Luka
Ho Ea ka Luka
1 Erekaha ba bangata ba lekile ho bokella tlaleho ea litaba+ tse lumeloang ka botlalo har’a rōna, 2 feela joalokaha bao ho tloha tšimolohong+ e bileng lipaki+ tse boneng ka mahlo le bahlanka ba molaetsa+ ba ile ba nehelana ka tsona ho rōna, 3 le ’na ke ile ka etsa qeto e tiileng ea hore, kahobane ke setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala, ke u ngolle tsona ka tatellano+ e hlophisehileng, Theofilase+ ea khabane+ ka ho fetisisa, 4 e le hore u ka tseba ka botlalo bonnete ba lintho tseo u li rutiloeng ka molomo.+
5 Matsatsing a Heroda,+ morena oa Judea, ho ne ho e-na le moprista ea itseng ea bitsoang Zakaria oa sehlopha sa Abija,+ ’me o ne a e-na le mosali ea tsoang ho barali ba Arone,+ lebitso la hae e le Elizabetha. 6 Ka bobeli ba ne ba lokile+ ka pel’a Molimo ka lebaka la ho tsamaea ka mokhoa o sa tšoauoeng phoso+ tumellanong le litaelo+ le litlhokahalo tsohle tsa molao+ tsa Jehova.+ 7 Empa ba ne ba se na ngoana, hobane Elizabetha e ne e le nyopa,+ ’me ka bobeli ba ne ba se ba ile haholo lilemong.
8 Joale ha a ntse a sebetsa e le moprista kabelong ea sehlopha+ sa habo ka pel’a Molimo, 9 ho ea ka tloaelo e tiileng ea boemo ba boprista ea e-ba nako ea hae ea ho nyehela libano+ ha a kena ka sehalalelong sa Jehova;+ 10 ’me letšoele lohle la batho le ne le ntse le rapela ka ntle ka hora ea ho nyehela libano.+ 11 Lengeloi la Jehova la bonahala ho eena, le eme ka lehlakoreng le letona la aletare+ ea libano. 12 Empa Zakaria a khathatseha ke pono eo, ’me a oeloa ke tšabo.+ 13 Leha ho le joalo, lengeloi la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Zakaria, hobane thapeli ea hao e utloiloe+ ka mokhoa o amohelehang, ’me mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo reha lebitso la Johanne.+ 14 U tla ba le thabo le nyakallo e khōlō, ’me ba bangata ba tla thabela+ tsoalo ea hae; 15 etsoe o tla ba moholo ka pel’a Jehova.+ Empa a se ke a noa veine le seno se bohale ho hang,+ ’me o tla tlala moea o halalelang ho tloha ha a tsoa pōpelong+ ea ’m ’ae; 16 o tla khutlisetsa ba bangata ba bara ba Iseraele ho Jehova+ Molimo oa bona. 17 Hape, o tla tsamaea ka pel’a hae ka moea le matla a Elia,+ hore a khutlisetse lipelo+ tsa bo-ntate ho bana ’me a khutlisetse ba sa mameleng bohlaleng bo sebetsang ba ba lokileng, hore a lokisetse Jehova+ sechaba se lokisitsoeng.”+
18 Eaba Zakaria o re ho lengeloi: “Ke tla tiiseha joang ka see? Etsoe ke hōlile+ le mosali oa ka o ile haholo lilemong.” 19 Ha lengeloi le araba la re ho eena: “Ke ’na Gabriele,+ ea emang haufi ka pel’a Molimo, ’me ke rometsoe ho tla bua+ le uena le ho u bolella litaba tse molemo tsa lintho tsena. 20 Empa, bona! u tla khutsa+ ’me u se ke ua khona ho bua ho fihlela letsatsing leo lintho tsena li etsahalang ka lona, hobane ha ua ka ua lumela mantsoe a ka, a tlang ho phethahala nakong ea ’ona e behiloeng.” 21 Khabareng batho ba tsoela pele ho letela Zakaria,+ ’me ba qala ho makalla ho lieha ha hae ka sehalalelong. 22 Empa ha a tsoa o ne a sa khone ho bua le bona, eaba ba lemoha hore o ne a sa tsoa bona pono e phahametseng+ matla a tlhaho ka sehalalelong; ’me a ’na a ba etsetsa lipontšo, empa a lula e le semumu. 23 Joale, ha matsatsi a tšebeletso ea hae ea phatlalatsa a phethehile,+ a tloha a ea lapeng la hae.
24 Empa ka mor’a matsatsi ana mosali oa hae Elizabetha a ima;+ ’me a ipoloka boinotšing ka likhoeli tse hlano, a re: 25 “Ena ke tsela eo Jehova a sebetsaneng le ’na ka eona matsatsing ana ha a lebisitse tlhokomelo ea hae ho ’na ho tlosa nyeliso ea ka har’a batho.”+
26 Ka khoeli ea hae ea botšelela lengeloi Gabriele+ la romeloa le tsoa ho Molimo ho ea motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, 27 ho moroetsana ea tšepisitsoeng ho nyalana le monna ea bitsoang Josefa oa ntlo ea Davida; ’me lebitso la moroetsana+ eo e ne e le Maria.+ 28 Ha le kena ka pel’a hae la re: “Lumela,+ uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova+ o na le uena.”+ 29 Empa polelo eo ea mo khathatsa haholo ’me a qala ho nahana hore na ekaba tumeliso ena ke ea mofuta ofe. 30 Kahoo lengeloi la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Maria, kaha u fumane kamohelo+ ho Molimo; 31 bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora,+ ’me u tla mo reha lebitso la Jesu.+ 32 O tla ba moholo+ ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng+ ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone+ ea ntat’ae Davida,+ 33 ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso+ oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”
34 Empa Maria a re ho lengeloi: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke kopanele liphate+ le monna?” 35 Ha lengeloi le araba la re ho eena: “Moea o halalelang+ o tla theohela holim ’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang,+ Mor’a Molimo.+ 36 ’Me, bona! Elizabetha mong ka uena le eena o emotse mora, botsofaling ba hae, ’me ena ke khoeli ea botšelela ho eena, eo ho thoeng ke nyopa;+ 37 hobane ho Molimo ha ho polelo e ke keng ea khoneha.”+ 38 Joale Maria a re: “Bona! Lekhabunyane+ la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.” Eaba lengeloi le tloha ho eena.
39 Kahoo Maria a tloha matsatsing ana ’me a kena naheng e lithaba ka potlako, ho ea motseng oa Juda, 40 eaba o kena lapeng la Zakaria ’me o lumelisa Elizabetha. 41 Joale, eare ha Elizabetha a utloa tumeliso ea Maria, lesea le ka pōpelong ea hae la tlōla; Elizabetha a tlala moea o halalelang, 42 ’me a hoeletsa ka lentsoe le phahameng a re: “Ho hlohonolofetse uena har’a basali, ’me ho hlohonolofetse+ tholoana ea pōpelo ea hao! 43 Kahoo ho tla joang hore ebe ke fumane tokelo ee, hore ’mè oa Moren ’a ka+ a tle ho ’na? 44 Etsoe, bona! ha molumo oa tumeliso ea hao o oela litsebeng tsa ka, lesea le ka pōpelong ea ka le ile la tlōla ka nyakallo+ e khōlō. 45 Ho thaba le ea ileng a lumela, hobane lintho tseo a li boleletsoeng tse tsoang ho Jehova+ li tla phethahala ka ho feletseng.”+
46 Eaba Maria o re: “Moea oa ka o tlotlisa Jehova,+ 47 ’me ka boikutlo ba ka nke ke ka tlohela ho nyakallela+ Molimo Mopholosi+ oa ka; 48 hobane o talimile boemo bo tlaase ba lekhabunyane+ la hae. Etsoe, bonang! ho tloha joale ho ea pele meloko eohle e tla phatlalatsa hore ke thabile;+ 49 hobane Ea matla o nketselitse liketso tse khōlō, ’me lebitso la hae lea halalela;+ 50 melokong e meng ka mor’a e meng mohau oa hae o holim ’a ba mo tšabang.+ 51 O entse ka bonatla ka letsoho+ la hae, o hasantse hohle ba ikhohomosang boikemisetsong ba lipelo+ tsa bona. 52 O theotse banna ba nang le matla+ literoneng ’me o phahamisitse ba tlaase;+ 53 ba lapileng o ba khorisitse ka botlalo ka lintho tse molemo+ ’me ba neng ba e-na le leruo o ba khutlisitse ba se na letho.+ 54 O phalletse Iseraele mohlanka+ oa hae, ho hopola mohau,+ 55 feela joalokaha a ile a bolella baholo-holo ba rōna, Abrahama le peō ea hae, ka ho sa feleng.”+ 56 Joale Maria a lula le eena hoo e ka bang likhoeli tse tharo, ’me a khutlela ha habo.
57 Joale ha fihla nako ea hore Elizabetha a belehe, ’me a tsoala mora. 58 Baahelani le beng ka eena ba utloa hore Jehova o ne a hōlisitse mohau+ oa hae ho eena, ’me ba qala ho thaba+ le eena. 59 Eaba ka letsatsi la borobeli ba tla ho tla bolotsa ngoana+ e monyenyane, ’me ba ne ba tlil’o mo reha lebitso la ntat’ae, Zakaria. 60 Empa ’m ’ae a araba a re: “Che, ka sebele! empa o tla rehoa Johanne.” 61 Eaba ba re ho eena: “Ha ho ea rehiloeng lebitso lena har’a beng ka uena.” 62 Joale ba qala ho botsa ntat’ae ka lipontšo hore na o ne a batla hore a rehoe mang. 63 Eaba o kōpa letlapa ’me oa ngola: “Lebitso la hae ke Johanne.”+ Eaba kaofela baa hlolloa. 64 Hang-hang molomo oa hae oa buleha+ ’me leleme la hae la raroloha ’me a qala ho bua, a boka Molimo. 65 Tšabo ea oela bohle ba phelang tikolohong ea bona; ’me lintho tsena kaofela tsa qala ho buuoa naheng eohle e lithaba ea Judea, 66 ’me bohle ba ileng ba utloa ba boloka seo ka lipelong+ tsa bona, ba re: “Ha e le hantle ngoana enoa e monyenyane e tla ba eng?” Etsoe ka sebele letsoho+ la Jehova le ne le e-na le eena.
67 Ntat’ae Zakaria a tlala moea o halalelang,+ ’me a profeta,+ a re: 68 “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ hobane o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho+ ba hae ’me o ba etselitse topollo.+ 69 O re hlahiselitse lenaka+ la poloko ka tlung ea mohlanka oa hae Davida, 70 feela joalokaha, ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ho tloha khale,+ a buile 71 ka poloko lireng tsa rōna le matsohong a bohle ba re hloileng;+ 72 ho etsa mohau mabapi le baholo-holo ba rōna le ho hopola selekane+ sa hae se halalelang, 73 kano eo a ileng a e hlapanyetsa moholo-holo+ oa rōna Abrahama, 74 ea hore ka mor’a hore re pholosoe matsohong a lira,+ a re nehe tokelo ea hore ka ho se tšabe letho re mo+ etsetse tšebeletso e halalelang 75 ka botšepehi le ho loka ka pel’a hae ka matsatsi+ ’ohle a rōna. 76 Empa ha e le uena, ngoana e monyenyane, u tla bitsoa moprofeta oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa, kaha u tla tsamaea ka pel’a Jehova ho lokisa+ litsela tsa hae, 77 ho fana ka tsebo ea poloko ho batho ba hae ka hore ba tšoareloe libe,+ 78 ka lebaka la qenehelo e bonolo ea Molimo oa rōna. Ka qenehelo ena meso+ e tla re etela ho tsoa holimo,+ 79 ho fana ka leseli ho ba lutseng lefifing le moriting+ oa lefu, ho tsamaisa maoto a rōna ka katleho tseleng ea khotso.”
80 Ngoana e monyenyane a tsoela pele ho hōla+ le ho ba matla moeeng, ’me a hlola mahoatateng ho fihlela letsatsing la ho iponahatsa ho Iseraele pepenene.