Lillo Tsa Jeremia
א [ʼAleph]
1 Motse o neng o tletse batho o lutse o ’notši+ hakaakang!+
O neng o e-na le baahi ba bangata har’a lichaba+ o tšoana le mohlolohali hakaakang!+
Oo e neng e le khosatsana har’a liprofinse o fetohile o etsang mosebetsi o qobelloang hakaakang!+
ב [Behth]
2 O lla haholo bosiu,+ ’me meokho ea oona e marameng a oona.+
Ha ho ea o tšelisang har’a bohle ba o ratang.+
Metsoalle ea oona kaofela e sebetsane le oona ka bolotsana.+ E fetohile lira tsa oona.+
ג [Gimel]
3 Bajuda ba ile kholehong ka lebaka la mahloreho+ le ka lebaka la bongata ba bohlanka.+
Ba ile ba lokela ho lula har’a lichaba.+ Ha baa ka ba fumana sebaka sa phomolo.
Bohle ba neng ba ba hlorisa ba ba fihletse har’a maemo a bakang mahlomola.+
ד [Daleth]
4 Litsela tsa Sione lia siama, hobane ha ho ba tlang moketeng.+
Liheke tsohle tsa eona ke lesupi;+ baprista ba eona baa feheloa.+
Baroetsana ba eona ba saretsoe, ’me e na le bohloko.+
ה [Heʼ]
5 Bahanyetsi ba eona ba fetohile lihlooho.+ Lira tsa eona ha li tsotelle.+
Hobane Jehova o e tliselitse mesarelo ka lebaka la litlōlo tsa eona tse ngata,+
Bana ba eona ba tsamaile e le baholehuoa ka pel’a mohanyetsi.+
ו [Waw]
6 ’Me ho morali oa Sione ho tsoa botle bohle ba hae.+
Likhosana tsa hae li tšoana le likhama tse tona tse sa fumanang lekhulo;+
’Me li ntse li tsamaea li se na matla ka pel’a ea li lelekisang.+
ז [Zayin]
7 Jerusalema e hopotse matsatsing a mahloreho a eona le a batho ba eona ba hlokang mahae
Lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang tse bileng teng ho tloha matsatsing a khale.+
Ha batho ba eona ba oela letsohong la mohanyetsi ’me e se na mothusi,+
Bahanyetsi ba ile ba e bona. Ba tšeha ho oa ha eona.+
ח [Chehth]
8 Jerusalema e entse sebe se totobetseng.+ Ke ka lebaka leo e fetohileng ntho e nyonyehang.+
Bohle ba neng ba e hlompha ba ile ba e tšoara joaloka ntho e sa reng letho,+ kaha ba bone bofeela ba eona.+
E boetse ea feheloa+ ’me ea furalla.
ט [Tehth]
9 Ho se hloeke ha eona ho liaparong tsa eona.+ Ha ea ka ea hopola bokamoso ba eona,+
’Me e theohela tlaase ka mokhoa o makatsang. Ha e na motšelisi.+
י [Yohdh]
10 Mohanyetsi o otlolletse letsoho linthong tsohle tsa eona tse lakatsehang.+
Etsoe e bone lichaba tse keneng ka sehalalelong sa eona,+
Tseo u li laetseng hore li se ke tsa kena ka phuthehong ea hao.
כ [Kaph]
11 Batho bohle ba hae baa feheloa; ba batla bohobe.+
Ba fane ka lintho tsa bona tse lakatsehang bakeng sa se jeoang, e le hore ba khatholle moea.+
Bona, Jehova, ’me u talime, etsoe ke fetohile ea joaloka mosali eo e seng oa bohlokoa.+
ל [Lamedh]
12 Na hase letho ho lōna bohle ba fetang tseleng? Talimang ’me le bone.+
Na ho na le bohloko leha e le bofe bo tšoanang le bohloko ba ka boo ke otliloeng ka bona haboima,+
Boo ka bona Jehova a bakileng mahloreho letsatsing la bohale ba hae bo tukang?+
מ [Mem]
13 A le phahameng o ile a romela mollo masapong a ka,+ ’me o kokobetsa le leng le le leng.
O alile letlooa bakeng sa maoto a ka.+ O nkhutliselitse morao.
O nkentse mosali ea lahliloeng. Letsatsi lohle kea kula.+
נ [Nun]
14 O lutse a falimehetse litlōlo tsa ka.+ Li lohellane letsohong la hae.
Li hlahile molaleng oa ka.+ Matla a ka a khopiloe.
Jehova o nehelane ka ’na matsohong a bao ke sa khoneng ho ba tsohela matla.+
ס [Samekh]
15 Bohle ba ka ba matla Jehova o ba qheletse thōko ho tsoa ka hare ho ’na.+
O mpitselitse pokano, e le hore a robe bahlankana ba ka likoto.+
Jehova o hataketse sehatelo sa veine+ sa morali oa Juda oa moroetsana.+
ע [ʽAyin]
16 Ke llela lintho tsena joaloka mosali.+ Leihlo la ka, leihlo la ka le rotha metsi.+
Etsoe motšelisi o hōle le ’na, e mong ea tla khatholla moea oa ka.
פ [Peʼ]
17 Sione e otlolotse matsoho a eona.+ Ha e na motšelisi.+
Jehova o fane ka taelo malebana le Jakobo ho bohle ba e pota-potileng ka hohle e le bahanyetsi ba eona.+
Jerusalema e fetohile ntho e nyonyehang ka har’a bona.+
צ [Tsadheh]
18 Jehova o lokile,+ etsoe ke fetohetse molomo oa hae.+
Mamelang, joale, lōna lichaba tsohle, ’me le bone bohloko ba ka.
Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kholehong.+
ק [Qohph]
19 Ke ipilelitse ho ba nthatang haholo.+ Ba nqhekeletse.
Baprista ba ka le banna-baholo ba ka ba shoetse motseng,+
Ha ba ntse ba lokela ho ipatlela se jeoang e le hore ba ka khatholla meea ea bona.+
ר [Rehsh]
20 Bona, Jehova, etsoe ke mahlomoleng. Mala a ka a lubehile.+
Pelo ea ka e ferekane ka hare ho ’na,+ kaha ke bile lerabele ka ho feletseng.+
Ka ntle sabole e bakile ho amohuoa bana.+ Ka har’a ntlo ho tšoana le lefu.+
ש [Shin]
21 Batho ba utloile kamoo ke feheloang joaloka mosali.+ Ha ke na motšelisi.+
Lira tsohle tsa ka li utloile ka tlokotsi ea ka.+ Li thabile, hobane u ho entse.+
Ka sebele u tla tlisa letsatsi leo u le phatlalalitseng,+ e le hore li ka ba joaloka ’na.+
ת [Taw]
22 E se eka bobe bohle ba tsona bo ka tla ka pel’a hao, ’me u sebetsane le bona ka thata,+
Feela joalokaha u ile ua sebetsana le ’na ka thata ka lebaka la litlōlo tsohle tsa ka.+
א [ʼAleph]
2 Jehova bohaleng ba hae o koahela morali oa Sione ka leru hakaakang!+
O lahletse botle ba Iseraele+ fatše ho tloha leholimong ho ea lefatšeng.+
’Me ha aa hopola setuloana sa hae sa maoto+ letsatsing la bohale ba hae.
ב [Behth]
2 Jehova o metsitse, ha aa bontša qenehelo holim ’a libaka tsa bolulo+ leha e le life tsa Jakobo.
Khalefong ea hae o qhaqhile libaka tse etselitsoeng liqhobosheane+ tsa morali oa Juda.
O mo kopantse le lefatše,+ o silafalitse ’muso+ le likhosana tsa hae.+
ג [Gimel]
3 Ka ho tuka ke bohale o pomme lenaka le leng le le leng la Iseraele.+
O khutlisitse letsoho la hae le letona ka pel’a sera;+
’Me ho Jakobo o ntse a tuka joaloka mollo o tukang o chesitseng ka hohle.+
ד [Daleth]
4 O hataketse seqha sa hae joaloka sera.+ Letsoho la hae le letona+ le otlolohile
Joaloka mohanyetsi,+ ’me o ’nile a bolaea bohle ba khahlehang mahlong.+
O tšolletse khalefo ea hae ka har’a tente+ ea morali oa Sione, feela joaloka mollo.+
ה [Heʼ]
5 Jehova o fetohile ea joaloka sera.+ O metsitse Iseraele.+
O metsitse litora tsohle tsa eona tsa bolulo;+ o sentse libaka tsa eona tse etselitsoeng liqhobosheane.+
O etsa hore ho siama le sello li ate ho morali oa Juda.+
ו [Waw]
6 O tšoara lephephe+ la hae ka mabifi joaloka le leng serapeng.+ O sentse mokete oa hae.
Jehova o entse hore mokete+ le sabatha li lebaloe Sione,
Bohaleng ba hae ba nyatso ha a bontše tlhompho ho morena le moprista.+
ז [Zayin]
7 Jehova o lahlile aletare ea hae.+ O nyelisitse sehalalelo sa hae.+
O nehelane ka marako a litora tsa hae tsa bolulo letsohong la sera.+
Ba hoelelitse ka mantsoe a bona ka tlung ea Jehova, joaloka letsatsing la mokete.+
ח [Chehth]
8 Jehova o nahanne ho senya lerako+ la morali oa Sione.
O otlolotse khoele ea ho lekanya.+ Ha aa khutlisa letsoho la hae hore le se ke la metsa.+
O etsa hore ’mōtōmōtō le lerako li siame.+ Li nyametse hammoho.
ט [Tehth]
9 Liheke+ tsa eona li tetebetse tlaase lefatšeng. O sentse le ho roba mekoallo ea eona likoto.
Morena oa hae le likhosana tsa hae li har’a lichaba.+ Ha ho na molao.+
Baprofeta ba eona le bona ha baa fumana pono e tsoang ho Jehova.+
י [Yohdh]
10 Banna ba baholo ba morali oa Sione ba lula fatše, moo ba lulang ba khutsitse.+
Ba itšetse ka lerōle lihloohong.+ Ba itlamme ka lesela la mokotla.+
Baroetsana ba Jerusalema ba inamiselitse lihlooho fatše.+
כ [Kaph]
11 Mahlo a ka a felile ke meokho.+ Mala a ka a lubehile.+
Sebete sa ka se tšolletsoe fatše,+ ka lebaka la ho oa ha morali oa sechaba sa heso,+
Ka lebaka la ho tepella ha ngoana le ea anyang mapatlelong a motse.+
ל [Lamedh]
12 Ba ’na ba re ho bo-’m ’a bona: “Lijo-thollo le veine li hokae?”+
Ka lebaka la ho tepella ha bona joaloka ea bolailoeng mapatlelong a motse,
Ka lebaka la ho tšolleloa ha moea oa bona ka lifubeng tsa bo-’m ’a bona.
מ [Mem]
13 Ke tla u sebelisa u le paki ea eng? Ke tla u tšoantša le eng, Uena morali oa Jerusalema?+
Ke tla u lekanya le eng, e le hore ke u tšelise, Uena morali oa Sione oa moroetsana?+
Etsoe ho senngoa+ ha hao ho hoholo feela joaloka leoatle. Ke mang ea ka u folisang?+
נ [Nun]
14 Baprofeta ba hao ba u bonetse lintho tse se nang thuso le tse sa khotsofatseng,+
’Me ha baa senola phoso ea hao e le hore ba khutlise kholeho ea hao,+
Empa ba ’nile ba u bonela liphatlalatso tse se nang thuso le tse khelosang.+
ס [Samekh]
15 Bohle ba fetang ka tsela ba u opetse liatla.+
Ba letselitse morali oa Jerusalema mololi+ ’me ba ’na ba mo sisinyetsa lihlooho+, ba re:
“Na ona ke motse oo ba neng ba ee ba re ka oona, ‘Ke botle bo phethahetseng, thabo e khaphatsehang bakeng sa lefatše lohle’?”+
פ [Peʼ]
16 Lira tsohle tsa hao li u ahlamiselitse melomo.+
Li letsitse meloli ’me tsa ’na tsa tsikitlanya meno.+ Li itse: “Re tla mo metsa.+
Ka sebele lena ke letsatsi leo re neng re le lebeletse.+ Re fumane! Re bone!”+
ע [ʽAyin]
17 Jehova o entse seo a neng a se hopotse.+ O phethahalitse polelo ea hae,+
Seo a neng a se laetse ho tloha matsatsing a khale.+ O qhaqhile ’me ha aa bontša qenehelo.+
O etsa hore sera se thabe ka lebaka la hao.+ O phahamisitse lenaka la bahanyetsi ba hao.+
צ [Tsadheh]
18 Lipelo tsa bona li hoelelitse ho Jehova,+ Uena lerako la morali oa Sione.+
Etsa hore meokho e theohe feela joaloka molapo o phoroselang bosiu le motšehare.+
U se ke ua ipha phomolo. Thaka ea leihlo la hao e se ke ea khutsa.
ק [Qohph]
19 Tsoha! U bokolle bosiu qalong ea litebelo tsa hoseng.+
Tšollela pelo+ ea hao joaloka metsi ka pel’a sefahleho+ sa Jehova.
Phahamisetsa liatla+ tsa hao ho eena ka lebaka la moea oa bana ba hao,
Ba tepellang ka lebaka la tlala mateanong a literata tsohle.+
ר [Rehsh]
20 Bona, Jehova, ’me u talime+ eo u sebetsaneng le eena ka thata ka mokhoa ona.
Na basali ba lokela ho tsoela pele ba ja litholoana tsa lipōpelo tsa bona, bana ba tsoetsoeng ba hōlile ka ho feletseng,+
Kapa na moprista le moprofeta ba lokela ho bolaoa ka sehalalelong sa Jehova?+
ש [Shin]
21 Moshanyana le monna-moholo+ ba robetse mobung oa literata.+
Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba oele ka sabole.+
U bolaile ka letsatsi la bohale ba hao.+ U bolaile;+ ha ua ka ua bontša qenehelo.+
ת [Taw]
22 Joaloka letsatsing la mokete+ u ile ua hoeletsa ka hohle libakeng tsa ka tseo ke lulang ho tsona ka bojaki.
Letsatsing la khalefo ea Jehova ha hoa ka ha e-ba le ea balehang kapa ea phonyohang;+
Bao ke ba hlahisitseng ba feletse ’me ka ba hōlisa, sera sa ka se ba felisitse.+
א [ʼAleph]
3 Ke ’na monna ea shahlileng ea boneng mahloreho+ ka lebaka la lere la khalefo ea hae.
2 O nketeletse pele ’me o ntsamaisa lefifing eseng leseling.+
3 Ka sebele, o akha letsoho la hae ka ho pheta-pheta khahlanong le ’na letsatsi lohle.+
ב [Behth]
4 O entse hore nama ea ka le letlalo la ka le senyehe.+ O robile masapo a ka.+
5 O hahile khahlanong le ’na, e le hore a ka nteela hare+ ka semela se chefo+ le tsietsi.
6 O ntulisitse libakeng tse lefifi+ joaloka banna bao e leng khale ba shoele.+
ג [Gimel]
7 O nthibile joalokaha eka ke ka lerako la majoe, hore ke se ke ka tsamaea.+ O entse hore litlamo tsa ka tsa koporo+ li be boima.
8 Hape, ha ke hoeletsa ho kōpa thuso le ho hooa ho kōpa thuso, o sitisa thapelo ea ka.+
9 O thibile litsela tsa ka ka lejoe le betliloeng.+ O sothile litsela tsa ka.+
ד [Daleth]
10 Ho ’na o joaloka bere e laletseng,+ joaloka tau libakeng tse patehileng.+
11 O lobokantse litsela tsa ka, ’me o etsa hore ke lule ke sa etse letho. O nkentse ea lahliloeng.+
12 O hataketse seqha sa hae,+ ’me o nkemisa joaloka ntho e korotsoeng ka motsu.+
ה [Heʼ]
13 O kentse bara ba khohlopo ea hae ka liphiong tsa ka.+
14 Ke fetohile litšeho+ ho batho bohle ba leng khahlanong le ’na, sehlooho sa pina ea bona letsatsi lohle.+
15 O mphile lintho tse bohloko tse lekaneng.+ O ntlatsitse lengana.+
ו [Waw]
16 ’Me o etsa hore meno a ka a robehe ka lehlohlojane.+ O entse hore ke thothomele moloreng.+
17 U boetse ua lahla e le hore ho se ke ha e-ba le khotso bakeng sa moea oa ka. Ke lebetse hore na se molemo ke sefe.+
18 ’Me ke ntse ke re: “Bokhabane ba ka bo hlomphehang bo senyehile, le tebello ea ka ho Jehova.”+
ז [Zayin]
19 Hopola mahloreho a ka le boemo ba ka ba ho hloka lehae,+ lengana le semela se chefo.+
20 Ruri moea oa hao o tla hopola ’me o nkinamele.+
21 Sena ke seo ke tla se khutlisetsa pelong ea ka.+ Ke ka lebaka leo ke tlang ho leta.+
ח [Chehth]
22 Ke liketso tsa mosa o lerato+ oa Jehova hore ebe ha rea fela,+ hobane ka sebele mehauhelo ea hae e ke ke ea fela.+
23 E mecha hoseng ho hong le ho hong.+ Botšepehi ba hao bo bongata.+
24 Moea oa ka o itse, “Jehova ke kabelo ea ka,+ ke ka lebaka leo ke tlang ho mo letela.”+
ט [Tehth]
25 Jehova o molemo ho ea mo tšepang,+ ho moea o ntseng o mo batla.+
26 Ho molemo hore motho a lete,+ a bile a khutsitse,+ bakeng sa poloko ea Jehova.+
27 Ho molemo hore monna ea shahlileng a jare joko bocheng ba hae.+
י [Yohdh]
28 A lule a ’notši ’me a khutse,+ hobane o behile ho hong holim ’a hae.+
29 A ke a behe molomo oa hae lerōleng.+ Mohlomong ho na le tšepo.+
30 A ke a fane ka lerama la hae ho ea mo otlang.+ A ke a be le nyeliso e lekaneng.+
כ [Kaph]
31 Etsoe Jehova a ke ke a lahla ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
32 Etsoe le hoja a bakile mesarelo,+ ka sebele o tla boela a bontše mohau ho ea ka mosa oa hae o lerato o mongata.+
33 Etsoe hase ho tsoa pelong ea hae a hlorisitseng kapa a bakelang bara ba batho mesarelo.+
ל [Lamedh]
34 Bakeng sa ho silakanya ka tlas’a maoto+ a motho batšoaruoa bohle ba lefatše,+
35 Bakeng sa ho sokamisa kahlolo ea monna ea shahlileng ka pel’a sefahleho sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+
36 Bakeng sa ho khopamisa motho nyeoeng ea hae, Jehova ha aa ka a fana ka tumello.+
מ [Mem]
37 Joale, ke mang ea itseng ho hong ho lokela ho etsahala ha Jehova a sa ho laela?+
38 Molomong oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha ho tsoe lintho tse mpe le se molemo.+
