Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 7:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo le tlang ho kena ho eona hore e be ea lona,+ o tla boela a tlose lichaba tse nang le baahi ba bangata ka pel’a lona:+ Bahethe, Bagirgashe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ e leng lichaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho le feta.+

  • Deuteronoma 7:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+

  • Baahloli 3:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Kahoo, Baiseraele ba lula har’a Bakanana,+ Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse. 6 Baiseraele ba ne ba nyala barali ba lichaba tsena ’me ba nyalisa barali ba bona bara ba lichaba tsena eaba ba qala ho sebeletsa melimo ea tsona.+

  • 1 Marena 11:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Morena Solomone o ne a rata basali ba balichaba+ e leng ba Bamoabe,+ ba Baamone,+ ba Baedomo, ba Basidone+ le ba Bahethe+ ho akarelletsa le morali oa Faro.+ 2 Ba ne ba tsoa lichabeng tseo Jehova a neng a itse ka tsona ho Baiseraele: “Le se ke la ikopanya le tsona ’me le tsona li se ke tsa ikopanya le lona* hobane li tla le susumeletsa* hore le sebeletse melimo ea tsona.”+ Empa Solomone o ne a ba rata haholo.

  • Nehemia 13:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Matsatsing ao, ke ile ka boela ka bona Bajuda ba nyetseng* basali+ ba Baashdode,+ ba Baamone le ba Bamoabe.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela