Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liproverbia 23
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Liproverbia

    • MAELE A SOLOMONE (10:1–24:34)

Liproverbia 23:2

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “behe thipa ’metsong oa hao.”

  • *

    Kapa: “u khala.”

Liproverbia 23:4

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Tlohela ho etsa lintho ho ea ka kutloisiso ea hao.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 28:20; Joh 6:27; 1Ti 6:9, 10

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso),

    no. 3 2021 leq. 8

    Tsoha!,

    9/2015, leq. 4

    Molula-Qhooa,

    7/15/2000, leq. 4

Liproverbia 23:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Jo 2:16, 17
  • +Pr 27:24

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso),

    no. 3 2021 leq. 8

    Molula-Qhooa,

    7/15/2000, leq. 4

    2/15/1993, leq. 10

    7/15/1989, leq. 5

Liproverbia 23:7

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “pelo ea hae ha e eo ho uena.”

Liproverbia 23:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 9:7; 26:4
  • +Mat 7:6

Liproverbia 23:10

Linaletsana

  • *

    Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 19:14; Pr 22:28

Liproverbia 23:11

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Molopolli.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 22:22, 23; Ps 10:14

Liproverbia 23:12

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/1/2006, leq. 13

Liproverbia 23:13

Linaletsana

  • *

    Kapa: “moshanyana; mocha.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 13:24; 19:18; Ef 6:4

Liproverbia 23:14

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Liproverbia 23:15

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ha pelo ea hao e hlalefa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 27:11; 3Jo 4

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    4/2017, leq. 32

Liproverbia 23:16

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Liphio tsa ka li tla thaba.”

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    4/2017, leq. 32

Liproverbia 23:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 37:1
  • +Ps 111:10; 2Ko 7:1

Liproverbia 23:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 37:37; Pr 24:14

Liproverbia 23:19

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “u tsamaise pelo ea hao.”

Liproverbia 23:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 20:1; Esa 5:11; Bar 13:13; 1Pe 4:3
  • +Pr 28:7; 1Ko 10:31

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Buka, khao. 43

Liproverbia 23:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 21:20, 21; Pr 21:17

Liproverbia 23:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:12; 21:17; Mat 15:5, 6; Ef 6:1

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    6/15/2004, leq. 14

    6/15/2000, leq. 21

    Tsoha!,

    11/8/2003, maq. 25-26

    1/8/1990, leq. 15

    4/8/1988, leq. 20

Liproverbia 23:23

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Fumana.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Baf 3:7, 8
  • +Pr 4:5; 16:16

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Buka, khao. 12

    Molula-Qhooa (O Ithutoang),

    12/2018, leq. 9

    11/2018, maq. 3-7, 8-12

    Molula-Qhooa,

    12/15/1997, leq. 8

    Tsoha!—1988,

    5/8/1988, leq. 23

Liproverbia 23:24

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Buka, khao. 50

Liproverbia 23:25

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Buka, khao. 50

Liproverbia 23:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 107:43

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Tsoha!—1988,

    10/8/1988, leq. 20

Liproverbia 23:27

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 22:14

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1987),

    5/15/1987, leq. 29

Liproverbia 23:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 7:10, 12; Moe 7:26

Liproverbia 23:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 20:1; Ef 5:18

Liproverbia 23:32

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    1/1/2010, leq. 5

    12/1/2004, leq. 19

Liproverbia 23:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Hos 4:11

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    12/1/2004, leq. 19

Liproverbia 23:35

Linaletsana

  • *

    Kapa: “empa ha kea utloa letho.”

  • *

    Kapa: “Ke tla e batla hape.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 19:33

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    1/1/2010, leq. 6

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Liprov. 23:4Pr 28:20; Joh 6:27; 1Ti 6:9, 10
Liprov. 23:51Jo 2:16, 17
Liprov. 23:5Pr 27:24
Liprov. 23:9Pr 9:7; 26:4
Liprov. 23:9Mat 7:6
Liprov. 23:10De 19:14; Pr 22:28
Liprov. 23:11Ex 22:22, 23; Ps 10:14
Liprov. 23:13Pr 13:24; 19:18; Ef 6:4
Liprov. 23:15Pr 27:11; 3Jo 4
Liprov. 23:17Ps 37:1
Liprov. 23:17Ps 111:10; 2Ko 7:1
Liprov. 23:18Ps 37:37; Pr 24:14
Liprov. 23:20Pr 20:1; Esa 5:11; Bar 13:13; 1Pe 4:3
Liprov. 23:20Pr 28:7; 1Ko 10:31
Liprov. 23:21De 21:20, 21; Pr 21:17
Liprov. 23:22Ex 20:12; 21:17; Mat 15:5, 6; Ef 6:1
Liprov. 23:23Baf 3:7, 8
Liprov. 23:23Pr 4:5; 16:16
Liprov. 23:26Ps 107:43
Liprov. 23:27Pr 22:14
Liprov. 23:28Pr 7:10, 12; Moe 7:26
Liprov. 23:30Pr 20:1; Ef 5:18
Liprov. 23:33Hos 4:11
Liprov. 23:35Ge 19:33
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Liproverbia 23:1-35

Liproverbia

23 Ha u lula fatše u ja le morena,

U be hlokolosi ha u ja tse ka pel’a hao.

