sona boprofeteng bona: Sefate se tshwantshetsa puso ya Modimo. Jehova o ile a sebedisa marena a Jerusalema ho busa setjhaba sa Iseraele ka dilemo tse ngata. (1 Likronike 29:23) Empa marena ao ha a ka a dula a tshepahala mme puso ya ona e ile ya fela. Jerusalema e ile ya fediswa ka selemo sa 607 B.C.E. “Dinako tse supileng” di ile tsa qala ka nako eo. (2 Marena 25:1, 8-10; Ezekiele 21:25-27) Ha Jesu a ne a re “Jerusalema e tla hatakelwa ke ditjhaba, ho fihlela dinako tse behilweng tsa ditjhaba di phethahala,” o ne a bua a ka “dinako tse supileng.” (Luka 21:24) Ka hoo “dinako tse supileng” ha di a ka tsa fela ha Jesu a ntse a le lefatsheng. Jehova o ile a tshepisa hore o ne a tla kgetha Morena e mong ha “dinako tse supileng” di fela. Morena eo ke Jesu, mme puso ya hae e tla etsetsa batho ba lefatshe lohle dintho tse molemo.—Luka 1:30-33.
Bolelele ba “dinako tse supileng”: “Dinako tse supileng” di nkile dilemo tse 2 520. Haeba re bala dilemo tse 2 520 ho tloha ho selemo sa 607 B.C.E., re fihla selemong sa 1914. Ke sona selemo seo Jehova a ileng a etsa hore Jesu e be Morena wa Mmuso wa Modimo o lehodimong.
Re tseba jwang hore “dinako tse supileng” di nkile dilemo tse 2 520? Bibele e re dinako tse tharo le halofo di lekana le matsatsi a 1 260. (Tšenolo 12:6, 14) Ka hoo “dinako tse supileng” di mena tseo habedi, ka mantswe a mang, ke matsatsi a 2 520. Matsatsi ao a 2 520 ke dilemo tse 2 520, hobane ho sebediswa mantswe a boprofera a reng “letsatsi ka leng le lekana le selemo.”—Numere 14:34, Bibele—Phetolelo e Ncha; Ezekiele 4:6.
22 MIKAELE KE LENGELOI LE KA SEHLOOHONG
Bibele e re ho na le lengeloi le le leng feela le ka sehloohong mme le bitswa Mikaele.—Daniele 12:1; Juda 9.
Mikaele ke Moetapele wa lebotho la Modimo la mangeloi a tshepahalang. Tšenolo 12:7 e re: “Mikaele le mangeloi a hae ba lwana le drakone . . . le mangeloi a yona.” Buka ya Tšenolo e re Moetapele wa lebotho la Modimo ke Jesu, ka hoo Mikaele ke lebitso le leng la Jesu.—Tšenolo 19:14-16.
23 MATSATSI A HO QETELA
Matsatsi a ho qetela ke nako eo ka yona ho neng ho tla ba le diketsahalo tse kgolo lefatsheng pele Mmuso wa Modimo o fedisa lefatshe la Satane. Boprofeta ba Bibele bo boetse bo sebedisa dipolelwana tse kang “qetello ya tsamaiso ya dintho” le “ho ba teng ha Mora motho” ha bo bua ka nako eo. (Matheu 24:3, 27, 37) “Matsatsi a ho qetela” a qadile ka 1914 ha Mmuso wa Modimo o qala ho busa lehodimong mme a tla fela ha lefatshe la Satane le fediswa ntweng ya Armagedone.—2 Timothea 3:1; 2 Petrose 3:3.
24 TSOHO
Tsoho ke ha Modimo a etsa hore motho ya shweleng a boele a phele. Bibele e bua ka batho ba 9 ba ileng ba tsoswa bafung. Modimo o ile a tsosa batho bao a sebedisa Elia, Elisha, Jesu, Petrose, le Pauluse. Jehova o tshepisa hore o tla tsosa “ba lokileng le ba sa lokang” e le hore ba boele ba phele lefatsheng. (Liketso 24:15) Bibele e boetse e bua ka batho ba tla tsosetswa ho ya phela lehodimong. Batho bao ba kgethilwe ke Modimo hore ba ye lehodimong ho ilo busa le Jesu.—Johanne 5:28, 29; 11:25; Bafilipi 3:11; Tšenolo 20:5, 6.
