2 Marena
2 Eitse ha Jehova a le haufi le ho isa Elia+ maholimong+ ka sefefo, Elia le Elisha+ ba tloha Gilgale.+ 2 Elia a qala ho re ho Elisha: “Ka kōpo, lula mona hobane Jehova o nthomile ho ea fihla Bethele.” Empa Elisha a re: “Ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka u tlohela.”+ Kahoo ba theohela Bethele.+ 3 Joale bara ba baprofeta+ ba neng ba le Bethele ba tsoela ho Elisha ’me ba re ho eena: “Na ka sebele ua tseba hore kajeno Jehova o tlosa mong’a hao hore e se ke ea e-ba hlooho ea hao?”+ A re: “Le ’na, ke tseba hantle.+ Khutsang.”
4 Joale Elia a re ho eena: “Elisha, ka kōpo, lula mona hobane Jehova o nthomile Jeriko.”+ Empa a re: “Ka Jehova ea phelang le ka moea oa hao o phelang, nke ke ka u tlohela.” Kahoo ba tla Jeriko. 5 Joale bara ba baprofeta ba neng ba le Jeriko ba atamela Elisha ’me ba re ho eena: “Na ka sebele ua tseba hore kajeno Jehova o tlosa mong’a hao hore e se ke ea e-ba hlooho ea hao?” A re: “Le ’na, ke tseba hantle. Khutsang.”+
6 Joale Elia a re ho eena: “Ka kōpo, lula mona hobane Jehova o nthomile Jordane.”+ Empa a re: “Ka Jehova ea phelang le ka moea oa hao o phelang, nke ke ka u tlohela.”+ Kahoo ka bobeli ba tsoela pele. 7 Ho ne ho e-na le banna ba mashome a mahlano ba bara ba baprofeta ba ileng ba ea ’me ba ’na ba ema moo ba ka bonang hōjana;+ empa, ha e le bona ka bobeli, ba ema Jordane. 8 Joale Elia a nka seaparo sa hae se khethehileng+ ’me a se phutha eaba o otla metsi, ’me butle-butle a arohana ka tsela ena le ka tsela eane, hoo ka bobeli ba ileng ba tšela mobung o omileng.+
9 Eitse hang ha ba tšetse Elia a re ho Elisha: “Kōpa seo nka u etsetsang sona pele ke tlosoa ho uena.”+ Elisha a re: “Ke kōpa hore likarolo tse peli+ tsa moea+ oa hao li tle ho ’na.”+ 10 A re: “U kōpile+ ntho e thata. Haeba u mpona ha ke tlosoa ho uena, ho tla etsahala ka tsela eo ho uena; empa haeba u sa mpone, ho ke ke ha etsahala.”
11 Eitse ha ba ntse ba tsamaea, ba bua ba ntse ba tsamaea, bonang! koloi+ ea ntoa ea mollo le lipere tsa mollo, tsa ba arohanya; Elia a nyolohela maholimong ka sefefo.+ 12 Nakong eo eohle Elisha o ne a ho bona, ’me o ne a hoeletsa: “Ntate, Ntate,+ koloi ea ntoa ea Iseraele le banna ba hae ba lipere!”+ Ha aa ka a hlola a sa mo bona. Ka lebaka leo a tšoara liaparo tsa hae ’me a li hahola likotoana tse peli.+ 13 Ka mor’a moo a nka seaparo se khethehileng+ sa Elia se neng se oele ho eena, ’me a khutla eaba o ema lebōpong la Jordane. 14 Joale a nka seaparo se khethehileng sa Elia se neng se oele ho eena ’me a otla metsi+ eaba o re: “O kae Jehova Molimo oa Elia?”+ Eitse ha a otla metsi, joale butle-butle a arohana ka tsela ena le ka tsela eane, hoo Elisha a ileng a tšela.
15 Ha bara ba baprofeta ba neng ba le Jeriko ba mo bona a le hōjana, ba qala ho re: “Moea+ oa Elia o lutse holim ’a Elisha.” Ka lebaka leo ba tla ho mo khahlanyetsa ’me ba mo inamela.+ 16 Ba tsoela pele ho re ho eena: “Bona! joale, ho na le banna ba mashome a mahlano ba nang le bahlanka ba hao, batho ba sebete. Ka kōpo, e-re ba tsamaee, ’me ba batle mong’a hao. E ka ’na eaba moea+ oa Jehova o mo phahamisitse ’me joale oa mo lahlela holim ’a e ’ngoe ea lithaba kapa ho e ’ngoe ea liphula.” Empa a re: “Le se ke la ba romela.” 17 Ba ’na ba mo phehella ho fihlela a soabile, hoo a ileng a re: “Ba romeleng.” Joale ba romela banna ba mashome a mahlano; ’me ba ’na ba batla ka matsatsi a mararo, empa ha baa ka ba mo fumana. 18 Ha ba khutlela ho eena, o ne a lula Jeriko.+ Joale a re ho bona: “Na ha kea ka ka re ho lōna, ‘Le se ke la ea’?”
19 Ka mor’a nako banna ba motse ba re ho Elisha: “Bona! joale, boemo ba motse bo botle,+ feela joalokaha mong’a ka a bona; empa metsi+ a mabe, ’me naha e baka ho senyeheloa ke limpa.”+ 20 Eaba o re: “Ntateleng sekotlolo se senyenyane se secha ’me le tšele letsoai ka ho sona.” Kahoo ba mo latela sona. 21 Joale a tsoela ka ntle mohloling oa metsi ao ’me a tšela letsoai ka har’a ’ona+ eaba o re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ke etsa hore metsi ana e be a phelisang hantle.+ Ha ho sa tla hlola ho e-ba le lefu kapa ho senyeheloa ke limpa ho bakoang ke ’ona.’” 22 Metsi ao a tsoela pele a folisitsoe ho fihlela letsatsing lena,+ ho ea ka lentsoe leo Elisha a le buileng.
23 A tloha moo a ea Bethele.+ Ha a ntse a nyoloha tseleng, ho ne ho e-na le bashanyana+ ba tsoang motseng ’me ba qala ho mo soma+ ’me ba ’na ba re ho eena: “Nyoloha, uena ralefatla!+ Nyoloha, uena ralefatla!” 24 Qetellong a reteleha ’me a ba bona eaba o ba rohaka+ ka lebitso la Jehova. Joale libere+ tse peli tse tšehali tsa tsoa morung ’me tsa qala ho rusolla bana ba mashome a mane a metso e ’meli ho bona.+ 25 A ’na a tsamaea ho tloha moo ho ea Thabeng ea Karmele,+ ’me ho tloha moo a khutlela Samaria.