Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 25:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke bue le uena ke le holim’a sekoahelo.+ Ke tla u tsebisa lintho tsohle tseo ke tla u laela tsona bakeng sa Baiseraele, ke le pakeng tsa likerubime tse peli tse holim’a areka ea Bopaki.

  • 1 Samuele 4:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Kahoo, batho ba romela banna Shilo, ba fihla ba nka areka ea selekane ea Jehova oa mabotho ea lutseng teroneng holim’a* likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli e leng Hofni le Finease+ le bona ba ne ba le moo le areka ea selekane ea Molimo oa ’nete.

  • 1 Likronike 13:6-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala,+ Kiriathe-jearime ea Juda ho ea lata Areka ea Molimo oa ’nete Jehova, ea lutseng holim’a* likerubime,+ moo lebitso la hae le bitsoang teng. 7 Leha ho le joalo, ba palamisa Areka ea Molimo oa ’nete holim’a kariki e ncha+ ’me ba e lata ho tsoa ntlong ea Abinadabe. Uza le Akio ba ne ba tsamaea ka pel’a kariki eo.+ 8 Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka matla ’ohle a bona ka pel’a Molimo oa ’nete ka lipina, ka liharepa, ka liletsa tse ling tse likhoele, ka meropa e menyenyane,+ ka lisimbala+ le ka literompeta.+ 9 Empa ha ba fihla seotlong sa Kidone, Uza a otlolla letsoho a tšoara Areka hobane likhomo li ile tsa batla li e liha. 10 Jehova a halefela Uza ’me a mo bolaea hobane a ile a tšoara Areka+ eaba o shoella ka pel’a Molimo.+ 11 Empa Davida a koata hobane Jehova a ne a halefetse Uza haholo. Sebaka seo sa bitsoa Pereze-uza* ho fihlela letsatsing lena.

  • Pesaleme 80:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 80 Molisa oa Iseraele, re mamele,

      Uena ea tataisang Josefa joaloka mohlape.+

      Uena ea lutseng teroneng holim’a* likerubime,+

      Bontša khanya ea hao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela