-
Jeremia 5:26-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
26 Etsoe har’a sechaba sa ka ho na le batho ba khopo.
Ba ntse ba nyarela joaloka batšoasi ba linonyana ha ba khukhuna ba li laletse.
Ba cheha sefi se bolaeang.
Ba tšoasa batho.
Ke kahoo ba leng matla ba bileng ba ruileng.
28 Ba nonne ebile baa benya.
Bokhopo ba bona bo hlotse!
Ha ba buelle nyeoe ea khutsana+
E le hore ba ka atleha.
Ha ba ahlolele bafutsana ka toka.’”+
-
-
Mikea 2:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 “Ba rerang lintho tse kotsi ba tla ba mahlomoleng,
Ba nahanang ka lintho tse mpe libetheng tsa bona.
Hoseng ba phetha merero eo ea bona
Hobane ba na le matla a ho etsa joalo.+
2 Ha ba batla masimo, baa a nka.+
Ha ho e-na le ntlo eo ba e ratang, baa e nka.
Ba etsetsa motho bolotsana hore ba nke ntlo ea hae+
Le hore ba fumane lefa la hae.
-