Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Nke ke ka ba leleka ka pel’a lōna ka selemo se le seng, hore naha e se ke ea fetoha lesupi ’me libata tsa naha tsa ata khahlanong le lōna.+

  • Numere 33:55
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 55 “‘Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lōna,+ joale bao le ba sieang har’a bona ka sebele e tla ba metsu mahlong a lōna le meutloa mahlakoreng a lōna, ’me ruri ba tla le tšoenya naheng eo le tla beng le lula ho eona.+

  • Baahloli 1:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Bara ba Benjamine ha baa ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema;+ empa Bajebuse ba ntse ba lula le bara ba Benjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+

  • Baahloli 2:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ka lebaka leo Jehova a tlohela lichaba tsena hore li lule ka hore a se ke a li leleka kapele,+ ’me ha aa ka a nehelana ka tsona letsohong la Joshua.

  • Baahloli 3:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ba ’na ba sebeletsa e le baemeli ba ho leka+ Baiseraele e le hore ba tsebe hore na ba ne ba tla mamela litaelo tseo Jehova a neng a li laetse bo-ntat’a bona ka Moshe.+

  • Baahloli 19:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ha ba le haufi le Jebuse, kaha letsatsi le ne le se le rapame haholo,+ joale mohlanka a re ho mong’a hae: “Joale, tloo re fapohele motseng ona oa Bajebuse+ ’me re hlole bosiu teng.”

  • 2 Samuele 5:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka lebaka leo morena le banna ba hae ba ea Jerusalema ba futuhela Bajebuse+ ba lulang naheng eo, eaba ba qala ho re ho Davida: “U ke ke ua kena mona, empa ka sebele ba foufetseng le ba holofetseng ba tla u leleka,”+ ba nahana hore: “Davida a ke ke a kena mona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela