12 Etsoe ke mang ea tsebang hore na ke molemo ofe oo motho a bang le oona bophelong+ ka palo ea matsatsi a bophelo ba hae ba lefeela, ha a a sebelisa joaloka seriti?+ Etsoe ke mang ea ka bolellang motho se tla etsahala ka mor’a hae tlas’a letsatsi?+
20 Empa Molimo a re ho eena, ‘Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena.+ Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?’+
11 Etsoe letsatsi le chaba ka mocheso oa lona o bataolang ’me le omeletsa semela, ’me palesa ea sona ea hlohloreha ebe botle ba ponahalo ea eona ea ka ntle boa senyeha. Kahoo, morui le eena o tla pona litseleng tsa hae tsa bophelo.+
3 Hape, ka ho chacheha ka mohono e tla le hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng.+ Empa bakeng sa eona, kahlolo ea ho tloha khale+ ha e tsamaee butle, le timetso ea eona ha e otsele.+