16 Etsoe o hloile tlhalo,”+ ho boletse Jehova Molimo oa Iseraele; “le ea koahetseng seaparo sa hae ka pefo,”+ ho boletse Jehova oa mabotho. “Le itebele mabapi le meea ea lōna, ’me le se ke la sebetsa ka bolotsana.+
2 Ka mohlala, mosali ea nyetsoeng o tlameletsoe ke molao ho monna oa hae ha a sa ntse a phela; empa haeba monna oa hae a shoa, o lokolotsoe molaong oa monna oa hae.+