147 Rorisang Jah,+
Etsoe ke ntho e ntle ho binela Molimo oa rōna lipina tsa thoriso;+
Etsoe ke ho khahlisang—thoriso e loketse.+
2 Jehova o haha Jerusalema;+
O phutha ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+
3 O folisa+ ba robehileng lipelo,+
O tlamisa maqeba a bona a bohloko.+
4 O bala palo ea linaleli;+
Kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.+
5 Morena oa rōna o moholo ’me o na le matla a maholo;+
Kutloisiso ea hae e ke ke ea lokolisoa.+
6 Jehova o imolla ba bonolo;+
O kokobeletsa ba khopo lefatšeng.+
7 Arabelang Jehova ka liteboho;+
Binelang Molimo oa rōna lipina tsa thoriso ka harepa,+
8 Eena Ea koahelang maholimo ka maru,+
Ea lokisang pula bakeng sa lefatše,+
Ea etsang hore lithaba li hlahise joang bo botala.+
9 O fa liphoofolo lijo tsa tsona,+
Le makhoaba a manyenyane a ntseng a lla.+
10 Ha a khahloe ke matla a pere,+
Leha e le hore o khahlisoa ke maoto a motho.+
11 Jehova o khahlisoa ke ba mo tšabang,+
Ba letelang mosa oa hae o lerato.+
12 Babatsa Jehova,+ Uena Jerusalema.
Rorisa Molimo oa hao, Uena Sione.+
13 Etsoe o entse hore mekoallo ea liheke tsa hao e be matla;
O hlohonolofalitse bara ba hao ka hare ho uena.+
14 O beha khotso naheng ea hao;+
O ntse a u khotsofatsa ka mafura a koro.+
15 O romela polelo ea hae lefatšeng;+
Lentsoe la hae le matha ka lebelo.
16 O fana ka lehloa joaloka boea;+
O hasanya serame feela joaloka molora.+
17 O lahla leqhoa la hae joaloka lingoathoana.+
Ke mang ea ka emang ka pel’a serame sa hae?+
18 O romela lentsoe+ la hae ’me oa li qhibilihisa.
O etsa hore moea oa hae o foke;+
Metsi aa rotha.
19 O bolella Jakobo lentsoe la hae,+
O bolella Baiseraele melao ea hae ea tsamaiso+ le liqeto tsa hae tsa boahloli.+
20 Ha aa etsa sechaba leha e le sefe se seng ka tsela eo;+
Ha e le liqeto tsa hae tsa boahloli, ha baa li tseba.+
Rorisang Jah!+