20 Ba thusoa ho ba loantša, hoo Bahagare le bohle ba neng ba e-na le bona ho ileng ha nehelanoa ka bona matsohong a bona, etsoe ba ile ba hoeletsa ho Molimo ho kōpa thuso+ ntoeng, ’me a itumella hore a kōptjoe ka tieo molemong oa bona hobane ba ne ba mo tšepile.+
9 Ha e le hantle, re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re ne re amohetse kahlolo ea lefu. Hona e ne e le hore re se ke ra itšepa,+ empa re tšepe Molimo ea tsosang bafu.+
6 Ho feta moo, kantle ho tumelo+ ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa,+ kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng+ le hore e ba moputsi+ oa ba mo batlang+ ka tieo.