1 Samuele
22 Kahoo Davida a tloha moo+ ’me a balehela+ lehaheng+ la Adulame;+ barab’abo le bohle ba ntlo ea ntat’ae ba utloa ka hona ’me ba theohela moo ho eena. 2 Banna bohle ba mahlomoleng+ le banna bohle ba neng ba e-na le eo ba mo kolotang+ le banna bohle ba utloileng bohloko moeeng+ ba qala ho phuthehela ho eena,+ ’me ea e-ba mookameli oa bona;+ banna ba ka bang makholo a mane ba e-ba le eena.
3 Hamorao Davida a tloha moo a ea Mizpe e Moabe ’me a re ho morena oa Moabe:+ “Ka kōpo, e-reng Ntate le ’Mè+ ba lule le lōna ho fihlela ke tseba seo Molimo a tla nketsa sona.” 4 Ka lebaka leo a ba beha ka pel’a morena oa Moabe, ’me ba ’na ba lula le eena ka matsatsi ’ohle ao ka ’ona Davida a neng a le sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona.+
5 Ka mor’a nako moprofeta Gade+ a re ho Davida: “U se ke ua ’na ua lula sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona. Tsamaea, ’me u ee naheng ea Juda.”+ Kahoo Davida a tsamaea ’me a kena morung oa Herethe.
6 Saule a utloa hore Davida le banna ba neng ba e-na le eena ba fumanoe, ha Saule a ntse a lutse Gibea tlas’a sefate sa tamariske+ sebakeng se phahameng a tšoere lerumo+ letsohong ’me bahlanka bohle ba hae ba eme pel’a hae. 7 Joale Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pel’a hae: “Ka kōpo, mamelang lōna Babenjamine. Na kaofela ha lōna mora oa Jese+ o tla le fa masimo le lirapa tsa morara?+ Na kaofela ha lōna o tla le beha hore le be balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba makholo? 8 Etsoe le ntheretse bolotsana, kaofela ha lōna; ha ho ea ho senolang tsebeng+ ea ka ha mora oa ka a hlaba selekane+ le mora oa Jese, ’me ha ho le ea mong oa lōna ea nkutloelang bohloko ’me a senole tsebeng ea ka hore mora oa ka o emisitse mohlanka oa ka khahlanong le ’na e le ea lallang ka tsela eo ho leng ka eona letsatsing lena.”
9 Eaba Doege+ Moedomo, joalokaha a ne a behiloe hore a okamele bahlanka ba Saule, oa araba o re: “Ke bone mora oa Jese a tla Nobe ho Akimeleke+ mora oa Akitube.+ 10 A mo botsetsa+ Jehova; a mo fa mefaho,+ ’me a mo fa sabole+ ea Goliathe Mofilista.” 11 Hang-hang morena a romela hore ho bitsoe Akimeleke mora oa moprista Akitube le bohle ba ntlo ea ntat’ae, baprista ba neng ba le Nobe.+ Kahoo kaofela ha bona ba tla ho morena.
12 Joale Saule a re: “Ka kōpo, mamela uena mora oa Akitube!” eaba o re: “Ke ’na enoa, moren ’a ka.” 13 Saule a tsoela pele ho re ho eena: “Ke hobane’ng ha le ntheretse bolotsana,+ uena le mora oa Jese, ka hore u mo fe bohobe le sabole, le hore ho botsoe Molimo bakeng sa hae, ho ntsohela matla e le ea lallang ka tsela eo ho leng ka eona letsatsing lee?”+ 14 Eaba Akimeleke o araba morena ’me o re: “Ke mang har’a bahlanka bohle ba hao ea joaloka Davida,+ ea tšepahalang,+ ’me e le mokhoenyana+ oa morena le mookameli oa balebeli ba hao le ea hlomphehang ka tlung ea hao?+ 15 Na ke kajeno ke qalileng ho mo botsetsa+ Molimo? Ke ho sa utloahaleng bakeng sa ka! Morena a se ke a jarisa mohlanka oa hae le bohle ba ntlo ea Ntate molato oa letho, etsoe ho sena sohle mohlanka oa hao o ne a sa tsebe ntho e nyenyane kapa e khōlō.”+
16 Empa morena a re: “Ka sebele u tla shoa,+ Akimeleke, uena le bohle ba ntlo ea ntat’ao.”+ 17 Eaba morena o re ho limathi+ tse emeng pel’a hae: “Retelehang ’me le bolaee baprista ba Jehova, hobane matsoho a bona le ’ona a na le Davida le hobane ba ne ba tseba hore ke ’malehi ’me ha baa ka ba ho senola tsebeng ea ka!”+ Bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho otlolla matsoho a bona ho hlasela baprista ba Jehova.+ 18 Qetellong morena a re ho Doege:+ “Reteleha ’me u hlasele baprista!” Kapele-pele Doege Moedomo+ a reteleha ’me a hlasela baprista ’me letsatsing leo a bolaea+ banna ba mashome a robeli a metso e mehlano ba jereng efoda+ ea line. 19 Esita le Nobe+ motse oa baprista a o hlasela ka bohale ba sabole, monna hammoho le mosali, ngoana hammoho le ea anyang le poho le esele le nku ka bohale ba sabole.
20 Leha ho le joalo, mora e mong oa Akimeleke mora oa Akitube, eo lebitso la hae e neng e le Abiathare,+ a phonyoha ’me a qala ho baleha a latela Davida. 21 Joale Abiathare a bolella Davida: “Saule o bolaile baprista ba Jehova.” 22 Eaba Davida o re ho Abiathare: “Ke ile ka tseba hantle letsatsing leo,+ hobane Doege Moedomo o ne a le teng, hore ruri o ne a tla bolella Saule.+ Ke foselitse moea o mong le o mong oa ntlo ea ntat’ao. 23 Itulele le ’na. U se ke ua tšoha, etsoe mang kapa mang ea batlang moea oa ka o batla moea oa hao, kaha u hloka tšireletso ea ka.”+