2 Bathesalonika
La Bobeli ho Bathesalonika
1 Pauluse le Silvanase le Timothea+ ho phutheho ea Bathesalonika e bonngoeng le Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste:
2 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
3 Re tlamehile ho leboha Molimo kamehla bakeng sa lōna,+ barab’abo rōna, joalokaha ho loketse, hobane tumelo ea lōna e hōla+ ka ho fetisisa ’me lerato la e mong le e mong le la lōna kaofela lea eketseha e mong ho e mong.+ 4 Ka lebaka leo re motlotlo+ ka lōna har’a liphutheho tsa Molimo ka lebaka la mamello ea lōna le tumelo ea lōna mahlorisong ’ohle a lōna le matšoenyeho ao le a mameletseng.+ 5 Sena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ea Molimo,+ e isang ho nkoeng ha lōna le le ba tšoaneloang ke ’muso oa Molimo,+ oo ka sebele le utloang bohloko+ ka lebaka la oona.
6 Sena ke ho ela hloko hore ho lokile hore Molimo a busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang,+ 7 empa, ho lōna ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho, phomolo hammoho le rōna tšenolong+ ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi+ a hae a matla 8 ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso+ holim ’a ba sa tsebeng Molimo+ le ba sa mameleng+ litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.+ 9 Bana ba tla feta kotlong+ ea boahloli ea timetso+ e sa feleng e tsoang ka pel’a Morena le e tsoang khanyeng ea matla+ a hae, 10 ka nako eo a tlang hore a tlotlisoe mabapi le bahalaleli+ ba hae le hore ka letsatsi leo a talingoe ka ho makala mabapi le bohle ba ileng ba bontša tumelo, hobane bopaki boo re ileng ra fana ka bona bo ile ba kopana le tumelo har’a lōna.
11 Ho finyella seo, ka sebele re le rapella kamehla, hore Molimo oa rōna a ke a le nke le le ba tšoaneloang ke pitso+ ea hae ’me a etse ka ho feletseng sohle se mo khahlang mabapi le molemo le mosebetsi oa tumelo ka matla; 12 e le hore lebitso la Morena oa rōna Jesu le ka tlotlisoa ho lōna,+ le lōna bonngoeng+ le eena, tumellanong le mosa o sa tšoanelang+ oa Molimo oa rōna le oa Morena Jesu Kreste.