 2 U ithibe*

Haeba u le pelo e tšoeu.*

 3 U se ke oa khalla lijo tsa hae tse hlabosang

E le hore u se ke oa thetsoa ka tsona.

 4 U se ke oa sebetsa ka thata hore u fumane maruo.+

Khaotsa ho etsa joalo ’me u bontše hore u na le kutloisiso.*

 5 Ha u a shebisisa, a tla be a le sieo,+

A tla mela mapheo ’me a fofele holimo joaloka ntsu.+

 6 U se ke oa ja lijo tsa motho ea timanang,

U se ke oa khalla lijo tsa hae tse hlabosang.

 7 Ekare o ntse a bala hore na u ja hakae.

O re ho uena: “Ja ’me u noe” empa ka pelong ha a cho joalo.*

 8 U tla hlatsa lijo tseo u li jeleng

’Me pabatso ea hao e tla be e se na thuso.

 9 U se ke oa bua le motho ea hlokang kelello+

Hobane a ke ke a hlompha bohlale ba mantsoe a hao.+

10 U se ke oa chechisa moeli oa khale+

Kapa oa kena tšimong ea likhutsana*

11 Hobane Mosireletsi* oa bona o matla,

O tla ba emela ’me a u loantše.+

12 Mamela khalemelo ka pelo ea hao eohle,

U mamele lipolelo tsa tsebo.

13 U se ke oa tima ngoana* khalemelo.+

Haeba u mo shapa ka thupa, a ke ke a shoa.

14 U lokela ho mo shapa ka thupa

E le hore u mo pholose Lebitleng.*

15 Mora oa ka, ha u hlalefa,*

Pelo ea ka e tla thaba.+

16 Ke tla thaba ka pelo ea ka kaofela*

Ha molomo oa hao o bua lintho tse lokileng.

17 Pelo ea hao e se ke ea khalla baetsalibe+

Empa u tšabe Jehova ka linako tsohle.+

18 U tla ba le bokamoso+

’Me tšepo ea hao e ke ke ea fela.

19 Mora oa ka, mamela, u hlalefe

’Me u tsamaee* tseleng e nepahetseng.

20 U se ke oa ba har’a ba noang veine haholo,+

Har’a ba jang nama ho feta tekano.+

21 Letahoa le motho ea jang ho feta tekano ba tla futsaneha,+

Ho otsela ha bona ho tla ba apesa marantha.

22 Mamela ntate oa hao ea u tsoalang.

U se ke oa tella ’mè oa hao hobane feela a tsofetse.+

23 Reka* ’nete ’me u se ke oa e rekisa le ka mohla.+

Reka le bohlale, taeo le kutloisiso.+

24 Ruri ntate oa motho ea lokileng o tla thaba,

Mang kapa mang eo e leng motsoali oa mora ea bohlale o tla thabisoa ke eena.

25 Ntate oa hao le ’mè oa hao ba tla thaba,

’Mè oa hao ea u tsoetseng o tla nyakalla.

26 Mora oa ka, u ’mamele ka pelo eohle,

E se eka u ka thabela ho tsamaea litseleng tsa ka.+

27 Letekatse ke sekoti se tebileng,

Mosali ea boitšoaro bo bobe* ke seliba se moqotetsane.+

28 O lalla joaloka lesholu,+

O eketsa palo ea banna ba sa tšepahaleng.

29 Ke mang ea nang le bomalimabe? Ke mang ea sulafaletsoeng?

Ke mang ea likhang? Ke mang ea likomang?

Ke mang ea nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ea mahlo a lerootho?

30 Ke ea lulelang ho noa veine nako e telele,+

Ea ntseng a batla veine e tsoakiloeng.

31 U se ke oa sheba ’mala o mofubelu oa veine

Ha e shebahala e le monate ka koping, e lelemela hamonate

32 Hobane qetellong e loma joaloka noha,

E ntša chefo joaloka marabe.

33 Mahlo a hao a tla bona lintho tse sa tloaelehang,

Pelo ea hao eona e tla bua lintho tse tsoileng tseleng.+

34 U tla ba joaloka motho ea robetseng bohareng ba leoatle,

U be joaloka motho ea robetseng holimo palong e tšehetsang seile ea sekepe.

35 U tla re: “Ba nchapile empa ha kea utloa bohloko.*

Ba nkotlile empa ha ke hopole le ho hopola.

Ke tla tsoha neng?+

Ke hloka veine e ’ngoe hape.”*

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela