Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Joshua 1:1-24:33
  • Joshua

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Joshua
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Joshua

Joshua

1 Eitse ka mor’a lefu la Moshe mohlanka oa Jehova, Jehova a re ho Joshua+ mora oa Nune, mosebeletsi+ oa Moshe: 2 “Mohlanka oa ka Moshe o shoele;+ joale ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona, bara ba Iseraele.+ 3 Sebaka se seng le se seng seo bohato ba maoto a lōna bo tla se hata, ka sebele ke tla le fa sona, feela joalokaha ke ile ka tšepisa Moshe.+ 4 Sebaka sa lōna se tla ba ho tloha lefeelleng le Lebanone ena ho ea nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate, ke hore, naha eohle ea Bahethe,+ le ho ea Leoatleng le Leholo nģ’a bophirima-tsatsi.+ 5 Ha ho ea tla ema a tiile ka pel’a hao matsatsing ’ohle a bophelo ba hao.+ Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka u lahla kapa ka u tlohela ka ho feletseng.+ 6 E-ba sebete ’me u be matla,+ etsoe ke uena ea tla etsa hore sechaba sena se rue+ naha eo ke ileng ka hlapanyetsa baholo-holo ba sona hore ke tla ba fa eona.+

7 “U mpe u be sebete ’me u be matla haholo ho hlokomela ho etsa ka molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona.+ U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali,+ e le hore u ka etsa ka bohlale hohle moo u eang teng.+ 8 Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong+ oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona;+ etsoe ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.+ 9 Na ha kea u laela?+ E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha,+ etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”+

10 Joshua a laela balaoli ba sechaba, a re: 11 “Fetang har’a liahelo ’me le laele sechaba, le re, ‘Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a mararo ho tloha joale le tla tšela Jordane ena ho kena le ho rua naha eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona hore le e rue.’”+

12 Joshua a re ho Barubene le Bagade le halofo ea moloko oa Manase: 13 “Ho ke ho hopoloe lentsoe leo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng lona,+ ha a re, ‘Jehova Molimo oa lōna o le fa phomolo ’me o le file naha ena. 14 Basali ba lōna, bana ba lōna ba banyenyane le liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla lula naheng eo Moshe a le fileng eona ka lehlakoreng lena la Jordane;+ empa le tla feta ka tlhophiso ea ntoa+ ka pel’a barab’abo lōna, banna bohle ba matla ba sebete,+ ’me le tla ba thusa. 15 Hang ha Jehova a fa barab’abo lōna phomolo ho tšoana le lōna ’me le bona ba ruile naha eo Jehova Molimo oa lōna a ba fang eona,+ le lōna le tla khutlela naheng ea lefa la lōna ’me le e rue,+ eo Moshe mohlanka oa Jehova a le fileng eona ka lehlakoreng la Jordane nģ’a bochaba-tsatsi.’”+

16 Tumellanong le hoo ba araba Joshua, ba re: “Re tla etsa sohle seo u re laetseng sona, ’me re tla ea kae kapa kae moo u ka re romelang teng.+ 17 Joalokaha re ile ra mamela Moshe nthong e ’ngoe le e ’ngoe, ka ho tšoanang re tla u mamela. E se eka Jehova Molimo oa hao a ka ba le uena+ feela joalokaha a ile a ba le Moshe.+ 18 Motho leha e le ofe ea fetohelang taelo+ ea hao ’me a sa mamele mantsoe a hao ho sohle seo u ka mo laelang sona o tla bolaoa.+ U mpe u be sebete ’me u be matla.”+

2 Joale Joshua mora oa Nune a romela banna ba babeli ka sephiri ho tloha Shitime+ e le lihloela, a re: “E-eang, le lekole naha eo le Jeriko.” Kahoo ba ea ’me ba fihla ntlong ea mosali oa letekatse eo lebitso la hae e leng Rahaba,+ eaba ba lula moo. 2 Ka mor’a nako ha thoe ho morena oa Jeriko: “Bona! Banna ba tsoang ho bara ba Iseraele ba fihlile mona bosiung bona ho tla hlahloba naha.” 3 Eaba morena oa Jeriko o romeletsa ho Rahaba, o re: “Ntša banna ba tlileng ho uena, ba keneng ka tlung ea hao, etsoe ba tlil’o hlahloba naha eohle.”+

4 Khabareng mosali eo a nka banna bao ba babeli ’me a ba pata. Eaba o re: “E, banna bao ba ile ba fela ba tla ho ’na, ’me ke ne ke sa tsebe hore na ba tsoa hokae. 5 Eitse ha ho koaloa heke+ ha ho se ho le lefifi banna bao ba tsoa. Ho hang ha ke tsebe hore na banna bao ba ile hokae. Ba lelekiseng kapele, etsoe le tla ba fihlela.” 6 (Leha ho le joalo, o ne a ba isitse marulelong,+ ’me a ba beha moo ba ke keng ba bonoa har’a mahlaka a folaxe ao a a kolokiselitsoeng holim ’a marulelo.) 7 Banna bao ba ba lelekisa ka tsela ea malibohong+ a Jordane, ’me ba koala heke kapele-pele ka mor’a hore ba ba lelekisang ba tsoe.

8 Pele ba ka robala, a tla ho bona marulelong. 9 A re ho banna bao: “Ke fela ke tseba hore ka sebele Jehova o tla le fa naha ena,+ le hore ho le tšaba ho re oetse holimo,+ le hore baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lōna.+ 10 Etsoe re utloile kamoo Jehova a ileng a pshesa metsi a Leoatle le Lefubelu ka pel’a lōna ha le tsoa Egepeta,+ le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane la Jordane, e leng, Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a nehela timetso.+ 11 Ha re ho utloa, joale lipelo tsa rōna tsa qala ho nyahama,+ ’me ha ho moea o seng o tsohile molota ho mang kapa mang ka lebaka la lōna,+ etsoe Jehova Molimo oa lōna ke Molimo holimo maholimong le tlaase lefatšeng.+ 12 Joale, ka kōpo, ntlhapanyetseng ka Jehova+ hore, kahobane ke le bontšitse mosa o lerato, ka sebele le lōna le tla bontša mosa o lerato ho ba ntlo ea Ntate,+ ’me le mphe pontšo e tšepahalang.+ 13 Le boloke Ntate+ le ’Mè le barab’eso le baralib’eso le bohle bao e leng ba bona ba phela, ’me le lopolle meea ea rōna lefung.”+

14 Eaba banna bao ba re ho eena: “Meea ea rōna e tla shoa ho e-na le lōna!+ Haeba le sa bolele taba ena ea rōna, etlare ha Jehova a re fa naha ena, ka sebele le rōna re tla le bontša mosa o lerato le botšepehi.”+ 15 Ka mor’a moo a etsa hore ba theohe fensetereng ka ropo, kaha ntlo ea hae e ne e le lehlakoreng la lerako, ’me o ne a lula lerakong.+ 16 A re ho bona: “E-eang sebakeng se lithaba, e le hore ba le lelekisang ba se ke ba kopana le lōna; le lule le ipatile moo ka matsatsi a mararo, ho fihlela ba le lelekisang ba khutlile, ’me ka mor’a moo le ka tsamaea ka tsela ea lōna.”

17 Eaba banna bao ba re ho eena: “Re lokolohile molatong mabapi le kano ena ea hao eo u re hlapantšitseng ka eona.+ 18 Bona! Re tlil’o kena naheng ena. Thapo ena ea khoele e sekareleta u lokela ho e tlama fensetereng eo u re theotseng ka eona, ’me ntat’ao le ’m ’ao le barab’eno le bohle ba ntlo ea ntat’ao u lokela ho ba bokellela ho uena ka tlung.+ 19  Etlare ha mang kapa mang ea tsoelang ka ntle ho mamati a ntlo ea hao a ea moo ho bulehileng,+ mali a hae a tla ba holim ’a hlooho ea hae, ’me re tla lokoloha molatong; e mong le e mong ea tsoelang pele a e-na le uena ka tlung, mali a hae a tla ba lihloohong tsa rōna haeba a ka isoa letsoho. 20 Haeba u ka tlaleha taba ena ea rōna,+ le rōna re tla be re lokolohile molatong mabapi le kano ena ea hao eo u re hlapantšitseng ka eona.” 21 Eaba o re: “Ho ea ka mantsoe a lōna ho ke ho be joalo.”

Eaba o re ba tsamaee, ’me ba tsamaea. Ka mor’a moo a tlama thapo e sekareleta fensetereng. 22 Kahoo ba tsamaea eaba ba fihla sebakeng se lithaba ’me ba ’na ba lula moo ka matsatsi a mararo, ho fihlela ba ba lelekisang ba khutlile. Joale ba ba lelekisang ba ne ba ba batla tseleng e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ha baa ka ba ba fumana. 23 Banna bao ba babeli ba boela ba theoha sebakeng se lithaba eaba baa tšela ’me ba tla ho Joshua mora oa Nune, eaba ba qala ho mo phetela lintho tsohle tse neng li ba etsahaletse. 24 Ba re ho Joshua: “Jehova o nehelane ka naha eohle matsohong a rōna.+ Ka lebaka leo le baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la rōna.”+

3 Joale Joshua a tsoha hoseng haholo, ’me eena le bara bohle ba Iseraele ba tloha Shitime+ ’me ba fihla Jordane; ba hlola bosiu moo pele ba ka tšela.

2 Kahoo eare bofelong ba matsatsi a mararo+ balaoli+ ba feta har’a liahelo 3 ’me ba laela batho, ba re: “Hang ha le bona areka ea selekane sa Jehova Molimo oa lōna, le baprista, Balevi, ba e jere,+ joale le tla tloha sebakeng sa lōna, ’me le lokela ho e latela, 4 —ho ke ho be le sebaka pakeng tsa lōna le eona sa hoo e ka bang litsoe tse likete tse peli ka tekanyo;+ le se ke la atamela ho eona—e le hore le ka tseba tsela eo le lokelang ho tsamaea ka eona, etsoe ha lea feta tseleng eo pele.”

5 Joale Joshua a re ho sechaba: “Ikhalaletseng,+ etsoe hosasane Jehova o tla etsa lintho tse hlollang har’a lōna.”+

6 Joale Joshua a re ho baprista: “Nkang areka ea selekane+ ’me le fete ka pel’a sechaba.” Kahoo ba nka areka ea selekane ’me ba tsamaea ka pel’a sechaba.

7 Jehova a re ho Joshua: “Letsatsing lena ke tla qala ho u etsa hore u be moholo mahlong a Baiseraele bohle,+ e le hore ba ka tseba hore ke tla ba le uena+ feela joalokaha ke bile le Moshe.+ 8 Uena—u lokela ho laela+ baprista ba jereng areka ea selekane, u re, ‘Hang ha le fihlile moeling oa metsi a Jordane, le lokela ho ema+ le sa sisinyehe ka har’a Jordane.’”

9 Joshua a re ho bara ba Iseraele: “Atamelang mona ’me le mamele mantsoe a Jehova Molimo oa lōna.” 10 Ka mor’a moo Joshua a re: “Le tla tseba ka sena hore Molimo ea phelang o har’a lōna,+ le hore ruri o tla leleka ka pel’a lōna Bakanana le Bahethe le Baheve le Bapereze le Bagirgashe le Baamore le Bajebuse.+ 11 Bonang! Areka ea selekane sa Morena oa lefatše lohle e feta ka pel’a lōna ho kena Jordane. 12 Joale inkeleng banna ba leshome le metso e ’meli melokong ea Iseraele, monna a le mong bakeng sa moloko o mong le o mong.+ 13 Etlare nakong eo ka eona bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ea Jehova, Morena oa lefatše lohle, bo hatang metsing a Jordane, metsi a Jordane a tla emisoa, metsi a theohang holimo, ’me a tla ema e le letamo le le leng.”+

14 Eitse ha sechaba se tloha litenteng tsa sona pejana feela se tšela Jordane, baprista ba jereng areka+ ea selekane ba le ka pel’a sechaba, 15 le nakong eo ka eona bajari ba Areka ba fihlang Jordane ’me maoto a baprista ba jereng Areka a kena moeling oa metsi (joale Jordane e ja litlhokoa+ matsatsing ’ohle a kotulo), 16 eaba metsi a theohang holimo a qala ho ema. A phahama joaloka letamo le le leng+ hōle haholo Adama, motse o ka lehlakoreng la Zarthane,+ athe a theohelang nģ’a leoatle la Araba, Leoatle la Letsoai,+ a khaotsa ho phalla. A ile a emisoa, eaba sechaba se feta ka pel’a Jeriko. 17 Ho sa le joalo baprista ba jereng areka ea selekane sa Jehova ba ’na ba ema ba sa sisinyehe mobung o omileng+ bohareng ba Jordane ha Baiseraele bohle ba ntse ba tšela mobung o omileng,+ ho fihlela sechaba kaofela se qetile ho tšela Jordane.

4 Eitse hang ha sechaba sohle se qetile ho tšela Jordane,+ Jehova a re ho Joshua: 2 “Inkeleng banna ba leshome le metso e ’meli sechabeng, monna a le mong molokong o mong le o mong,+ 3 ’me le ba laele, le re, ‘Inkeleng majoe a leshome le metso e ’meli+ bohareng ba Jordane, sebakeng seo ho sona maoto a baprista a neng a eme a sa sisinyehe,+ ’me le tšele le ’ona ebe le a beha sebakeng sa bolulo+ seo le tla lula ho sona bosiung bona.’”

4 Kahoo Joshua a bitsa banna ba leshome le metso e ’meli+ bao a neng a ba khethile ho bara ba Iseraele, monna a le mong molokong o mong le o mong; 5 Joshua a re ho bona: “Fetelang ka pel’a areka ea Jehova Molimo oa lōna le ee bohareng ba Jordane, ’me e mong le e mong oa lōna a jare lejoe lehetleng, ho ea ka palo ea meloko ea bara ba Iseraele, 6 e le hore sena e ka ba pontšo har’a lōna.+ Haeba bara ba lōna ba ka botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobane’ng ha le e-na le majoe aa?’+ 7 le tla re ho bona, ‘Hobane metsi a Jordane a ile a emisoa ka pel’a areka ea selekane sa Jehova.+ Ha e tšela Jordane metsi a Jordane a ile a emisoa, ’me majoe ana ke sehopotso ho bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’”+

8 Ka lebaka leo bara ba Iseraele ba etsa joalo, feela joalokaha Joshua a ne a laetse, eaba ba nka majoe a leshome le metso e ’meli bohareng ba Jordane, feela joalokaha Jehova a ne a boleletse Joshua, ho lekana le palo ea meloko ea bara ba Iseraele;+ ba a nka ha ba tšelela sebakeng sa bolulo+ ’me ba a beha moo.

9 Hape Joshua a emisa majoe a leshome le metso e ’meli bohareng ba Jordane sebakeng seo ho sona ho neng ho eme+ maoto a baprista ba jereng areka ea selekane, ’me a ntse a le moo ho fihlela letsatsing lena.

10 Baprista ba jereng Areka ba ne ba eme bohareng+ ba Jordane ho fihlela ho phethiloe taba eohle eo Jehova a neng a laetse Joshua hore a e bolelle sechaba, ho ea ka sohle seo Moshe a neng a se laetse Joshua.+ Ka nako ena eohle sechaba sa potlaka+ ’me sa tšela. 11 Eitse hang ha sechaba sohle se qetile ho tšela, joale areka+ ea Jehova ea feta, le baprista, ka pel’a sechaba. 12 Bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase+ ba feta ka tlhophiso ea ntoa+ mahlong a bara ba Iseraele, feela joalokaha Moshe a ne a ba boleletse.+ 13 Hoo e ka bang ba likete tse mashome a mane ba hlometseng bakeng sa lebotho ba feta ka pel’a Jehova bakeng sa ntoa ho ea lithoteng tsa lehoatata la Jeriko.

14 Letsatsing leo Jehova a etsa hore Joshua a be moholo mahlong a Baiseraele bohle,+ eaba ba qala ho mo tšaba feela joalokaha ba ne ba tšaba Moshe matsatsing ’ohle a bophelo ba hae.+

15 Joale Jehova a re ho Joshua: 16 “Laela baprista ba jereng areka ea bopaki+ hore ba nyolohe Jordane.” 17 Kahoo Joshua a laela baprista, a re: “Nyolohang Jordane.” 18 Eitse ha baprista ba jereng areka+ ea selekane sa Jehova ba nyoloha bohareng ba Jordane ’me bohato+ ba maoto a baprista bo tsoela mobung o omileng, joale metsi a Jordane a qala ho khutlela sebakeng sa ’ona ’me ea ja litlhokoa+ joaloka pele.

19 Sechaba sa nyoloha Jordane ka la leshome la khoeli ea pele ’me sa hloma liahelo Gilgale+ moeling o ka bochabela oa Jeriko.

20 Ha e le majoe a leshome le metso e ’meli ao ba neng ba a ntšitse Jordane, Joshua a a emisa Gilgale.+ 21 A re ho bara ba Iseraele: “Ha bara ba lōna ba botsa bo-ntat’a bona nakong e tlang, ba re, ‘Majoe aa a bolela’ng?’+ 22 joale le tla tsebisa bara ba lōna, le re, ‘Baiseraele ba ile ba tšela Jordane ena mobung o omileng,+ 23 ha Jehova Molimo oa lōna a pshesa metsi a Jordane ka pel’a bona ho fihlela ba tšetse, feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a ne a entse Leoatleng le Lefubelu ha a le pshesa ka pel’a rōna ho fihlela re tšetse;+ 24 e le hore lichaba tsohle tsa lefatše li ka tseba letsoho la Jehova,+ hore le matla;+ e le hore le ka tšaba Jehova Molimo oa lōna kamehla.’”+

5 Eitse hang ha marena ’ohle a Baamore,+ a neng a le ka lehlakoreng la Jordane ho ea ka bophirimela, le marena ’ohle a Bakanana,+ a neng a le haufi le leoatle, a utloa hore Jehova o ne a pshesitse metsi a Jordane ka pel’a bara ba Iseraele ho fihlela ba tšetse, eaba lipelo tsa ’ona li qala ho nyahama,+ ’me a ne a se a se morōlō ka lebaka la bara ba Iseraele.+

2 Ka nako eo Jehova a re ho Joshua: “Iketsetse lithipa tsa lejoe le thata ’me u bolotse+ bara ba Iseraele hape, ka lekhetlo la bobeli.” 3 Tumellanong le hoo Joshua a iketsetsa lithipa tsa lejoe le thata ’me a bolotsa bara ba Iseraele Gibeathe-haralothe.+ 4 Joshua a ba bolotsa ka lebaka lena: batho bohle ba tsoileng Egepeta, ba batona, banna bohle ba ntoa, ba ne ba shoeletse+ lefeelleng tseleng ha ba tsoa Egepeta. 5 Etsoe batho bohle ba ileng ba tsoa ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba tsoaletsoeng lefeelleng tseleng ha ba tsoa Egepeta ba ne ba sa ba bolotsa. 6 Etsoe bara ba Iseraele ba ne ba tsamaile lilemo tse mashome a mane+ lefeelleng, ho fihlela sechaba sohle sa banna ba ntoa se tsoileng Egepeta se sa kang sa mamela lentsoe la Jehova se felile, seo Jehova a ileng a se hlapanyetsa hore le ka mohla o ne a ke ke a se lumella ho bona naha+ eo Jehova a neng a hlapanyelitse baholo-holo ba sona hore o tla re fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 7 A hlahisa bara ba bona ho e-na le bona.+ Joshua a ba bolotsa, hobane ba ne ba sa bolla, etsoe ba ne ba sa ba bolotsa tseleng.

8 Eitse ha ba qetile ho bolotsa sechaba sohle, ba ’na ba lula sebakeng sa bona liahelong ho fihlela ba folile.+

9 Joale Jehova a re ho Joshua: “Kajeno ke tlositse nyeliso ea Egepeta ho lōna.”+ Kahoo lebitso la sebaka seo la bitsoa Gilgale+ ho fihlela letsatsing lena.

10 Bara ba Iseraele ba tsoela pele ho hloma liahelo Gilgale, eaba ba tšoara paseka letsatsing la leshome le metso e mene la khoeli,+ ka shoalane, lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko. 11 Ba qala ho ja tse ling tsa lihlahisoa tsa naha letsatsi ka mor’a paseka, mahobe a sa lomosoang+ le lijo-thollo tse halikiloeng, letsatsing lona lena. 12 Joale manna a fela letsatsing le latelang ha ba jele tse ling tsa lihlahisoa tsa naha, ’me manna ha aa ka a hlola a e-ba teng bakeng sa bara ba Iseraele,+ eaba ba qala ho ja lihlahisoa tsa naha ea Kanana selemong seo.+

13 Eitse ha Joshua a le haufi le Jeriko a phahamisa mahlo a talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le monna+ ea emeng ka pel’a hae sabole ea hae e tsomutsoeng e le letsohong la hae.+ Kahoo Joshua a ea ho eena ’me a re ho eena: “Na u ka lehlakoreng la rōna kapa la bahanyetsi ba rōna?” 14 Eaba o re: “Che, empa ’na—ke le khosana ea lebotho la Jehova joale ke tlile.”+ Eaba Joshua o itihela fatše ka sefahleho ’me oa khumama+ o re ho eena: “Moren’a ka o re’ng ho mohlanka oa hae?” 15 Eaba khosana ea lebotho la Jehova e re ho Joshua: “Rōla meqathatso ea hao, hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.” Hang-hang Joshua a etsa joalo.+

6 Joale Jeriko e ne e koetsoe ka thata ka lebaka la bara ba Iseraele, ho se ea tsoang ’me ho se ea kenang.+

2 Jehova a re ho Joshua: “Bona, ke nehelane ka Jeriko le morena oa eona, banna ba matla ba sebete, letsohong la hao.+ 3 Lōna banna bohle ba ntoa le pote motse, le pote motse hang. Ke tsela eo le lokelang ho etsa ka eona ka matsatsi a tšeletseng. 4 Baprista ba supileng ba lokela ho nka manaka a supileng a lipheleu, ka pel’a Areka, ’me ka letsatsi la bosupa le lokela ho pota motse ka makhetlo a supileng ’me baprista ba lokela ho letsa manaka.+ 5 Etlare ha ba letsa lenaka la pheleu, ha le utloa molumo oa lenaka, sechaba sohle se lokela ho etsa mohoo o moholo oa ntoa;+ ’me lerako la motse le tla oa putla!+ hape sechaba se tla nyoloha, e mong le e mong a lebe pele.”

6 Tumellanong le hoo Joshua mora oa Nune a bitsa baprista+ ’me a re ho bona: “Nkang areka ea selekane,+ ’me baprista ba supileng ba lokela ho nka manaka a supileng a lipheleu ka pel’a areka+ ea Jehova.” 7 A re ho sechaba: “Fetelang pele ’me le pote motse, ’me lebotho le hlometseng bakeng sa ntoa+ le lokela ho fetela ka pel’a areka ea Jehova.” 8 Kahoo ha etsahala feela joalokaha Joshua a boleletse sechaba; baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a lipheleu ka pel’a Jehova ba fetela pele ’me ba letsa manaka, ’me areka ea selekane sa Jehova e ne e ba latela. 9 Lebotho le hlometseng bakeng sa ntoa le ne le tsamaea ka pel’a baprista ba letsang manaka, ha balebeli ba ka morao+ ba ntse ba latela Areka ba letsa manaka ba sa khaotse.

10 Joale Joshua o ne a laetse sechaba,+ a re: “Le se ke la hooa kapa la etsa hore mantsoe a lōna a utluoe, ’me ha ho lentsoe le lokelang ho tsoa melomong ea lōna ho fihlela letsatsing leo ka lona ke reng ho lōna, ‘Hooang!’ Joale le tla hooa.”+ 11 A etsa hore areka ea Jehova e qale ho pota motse, ea pota hang, ka mor’a moo ba ea liahelong ’me ba hlola bosiu liahelong.

12 Joale Joshua a tsoha hoseng haholo,+ ’me baprista ba qala ho jara areka+ ea Jehova, 13 ’me baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a lipheleu ka pel’a areka ea Jehova ba ne ba tsamaea, ba ntse ba letsa manaka ba sa khaotse, ’me lebotho le hlometseng bakeng sa ntoa le ne le ba eteletse pele, ha balebeli ba ka morao ba ntse ba latela areka ea Jehova ba letsa manaka ba sa khaotse.+ 14 Ba qala ho pota motse hang letsatsing la bobeli, ka mor’a moo ba khutlela liahelong. Ke tsela eo ba ileng ba etsa ka eona ka matsatsi a tšeletseng.+

15 Eitse ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng, hang ha mafube a hlaha, eaba ba pota motse ka mokhoa ona ka makhetlo a supileng. Letsatsing leo feela ba pota motse ka makhetlo a supileng.+ 16 Eitse ka lekhetlo la bosupa baprista ba letsa manaka, eaba Joshua o re ho sechaba: “Hooang;+ etsoe Jehova o le file motse.+ 17 Motse o tla fetoha ntho e nehetsoeng timetso;+ oona hammoho le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho oona ke oa Jehova. Ke Rahaba+ oa letekatse feela ea ka lulang a phela, eena le bohle ba nang le eena ka tlung, kahobane o ile a pata manģosa ao re ileng ra a romela.+ 18 Ha e le lōna, le mpe le suthele thōko le ntho e nehetsoeng timetso,+ esere la ba le takatso+ ’me la nka ho hong nthong e nehetsoeng timetso+ eaba le etsa hore liahelo tsa Iseraele e be ntho e nehetsoeng timetso ’me la li tlisetsa khathatso.+ 19 Empa silevera eohle le khauta le lintho tsa koporo le tšepe ke lintho tse halalelang ho Jehova.+ Li lokela ho ea letlotlong la Jehova.”+

20 Joale sechaba sa hooa, ha ba letsa manaka.+ Eitse hang ha sechaba se utloa molumo oa lenaka le sechaba sa qala ho etsa mohoo o moholo oa ntoa, eaba lerako le qala ho oa putla!+ Ka mor’a moo sechaba sa kena motseng, e mong le e mong a lebile pele, ’me sa hapa motse. 21 Eaba sohle se neng se le motseng, ho tloha ho monna ho ea ho mosali, ho tloha ho mohlankana ho ea ho monna-moholo le ho ea ho poho le nku le esele, se se nehela timetso ka bohale ba sabole.+

22 Joshua a re ho banna ba babeli ba neng ba hloetse naha: “Kenang ntlong ea mosali eo oa letekatse, ’me le ntše mosali eo le bohle ba hae, feela joalokaha le mo hlapanyelitse.”+ 23 Kahoo bahlankana ba neng ba il’o hloela ba kena ’me ba ntša Rahaba le ntat’ae le ’m ’ae le likhaitseli tsa hae le bohle ba hae, e, ba ntša bohle ba amanang le lelapa labo;+ ba ba beha ka ntle ho liahelo tsa Iseraele.

24 Ba chesa motse le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e le ho oona ka mollo.+ Ke silevera le khauta le lintho tsa koporo le tsa tšepe feela tseo ba ileng ba nehelana ka tsona letlotlong la ntlo ea Jehova.+ 25 Rahaba oa letekatse le ba ntlo ea ntat’ae le bohle ba hae, Joshua a ba boloka ba phela;+ o lula har’a Iseraele ho tla fihlela letsatsing lena,+ hobane o ile a pata manģosa ao Joshua a ileng a a romela ho ea hloela Jeriko.+

26 Joale Joshua a etsa hore ho phatlalatsoe kano ka nako eo, e reng: “E se eka motho ea emang ’me a haha motse ona, eona Jeriko, a ka rohakoa ka pel’a Jehova. A ke a behe motheo oa oona ka ho lahleheloa ke letsibolo la hae, ’me a emise mamati a oona ka ho lahleheloa ke ngoana oa hae e monyenyane.”+

27 Kahoo Jehova a ba le Joshua,+ ’me botumo ba hae ba e-ba lefatšeng lohle.+

7 Bara ba Iseraele ba etsa ketso ea ho se tšepahale mabapi le ntho e nehetsoeng timetso ka hore Akane+ mora oa Karmi, mora oa Zabdi, mora oa Zera, oa moloko oa Juda, a nke ho hong nthong e nehetsoeng timetso.+ Eaba bohale ba Jehova bo tukela bara ba Iseraele.+

2 Joale Joshua a romela banna Ai,+ e haufi le Bethe-avene,+ ho ea ka bochabela ho Bethele,+ ba tsoa Jeriko, ’me a re ho bona: “Nyolohang ’me le hloele naha.” Tumellanong le hoo banna bao ba nyoloha ’me ba hloela Ai.+ 3 Ka mor’a moo ba khutlela ho Joshua ’me ba re ho eena: “Ho se ke ha nyoloha sechaba sohle. E be banna ba ka bang likete tse peli kapa banna ba ka bang likete tse tharo ba nyolohang ’me ba hlasele Ai. U se ke ua tepeletsa sechaba sohle ka ho ea moo, etsoe ba ’maloa.”

4 Kahoo banna ba ka bang likete tse tharo ba sechaba ba nyolohela moo, empa ba baleha ka pel’a banna ba Ai.+ 5 Banna ba Ai ba bolaea banna ba ka bang mashome a mararo a metso e tšeletseng ba bona, eaba ba qala ho ba lelekisa+ ho tloha ka pel’a heke ho ea fihla Shebarime ’me ba tsoela pele ho ba bolaela motheōng. Ka lebaka leo lipelo tsa sechaba tsa qala ho qhibiliha tsa e-ba joaloka metsi.+

6 Eaba Joshua o hahola liaparo tsa hae tsa ka holimo ’me o itihela fatše ka sefahleho+ ka pel’a areka ea Jehova ho fihlela ka shoalane, eena le banna ba baholo ba Iseraele, ba ’na ba ithunthetsa ka lerōle lihloohong.+ 7 Joshua a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova, ke hobane’ng ha u ile ua tšelisa sechaba see Jordane, hore feela u nehelane ka rōna matsohong a Baamore hore ba re timetse? Hoja re ile ra itulela ka lehlakoreng le leng la Jordane!+ 8 Ntšoarele, Jehova, empa ke’ng seo nka se buang ka mor’a hore Baiseraele ba balehe ka pel’a lira tsa bona? 9 Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba tla utloa ka hona, ’me ka sebele ba tla re pota-pota ba felise lebitso la rōna lefatšeng;+ ’me u tla etsa’ng bakeng sa lebitso la hao le leholo?”+

10 Eaba Jehova o re ho Joshua: “Ema! Ke hobane’ng ha u itihetse fatše ka sefahleho? 11 Baiseraele ba entse sebe, hape ba tlōtse selekane sa ka+ seo ke ba laetseng sona; ba boetse ba nkile ho hong nthong e nehetsoeng timetso+ ebile ba utsoitse+ ’me ba ho bolokile e le sephiri+ ’me ba boetse ba ho behile har’a lintho tsa bona.+ 12 Bara ba Iseraele ba ke ke ba khona ho ema khahlanong le lira tsa bona.+ Ba tla baleha lira tsa bona, hobane ba fetohile ntho e nehetsoeng timetso. Nke ke ka ba le lōna hape ntle le hore le felise ntho e nehetsoeng timetso har’a lōna.+ 13 Ema! Halaletsa sechaba,+ ’me u re, ‘Ikhalaletseng hosasane, etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ntho e nehetsoeng timetso e har’a lōna, Baiseraele.+ Le ke ke la khona ho ema khahlanong le lira tsa lōna ho fihlela le tlositse ntho e nehetsoeng timetso har’a lōna. 14 Le tla itlhahisa hoseng, moloko ka mong, ’me moloko oo Jehova a tla o khetha+ o tla atamela, lelapa ka leng, ’me lelapa leo Jehova a tla le khetha le tla atamela, ba ntlo ka ’ngoe, ’me ba ntlo eo Jehova a tla e khetha ba tla atamela, monna ka mong ea shahlileng. 15 Ea khethoang a e-na le ntho e nehetsoeng timetso o tla chesoa ka mollo,+ eena le sohle sa hae, hobane o tlōtse selekane+ sa Jehova le hobane o entse booatla bo nyelisehang Iseraele.”’”+

16 Joale Joshua a tsoha hoseng haholo ’me a etsa hore Baiseraele ba atamele, moloko ka mong oa bona, eaba moloko oa Juda oa khethoa. 17 Ka mor’a moo a etsa hore malapa a Juda a atamele ’me a khetha lelapa la Bazera,+ eaba ka mor’a moo o etsa hore lelapa la Bazera le atamele, monna ka mong ea shahlileng, ’me Zabdi a khethoa. 18 Qetellong a etsa hore lelapa la hae le atamele, monna ka mong ea shahlileng, eaba Akane mora oa Karmi, mora oa Zabdi, mora oa Zera, oa moloko oa Juda, oa khethoa.+ 19 Joale Joshua a re ho Akane: “Mora oa ka, ka kōpo, isa thoriso ho Jehova Molimo oa Iseraele+ ’me u ipolele ho eena,+ ’me ka kōpo u mpolelle,+ U entse’ng? U se ke ua mpatela+ hona.”

20 Eaba Akane o araba Joshua ’me o re: “Kannete ’na—ke sitetsoe Jehova Molimo oa Iseraele,+ ’me ke entse ka tsela ena le eane. 21 Eitse ha ke bona+ har’a thepa e hapuoeng seaparo se khethehileng se tsoang Shinare,+ se setle, le lishekele tse makholo a mabeli tsa silevera le setene se le seng sa khauta, boima ba sona e le lishekele tse mashome a mahlano, ke ne ke li batla,+ eaba kea li nka;+ bona! li patiloe fatše ka har’a tente ea ka hammoho le chelete ka tlas’a sona.”+

22 Hang-hang Joshua a romela manģosa, eaba a qala ho mathela tenteng, ’me, bonang! se ne se patiloe ka tenteng ea hae hammoho le chelete ka tlas’a sona. 23 Kahoo a li nka ka har’a tente eaba a li tlisa ho Joshua le ho bara bohle ba Iseraele ’me a li tšollela fatše ka pel’a Jehova. 24 Joale Joshua, hammoho le Baiseraele bohle, ba nka Akane+ mora oa Zera le silevera le seaparo se khethehileng le setene sa khauta+ le bara ba hae le barali ba hae le poho ea hae le esele ea hae le mohlape oa hae le tente ea hae le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae ’me ba ba tlisa khohlong ea Akore.+ 25 Joale Joshua a re: “Ke hobane’ng ha u re tliselitse khathatso?+ Jehova o tla u tlisetsa khathatso letsatsing lena.” Eaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majoe,+ ka mor’a moo ba ba chesa ka mollo.+ Ka tsela ena ba ba tlepetsa ka majoe. 26 Ba emisa qubu e khōlō ea majoe holim ’a hae, ho tla fihlela letsatsing lena.+ Eaba Jehova o khutla bohaleng ba hae bo tukang.+ Ke ka lebaka leo sebaka seo se ’nileng sa bitsoa Khohlo ea Akore,+ ho tla fihlela letsatsing lena.

8 Joale Jehova a re ho Joshua: “U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo.+ Nka batho bohle ba ntoa ’me u tlohe, u nyolohele Ai. Bona, ke nehelane ka morena oa Ai le batho ba hae le motse oa hae le naha ea hae letsohong la hao.+ 2 U etse ho Ai le ho morena oa eona feela joalokaha u ile ua etsa ho Jeriko le ho morena oa eona.+ Le mpe le itlatlapele thepa ea eona e hapuoeng le liphoofolo tsa eona tse ruuoang.+ Lallang motse ka morao.”+

3 Tumellanong le hoo Joshua le batho bohle ba ntoa+ ba ema ho nyolohela Ai, eaba Joshua o khetha banna ba likete tse mashome a mararo, ba matla ba sebete,+ ’me o ba romela bosiu. 4 A ba laela, a re: “Bonang, le lalla+ motse ho elella ka morao ho motse. Le se ke la ea hōle haholo le motse, ’me kaofela ha lōna le lule le itokisitse. 5 Ha e le ’na hammoho le batho bohle, re tla atamela motseng. Haeba ba ka tsoa ho tla re khahlanyetsa feela joaloka pele,+ joale re tla baleha ka pel’a bona. 6 Ba tla re sala morao ho fihlela re ba huletse hōle le motse, etsoe ba tla re, ‘Ba baleha ka pel’a rōna feela joaloka pele.’+ ’Me re tla baleha ka pel’a bona. 7 Joale lōna—le tla ema moo le laletseng teng, ’me le tla hapa motse; ka sebele Jehova Molimo oa lōna o tla nehelana ka oona matsohong a lōna.+ 8 Etlare hang ha le hapile motse, le lokela ho chesa motse.+ Le lokela ho etsa ho ea ka lentsoe la Jehova. Bonang, ke le laetse.”+

9 Ka mor’a moo Joshua a ba romela eaba ba ea sebakeng sa ho lalla ’me ba lula pakeng tsa Bethele le Ai ho ea ka bophirimela ho Ai, ha Joshua a ntse a lutse har’a batho bosiung boo.

10 Joale Joshua a tsoha hoseng haholo+ ’me a hlahloba sechaba eaba oa nyoloha, eena le banna ba baholo ba Iseraele, ka pel’a sechaba ho ea Ai. 11 Batho bohle ba ntoa+ ba neng ba e-na le eena ba nyoloha, e le hore ba ka atamela ’me ba fihle ka pel’a motse, eaba ba hloma liahelo ho ea ka leboea ho Ai, phula e le pakeng tsa bona le Ai. 12 Khabareng a nka banna ba ka bang likete tse hlano ’me a ba beha hore ba lalle+ pakeng tsa Bethele+ le Ai, ho ea ka bophirimela ho motse. 13 Kahoo sechaba sa beha lebotho le leholo le neng le le ho ea ka leboea ho motse+ le karolo e ka morao-rao ho lona e neng e le ho ea ka bophrimela ho motse,+ eaba Joshua o kena bohareng ba khohlo bosiung boo.

14 Eitse hang ha morena oa Ai a le bona, joale banna ba motse ba potlaka ’me ba tsoha hoseng eaba ba tsoa ho ea khahlanyetsa Baiseraele ntoeng, eena le batho bohle ba hae, ka nako e behiloeng, ka pel’a thota ea lehoatata. Ha e le eena, o ne a sa tsebe hore o lalletsoe ka morao ho motse.+ 15 Ha Joshua le Baiseraele bohle ba hlōloa ka pel’a bona,+ eaba ba baleha ka tsela ea lefeelleng.+ 16 Eaba batho bohle ba neng ba le motseng baa bitsoa hore ba ba lelekise, ’me ba qala ho lelekisa Joshua eaba ba huleloa hōle le motse.+ 17 Ho ne ho se motho ea setseng Ai le Bethele ea sa kang a tsoa ka mor’a Baiseraele, hoo ba ileng ba siea motse o bulehile haholo ’me ba qala ho lelekisa Baiseraele.

18 Joale Jehova a re ho Joshua: “Otlollela lerumo le betsoang le letsohong la hao nģ’a Ai,+ etsoe ke tla nehelana ka eona letsohong la hao.”+ Tumellanong le hoo Joshua a otlollela lerumo le betsoang le neng le le letsohong la hae nģ’a motseng. 19 Ba lalletseng ba ema kapele sebakeng sa bona, ’me ba qala ho matha nakong eo ka eona a otlollang letsoho, ba kena motseng ba o hapa.+ Joale ba potlaka ’me ba chesa motse.+

20 Banna ba Ai ba qala ho reteleha le ho talima, ’me mosi oa motse o ne o nyolohela maholimong, hape ba ne ba se na matla a ho baleha ka tsela leha e le efe. Batho ba neng ba balehela lefeelleng ba retelehela ho ba ba lelekisang. 21 Joshua le Baiseraele bohle ba bona hore ba lalletseng+ ba ne ba hapile motse, le hore mosi oa motse o ne o nyoloha, kahoo ba reteleha ’me ba qala ho bolaea banna ba Ai. 22 Bana ba bang ba tsoa motseng ho tla ba khahlanyetsa, hoo ba ileng ba ba pakeng tsa Baiseraele, bana ba le ka lehlakoreng lena ’me bane ba le ka ho lane, eaba ba ba bolaea ho fihlela ho sa sala ho bona leha e le mophonyohi kapa ea balehang.+ 23 Morena+ oa Ai ba mo tšoara a ntse a phela eaba ba mo atametsa ho Joshua.

24 Eitse ha Baiseraele ba ntse ba qetela polao ea baahi bohle ba Ai naheng, lefeelleng leo ba neng ba ba lelekiselitse ho lona, ba ’na ba oa, kaofela ha bona, ka bohale ba sabole ho fihlela ba felile. Ka mor’a moo Baiseraele bohle ba khutlela Ai ’me ba e loantša ka bohale ba sabole. 25 Bohle ba ileng ba oa letsatsing leo, ho tloha ho monna ho ea ho mosali, ea e-ba likete tse leshome le metso e ’meli, batho bohle ba Ai. 26 Joshua ha aa ka a khutlisa letsoho la hae leo ka lona a ileng a otlolla lerumo le betsoang+ ho fihlela a nehetse baahi bohle ba Ai timetso.+ 27 Ke liphoofolo tse ruuoang le thepa e hapuoeng ea motse oo feela tseo Baiseraele ba ileng ba itlatlapela tsona, ho ea ka lentsoe la Jehova leo a neng a le laetse Joshua.+

28 Joale Joshua a chesa Ai ’me a e etsa tutulu e hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ e le lesupi ho fihlela letsatsing lena. 29 A fanyeha morena oa Ai+ thupeng ho fihlela mantsiboea;+ ha letsatsi le le haufi le ho likela Joshua a fana ka taelo, eaba joale ba theola setopo sa hae+ thupeng ’me ba se lahlela monyako oa heke ea motse le ho emisa qubu e khōlō ea majoe holim ’a hae, ho fihlela letsatsing lena.

30 Joale Joshua a hahela Jehova Molimo oa Iseraele aletare,+ Thabeng ea Ebale,+ 31 feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse bara ba Iseraele, joalokaha ho ngoliloe bukeng ea molao+ oa Moshe: “Aletare ea majoe a feletseng, eo holim ’a eona ho sa sebelisoang sesebelisoa sa tšepe”;+ ’me ba nyehela ho Jehova linyehelo tsa secheso holim ’a eona le ho etsa mahlabelo a kopanetsoeng.+

32 Joale a ngola moo holim ’a majoe kopi+ ea molao oa Moshe oo a neng a o ngotse ka pel’a bara ba Iseraele.+ 33 Baiseraele bohle le banna ba bona ba baholo+ le balaoli le baahloli ba bona ba ne ba eme ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane la Areka ka pel’a baprista,+ Balevi, ba jereng areka ea selekane sa Jehova,+ mojaki hammoho le letsoalloa,+ halofo e ’ngoe ea bona e le ka pel’a Thaba ea Gerizime+ ’me halofo e ’ngoe ea bona e le ka pel’a Thaba ea Ebale,+ (feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse,)+ ho hlohonolofatsa+ sechaba sa Iseraele pele ho tsohle. 34 Ka mor’a mona a balla holimo mantsoe ’ohle a molao,+ tlhohonolofatso+ le bomalimabe,+ ho ea ka sohle se ngoliloeng bukeng ea molao. 35 Ha hoa ka ha e-ba le lentsoe leha le le leng ho sohle seo Moshe a neng a se laetse leo Joshua a sa kang a le balla holimo ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele,+ hammoho le basali+ le bana ba banyenyane+ le bajaki+ ba neng ba tsamaea har’a bona.

9 Eitse hang ha marena+ ’ohle a neng a le ka lehlakoreng lena la Jordane sebakeng se lithaba le Shefela le ho sika le lebōpo lohle la Leoatle le Leholo+ esita le ka pel’a Lebanone,+ Bahethe+ le Baamore, Bakanana,+ Bapereze,+ Baheve le Bajebuse,+ a utloa seo, 2 a qala ho bokana kaofela ho loantša Joshua le Baiseraele ka tumellano.+

3 Baahi ba Gibeone+ ba utloa seo Joshua a neng a se entse Jeriko+ le Ai.+ 4 Kahoo bona, esita le ka ho rata ha bona, ba etsa ka masene+ eaba baa ea ba itlhomella ka mefaho ’me ba nka mekotla e tsofetseng bakeng sa liesele tsa bona, le makuka a veine a tsofetseng le a phatlohileng le a thatetsoeng,+ 5 ’me ba roala meqathatso e tsofetseng le e lapiloeng, ’me ba apara liaparo tse tsofetseng, ’me bohobe bohle ba mefaho ea bona bo ne bo omeletse bo bile bo kumeha. 6 Joale ba ea ho Joshua liahelong Gilgale+ ’me ba re ho eena le ho banna ba Iseraele: “Re tsoa naheng e hōle. Joale hlabang selekane+ le rōna.” 7 Eaba banna ba Iseraele ba re ho Baheve:+ “Mohlomong le lula tikolohong ea rōna. Joale re ka hlaba selekane joang le lōna?”+ 8 Eaba ba re ho Joshua: “Re bahlanka ba hao.”+

Joale Joshua a re ho bona: “Le bo-mang, ’me le tsoa hokae?” 9 Eaba ba re ho eena: “Bahlanka ba hao ba tsoa naheng e hōle+ haholo ka lebaka la lebitso+ la Jehova Molimo oa hao, hobane re utloile ka botumo ba hae le ka sohle seo a se entseng Egepeta,+ 10 le ka sohle seo a se entseng ho marena a mabeli a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane la Jordane, e leng, Sihone+ morena oa Heshbone le Oge+ morena oa Bashane, ea neng a le Ashtarothe.+ 11 Kahoo banna ba rōna ba baholo le baahi bohle ba naha ea rōna ba ile ba re ho rōna,+ ‘Nkang mefaho matsohong a lōna bakeng sa leeto ’me le ee ho kopana le bona, le re ho bona: “Re bahlanka ba lōna.+ Joale hlabang selekane le rōna.”’+ 12 Bohobe bona ba rōna, bo ne bo chesa ha re bo nka e le mefaho ea rōna matlung a rōna letsatsing leo re tsoileng ka lona ho tla mona ho lōna, joale, bonang! bo omeletse ebile boa kumeha.+ 13 Ana ke makuka a veine ao re ileng ra a tlatsa a le macha, bonang! a phatlohile,+ ’me liaparo tsena le meqathatso ea rōna, li tsofetse ka lebaka la bolelele bo boholo ba leeto.”

14 Eaba banna bao ba nka e meng ea mefaho ea bona, ’me ha baa ka ba botsa letho molomong oa Jehova.+ 15 Joshua a etsa khotso le bona+ ’me a hlaba selekane le bona sa ho ba tlohela ba phela, kahoo marenana+ a phutheho a ba hlapanyetsa.+

16 Eitse bofelong ba matsatsi a mararo, ka mor’a hore ba hlabe selekane le bona, ba utloa hore ba ne ba le haufi le bona le hore ba ne ba lula tikolohong ea bona. 17 Joale bara ba Iseraele ba tloha eaba ba fihla metseng ea bona letsatsing la boraro, ’me metse ea bona e ne e le Gibeone+ le Kefira+ le Beerothe+ le Kiriathe-jearime.+ 18 Bara ba Iseraele ha baa ka ba ba bolaea, hobane marenana a phutheho a ne a ba hlapanyelitse+ ka Jehova Molimo oa Iseraele.+ Phutheho eohle ea qala ho korotlela marenana.+ 19 Eaba marenana ’ohle a re ho phutheho eohle: “Re ba hlapanyelitse ka Jehova Molimo oa Iseraele, joale ha rea lumelloa ho ba utloisa bohloko.+ 20 Sena ke seo re tla ba etsa sona ha re ntse re ba tlohetse hore ba phele, e le hore khalefo e se ke ea re tlela ka lebaka la kano eo re ba hlapanyelitseng ka eona.”+ 21 Kahoo marenana a re ho bona: “Ba ke ba tloheloe ba phela ’me e be ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa phutheho eohle,+ feela joalokaha marenana a ba tšepisitse.”+

22 Joale Joshua a ba bitsa ’me a bua le bona, a re: “Ke hobane’ng ha le ile la re qhekella, la re, ‘Re hōle le lōna,’+ athe le lula har’a rōna?+ 23 Joale le batho ba rohakiloeng,+ ’me boemo ba lekhoba+ le ho ba ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa ntlo ea Molimo oa ka le ka mohla bo ke ke ba tlosoa ho lōna.”+ 24 Joale ba araba Joshua ’me ba re: “Ke hobane bahlanka ba hao ba ile ba bolelloa ka ho hlakileng hore Jehova Molimo oa hao o ne a laetse mohlanka oa hae Moshe ho le fa naha eohle le ho felisa baahi bohle ba naha hore ba tlohe ka pel’a lōna,+ ’me re ile ra tšoha haholo bakeng sa meea ea rōna ka lebaka la lōna.+ Kahoo ra etsa ntho ena.+ 25 Joale ke rōna bana, letsohong la hao. Etsa feela joalokaha ho le hotle ’me ho nepahetse mahlong a hao hore u etse ho rōna.”+ 26 A ba etsa joalo ’me a ba lopolla matsohong a bara ba Iseraele, ’me ha baa ka ba ba bolaea.+ 27 Ka lebaka leo letsatsing leo Joshua a ba etsa+ ba roallang patsi le ba khang metsi bakeng sa phutheho+ le bakeng sa aletare ea Jehova, ho fihlela letsatsing lena, sebakeng seo a neng a tla se khetha.+

10 Eitse hang ha Adoni-zedeke morena oa Jerusalema a utloa hore Joshua o hapile Ai+ a ntan’o e nehela timetso,+ hore feela joalokaha a ne a entse ho Jeriko+ le ho morena oa eona,+ o ne a entse joalo ho Ai le morena oa eona,+ le hore baahi ba Gibeone ba entse khotso le Baiseraele+ ’me ba lula har’a bona, 2 a tšoha haholo,+ hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, joaloka o mong oa metse ea borena, le hobane e ne e le khōlō ho feta Ai,+ le banna bohle ba eona ba ne ba le matla. 3 Ka lebaka leo Adoni-zedeke morena oa Jerusalema+ a romeletsa ho Hohame morena oa Hebrone+ le ho Pirame morena oa Jarmuthe+ le ho Jafia morena oa Lakishe+ le ho Debire morena oa Eglone,+ a re, 4 “Nyolohelang ho ’na ’me le nthuse re hlaseleng Gibeone, hobane e entse khotso le Joshua le bara ba Iseraele.”+ 5 Eaba baa bokana ’me baa nyoloha, marena a mahlano a Baamore,+ morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone, morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe, morena oa Eglone, bana le mabotho ’ohle a bona, ’me ba hloma liahelo khahlanong le Gibeone le ho e loantša.

6 Eaba banna ba Gibeone ba romeletsa ho Joshua liahelong Gilgale,+ ba re: “U se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole bakeng sa makhoba a hao.+ Nyolohela ho rōna kapele ’me u re pholose le ho re thusa, etsoe marena ’ohle a Baamore a ahileng sebakeng se lithaba a phuthehile khahlanong le rōna.” 7 Kahoo Joshua a nyoloha Gilgale, eena hammoho le batho bohle ba ntoa+ le banna bohle ba matla ba sebete.+

8 Joale Jehova a re ho Joshua: “U se ke ua ba tšaba,+ etsoe ke nehelane ka bona letsohong la hao.+ Ha ho monna le ea mong oa bona ea tla ema khahlanong le uena.”+ 9 Joshua a ba tsometsa. Bosiu bohle o ne a nyolohile ho tloha Gilgale. 10 Jehova a ba ferekanya ka pel’a Baiseraele,+ ’me ba qala ho ba bolaea ka polao e khōlō Gibeone+ eaba ba qala ho ba lelekisa tseleng e moepa ea Bethe-horone le ho ba bolaea ho ea fihla Azeka+ le Makeda.+ 11 Eitse ha ba ntse ba baleha ka pel’a Baiseraele ’me ba le motheōng oa Bethe-horone, Jehova a lahlela holim ’a bona majoe a maholo+ a tsoang maholimong ho ea fihla Azeka, hoo ba ileng ba shoa. Ho ile ha e-ba le ba bangata ba shoeleng ka lebaka la majoe a sefako ho feta bao bara ba Iseraele ba ileng ba ba bolaea ka sabole.