39 Ke joang motho ea phelang a ka inehellang lipelaelo,+ monna ea shahlileng ka lebaka la sebe sa hae?+
נ [Nun]
40 A re batlisiseng litsela tsa rōna ’me re li phenye,+ ’me re khutleleng ho Jehova.+
41 A re phahamisetseng lipelo tsa rōna hammoho le liatla tsa rōna ho Molimo maholimong:+
42 “Re sitiloe, ’me re rabetse.+ Ha ua tšoarela.+
ס [Samekh]
43 Ka bohale u thibetse hore u se ke ua atameloa,+ ’me u ntse u re lelekisa.+ U bolaile; ha ua bontša qenehelo.+
44 U thibile ka leru hore u se ke ua atameloa,+ hore thapelo e se ke ea feta.+
45 U re etsa lilahloa le lithōle ka har’a lichaba.”+
פ [Peʼ]
46 Lira tsohle tsa rōna li re ahlamiselitse melomo.+
47 Tšabo le sekoti li fetohile tsa rōna,+ lesupi le tšenyeho.+
48 Leihlo la ka le ntse le tšoloha melapo ea metsi ka lebaka la ho ripitloa ha morali oa batho ba heso.+
ע [ʽAyin]
49 Leihlo la ka le tšolotsoe ’me le ke ke la lula le tsitsitse, hoo ho se nang phomolo,+
50 Ho fihlela Jehova a talima tlaase ’me a bona a le leholimong.+
51 Leihlo la ka le sebetsane ka thata le moea oa ka,+ ka lebaka la barali bohle ba motse oa heso.+
צ [Tsadheh]
52 Ka sebele lira tsa ka li ntsomile joaloka nonyana,+ ntle ho lebaka.+
53 Li khutsisitse bophelo ba ka sekoting,+ ’me li ’nile tsa mpetsa ka majoe.
54 Metsi a phalletse holim ’a hlooho ea ka.+ Ke itse: “Ka sebele ke tla timela!”+
ק [Qohph]
55 Ke hoelelitse lebitso la hao, Jehova, ke le ka sekoting sa mofuta o tebileng ka ho fetisisa.+
56 U utloe lentsoe la ka.+ U se ke ua pata tsebe ea hao bakeng sa phomolo ea ka, bakeng sa mohoo oa ka o kōpang thuso.+
57 U atametse haufi letsatsing leo ke neng ke ntse ke u bitsa ka lona.+ U itse: “U se ke ua tšoha.”+
ר [Rehsh]
58 Jehova, u nkile litsekisano tsa moea oa ka.+ U rekolotse bophelo ba ka.+
59 Jehova, u bone phoso e entsoeng ho ’na.+ U tsamaise kahlolo bakeng sa ka.+
60 U bone phetetso eohle ea bona, menahano eohle ea bona khahlanong le ’na.+
ש [Sin] kapa [Shin]
61 Jehova, u utloile nyeliso ea bona, menahano eohle ea bona khahlanong le ’na,+
62 Melomo ea ba ntsohelang matla+ le ho hoeshetsa ha bona khahlanong le ’na letsatsi lohle.+
63 U talime ho lula ha bona le ho ema ha bona.+ Ke ’na sehlooho sa pina ea bona.+
ת [Taw]
64 Jehova, u tla khutlisetsa tšoaro ho bona, ho ea ka mosebetsi oa matsoho a bona.+
65 U tla ba fa lipelo tse nyelisang,+ thohako ea hao e tla ba ho bona.+
66 U tla ba lelekisa ka bohale ’me u ba felise+ ka tlas’a maholimo a Jehova.+
א [ʼAleph]
4 Khauta e benyang e fifetse hakaakang, khauta e ntle!+
Majoe a halalelang+ a tšolloa hakaakang qalong ea literata tsohle!+
ב [Behth]
2 Ha e le bara ba bohlokoa ba Sione,+ ba ileng ba lekanngoa le khauta e hloekisitsoeng,
Ba nkiloe ba tšoana le linkho tse khōlō tsa letsopa hakaakang, mosebetsi oa matsoho a sebōpi!+
ג [Gimel]
3 Esita le liphokojoe li hlahisitse matsoele. Li anyesitse malinyane a tsona.
Morali oa batho ba heso o sehlōhō,+ joaloka limpshe lefeelleng.+
ד [Daleth]
ה [Heʼ]
5 Ba neng ba ja lintho tse monate ba maketse literateng.+
Ba neng ba hōlisoa ka sekareleta+ ba ile ba lokela ho kopa lithotobolo.+
ו [Waw]
6 Kotlo bakeng sa phoso ea morali oa batho ba heso le eona e khōlō ho feta kotlo bakeng sa sebe sa Sodoma,+
E ileng ea lihuoa joalokaha eka ke ka motsotsoana, le eo ho seng matsoho a ileng a retelehela ho eona ho thusa.+
ז [Zayin]
7 Banazari+ ba eona ba ne ba hloekile ho feta lehloa;+ ba ne ba le basoeu ho feta lebese.
Ha e le hantle ba ne ba le bafubelu+ ho feta likorale; ho benya ha bona ho ne ho tšoana le safire.+
ח [Chehth]
8 Chebahalo ea bona e fifetse ho feta botšo. Ha baa ka ba eloa hloko literateng.+
Letlalo la bona le omeletse masapong a bona.+ Le omile joaloka sefate.
ט [Tehth]
9 Ba bolailoeng ka sabole+ ba bile molemo ho feta ba bolailoeng ke tlala,+
Hobane baa tepella, ba hlabiloe ka lebaka la khaello ea se hlahisoang naheng e sabaletseng.
י [Yohdh]
10 Matsoho a basali ba nang le qenehelo a phehile bana ba bona.+
Ba fetohile ba joaloka bohobe ba matšeliso ho motho nakong ea ho ripitloa ha morali oa batho ba heso.+
כ [Kaph]
11 Jehova o phethile khalefo ea hae.+ O tšolotse bohale ba hae bo tukang.+
O hotetsa mollo Sione, o chesang metheo ea eona kaofela.+
ל [Lamedh]
12 Marena a lefatše le baahi bohle ba naha e behang ba ne ba sa lumela+
Hore mohanyetsi le sera ba tla kena lihekeng tsa Jerusalema.+
מ [Mem]
13 Ka lebaka la libe tsa baprofeta ba eona, liphoso tsa baprista ba eona,+
Ba tšollang mali a ba lokileng ba ne ba le ka hare ho eona.+
נ [Nun]
14 Ba lelerile joaloka ba foufetseng+ literateng.+ Ba silafalitsoe ke mali,+
Hoo ho seng le ea mong ea khonang ho ama liaparo tsa bona.+
ס [Samekh]
15 Ba ba hoelelitse ba re: “Suthang tseleng! Ha lea hloeka!+ Suthang tseleng! Suthang tseleng! Le se ke la ama!”+
Etsoe ba hloka mahae.+ Hape ba lelerile hohle.+ Batho ba itse har’a lichaba: “Ba ke ke hlola ba lula e le bajaki.+
פ [Peʼ]
16 Sefahleho sa Jehova se ba arotse.+ A ke ke a hlola a ba talima.+
Ka sebele batho ba ke ke ba nahanela esita le baprista.+ Ka sebele ba ke ke ba bontša mohau esita le ho banna-baholo.”+
ע [ʽAyin]
17 Ha re sa ntse re le teng, mahlo a rōna a ntse a hlorela lefeela bakeng sa thuso ea rōna.+
Ha re ntse re qamaka re ile ra sheba ho sechaba se ke keng sa tlisa poloko.+
צ [Tsadheh]
18 Ba tsomile mehato ea rōna+ hoo ho sa tsamauoeng mapatlelong a rōna.
Bofelo ba rōna bo atametse. Matsatsi a rōna a phethahetse, etsoe bofelo ba rōna bo tlile.+
ק [Qohph]
19 Ba re lelekisang ba bile lebelo ho feta lintsu tsa maholimo.+
Ba re behile merebele holim ’a lithaba.+ Ba re laletse lefeelleng.+
ר [Rehsh]
20 Phefumoloho ea linko tsa rōna,+ motlotsuoa oa Jehova,+ e hapuoe ka sekoting sa bona se seholo,+
Eena eo re itseng ka eena: “Re tla phela moriting+ oa hae har’a lichaba.”+
ש [Sin]
21 Thaba ’me u nyakalle,+ Uena morali oa Edomo,+ ea lulang naheng ea Utse.+
Le ho uena senoelo se tla feta.+ U tla tahoa ’me u iponahatse u le feela.+
ת [Taw]
22 Phoso ea hao, Uena morali oa Sione, e felile.+ A ke ke a hlola a u isa kholehong.+
O lebisitse tlhokomelo phosong ea hao, Uena morali oa Edomo. O senotse libe tsa hao.+
5 Jehova, hopola se etsahetseng ho rōna.+ U talime ’me u bone nyeliso ea rōna.+
2 Lefa la rōna le nehiloe basele, matlo a rōna a nehiloe basele.+
3 Re fetohile likhutsana feela tse se nang ntate.+ Bo-’m ’a rōna ba joaloka bahlolohali.+
4 Re ile ra lokela ho noa metsi a rōna ka chelete.+ Patsi ea rōna e kena ka tefello.
5 Re behiloe merebele.+ Re tepeletse. Ha ho phomolo e setseng bakeng sa rōna.+
6 Re otlolletse letsoho+ Egepeta;+ le Assyria,+ e le hore re fumane khotsofalo ka bohobe.
7 Baholo-holo ba rōna ke bona ba entseng sebe.+ Ha ba eo. Ha e le rōna, re ile ra lokela ho jara liphoso tsa bona.+
8 Re busitsoe ke bahlanka.+ Ha ho ea re tlosang matsohong a bona.+
9 Re tlisa bohobe ba rōna ka ho beha moea oa rōna kotsing,+ ka lebaka la sabole ea lefeelleng.
10 Letlalo la rōna le chesa joaloka sebōpi, ka lebaka la bohloko ba tlala.+
11 Ba kokobelitse basali ba Sione,+ baroetsana metseng ea Juda.
12 Likhosana li fanyehiloe ka matsoho a tsona.+ Esita le lifahleho tsa banna-baholo ha lia hlomphuoa.+
13 Esita le bahlankana ba phahamisitse leloala la letsoho,+ ’me bashanyana ba ile ba khoptjoa ka tlas’a patsi.+
14 Banna-baholo ba felile esita le ka ntle ho heke,+ bahlankana ba felile ’minong oa bona oa liletsa.+
15 Thabo e khaphatsehang ea lipelo tsa rōna e felile. Motjeko oa rōna o fetotsoe ho siama feela.+
16 Moqhaka oa lihlooho tsa rōna o oele.+ Joale, ho malimabe rōna, hobane re entse sebe!+
17 Ka lebaka lena lipelo tsa rōna lia kula.+ Ka lebaka la lintho tsena mahlo a rōna a fifetse,+
18 Ka lebaka la thaba ea Sione e entsoeng lesupi;+ liphokojoe li tsamaile ho eona.+
19 Ha e le uena, Jehova, u tla lula ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Terone ea hao e teng ho tloha molokong o mong ka mor’a o mong.+
20 Ke hobane’ng ha u re lebala ka ho sa feleng,+ ha u re tlohela ka matsatsi a malelele?+
21 Re khutlisetse+ ho uena, Jehova, ’me re tla khutla hang-hang. Re tlisetse matsatsi a macha joaloka khale.+
22 Leha ho le joalo, ka sebele u re lahlile.+ U ’nile ua re halefela haholo.+