25 BODEMONA
Batho ba bangata ba dumela hore ha motho a shwa, moya wa hae o ya sebakeng se itseng mme eba e mong wa badimo. Ha batho ba bang ba hloka thuso, ba buisana le badimo bana kapa ba ya ho dingaka tsa setso ho di kopa hore di ba buelle. Ha e le hantle, ha batho ba buisana le bafu ba tloha ba buisana le bademona. Bademona ba sebedisa le ditsela tse ding ho etsa hore batho ba kgelohe ho Modimo. Ba sebedisa dintho tse kang boloi, bonohe, boselamose, ditumelakgwela le dihoroscope. Kajeno ho na le dimovie, dipina, dimakasine le dibuka tse ngata tse buang ka bodemona mme di etsa hore bo bonahale eka ke boithabiso feela bo se nang kotsi. Meetlo e mengata e etswang ha motho a hlokahetse, e jwalo ka ho etsa tebelo, ho hlabela badimo, ho rwala thapo kapa ho apara diaparo tse ntsho ka morero wa ho ilela mofu, kaofela di akarelletsa ho buisana le bademona ka tsela e itseng. Hangata batho ba sebedisa dithethefatsi kapa meriana e itseng ha ba leka ho sebedisa matla a tswang ho bademona.—Bagalata 5:20; Tšenolo 21:8.
26 PUSO YA JEHOVA
Jehova ke Modimo ya Matla Ohle mme o bopile dintho tsohle tse lehodimong le tse lefatsheng. (Tšenolo 15:3) Ke ka hoo dintho tsohle e leng tsa hae mme o na le tokelo ya ho laola le ho busa popo yohle. (Pesaleme ya 24:1; Esaia 40:21-23; Tšenolo 4:11) O entse melao e tataisang dintho tsohle tseo a di bopileng. Jehova o boetse o na le matla a ho kgetha ba bang hore ba buse. Re bontsha hore re tshehetsa puso ya Jehova ka ho mo rata le ho mo mamela.—1 Likronike 29:11.
27 HO NTSHA MPA
Ho ntsha mpa ke ho bolaya lesea le so tswalwe. Ena ke ketso ya ka boomo, ha se ntho e etsahalang ka tshohanyetso kapa ho sa lebellwa ebile ha se ntho e etsahalang ka tsela ya tlhaho mmeleng. Ngwana ya sa tswa emolwa ha a lokela ho tadingwa e le feela karolo ya mmele wa mme, empa ngwana eo e se e ntse e le motho. Ka hoo, ho ntsha mpa ho tshwana le polao.
28 HO TSHELWA MADI
Ona ke mokgwa wa kalafo kapa wa ho phekola o sebediswang ke dingaka. Madi a motho e mong kapa dikarolo tsa ona tse ka sehloohong, di tshelwa mmeleng wa mokudi. Dikarolo tsa madi tse ka sehloohong ke plasma, disele tse kgubedu tsa madi, disele tse tshweu tsa madi le diplatelete. Bakreste ha ba dumele hore dikarolo tsena tsa madi di tshelwe mmeleng ya bona hobane ba hlompha bophelo.
29 TAYO
Ka Bibeleng, lentswe “tayo” ha le bolele feela mokgwa o itseng wa ho fa motho kotlo. Tayo e boetse e akarelletsa ho rupela, ho ruta esita le ho kgalemela. Ha ho mohla Jehova a sebedisang dikgoka ha a laya motho. (Liproverbia 4:1, 2) Jehova o behela batswadi mohlala. Jehova o laya motho ka tsela e nepahetseng hoo motho eo a ka qetellang a rata tayo. (Liproverbia 12:1) Jehova o rata batho ba hae mme o a ba kwetlisa. O ba fa ditaelo tse ba thusang hore ba qobe menahano e fosahetseng le tse ba thusang hore ba nahane le ho itshwara ka tsela e mo kgahlisang. Tayo ya batswadi e akarelletsa ho thusa bana ba bona ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ba lokela ho mamela. Ba boetse ba lokela ho ruta bana ba bona ho rata Jehova, ho rata Lentswe la hae Bibele le ho utlwisisa melaomotheo ya lona.
30 BADEMONA
Bademona ke dibopuwa tsa moya tse sa bonahaleng, tse nang le matla a fetang a batho. Bademona ke mangeloi a kgopo. Ba ile ba iketsa dira tsa Modimo ha ba tlola melao ya hae. (Genese 6:2; Juda 6) Satane le bademona ba ile ba fetohela Jehova.—Deuteronoma 32:17; Luka 8:30; Liketso 16:16; Jakobo 2:19.