12 Joale Joshua a bua le Jehova letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a tlohela Baamore ho bara ba Iseraele, ’me a tsoela pele ho re ka pel’a mahlo a Baiseraele:

“Letsatsi,+ u se ke ua sisinyeha holim ’a Gibeone,+

’Me, khoeli, u se ke ua sisinyeha holim ’a khohlo ea Ajalone.”+

13 Tumellanong le hoo letsatsi la se ke la sisinyeha, le khoeli ea se ke ea sisinyeha, ho fihlela sechaba se ka iphetetsa ho lira tsa sona.+ Na ha hoa ngoloa bukeng ea Jashare?+ Letsatsi la se ke la sisinyeha bohareng ba maholimo ’me la se ke la potlakela ho likela hoo e ka bang motšehare oohle.+ 14 Ha hoa ka ha e-ba le letsatsi le tšoanang le leo, ebang ke pele ho lona kapa ka mor’a lona, ka hore Jehova o ile a mamela lentsoe la motho,+ etsoe Jehova o ne a loanela Baiseraele.+

15 Ka mor’a moo Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba khutlela liahelong Gilgale.+

16 Khabareng marena ana a mahlano a baleha+ ’me a ipata lehaheng Makeda.+ 17 Joale ha tlaleheloa Joshua, ha thoe: “Marena a mahlano a fumanoe a ipatile lehaheng Makeda.”+ 18 Eaba Joshua o re: “Phikolosetsang majoe a maholo molomong oa lehaha ’me le abele banna hore ba a lebele. 19 Ha e le lōna, le se ke la ema. Lelekisang lira tsa lōna, ’me le li hlasele ka morao.+ Le se ke la li lumella ho kena metseng ea tsona, etsoe Jehova Molimo oa lōna o nehelane ka tsona matsohong a lōna.”+

20 Eitse hang ha Joshua le bara ba Iseraele ba qetile ho ba bolaea ka polao e khōlō, ho fihlela ba felile,+ ’me ba ileng ba phonyoha ba bona ba balehile ’me ba kene metseng e etselitsoeng liqhobosheane,+ 21 joale batho bohle ba qala ho khutlela liahelong, ho Joshua, Makeda ka khotso. Ha ho motho le ea mong ea ileng a bua hampe ka bara ba Iseraele.+ 22 Joale Joshua a re: “Bulang molomo oa lehaha ’me le ntše marena ana a mahlano ka lehaheng le a tlise ho ’na.” 23 Eaba ba etsa joalo ’me ba ntša marena ana a mahlano ka lehaheng le ho a tlisa ho eena, morena oa Jerusalema,+ morena oa Hebrone,+ morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe,+ morena oa Eglone.+ 24 Eitse hang ha ba ntšitse marena ana ’me ba a tlisitse ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele ’me a re ho balaoli ba banna ba ntoa ba neng ba tsamaile le eena: “Atamelang. Hatang likotlo tsa marena ana.”+ Kahoo ba atamela ’me ba hata likotlo tsa ’ona.+ 25 Joshua a tsoela pele ho re ho bona: “Le se ke la tšoha leha e le ho haroha matsoalo.+ E-bang sebete ’me le be matla, etsoe Jehova o tla etsa tjena ho lira tsohle tsa lōna tseo le li loantšang.”+

26 Ka mor’a moo Joshua a a hlasela a a bolaea le ho a fanyeha lithupeng tse hlano, ’me a tsoela pele a leketlile lithupeng ho fihlela mantsiboea.+ 27 Eitse ha letsatsi le likela Joshua a laela, ’me ba a theola lithupeng+ le ho a lahlela ka lehaheng moo a neng a ipatile teng. Joale ba beha majoe a maholo molomong oa lehaha—ho fihlela letsatsing lona lena.

28 Joshua a hapa Makeda+ letsatsing leo ’me a qala ho e loantša ka bohale ba sabole. Ha e le morena oa eona, a nehela eena le moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso.+ Ha aa ka a siea mophonyohi. Kahoo a etsa ho morena oa Makeda+ feela joalokaha a ne a entse ho morena oa Jeriko.

29 Joale Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba fetela pele ho tloha Makeda ho ea Libna ’me ba loantša Libna.+ 30 Ka lebaka leo Jehova a nehelana ka eona le morena oa eona matsohong a Baiseraele, eaba ba hlasela eona le moea o mong le o mong o ho eona ka bohale ba sabole. Ha baa ka ba siea mophonyohi ho eona. Kahoo ba etsa ho morena oa eona feela joalokaha ba ne ba entse ho morena oa Jeriko.+

31 Ka mor’a moo Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba fetela pele ho tloha Libna ho ea Lakishe+ ’me ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona ba e loantša. 32 Tumellanong le hoo Jehova a nehelana ka Lakishe matsohong a Baiseraele hoo ba ileng ba e hapa letsatsing la bobeli, ’me ba qala ho hlasela eona le moea o mong le o mong o neng o le ho eona ka bohale ba sabole,+ ho ea ka sohle seo ba neng ba se entse Libna.

33 Joale Horame morena oa Gezere+ a nyoloha ho ea thusa Lakishe. Kahoo Joshua a bolaea eena le batho ba hae ho fihlela a sa siea mophonyohi oa hae.+

34 Joale Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba fetela pele ho tloha Lakishe ho ea Eglone+ ’me ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona le ho e loantša. 35 Ba e hapa letsatsing leo ’me ba qala ho e hlasela ka bohale ba sabole, eaba ba nehela moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso letsatsing leo, ho ea ka sohle seo ba neng ba se entse Lakishe.+

36 Joale Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba nyoloha ho tloha Eglone ho ea Hebrone+ ’me ba qala ho e loantša. 37 Ba e hapa ’me ba qala ho hlasela eona le morena oa eona le metse eohle ea eona le moea o mong le o mong o neng o le ho eona ka bohale ba sabole. Ha aa ka a siea mophonyohi, ho ea ka sohle seo a neng a se entse Eglone. Kahoo a nehela eona le moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso.+

38 Qetellong Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba khutlela Debire+ ’me ba qala ho e loantša. 39 A hapa eona le morena oa eona le metse eohle ea eona, ’me ba qala ho ba hlasela ka bohale ba sabole le ho nehela moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso.+ Ha aa ka a siea mophonyohi.+ Feela joalokaha a ne a entse Hebrone, a etsa joalo ho Debire le morena oa eona, le feela joalokaha a ne a entse ho Libna le morena oa eona.+

40 Joshua a loantša naha eohle ea sebaka se lithaba+ le Negebe+ le Shefela+ le matsoapo+ le marena ’ohle a tsona. Ha aa ka a siea mophonyohi, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang+ a e nehela timetso,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa Iseraele a ne a laetse.+ 41 Joshua a ba bolaea ho tloha Kadeshe-barnea+ ho ea Gaza+ le naheng eohle ea Goshene+ le ho ea fihla Gibeone.+ 42 Joshua a hapa marena ana ’ohle le naha ea ’ona ka nako e le ’ngoe,+ hobane ke Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a loanela Baiseraele.+ 43 Ka mor’a moo Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba khutlela liahelong Gilgale.+

11 Eitse hang ha Jabine morena oa Hazore a utloa seo, a qala ho romeletsa ho Jobabe morena oa Madone+ le ho morena oa Shimrone le morena oa Akshafe,+ 2 le ho marena a neng a le ho ea ka leboea sebakeng se lithaba le lithoteng tsa lehoatata ka boroa ho Kinerethe+ le Shefela+ le matsoapong a Dore+ ho ea ka bophirimela, 3 Bakanana+ ho ea ka bochabela le bophirimela, le Baamore+ le Bahethe+ le Bapereze+ le Bajebuse+ sebakeng se lithaba le Baheve+ botlaaseng ba Hermone+ naheng ea Mizpa.+ 4 Kahoo a tloha, ’ona hammoho le mabotho ’ohle a ’ona, sechaba se sengata joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle ka bongata,+ le lipere tse ngata haholo+ le likoloi tsa ntoa. 5 Joale marena ana ’ohle a kopana hammoho ka taetsano eaba aa tla ’me a hloma liahelo hammoho metsing a Merome ho loantša Baiseraele.+

6 Eaba Jehova o re ho Joshua: “U se ke ua tšoha ka lebaka la ’ona,+ etsoe hosasane hoo e ka bang ka nako ena ke tla a tlohela kaofela hore a bolaoe ke Baiseraele. U tla khaola lipere tsa ’ona mesifa,+ ’me u tla chesa likoloi tsa ’ona mollong.”+ 7 Joshua hammoho le batho bohle ba ntoa ba a tsometsa ho sika le metsi a Merome le ho ba oela holimo. 8 Joale Jehova a nehelana ka ’ona matsohong a Baiseraele,+ eaba ba qala ho a loantša le ho a lelekisa ho ea fihla Sidone+ e nang le baahi ba bangata le Misrefothe-maime+ le thoteng ea Mizpe+ ho ea ka bochabela; ba ’na ba a bolaea ho fihlela ba sa siea mophonyohi oa ’ona.+ 9 Ka mor’a moo Joshua a a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo boleletse: lipere tsa ’ona a li khaola mesifa,+ ’me likoloi tsa ’ona tsa ntoa a li chesa mollong.+

10 Ho feta moo, Joshua a reteleha nakong eo+ ’me a hapa Hazore;+ a bolaea morena oa eona ka sabole,+ hobane pele ho moo Hazore e ne e le hlooho ea mebuso ena eohle. 11 Ba qala ho bolaea moea o mong le o mong o neng o le ho eona ka bohale ba sabole, ba ba nehela timetso.+ Ho hang ha ho ntho e phefumolohang e ileng ea sala,+ ’me a chesa Hazore mollong. 12 Joshua a hapa metse eohle ea marena ana le marena ’ohle a eona ’me a a bolaea ka bohale ba sabole.+ A a nehela timetso,+ feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse.+ 13 Ke feela metse eohle e emeng litutulung tsa eona eo Baiseraele ba sa kang ba e chesa, haese hore Joshua o ile a chesa Hazore e le ’ngoe. 14 Thepa eohle e hapuoeng ea metse ena le liphoofolo tse ruuoang bara ba Iseraele ba ile ba itlatlapela tsona.+ Ke moloko oohle oa batho feela oo ba ileng ba o hlasela ka bohale ba sabole ho fihlela ba o felisitse.+ Ha baa ka ba siea mang kapa mang ea phefumolohang.+ 15 Feela joalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka oa hae Moshe, Moshe a laela Joshua joalo,+ ’me Joshua a etsa joalo. Ha aa ka a tlosa lentsoe ho sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.+

16 Joshua a nka naha ena eohle, sebaka se lithaba le Negebe+ eohle le naha eohle ea Goshene+ le Shefela+ le Araba+ le sebaka se lithaba sa Iseraele le Shefela ea eona,+ 17 ho tloha Thabeng ea Halake,+ e nyolohelang Seire,+ le ho ea fihla Baale-gade+ thoteng ea Lebanone botlaaseng ba Thaba ea Hermone,+ ’me a hapa marena ’ohle a eona eaba o qala ho a hlasela le ho a bolaea.+ 18 Joshua a loana le marena ana ’ohle ka matsatsi a mangata. 19 Ha hoa ka ha e-ba le motse o ileng oa etsa khotso le bara ba Iseraele haese Baheve+ ba ahileng Gibeone.+ E meng eohle ba ile ba e nka ka ntoa.+ 20 Etsoe e ile ea e-ba tsela ea Jehova ho lumella hore lipelo tsa eona li be manganga+ e le hore e ka phatlalatsa ntoa khahlanong le Baiseraele, e le hore a ka e nehela timetso, hore e se ke ea amoheleha,+ empa e le hore a ka e felisa, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+

21 Ho feta moo, ka nako eo Joshua a tloha ’me a felisa Baanake+ sebakeng se lithaba, ho tloha Hebrone, ho tloha Debire, ho tloha Anabe+ le ho tloha sebakeng sohle se lithaba sa Juda le ho tloha sebakeng sohle se lithaba sa Iseraele.+ Joshua a ba nehela timetso hammoho le metse ea bona.+ 22 Ha ho Baanake ba ileng ba sala naheng ea bara ba Iseraele. Ba ile ba sala+ Gaza,+ Gathe+ le Ashdode+ feela. 23 Kahoo Joshua a nka naha eohle, ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se tšepisitse Moshe,+ ’me joale Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona, ho ea ka meloko ea eona.+ Naha ha ea ka ea khathatsoa ke ntoa.+

12 Joale ana ke marena a naha ao bara ba Iseraele ba ileng ba a hlōla le ao joale ba ileng ba rua naha ea ’ona ka lehlakoreng la Jordane ka nģ’a bochaba-tsatsi,+ ho tloha phuleng ea molapo o phoroselang ea Arnone+ ho fihlela Thabeng ea Hermone+ le Araba eohle+ nģ’a bochaba-tsatsi: 2 Sihone+ morena oa Baamore, ea neng a lula Heshbone,+ a busa ho tloha Aroere,+ e neng e le lebōpong la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone,+ le bohareng ba phula ea molapo o phoroselang, le halofo ea Gileade ho ea fihla Jaboke+ phuleng ea molapo o phoroselang, moeli oa bara ba Ammone, 3 le Araba+ ho ea fihla leoatleng la Kinerethe+ nģ’a bochabela le ho ea fihla leoatleng la Araba, Leoatle la Letsoai,+ ho ea ka bochabela ka nģ’a Bethe-jeshimothe,+ le ka nģ’a boroa tlas’a matsoapo a Pisga.+

4 Le naha ea Oge+ morena oa Bashane, ea se neng se setse sa Barefaime,+ ba neng ba lula Ashtarothe+ le Edrei,+ 5 le ba neng ba busa Thabeng ea Hermone+ le Salka le Bashane+ eohle, ho ea fihla moeling oa Bageshure+ le Bamakathe,+ le halofo ea Gileade, ho ea naheng ea Sihone+ morena oa Heshbone.+

6 Ke Moshe mohlanka oa Jehova le bara ba Iseraele ba ileng ba a hlōla,+ eaba ka mor’a moo Moshe mohlanka oa Jehova o fana ka eona e le lefa ho Barubene+ le Bagade+ le halofo ea moloko oa Manase.+

7 Ana ke marena a naha ao Joshua le bara ba Iseraele ba ileng ba a hlōla lehlakoreng la Jordane nģ’a bophirimela, ho tloha Baale-gade+ thoteng ea Lebanone+ le ho ea fihla Thabeng ea Halake,+ e nyolohelang Seire,+ eaba ka mor’a moo Joshua o fana ka eona ho meloko ea Iseraele e le lefa ka likarolo tsa eona,+ 8 sebakeng se lithaba le Shefela le Araba le matsoapong le lefeelleng le Negebe+—Bahethe, Baamore+ le Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse:+

 9 Morena oa Jeriko,+ a le mong; morena oa Ai,+ e neng e le thōko ho Bethele, a le mong;

10 morena oa Jerusalema,+ a le mong; morena oa Hebrone,+ a le mong;

11 morena oa Jarmuthe,+ a le mong; morena oa Lakishe,+ a le mong;

12 morena oa Eglone,+ a le mong; morena oa Gezere,+ a le mong;

13 morena oa Debire,+ a le mong; morena oa Gedere, a le mong;

14 morena oa Horma, a le mong; morena oa Arade, a le mong;

15 morena oa Libna,+ a le mong; morena oa Adulame, a le mong;

16 morena oa Makeda,+ a le mong; morena oa Bethele,+ a le mong;

17 morena oa Tapua, a le mong; morena oa Hefere,+ a le mong;

18 morena oa Afeke, a le mong; morena oa Lasharone, a le mong;

19 morena oa Madone,+ a le mong; morena oa Hazore,+ a le mong;

20 morena oa Shimrone-merone, a le mong; morena oa Akshafe,+ a le mong;

21 morena oa Tanake, a le mong; morena oa Megido,+ a le mong;

22 morena oa Kedeshe, a le mong; morena oa Jokneame+ e Karmele, a le mong;

23 morena oa Dore letsoapong la Dore,+ a le mong; morena oa Goime e Gilgale, a le mong;

24 morena oa Tirza, a le mong; marena ’ohle e le a mashome a mararo a motso o mong.+

13 Joale Joshua o ne a tsofetse, a se a ile lilemong.+ Kahoo Jehova a re ho eena: “U se u tsofetse ’me u se u ile lilemong, ’me ka tekanyo e khōlō ho sa ntse ho setse naha e lokelang ho ruuoa.+ 2 Ena ke naha e sa ntseng e setse:+ libaka tsohle tsa Bafilista+ le Bageshure bohle+ 3 (ho tloha lekaleng la Nile le leng ka pel’a Egepeta le ho fihlela moeling oa Ekrone ho ea ka leboea,+ e ne e nkoa e le ea Bakanana);+ marena a mahlano a selekane+ a Bafilista, Bagaza+ le Baashdode,+ Baashkelone,+ Bagathe+ le Baekrone;+ le Baavime.+ 4 Ho ea ka boroa naha eohle ea Bakanana; le Meara, ea Basidone,+ ho ea fihla Afeke, ho ea fihla moeling oa Baamore; 5 le naha ea Bagebale+ le Lebanone eohle nģ’a bochaba-tsatsi, ho tloha Baale-gade+ botlaaseng ba Thaba ea Hermone ho ea fihla moo ho kenoang teng Hamathe;+ 6 baahi bohle ba sebaka se lithaba, ho tloha Lebanone+ ho ea Misrefothe-maime,+ Basidone bohle;+ ke tla ba leleka ka pel’a bara ba Iseraele.+ U mpe u etse hore e oele ho Baiseraele e le lefa, feela joalokaha ke u laetse.+ 7 Joale arolela meloko e robong le halofo ea moloko oa Manase naha ena e le lefa.”+

8 Barubene le Bagade hammoho le halofo e ’ngoe ea moloko ba ile ba nka lefa la bona leo Moshe a ileng a ba fa lona ka lehlakoreng la Jordane nģ’a bochabela, feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a ba file,+ 9 ho tloha Aroere,+ e lebōpong la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone,+ le motse o bohareng ba phula ea molapo o phoroselang, le sehlaba sohle sa Medeba+ ho ea fihla Dibone;+ 10 le metse eohle ea Sihone morena oa Baamore, ea neng a busa Heshbone, ho fihlela moeling oa bara ba Ammone;+ 11 le Gileade le naha ea Bageshure+ le Bamakathe le Thaba eohle ea Hermone+ le Bashane eohle+ ho ea fihla Salka;+ 12 sebaka sohle se pusong ea borena sa Oge+ Bashane, ea neng a busa Ashtarothe le Edrei+—ke eena ea ileng a sala ho se setseng sa Barefaime+—’me Moshe a qala ho ba hlasela le ho ba leleka.+ 13 Bara ba Iseraele ha baa ka ba leleka+ Bageshure le Bamakathe, empa Bageshure+ le Bamakathe ba ntse ba lula har’a Baiseraele ho fihlela letsatsing lena.

