-
Jeremia 46:10Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
10 “Letsatsi leo ke la ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, letsatsi la phetetso bakeng sa ho iphetetsa ho bahanyetsi ba hae.+ Ka sebele sabole e tla timetsa ’me e ikhotsofatse ’me e khorisoe ke mali a bona, etsoe ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, o na le sehlabelo+ naheng ea leboea pel’a nōka ea Eufrate.+
-
-
Ezekiele 39:17Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
17 “Ha e le uena, mor’a motho, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘E-re ho linonyana tsa mapheo a mefuta eohle le ho libata tsohle tsa naha:+ “Phuthehang ’me le tle. Bokanang ka hohle sehlabelong sa ka, seo ke le hlabelang sona, sehlabelo se seholo lithabeng tsa Iseraele.+ Ka sebele le tla ja nama le noe mali.+
-