Jeremia
32 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova ka selemo sa leshome sa Tsedekia morena oa Juda,+ ke hore, selemong sa leshome le metso e robeli sa Nebukadrezare.+ 2 Ka nako eo mabotho a sesole a morena oa Babylona a ne a thibeletse Jerusalema;+ ha e le moprofeta Jeremia, o ne a thibelletsoe ka Lebaleng la Balebeli+ le ka tlung ea morena oa Juda; 3 kahobane Tsedekia morena oa Juda o ne a mo thibelletse,+ a re:
“Ke hobane’ng ha u profeta+ u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babylona, ’me ka sebele o tla o hapa;+ 4 Tsedekia, morena oa Juda, a ke ke a phonyoha letsohong la Bakalde, etsoe ruri ho tla nehelanoa ka eena letsohong la morena oa Babylona, ’me molomo oa hae o tla bua le molomo oa eo, le mahlo a hae a tla bona mahlo a eo”’;+ 5 ‘o tla isa Tsedekia Babylona, ’me o tla hlola teng ho fihlela ke lebisa tlhokomelo ea ka ho eena,’+ ho bolela Jehova; ‘le hoja le ntse le loantša Bakalde, le ke ke la atleha’?”+
6 Jeremia a re: “Lentsoe la Jehova le hlahile ho ’na, le re, 7 ‘Bona! Hanamele mora oa Shalume mor’abo ntat’ao o tla ho uena, o re: “Ithekele tšimo ea ka e Anathothe,+ kahobane u na le tokelo ea thekollo hore u e reke.”’”+
8 Ka mor’a nako Hanamele mora oa mor’abo Ntate a tla ho ’na, ho ea ka lentsoe la Jehova, Lebaleng la Balebeli,+ ’me a re: “Ka kōpo, reka tšimo ea ka e Anathothe,+ naheng ea Benjamine,+ etsoe tokelo ea lefa ke ea hao, le matla a thekollo ke a hao. Ithekele eona.” Eaba kea tseba hore e ne e le lentsoe la Jehova.+
9 Kahoo ka reka tšimo e Anathothe+ ho Hanamele+ mora oa mor’abo Ntate. Ka qala ho mo bekhela chelete,+ lishekele tse supileng le likotoana tsa silevera tse leshome. 10 Joale ka ngola lengolo le tiisitsoeng+ ’me ka khomaretsa tiiso+ eaba ke nka lipaki+ ha ke qala ho bekha chelete likaleng.+ 11 Ka mor’a moo ka nka lengolo le tiisitsoeng la theko, le tiisitsoeng ho ea ka taelo le molao oa tsamaiso,+ le le siiloeng le phetliloe; 12 ka ntan’o fa Baruke+ mora oa Neria+ mora oa Mahaseia lengolo le tiisitsoeng la theko ka pel’a mahlo a Hanamele mora oa mor’abo Ntate le ka pel’a mahlo a lipaki, tse ngolang lengolo le tiisitsoeng la theko,+ ka pel’a mahlo a Bajuda bohle ba neng ba lutse Lebaleng la Balebeli.+
13 Joale ka laela Baruke ka pel’a mahlo a bona, ka re: 14 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ha u nka mangolo ana a tiisitsoeng, lengolo lena le tiisitsoeng la theko, esita le le koetsoeng, le lengolo le leng le tiisitsoeng le siiloeng le phetliloe,+ u a kenye ka har’a sejana sa letsopa, e le hore a tšoarelle ka matsatsi a mangata.’ 15 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla rekoa matlo le masimo le lirapa tsa morara naheng ena.’”+
16 Ka qala ho rapela+ Jehova ka mor’a hore ke fe Baruke+ mora oa Neria+ lengolo le tiisitsoeng la theko, ka re: 17 “Oho, ’Musi Morena Jehova!+ Bona! u entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho+ la hao le otlolohileng. Taba ena eohle hase e hlollang haholo bakeng sa hao,+ 18 uena Ea bontšang mosa o lerato ho ba likete,+ ea buseletsang phoso ea bo-ntate lifubeng tsa bara ba bona ka mor’a bona,+ Molimo oa ’nete, E moholo,+ Ea matla,+ eo lebitso+ la hae e leng Jehova oa mabotho,+ 19 ea nang le morero+ o moholo le ea liketso li ngata,+ uena eo mahlo a hae a talimileng litsela tsohle tsa bara ba batho,+ e le hore u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae le ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae;+ 20 uena ea entseng lipontšo le mehlolo naheng ea Egepeta ho fihlela kajeno le ho Iseraele le har’a batho,+ e le hore u ka iketsetsa lebitso, feela joaloka letsatsing lena.+ 21 Ua ntša sechaba sa hao sa Iseraele naheng ea Egepeta,+ ka lipontšo le ka mehlolo+ le ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng le ka ho tšabeha ho hoholo.+
22 “Ka mor’a nako ua se fa naha ena eo u ileng ua hlapanyetsa baholo-holo ba sona hore u tla se fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 23 Sa tla ’me sa e rua,+ empa ha sea ka sa mamela lentsoe la hao, ’me ha sea ka sa tsamaea molaong oa hao.+ Ha sea ka sa etsa lintho tsohle tseo u ileng ua laela hore se li etse,+ hoo u ileng ua etsa hore tlokotsi ena eohle e se hlahele.+ 24 Bona! Batho ba tlile motseng ka limmōtōmōtō tse thibellang+ bakeng sa ho o hapa,+ ’me ka sebele ho tla nehelanoa ka motse matsohong a Bakalde ba o loantšang,+ ka lebaka la sabole+ le tlala+ le lefu la seoa;+ ’me seo u se boletseng se etsahetse, ’me ua se bona.+ 25 Empa leha ho le joalo u itse ho ’na, ’Musi Morena Jehova, ‘Ithekele tšimo ka chelete+ ’me u nke lipaki,’+ le hoja ho tla nehelanoa ka motse matsohong a Bakalde.”+
26 Eaba lentsoe la Jehova le hlaha ho Jeremia, le re: 27 “Ke ’na enoa, Jehova, Molimo oa nama eohle.+ Na ho na le taba leha e le efe e hlollang haholo bakeng sa ka?+ 28 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke nehelana ka motse ona matsohong a Bakalde le letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, ’me o tla o hapa.+ 29 Bakalde ba loantšang motse ona ba tla kena ’me ba hotetse motse ona ka mollo ’me ba o chese+ le matlo ao marulelong a ’ona ba etselitseng Baale mosi oa sehlabelo ’me ba tšolla linyehelo tsa seno bakeng sa melimo e meng ka morero oa ho ntšiteloa.’+
30 “‘Etsoe ho ’na bara ba Iseraele le bara ba Juda e bile baetsi feela ba se sebe mahlong a ka, ho tloha bocheng ba bona;+ etsoe bara ba Iseraele ba bile ba ntšiteloa ka mosebetsi oa matsoho a bona,’+ ho bolela Jehova. 31 ‘Etsoe motse ona, ho tloha letsatsing leo ba o hahileng ka lona, ho fihlela letsatsing lena, ha ea ka ea e-ba letho haese sesosa sa bohale ho ’na+ le sesosa sa khalefo ho ’na, e le hore ke o tlose ka pel’a sefahleho sa ka,+ 32 ka lebaka la bobe bohle ba bara ba Iseraele+ le ba bara ba Juda+ boo ba bo entseng hore ba ntšiteloe,+ bona, marena a bona,+ likhosana tsa bona,+ baprista ba bona+ le baprofeta ba bona,+ le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema. 33 Ba ’na ba retelletsa mekokotlo ho ’na eseng lifahleho;+ le hoja ba rutiloe, le hoja ho tsohiloe hoseng ba rutoa, empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a mamela hore a amohele taeo.+ 34 Ba qala ho kenya lintho tsa bona tse manyala ka tlung e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka, e le hore ba e silafatse.+ 35 Ho feta moo, ba haha libaka tse phahameng tsa Baale+ tse phuleng ea mora oa Hinome,+ e le hore ba fetise bara ba bona le barali ba bona mollong+ ho Moloke,+ e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela eona,+ leha e le hore ho ile ha hlaha pelong ea ka ho etsa ntho ena e manyala,+ ka morero oa ho etsa hore Juda e etse sebe.’+
36 “Ka hona, joale sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng malebana le motse oo ka sebele le reng ho tla nehelanoa ka oona letsohong la morena oa Babylona ka sabole le tlala le lefu la seoa,+ 37 ‘Bonang! ke ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke tla beng ke ba qhalakanyelitse ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka le ka tlhonamo e khōlō;+ ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena ’me ke etse hore ba lule ba sireletsehile.+ 38 Ka sebele e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona.+ 39 Ke tla ba fa pelo+ e le ’ngoe le tsela e le ’ngoe e le hore ba ntšabe kamehla, molemong oa bona le oa bara ba bona ka mor’a bona.+ 40 Ke tla hlaba selekane le bona se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ sa hore nke ke ka ba furalla, hore ke ba etse hantle;+ ke tla kenya ho ntšaba ka lipelong tsa bona e le hore ba se ke ba suthela thōko le ’na.+ 41 Ke tla ba thabela hore ke ba etse hantle,+ ke tla ba lema naheng+ ena ka ’nete ka pelo eohle ea ka le ka moea oohle oa ka.’”
42 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Feela joalokaha ke tlisitse holim ’a sechaba sena tlokotsi ena eohle e khōlō, kahoo ke tlisa holim ’a bona molemo oohle oo ke o buang malebana le bona.+ 43 Ka sebele ho tla rekoa masimo naheng+ ena eo le tla re ka eona: “Ke lesupi+ le se nang motho le phoofolo e ruuoang. Ho nehelanoe ka eona matsohong a Bakalde.”’+
44 “‘Batho ba tla ithekela masimo ka chelete, ’me ho tla tlalehoa lengolong le tiisitsoeng+ le tiisong ’me ho nkoe lipaki+ naheng ea Benjamine+ le libakeng tse potolohileng Jerusalema+ le metseng ea Juda+ le metseng ea sebaka se lithaba le metseng ea mabalane+ le metseng ea boroa,+ kahobane ke tla khutlisa baholehuoa ba bona,’+ ho bolela Jehova.”