14 Ke moloko oa Balevi feela oo a sa kang a o fa lefa.+ Linyehelo tse entsoeng ka mollo+ tsa Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona,+ feela joalokaha a ba tšepisitse.+

15 Joale Moshe a fana ka mpho ho moloko oa bara ba Rubene ka malapa a bona, 16 ’me naha ea e-ba ea bona ho tloha Aroere,+ e lebōpong la phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, le motseng o bohareng ba phula ea molapo o phoroselang, le sehlabeng sohle sa Medeba;+ 17 Heshbone+ le metseng eohle ea eona+ e sehlabeng, Dibone+ le Bamothe-baale+ le Bethe-baale-meone,+ 18 le Jahaze+ le Kedemothe+ le Mefathe,+ 19 le Kiriathaime+ le Sibma+ le Zerethe-shahare thabeng ea khohlo, 20 le Bethe-peore le matsoapong a Pisga+ le Bethe-jeshimothe,+ 21 le metseng eohle ea sehlaba+ le sebakeng sohle se pusong ea borena ea Sihone morena oa Baamore, ea neng a busa Heshbone,+ le eo Moshe a ileng a mo bolaea,+ hammoho le marenana a Midiane, Evi le Rekeme le Zure le Hure le Reba,+ babusisi ba Sihone, ba neng ba lula naheng. 22 Balame mora oa Beore,+ senohe,+ ke e mong eo bara ba Iseraele ba ileng ba mo bolaea ka sabole hammoho le babolauoa ba bona. 23 Moeli oa bara ba Rubene ea e-ba Jordane; ’me naha ena e ne e le lefa la bara ba Rubene+ ka malapa a bona, hammoho le metse le metsana ea eona.

24 Ho feta moo, Moshe a fana ka mpho ho moloko oa Gade, bara ba Gade ka malapa a bona,+ 25 ’me naha ea bona ea e-ba Jazere+ le metse eohle ea Gileade+ le halofo ea naha ea bara ba Ammone+ ho ea fihla Aroere,+ e ka pel’a Raba;+ 26 le ho tloha Heshbone+ ho ea Ramathe-mizpe le Betonime le ho tloha Mahanaime+ ho ea moeling oa Debire;+ 27 le khohlong Bethe-harame+ le Bethe-nimra+ le Sukothe+ le Zafone, sebaka se seng kaofela se leng pusong ea borena ea Sihone morena oa Heshbone,+ Jordane e le moeli ho ea fihla pheletsong ea leoatle la Kinerethe+ ka lehlakoreng la Jordane nģ’a bochabela. 28 Lena e ne e le lefa la bara ba Gade+ ka malapa a bona, hammoho le metse le metsana ea eona.

29 Ho ekelletsa moo, Moshe a fana ka mpho ho halofo ea moloko oa Manase, ’me ea e-ba ea halofo ea moloko oa bara ba Manase ka malapa a bona.+ 30 Naha ea bona ea e-ba ho tloha Mahanaime+ Bashane eohle, sebaka sohle se pusong ea borena ea Oge morena oa Bashane,+ le metse eohle ea litente ea Jaire+ e Bashane, metse e mashome a tšeletseng. 31 Halofo ea Gileade, le Ashtarothe+ le Edrei,+ metse ea sebaka se pusong ea borena ea Oge Bashane, ea ea ho bara ba Makire+ mora oa Manase, ho halofo ea bara ba Makire ka malapa a bona.

32 Tsena ke tseo Moshe a ileng a etsa hore ba li rue, lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe lehlakoreng la Jordane, Jeriko, nģ’a bochabela.+

33 Moloko oa Balevi Moshe ha aa ka a o fa lefa.+ Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona, feela joalokaha a ba tšepisitse.+

14 Joale sena ke seo bara ba Iseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ea Kanana,+ eo moprista Eleazare le Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa bo-ntat’a meloko ea bara ba Iseraele ba ileng ba etsa hore ba e rue.+ 2 Lefa la bona le ile la ajoa ka lotho,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe bakeng sa meloko e robong le halofo ea moloko.+ 3 Etsoe Moshe o ne a fane ka lefa la meloko e meng e ’meli le halofo e ’ngoe ea moloko ka lehlakoreng le leng la Jordane;+ ha aa ka a fa Balevi lefa har’a bona.+ 4 Etsoe bara ba Josefa ba ne ba fetohile meloko e ’meli,+ Manase+ le Efraime;+ ba ne ba sa fa Balevi karolo naheng, haese metse+ hore ba lule ho eona le makhulo a bona bakeng sa liphoofolo tsa bona tse ruiloeng le thepa ea bona.+ 5 Feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, bara ba Iseraele ba etsa joalo; ba arola naha.

6 Joale bara ba Juda ba atamela Joshua Gilgale,+ ’me Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize+ a re ho eena: “U tseba hantle lentsoe leo Jehova a le boleletseng+ Moshe monna oa Molimo oa ’nete+ mabapi le ’na le mabapi le uena Kadeshe-barnea.+ 7 Ke ne ke le lilemo li mashome a mane ha Moshe mohlanka oa Jehova a nthoma ho tsoa Kadeshe-barnea ho ea hloela naha,+ eaba ke mo khutlisetsa lentsoe feela joalokaha le ne le le ka pelong ea ka.+ 8 Barab’eso ba ileng ba nyoloha le ’na ba ile ba nyahamisa lipelo tsa sechaba;+ empa ha e le ’na, ka latela Jehova Molimo oa ka ka ho feletseng.+ 9 Ka lebaka leo Moshe a hlapanya letsatsing leo, a re, ‘Naha eo leoto la hao le hatileng holim ’a eona+ e tla ba ea hao le ea bara ba hao e le lefa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hobane u latetse Jehova Molimo oa ka ka ho feletseng.’+ 10 Joale Jehova o mpolokile ke phela,+ feela joalokaha a ile a tšepisa,+ lilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano ho tloha ha Jehova a etsa tšepiso ena ho Moshe ha Baiseraele ba ntse ba tsamaea lefeelleng,+ joale ’na ke lilemo li mashome a robeli a metso e mehlano. 11 Empa leha ho le joalo kajeno ke matla joaloka letsatsing leo Moshe a ileng a nthoma ka lona.+ Kamoo matla a ka a neng a le kateng nakong eo, matla a ka a joalo hona joale bakeng sa ntoa, bakeng sa ho tsoa le ho kena.+ 12 Joale u mphe sebaka sena se lithaba seo Jehova a ileng a se tšepisa letsatsing leo,+ etsoe u ile ua utloa letsatsing leo hore ho ne ho e-na le Baanake+ moo le metse e meholo e etselitsoeng liqhobosheane.+ Mohlomong Jehova o tla ba le ’na,+ ’me ka sebele ke tla ba leleka, feela joalokaha Jehova a tšepisitse.”+

13 Eaba Joshua oa mo hlohonolofatsa ’me o fana ka Hebrone ho Kalebe mora oa Jefune e le lefa.+ 14 Ke ka lebaka leo Hebrone e leng ea Kalebe mora oa Jefune Mokenize e le lefa ho fihlela letsatsing lena, ka lebaka la hore o ile a latela Jehova Molimo oa Iseraele ka ho feletseng.+ 15 Lebitso la Hebrone pele ho moo e ne e le Kiriathe-arba+ (Arba+ eo e ne e le monna e moholo har’a Baanake). Naha ha ea ka ea khathatsoa ke ntoa.+

15 Lotho+ ea moloko oa bara ba Juda ka malapa a bona ea e-ba moeling oa Edomo,+ lefeelleng la Zine,+ ho ea Negebe+ pheletsong ea eona e ka boroa. 2 Moeli oa bona o ka boroa oa e-ba ho tloha pheletsong ea Leoatle la Letsoai,+ ho tloha koung e shebileng nģ’a boroa. 3 O ne o tsoela nģ’a boroa ho ea moepeng oa Akrabime+ o bile o fetela Zine+ ’me o nyoloha ho tloha boroa ho ea Kadeshe-barnea+ o bile o fetela Hezrone ’me o nyolohela Adare ’me o potoloha ho ea Karka. 4 O ne o fetela Azmone+ ’me o tsoela phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta;+ qetello ea moeli ea e-ba leoatleng. Ona ea e-ba moeli oa bona o ka boroa.

5 Moeli o ka bochabela e ne e le Leoatle la Letsoai ho ea pheletsong ea Jordane, ’me moeli o sekhutlong se ka leboea o ne o le koung ea leoatle, pheletsong ea Jordane.+ 6 Moeli o ne o nyolohela Bethe-hogla+ ’me o feta ka leboea ho Bethe-araba,+ ’me moeli o ne o nyolohela lejoeng la Bohane+ mora oa Rubene. 7 Moeli o ne o nyolohela Debire khohlong ea Akore+ ’me o leba nģ’a leboea ho Gilgale,+ e ka pel’a moepa oa Adumime, e ka boroa ho phula ea molapo o phoroselang; ’me moeli o ne o fetela metsing a Ene-shemeshe,+ ’me qetello ea oona ea e-ba Ene-rogele.+ 8 Moeli o ne o nyolohela phuleng ea mora oa Hinome+ ho ea letsoapong la Bajebuse+ ka boroa, ke ho re, Jerusalema;+ ’me moeli o ne o nyolohela tlhōrōng ea thaba e shebileng phula ea Hinome ho ea ka bophirimela, e leng pheletsong ea khohlo ea Barefaime+ ho ea ka leboea. 9 Moeli oa tšoauoa ho tloha tlhōrōng ea thaba ho ea selibeng sa metsi a Neftooa,+ ’me oa nyolohela metseng ea Thaba ea Efrone; moeli oa tšoauoa ho ea Baala,+ ke ho re, Kiriathe-jearime.+ 10 Moeli o ne o potoloha ho tloha Baala ka nģ’a bophirimela ho ea Thabeng ea Seire ’me o fetela letsoapong la Thaba ea Jearime ka leboea, ke ho re, Kesalone; o ne o theohela Bethe-shemeshe+ o bile o fetela Timna.+ 11 Moeli o ne o tsoela letsoapong la Ekrone+ ho ea ka leboea, hape moeli oa tšoauoa ho ea Shikrone le ho fetela Thabeng ea Baala ’me oa tsoela Jabniele; qetello ea moeli ea e-ba leoatleng.

12 Moeli o ka bophirimela o ne o le Leoatleng le Leholo+ le sebakeng sa lona se lebōpong la leoatle. Ona e ne e le moeli ho pota-pota ka hohle, oa bara ba Juda ka malapa a bona.

13 A fa Kalebe+ mora oa Jefune karolo har’a bara ba Juda ka taelo ea Jehova ho Joshua, e leng, Kiriathe-arba (Arba eo ke ntat’a Anake), ke ho re, Hebrone.+ 14 Kahoo Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake+ moo, e leng, Sheshai+ le Akimane le Talmai,+ ba tsoetsoeng ke Anake.+ 15 Joale a nyoloha ho tloha moo ho ea ho baahi ba Debire.+ (Joale lebitso la Debire pele ho moo e ne e le Kiriathe-sefere.)+ 16 Kalebe a re: “Mang kapa mang ea hlaselang Kiriathe-sefere ’me a e hapa, ka sebele ke tla mo fa morali oa ka Aksa+ hore e be mosali oa hae.” 17 Eaba Othniele+ mora oa Kenaze,+ mor’abo Kalebe, oa e hapa. Tumellanong le hoo a mo fa morali oa hae Aksa+ hore e be mosali oa hae. 18 Eitse ha a e-ea hae, a ’na a mo susumelletsa ho kōpa tšimo ho ntat’ae. Joale a opa liatla ha a ntse a le holim ’a esele. Eaba Kalebe o re ho eena: “U batla’ng?”+ 19 Kahoo a re: “Mphe tlhohonolofatso, etsoe u mphile karolo ea naha ho ea ka boroa, ’me u mphe Gulothe-maime.” Tumellanong le hoo a mo fa Gulothe e ka Holimo le Gulothe e ka Tlaase.+

20 Lena e ne e le lefa+ la moloko oa bara ba Juda+ ka malapa a bona.

21 Metse e pheletsong ea moloko oa bara ba Juda ka nģ’a moeli oa Edomo+ ka boroa ea e-ba Kabziele+ le Edere le Jagure, 22 le Kina le Dimona le Adada, 23 le Kedeshe le Hazore le Ithenane, 24 Zife le Teleme+ le Bealothe, 25 le Hazore-hadata le Keriothe-hezrone, ke ho re, Hazore, 26 Amame le Shema le Molada,+ 27 le Hazare-gada le Heshmone le Bethe-pelete,+ 28 le Hazare-shuale+ le Beerseba+ le Biziothia, 29 Baala+ le Ime le Ezeme,+ 30 le Eltolade le Kesile le Horma,+ 31 le Ziklage+ le Madmana le Sansana, 32 le Lebaothe le Shilhime le Aine+ le Rimone;+ metse eohle e le mashome a mabeli a metso e robong, hammoho le metsana ea eona.

33 Shefela+ ho ne ho e-na le Eshtaole+ le Zora+ le Ashna, 34 le Zanooa+ le Ene-ganime, Tapua le Ename, 35 Jarmuthe+ le Adulame,+ Soko+ le Azeka,+ 36 le Sharaime+ le Adithaime le Gedera le Gederothaime; metse e leshome le metso e mene le metsana ea eona.

37 Zenane le Hadasha le Migdale-gade, 38 le Dileane le Mizpe le Jokthele, 39 Lakishe+ le Bozkathe+ le Eglone,+40 le Kabone le Lamame le Kitelishe, 41 le Gederothe, Bethe-dagone le Naama le Makeda;+ metse e leshome le metso e tšeletseng le metsana ea eona.

42 Libna+ le Ethere+ le Ashane, 43 le Ifeta le Ashna le Nezibe, 44 le Keila+ le Akzibe+ le Maresha;+ metse e robong le metsana ea eona.

45 Ekrone+ le metse e itšetlehileng ka eona le metsana ea eona. 46 Ho tloha Ekrone nģ’a bophirimela hohle haufi le Ashdode le metsana ea eona.

47 Ashdode,+ metse e itšetlehileng ka eona le metsana ea eona; Gaza,+ metse e itšetlehileng ka eona le metsana ea eona, ho fihlela phuleng ea molapo o phoroselang ea Egepeta, le Leoatle le Leholo le sebaka se haufi.+

48 Sebakeng se lithaba Shamire le Jatire+ le Soko, 49 le Dana le Kiriathe-sana, ke ho re, Debire, 50 le Anabe le Eshtemo+ le Anime, 51 le Goshene+ le Holone le Gilo;+ metse e leshome le motso o mong le metsana ea eona.

52 Arabe le Duma le Eshane, 53 le Janime le Bethe-tapua le Afeka, 54 le Humta le Kiriathe-arba, ke ho re, Hebrone,+ le Ziore; metse e robong le metsana ea eona.

55 Maone,+ Karmele le Zife+ le Juta, 56 le Jezriele le Jokdeame le Zanooa, 57 Kaine, Gibea le Timna;+ metse e leshome le metsana ea eona.

58 Halhule, Bethe-zure le Gedore, 59 le Marathe le Bethe-anothe le Eltekone; metse e tšeletseng le metsana ea eona.

60 Kiriathe-baale,+ ke ho re, Kiriathe-jearime,+ le Raba; metse e ’meli le metsana ea eona.

61 Lefeelleng Bethe-araba,+ Midine le Sekaka, 62 le Nibshane le Motse oa Letsoai le Ene-gedi;+ metse e tšeletseng le metsana ea eona.

63 Ha e le Bajebuse+ ba neng ba lula Jerusalema,+ bara ba Juda ha baa ka ba khona ho ba leleka;+ Bajebuse ba tsoela pele ba ntse ba lula le bara ba Juda Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.

16 Lotho+ ea tsoa bakeng sa bara ba Josefa+ ho tloha Jordane+ e Jeriko ho ea metsing a Jeriko ka nģ’a bochabela, lefeelleng le nyolohang ho tloha Jeriko ho kena sebakeng se lithaba sa Bethele.+ 2 E ne e tloha Bethele ea Luze+ ’me e fetela moeling oa Baareke+ Atarothe, 3 ’me e theohela nģ’a bophirimela ho ea moeling oa Bajaflete ho ea fihla moeling oa Bethe-horone e ka Tlaase+ le Gezere,+ ’me qetello ea eona ea e-ba leoatleng.+

4 Bara ba Josefa,+ Manase le Efraime,+ ba rua naha.+ 5 Moeli oa bara ba Efraime ka malapa a bona oa e-ba moo, e, moeli oa lefa la bona ka nģ’a bochabela oa e-ba Atarothe-adare,+ ho ea fihla Bethe-horone e ka Holimo;+ 6 moeli o ne o tsoela leoatleng. Mikmethathe+ e ne e le ka leboea, ’me moeli o ne o potoloha ka nģ’a bochabela ho ea Tanathe-shilo, ’me o fetela ka nģ’a bochabela ho ea Janooa. 7 O ne o theoha ho tloha Janooa ho ea Atarothe le Nara ’me o fihla Jeriko+ ’me o tsoela Jordane. 8 Ho tloha Tapua+ moeli o ne o tsoela pele ho leba phuleng ea molapo o phoroselang ea Kana,+ ’me qetello ea oona ea e-ba leoatleng.+ Lena ke lefa la moloko oa bara ba Efraime ka malapa a bona. 9 Bara ba Efraime ba ne ba e-na le metse e beheletsoeng ka thōko+ har’a lefa la bara ba Manase, metse eohle le metsana ea eona.

10 Ha baa ka ba leleka Bakanana+ ba neng ba lula Gezere,+ ’me Bakanana ba tsoela pele ho lula har’a Efraime ho fihlela letsatsing lena+ ’me ba etsa mosebetsi o qobelloang oa bokhoba.+

17 Ha e-ba le lotho+ bakeng sa moloko oa Manase,+ hobane e ne e le letsibolo la Josefa,+ bakeng sa Makire+ letsibolo la Manase, ntat’a Gileade,+ hobane ke eena eo e ileng ea e-ba monna oa ntoa;+ Gileade+ le Bashane ea e-ba tsa hae. 2 Ha e-ba le lotho bakeng sa bara ba Manase ba neng ba setse ho ea ka malapa a bona, bakeng sa bara ba Abi-ezere+ le bara ba Heleke+ le bara ba Asriele le bara ba Shikeme+ le bara ba Hefere le bara ba Shemida.+ Bana e ne e le bara ba Manase mora oa Josefa, ba batona ho ea ka malapa a bona. 3 Ha e le Zelofehade+ mora oa Hefere, mora oa Gileade, mora oa Makire, mora oa Manase, o ne a e-na le barali, eseng bara, ’me ana ke mabitso a barali ba hae: Mahela le Noe, Hogla, Milka le Tirza.+ 4 Kahoo ba itlhahisa ka pel’a moprista Eleazare+ le Joshua mora oa Nune le marenana, ba re: “Jehova ke eena ea ileng a laela Moshe ho re fa lefa har’a barab’abo rōna.”+ Ka lebaka leo a ba fa lefa har’a barab’abo ntat’a bona, ka taelo ea Jehova.+

5 Ha e-ba le likabelo tse leshome tse oelang ho Manase kantle le naha ea Gileade le Bashane, tse neng li le ka lehlakoreng le leng la Jordane;+ 6 etsoe barali ba Manase ba ile ba e-ba le lefa har’a bara ba hae; naha ea Gileade ea e-ba thepa ea bara ba Manase ba neng ba setse.

7 Moeli oa Manase oa e-ba ho tloha Ashere ho ea Mikmethathe,+ e ka pel’a Shikeme,+ ’me moeli o ne o leba ka ho le letona ho ea ho baahi ba Ene-Tapua. 8 Naha ea Tapua+ ea e-ba ea Manase, empa Tapua e moeling oa Manase e ne e le ea bara ba Efraime. 9 Moeli o ne o theohela phuleng ea molapo o phoroselang ea Kana, ka nģ’a boroa ho ea phuleng ea molapo o phoroselang ea metse+ ena ea Efraime har’a metse ea Manase, ’me moeli oa Manase o ne o le ka leboea ho phula ea molapo o phoroselang, ’me qetello ea oona ea e-ba leoatleng.+ 10 Ho ea ka boroa e ne e le oa Efraime ’me ho ea ka leboea, oa Manase, ’me leoatle ea e-ba moeli oa hae;+ ka leboea e fihla Ashere ’me ka bochabela, e fihla Isakare.

11 Naheng ea Isakare le naheng ea Ashere Manase+ a ba le Bethe-sheane+ le metse e itšetlehileng ka eona le Ibleame+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Dore+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Ene-dore+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Tanake+ le metse e itšetlehileng ka eona le baahi ba Megido+ le metse e itšetlehileng ka eona, tse tharo tsa libaka tse phahameng.

12 Bara ba Manase ha baa ka ba khona ho rua metse+ ena, empa Bakanana ba ile ba phehella ho lula naheng ena.+ 13 Eitse ha bara ba Iseraele ba le matla,+ ba qala ho kenya Bakanana mosebetsing o qobelloang,+ ’me ha baa ka ba ba leleka ka ho feletseng.+

14 Bara ba Josefa ba bua le Joshua, ba re: “Ke hobane’ng ha u mphile lotho+ e le ’ngoe le kabelo e le ’ngoe e le lefa, athe ’na ke sechaba se sengata ka lebaka la hore Jehova o ntlhohonolofalitse ho fihlela joale?”+ 15 Eaba Joshua o re ho bona: “Haeba le sechaba se sengata, nyolohelang morung, ’me le ithemele oona naheng ea Bapereze+ le Barefaime,+ hobane sebaka se lithaba+ sa Efraime se fetohile se moqotetsane haholo bakeng sa lōna.” 16 Joale bara ba Josefa ba re: “Sebaka se lithaba ha sea lekana bakeng sa rōna, ’me ho na le likoloi tsa ntoa+ tse nang le mahare a tšepe har’a Bakanana bohle ba lulang naheng ea khohlo, ba leng Bethe-sheane+ le metseng e itšetlehileng ka eona le ba leng khohlong ea Jezriele.”+ 17 Kahoo Joshua a bolella ba ntlo ea Josefa, Efraime le Manase sena: “Le sechaba se sengata, ’me le na le matla a maholo.+ Ha lea tšoanela ho fumana lotho e le ’ngoe,+ 18 empa sebaka se lithaba e lokela ho ba sa lōna.+ Kahobane ke moru, le tla o rema, ’me e tla ba moeli oa lōna. Etsoe le lokela ho leleka Bakanana, le hoja ba e-na le likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe ’me ba le matla.”+

18 Joale phutheho eohle ea bara ba Iseraele e ne e phuthehile Shilo,+ ’me ea beha tente ea pokano moo,+ kaha joale naha e ne e hlōtsoe ka pel’a bona.+ 2 Empa har’a bara ba Iseraele ho ne ho ntse ho setse bao lefa la bona ba neng ba sa le arola, e leng, meloko e supileng. 3 Kahoo Joshua a re ho bara ba Iseraele: “Le tla lieha halelele hakae ho kena le ho rua naha+ eo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna a le fileng eona?+ 4 Ikhetheleng banna ba bararo ba moloko o mong le o mong ’me ke ba rome, e le hore ba ka tloha ’me ba tsamaee naheng le ho e lekanya tumellanong le lefa la bona, ’me ba tle ho ’na.+ 5 Ba tla e arola har’a bona ka likarolo tse supileng.+ Juda o tla ’ne a eme sebakeng sa hae ho ea ka boroa,+ le ntlo ea Josefa e tla ’ne e eme sebakeng sa eona ho ea ka leboea.+ 6 Ha e le lōna, le tla lekanya naha ka likarolo tse supileng, ’me le tla li tlisa mona ho ’na, ’me ke tla lahla lotho+ mona bakeng sa lōna ka pel’a Jehova Molimo oa rōna. 7 Etsoe Balevi ha ba na kabelo har’a lōna,+ hobane boprista ba Jehova ke lefa la bona;+ Gade le Rubene+ le halofo ea moloko oa Manase+ ba nkile lefa la bona ka lehlakoreng la Jordane ka nģ’a bochabela, leo Moshe mohlanka oa Jehova a ba fileng lona.”+

8 Kahoo banna bao ba ema e le hore ba ka tsamaea, ’me Joshua a laela+ ba neng ba il’o lekanya naha, a re: “E-eang ’me le tsamaee naheng eo le e lekanye ebe le khutlela ho ’na, ’me mona ke moo ke tla lahla lotho+ bakeng sa lōna ka pel’a Jehova Shilo.”+ 9 Eaba banna bao baa tsamaea ’me ba feta har’a naha eo ba e lekanya+ ka metse ka likarolo tse supileng, bukeng. Ka mor’a moo ba tla ho Joshua liahelong Shilo, 10 ’me Joshua a qala ho lahla lotho bakeng sa bona Shilo ka pel’a Jehova.+ Kahoo Joshua a arolela bara ba Iseraele naha moo ka likarolo tsa bona.+

11 Joale lotho+ ea moloko oa bara ba Benjamine+ ka malapa a bona ea hlaha, ’me sebaka sa lotho ea bona sa tsoa pakeng tsa bara ba Juda+ le bara ba Josefa.+ 12 Moeli oa bona oa e-ba sekhutlong se ka leboea ho tloha Jordane, ’me moeli o ne o nyolohela letsoapong la Jeriko+ ka leboea ’me o nyolohela thabeng ka nģ’a bophirimela, eaba qetello ea oona e ba lefeelleng la Bethe-avene.+ 13 Moeli o ne o feta ho tloha moo ho ea Luze,+ letsoapong le ka boroa la Luze, ke ho re, Bethele;+ moeli o ne o theohela Atarothe-adare+ holim ’a thaba e ka leboea ho Bethe-horone e ka Tlaase.+ 14 Moeli oa tšoauoa eaba o potoloha ka lehlakoreng le ka bophirimela ho ea ka boroa ho tloha thabeng e shebileng Bethe-horone ho ea ka boroa; qetello ea oona ea e-ba Kiriathe-baale, ke ho re, Kiriathe-jearime,+ motse oa bara ba Juda. Lena ke lehlakore le ka bophirimela.

15 Lehlakore le ka boroa le ne le le ho tloha pheletsong ea Kiriathe-jearime, hape moeli o ne o tsoela ka nģ’a bophirimela ’me o tsoela selibeng sa metsi sa Neftooa.+ 16 Moeli o ne o theohela pheletsong ea thaba e shebileng phuleng ea bara ba Hinome,+ e leng khohlong ea Barefaime+ ho ea ka leboea, ’me o ne o theohela phuleng ea Hinome, ho ea letsoapong la Mojebuse+ ka boroa, hape o theohela Ene-rogele.+ 17 Oa tšoauoa ka nģ’a leboea hape o tsoela Ene-shemeshe ’me o tsoela Gelilothe, e leng ka pel’a moepa oa Adumime;+ o ne o theohela lejoeng+ la Bohane+ mora oa Rubene. 18 O ne o fetela letsoapong le ka leboea ka pel’a Araba ’me o theohela Araba. 19 Moeli o ne o fetela letsoapong le ka leboea la Bethe-hogla,+ ’me qetello ea oona (moeli) ea e-ba koung e ka leboea ea Leoatle la Letsoai+ pheletsong e ka boroa ea Jordane. Ona e ne e le moeli o ka boroa. 20 Jordane e ne e le moeli oa oona ka lehlakoreng le ka bochabela. Lena e ne e le lefa la bara ba Benjamine ka malapa a bona, ka meeli ea lona ho pota-pota ka hohle.

21 Metse ea moloko oa bara ba Benjamine ka malapa a bona ea e-ba Jeriko+ le Bethe-hogla le Emeke-kezize, 22 le Bethe-araba+ le Zemaraime le Bethele,+ 23 le Avime le Para le Ofra,+ 24 le Kefare-amoni le Ofni le Geba;+ metse e leshome le metso e ’meli le metsana ea eona.

25 Gibeone+ le Rama le Beerothe, 26 le Mizpe+ le Kefira+ le Moza, 27 le Rekeme le Irepiele le Tarala, 28 le Zela,+ Ha-elefe le Jebusi, ke ho re, Jerusalema,+ Gibea+ le Kiriathe; metse e leshome le metso e mene le metsana ea eona.

Lena e ne e le lefa la bara ba Benjamine ka malapa a bona.+

19 Joale lotho+ ea bobeli ea tsoa bakeng sa Simeone,+ bakeng sa moloko oa bara ba Simeone ka malapa a bona. Lefa la bona la e-ba har’a lefa la bara ba Juda.+ 2 Lefeng la bona ba e-ba le Beerseba+ hammoho le Sheba, le Molada,+ 3 le Hazare-shuale+ le Bala le Ezeme,+ 4 le Eltolade+ le Bethule le Horma, 5 le Ziklage+ le Bethe-markabothe le Hazare-susa,+ 6 le Bethe-lebaothe+ le Sharuhene; metse e leshome le metso e meraro le metsana ea eona. 7 Aine,+ Rimone+ le Ethere le Ashane;+ metse e mene le metsana ea eona, 8 le metsana eohle e neng e pota-potile metse ena ho ea fihla Baalathe-beere,+ Rama+ e ka boroa. Lena e ne e le lefa la moloko oa bara ba Simeone ka malapa a bona. 9 Lefa la bara ba Simeone le ne le tsoa kabelong ea bara ba Juda, hobane karolo ea bara ba Juda e ne e le khōlō haholo bakeng sa bona.+ Kahoo bara ba Simeone ba fumana sebaka har’a lefa la bona.+

10 Ka mor’a moo lotho+ ea boraro ea hlaha bakeng sa bara ba Zabulone+ ka malapa a bona, ’me moeli oa lefa la bona oa e-ba ho fihlela Saride. 11 Moeli oa bona o ne o nyolohela ka nģ’a bophirimela le ho ea Mareala ’me o fihla Dabeshethe o bile o fihla phuleng ea molapo o phoroselang e ka pel’a Jokneame.+ 12 O ne o khutlela morao ho tloha Saride ka nģ’a bochabela ho ea nģ’a bochaba-tsatsi ho ea moeling oa Kislothe-tabore ’me o tsoela Dabrathe+ o nyolohela Jafia. 13 Ho tloha moo o ne o fetela ka nģ’a bochabela ho ea nģ’a bochaba-tsatsi ho ea Gathe-hefere,+ ho ea Ethe-kazine, ’me o tsoela Rimone ’me oa tšoauoa ho ea Nea. 14 Moeli o ne o e potoloha ka leboea ho ea Hanathone, ’me qetello ea oona ea e-ba phuleng ea Ifta-ele, 15 le Katathe le Nahalale le Shimrone+ le Idala le Bethlehema;+ metse e leshome le metso e ’meli le metsana ea eona. 16 Lena e ne e le lefa+ la bara ba Zabulone ka malapa a bona.+ Ena e ne e le metse le metsana ea eona.

17 Lotho ea bone ea tsoa bakeng sa Isakare,+ bakeng sa bara ba Isakare ka malapa a bona. 18 Moeli oa bona oa e-ba ho ea Jezriele+ le Kesulothe le Shuneme,+ 19 le Hafaraime le Shione le Anaharathe, 20 le Rabithe le Kishione le Ebeze, 21 le Remethe le Ene-ganime+ le Ene-hada le Bethe-pazeze. 22 Moeli o ne o fihla Tabore+ le Shahazuma le Bethe-shemeshe, ’me qetello ea moeli oa bona ea e-ba Jordane; metse e leshome le metso e tšeletseng le metsana ea eona. 23 Lena e ne e le lefa la moloko oa bara ba Isakare ka malapa a bona,+ metse le metsana ea eona.

24 Joale lotho+ ea bohlano ea tsoa bakeng sa moloko oa bara ba Ashere+ ka malapa a bona. 25 Moeli oa bona ea e-ba Helkathe+ le Hali le Betene le Akshafe,+ 26 le Alameleke le Amade le Mishale.+ O ne o fihla ka nģ’a bophirimela ho ea Karmele+ le ho ea Shihore-libnathe, 27 ’me o ne o khutlela morao nģ’a bochaba-tsatsi ho ea Bethe-dagone ’me o fihla Zabulone+ le phuleng ea Ifta-ele ho ea ka leboea, ho ea Bethe-emeke le Nejele, hape o ne o tsoela Kabule ka ho le letšehali, 28 le ho ea Ebrone le Rehobe le Hamone le Kana ho ea fihla Sidone+ e nang le baahi ba bangata. 29 Moeli o ne o khutlela Rama le ho ea fihla motseng o etselitsoeng qhobosheane oa Tyre.+ Moeli o ne o khutlela Hosa, ’me qetello ea oona ea e-ba leoatleng sebakeng sa Akzibe,+ 30 le Uma le Afeke+ le Rehobe;+ metse e mashome a mabeli a metso e ’meli le metsana ea eona. 31 Lena e ne e le lefa la moloko oa bara ba Ashere ka malapa a bona.+ Ena e ne e le metse le metsana ea eona.

32 Lotho+ ea botšelela ea tsoa bakeng sa bara ba Nefthali,+ bakeng sa bara ba Nefthali ka malapa a bona. 33 Moeli oa bona oa e-ba ho tloha Helefe, ho tloha sefateng se seholo se Zananime,+ le Adami-nekebe le Jabniele ho ea fihla Lakume; ’me qetello ea oona ea e-ba Jordane. 34 Moeli o ne o khutlela morao ka nģ’a bophirimela ho ea Aznothe-tabore o tloha moo ho ea Hukoke o bile o fihla Zabulone+ ka boroa, ’me Ashere+ o ne o fihla ka bophirimela ’me Juda+ o fihla Jordane ka nģ’a bochaba-tsatsi. 35 Metse e etselitsoeng liqhobosheane e ne e le Zidime, Zere le Hamathe,+ Rakathe le Kinerethe,+ 36 le Adama le Rama le Hazore,+ 37 le Kedeshe+ le Edrei le Ene-hazore, 38 le Yirone le Migdale-ele, Horeme le Bethe-anathe le Bethe-shemeshe;+ metse e leshome le metso e robong le metsana ea eona. 39 Lena e ne e le lefa+ la moloko oa bara ba Nefthali ka malapa a bona,+ metse le metsana ea eona.

40 Lotho+ ea bosupa ea tsoa bakeng sa moloko oa bara ba Dane+ ka malapa a bona. 41 Moeli oa lefa la bona ea e-ba Zora+ le Eshtaole le Ire-shemeshe, 42 le Shalabine+ le Ajalone+ le Ithela, 43 le Elone le Timna+ le Ekrone,+ 44 le Elteke le Gibethone+ le Baalathe,+ 45 le Jehude le Bene-berake le Gathe-rimone,+ 46 le Me-jarkone le Rakone, hammoho le moeli o ka pel’a Jopa.+ 47 Sebaka sa bara ba Dane se ne se patisane haholo+ bakeng sa bona. Bara ba Dane ba nyoloha ’me ba loantša Lesheme+ le ho e hapa le ho e hlasela ka bohale ba sabole. Joale ba e rua ’me ba qala ho lula ho eona, eaba ba qala ho bitsa Lesheme Dane, ho ea ka lebitso la moholo-holo oa bona Dane.+ 48 Lena e ne e le lefa la moloko oa bara ba Dane ka malapa a bona. Ena e ne e le metse le metsana ea eona.

49 Kahoo ba qeta ho arola naha hore ba e rue ka libaka tsa eona. Joale bara ba Iseraele ba fa Joshua mora oa Nune lefa har’a bona. 50 Ka taelo ea Jehova ba mo fa motse oo a ileng a o kōpa,+ e leng, Timnathe-sera,+ sebakeng se lithaba sa Efraime; a qala ho haha motse le ho lula ho oona.

51 Ana ke mafa ao moprista Eleazare le Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa bo-ntat’a meloko ea bara ba Iseraele ba ileng ba a aba+ ka lotho hore a ruuoe Shilo+ ka pel’a Jehova, monyakong oa tente ea pokano.+ Kahoo ba tlohela ho arola naha.

20 Joale Jehova a bua le Joshua, a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Fanang ka metse ea setšabelo+ eo ke buileng le lōna ka eona ka Moshe, 3 bakeng sa hore ’molai+ ea bolaeang moea e se ka morero a sa tsebe a balehele moo; e tla ba setšabelo mopheteletsing oa mali bakeng sa lōna.+ 4 O tla balehela+ ho o mong oa metse ena le ho ema monyako oa heke+ ea motse ’me a bue mantsoe a hae moo banna ba baholo+ ba motse oo ba ntseng ba utloa; ba tla mo amohela motseng ho bona le ho mo fa sebaka ’me o tla lula le bona. 5 Haeba mopheteletsi oa mali a mo lelekisa, joale ha baa lokela ho nehelana ka ’molai letsohong la hae;+ etsoe e ne e le ka ho se tsebe a ileng a bolaea oa habo, ’me o ne a sa mo hloea pele.+ 6 O tla lula motseng oo ho fihlela a ema ka pel’a phutheho bakeng sa kahlolo,+ ho fihlela lefung la moprista ea phahameng+ ea sebeletsang matsatsing ao. Joale ke hona ’molai a ka khutlang,+ ’me o tla kena motseng oa habo le ka tlung ea hae, ho kena motseng oo a neng a balehile ho oona.’”

7 Tumellanong le hoo ba fa Kedeshe+ e Galilea boemo bo halalelang sebakeng se lithaba sa Nefthali, le Shikeme+ e sebakeng se lithaba sa Efraime, le Kiriathe-arba,+ ke ho re, Hebrone, e sebakeng se lithaba sa Juda. 8 Sebakeng sa Jordane, Jeriko, nģ’a bochabela ba fana ka Bezere+ lefeelleng le sehlabeng ho tsoa molokong oa Rubene,+ le Ramothe+ e Gileade ho tsoa molokong oa Gade, le Golane+ e Bashane ho tsoa molokong oa Manase.

9 Ena ea e-ba metse e behetsoeng bara bohle ba Iseraele le mojaki ea lulang e le mojaki har’a bona, e le hore mang kapa mang ea bolaeang moea e se ka morero+ a balehele moo, e le hore a se ke a shoa ka letsoho la mopheteletsi oa mali ho fihlela a ema ka pel’a phutheho.+

21 Joale lihlooho tsa bo-ntat’a Balevi tsa atamela moprista Eleazare+ le Joshua+ mora oa Nune le lihlooho tsa bo-ntat’a meloko ea bara ba Iseraele, 2 tsa bua le bona Shilo+ naheng ea Kanana, tsa re: “Jehova ka Moshe o ile a laela hore re fuoe metse eo re tla lula ho eona, hammoho le makhulo a eona bakeng sa liphoofolo tsa rōna tse ruuoang.”+ 3 Kahoo bara ba Iseraele ba fa Balevi,+ ka taelo ea Jehova, metse ena le makhulo a eona ho tsoa lefeng la bona.+

4 Joale lotho ea tsoa bakeng sa malapa a Bakohathe,+ ’me metse e leshome le metso e meraro ea e-ba ea bara ba moprista Arone, ea Balevi, ka lotho, ho tsoa molokong oa Juda+ le ho tsoa molokong oa Basimeone+ le ho tsoa molokong oa Benjamine.+

5 Bakeng sa bara ba Kohathe+ ba neng ba setse ho ne ho e-na le metse e leshome ka lotho ho tsoa malapeng a moloko oa Efraime+ le ho tsoa molokong oa Dane+ le ho tsoa halofong ea moloko oa Manase.+

6 Bakeng sa bara ba Gershone+ ho ne ho e-na le metse e leshome le metso e meraro ka lotho ho tsoa malapeng a moloko oa Isakare+ le ho tsoa molokong oa Ashere+ le ho tsoa molokong oa Nefthali+ le ho tsoa halofong ea moloko oa Manase Bashane.+

7 Bakeng sa bara ba Merari+ ka malapa a bona ho ne ho e-na le metse e leshome le metso e ’meli ho tsoa molokong oa Rubene+ le ho tsoa molokong oa Gade+ le ho tsoa molokong oa Zabulone.+

8 Kahoo bara ba Iseraele ba fa Balevi metse ena le makhulo+ a eona ka lotho,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse ka Moshe.+

9 Kahoo ho tsoa molokong oa bara ba Juda le ho tsoa molokong oa bara ba Simeone ba fana ka metse ena e ileng ea bitsoa ka mabitso,+ 10 ’me ea e-ba ea bara ba Arone ho tsoa malapeng a Bakohathe ba bara ba Levi, hobane lotho ea pele e ile ea e-ba ea bona.+ 11 Kahoo ba ba fa Kiriathe-arba+ (Arba eo ke ntat’a Anake),+ ke ho re, Hebrone,+ sebakeng se lithaba sa Juda,+ le lekhulo la eona le e pota-potileng ka hohle; 12 tšimo ea motse le metsana ea oona ba e fa Kalebe mora oa Jefune hore a e rue.+

13 Ba fa bara ba moprista Arone motse oa setšabelo+ bakeng sa ’molai,+ e leng, Hebrone,+ le lekhulo la eona, le Libna+ le lekhulo la eona, 14 le Jatire+ le lekhulo la eona, le Eshtemooa+ le lekhulo la eona, 15 le Holone+ le lekhulo la eona, le Debire+ le lekhulo la eona, 16 le Aine+ le lekhulo la eona, le Juta+ le lekhulo la eona, Bethe-shemeshe+ le lekhulo la eona; metse e robong ho tsoa melokong ena e ’meli.

17 Ho tsoa molokong oa Benjamine, Gibeone+ le lekhulo la eona, Geba+ le lekhulo la eona, 18 Anathothe+ le lekhulo la eona, le Almone+ le lekhulo la eona; metse e mene.

19 Metse eohle ea bara ba Arone,+ baprista, e ne e le metse e leshome le metso e meraro le makhulo a eona.+

20 Bakeng sa malapa a bara ba Kohathe, Balevi ba neng ba setse ba bara ba Kohathe, ha e-ba le metse ka lotho ea bona ho tsoa molokong oa Efraime.+ 21 Ka lebaka leo ba ba fa motse oa setšabelo+ bakeng sa ’molai,+ e leng, Shikeme,+ le lekhulo+ la eona sebakeng se lithaba sa Efraime, le Gezere+ le lekhulo la eona, 22 le Kibzaime+ le lekhulo la eona, le Bethe-horone+ le lekhulo la eona; metse e mene.

23 Ho tsoa molokong oa Dane, Elteke le lekhulo la eona, Gibethone+ le lekhulo la eona, 24 Ajalone+ le lekhulo la eona, Gathe-rimone+ le lekhulo la eona; metse e mene.

25 Ho tsoa halofong ea moloko oa Manase, Tanake+ le lekhulo la eona, le Gathe-rimone le lekhulo la eona; metse e ’meli.

26 Metse eohle hammoho le makhulo a eona eo malapa a bara ba Kohathe ba setseng ba neng ba e-na le eona e ne e le leshome.

27 Bakeng sa bara ba Gershone,+ ba malapa a Balevi, ho tsoa halofong ea moloko oa Manase+ ho ne ho e-na le motse oa setšabelo bakeng sa ’molai, e leng, Golane,+ e Bashane, le lekhulo la eona, le Beeshtera+ le lekhulo la eona; metse e ’meli.

28 Ho tsoa molokong oa Isakare,+ Kishione+ le lekhulo la eona, Dabrathe+ le lekhulo la eona, 29 Jarmuthe+ le lekhulo la eona, Ene-ganime+ le lekhulo la eona; metse e mene.

30 Ho tsoa molokong oa Ashere,+ Mishale+ le lekhulo la eona, Abdone+ le lekhulo la eona, 31 Helkathe+ le lekhulo la eona, le Rehobe+ le lekhulo la eona; metse e mene.

32 Ho tsoa molokong oa Nefthali,+ motse oa setšabelo+ bakeng sa ’molai,+ e leng, Kedeshe+ e Galilea, le lekhulo la eona, le Hamothe-dore+ le lekhulo la eona, le Kartane le lekhulo la eona; metse e meraro.

33 Metse eohle ea Bagershone ka malapa a bona e ne e le metse e leshome le metso e meraro le makhulo a eona.

34 Malapa a bara ba Merari,+ Balevi ba neng ba setse, ho tsoa molokong oa Zabulone+ a ne a e-na le Jokneame+ le lekhulo la eona, Karta le lekhulo la eona, 35 Dimna+ le lekhulo la eona, Nahalale+ le lekhulo la eona; metse e mene.

36 Ho tsoa molokong oa Rubene,+ Bezere+ le lekhulo la eona, le Jahaze+ le lekhulo la eona, 37 Kedemothe+ le lekhulo la eona, le Mefathe+ le lekhulo la eona; metse e mene.

38 Ho tsoa molokong oa Gade,+ motse oa setšabelo bakeng sa ’molai, e leng, Ramothe e Gileade,+ le lekhulo la eona, le Mahanaime+ le lekhulo la eona, 39 Heshbone+ le lekhulo la eona, Jazere+ le lekhulo la eona; metse eohle e le mene.

40 Metse eohle eo e ileng ea e-ba ea bara ba Merari+ ka malapa a bona, ba neng ba setse ho tsoa malapeng a Balevi, e ne e le metse e leshome le metso e ’meli, e le lotho ea bona.

41 Metse eohle ea Balevi har’a leruo la bara ba Iseraele e ne e le metse e mashome a mane a metso e robeli+ hammoho le makhulo a eona.+ 42 Metse ena e ile ea e-ba motse ka mong le lekhulo la oona ho o pota-pota ka hohle—ho bile ka tsela ena mabapi le metse ena eohle.+

43 Kahoo Jehova a fa Baiseraele naha eohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholo-holo ba bona,+ eaba baa e rua+ ’me ba lula ho eona. 44 Ho feta moo, Jehova a ba fa phomolo+ ka hohle, ho ea ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a hlapanyelitse+ baholo-holo ba bona ka eona, ’me ha ho le se seng sa lira tsohle tsa bona se ileng sa ema ka pel’a bona.+ Jehova o ile a nehelana ka lira tsohle tsa bona matsohong a bona.+ 45 Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.+

22 Ka nako eo Joshua a bitsa Barubene le Bagade le halofo ea moloko oa Manase+ 2 a re ho bona: “Le bolokile sohle seo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng sona,+ ’me la mamela lentsoe la ka ho sohle seo ke le laetseng sona.+ 3 Ha lea tlohela barab’abo lōna ka matsatsi ana a mangata+ ho fihlela letsatsing lena, ’me le bolokile tlamo ea taelo ea Jehova Molimo oa lōna.+ 4 Joale Jehova Molimo oa lōna o file barab’abo lōna phomolo, feela joalokaha a ile a ba tšepisa.+ Kahoo joale retelehang ’me le ee litenteng tsa lōna naheng eo le e ruileng, eo Moshe mohlanka oa Jehova a ileng a le fa eona ka lehlakoreng le leng la Jordane.+ 5 Le mpe le hlokomele haholo hore le phethe taelo+ le molao oo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng oona ka ho rata Jehova Molimo oa lōna+ le ka ho tsamaea litseleng tsohle tsa hae+ le ka ho boloka litaelo tsa hae+ le ka ho mo khomarela+ le ka ho mo sebeletsa+ ka lipelo tsohle tsa lōna+ le ka meea eohle ea lōna.”+

6 Eaba Joshua oa ba hlohonolofatsa+ ’me o re ba tsamaee e le hore ba ka ea litenteng tsa bona. 7 Moshe o ne a fane ka mpho ho halofo ea moloko oa Manase Bashane,+ ’me Joshua a fana ka mpho ho halofo e ’ngoe ea oona hammoho le barab’abo bona ka lehlakoreng la Jordane ho ea ka bophirimela.+ Kahoo, hape, ha Joshua a re ba ee litenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa. 8 A tsoela pele ho re ho bona: “Khutlelang litenteng tsa lōna ka maruo a mangata le ka liphoofolo tse ngata tse ruiloeng, hammoho le silevera le khauta le koporo le tšepe le liaparo ka bongata bo boholo.+ Nkang karolo ea lōna ea thepa e hapuoeng+ ea lira tsa lōna hammoho le barab’abo lōna.”

9 Ka mor’a moo bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase ba khutla ’me ba tloha ho bara ba bang ba Iseraele, ho tloha Shilo, e naheng ea Kanana, e le hore ba ka ea naheng ea Gileade,+ naheng eo ba e ruileng moo ba neng ba ahile teng ka taelo ea Jehova ka Moshe.+ 10 Ha ba fihla libakeng tsa Jordane tse neng li le naheng ea Kanana, eaba bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase ba haha tora moo haufi le Jordane, aletare+ e hlaheletseng haholo. 11 Hamorao bara ba bang ba Iseraele ba utloa+ ho thoe: “Bonang! Bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase ba hahile aletare moeling oa naha ea Kanana libakeng tsa Jordane lehlakoreng la bara ba Iseraele.” 12 Ha bara ba Iseraele ba ho utloa, joale phutheho eohle ea bara ba Iseraele+ ea phutheha Shilo+ ho nka khato ea sesole khahlanong le bona.+

13 Joale bara ba Iseraele ba romela+ Finease+ mora oa moprista Eleazare ho bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase naheng ea Gileade, 14 hammoho le marenana a leshome, morenana a le mong oa ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa la habo ntat’a meloko eohle ea Iseraele, ’me e mong le e mong e ne e le hlooho ea ntlo ea bo-ntat’a bona ba likete tsa Iseraele.+ 15 Ka mor’a nako ba fihla ho bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase naheng ea Gileade ’me ba qala ho bua le bona,+ ba re:

16 “Sena ke seo phutheho eohle ea Jehova+ e se boletseng, ‘Ke’ng ketso ee ea ho se tšepahale+ eo le e entseng khahlanong le Molimo oa Iseraele ka ho furalla+ kajeno ho latela Jehova ka ho ikahela aletare,+ e le hore kajeno le ka fetohela Jehova? 17 Na phoso ea Peore+ e ne e le nyenyane haholo bakeng sa rōna, eo re sa itlhoekisang ho eona ho fihlela letsatsing lee, le hoja kotlo e ile ea e-ba holim ’a phutheho ea Jehova?+ 18 Lōna—le ne le tla furalla kajeno ho latela Jehova; haeba le ka fetohela Jehova kajeno, joale hosasane o tla halefela phutheho eohle ea Iseraele.+ 19 Joale haeba ka sebele naha eo le e ruileng ha ea hloeka,+ le tšelele naheng ea leruo+ la Jehova moo tabernakele ea Jehova e lutseng teng,+ ’me le ahe har’a rōna; le se ke la fetohela Jehova ’me le se ke la etsa hore re mo fetohele ka ho ikahela ha lōna aletare ho phaella aletareng ea Jehova Molimo oa rōna.+ 20 Na hase Akane+ mora oa Zera ea ileng a etsa ketso ea ho se tšepahale nthong e nehetsoeng timetso, hape na hase khahlanong le phutheho eohle ea Iseraele ho ileng ha tla khalefo?+ Hase eena feela motho ea ileng a shoa phosong ea hae.’”+

21 Eaba bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase baa araba+ ’me ba bua le lihlooho tsa likete tsa Iseraele:+ 22 “Ea Nang le Bomolimo,+ Molimo,+ Jehova, Ea Nang le Bomolimo, Molimo, Jehova,+ oa tseba,+ ’me Baiseraele, le bona ba tla tseba.+ Haeba ke ka borabele+ le haeba ke ka ho se tšepahale ho Jehova,+ le se ke la re pholosa letsatsing lena. 23 Haeba e ne e le ho ikahela aletare e le ho tlohela ho latela Jehova, ’me haeba e ne e le ho nyehela linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa lijo-thollo ho eona,+ le haeba e ne e le ho etsa mahlabelo a kopanetsoeng ho eona, Jehova o tla batlisisa;+ 24 kapa ho e-na le hoo haeba ha rea etsa sena ka ho tšoenngoa ke lipelaelo bakeng sa ho hong, re re, ‘Nakong e tlang bara ba lōna ba tla re ho bara ba rōna: “Le na le taba efe le Jehova Molimo oa Iseraele? 25 Ho na le moeli oo Jehova a o behileng pakeng tsa rōna le lōna, bara ba Rubene le bara ba Gade, e leng, Jordane. Ha le na kabelo ho Jehova.”+ Ka sebele bara ba lōna ba tla etsa hore bara ba rōna ba khaotse ho tšaba Jehova.’+

26 “Kahoo re ile ra re, ‘Ka kōpo, a re nkeng khato molemong oa rōna ka ho haha aletare, eseng bakeng sa nyehelo ea secheso kapa bakeng sa sehlabelo, 27 empa hore e be bopaki pakeng tsa rōna+ le lōna le meloko ea rōna ka mor’a rōna hore re tla etsa tšebeletso ea Jehova ka pel’a hae ka linyehelo tsa rōna tsa secheso le mahlabelo a rōna le mahlabelo a rōna a kopanetsoeng,+ hore nakong e tlang bara ba lōna ba tle ba se ke ba re ho bara ba rōna: “Ha le na kabelo ho Jehova.”’ 28 Kahoo ra re, ‘Haeba ba ka bolella rōna le meloko ea rōna seo nakong e tlang, re tla re: “Bonang setšoantšo sa aletare ea Jehova seo bo-ntat’a rōna ba se entseng, eseng bakeng sa nyehelo ea secheso kapa bakeng sa sehlabelo, empa ke bopaki pakeng tsa rōna le lōna.”’ 29 Ke ho sa utloahaleng hore re fetohele Jehova le hore kajeno re furalle ho latela Jehova+ ka ho haha aletare bakeng sa nyehelo ea secheso, nyehelo ea lijo-thollo le sehlabelo ntle ho aletare ea Jehova Molimo oa rōna e ka pel’a tabernakele ea hae!”+

30 Joale ha moprista Finease+ le marenana a phutheho+ le lihlooho tsa likete tsa Iseraele tse neng li e-na le eena ba utloa mantsoe ao bara ba Rubene le bara ba Gade le bara ba Manase ba a buileng, ha e-ba molemo mahlong a bona. 31 Kahoo Finease mora oa moprista Eleazare a re ho bara ba Rubene le bara ba Gade le bara ba Manase: “Kajeno rea tseba hore Jehova o har’a rōna,+ hobane ha lea etsa ketso ena ea ho se tšepahale khahlanong le Jehova. Joale le lopolotse bara ba Iseraele letsohong la Jehova.”+

32 Eaba Finease mora oa moprista Eleazare le marenana ba khutla+ ho bara ba Rubene le bara ba Gade naheng ea Gileade ba ea naheng ea Kanana ho bara ba bang ba Iseraele ’me ba khutlisetsa lentsoe ho bona.+ 33 Lentsoe leo la e-ba molemo mahlong a bara ba Iseraele; bara ba Iseraele ba boka Molimo,+ ’me ha baa ka ba bua ka ho ea bakeng sa tšebeletso ea lebotho khahlanong le bona ho senya naha eo bara ba Rubene le bara ba Gade ba neng ba lula ho eona.

34 Bara ba Rubene le bara ba Gade ba qala ho reha aletare lebitso, hobane “ke bopaki pakeng tsa rōna hore Jehova ke Molimo oa ’nete.”+

23 Eitse matsatsi a mangata ka mor’a hore Jehova a fe Baiseraele phomolo+ ho lira tsohle tsa bona ka hohle, ha Joshua a tsofetse ’me a se a ile lilemong,+ 2 Joshua a bitsa Baiseraele bohle,+ banna ba bona ba baholo le lihlooho tsa bona le baahloli ba bona le balaoli ba bona,+ a re ho bona: “Ha e le ’na, ke tsofetse, ke se ke ile lilemong. 3 Ha e le lōna, le bone sohle seo Jehova Molimo oa lōna a se entseng ho lichaba tsena tsohle ka lebaka la lōna,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea neng a le loanela.+ 4 Bonang, ke le abetse lichaba tsena tse setseng ka lotho+ e le lefa bakeng sa meloko ea lōna, le lichaba tsohle tseo ke li felisitseng,+ ho tloha Jordane ho ea Leoatleng le Leholo bophirima-tsatsi.+ 5 Jehova Molimo oa lōna ke eena ea neng a li sutumelletsa hōle ho tloha ka pel’a lōna,+ ’me a li leleka ka lebaka la lōna, ’me la rua naha ea tsona, feela joalokaha Jehova Molimo oa lōna a ne a le tšepisitse.+

6 “Le be sebete+ haholo ho boloka le ho etsa sohle se ngotsoeng bukeng+ ea molao oa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la e kheloha ho ea ka ho le letona kapa ho ea ka ho le letšehali,+ 7 ka hore le ka mohla le se ke la kena har’a lichaba tsena,+ tse setseng le lōna. Le se ke la bolela mabitso a melimo ea tsona+ kapa la hlapanya ka eona,+ hape le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+ 8 Empa ke Jehova Molimo oa lōna eo le lokelang ho mo khomarela,+ feela joalokaha le entse ho fihlela letsatsing lena. 9 Jehova o tla leleka lichaba tse khōlō le tse matla ka pel’a lōna.+ (Ha e le lōna, ha ho motho ea emeng ka pel’a lōna ho fihlela letsatsing lena.)+ 10 Motho a le mong feela ho lōna o tla lelekisa ba sekete,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea le loanelang,+ feela joalokaha a le tšepisitse.+ 11 Le lule le lebetse+ meea ea lōna kamehla ka ho rata Jehova Molimo oa lōna.+

12 “Empa haeba le ka khutla ka tsela leha e le efe+ ’me la khomarela ho se setseng sa lichaba tsena,+ tse setseng le lōna, ’me la etsa lilekane tsa manyalo+ le tsona le ho kena har’a tsona, le tsona tsa kena har’a lōna, 13 ka sebele le lokela ho tseba hore Jehova Molimo oa lōna a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena ka lebaka la lōna;+ ho lōna li tla ba joaloka sefi le joaloka leraba le joaloka chapo mahlakoreng a lōna+ le joaloka meutloa ka mahlong a lōna ho fihlela le timetse lefatšeng lena le letle leo Jehova Molimo oa lōna a le fileng lona.+

14 “Joale, bonang! kajeno ke tsamaea ka tsela ea lefatše lohle,+ ’me le tseba hantle ka lipelo tsa lōna tsohle le ka meea ea lōna eohle hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.+ 15 Feela joalokaha lentsoe lohle le molemo leo Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng lona le tlile holim ’a lōna,+ Jehova o tla le tlisetsa joalo lentsoe lohle le lebe ho fihlela a le felisitse lefatšeng lena le letle leo Jehova Molimo oa lōna a le fileng lona,+ 16 ka lebaka la ho tlōla ha lōna selekane sa Jehova Molimo oa lōna seo a le laetseng sona, le hobane le tlohile ’me la sebeletsa melimo e meng le ho e inamela.+ Ka sebele bohale ba Jehova bo tla le tukela,+ ’me ka sebele le tla timela ka potlako lefatšeng le letle leo a le fileng lona.”+

24 Joshua a bokella meloko eohle ea Iseraele hammoho Shikeme+ ’me a bitsa banna ba baholo ba Iseraele+ le lihlooho tsa eona le baahloli ba bona le balaoli ba bona, ’me ba ema ka pel’a Molimo oa ’nete.+ 2 Joshua a re ho sechaba sohle: “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke ka lehlakoreng le leng la Nōka+ moo baholo-holo ba lōna+ ba neng ba lula teng nakong ea khale, Tera ntat’a Abrahama le ntat’a Nakore,+ ’me ba ne ba sebeletsa melimo e meng.

3 “‘Ka mor’a nako ka tlosa moholo-holo oa lōna Abrahama+ ka lehlakoreng le leng la Nōka+ ’me ka mo tsamaisa naheng eohle ea Kanana eaba ke etsa hore peō ea hae e ngatafale.+ Kahoo ka mo fa Isaka.+ 4 Joale Isaka ka mo fa Jakobo le Esau.+ Hamorao Esau ka mo fa Thaba ea Seire hore a e rue;+ Jakobo le bara ba hae ba theohela Egepeta.+ 5 Hamorao ka romela Moshe le Arone,+ ’me ka otla Egepeta ka seo ke ileng ka se etsa har’a eona;+ eaba ka mor’a moo kea le ntša.+ 6 Ha ke ntša bo-ntat’a lōna Egepeta+ ’me le fihla leoatleng, joale Baegepeta ba qala ho lelekisa+ bo-ntat’a lōna ka likoloi tsa ntoa le banna ba palameng lipere ho ea Leoatleng le Lefubelu. 7 Ba qala ho hoeletsa ho Jehova.+ Kahoo a beha lefifi pakeng tsa lōna le Baegepeta+ ’me a tlisa leoatle holim ’a bona le ho ba koahela,+ eaba mahlo a lōna a bona seo ke se entseng Egepeta;+ la lula lefeelleng ka matsatsi a mangata.+

8 “‘Qetellong ka le tlisa naheng ea Baamore ba neng ba lula ka lehlakoreng le leng la Jordane, eaba ba qala ho le loantša.+ Ka nehelana ka bona matsohong a lōna e le hore le ka rua naha ea bona, eaba ke ba felisa ka pel’a lōna.+ 9 Joale Balake mora oa Zipore,+ morena oa Moabe, a ema ’me a loantša Baiseraele.+ Kahoo a romeletsa ’me a bitsa Balame mora oa Beore hore a le rohake.+ 10 Ke ne ke sa batle ho mamela Balame.+ Ka lebaka leo a le hlohonolofatsa ka ho pheta-pheta.+ Kahoo ka le lopolla letsohong la hae.+

11 “‘Joale la tšela Jordane+ ’me la fihla Jeriko.+ Beng ba naha ea Jeriko, Baamore le Bapereze le Bakanana le Bahethe le Bagirgashe, Baheve le Bajebuse ba qala ho le loantša; empa ka nehelana ka bona matsohong a lōna.+ 12 Kahoo ka romela ho nyahama ka pel’a lōna, eaba butle-butle ho ba leleka ka pel’a lōna+—marena a mabeli a Baamore—eseng ka lisabole tsa lōna eseng le ka liqha tsa lōna.+ 13 Kahoo ka le fa naha eo le neng le sa ka la e sebeletsa le metse eo le neng le sa ka la e haha,+ eaba le lula ho eona. Le ja lirapa tsa morara le meru ea mohloaare eo le sa kang la e lema.’+

14 “Joale tšabang Jehova+ ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete,+ ’me le tlose melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba e sebeletsa ka lehlakoreng le leng la Nōka le Egepeta,+ ’me le sebeletse Jehova. 15 Joale haeba ho hobe mahlong a lōna ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa,+ ebang ke melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba le ka lehlakoreng le leng la Nōka ba neng ba e sebeletsa+ kapa melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona.+ Empa ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”+

16 Eaba sechaba sea araba se re: “Ke ho sa utloahaleng hore re tlohele Jehova e le hore re sebeletse melimo e meng. 17 Etsoe ke Jehova Molimo oa rōna ea ntšitseng rōna le bo-ntat’a rōna naheng ea Egepeta,+ ntlong ea makhoba,+ le ea entseng lipontšo tsena tse khōlō ka pel’a mahlo a rōna+ le ea ’nileng a re lebela tseleng eohle eo re tsamaileng ka eona le har’a lichaba tsohle tseo re fetileng har’a tsona.+ 18 Jehova a leleka lichaba tsohle,+ esita le Baamore, ba lulang naheng ena hore ba tlohe ka pel’a rōna. Le rōna, re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Molimo oa rōna.”+

19 Joale Joshua a re ho sechaba: “Ha le khone ho sebeletsa Jehova, etsoe ke Molimo ea halalelang;+ ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.+ A ke ke a tšoarela bofetoheli ba lōna le libe tsa lōna.+ 20 Haeba le ka tlohela Jehova+ ’me la sebeletsa melimo esele,+ ka sebele le eena o tla khutla ’me a le ntše kotsi le ho le felisa ka mor’a hore a le etsetse se molemo.”+

21 Eaba sechaba se re ho Joshua: “Che, empa re tla sebeletsa Jehova!”+ 22 Eaba Joshua o re ho sechaba: “Le lipaki khahlanong le lōna+ hore ka ho rata ha lōna le ikhethetse Jehova, ho mo sebeletsa.”+ Eaba ba re: “Re lipaki.”

23 “Joale tlosang melimo esele e har’a lōna,+ ’me le etse hore lipelo tsa lōna li sekamele ho Jehova Molimo oa Iseraele.” 24 Eaba sechaba se re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Jehova Molimo oa rōna, ’me re tla mamela lentsoe la hae!”+

25 Joshua a hlaba selekane le sechaba letsatsing leo ’me a se etsetsa molao oa tsamaiso le qeto ea boahloli+ Shikeme. 26 Joale Joshua a ngola mantsoe ana bukeng ea molao oa Molimo+ ’me a nka lejoe le leholo+ eaba o le emisa moo tlas’a sefate sa setonanahali+ se haufi le sehalalelo sa Jehova.

27 Joshua a tsoela pele ho re ho sechaba sohle: “Bonang! Lejoe lena ke bopaki khahlanong le rōna,+ hobane lona le utloile lipolelo tsohle tsa Jehova tseo a li buileng le rōna, ’me e tla ba bopaki khahlanong le lōna, e le hore le se ke la latola Molimo oa lōna.” 28 Eaba Joshua o re sechaba se tsamaee, e mong le e mong a ee lefeng la hae.+

29 Eitse ka mor’a lintho tsena Joshua mora oa Nune, mohlanka oa Jehova, qetellong a shoa a le lilemo li lekholo le leshome.+ 30 Kahoo ba mo pata sebakeng sa lefa la hae Timnathe-sera,+ e leng sebakeng se lithaba sa Efraime, ka leboea ho Thaba ea Gashe. 31 Baiseraele ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua le ka matsatsi ’ohle a banna ba baholo ba ileng ba atisa matsatsi a bona ka mor’a Joshua+ le ba neng ba tsebile mosebetsi oohle oa Jehova oo a ileng a o etsetsa Baiseraele.+

32 Masapo a Josefa,+ ao bara ba Iseraele ba neng ba a tlisitse ho tsoa Egepeta, ba a pata Shikeme tšimong eo Jakobo a neng a e fumane ho bara ba Hamore,+ ntat’a Shikeme, ka likotoana tse lekholo tsa chelete;+ ea e-ba ea bara ba Josefa e le lefa.+

33 Hape, Eleazare mora oa Arone a shoa.+ Kahoo ba mo pata Leralleng la mora oa hae Finease,+ leo a neng a mo file lona sebakeng se lithaba sa Efraime.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela