Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Etsoe Jehova o tla ahlola batho ba hae+

      ’Me o tla ikutloa a soabile ka bahlanka ba hae,+

      Hobane o tla bona hore setšehetso se nyametse

      ’Me ho teng feela ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa.

  • 1 Samuele 2:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ha e le Jehova, ba tsekang khahlanong le eena ba tla haroha matsoalo;+

      O tla luma khahlanong le bona a le maholimong.+

      Jehova o tla ahlola lipheletso tsa lefatše,+

      E le hore a ka fa morena oa hae matla,+

      E le hore a ka phahamisa lenaka la motlotsuoa oa hae.”+

  • Pesaleme 7:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Molimo ke Moahloli ea lokileng,+

      Molimo o nyatsa letsatsi le leng le le leng.

  • Pesaleme 50:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 Maholimo a bolela ho loka ha hae,+

      Etsoe Molimo ke Moahloli.+ Selah.

  • Moeklesia 3:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ke itse ka pelong ea ka:+ “Molimo oa ’nete o tla ahlola ea lokileng le ea khopo,+ etsoe ho na le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe le malebana le mosebetsi o mong le o mong moo.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela