8 Ke tla ba hloekisa liphosong tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona,+ ke tla tšoarela liphoso tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona le tseo ba nketselitseng tlōlo ka tsona.+
25 Ke tla le fafatsa ka metsi a hloekileng, ’me le tla hloeka;+ ke tla le hloekisa litšileng tsohle tsa lōna+ le litšoantšong tsohle tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang.+
14 mali+ a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela+ ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa+ matsoalo a rōna hakaakang mesebetsing+ e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?+
2 Ho seng joalo, na mahlabelo a ka be a sa khaotsa ho ’na a nyeheloa, hobane ba etsang tšebeletso e halalelang ba neng ba hloekisitsoe hang le ka ho ke keng ha phetoa ba ne ba ke ke ba hlola ba e-ba le kelo-hloko ea libe?+