8 Hoseng moea oa hae o ne o khathatsehile.+ Kahoo a romeletsa ’me a bitsa baprista bohle ba Egepeta+ ba sebelisang boselamose le banna bohle ba bohlale+ ba hona teng, ’me Faro a ba phetela litoro tsa hae.+ Empa ha hoa ka ha e-ba le ea li hlalosetsang Faro.
11 Ka sebele likhosana tsa Zooane+ ke maoatla. Ha e le ba bohlale ho baeletsi ba Faro, keletso ea bona ha e na kahlolo e molemo.+ Le tla bua joang ho Faro le re: “Ke ’na mora oa ba bohlale, mora oa marena a boholo-holo”?
9 “‘“‘Ha e le lōna, le se ke la mamela baprofeta+ ba lōna le linohe tsa lōna le balori+ ba lōna le maselamose a lōna le baloi ba lōna,+ ba reng ho lōna: “Le ke ke la sebeletsa morena oa Babylona.”+
2 Kahoo morena a re ho bitsoe baprista ba sebelisang boselamose+ le linohe le baloi le Bakalde hore ba bolelle morena litoro tsa hae.+ Ba kena ’me ba ema ka pel’a morena.
8 Joale ka tsela eo Janese le Jambrese+ ba ileng ba hanyetsa Moshe ka eona, kahoo bana le bona ba tsoela pele ho hanyetsa ’nete,+ banna ba bolileng ka ho feletseng kelellong,+ ba sa amoheleheng mabapi le tumelo.+
8 Empa ha e le makoala le ba se nang tumelo+ le ba nyonyehang litšileng+ tsa bona le babolai+ le lihlola+ le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo+ le bohle ba leshano,+ kabelo ea bona e tla ba ka letšeng le tukang mollo+ le sebabole.+ Sena se bolela lefu la bobeli.”+