Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 20:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Haeba motho a sa ntšepahalle* ka hore a ee ho batho ba reng ba buisana le balimo+ le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo ’me ke mo bolaee har’a batho ba habo.+

  • Deuteronoma 18:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+

  • 1 Marena 16:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 O ne a etsa libe tseo Jeroboame+ mora oa Nebate a li entseng. O ile a boela a nyala Jezebele+ morali oa Ethebaale morena oa Basidone+ ’me a sebeletsa Baale+ le ho mo rapela.

  • 1 Marena 18:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ha Jezebele+ a bolaea* baprofeta ba Jehova, Obadia o ile a nka baprofeta ba 100 a ba pata, ba 50 ka lehaheng le leng le ba bang ba 50 ka ho le leng ’me o ne a ba fa bohobe le metsi.)

  • 1 Marena 18:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Mpitsetse Baiseraele bohle Thabeng ea Karmele,+ baprofeta ba Baale ba 450 le baprofeta ba palo e halalelang*+ ba 400, ba jellang tafoleng ea Jezebele.”

  • 1 Marena 19:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Jezebele a romela moromuoa ho Elia a re: “E se eka melimo e ka mpha kotlo e boima haeba hosane ka nako ena ke sa u bolaea joaloka baprofeta bao u ba bolaileng!”

  • 1 Marena 21:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Mosali oa hae Jezebele a re ho eena: “Na ha se uena ea busang Iseraele? Tsoha u je ’me u thabe. Ke tla u fa serapa sa morara sa Nabothe oa Mojezriele.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela