Ezekiele
1 Joale eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka khoeli ea bone, ka letsatsi la bohlano la khoeli, ha ke ntse ke le har’a batho ba isitsoeng kholehong+ nōkeng ea Kebare,+ maholimo a buleha+ ’me ka qala ho bona lipono tsa Molimo.+ 2 Ka letsatsi la bohlano la khoeli, ke hore, ka selemo sa bohlano sa ho isoa kholehong ha Morena Jojakine,+ 3 lentsoe la Jehova la hlaha+ ka ho khetheha ho Ezekiele+ mora oa moprista Buzi naheng ea Bakalde+ haufi le nōka ea Kebare, ’me letsoho la Jehova la e-ba holim ’a hae sebakeng seo.+
4 Ka qala ho talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le moea o matla oa sefefo+ o hlahang leboea, leru le leholo+ le mollo o tšoelimang,+ ’me le ne le benya ka hohle, bohareng ba oona ho ne ho e-na le ho hong ho shebahalang joaloka motsoako oa khauta le silevera, bohareng ba mollo.+ 5 Bohareng ba oona ho ne ho e-na le sebōpeho sa libōpuoa tse phelang tse ’nè,+ ’me li ne li shebahala tjena: li ne li tšoana le motho oa lefatše. 6 Se seng le se seng se ne se e-na le lifahleho tse ’nè,+ ’me se seng le se seng sa tsona se ne se e-na le mapheo a mane.+ 7 Maoto a tsona e ne e le maoto a otlolohileng, ’me bohato ba maoto a tsona bo ne bo tšoana le bohato ba leoto la namane;+ a ne a phatsima joaloka koporo e bentšitsoeng.+ 8 Ka tlas’a mapheo a tsona mahlakoreng a tsona a mane ho ne ho e-na le matsoho a motho,+ ’me ka bone ba tsona li ne li e-na le lifahleho le mapheo.+ 9 Mapheo a tsona a ne a kopane. Ha li ntse li tsamaea li ne li sa thinye; se seng le se seng se ne se leba pele ka ho toba.+
10 Ha e le sebōpeho sa lifahleho tsa tsona, ka bone ba tsona li ne li e-na le sefahleho sa motho+ se nang le sefahleho sa tau+ ka lehlakoreng le letona,+ ’me ka bone ba tsona li ne li e-na le sefahleho sa poho+ ka lehlakoreng le letšehali;+ ka bone ba tsona li ne li boetse li e-na le sefahleho sa ntsu.+ 11 Ke tsela eo lifahleho tsa tsona li neng li le ka eona. Mapheo a tsona+ a ne a phukalletse holimo. Se seng le se seng se ne se e-na le a mabeli a thetsaneng, ’me a mabeli a ne a koahetse ’mele ea tsona.+
12 Se seng le se seng se ne se leba pele ka ho toba.+ Kae kapa kae moo moea o neng o sekamela ho ea teng, li ne li e-ea teng.+ Ha li ntse li tsamaea li ne li sa thinye.+ 13 Ha e le sebōpeho sa libōpuoa tse phelang, ponahalo ea tsona e ne e tšoana le mashala a tukang a mollo.+ Ho hong ho bonahalang joaloka lirumula+ ho ne ho ea pele le morao pakeng tsa libōpuoa tse phelang, mollo o ne o khanya, ’me mollong ho ne ho tsoa lehalima.+ 14 Libōpuoa tse phelang li ne li tsamaea ’me li khutla joaloka ponahalo ea lehalima.+
15 Ha ke ntse ke talimile libōpuoa tse phelang, bonang! ho ne ho e-na le lebili le le leng fatše ka thōko ho libōpuoa tse phelang,+ pel’a lifahleho tse ’nè tsa se seng le se seng.+ 16 Ha e le ponahalo ea mabili+ le sebōpeho sa ’ona, e ne e le joaloka ho phatsima ha krysolite;+ ’me ka bone ba ’ona a ne a e-na le sebōpeho se tšoanang. Ponahalo ea ’ona le sebōpeho sa ’ona se ne se le feela joalokaha lebili le le ka har’a lebili le leng.+ 17 Ha a tsamaea a ne a tsamaea ka mahlakore a ’ona a mane.+ A ne a sa thinyetse ka nģa e ’ngoe ha a tsamaea.+ 18 Ha e le lirimi tsa ’ona, li ne li phahame hoo li tšosang; ’me lirimi tsa ’ona li ne li tletse mahlo ka hohle ka bone ba tsona.+ 19 Ha libōpuoa tse phelang li tsamaea, mabili a ne a tsamaea ka thōko ho tsona, ’me ha libōpuoa tse phelang li ne li phahamisoa ho tloha fatše, mabili a ne a phahamisoa.+ 20 Kae kapa kae moo moea o sekamelang ho ea teng, li ne li e-ea teng, kaha moea o sekamela ho ea moo; ’me mabili a ne a phahamisoa haufi le tsona, kaha moea oa sebōpuoa se phelang o ne o le mabiling. 21 Ha li tsamaea, le ’ona a ne a tsamaea; ha li ema, le ’ona a ne a ema; ’me ha li ne li phahamisoa ho tloha fatše, mabili a ne a phahamisoa haufi le tsona, kaha moea oa sebōpuoa se phelang o ne o le mabiling.+
22 Holim ’a lihlooho tsa libōpuoa tse phelang ho ne ho e-na le sebōpeho sa sepakapaka+ se joaloka ho benya ha leqhoa le susumetsang tšabo, se le holim ’a lihlooho tsa tsona ka holimo.+ 23 Ka tlas’a sepakapaka mapheo a tsona a ne a otlolohile, le leng ho ea ho le leng. Se seng le se seng se ne se e-na le mapheo a mabeli a koahelang lehlakore lena ’me se seng le se seng se ne se e-na le a mabeli a koahelang lehlakore lane la ’mele ea tsona. 24 Ka utloa molumo oa mapheo a tsona, molumo o joaloka oa metsi a mangata,+ joaloka molumo oa Ea Matla ’Ohle, ha li tsamaea, molumo oa morusu,+ joaloka molumo oa batho ba lulang liahelong.+ Ha li ema, li ne li lepeletsa mapheo a tsona.
25 Ha e-ba le lentsoe holim ’a sepakapaka se neng se le holim ’a lihlooho tsa tsona. (Ha li ema, li ne li lepeletsa mapheo a tsona.) 26 Holim ’a sepakapaka se neng se le holim ’a lihlooho tsa tsona ho ne ho e-na le ho hong ho bonahalang joaloka lejoe la safire,+ sebōpeho sa terone.+ Holim ’a sebōpeho sa terone ho ne ho e-na le sebōpeho sa e mong ea bonahalang joaloka motho oa lefatše holim ’a eona,+ holimo. 27 Ka bona ho hong ho kang ho phatsima ha motsoako oa khauta le silevera,+ ho bonahalang joaloka mollo ka hohle ka hare,+ ho tloha ponahalong ea letheka la hae le ho ea holimo; ho tloha ponahalong ea letheka la hae le ho ea tlaase ka bona ho hong ho kang ponahalo ea mollo, ’me o ne a benya ka hohle. 28 Ho ne ho e-na le ho hong ho bonahalang joaloka seqha+ se hlahang lerung letsatsing la pula e tšolohang. Ke kamoo ho benya ho neng ho bonahala kateng ka hohle. E ne e le ponahalo ea sebōpeho sa khanya ea Jehova.+ Ha ke e bona, joale ka itihela fatše ka sefahleho,+ ’me ka qala ho utloa lentsoe la ea buang.
2 A re ho ’na: “Mor’a motho,+ ema ka maoto e le hore ke bue le uena.”+ 2 Moea oa qala ho kena ho ’na hang ha a buile le ’na,+ qetellong oa nkemisa ka maoto e le hore nka utloa Ea buang le ’na.+
3 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, ke u romela ho bara ba Iseraele,+ ho lichaba tse tletseng borabele tse mphetohetseng.+ Bona le baholo-holo ba bona ba ntšitetsoe ho tla fihlela letsatsing lena.+4 Bara bao lifahleho tsa bona li tletseng nyeliso+ le ba lipelo li thata+—ke u romela ho bona, ’me u tla re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng.’ 5 Ha e le bona, ebang ba tla utloa+ kapa ba tla hana+—etsoe ke ntlo e tletseng borabele+—ka sebele ba tla boela ba tsebe hore moprofeta o ne a le har’a bona.+
6 “Uena, mor’a motho, u se ke ua ba tšaba;+ u se ke ua tšoha mantsoe a bona, hobane ho na le ba manganga+ le lintho tse u hlabang+ ’me u lula har’a liphepheng.+ U se ke ua tšoha mantsoe a bona,+ ’me u se ke ua tšosoa ke lifahleho tsa bona,+ kaha ke ntlo e tletseng borabele.+ 7 U ba bolelle mantsoe a ka, ho sa tsotellehe hore na baa utloa kapa baa hana, kaha ke marabele.+
8 “Uena, mor’a motho, utloa seo ke u bolellang sona. U se ke ua fetoha ea tletseng borabele joaloka ntlo eo e tletseng borabele.+ Ahlamisa molomo ’me u je seo ke u fang sona.”+
9 Ka qala ho talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le letsoho le otlolletsoeng ho ’na,+ ’me, bonang! ho lona ho ne ho e-na le moqolo oa buka.+ 10 A o phutholla ka pel’a ka butle-butle, ’me o ne o ngotsoe ka pele le ka morao;+ ’me ho oona ho ne ho ngotsoe lipina tsa koli-ea-malla le sello le seboko.+
3 A re ho ’na: “Mor’a motho, seo u se fumanang, u se je. Ja moqolo ona,+ ’me u tsamaee, u bue le ba ntlo ea Iseraele.”
2 Kahoo ka ahlamisa molomo, ’me butle-butle a etsa hore ke je moqolo ona.+ 3 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, u lokela ho etsa hore mpa ea hao e je, e le hore u ka tlatsa mala a hao ka moqolo ona oo ke u fang oona.” Ka qala ho o ja, ’me molomong oa ka oa e-ba monate joaloka mahe a linotši.+
4 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, tsamaea, kena har’a ba ntlo+ ea Iseraele, ’me u ba bolelle mantsoe a ka. 5 Etsoe ha u romeloe ho sechaba sa puo e sa utloisiseheng+ kapa se leleme le boima+—ho ba ntlo ea Iseraele, 6 eseng ho lichaba tse ngata tsa puo e sa utloisiseheng kapa tse leleme le boima, tseo mantsoe a tsona u ke keng ua a utloa ka mokhoa o utloisisehang.+ Haeba ke ne ke u rometse ho tsona, li ne li tla u mamela.+ 7 Empa ha e le ba ntlo ea Iseraele, ba ke ke ba batla ho u mamela, etsoe ha ba batle ho ’mamela;+ hobane bohle ba ntlo ea Iseraele ba lihlooho li thata ’me ba lipelo li thata.+ 8 Bona! Ke entse hore sefahleho sa hao se be thata hantle feela joaloka lifahleho tsa bona+ le phatla ea hao e be thata hantle feela joaloka liphatla tsa bona.+ 9 Ke entse hore phatla ea hao e be joaloka daemane, e thata ho feta lejoe le thata.+ U se ke ua ba tšaba,+ ’me u se ke ua tšosoa ke lifahleho tsa bona,+ etsoe ke ntlo e tletseng borabele.”+
10 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, mantsoe ’ohle a ka ao ke tla u bolella ’ona, u a kenye ka pelong ea hao+ ’me u a utloe ka litsebe tsa hao. 11 E-ea, u kene har’a batho ba isitsoeng kholehong,+ har’a bara ba sechaba sa heno, ’me u tla bua le bona u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng,’ ho sa tsotellehe hore na baa utloa kapa baa hana.”+
12 Moea oa ntsamaisa+ eaba ke qala ho utloa molumo oa ho foka ho sekhahla ka mor’a ka:+ “Ho bokoe khanya ea Jehova sebakeng sena.”+ 13 Ha e-ba le molumo oa mapheo a libōpuoa tse phelang a neng a thetsana haufi-ufi,+ le molumo oa mabili a haufi ka thōko ho tsona,+ le molumo oa ho foka ho sekhahla. 14 Moea oa ntsamaisa+ ’me oa nkuka, hoo ke ileng ka tsamaea moea oa ka o halefile habohloko, ’me letsoho la Jehova le ne le le matla holim ’a ka.+ 15 Kahoo ka kena ka har’a batho ba isitsoeng kholehong Tel-abibe, ba neng ba lula+ haufi le nōka ea Kebare,+ ’me ka qala ho lula moo ba neng ba lula teng; ka ’na ka lula moo ka matsatsi a supileng, ke tsielehile ka har’a bona.+
16 Eitse bofelong ba matsatsi a supileng lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re:
17 “Mor’a motho, ke u entse molebeli ho ba ntlo ea Iseraele,+ u tla utloa polelo e tsoang molomong oa ka ’me u ba fe temoso e tsoang ho ’na.+ 18 Ha ke re ho ea khopo, ‘Ka sebele u tla shoa,’+ ’me u sa mo lemose le ho bua e le hore u lemose ea khopo tseleng ea hae e khopo ho mo boloka a phela,+ kahobane a le khopo, o tla shoa ka lebaka la phoso ea hae,+ empa mali a hae ke tla a batla letsohong la hao.+ 19 Empa ha e le uena, haeba u lemositse ea khopo+ ’me a sa tlohele bokhopo ba hae le tsela ea hae e khopo, o tla shoa ka lebaka la phoso ea hae;+ empa ha e le uena, u tla be u lopolotse moea oa hao.+ 20 Ha ea lokileng a furalla ho loka ha hae+ ’me a etsa ka ho hloka toka ’me ’na ke beha khopiso ka pel’a hae,+ o tla shoa hobane ha ua ka ua mo lemosa. O tla shoa ka lebaka la sebe sa hae,+ ’me liketso tsa hae tse lokileng tseo a li entseng li ke ke tsa hopoloa,+ empa mali a hae ke tla a batla letsohong la hao.+ 21 Ha e le uena, haeba u lemositse ea lokileng hore ea lokileng a se ke a etsa sebe,+ ’me a sa etse sebe, ruri o tla ’ne a phele hobane o ne a lemositsoe,+ ’me u tla be u lopolotse moea oa hao.”+
22 Letsoho la Jehova la e-ba holim ’a ka ’me a re ho ’na: “Ema, u ee thoteng,+ ’me ke tla bua le uena moo.” 23 Kahoo ka ema ’me ka ea thoteng, ’me, bonang! khanya ea Jehova e ne e eme moo,+ joaloka khanya eo ke neng ke e bone haufi le nōka ea Kebare,+ eaba ke itihela fatše ka sefahleho.+ 24 Joale moea oa kena ka ho ’na+ ’me oa nkemisa ka maoto,+ eaba o qala ho bua le ’na o re ho ’na:
“Tloo, u ikoalle ka har’a ntlo ea hao. 25 Uena, mor’a motho, bona! ka sebele ba tla beha lithapo holim ’a hao ’me ba u tlame ka tsona e le hore u se ke ua kena har’a bona.+ 26 Ke tla etsa hore leleme la hao le khomarele mahalapa a hao,+ ’me ka sebele u tla fetoha semumu,+ ’me ho bona u ke ke ua ba motho ea fanang ka khalemelo,+ hobane ke ntlo e tletseng borabele.+ 27 Ha ke bua le uena ke tla ahlamisa molomo oa hao, ’me u tla re ho bona,+ ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng.’ Ea utloang a utloe,+ ’me ea hanang a hane, hobane ke ntlo e tletseng borabele.+
4 “Uena, mor’a motho, u inkele setene, u se behe ka pel’a hao ’me u betle motse holim ’a sona, Jerusalema.+ 2 U o thibelle+ le ho haha lerako le o thibellang+ ’me u o qhobele ’mōtōmōtō le ho hloma liahelo khahlanong le oona+ le ho beha likofuto tsa ho heletsa lerako ho o pota-pota ka hohle.+ 3 Ha e le uena, u inkele pane ea tšepe, ’me u e behe e le lerako la tšepe pakeng tsa hao le motse, u lebise sefahleho sa hao khahlanong le oona, ’me o tla thibelloa, ’me u o lika-liketse. Ke pontšo ho ba ntlo ea Iseraele.+
4 “Ha e le uena, u robale ka lehlakore le letšehali, ’me u behe phoso ea ba ntlo ea Iseraele ho lona.+ Ka palo ea matsatsi ao u tla robala ka lona u tla jara phoso ea bona. 5 Ke tla u fa lilemo tsa phoso ea bona+ tseo palo ea tsona e leng matsatsi a makholo a mararo le mashome a robong,+ ’me u jare phoso ea ba ntlo ea Iseraele. 6 U tla a phetha.
“U tla robala ka lehlakore le letona ka lekhetlo la bobeli, ’me u jare phoso ea ntlo ea Juda ka matsatsi a mashome a mane.+ Ke u file letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo.+ 7 U tla lebisa sefahleho sa hao ho thibelloeng ha Jerusalema,+ letsoho la hao le hlobotse, ’me u profete khahlanong le eona.
8 “Bona! Ke tla beha lithapo+ holim ’a hao e le hore u se ke ua iphetholela ho tloha ka lehlakoreng le leng ho ea ka lehlakoreng le leng, ho fihlela u phethile matsatsi a ho thibella ha hao.
9 “Ha e le uena, inkele koro+ le harese le linaoa tse sephara+ le lensisi+ le nyalothe le maili,+ ’me u li tšele ka sejaneng se le seng u iketsetse bohobe ka tsona, ka palo ea matsatsi ao u tla robala ka lehlakore ka ’ona; u tla bo ja ka matsatsi a makholo a mararo le mashome a robong.+ 10 Lijo tsa hao tseo u tla li ja li tla bekhoa—lishekele tse mashome a mabeli ka letsatsi.+ Nako le nako u tla li ja.
11 “U tla noa metsi ka tekanyo, karolo ea botšelela ea hine. Nako le nako u tla noa.
12 “U tla bo ja e le polokoe ea harese;+ ha e le bona, u tla bo apeha ka pel’a mahlo a bona holim ’a mantle+ a ommeng a moloko oa batho.” 13 Jehova a tsoela pele ho re: “Ka mokhoa o tjena bara ba Iseraele ba tla ja bohobe ba bona bo sa hloeka+ har’a lichaba tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona.”+
14 Eaba ke re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! Moea oa ka ha oa silafala;+ leha e le hore nkile ka ja ntho e seng e shoele kapa phoofolo e rusolotsoeng ho tloha bocheng ba ka,+ esita le ho fihlela joale, ’me molomong oa ka ha hoa kena nama e silafetseng.”+
15 Tumellanong le hoo a re ho ’na: “Bona, ke u file moiteli oa likhomo ho e-na le mantle a ommeng a moloko oa batho, ’me u tla etsa bohobe ba hao holim ’a oona.” 16 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, bona! ke roba melamu eo mahobe a lesoba hare a fanyehiloeng ho eona,+ Jerusalema, ’me ba tla lokela ho ja bohobe bo bekhiloeng le ka ho tšoenngoa ke lipelaelo,+ ’me ba tla noa metsi ka tekanyo le ka ho nyaroha,+ 17 ka morero oa hore ba haelloe ke bohobe le metsi le hore ba shebane ka ho makala ’me ba bole phosong ea bona.+
5 “Ha e le uena, mor’a motho, inkele sabole e bohale. U inkele eona joaloka lehare la mokuti oa moriri, u e fetise hloohong ea hao le litelung tsa hao,+ ’me u inkele sekala sa ho lekanya ebe u arola moriri ka likarolo. 2 Karolo ea boraro u tla e chesa mollong bohareng ba motse hang ha matsatsi a ho thibella a phethahetse.+ U tla nka karolo e ’ngoe ea boraro. U tla e hlatha ka sabole ho o pota-pota ka hohle,+ ’me karolo ea boraro ea ho qetela u tla e hasanya moeeng, ’me ke tla tsomula sabole ka mor’a oona.+
3 “Ho oona u tla nka o seng mokae ka palo ’me u o phuthele melekeng ea seaparo sa hao.+ 4 O mong oa oona u tla o nka u o lahlele ka har’a mollo ’me u o chese lore! mollong. Ho oona ho tla tsoa mollo o tla ea ho bohle ba ntlo ea Iseraele.+
5 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ena ke Jerusalema. Ke e behile ka har’a lichaba, linaha li e pota-potile ka hohle. 6 E ile ea fetohela liqeto tsa ka tsa boahloli ka bokhopo ho feta lichaba,+ le khahlanong le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng ho feta lichaba tse e pota-potileng, etsoe ba lahlile liqeto tsa ka tsa boahloli ’me, ha e le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng, ha baa tsamaea ho tsona.’+
7 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore le bile morusu+ ho feta lichaba tse le pota-potileng ka hohle, ha lea tsamaea ka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me ha lea phetha liqeto tsa ka tsa boahloli;+ empa le entse ho ea ka liqeto tsa boahloli tsa lichaba tse le pota-potileng ka hohle, na ha ho joalo?+ 8 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! uena motse, ke khahlanong le uena,+ ’me ke tla phethisa liqeto tsa ka tsa boahloli ka hare ho uena mahlong a lichaba.+ 9 Ke tla u etsa seo ke sa kang ka se etsa le seo nke keng ka hlola ke etsa se tšoanang le sona ka lebaka la lintho tsohle tsa hao tse manyala.+
10 “‘“Ka hona bo-ntate ba tla ja bara ka hare ho uena,+ ’me bara ba tla ja bo-ntat’a bona, ’me ke tla phethisa ho uena liketso tsa kahlolo le ho hasanyetsa bohle ba setseng ba hao moeeng o mong le o mong.”’+
11 “‘Ka hona ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ka sebele ka lebaka la hore u silafalitse sehalalelo sa ka ka lintho tsohle tsa hao tse nyonyehang+ le ka lintho tsohle tsa hao tse manyala,+ ke ’Na ea tla u fokotsa+ le leihlo la ka le ke ke la utloela bohloko+ ’me le ’na nke ke ka bontša qenehelo.+ 12 Karolo ea boraro ea hao—e tla shoa ka lefu la seoa,+ ’me e tla felisoa ke tlala ka hare ho uena.+ Karolo e ’ngoe ea boraro—e tla oa ka sabole ho u pota-pota ka hohle. Karolo ea boraro ea ho qetela ke tla e hasanyetsa moeeng o mong le o mong,+ ’me ke tla tsomula sabole ka mor’a bona.+ 13 Ka sebele khalefo ea ka e tla fela+ ’me ke tla kokobetsa bohale ba ka holim ’a bona+ le ho itšelisa;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke buile ka ho tsitlella boinehelo bo khethehileng,+ ha ke phetha khalefo ea ka holim ’a bona.
14 “‘Ke tla u etsa sebaka se ripitliloeng le nyeliso har’a lichaba tse u pota-potileng ka hohle ka pel’a mahlo a e mong le e mong ea fetang ka tsela.+ 15 U tla fetoha nyeliso+ le ntho e hlapaoloang,+ mohlala o lemosang+ le ntho e nyarosang ho lichaba tse u pota-potileng ka hohle, ha ke etsa liketso tsa kahlolo ho uena ka bohale le khalefo le ka likhalemelo tsa khalefo.+ ’Na, Jehova, ke boletse.
16 “‘Ha ke romela metsu e kotsi ea tlala holim ’a bona,+ eo e tla ba tšenyeho, e leng metsu eo ke tla e romela ho le felisa,+ esita le tlala ke tla e atisa holim ’a lōna ’me ke tla roba melamu ea lōna eo ho eona ho fanyehiloeng mahobe a lesoba hare.+ 17 Ke tla le romela tlala le libata tse kotsi,+ li tla le amoha bana, lefu la seoa+ le mali+ li tla feta ho pholletsa ho lōna, ’me ke tla le tlisetsa sabole.+ ’Na, Jehova, ke boletse.’”
6 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao nģ’a lithabeng tsa Iseraele+ ’me u li profetele.+ 3 U tla re, ‘Lōna lithaba tsa Iseraele, utloang lentsoe la ’Musi Morena Jehova:+ Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng lithaba le maralla,+ le likotopo le liphula: “Ke ’na enoa! Ke le tlisetsa sabole, ’me ka sebele ke tla timetsa libaka tsa lōna tse phahameng.+ 4 Lialetare tsa lōna li tla etsoa lesupi+ ’me liluloana tsa lōna tsa libano li tla robeha, ke tla etsa hore ba bolailoeng ba lōna ba oe ka pel’a litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang.+ 5 Ke tla beha litopo tsa bara ba Iseraele ka pel’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang, ’me ke tla hasanya masapo a lōna ho pota-pota lialetare tsa lōna ka hohle.+ 6 Libakeng tsohle tsa lōna tsa bolulo+ metse e tla ripitloa+ ’me libaka tse phahameng e tla ba lesupi, e le hore e ka ba tse ripitliloeng+ le lialetare tsa lōna e be lesupi ’me li robehe+ le litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang li felisoe+ ’me liluloana tsa lōna tsa libano li heletsoe+ ’me mesebetsi ea lōna e hlakoloe. 7 Ka sebele ea bolailoeng o tla oa ka har’a lōna,+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.+
8 “‘“Ke tla tlohella hore le be le masala a phonyohang sabole har’a lichaba, ha le hasana har’a linaha.+ 9 Ka sebele ba phonyohileng ba lōna ba tla nkhopola har’a lichaba tseo ba tla beng ba isitsoe kholehong ho tsona,+ hobane ke utloisitsoe bohloko ke lipelo tsa bona tse etsang bohlola tse suthetseng thōko le ’na+ le mahlo a bona a latelang ka bohlola litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang;+ ka sebele lifahlehong tsa bona ba tla nyonya lintho tse mpe tseo ba li entseng linthong tsohle tsa bona tse manyala.+ 10 Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova; hase ha lefeela ke buileng+ hore ke tla ba etsa ntho ena e bakang tlokotsi.”’+
11 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Opang liatla+ le tile ka maoto, ’me le re: “Jo!” ka lebaka la lintho tsohle tse mpe tse manyala tsa ba ntlo ea Iseraele,+ hobane ba tla oa ka sabole,+ ka tlala+ le ka lefu la seoa.+ 12 Ha e le ea hōle,+ o tla shoa ka lefu la seoa; ha e le ea haufi, o tla oa ka sabole; ha e le ea siiloeng le ea sirelelitsoeng, o tla bolaoa ke tlala, ’me ke tla phetha khalefo ea ka khahlanong le bona.+ 13 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ha ba bolailoeng ba bona ba e-ba har’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang,+ ho pota-pota lialetare tsa bona ka hohle,+ holim ’a leralla le leng le le leng le phahameng,+ litlhōrōng tsohle tsa lithaba+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se seholo se makala,+ sebakeng seo ho sona ba nyehetseng monko o khathollang ho litšoantšo tsohle tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 14 Ke tla otlolla letsoho khahlanong le bona+ le ho etsa naha lesupi, esita le lesupi le lebe ho feta lefeella le ka nģ’a Dibla, libakeng tsohle tsa bona tsa bolulo. Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”
7 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Ha e le uena, mor’a motho, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng naha ea Iseraele, ‘Bofelo, bofelo, bo fihlile lipheletsong tse ’nè tsa naha.+ 3 Joale bofelo bo u fihletse,+ ’me ke tla romela bohale ba ka khahlanong le uena, ke tla u ahlola ho ea ka litsela tsa hao+ ke tlise lintho tsohle tsa hao tse manyala holim ’a hao. 4 Leihlo la ka le ke ke la u utloela bohloko,+ kapa ke be le qenehelo, etsoe ke tla tlisa litsela tsa hao holim ’a hao, ’me lintho tsa hao tse manyala li tla ba ka hare ho uena;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
5 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Tlokotsi, tlokotsi e ikhethang, bonang! ea tla.+ 6 Bofelo bo tla tla.+ Bofelo bo tla tla; bo tla tsoha bakeng sa hao. Bona! Boa tla.+ 7 Moqhaka o tla tla ho uena, ea ahileng naheng, nako e tla tla, letsatsi le haufi.+ Ho na le pherekano, eseng ho hooa ha lithaba.
8 “‘Joale haufinyane ke tla tšollela bohale ba ka holim ’a hao,+ ’me ke tla phetha bohale ba ka khahlanong le uena,+ ke tla u ahlola ho ea ka litsela tsa hao+ ke be ke tlise lintho tsohle tsa hao tse manyala holim ’a hao. 9 Leihlo la ka le ke ke la utloela bohloko+ kapa ke be le qenehelo.+ Ke tla tlisa holim ’a hao ho ea ka litsela tsa hao, ’me lintho tsa hao tse nyonyehang li tla ba ka hare ho uena;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ea otlang.+
10 “‘Bonang! Letsatsi! Bonang! Lea tla.+ Moqhaka o tsoile.+ Molamu o thuntse.+ Ho iketelletsa pele ho hlōmetse.+ 11 Pefo e hlahile hore e be molamu oa bokhopo.+ Hase ho tsoa ho bona, kapa leruong la bona; hase ho tsoa ho bona, leha e le hore ho na le bophahamo leha e le bofe ho bona. 12 Nako e tla tla, letsatsi le tla fihla. Ha e le ea rekang, a se ke a thaba;+ ha e le morekisi, a se ke a siama, etsoe ho na le boikutlo ba khalefo khahlanong le bongata bohle ba eona. 13 Etsoe morekisi a ke ke a khutlela ho se rekisitsoeng, ha bophelo ba bona bo ntse bo le har’a ba phelang; etsoe pono ke ea bongata bohle ba eona. Ha ho ea tla khutla, ’me e mong le e mong a ke ke a rua bophelo ba hae ka phoso ea hae.
14 “‘Ba letsitse terompeta+ ’me ho lokisitsoe e mong le e mong, empa ha ho na ea eang ntoeng, hobane boikutlo ba ka ba khalefo bo khahlanong le bongata bohle ba eona.+ 15 Sabole+ e ka ntle, ’me lefu la seoa le tlala li ka hare.+ Mang kapa mang ea tšimong, o tla bolaoa ka sabole, ’me leha e le bafe ba leng motseng, tlala le lefu la seoa li tla ba timetsa.+ 16 Ka sebele baphonyohi ba bona ba tla phonyoha+ ’me lithabeng ba be joaloka maeba a liphula,+ ao kaofela ha ’ona a llang, e mong le e mong phosong ea hae. 17 Ha e le matsoho ’ohle, a ntse a tepella;+ ha e le mangole ’ohle, a ntse a rotha metsi.+ 18 Ba itlamile ka lesela la mokotla,+ ho tlakasela ho ba aparetse;+ lifahlehong tsohle ho na le lihlong+ ’me lihlooho tsohle tsa bona li lefatla.+
19 “‘Ba tla lahlela silevera ea bona literateng, ’me khauta ea bona e tla fetoha ntho e nyonyehang. Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova.+ Ba ke ke ba khotsofatsa meea ea bona, ’me ba ke ke ba tlatsa mala a bona, etsoe e fetohile khopiso e bakang phoso ea bona.+ 20 Botle ba mokhabiso oa motho—motho o o behile e le lebaka la ho ikakasa; litšoantšo tsa bona tse manyala,+ lintho tsa bona tse nyonyehang,+ ba li entse ka oona. Ke ka lebaka leo ke tlang ho o etsa ntho e nyonyehang ho bona.+ 21 Ke tla nehelana ka oona matsohong a basele hore e be se tlatlapuoeng le ho ba khopo ba lefatše hore e be thepa e hapuoeng,+ ’me ka sebele ba tla o silafatsa.
22 “‘Ke tla lokela ho retelletsa sefahleho sa ka hōle le bona,+ ’me ba tla silafatsa sebaka sa ka se patehileng, ’me ka sebele masholu a tla kena ho sona ’me a se silafatse.+
23 “‘Etsa ketane,+ etsoe naha e tletse kahlolo e khenathetseng mali+ ’me motse o tletse pefo.+ 24 Ke tla tlisa ba babe ka ho fetisisa ba lichaba,+ ’me ka sebele ba tla hapa matlo a bona,+ ke tla felisa khanya ea ba matla,+ ’me lihalalelo tsa bona li tla silafatsoa.+ 25 Ho tla ba le bohloko bo boholo, ’me ka sebele ba tla batla khotso empa e tla be e le sieo.+ 26 Ho tla tla tsietsi holim ’a tsietsi,+ ho tla hlaha tlaleho holim ’a tlaleho, ’me batho ba tla batla pono ho moprofeta,+ ’me molao o tla ba sieo ho moprista le keletso ho banna ba hōlileng.+ 27 Morena o tla siama;+ esita le morenana o tla apara lesupi,+ ’me matsoho a batho ba naha a tla khathatseha. Ke tla ba etsa ho ea ka tsela ea bona,+ ke tla ba ahlola ka likahlolo tsa bona;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”+
8 Ka selemo sa botšelela, ka khoeli ea botšelela, ka letsatsi la bohlano la khoeli, ke ne ke lutse ka tlung ea ka ’me banna ba baholo ba Juda ba ne ba lutse ka pel’a ka,+ ha letsoho la ’Musi Morena Jehova le theohela holim ’a ka moo.+ 2 Ka qala ho talima, ’me, bonang! sebōpeho se tšoanang le ponahalo ea mollo;+ ho tloha ponahalong ea letheka la hae esita le ho ea tlaase ho ne ho e-na le mollo,+ ’me ho tloha lethekeng la hae ho ea holimo ho ne ho e-na le ho hong ho bonahalang joaloka khanya, e kang ho phatsima ha motsoako oa khauta le silevera.+ 3 Joale a otlolla setšoantšo sa letsoho+ a nkuka ka sehlotho, ’me moea+ oa nkukela pakeng tsa lefatše le maholimo oa ntlisa Jerusalema liponong tsa Molimo,+ monyakong oa heke e ka hare+ e shebileng ka nģ’a leboea, moo sebaka sa bolulo e leng sa tšoantšetso ea poulelo e susumelletsang poulelong.+ 4 Bonang! Khanya ea Molimo oa Iseraele e ne e le moo,+ joaloka ponahalo eo ke e boneng thoteng.
5 A re ho ’na: “Mor’a motho, ka kōpo, phahamisetsa mahlo ka nģ’a leboea.” Kahoo ka phahamisetsa mahlo nģ’a leboea, ’me, bonang! ka leboea ho heke ea aletare ho ne ho e-na le tšoantšetso ena ea poulelo+ monyako. 6 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, na ua bona hore ke lintho life tse khōlō tse manyala tseo ba li etsang,+ lintho tseo ba ntlo ea Iseraele ba li etsang mona bakeng sa hore ke be hōle le sehalalelo sa ka?+ Leha ho le joalo u sa tla boela u bone lintho tse khōlō tse manyala.”
7 Tumellanong le hoo a ntlisa monyakong oa lebala, eaba ke qala ho talima, ’me, bonang! lesoba le itseng leboteng. 8 Joale a re ho ’na: “Mor’a motho, ka kōpo, phunya lebota.”+ Butle-butle ka phunya lebota, ’me bonang! ho ne ho e-na le monyako o itseng. 9 A eketsa ka ho re ho ’na: “Kena ’me u bone lintho tse mpe tse manyala tseo ba li etsang mona.”+ 10 Kahoo ka kena eaba ke qala ho talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le setšoantšo se seng le se seng+ sa lihahabi le liphoofolo tse nyonyehang,+ le litšoantšo tsohle tse rapeloang tse nyonyehang tsa ntlo ea Iseraele,+ setšoantšo se betliloe ho pota-pota lebota ka hohle. 11 Banna ba mashome a supileng+ ba ba hōlileng ba ntlo ea Iseraele, ba ne ba eme ka pel’a tsona, ’me Jazania mora oa Shafane+ a eme ka har’a bona, e mong le e mong a nkile pitsa ea ho chesetsa libano letsohong, ’me monko o monate oa leru la libano o ne o nyoloha.+ 12 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bone seo ba hōlileng ba ntlo ea Iseraele ba se etsang lefifing,+ e mong le e mong likamoreng tse ka hare tsa setšoantšo sa hae? Etsoe ba re, ‘Jehova ha a re bone.+ Jehova o tlohetse naha.’”
13 A tsoela pele ho re ho ’na: “U sa tla boela u bone lintho tse khōlō tse manyala tseo ba li etsang.”+ 14 Kahoo a ntlisa monyakong oa heke ea ntlo ea Jehova, e ka ’nģ’a leboea, ’me, bonang! ho ne ho lutse basali moo, ba llela molimo Tamuze.
15 A eketsa ka ho re ho ’na: “Mor’a motho, na u bone see? U sa tla boela u bone lintho tse khōlō tse manyala+ tse mpe ho feta tsena.” 16 Kahoo a ntlisa lebaleng le ka hare la ntlo ea Jehova,+ ’me, bonang! monyakong oa tempele ea Jehova, pakeng tsa mathule le aletare,+ ho ne ho e-na le banna ba ka bang mashome a mabeli a metso e mehlano+ ba furaletseng tempele ea Jehova+ ’me lifahleho tsa bona li lebile bochabela, ba ne ba iname ba lebile bochabela, ba lebile letsatsing.+
17 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, na u bone see? Na ke ntho e bobebe hakaalo hore ba ntlo ea Juda ba etse lintho tse manyala tseo ba li entseng mona, hore ba tlatse naha ka pefo+ le hore ba ntšiteloe hape, ’me bona! ba otlollela lehlōmela nkong ea ka? 18 Le ’na ke tla nka bohato ka khalefo.+ Leihlo la ka le ke ke la utloela bohloko, kapa ke be le qenehelo.+ Ka sebele ba tla hoeletsa ka lentsoe le phahameng moo ke ntseng ke utloa, empa nke ke ka ba utloa.”+
9 A hoeletsa ka lentsoe le phahameng moo ke ntseng ke utloa, a re: “E-reng ba lebisang tlhokomelo ea bona motseng ba atamele, e mong le e mong a nkile sebetsa sa hae letsohong bakeng sa ho tlisa pheliso!”
2 Bonang! Ho ne ho e-na le banna ba tšeletseng ba tsoang ka nģ’a heke e ka holimo+ e shebileng ka leboea, e mong le e mong a nkile sebetsa sa ho thuhakanya letsohong; ’me ho ne ho e-na le monna e mong har’a bona ea apereng line,+ eo lethekeng la hae a nang le lenaka la enke la mongoli, eaba baa kena ’me ba ema thōko ho aletare ea koporo.+
3 Ha e le khanya ea Molimo oa Iseraele,+ ea tlosoa ka holim ’a likerubime+ moo e neng e le teng ea isoa monyako oa ntlo,+ ’me a qala ho hoeletsa monna ea apereng line,+ eo lethekeng la hae a nang le lenaka la enke la mongoli. 4 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Pholletsa har’a motse, har’a Jerusalema, u tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang le ba bobolang+ ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa har’a eona.”+
5 A re ho bana ba bang moo ke ntseng ke utloa: “Pholletsang le motse ka mor’a hae ’me le bolaee. Mahlo a lōna a se ke a utloela bohloko, ho hang le se ke la ba le qenehelo.+ 6 Le lokela ho bolaea monna-moholo, mohlankana le moroetsana le ngoana e monyenyane le basali+—le ba felise. Empa le se ke la atamela ho motho leha e le ofe ea nang le letšoao,+ ’me le lokela ho qala ka sehalalelo sa ka.”+ Kahoo ba qala ka banna-baholo ba neng ba le ka pel’a ntlo.+ 7 A eketsa ka ho re ho bona: “Silafatsang ntlo ’me le tlatse mabala ka ba bolailoeng.+ E-eang!” Ba tsoa ’me ba bolaea ba leng motseng.
8 Eitse ha ba ntse ba bolaea ’me ’na ke setse, ka itihela fatše ka sefahleho+ eaba kea hoeletsa ke re: “Oho,+ ’Musi Morena Jehova! Na u felisa ba setseng ba Iseraele ha u ntse u tšollela khalefo ea hao holim ’a Jerusalema?”+
9 Kahoo a re ho ’na: “Phoso ea ba ntlo ea Iseraele le ea Juda+ e khōlō haholo,+ ’me naha e tletse tšollo ea mali+ le motse o tletse ho se tšepahale;+ etsoe ba itse, ‘Jehova o tlohetse naha,+ ’me Jehova ha a bone.’+ 10 Le ’na, leihlo la ka le ke ke la utloela bohloko,+ kapa ke bontše qenehelo.+ Ka sebele tsela ea bona ke tla e tlisa lihloohong tsa bona.”+
11 Bonang! Monna ea apereng line, eo lethekeng la hae ho nang le lenaka la enke, o ne a khutlisa lentsoe, a re: “Ke entse feela joalokaha u ntaetse.”+
10 Ka tsoela pele ho talima, ’me, bonang! holim ’a sepakapaka+ se neng se le holim ’a lihlooho tsa likerubime ho ne ho e-na le ho hong ho kang lejoe la safire,+ ho bonahalang ho le joaloka sebōpeho sa terone,+ ho hlaha ka holim ’a tsona. 2 A bua le monna ea apereng line,+ a re: “Kena pakeng tsa mabili,+ ka tlas’a likerubime, ’me u tlatse liatla tsa hao ka bobeli ka mashala+ a mollo o tsoang pakeng tsa likerubime ’me u a hasanye motseng.”+ Kahoo a kena ke ntse ke mo shebile.
3 Likerubime li ne li eme ka lehlakoreng le letona la ntlo ha monna eo a kena, ’me leru le ne le tlatsa lebala le ka hare.+ 4 Khanya ea Jehova+ ea phahama ho tloha ho likerubime ho ea monyako oa ntlo, ’me butle-butle ntlo ea tlala leru,+ ’me lebala le ne le tletse ho benya ha khanya ea Jehova. 5 Molumo oa mapheo a likerubime+ oa utloahala lebaleng le ka ntle, joaloka molumo oa Molimo ea Matla ’Ohle ha a bua.+
6 Eitse ha a laetse monna ea apereng line, a itse: “Okha mollo pakeng tsa mabili, pakeng tsa likerubime,” a kena ’me a ema thōko ho lebili. 7 Joale kerubime ea nanabetsa letsoho la eona pakeng tsa kerubime le mollo+ o neng o le pakeng tsa likerubime+ ’me ea o nka ea o beha liatleng tsa ea apereng line,+ eo joale a ileng a o nka a tsoa. 8 Ha bonoa likerubime li e-na le setšoantšo sa letsoho la motho oa lefatše ka tlas’a mapheo a tsona.+
9 Ka tsoela pele ho talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le mabili a mane thōko ho likerubime, lebili le leng le le thōko ho kerubime e ’ngoe ’me le lebili le leng le le thōko ho kerubime e ’ngoe,+ ’me ponahalo ea mabili e ne e le joaloka ho phatsima ha lejoe la krysolite. 10 Ha e le ponahalo ea ’ona, ka bone ba ’ona a ne a e-na le sebōpeho se tšoanang, feela joalokaha lebili le le ka har’a lebili le leng.+ 11 Ha a tsamaea, a ne a e-ea ka mahlakoreng a ’ona a mane. A ne a sa thinye ha a tsamaea, hobane sebaka seo hlooho e neng e sheba ho sona, a ne a se latela. A ne a sa thinye ha a tsamaea.+ 12 Nama eohle ea tsona le mekokotlo ea tsona le matsoho a tsona le mapheo a tsona le mabili li ne li tletse mahlo ka hohle.+ Ka bone ba tsona li ne li e-na le mabili a tsona. 13 Ha e le mabili, a ile a hoeletsoa moo ke ntseng ke utloa, “Lōna mabili!”
14 E ’ngoe le e ’ngoe e ne e e-na le lifahleho tse ’nè.+ Sefahleho sa pele e ne e le sefahleho sa kerubime, ’me sefahleho sa bobeli e ne e le sefahleho sa motho oa lefatše,+ ’me sa boraro e ne e le sefahleho sa tau, ’me sa bone e ne e le sefahleho sa ntsu.+
15 Likerubime li ne li phahama+—e ne e le sebōpuoa se phelang se tšoanang le seo ke se boneng nōkeng ea Kebare+— 16 ha likerubime li tsamaea, mabili a ne a tsamaea haufi le tsona;+ ’me ha likerubime li phahamisa mapheo a tsona hore a phahamele lefatše, mabili a ne a sa thinye, haufi le tsona.+ 17 Ha li ema, le ’ona a ne a ema; ’me ha li phahama,+ a ne a phahama le tsona, kaha moea oa sebōpuoa se phelang o ne o le ho ’ona.+
18 Khanya+ ea Jehova ea tloha monyako oa ntlo ea ema holim ’a likerubime.+ 19 Joale likerubime tsa phahamisa mapheo a tsona ’me tsa tloha lefatšeng+ ka pel’a mahlo a ka. Ha li tloha, mabili le ’ona a ne a le haufi le tsona; ’me tsa qala ho ema monyakong o ka bochabela oa heke ea ntlo ea Jehova, ’me khanya ea Molimo oa Iseraele e ne e le holim ’a tsona, ho tloha holimo.
20 Sena ke sebōpuoa se phelang+ seo ke neng ke se bone tlas’a Molimo oa Iseraele nōkeng ea Kebare,+ hoo ke ileng ka tseba hore e ne e le likerubime. 21 Ha e le tse ’nè, e ’ngoe le e ’ngoe e ne e e-na le lifahleho tse ’nè+ ’me e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le mapheo a mane, ’me sebōpeho sa matsoho a motho oa lefatše se ne se le ka tlas’a mapheo a tsona. 22 Ha e le sebōpeho sa lifahleho tsa tsona, e ne e le lifahleho tseo ponahalo ea tsona ke neng ke e bone nōkeng ea Kebare, tsona ka sebele.+ E ’ngoe le e ’ngoe e ne e leba pele ka ho toba.+
11 Moea+ oa mphahamisa+ ’me oa ntlisa hekeng e ka bochabela ea ntlo ea Jehova e shebileng nģ’a bochabela,+ ’me, bonang! monyakong oa heke ho ne ho e-na le banna ba mashome a mabeli a metso e mehlano,+ har’a bona ka bona Jazania mora oa Azure le Pelatia mora oa Benaia, likhosana tsa sechaba.+ 2 Joale a re ho ’na: “Mor’a motho, bana ke banna ba rerang bobe le ba fanang ka keletso e mpe khahlanong le motse ona;+ 3 ba reng, ‘Na ho hahuoa ha matlo ha ho haufi haholo?+ Ke pitsa e molomo o moholo,+ ’me rōna re nama.’
4 “Ka hona profeta khahlanong le bona. Profeta, Uena mor’a motho.”+
5 Joale moea oa Jehova oa theohela holim ’a ka,+ ’me a tsoela pele ho re ho ’na: “E-re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng:+ “Le boletse se nepahetseng, Lōna ba ntlo ea Iseraele; ’me mabapi le lintho tse hlahileng meeeng ea lōna, ke e tsebile.+ 6 Le entse hore ba bolailoeng motseng ona ba ngatafale, ’me le tlatsitse literata tsa oona ka ba bolailoeng.”’”+ 7 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Mabapi le ba bolailoeng ba lōna bao le ba behileng ka har’a oona, ke nama,+ ’me oona ke pitsa e molomo o moholo;+ le tla ntšoa ka har’a oona.’”+
8 “‘Le tšabile sabole,+ ’me ke tla tlisa sabole holim ’a lōna,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.+ 9 ‘Ka sebele ke tla le ntša ka har’a oona ’me ke nehelane ka lōna letsohong la basele+ le ho phethisa liketso tsa kahlolo holim ’a lōna.+ 10 Le tla oa ka sabole.+ Ke tla le ahlola moeling oa Iseraele;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.+ 11 Oona e ke ke ea e-ba pitsa e molomo o moholo ho lōna,+ ’me lōna le ke ke la ba nama ka har’a oona. Ke tla le ahlola moeling oa Iseraele, 12 ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova, hobane ha lea ka la tsamaea melaong ea ka ea tsamaiso ’me ha lea ka la phetha likahlolo tsa ka,+ empa le entse ho ea ka likahlolo tsa lichaba tse le pota-potileng.’”+
13 Eitse hang ha ke profetile Pelatia mora oa Benaia a shoa,+ ’me ka oa ka sefahleho ka hoeletsa ka lentsoe le phahameng+ ka re: “Oho, ’Musi Morena Jehova!+ Na ke pheliso eo u e phethisang ho ba setseng ba Iseraele?”+
14 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 15 “Mor’a motho, mabapi le barab’eno,+ barab’eno, banna ba thahasellang tokelo ea hao ea thekollo, le bohle ba ntlo ea Iseraele, kaofela ha bona, ke bona bao baahi ba Jerusalema ba itseng ho bona, ‘Suthelang hōle le Jehova. Ke ea rōna; re filoe naha e le ntho eo re tla e rua’;+ 16 ka hona e-re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Le hoja ke ba suthiselitse hōle har’a lichaba,+ ’me le hoja ke ba hasantse har’a linaha, leha ho le joalo ke tla fetoha sehalalelo ho bona ka nakoana har’a linaha tseo ba tlileng ho tsona.”’+
17 “Ka hona e-re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke le phuthe lichabeng le ho le bokella linaheng tseo le neng le hasantsoe ho tsona, ’me ke tla le neha naha ea Iseraele.+ 18 Ka sebele ba tla tla moo ’me ba tlose lintho tsohle tse nyonyehang tsa eona le lintho tsohle tsa eona tse manyala ho eona.+ 19 Ke tla ba fa pelo e le ’ngoe,+ ’me ke tla kenya moea o mocha ka hare ho bona;+ ka sebele ke tla tlosa pelo ea lejoe nameng ea bona+ ’me ke ba fe pelo ea nama,+ 20 e le hore ba ka tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng le ho boloka liqeto tsa ka tsa boahloli le ho li phetha;+ ’me ka sebele e be sechaba sa ka+ ’na ke be Molimo oa bona.”’+
21 “‘“Empa ha e le bao lipelo tsa bona li tsamaeang linthong tsa bona tse nyonyehang le linthong tsa bona tse manyala,+ ka sebele ke tla tlisa tsela ea bona holim ’a lihlooho tsa bona,” ho bolela ’Musi Morena Jehova.’”+
22 Joale likerubime+ tsa phahamisa mapheo, ’me mabili a ne a le haufi le tsona,+ khanya+ ea Molimo oa Iseraele e ne e le holim ’a tsona, ho tloha holimo.+ 23 Khanya ea Jehova+ ea nyoloha bohareng ba motse ’me ea qala ho ema holim ’a thaba+ e ka bochabela ho motse.+ 24 Moea+ oa mphahamisa+ ’me qetellong oa ntlisa Kalde ho batho ba isitsoeng kholehong,+ ponong ea moea oa Molimo; pono eo ke neng ke e bone ea ’na ea nyoloha ho tloha holim ’a ka. 25 Ka qala ho bolella batho ba isitsoeng kholehong lintho tsohle tsa Jehova tseo a entseng hore ke li bone.+
12 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, u lutse ka har’a ntlo e tletseng borabele,+ e nang le mahlo a ho bona empa a sa bone,+ e nang le litsebe tsa ho utloa empa li sa utloe,+ etsoe ke ntlo e tletseng borabele.+ 3 Ha e le uena, mor’a motho, iketsetse thōtō ea kholeho ’me u ee kholehong motšehare ka pel’a mahlo a bona, u ee kholehong ho tloha sebakeng sa hao ho ea sebakeng se seng ka pel’a mahlo a bona. Mohlomong ba tla bona, le hoja e le ntlo e tletseng borabele.+ 4 U ntšetse thōtō ea hao ka ntle joalokaha ho ntšoa thōtō ea kholeho motšehare ka pel’a mahlo a bona, ’me uena u tla tloha ka shoalane ka pel’a mahlo a bona joaloka ba tlisoang bakeng sa kholeho.+
5 “U phunye lebota ka pel’a mahlo a bona, ’me u e ntše ka lona.+ 6 U tla e jara lehetleng ka pel’a mahlo a bona. U tla e ntša lefifing. U tla ikoahela sefahleho e le hore u se ke ua bona lefatše, kahobane ke u entse limakatso+ ho ba ntlo ea Iseraele.”+
7 Ka etsa feela ka tsela eo ke neng ke laetsoe ka eona.+ Ka ntša thōtō ea ka, feela joaloka thōtō ea kholeho, motšehare; ’me mantsiboea ka phunya lebota ka letsoho. Ka e ntša lefifing. Ka e jara lehetleng, ka pel’a mahlo a bona.
8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na hoseng, la re: 9 “Mor’a motho, na ba ntlo ea Iseraele, ntlo e tletseng borabele,+ ha baa ka ba re ho uena, ‘U etsa’ng?’ 10 E-re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Mabapi le morenana,+ ho na le phatlalatso ena khahlanong le Jerusalema le bohle ba ntlo ea Iseraele ba leng ka har’a bona.”’
11 “E-re, ‘Ke ’na limakatso+ ho lōna. Feela joalokaha ke entse, ke tsela eo ba tla etsoa ka eona. Ba tla ea kholehong, ba ee botlamuoeng.+ 12 Ha e le morenana ea leng ka har’a bona, o tla e jara lehetleng lefifing ’me a tsoe; ba tla phunya lerako e le hore ba e ntše ka lona.+ O tla ikoahela sefahleho e le hore a se ke a bona lefatše ka leihlo.’ 13 Ka sebele ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona, naheng ea Bakalde,+ empa a ke ke a e bona; ’me o tla shoela moo.+ 14 Bohle ba mo pota-potileng e le thuso, le lihlopha tsohle tsa hae tsa masole, ke tla ba hasanyetsa moeeng o mong le o mong;+ ’me ke tla tsomula sabole ka mor’a bona.+ 15 Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke ba qhalakanya har’a lichaba ’me ke ba hasanya har’a linaha.+ 16 Ke tla siea batho ba seng bakae ho bona ba sa bolaoa ke sabole,+ tlala le lefu la seoa, e le hore ba ka pheta lintho tsohle tsa bona tse manyala+ har’a lichaba tseo ba tla kena ho tsona;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”
17 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 18 “Mor’a motho, u lokela ho ja bohobe ba hao ka ho thothomela, ’me u lokela ho noa metsi a hao ka ho ferekana le ka ho tšoenngoa ke lipelaelo.+ 19 U tla re ho batho ba naha, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng baahi ba Jerusalema naheng ea Iseraele:+ “Ba tla ja bohobe ba bona ka ho tšoenngoa ke lipelaelo, ’me ba tla noa metsi a bona ka ho nyaroha, e le hore naha ea bona e ka ba lesupi ka botlalo+ ka lebaka la pefo ea bohle ba lulang ho eona.+ 20 Metse e nang le baahi e tla ripitloa,+ le naha e tla fetoha lesupi feela;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”’”+
21 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 22 “Mor’a motho, polelo ee ea maele eo le nang le eona naheng ea Iseraele ke eng,+ e reng, ‘Matsatsi a lelefalitsoe,+ ’me pono e ’ngoe le e ’ngoe e timetse’?+ 23 Ka hona e-re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka sebele ke tla felisa polelo ena ea maele, ’me ha ba sa tla hlola ba e bua e le polelo ea maele Iseraele.”’+ Empa bua le bona u re, ‘Matsatsi a atametse,+ le taba ea pono e ’ngoe le e ’ngoe.’ 24 Etsoe ha ho sa tla hlola ho e-ba le pono leha e le efe ea lefeela+ kapa bonohe ba boikaketsi ka har’a ntlo ea Iseraele.+ 25 ‘“Etsoe ’na, Jehova, ke tla bua lentsoe leo ke tla le bua, ’me le tla phethoa.+ Ho ke ke ha hlola ho e-ba le ho chechisetsoa morao,+ etsoe matsatsing a lōna,+ ntlo e tletseng borabele, ke tla bua lentsoe ’me ka sebele ke le phethe,” ho bolela ’Musi Morena Jehova.’”
26 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 27 “Mor’a motho, bona! ba ntlo ea Iseraele ba re, ‘Pono eo a e bonang e hōle ka matsatsi a mangata, ’me o profeta mabapi le linako tse hōle.’+ 28 Ka hona e-re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “‘Mantsoe leha e le afe a ka a ke ke a hlola a chechisetsoa morao.+ Lentsoe leo ke tla le bua, le tla phethoa,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’”+
13 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, profeta malebana le baprofeta ba Iseraele ba profetang,+ ’me u tla re ho ba profetang se tsoang lipelong tsa bona,+ ‘Utloang lentsoe la Jehova.+ 3 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ho malimabe baprofeta ba hlokang kelello,+ ba latelang meea ea bona,+ le hoja ho se letho leo ba le boneng!+ 4 Uena Iseraele, baprofeta ba hao ba joaloka liphokojoe libakeng tse ripitliloeng.+ 5 Ka sebele le ke ke la nyolohela makhalong,+ kapa la haha lerako la majoe+ bakeng sa ba ntlo ea Iseraele, e le hore le eme ntoeng letsatsing la Jehova.”+ 6 “Ba bone seo e seng ’nete le bonohe ba leshano,+ ba reng, ‘Se boleloang ke Jehova ke hore,’ le hoja Jehova a sa ba roma, ’me ba letetse hore lentsoe le phethahale.+ 7 Na hase pono ea bohata eo le e boneng, le bonohe ba leshano boo le bo buileng, ha le re, ‘Se boleloang ke Jehova ke hore,’ le hoja ke sa ka ka bua letho?”’+
8 “‘Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “‘Ka lebaka la hore le buile leshano ’me le bone leshano, ka hona ke khahlanong le lōna,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.” 9 Letsoho la ka le khahlanong le baprofeta ba bonang leshano le ba nohang leshano.+ Ba ke ke ba tsoela pele sehlopheng sa metsoalle e haufi-ufi+ ea sechaba sa ka, ’me ba ke ke ba ngoloa tlalehong ea ngoliso ea ntlo ea Iseraele,+ ba ke ke ba tla naheng ea Iseraele;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na ’Musi Morena Jehova,+ 10 ka lebaka la hore, e, ka lebaka la hore ba khelositse sechaba sa ka, ba re, “Khotso e teng!” le hoja ho se khotso,+ ’me ho na le ea hahang lebota le arolang, empa ho na le ba le lilelang lefeela+ ka sesoeufatsi.’+
11 “Bolella ba lilang ka sesoeufatsi hore le tla oa. Ka sebele pula e tšolohang ea litloebelele e tla ba teng, ’me lōna, majoe a sefako, le tla oa, ho foka ha sefefo ho tla le arohanya.+ 12 Bonang! Lebota le tla oa. Na ho ke ke ha thoe ho lōna, ‘Se hokae seretse seo le litseng ka sona?’+
13 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke etse hore ho foka ho matla ha sefefo ho foke khalefong ea ka, ’me bohaleng ba ka ho tla ba le pula e tšolohang ea litloebelele, le ka khalefo ho tla ba le majoe a sefako bakeng sa pheliso.+ 14 Ke tla qhaqha lebota leo le le litseng ka sesoeufatsi ke le kopanye le lefatše, ’me motheo oa lona o tla pepeseha.+ Ka sebele o tla oa, le tla fela ka har’a oona; ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
15 “‘Ke tla phetha khalefo ea ka leboteng le ho ba le lilang ka sesoeufatsi, ’me ke tla re ho lōna: “Lebota ha le sa le eo, le ba le lilang ha ba sa le eo,+ 16 baprofeta ba Iseraele ba profetelang Jerusalema le ba bonang khotso bakeng sa eona,+ le hoja ho se khotso,”’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.+
17 “Ha e le uena, mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao+ khahlanong le barali ba sechaba sa heno ba itšoarang joaloka baprofeta ba basali+ ho tsoa lipelong tsa bona,+ ’me u profete khahlanong le bona. 18 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ho malimabe basali ba rōkahanyang marapo litsoeng tsohle le ba etsang masira a lihlooho tsa boholo bo bong le bo bong e le hore ba tsome meea!+ Na meea eo lōna basali le e tsomang ke ea sechaba sa ka, ’me meea ea lōna ke eona eo le e bolokang e phela? 19 Na le tla ntlhompholla ho sechaba sa ka bakeng sa lefupu la harese le bakeng sa lingoathoana tsa bohobe,+ e le hore le bolaee meea e sa tšoanelang ho shoa+ le hore le boloke meea e sa tšoanelang ho phela e phela ka leshano la lōna ho sechaba sa ka, se utloang leshano?”’+
20 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke khahlanong le marapo a lōna basali, ao ka ’ona le tsomang meea joalokaha eka ke lintho tse fofang, ’me ke tla a hahola matsohong a lōna ke tlohele meea eo le e tsomang hore e tsamaee, meea eo le e tsomang joalokaha eka ke lintho tse fofang.+ 21 Ke tla hahola masira a lōna le ho lopolla sechaba sa ka matsohong a lōna, ’me matsohong a lōna ha ho sa tla hlola ho e-ba le ho hong ho tšoeroeng ha ho il’o tsongoa; ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.+ 22 Ka lebaka la ho nyahamisa pelo ea ea lokileng ka leshano,+ ha ke sa ka ka mo bakela bohloko, le ka ho etsa hore matsoho a ea khopo a be matla+ e le hore a se ke a furalla tsela ea hae e mpe e le ho mo boloka a phela,+ 23 ka hona lōna basali le ke ke la tsoela pele le bona leshano,+ le ke ke la hlola+ le etsa+ bonohe;+ ke tla lopolla sechaba sa ka matsohong a lōna,+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”+
14 Banna ba tsoang ho ba hōlileng ba Iseraele ba tla ho ’na ’me ba lula fatše ka pel’a ka.+ 2 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 3 “Mor’a motho, ha e le banna bana, ba tlisitse litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang lipelong tsa bona, ’me ba behile khopiso e bakang phoso ea bona ka pel’a lifahleho tsa bona.+ Na ba tla mpotsa ka tsela leha e le efe?+ 4 Ka hona bua le bona ’me u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Monna leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele ea tlisang litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang+ pelong ea hae le ea behang khopiso e bakang phoso ea hae ka pel’a sefahleho sa hae le ea tlang ho moprofeta, ’na, Jehova, ke tla mo araba tabeng ena ho ea ka litšoantšo tsa hae tse ngata tse rapeloang tse nyonyehang,+ 5 ka morero oa ho tšoara ba ntlo ea Iseraele ka lipelo tsa bona,+ hobane ba ikhutse ho ’na ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang—kaofela ha bona.”’+
6 “Ka hona e-re ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Khutlang ’me le furalle litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang+ le khutlise lifahleho tsa lōna esita le linthong tsohle tsa lōna tse manyala;+ 7 etsoe monna leha e le ofe ea tsoang ntlong ea Iseraele kapa ea tsoang ho bajaki ba lutseng e le bajaki Iseraele, ea ikhulang hore a se ke a ntatela+ le ea tlisang litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang pelong ea hae le ea behang khopiso e bakang phoso ea hae ka pel’a sefahleho sa hae le ea tlang ho moprofeta ho ea ipotsetsa ka ’na,+ ’na, Jehova, ke tla mo araba. 8 Ke tla tjamela monna eo+ ke mo behe e le pontšo+ le lipolelo tsa maele,+ ke mo tlose har’a sechaba sa ka;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”’+
9 “‘Ha e le moprofeta, haeba a ka thetseha ’me a bua lentsoe, ’na, Jehova, ke thetsitse moprofeta eo;+ ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le eena ke mo felise har’a sechaba sa ka sa Iseraele.+ 10 Ba tla lokela ho jara phoso ea bona.+ Phoso ea ea botsang e tla tšoana hantle feela le phoso ea moprofeta,+ 11 e le hore ba ntlo ea Iseraele ba se ke ba hlola ba hlahlathela ho ntateleng+ le hore ba se ke ba hlola ba itšilafatsa ka litlōlo tsohle tsa bona. E tla ba sechaba sa ka ’me ’na ke tla ba Molimo oa bona,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”+
12 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho ’na, la re: 13 “Mor’a motho, mabapi le naha, haeba e ka ntšiteloa ka ho etsa ka ho se tšepahale,+ ke tla boela ke otlolle letsoho khahlanong le eona ke e robele melamu eo mahobe a lesoba hare a fanyehiloeng ho eona,+ ’me ke tla romela tlala holim ’a eona+ ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona.”+ 14 “‘Hoja banna bana ba bararo ba ne ba ka ba har’a eona, Noe,+ Daniele+ le Jobo,+ ka lebaka la ho loka ha bona+ ba ne ba tla lopolla meea ea bona,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”+
15 “‘Kapa haeba nka fetisa libata ho pholletsa le naha+ ’me tsa e amoha bana+ eaba e fetoha lesupi leo ho seng motho ea fetang ho lona ka lebaka la libata,+ 16 haeba banna bana ba bararo ba ne ba le har’a eona, ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ba ne ba ke ke ba lopolla bara kapa barali; bona, bona feela, ba ne ba tla lopolloa ’me naha e ne e tla fetoha lesupi.’”+
17 “‘Kapa haeba ke ne nka tlisa sabole holim ’a naha eo,+ ’me ka re: “Sabole e ke e fete naheng,” eaba ke felisa motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona,+ 18 esita le haeba banna bana ba bararo ba ne ba le har’a eona,+ ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ba ne ba ke ke ba lopolla bara kapa barali, empa bona, bona feela, ba ne ba tla lopolloa.’”+
19 “‘Kapa haeba ke ne nka romela lefu la seoa naheng eo+ ’me ka tšollela khalefo ea ka ho eona ka mali,+ e le hore ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang holim ’a eona, 20 esita le haeba Noe,+ Daniele+ le Jobo+ ba ne ba le ka har’a eona,+ ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ba ne ba ke ke ba lopolla mora kapa morali; bona ka lebaka la ho loka ha bona ba ne ba tla lopolla meea ea bona.’”+
21 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Kahoo, ho tla ba joalo ha ho e-ba le liketso tsa ka tse ’nè tse kotsi tsa kahlolo+—sabole le tlala le sebata se kotsi le lefu la seoa+—tseo ke tla li romela Jerusalema e le hore ke felise motho oa lefatše le phoofolo e ruuoang ho eona.+ 22 Empa, bonang! ka sebele ho tla siuoa ho eona sehlopha sa ba phonyohileng, ba tlisoang.+ Bara le barali, ke bana! Ba ea ho lōna, ’me le tla lokela ho bona tsela ea bona le mesebetsi ea bona.+ Ka sebele le tla tšelisoa tlokotsing eo ke tla beng ke e tlisitse holim ’a Jerusalema, esita le ho sohle seo ke tla beng ke se tlisitse holim ’a eona.’”
23 “‘Ka sebele ba tla le tšelisa ha le bona tsela ea bona le mesebetsi ea bona; ’me le tla lokela ho tseba hore e ne e se ka ntle ho lebaka hore ebe ke tla be ke entse sohle seo ke tla se etsa khahlanong le eona,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”+
15 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, ke ka tsela efe sefate sa morara+ se fapaneng le lifate tse ling kaofela, letlōbō, le bileng teng har’a lifate tsa moru? 3 Na ho sona ho nkiloe palo eo ho ka etsoang mosebetsi ka eona? Kapa na batho ba nka ho sona thakhisa eo ho eona ba fanyehang sesebelisoa sa mofuta leha e le ofe? 4 Bonang! Se tla kenngoa mollong hore e be libeso.+ Ka sebele lintlha tsa sona ka bobeli li tla chesoa ke mollo, ’me karolo ea sona e ka hare ea tlaboha.+ Na se loketse mosebetsi leha e le ofe? 5 Bonang! Ha se feletse, ha se sebelisetsoe mosebetsi leha e le ofe. Ho joalo hakaakang, ha mollo o se chesitse ’me se tlabohile, na se ka sebelisetsoa mosebetsi leha e le ofe o eketsehileng!”+
6 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Feela joaloka sefate sa morara har’a lifate tsa moru, seo ke se nehetseng mollong hore e be libeso, ka ho tšoanang ke nehetse baahi ba Jerusalema.+ 7 Ke ba tjametse.+ Ba tsoile har’a mollo, empa mollo o tla ba chesa.+ Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova, ha ke ba tjamela.’”+
8 “‘Ke tla etsa hore naha e be lesupi,+ ka lebaka la hore ba entse ka ho se tšepahale,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
16 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, tsebisa+ Jerusalema lintho tsa eona tse manyala.+ 3 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng Jerusalema: “Tšimoloho ea hao le tsoalo ea hao li tloha naheng ea Mokanana.+ Ntat’ao e ne e le Moamore,+ ’me ’m ’ao e ne e le Mohethe.+ 4 Mabapi le tsoalo ea hao, letsatsing la ho tsoaloa ha hao+ lelana la hao la mokhubu le ne le sa pongoa, ’me u ne u sa hlatsuoa ka metsi hore u hloeke, u ne u sa pikitloa ka letsoai ho hang, ha ua ka ua phutheloa ho hang. 5 Ha ho leihlo le ileng la u utloela bohloko hore le u etsetse e ’ngoe ea lintho tsena ka ho u qenehela,+ empa u ile ua lahleloa karolong e ka holimo ea naha kahobane ho ne ho nyonyoa moea oa hao letsatsing la ho tsoaloa ha hao.
6 “‘“Ka feta haufi le uena ka u bona u raha-raha maling a hao, ka re ho uena u le maling a hao, ‘Tsoela pele u phela!’+ e, ka re ho uena u le maling a hao, ‘Tsoela pele u phela!’ 7 Ke u entse letšoele le leholo joaloka semela sa tšimo e le hore u ka hōla+ le ho ba moholo le ho kena ka mokhabiso o motle ka ho fetisisa.+ Matsoele a mabeli a ne a hōlile ka ho tiileng, ’me moriri oa hao oa hōla haholo, ha u ne u hlobotse u le feela.”’
8 “‘Ka feta haufi le uena ka u bona, ’me, bona! nako ea hao e ne e le nako ea lipontšo tsa lerato.+ Kahoo ka ala seaparo sa ka holim ’a hao+ le ho koahela bofeela ba hao le ho u hlapanyetsa ’me ka kena selekaneng le uena,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘kahoo ua fetoha oa ka.+ 9 Ho feta moo, ka u hlatsoa ka metsi+ ka tlosa mali a hao ka u tlotsa ka oli.+ 10 Ka tsoela pele ho u apesa seaparo se khabisitsoeng+ le ho u roesa lieta tsa letlalo la qibi+ le ho u thatela ka line ea boleng bo botle+ le ho u koahela ka lesela le theko e boima. 11 Ka tsoela pele ho u khabisa ka mekhabiso le ho u roesa lipetja+ matsohong le sefaha+ molaleng. 12 Ho feta moo, ka u roesa lesale nkong+ le masale litsebeng+ le moqhaka o motle hloohong.+ 13 Ua tsoela pele ho ikhabisa ka khauta le silevera, ’me liaparo tsa hao e ne e le line ea boleng bo botle le lesela le theko e boima le seaparo se khabisitsoeng.+ Ua ja phofo e thumisehileng le mahe a linotši le oli,+ ua hōla ua ba motle haholo, ’me butle-butle ua ba ea lokeloang ke boemo ba bofumahali.’”+
14 “‘Bakeng sa hao lebitso la qala ho hlaha har’a lichaba ka lebaka la botle ba hao, etsoe bo ne bo phethahetse ka lebaka la khanya ea ka eo ke e behileng holim ’a hao,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
15 “‘Empa ua qala ho tšepa botle ba hao+ le ho ba letekatse ka lebaka la lebitso la hao+ le ho tšollela liketso tsa hao tsa botekatse ho e mong le e mong ea fetang ka tsela;+ ea e-ba tsa hae. 16 Ua inkela tse ling tsa liaparo tsa hao ua iketsetsa libaka tse phahameng+ tse mebala-bala ua etsa botekatse ho tsona+—lintho tse joalo ha li kene, ’me ha lia lokela ho etsahala. 17 Ua nka lintho tsa hao tse ntle khauteng ea ka le silevereng ea ka eo ke u fileng eona+ ’me ua iketsetsa litšoantšo tsa banna+ le ho etsa botekatse le tsona.+ 18 Ua nka liaparo tsa hao tse khabisitsoeng ua li koahela; ’me ua beha oli ea ka le libano+ tsa ka ka pel’a tsona. 19 Bohobe ba ka boo ke u fileng bona—phofo e thumisehileng le oli le mahe a linotši tseo ke entseng hore u li je+—u ile ua boela ua bo beha ka pel’a tsona e le monko o khathollang,+ ’me ha tsoela pele ho etsahala,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
20 “‘Ua nka bara ba hao le barali ba hao bao u ntsoaletseng bona,+ ua ba etsa sehlabelo bakeng sa tsona hore li ba harole+—na liketso tsa hao tsa botekatse ha lia lekana? 21 Ua bolaea bara ba ka,+ ’me ua nehelana ka bona ho tsona ka ho ba fetisa mollong.+ 22 Linthong tsohle tsa hao tse manyala le liketsong tsa hao tsa botekatse ha ua ka ua hopola matsatsi a bocha ba hao ha u ne u hlobotse u le feela; u ne u raha-raha maling a hao.+ 23 Kahoo eitse ka mor’a bomalimabe bohle ba hao (“ho malimabe, ho malimabe uena,”+ ho bolela ’Musi Morena Jehova) 24 ua ikahela tutulu ’me ua iketsetsa sebaka se phahameng lepatlelong le leng le le leng.+ 25 Qalong ea tsela e ’ngoe le e ’ngoe ua haha sebaka sa hao se phahameng+ ’me ua qala ho etsa hore botle ba hao e be ntho e manyala+ ’me ua thakhalatsa maoto a hao ho e mong le e mong ea fetang ka tsela+ le ho atisa liketso tsa hao tsa botekatse.+ 26 Ua qala ho etsa botekatse le bara ba Egepeta,+ baahelani ba hao ba nama e khōlō,+ ’me ua tsoela pele ho atisa botekatse ba hao e le hore u ntšiteloe. 27 Bona! Ka sebele ke tla otlolla letsoho khahlanong le uena+ ’me ke tla fokotsa kabelo ea hao+ ke nehelane ka uena takatsong ea moea+ ea basali ba u hloileng,+ barali ba Bafilista,+ basali ba tlotlolotsoeng ka lebaka la tsela ea hao ea boitšoaro bo hlephileng.+
28 “‘Ua tsoela pele ho etsa botekatse le bara ba Assyria hobane u ne u sa khotsofala,+ ua ’na ua etsa botekatse le bona ’me ua boela ua se ke ua khotsofala. 29 Kahoo ua ’na ua atisa botekatse ba hao naheng ea Kanana,+ ho Bakalde;+ esita le ho sena ha ua ka ua khotsofala. 30 Ke u halefetse hakaakang,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ka ho etsa ha hao lintho tsena tsohle, mosebetsi oa mosali,+ letekatse le hatellang!+ 31 Ha u hahile tutulu ea hao qalong ea tsela e ’ngoe le e ’ngoe ’me u iketselitse sebaka se phahameng lepatlelong le leng le le leng, empa leha ho le joalo ha ua ka ua ba joaloka letekatse ka ho nyelisa moputso. 32 Tabeng ea mosali ea febang, o nka basele ho e-na le monna oa hae.+ 33 Ba tloaetse ho fana ka mpho ho matekatse ’ohle,+ empa uena—uena u fane ka limpho tsa hao ho bohle ba u ratang ka takatso e matla,+ u ba fa tjotjo hore ba tle ho uena liketsong tsa hao+ tsa botekatse ba tsoa hohle. 34 Tabeng ea hao ho etsahala ntho e fapaneng le ea basali ba bang liketsong tsa hao tsa botekatse, ’me ha ho botekatse bo entsoeng ka ho latela mokhoa oa hao, esita le ho faneng ha hao ka tefo le hoja u sa fuoa tefo, kahoo ho etsahala ka tsela e fapaneng.’
35 “Ka hona, Uena letekatse,+ utloa lentsoe la Jehova.+ 36 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore takatso ea hao e feteletseng e tšolotsoe+ ’me litho tsa hao tse sephiring+ li apotsoe liketsong tsa hao tsa botekatse ho ba u ratang ka takatso e matla+ le litšoantšong tsohle tsa hao tse rapeloang tse manyala,+ esita le ka mali a bara ba hao bao u nehelaneng ka bona ho tsona,+ 37 ka hona ke bokella bohle ba u ratang ka takatso e matla bao u ba khahlisitseng le bohle bao u ba ratileng hammoho le bohle bao u ba hloileng, ke tla ba bokella khahlanong le uena hohle ke ba senolele litho tsa hao tse sephiring, ’me ba tla bona litho tsohle tsa hao tse sephiring.+
38 “‘Ke tla u ahlola ka likahlolo tsa basali ba bafebi+ le tsa basali ba tšollang mali,+ ’me ke tla u fa mali a khalefo le poulelo.+ 39 Ke tla nehelana ka uena matsohong a bona, ’me ka sebele ba tla qhaqha tutulu ea hao+ ’me ka sebele libaka tsa hao tse phahameng li tla heletsoa,+ ba tla u hlobolisa liaparo+ ba nke lintho tsa hao tse ntle+ ’me ba u siee u hlobotse u le feela. 40 Ba tla tlisa phutheho khahlanong le uena+ ba u tlepetse ka majoe+ ’me ba u bolaee ka lisabole tsa bona.+ 41 Ba tla chesa matlo a hao ka mollo+ ba phethise liketso tsa kahlolo ho uena ka pel’a mahlo a basali ba bangata;+ ke tla etsa hore u khaotse ho ba letekatse,+ ’me ha u sa tla hlola u fana ka tefo. 42 Ke tla kokobetsa khalefo ea ka ho uena,+ poulelo ea ka e tlohe ho uena;+ ke tla khutsa ’me ha ke sa tla hlola ke khopeha.’
43 “‘Ka lebaka la hore ha ua ka ua hopola matsatsi a bocha ba hao+ ’me u nkhalefisitse ka lebaka la lintho tsena tsohle,+ bona! le ’na ke tla beha tsela ea hao hloohong ea hao,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ka sebele u ke ke ua ntšetsa pele boitšoaro leha e le bofe bo hlephileng haufi le lintho tsohle tsa hao tse manyala.
44 “‘Bona! E mong le e mong ea sebelisang maele+ khahlanong le uena o tla sebelisa maele, a reng: “Morali o tšoana le ’m ’ae!”+ 45 U morali oa ’m ’ao,+ ea nyonyang monna oa hae+ le bara ba hae. U morali’abo baralib’eno, ba ileng ba hloea banna ba bona le bara ba bona. ’M’a lōna e ne e le Mohethe,+ ’me ntat’a lōna e ne e le Moamore.’”+
46 “‘Morali’eno e moholo ke Samaria+ le metse e itšetlehileng ka eona,+ ea lulang ka lehlakoreng la hao le letšehali, ’me morali’eno e monyenyane ho uena, ea lulang ka lehlakoreng la hao le letona, ke Sodoma+ le metse e itšetlehileng ka eona.+ 47 Ha ua tsamaea litseleng tsa bona, kapa ua etsa ho ea ka lintho tsa bona tse manyala.+ Ka nakoana u ile ua qala ho etsa ka mokhoa o senyang litseleng tsohle tsa hao ho feta kamoo ba entseng kateng.+ 48 Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘Sodoma morali’eno, eona le metse e itšetlehileng ka eona, ha ea etsa ho ea ka seo u se entseng, uena le metse e itšetlehileng ka uena.+ 49 Bona! Phoso ea Sodoma morali’eno ke ena: Boikakaso,+ bohobe bo lekaneng+ le ho se be le matšoenyeho+ a ho lula e sa khathatseha ke sona se etsahetseng ho eona le ho metse e itšetlehileng ka eona,+ ha ea ka ea matlafatsa+ letsoho la ea hlorileng+ le ea futsanehileng. 50 Ba ile ba tsoela pele ho ikhohomosa+ le ho ntšetsa pele ntho e manyala ka pel’a ka,+ qetellong ka ba tlosa, feela joalokaha ke bone ho loketse.+
51 “‘Ha e le Samaria,+ ha ea ka ea etsa sebe esita le ho fihla halofong ea libe tsa hao, empa u ile ua tsoela pele ho atisa lintho tsa hao tse manyala ho feta tsa bona, hoo u entseng hore baralib’eno ba bonahale ba lokile ka lebaka la lintho tsohle tsa hao tse manyala tseo u li entseng.+ 52 Le uena, u mamelle ho tlotlolloa ha hao ha u pheha khang ho emela baralib’eno. Ka lebaka la libe tsa hao tseo ka tsona u itšoereng ka mokhoa o manyala ho ba feta, ba lokile ho u feta.+ Le uena, u hlajoe ke lihlong ’me u mamelle ho tlotlolloa ha hao kahobane u etsa hore baralib’eno ba bonahale ba lokile.’
53 “‘Ke tla bokella baholehuoa ba bona,+ baholehuoa ba Sodoma le metse e itšetlehileng ka eona, le baholehuoa ba Samaria le metse e itšetlehileng ka eona; ke tla boela ke bokelle baholehuoa ba hao ka har’a bona,+ 54 e le hore u mamelle ho tlotlolloa ha hao;+ ’me u ikutloe u kokobelitsoe ka lebaka la sohle seo u se entseng, ka hore ebe u li tšelisitse.+ 55 Baralib’eno, Sodoma le metse e itšetlehileng ka eona, ba tla khutlela boemong ba bona ba pele, ’me Samaria le metse e itšetlehileng ka eona e tla khutlela boemong ba eona ba pele, uena le metse e itšetlehileng ka uena le tla khutlela boemong ba lōna ba pele.+ 56 Sodoma morali’eno ha ea ka ea e-ba ntho leha e le efe e ka utluoang molomong oa hao ka letsatsi la boikakaso ba hao,+ 57 pele bobe ba hao bo pepeseha,+ feela joaloka nakong ea nyeliso ea barali ba Syria+ le ea bohle ba e potolohileng, barali ba Bafilista,+ ba u nyelisang ka mahlakoreng ’ohle.+ 58 U tla mamella+ boitšoaro ba hao bo hlephileng+ le lintho tsa hao tse manyala,’ ho bolela Jehova.”
59 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Le ’na ke tla u etsa feela joalokaha u entse,+ hobane u nyelisitse kano ka ho tlōla selekane sa ka.+ 60 ’Me ’na, ke tla hopola selekane sa ka le uena matsatsing a bocha ba hao,+ ’me ke tla u tiisetsa selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+ 61 Ka sebele u tla hopola litsela tsa hao+ u ikutloe u tlotlolotsoe ha u amohela baralib’eno, ba baholo ho uena hammoho le ba banyenyane ho uena, ’me ka sebele ke tla u fa bona e le barali,+ empa eseng ka lebaka la selekane sa hao.’+
62 “‘’Na ke tla tiisa selekane sa ka le uena;+ ’me u tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova, 63 e le hore u ka hopola le ho hlajoa ke lihlong+ ’me u se ke ua hlola u e-ba le lebaka leha e le lefe la ho ahlamisa molomo+ ka lebaka la ho kokobetsoa ha hao, ha ke koahela libe+ tsa hao bakeng sa sohle seo u se entseng,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
17 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, etsa selotho+ ’me u qape polelo ea maele e eang ho ntlo ea Iseraele.+ 3 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ntsu e khōlō,+ e nang le mapheo a maholo,+ le masiba a malelele, e tletseng litšiba, e nang le mebala e sa tšoaneng, e fihlile Lebanone+ ’me ea nka ntlha e ka holimo-limo ea sefate+ sa kedare.+ 4 Ea kha ntlha ea letlōbō le lenyenyane la sona ea le tlisa naheng ea Kanana;+ ea le beha motseng oa bahoebi. 5 Ho feta moo, ea nka peō e ’ngoe ea naha+ ea e beha tšimong e le peō. Joaloka moluoane metsing a mangata,+ ea e beha joaloka sefate sa moluoane. 6 Ea qala ho mela ’me butle-butle ea fetoha sefate sa morara se hōlang haholo se sekhutšoanyane,+ se ratang ho shebisa makhasi ka hare; ha e le metso ea sona, butle-butle ea e-ba ka tlas’a sona. Qetellong sa fetoha sefate sa morara ’me sa hlahisa letlōbō le ho ntša makala.+
7 “‘“Ha e-ba le ntsu e ’ngoe e khōlō,+ e nang le mapheo a maholo, e e-na le masiba a maholo,+ ’me, bonang! sefate sena sa morara sa otlollela metso ea sona ho eona ka ho lapa.+ Sa otlollela makhasi ho eona e le hore e se nosetse, hōle le lirapa tseo se neng se lenngoe ho tsona.+ 8 Se ne se se se tlositsoe,+ se isitsoe tšimong e ntle, haufi le metsi a mangata, e le hore se hlahise makala le ho beha litholoana, hore se fetohe sefate sa morara se setle haholo.”’
9 “E-re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na se tla atleha?+ Na e mong a ke ke a khaola metso ea sona+ ’me a etse hore litholoana tsa sona li be le makhakhapha? Na mahlōmela a sona a qetang ho khuoa a ke ke a omella?+ Se tla omella. Se ke ke sa ntšoa ka metso ke letsoho le leholo kapa sechaba se sengata haholo. 10 Bona! Le hoja se tlositsoe sa isoa sebakeng se seng, na se tla atleha? Na se ke ke sa omella ka ho feletseng, feela joalokaha se angoa ke moea oa bochabela?+ Se tla omella lirapeng tsa mahlōmela a sona.”’”+
11 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 12 “Ka kōpo, e-re ho ntlo eo e tletseng borabele,+ ‘Na ha le tsebe hore lintho tsee li bolela’ng?’ E-re, ‘Bonang! Morena oa Babylona o tlile Jerusalema ’me o nka morena oa eona+ le likhosana tsa eona o ba tlisa ho eena Babylona.+ 13 Ho feta moo, a nka peō e ’ngoe ea lesika la borena+ a hlaba selekane le eona eaba o e tlisa kanong;+ a tlosa banna ba ka pele-pele,+ 14 e le hore ’muso o ka ba tlaase,+ o se ke oa khona ho iphahamisa, e le hore o ka ema ka ho boloka selekane sa hae.+ 15 Empa qetellong ea mo fetohela+ ka ho romela manģosa a eona Egepeta, hore e e fe lipere+ le sechaba se sengata. Na o tla atleha? Na ea etsang lintho tsee, le ea tlōtseng selekane o tla phonyoha? Na o tla phonyoha?’+
16 “‘“Ka ’na ea phelang,”+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, “sebakeng sa morena ea behang ea nyelisitseng kano+ ea hae e le morena le ea tlōtseng selekane sa hae, o tla shoa hammoho le eena har’a Babylona.+ 17 Ka lebotho le leholo la sesole le ka phutheho e khōlō haholo Faro a ke ke a etsa hore a atlehe ntoeng,+ ka ho qhobela ’mōtōmōtō o thibellang le ka ho haha lerako le thibellang, e le hore a felise meea e mengata.+ 18 O nyelisitse kano+ ka ho tlōla selekane, ’me, bona! o nehelane ka letsoho la hae+ ’me o entse lintho tsena kaofela. A ke ke a phonyoha.”’+
19 “‘Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka ’na ea phelang, ka sebele kano ea ka eo a e nyelisitseng+ le selekane sa ka seo a se tlōtseng—ke tla li tlisa holim ’a hlooho ea hae. 20 Ke tla ala letlooa la ka holim ’a hae, ’me ka sebele o tla tšoasoa letlooeng la ka la ho tsoma;+ ke tla mo tlisa Babylona ke kene kahlolong le eena moo mabapi le ho se tšepahale ha hae hoo a ho entseng khahlanong le ’na.+ 21 Mabapi le babalehi bohle ba hae ba lihlopheng tsohle tsa hae, ba tla oa ka sabole, ba setseng ba tla hasanngoa hohle moeeng o mong le o mong.+ Le tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke ho buile.”’+
22 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke nke e ’ngoe ea ntlha e ka holimo-limo ea sefate se phahameng sa kedare ke e behe;+ ntlheng ea makala a sona ke tla kha le bonolo+ ’me ke le tlose ke le ise holim ’a thaba e phahameng le e telele.+ 23 Ke tla le tlosa ke le ise thabeng e phahameng ea Iseraele,+ ’me ka sebele le tla beha makala le hlahise litholoana+ ’me le fetohe kedare e khōlō.+ Ka sebele linonyana tsa mapheo a mefuta eohle li tla lula ka tlas’a eona; li tla lula moriting oa makhasi a eona.+ 24 Lifate tsohle tsa tšimo li tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova,+ ke kokobelitse sefate se phahameng,+ ke behile sefate se tlaase phahameng,+ ke omisitse sefate se ntseng se le mongobo+ ’me ke entse hore sefate se omeletseng se thunye. ’Na, Jehova, ke buile ’me ke ho entse.”’”+
18 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Ho bolela’ng ho lōna hore ebe le bolela polelo ee ea maele naheng ea Iseraele, e reng, ‘Bo-ntate ke bona ba jang morara o sa butsoang, empa ke meno a bara a thellang’?+
3 “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ha le sa tla hlola le tsoela pele ho bolela polelo ena ea maele Iseraele. 4 Bonang! Meea eohle—ke ea ka.+ Moea+ oa ntate le moea oa mora ka ho tšoanang—ke ea ka.+ Moea o etsang sebe+—ke oona o tla shoa.+
5 “‘Ha e le monna, haeba a lokile ’me a phethisitse toka le ho loka;+ 6 a sa ka a jella+ lithabeng+ ’me a sa ka a phahamisetsa mahlo litšoantšong tse rapeloang tse nyonyehang tsa ntlo ea Iseraele,+ a sa ka a silafatsa mosali oa motsoalle oa hae+ ’me a sa ka a atamela mosali ha a sa hloeka;+ 7 ho se motho eo a mo tšoarang hampe;+ tebeletso eo a e nkang e le molato, a e khutlisa;+ ho se letho leo a le nkang ka tlatlapo;+ a fa ea lapileng bohobe ba hae+ ’me ea hlobotseng a mo apesa seaparo;+ 8 ho se letho leo a fanang ka lona ka phaello+ ’me a sa nke tsoala;+ a khutlisa letsoho la hae ho hlokeng toka;+ a phethisa toka ea ’nete pakeng tsa motho le motho;+ 9 a ’nile a tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng+ ’me a bolokile liqeto tsa ka tsa boahloli e le hore a ka phethisa ’nete,+ o lokile.+ Ka sebele o tla tsoela pele a phela,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
10 “‘Haeba motho a tsoala mora oa lesholu,+ ea tšollang mali,+ ea entseng e ’ngoe ea lintho tse tšoanang le tsena 11 (empa a sa etsa leha e le ’ngoe ea lintho tsona tsena); haeba le eena a ile a jella lithabeng,+ ’me a silafalitse mosali oa motsoalle oa hae;+ 12 a ile a tšoara hampe ea hlorileng le ea futsanehileng;+ a nkile lintho ka tlatlapo,+ a sa khutlisa ntho e lebelelitsoeng;+ a phahamiselitse mahlo litšoantšong tse rapeloang tse nyonyehang,+ o entse ntho e manyala.+ 13 O fane ka tsoala,+ o nkile phaello,+ ka sebele a ke ke a tsoela pele a phela. O entse lintho tsena tsohle tse manyala.+ Ka sebele o tla bolaoa. Mali a hae a tla ba holim ’a hae.+
14 “‘Bona! Motho o tsoetse mora, ea ntseng a bona libe tsohle tseo ntat’ae a li entseng, oa bona ’me ha a etse lintho tse tšoanang le tsona.+ 15 Ha aa jella lithabeng, ha aa phahamisetsa mahlo litšoantšong tse rapeloang tse nyonyehang tsa ntlo ea Iseraele;+ ha aa silafatsa mosali oa motsoalle oa hae;+ 16 ha ho motho eo a ileng a mo tšoara hampe,+ ha aa ka a nka tebeletso,+ ’me ha ho letho leo a le nkileng ka tlatlapo;+ o file ea lapileng bohobe ba hae,+ ea hlobotseng o mo apesitse seaparo;+ 17 o khutlisitse letsoho la hae ho ea hlorileng; ha ho tsoala+ le phaello+ eo a e nkileng; o phethile liqeto tsa ka tsa boahloli;+ o tsamaile litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng;+ a ke ke a shoa ka lebaka la phoso ea ntat’ae.+ Ka sebele o tla tsoela pele a phela.+ 18 Ha e le ntat’ae, kahobane a entse bolotsana,+ a nkile ho hong ka tlatlapo ho mor’abo,+ ’me a entse eng kapa eng e seng ntle har’a batho ba habo,+ bonang! o tla shoela phoso ea hae.+
19 “‘Ka sebele le tla re: “Ke hobane’ng ha mora a sa lokela ho jara letho ka lebaka la phoso ea ntat’ae?”+ Joale ha e le mora, o phethisitse toka le ho loka,+ o bolokile litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me o ntse a li phetha.+ Ka sebele o tla tsoela pele a phela.+ 20 Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.+ Mora a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea ntat’ae, ’me ntate a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea mora.+ Ho loka ha ea lokileng ho tla ba holim ’a hae,+ ’me bokhopo ba ea khopo bo tla ba holim ’a hae.+
21 “‘Joale mabapi le ea khopo, haeba a ka furalla libe tsohle tsa hae tseo a li entseng+ ’me a boloka litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng ’me a phethisa toka le ho loka,+ ka sebele o tla tsoela pele a phela. A ke ke a shoa.+ 22 Litlōlo tsohle tsa hae tseo a li entseng—li ke ke tsa hopoloa khahlanong le eena.+ O tla tsoela pele a phela ka lebaka la ho loka hoo a ho entseng.’+
23 “‘Na ka tsela leha e le efe ke khahloa ke lefu la ea khopo,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ho feta ha a furalla litsela tsa hae ’me a tsoela pele ho phela?’+
24 “‘Joale ha ea lokileng a furalla ho loka ha hae ’me a etsa ka ho hloka toka;+ a ntse a etsa ho ea ka lintho tsohle tse manyala tseo ea khopo a li entseng+ ’me a phela, ha ho le e ’ngoe ea liketso tsohle tsa hae tse lokileng tseo a li entseng e tla hopoloa.+ Ka ho se tšepahale ha hae hoo a ho entseng le ka sebe sa hae seo a se entseng, o tla shoa ka lebaka la tsona.+
25 “‘Ka sebele le tla re: “Tsela ea Jehova ha ea loka.”+ Ka kōpo, utloang, Lōna ba ntlo ea Iseraele. Na tsela ea ka ha ea loka?+ Na litsela tsa lōna hase tsona tse sa lokang?+
26 “‘Ha ea lokileng a furalla ho loka ha hae ’me a etsa ka ho hloka toka+ ’me a shoa ka lebaka la hona, o tla shoa ka lebaka la ho hloka toka hoo a ho entseng.+
27 “‘Ha ea khopo a furalla bokhopo boo a bo entseng ’me a phethisa toka le ho loka,+ ke eena ea tla boloka moea oa hae o phela.+ 28 Ha a bona+ ’me a furalla litlōlo tsohle tseo a li entseng,+ ka sebele o tla tsoela pele a phela. A ke ke a shoa.+
29 “‘Ka sebele ba ntlo ea Iseraele ba tla re: “Tsela ea Jehova ha ea loka.”+ Ha e le litsela tsa ka, na ha lia loka, Lōna ba ntlo ea Iseraele?+ Na litsela tsa lōna hase tsona tse sa lokang?’+
30 “‘Ka hona ke tla ahlola e mong le e mong oa lōna ho ea ka litsela tsa hae,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.+ ‘Furallang, e, furallang litlōlo tsohle tsa lōna,+ ’me ho se ke ha e-ba le letho leo e bang khopiso e bakang phoso ho lōna.+ 31 Lahlelang hōle litlōlo tsohle tsa lōna tseo le li entseng+ ’me le iketsetse lipelo tse ncha+ le moea o mocha,+ etsoe ke hobane’ng ha le lokela ho shoa,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele?’
32 “‘Etsoe ho hang ha ke khahloe ke lefu la ea shoang,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. ‘Kahoo khutlang ’me le tsoele pele le phela.’”+
19 “Ha e le uena, bina koli-ea-malla+ malebana le marenana a Iseraele,+ 2 ’me u tla re, ‘’M’ao e ne e le eng? Tauhali har’a litau.+ O bothile har’a litaoana tse moetse. O hōlisitse malinyane a hae.
3 “‘Butle-butle a hōlisa le leng la malinyane a hae.+ La fetoha taoana e moetse, ’me la qala ho ithuta ho rusolla phofu.+ La harola esita le motho oa lefatše. 4 Lichaba tsa ’na tsa utloela ka eena. A tšoasoa sekoting sa tsona, eaba li mo tlisa naheng ea Egepeta ka lihakisi.+
5 “‘Ha a bona hore o se a letile le hore tšepo ea hae e felile, joale a nka le leng la malinyane a hae.+ A le beha e le taoana e moetse. 6 La qala ho tsamaea har’a litau. La fetoha taoana e moetse. Butle-butle la ithuta tsela ea ho rusolla phofu.+ La harola esita le motho oa lefatše.+ 7 A tseba litora tsa hae tsa bolulo, eaba o ripitla esita le metse ea bona,+ hoo naha e ileng ea e-ba lesupi ’me a e tlatsa ka molumo oa ho puruma ha hae.+ 8 Lichaba ho pota-pota ka hohle liprofinseng tsa qala ho beha+ ’me tsa ala letlooa la tsona holim ’a hae.+ A tšoasoa sekoting sa tsona.+ 9 Qetellong tsa mo kenya ka ntloaneng ea letanta ka lihakisi eaba li mo isa ho morena oa Babylona.+ Tsa mo tlisa ka matlooa a ho tsoma, e le hore lentsoe la hae le se ke la hlola le utluoa lithabeng tsa Iseraele.+
10 “‘’M’ao+ o ne a le joaloka sefate sa morara maling a hao,+ se jetsoeng haufi le metsi. O ile a fetoha ea behang litholoana le ea tletseng makala ka lebaka la metsi a mangata.+ 11 A fetoha melamu ea hae e matla, e etselitsoeng hore e be mare a borena a babusi.+ Butle-butle bophahamo ba sona ba e-ba bolelele har’a makala, eaba sea bonahala ka lebaka la bolelele ba sona, ka lebaka la bongata ba makhasi a sona.+ 12 Empa qetellong a fotholoa ka khalefo.+ A lahleloa lefatšeng, ’me moea oa bochabela oa omisa litholoana tsa hae.+ Lere la hae le matla la rojoa ’me la omella.+ Mollo oa le chesa.+ 13 Joale o lenngoe lefeelleng,+ naheng e se nang metsi le e nyoriloeng.+ 14 Mollo oa tsoa lereng la hae.+ Oa chesa letlōbō la hae, litholoana tsa hae, ’me ha aa ka a ba le lere le matla, ha aa ka a ba le lere la borena la ho busa.+
“‘Eo ke koli-ea-malla, ’me e tla fetoha koli-ea-malla.’”+
20 Joale eare ka selemo sa bosupa, ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la leshome la khoeli, banna ba tsoang ho ba hōlileng ba Iseraele ba tla hore ba tl’o botsa Jehova,+ ’me ba lula fatše ka pel’a ka.+ 2 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 3 “Mor’a motho, bua le banna ba hōlileng ba Iseraele, u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na le tlile ho tla mpotsa?+ ‘Ka ’na ea phelang, le ke ke la mpotsa,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’
4 “Na u tla ba ahlola? Na u tla ba ahlola, Uena mor’a motho?+ Ba tsebise lintho tse manyala tsa baholo-holo ba bona.+ 5 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Letsatsing la ha ke khetha Iseraele,+ ke ile ka boela ka phahamisa letsoho+ ka ho etsa kano ho peō ea ntlo ea Jakobo+ ’me ka itsebahatsa ho bona naheng ea Egepeta.+ E, ka phahamisa letsoho ka ho etsa kano ho bona, ka re, ‘Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’+ 6 Letsatsing leo ka phahamisa letsoho+ ka ho etsa kano ho bona hore ke tla ba ntša naheng ea Egepeta ke ba ise naheng eo ke ileng ka e hloela bakeng sa bona, e phallang lebese le mahe a linotši.+ E ne e le mokhabiso oa linaha tsohle.+ 7 Ka tsoela pele ho re ho bona, ‘E mong le e mong oa lōna a lahle lintho tse nyonyehang tsa mahlo a hae,+ ’me le se ke la itšilafatsa ka litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’+
8 “‘“Ba qala ho mphetohela,+ ’me ha baa ka ba lumela ho ’mamela. Ka bomong ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tsa mahlo a bona, ’me ha baa ka ba tlohela litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona, e le hore ke phethe bohale ba ka holim ’a bona har’a naha ea Egepeta.+ 9 Ka qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka e le hore le se ke la hlompholloa ka pel’a mahlo a lichaba tseo ba neng ba le har’a tsona,+ kahobane ke ne ke itsebahalitse ho bona ka pel’a mahlo a tsona ha ke ba ntša naheng ea Egepeta.+ 10 Kahoo ka ba ntša naheng ea Egepeta ’me ka ba tlisa lefeelleng.+
11 “‘“Ka ba fa litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng;+ ka ba tsebisa liqeto tsa ka tsa boahloli,+ e le hore motho ea tsoelang pele ho li phetha a ka tsoela pele a phela ka tsona.+ 12 Ka boela ka ba fa lisabatha tsa ka,+ hore e be pontšo pakeng tsa ka le bona,+ e le hore ba tsebe hore ke ’na Jehova ea ba halaletsang.
13 “‘“Empa bona, ba ntlo ea Iseraele, ba ile ba mphetohela lefeelleng.+ Ha baa ka ba tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ’me ba lahlile liqeto tsa ka tsa boahloli,+ tseo, haeba motho a ka tsoela pele ho li phetha, a tla boela a tsoele pele a phela ka tsona.+ Ba silafalitse lisabatha tsa ka haholo,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona lefeelleng, e le hore ke ba felise.+ 14 Empa ke nkile bohato ka lebaka la lebitso la ka hore le se ke la hlompholloa ka pel’a mahlo a lichaba, tseo ke ba tlositseng ka pel’a mahlo a tsona.+ 15 Le ’na ke phahamisitse letsoho la ka ka ho etsa kano ho bona lefeelleng,+ hore nke ke ka ba tlisa naheng eo ke ba fileng eona, e phallang lebese le mahe a linotši,+ (ke mokhabiso oa linaha tsohle,)+ 16 ka lebaka la hore ba lahlile liqeto tsa ka tsa boahloli; ’me mabapi le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng, ha baa ka ba tsamaea ho tsona, ba silafalitse lisabatha tsa ka, hobane lipelo tsa bona li ne li latela litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+
17 “‘“Leihlo la ka la qala ho ba utloela bohloko ho mphemisa hore ke se ke ka ba felisa,+ ’me ha kea ka ka ba felisa lefeelleng. 18 Ka re ho bara ba bona lefeelleng,+ ‘Le se ke la tsamaea melaong ea tsamaiso ea baholo-holo ba lōna,+ ’me le se ke la boloka likahlolo tsa bona,+ le se ke la itšilafatsa ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 19 Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.+ Tsamaeang litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ’me le boloke liqeto tsa ka tsa boahloli+ le li phethe.+ 20 Le halaletse lisabatha tsa ka,+ ’me e be pontšo pakeng tsa ka le lōna, hore le tsebe hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’+
21 “‘“Bara ba qala ho mphetohela.+ Ha baa ka ba tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng, ha baa ka ba boloka liqeto tsa ka tsa boahloli ka ho li phetha, tseo, haeba motho a ka tsoela pele ho li phetha, a tla boela a phele ka tsona.+ Ba silafalitse lisabatha tsa ka.+ Kahoo ke ile ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona, e le hore ke phethe bohale ba ka holim ’a bona lefeelleng.+ 22 Ka khutlisa letsoho+ eaba ke qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka, hore le se ke la silafatsoa ka pel’a mahlo a lichaba, tseo ke ba ntšitseng ka pel’a mahlo a tsona.+ 23 Hape, ke ile ka phahamisa letsoho ka ka kano ho bona lefeelleng,+ ho ba hasanya har’a lichaba le ho ba qhalakanya har’a linaha,+ 24 ka lebaka la hore ha baa ka ba phetha liqeto tsa ka tsa boahloli+ ’me ba lahlile litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng+ ebile ba silafalitse lisabatha tsa ka,+ mahlo a bona a latetse litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa baholo-holo ba bona.+ 25 Ka boela ka ba tlohela hore ba be le melao ea tsamaiso e neng e se metle le liqeto tsa boahloli tseo ba neng ba ke ke ba tsoela pele ba phela ka tsona.+ 26 Ka ba tlohela hore ba silafatsoe ke limpho tsa bona ha ba fetisa ngoana e mong le e mong ea bulang pōpelo mollong,+ e le hore ke ba etse ba lahliloeng, e le hore ba ka tseba hore ke ’na Jehova.”’+
27 “Ka hona bua le ba ntlo ea Iseraele, Uena mor’a motho, ’me u re ho bona,+ ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Empa leha ho le joalo tabeng ena, baholo-holo ba lōna ba ’nyefotse, ka ho se tšepahale ho ’na.+ 28 Ka ba tlisa naheng+ eo ke ileng ka phahamisa letsoho la ka ka ho etsa kano hore ke tla ba fa eona.+ Ha ba bona leralla le leng le le leng le phahameng+ le sefate se seng le se seng se makala, joale ba qala ho etsa mahlabelo a bona+ moo le ho fana ka nyehelo ea bona e halefisang moo, le ho hlahisa menko ea bona e khathollang+ moo le ho tšolla linyehelo tsa bona tsa lino moo.+ 29 Kahoo ka re ho bona, ‘Sebaka se phahameng seo le tlang ho sona se bolela’ng, hoo lebitso la sona e leng Sebaka se Phahameng ho fihlela letsatsing lee?’”’+
30 “Ka hona e-re ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na le itšilafatsa tseleng ea baholo-holo ba lōna,+ ’me le latela lintho tsa bona tse nyonyehang ka likamano tse litšila?+ 31 Ha le phahamisa limpho tsa lōna ka ho fetisa bara ba lōna mollong,+ na lea itšilafatsa bakeng sa litšoantšo tsohle tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang ho fihlela kajeno?+ Ka nako e tšoanang na le tla mpotsa, Lōna ba ntlo ea Iseraele?”’+
“‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘Le ke ke la mpotsa.+ 32 Se hlahang meeeng ea lōna+ ka sebele se ke ke sa etsahala,+ ha le re: “A re tšoaneng le lichaba, re tšoaneng le malapa a linaha tsena,+ ka ho sebeletsa patsi le lejoe.”’”+
33 “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke tla busa ke le morena oa lōna+ ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng+ le ka khalefo e tšolohang. 34 Ke tla le tlisa ho tsoa lichabeng, ke le phuthe ho tsoa linaheng tseo le hasantsoeng ho tsona ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng le ka khalefo e tšolohang.+ 35 Ke tla le tlisa lefeelleng la lichaba+ ’me ke kene kahlolong le lōna moo lifahleho li talimane.+
36 “‘Feela joalokaha ke ile ka kena kahlolong le baholo-holo ba lōna lefeelleng la naha ea Egepeta,+ ka ho tšoanang ke tla ipeha kahlolong le lōna,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 37 ‘Ke tla le fetisa tlas’a molamu+ ’me ke le tlise tlamong ea selekane.+ 38 Ke tla ntša bafetoheli ho lōna le ba ntšiteloang,+ etsoe ke tla ba ntša naheng eo ba lulang ho eona ka bojaki, empa ba ke ke ba tla naheng ea Iseraele;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
39 “Lōna ba ntlo ea Iseraele, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘E-eang le sebeletse e mong le e mong litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang.+ Ka mor’a moo haeba le sa ’mamele, joale ha le sa tla hlola le hlompholla lebitso la ka le halalelang ka limpho tsa lōna le ka litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang.’+
40 “‘Etsoe thabeng ea ka e halalelang, thabeng e phahameng ea Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke moo bona, bohle ba ntlo ea Iseraele kaofela ha bona, ba tla ntšebeletsa teng, naheng.+ Ke tla khahlisoa ke bona moo, ’me ke tla batla menehelo ea lōna moo le litholoana tsa pele tsa linyehelo tsa lōna linthong tsohle tsa lōna tse halalelang.+ 41 Ka lebaka la monko o khathollang ke tla khahlisoa ke lōna,+ ha ke le ntša lichabeng ’me ke le phutha ho tsoa linaheng tseo le hasantsoeng ho tsona,+ ’me ke tla halaletsoa ka lōna ka pel’a mahlo a lichaba.’+
42 “‘Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ha ke le tlisa naheng ea Iseraele,+ naheng eo ke ileng ka phahamisa letsoho ka kano hore ke tla e fa baholo-holo ba lōna. 43 Ka sebele le tla hopola litsela tsa lōna+ le mesebetsi eohle ea lōna eo le itšilafalitseng ka eona,+ ’me le tla nyonya lifahleho tsa lōna ka lebaka la lintho tsohle tse mpe tseo le li entseng.+ 44 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke le nkela bohato ka lebaka la lebitso la ka,+ eseng ho ea ka litsela tsa lōna tse mpe kapa ho ea ka mesebetsi ea lōna e bolileng,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
45 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 46 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao+ ka nģ’a sebaka se ka boroa u rothisetse+ mantsoe ka boroa, ’me u profetele moru oa naha e ka boroa. 47 U tla re ho moru o ka boroa, ‘Utloa lentsoe la Jehova. Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke hotetsa mollo khahlanong le uena,+ ’me ho uena o tla chesa sefate se seng le se seng se ntseng se le mongobo le sefate se seng le se seng se omeletseng.+ Lelakabe le tukang le ke ke la tima,+ ’me le tla tlabola lifahleho tsohle ho tloha boroa ho ea leboea.+ 48 Nama eohle e tla bona hore ’na, Jehova, ke o hotelitse, hoo o ke keng oa tima.”’”+
49 Ka re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Ba re mabapi le ’na, ‘Na ha a qape lipolelo tsa maele?’”+
21 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao nģ’a Jerusalema u rothisetse+ mantsoe libakeng tse halalelang,+ ’me u profete khahlanong le naha ea Iseraele.+ 3 U tla re ho naha ea Iseraele, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena,+ ’me ke tla ntša sabole ea ka selateng sa eona+ ke felise ea lokileng le ea khopo ho uena.+ 4 E le hore ke felise ea lokileng le ea khopo ho uena, ka hona sabole ea ka e tla tsoa selateng sa eona khahlanong le nama eohle ho tloha boroa ho ea leboea.+ 5 Nama eohle e tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke ntšitse sabole ea ka selateng sa eona.+ Ha e sa tla hlola e khutlela teng.”’+
6 “Ha e le uena, mor’a motho, u feheloe ka letheka le thothomelang.+ U feheloe habohloko ka pel’a mahlo a bona.+ 7 Etlare ha ba re ho uena, ‘U feheloa ka lebaka lefe?’+ u tla re, ‘Ka lebaka la tlaleho.’+ Etsoe ka sebele e tla tla,+ ’me pelo e ’ngoe le e ’ngoe e tla nyahama+ le matsoho ’ohle a tepelle le moea o mong le o mong o nyahame ’me mangole ’ohle a tla rotha metsi.+ ‘Bona! Ka sebele e tla tla+ ’me e etsahale,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 9 “Mor’a motho, profeta, u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “E-re, ‘Sabole, sabole!+ E leolitsoe,+ ’me e bentšitsoe. 10 E leolitsoe ka morero oa ho hlophisa polao; e bentšitsoe ka morero oa hore e phatsime.’”’”+
“Kapa na re tla thaba?”+
“‘Na e lahla lere la borena+ la mora oa ka,+ joalokaha e etsa ka sefate se seng le se seng?+
11 “‘Motho o nehelana ka eona hore e bentšoe, e le hore a e tšoare ka letsoho. Eona—sabole e leolitsoe, ’me eona—e bentšitsoe, e le hore ho nehelanoe ka eona letsohong la ’molai.+
12 “‘Hoeletsa ’me u bokolle,+ Uena mor’a motho, etsoe e tlile khahlanong le sechaba sa ka;+ e khahlanong le marenana ’ohle a Iseraele.+ Ba lahletsoeng saboleng ba fetohile batho ba ka.+ Ka hona otla serope.+ 13 Etsoe tlhahlobo e entsoe,+ ’me ho thoe’ng ka eona haeba le lahla lere la borena?+ Le ke ke la tsoela pele le le teng,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
14 “Uena mor’a motho—profeta, u ope liatla,+ ’me ‘Sabole!’ e lokela ho phetoa ka makhetlo a mararo.+ Ke sabole ea ba bolailoeng. Ke sabole ea ea bolailoeng e moholo, e ba teelang hare.+ 15 E le hore pelo e qhibilihe+ le hore bohle ba lihiloeng lihekeng tsohle tsa bona ba ate,+ ke tla bolaea ka sabole. Jo! e etselitsoe ho phatsima, e bentšitsoe hore e bolaee!+ 16 Iponahatse u le bohale;+ e-ea ka ho le letona! Ema sebakeng sa hao; e-ea ka ho le letšehali! Kae kapa kae moo sefahleho sa hao se lebileng teng! 17 Ke tla boela ke ope liatla,+ ke tla kokobetsa+ khalefo ea ka.+ ’Na, Jehova, ke boletse.”
18 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 19 “Ha e le uena, mor’a motho, u ipehele litsela tse peli hore sabole ea morena oa Babylona e kene.+ Li lokela ho tsoa naheng e le ’ngoe, ’me letšoao le supang tsela le lokela ho betloa;+ le lokela ho betloa qalong ea tsela e kenang motseng. 20 U lokela ho beha tsela bakeng sa hore sabole e kene khahlanong le Raba+ ea bara ba Ammone, ’me e ’ngoe e kene khahlanong le Juda, khahlanong le Jerusalema e etselitsoeng qhobosheane.+ 21 Etsoe morena oa Babylona o eme mateanong a litsela, qalong ea litsela tse peli, e le hore a retelehele bonoheng.+ O sisintse metsu. O botsitse ka ho sebelisa literafime;+ o talimile ka har’a sebete. 22 Bonohe ba hae bakeng sa Jerusalema bo bile ka letsohong la hae le letona, ho beha likofuto tsa ho heletsa lerako,+ ho ahlamisa molomo bakeng sa ho bolaea, ho hlaba mokhosi,+ ho beha likofuto tsa ho heletsa lerako lihekeng, ho qhobela ’mōtōmōtō o thibellang, ho haha lerako le thibellang.+ 23 Ho bona ke ho kang bonohe ba bohata mahlong a bona+—ba ba hlapanyelitseng ka likano;+ ’me o hopola phoso,+ e le hore ba ka tšoaroa.+
24 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa hore phoso ea lōna e hopoloe ka ho senoloa ha litlōlo tsa lōna, e le hore libe tsa lōna li ka bonoa ho ea ka mesebetsi eohle ea lōna, ka lebaka la ho hopoloa ha lōna+ le tla tšoaroa ka letsoho.’+
25 “Ha e le uena, ea ntšitsoeng maqeba a bolaeang, morenana ea khopo+ oa Iseraele,+ eo letsatsi la hae le fihlileng ka nako ea phoso ea ho qetela,+ 26 sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Rōla tuku, u rōle moqhaka.+ Hona ho ke ke ha tšoana.+ Phahamisa se tlaase,+ se phahameng u se theolele tlaase.+ 27 Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye.+ Le oona, ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao,+ ’me ke tla mo fa eona.’+
28 “Ha e le uena, mor’a motho, profeta, u re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng malebana le bara ba Ammone le malebana le nyeliso e tsoang ho bona.’ U tla re, ‘Sabole, sabole e tsomutsoeng bakeng sa polao, e bentšitsoeng ho etsa hore e timetse, e le hore e phatsime,+ 29 ka lebaka la ho u bonela ntho eo e seng ea sebele, ka lebaka la ho u nohela leshano,+ e le hore ba u behe melaleng ea ba bolailoeng, batho ba khopo bao letsatsi la bona le fihlileng ka nako ea phoso ea ho qetela.+ 30 E khutlisetse selateng sa eona. Ke tla u ahlolela sebakeng seo u ileng ua bōptjoa ho sona, naheng eo u tsoaletsoeng ho eona.+ 31 Ke tla tšollela nyatso ea ka holim ’a hao. Ke tla u butsoela ka mollo oa khalefo ea ka,+ ke tla nehelana ka uena matsohong a batho ba sa nahaneng, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho ea tšenyo.+ 32 U tla fetoha libeso bakeng sa mollo.+ Mali a hao a tla ba har’a naha. U ke ke ua hopoloa, etsoe ’na, Jehova, ke boletse.’”+
22 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Ha e le uena, mor’a motho, na u tla ahlola,+ na u tla ahlola motse o molato oa mali+ ’me ka sebele u etse hore o tsebe lintho tsohle tsa oona tse manyala?+ 3 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Uena motse o tšollang mali+ ka har’a oona ho fihlela nako ea oona e fihla,+ le o entseng litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang ka har’a oona e le hore o silafale,+ 4 ka mali a hao ao u a tšolotseng u fetohile ea molato,+ ’me ka litšoantšo tsa hao tse rapeloang tse nyonyehang tseo u li entseng u fetohile ea silafetseng.+ U atametsa matsatsi a hao, ’me u tla fihla lilemong tsa hao. Ke ka lebaka leo ke tla u etsa ntho e nyelisehang lichabeng le sesomo linaheng tsohle.+ 5 Linaha tse haufi le tse hōle le uena li tla u soma, Uena ea lebitso le sa hloekang, ea atetsoeng ke pherekano.+ 6 Bona! Marenana+ a Iseraele a ho uena, e mong le e mong o nehetse letsoho la hae ka morero oa ho tšolla mali.+ 7 Ba ile ba eisa ntate le ’mè ba leng ho uena.+ Ba etselitse mojaki ea leng ka hare ho uena bolotsana.+ Ba tšoere moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali ea leng ho uena hampe.”’”+
8 “‘U nyelisitse libaka tsa ka tse halalelang, ’me u silafalitse lisabatha tsa ka.+ 9 Baetselletsi ba totobetseng ba ho uena, ka morero oa ho tšolla mali;+ ’me ba jele lithabeng ho uena.+ Ba entse boitšoaro bo hlephileng ka hare ho uena.+ 10 Ba apotse bofeela ba ntate ho uena;+ ba tlotlolotse mosali ea sa hloekang ke ho ilela ha hae khoeli ea leng ho uena.+ 11 Monna o entse ntho e manyala le mosali oa motsoalle oa hae,+ ’me monna o silafalitse ngoetsi ea hae ka boitšoaro bo hlephileng;+ monna o tlotlolotse khaitseli ea hae, morali oa ntat’ae ho uena.+ 12 Ba nkile tjotjo ho uena ka morero oa ho tšolla mali.+ U nkile phaello+ le tsoala,+ ’me ka mabifi u ntse u fumana phaello+ ho metsoalle ea hao ka bolotsana,+ u ntebetse,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
13 “‘Bona! Ke opile liatla+ ka lebaka la phaello ea ho hloka toka eo u e entseng,+ le ka lebaka la liketso tsa hao tsa tšollo ea mali tse bileng teng ka hare ho uena.+ 14 Na pelo ea hao e tla ’ne e mamelle+ kapa na matsoho a hao a tla ba matla matsatsing ao ke tla u nkela bohato ka ’ona?+ ’Na, Jehova, ke boletse ’me ke tla nka bohato.+ 15 Ke tla u hasanya har’a lichaba ke u qhalakanyetse har’a linaha,+ ’me ke tla timetsa ho se hloeke ha hao ho uena.+ 16 Ka sebele u tla silafatsoa ka hare ho uena ka pel’a mahlo a lichaba, ’me u tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”+
17 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho ’na, la re: 18 “Mor’a motho, ho ’na ba ntlo ea Iseraele ba joaloka manya a okolehang.+ Kaofela ha bona ke koporo le thini le tšepe le loto ka har’a sebōpi. Ba fetohile manya a mangata a okolehang, a silevera.+
19 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore kaofela ha lōna le joaloka manya a mangata a okolehang,+ ka hona ke tla le bokella ka har’a Jerusalema.+ 20 Joalokaha ho bokelloa silevera le koporo le tšepe+ le loto le thini ka har’a sebōpi, e le hore e ka butsoeloa+ ka mollo ho etsa hore e qhibilihe,+ kahoo ke tla ba bokella bohaleng ba ka le khalefong ea ka, ’me ke tla butsoela ke etse hore le qhibilihe. 21 Ke tla le bokella hammoho ke le butsoele ka mollo oa khalefo ea ka,+ ’me le tla qhibilihisoa ka har’a eona.+ 22 Joalokaha ho qhibilihisoa silevera ka har’a sebōpi, kahoo le tla qhibilihisoa ka har’a eona; ’me le tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke tšolletse khalefo ea ka holim ’a lōna.’”+
23 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho ’na, la re: 24 “Mor’a motho, e-re ho eona, ‘U naha e sa hloekisoang, e sa neloang ke pula letsatsing la nyatso.+ 25 Baprofeta ba eona ba rera bolotsana ka har’a eona,+ joaloka tau e purumang, e rusollang phofu.+ Ba timetsa moea.+ Ba tsoela pele ho nka letlotlo le lintho tsa bohlokoa.+ Ba atisitse bahlolohali ka har’a eona.+ 26 Baprista ba eona ba sentse molao oa ka,+ ba ntse ba tsoela pele ho silafatsa libaka tsa ka tse halalelang.+ Ha baa khetholla+ pakeng tsa ntho e halalelang le e tloaelehileng,+ ha baa tsebahatsa letho pakeng tsa ntho e sa hloekang le e hloekileng,+ ba patetse lisabatha tsa ka mahlo,+ ’me ke hlompholotsoe har’a bona.+ 27 Likhosana tsa eona ka har’a eona li joaloka liphiri tse rusollang phofu ka ho tšolla mali,+ li timetsa meea ka morero oa ho etsa phaello ea ho hloka toka.+ 28 Baprofeta ba eona ba li litse ka sesoeufatsi,+ ba bona ntho eo e seng ea sebele+ ’me ba ba nohela leshano,+ ba re: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng,” le hoja Jehova a sa bua. 29 Sechaba se ntšetsa pele morero oa bolotsana ka ho nka ka mahahapa+ ’me se rusolotse ka tlatlapo,+ se tšoere ea hlorileng le mofutsana hampe,+ ’me se etselitse mojaki bolotsana ho se na toka.’+
30 “‘Ka tsoela pele ho batla har’a bona monna ea tla lokisa lerako la majoe+ le ho ema lekhalong+ ka pel’a ka bakeng sa naha, e le hore ke se ke ka e timetsa;+ ’me ha ho eo ke mo fumaneng. 31 Kahoo ke tla tšollela nyatso+ ea ka holim ’a bona. Ke tla ba felisa ka mollo oa khalefo ea ka.+ Ke tla tlisa tsela ea bona lihloohong tsa bona,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
23 Lentsoe la Jehova la tla ho ’na,+ la re: 2 “Mor’a motho, ho ne ho e-na le basali ba babeli, barali ba ’mè a le mong.+ 3 Ba qala ho etsa botekatse Egepeta.+ Ba entse botekatse bocheng ba bona.+ Matsoele a bona a ile a penngoa moo,+ ba patisa lifuba tsa boroetsana ba bona moo. 4 Mabitso a bona e ne e le Ohola e moholo le Oholiba morali’abo, ea e-ba ba ka+ ’me ba qala ho tsoala bara le barali.+ Ha e le mabitso a bona, Ohola ke Samaria,+ ’me Oholiba ke Jerusalema.+
5 “Ohola a qala ho etsa botekatse,+ ha a ntse a le tlas’a ka, ’me a ’na a lakatsa ka ho feteletseng ba mo ratang ka takatso e matla,+ Baassyria,+ ba neng ba le haufi, 6 babusisi ba apereng lesela le leputsoa, le batlatsi ba babusi—kaofela ha bona e le bahlankana ba khahlehang, banna ba kaletseng lipere. 7 A ’na a etsa liketso tsa hae tsa botekatse ho bona, kaofela ha bona e le bara ba khethehileng ba Assyria; a itšilafatsa le bohle bao a ba lakalitseng ka ho feteletseng—le ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 8 Ha aa ka a tlohela liketso tsa hae tsa botekatse tseo a li nkileng Egepeta, etsoe ba robetse le eena ho tloha bocheng ba hae, ke bona ba patisitseng lifuba tsa boroetsana ba hae ’me ba ’na ba tšollela likamano tsa bona tse litšila holim ’a hae.+ 9 Ka hona ke nehelane ka eena matsohong a ba mo ratang ka takatso e matla,+ matsohong a bara ba Assyria, bao a ba lakalitseng ka ho feteletseng.+ 10 Ke bona ba apotseng bofeela ba hae.+ Ba nkile bara le barali ba hae,+ eena ba mo bolaile ka sabole. A fetoha sekhobo ho basali, ’me ba phethisa liketso tsa kahlolo holim ’a hae.
11 “Ha Oholiba morali’abo a ho bona,+ joale a sebelisa takatso ea hae ea nama ka mokhoa o senyang ho mo feta, le botekatse ba hae ho feta bohlola ba morali’abo.+ 12 O lakalitse bara ba Assyria ka ho feteletseng,+ babusisi le batlatsi ba babusi ba neng ba le haufi, ba apereng ka tsebo e phethahetseng ea ho khetha, banna ba kaletseng lipere—kaofela ha bona e le bahlankana ba khahlehang.+ 13 Ka bona hoo, hobane o ne a itšilafalitse, ka bobeli ba bona ba ne ba e-na le tsela e le ’ngoe.+ 14 A ’na a eketsa liketso tsa hae tsa botekatse ha a bona banna ba betliloeng leboteng,+ litšoantšo tse betliloeng+ tsa Bakalde tse ferefiloeng ka bofubelu,+ 15 ba itlamile ka mabanta+ mathekeng, ba roetse lituku tse lepeletseng lihloohong, ba bonahala joaloka bahlabani, kaofela ha bona, ba tšoana le bara ba Babylona, Bakalde mabapi le naha eo ba tsoaletsoeng ho eona. 16 A qala ho ba lakatsa ka ho feteletseng ha a ba bona+ ’me a romela manģosa ho bona Kalde.+ 17 Bara ba Babylona ba ’na ba tla ho eena, betheng ea lipontšo tsa lerato, eaba ba mo silafatsa ka likamano tsa bona tse litšila;+ a tsoela pele ho silafatsoa ke bona, ’me moea oa hae oa qala ho ba furalla ka ho teneha.
18 “A tsoela pele ho senola liketso tsa hae tsa botekatse le ho apola bofeela ba hae,+ hoo moea oa ka o ileng oa furalla ka ho teneha hore ke se ke ka itsoakanya le eena, feela joalokaha moea oa ka o ile oa furalla ka ho teneha hore ke se ke ka itsoakanya le morali’abo.+ 19 A ’na a atisa liketso tsa hae tsa botekatse+ ho isa bohōleng ba ho hopola matsatsi a bocha ba hae,+ ha a ne a ikentse letekatse naheng ea Egepeta.+ 20 A ’na a lakatsa ka ho feteletseng ka mokhoa oa lirethe tsa bao litho tsa bona tsa nama li leng joaloka litho tsa nama tsa liesele tse tona le bao litho tsa bona tsa botona li leng joaloka litho tsa botona tsa lipere tse tona.+ 21 U ile ua tsoela pele ho lebisa tlhokomelo boitšoarong bo hlephileng ba bocha ba hao ka ho patisoa ha sefuba sa hao ho tloha Egepeta+ ho ea pele, ka lebaka la matsoele a bocha ba hao.+
22 “Ka hona, Uena Oholiba, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke tsosa bao u ba ratang ka takatso e matla hore ba u futuhele,+ bao moea oa hao o ba furaletseng ka ho teneha, ’me ke tla ba tlisa hore ba u futuhele ho tsoa mahlakoreng ’ohle,+ 23 bara ba Babylona+ le Bakalde bohle,+ Pekode+ le Shooa le Kooa, hammoho le bara bohle ba Assyria, bahlankana ba khahlehang, kaofela ha bona e le babusisi le batlatsi ba babusi, bahlabani le ba bitsitsoeng, ba kaletseng lipere, kaofela ha bona. 24 Ba tla u futuhela ka ho kotomana ha likoloi tsa ntoa le mabili,+ le ka phutheho ea lichaba, ka thebe e khōlō le thebe e nyenyane le helmete. Ba tla u futuhela ka hohle, ke tla nehela kahlolo ho bona, ’me ba tla u ahlola ka likahlolo tsa bona.+ 25 Ke tla bontša cheseho ea ka khahlanong le uena,+ ’me ba tla nka bohato khahlanong le uena ka khalefo.+ Ba tla u tlosa nko le litsebe, ’me se setseng sa hao se tla oa ka sabole. Ba tla nka+ bara ba hao le barali ba hao,+ ’me se setseng sa hao se tla timetsoa ka mollo.+ 26 Ka sebele ba tla u hlobolisa liaparo+ ba nke lintho tsa hao tse ntle.+ 27 Ke tla felisa boitšoaro ba hao bo hlephileng,+ le botekatse ba hao boo u bo entseng ho tsoa naheng ea Egepeta;+ u ke ke ua phahamisetsa mahlo ho bona, ’me ha u sa tla hlola u hopola Egepeta.’
28 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke nehelana ka uena matsohong a bao u ba hloileng, matsohong a bao moea oa hao o ba furaletseng ka ho teneha.+ 29 Ba tla nka bohato khahlanong le uena ka lehloeo le ho nka sehlahisoa sohle sa hao se fumanoeng ka ho sehla ’me ba u siee u hlobotse u le feela;+ bofeela ba liketso tsa hao tsa bohlola le boitšoaro ba hao bo hlephileng le liketso tsa hao tsa botekatse li tla senoloa.+ 30 U tla etsoa lintho tsena ka lebaka la ho latela ha hao lichaba joaloka letekatse,+ ka lebaka la hore u itšilafalitse ka litšoantšo tsa tsona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 31 U tsamaile tseleng ea morali’eno;+ ’me ke tla lokela ho fana ka senoelo sa hae letsohong la hao.’+
32 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘U tla noa senoelo sa morali’eno, se tebileng le se sephara.+ U tla fetoha ntho e tšehisang le e fetotsoeng litšeho, senoelo se tšetseng ho hongata.+ 33 U tla tlala botahoa le mesarelo, hammoho le senoelo sa makalo le sa tšenyeho, senoelo sa Samaria morali’eno. 34 U tla lokela ho se noa u se minyeletse,+ ’me u tla phura mangeta a sona, u khaole matsoele a hao.+ “Etsoe ’na ke boletse,” ho bolela ’Musi Morena Jehova.’
35 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore u ntebetse+ ’me ua mphuralla,+ joale u boetse u jara boitšoaro ba hao bo hlephileng le liketso tsa hao tsa botekatse.’”
36 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, na u tla ahlola+ Ohola le Oholiba+ le ho ba bolella lintho tsa bona tse manyala?+ 37 Etsoe ba febile+ ’me matsoho a bona a na le mali,+ ba febile ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ Ntle ho moo, bara ba bona bao ba ntsoaletseng bona ba ba fetiselitse ho tsona mollong e le lijo.+ 38 Ho feta moo, sena ke seo ba nkentseng sona: Ba silafalitse+ sehalalelo sa ka+ letsatsing leo, ’me ba hlompholotse lisabatha tsa ka.+ 39 Ha ba hlabetse litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang+ bara ba bona ba ile ba kena ka sehalalelong sa ka letsatsing leo hore ba se silafatse,+ ’me bonang! sena ke seo ba se entseng ka har’a ntlo ea ka.+ 40 Ho phaella moo, ha ba qala ho romeletsa ho banna ba tsoang hōle, bao ho ileng ha romeloa lenģosa ho bona,+ joale, bona! ba ile ba tla,+ bao u itlhatsoitseng ka lebaka la bona,+ ua itaka mahlo+ ua ikhabisa ka mekhabiso.+ 41 Ua lula setulong se kang bethe se khanyang,+ ka pel’a sona ho tekiloe tafole,+ ua tšela libano tsa ka+ le oli ea ka holim ’a eona.+ 42 Molumo oa bongata bo lutseng ka boiketlo o ne o le ho eena,+ ’me ho banna ba tsoang letšoeleng la moloko oa batho ho ile ha tlisoa matahoa+ a tsoang lefeelleng, eaba a roesa basali lipetja matsohong ’me ba ba roesa meqhaka e metle lihloohong.+
43 “Kahoo mabapi le ea neng a tsofalitsoe ke bofebe ka re,+ ‘Joale o tla ’ne a etse botekatse ba hae.’+ 44 Ba ’na ba tla ho eena, feela joalokaha motho a tla ho mosali oa letekatse; ka mokhoa oo ba ile ba tla ho Ohola le ho Oholiba joaloka basali ba boitšoaro bo hlephileng.+ 45 Empa ha e le banna ba lokileng,+ ke bona ba tla mo ahlola ka kahlolo ea basali ba bafebi+ le ka kahlolo ea basali ba tšollang mali;+ etsoe ke basali ba bafebi, ’me matsoho a bona a na le mali.+
46 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho tla tlisoa phutheho khahlanong le bona+ ’me ba etsoe ntho e tšosang le ntho e ka tlatlapuoang.+ 47 Phutheho e tla ba tlepetsa ka majoe,+ ’me ba tla hlathoa ka lisabole tsa bona. Ba tla bolaea bara ba bona le barali ba bona,+ ’me ba tla chesa matlo a bona ka mollo.+ 48 Ka sebele ke tla felisa boitšoaro bo hlephileng+ naheng,+ ’me basali bohle ba tla lokela ho itlohella hore ba khalemeloe, e le hore ba se ke ba etsa ho ea ka boitšoaro ba lōna bo hlephileng.+ 49 Ba tla tlisa boitšoaro ba lōna bo hlephileng holim ’a lōna,+ ’me le tla jara libe tsa litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang; le tla lokela ho tseba hore ke ’na ’Musi Morena Jehova.’”+
24 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na ka selemo sa borobong, ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la leshome la khoeli, la re: 2 “Mor’a motho, ingolle lebitso la letsatsi, letsatsi lona lena. Morena oa Babylona o futuhetse Jerusalema letsatsing lona lena.+ 3 U qape polelo ea maele malebana le ba ntlo e tletseng borabele,+ ’me u re ho bona,
“‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Behang pitsa e molomo o moholo ifo; e beheng ifo, ’me le tšele metsi ka har’a eona.+ 4 Bokellang likotoana ka har’a eona,+ sekotoana se seng le se seng se setle, serope le lehetla; le e tlatse ka masapo a khethehileng. 5 Ho ke ho nkoe nku e khethehileng,+ ’me le kolohanye mafatsa ho e pota-pota ka tlaase. Le phehe likotoana tsa eona, hape le phehe masapo a eona ka har’a eona.”’”+
6 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho malimabe motse oa liketso tsa tšollo ea mali,+ pitsa e molomo o moholo, e mafome, le eo mafome a eona a sa tsoang ho eona! Ntša sekotoana ka seng sa oona;+ ho se ke ha e-ba le lotho e lahloang bakeng sa oona.+ 7 Etsoe mali a oona a bile ka har’a oona.+ O a behile holim ’a lefika le benyang, le se nang letho ka holimo. Ha aa ka a a tšollela fatše, e le hore a a koahele ka mobu.+ 8 E le hore ke tlise khalefo bakeng sa ho phethisa phetetso,+ ke behile mali a oona holim ’a lefika le benyang, le se nang letho ka holimo, e le hore a se ke a koaheloa.’+
9 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho malimabe motse oa liketso tsa tšollo ea mali!+ Le ’na ke tla etsa hore qubu e be khōlō.+ 10 Etsa hore mafatsa a ngatafale. Hotetsa mollo. U phehe nama ka ho phethahetseng. U tšolle moro, u etse hore masapo a eona a chese haholo. 11 U e behe e se na letho holim ’a mashala a eona e le hore e chese; ’me koporo ea eona e tla futhumala, ho se hloeke ha eona ho tla qhibilihisoa ka har’a eona.+ Mafome a eona a ke a felisoe.+ 12 Likhathatso! E entse hore motho a khathale, empa boholo ba mafome a eona ha bo tlohe ho eona.+ E tla ea mollong le mafome a eona!’
13 “‘Ho ne ho e-na le boitšoaro bo hlephileng ho se hloekeng ha hao.+ Ka lebaka leo ke ile ka lokela ho u hloekisa, empa ha ua ka ua hloeka ho se hloekeng ha hao.+ Ha u sa tla hlola u hloeka ho fihlela ke kokobetsa khalefo ea ka tabeng ea hao.+ 14 ’Na, Jehova, ke boletse.+ Ho tla tla,+ ’me ke tla nka bohato. Nke ke ka ho hlokomoloha,+ kapa ka utloela bohloko+ kapa ka ikutloa ke soabile.+ Ka sebele ba tla u ahlola ho ea ka litsela tsa hao le ho ea ka mesebetsi ea hao,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
15 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 16 “Mor’a motho, bona! ka kotlo ke u amoha ntho e lakatsehang+ mahlong a hao,+ u se ke ua ikotla sefuba, kapa ua lla kapa ua tsoa meokho.+ 17 U feheloe u khutsitse. U se ke ua siama ka lebaka la ba shoeleng.+ U itlame ka ntho ea hao e roaloang hloohong,+ u roale meqathatso.+ U se ke ua koahela litelu tse holim ’a molomo,+ ’me u se ke ua ja bohobe ba batho.”+
18 Ka bua le sechaba hoseng, ’me qetellong mosali oa ka a shoa ka shoalane. Kahoo hoseng ka etsa feela joalokaha ke laetsoe. 19 Sechaba sa ’na sa re ho ’na: “Na u ke ke ua re bolella hore na lintho tsee tseo u li etsang, li amana kae le rōna?”+ 20 Joale ka re ho sona: “Lentsoe la Jehova le ile la hlaha ho ’na, le re, 21 ‘E-re ho ba ntlo ea Iseraele: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke silafatsa sehalalelo sa ka,+ boikakaso ba matla a lōna,+ ntho e lakatsehang mahlong a lōna+ le ntho e qeneheloang ke meea ea lōna, ’me bara ba lōna le barali ba lōna bao le ba siileng morao—ba tla oa ka sabole.+ 22 Le tla lokela ho etsa feela joalokaha ke entse. Le ke ke la koahela litelu tse holim ’a molomo,+ ’me le ke ke la ja bohobe ba batho.+ 23 Ntho ea lōna e roaloang hloohong e tla ba lihloohong tsa lōna, meqathatso ea lōna e be maotong a lōna. Le ke ke la ikotla kapa la lla,+ le tla lokela ho bolla liphosong tsa lōna,+ ’me le tla bobola e mong bakeng sa e mong.+ 24 Ezekiele o fetohile limakatso.+ Tumellanong le sohle seo a se entseng, le tla etsa joalo. Ha li fihla,+ le tla lokela ho tseba hore ke ’na ’Musi Morena Jehova.’”’”+
25 “Ha e le uena, mor’a motho, na ho ke ke ha etsahala hore letsatsing la ha ke ba amoha qhobosheane ea bona, ntho e ntle ea thabo ea bona e khaphatsehang, ntho e lakatsehang mahlong a bona+ le se hloloheloang ke moea oa bona, bara ba bona le barali ba bona,+ 26 letsatsing leo ea phonyohileng a tle ho uena bakeng sa ho etsa hore litsebe li utloe?+ 27 Letsatsing leo molomo oa hao o tla buleha bakeng sa ea phonyohileng,+ u tla bua u se ke ua hlola u e-ba semumu;+ ka sebele u tla ba limakatso ho bona,+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”+
25 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao ho bara ba Ammone ’me u profete khahlanong le bona.+ 3 U tla re malebana le bara ba Ammone, ‘Utloang lentsoe la ’Musi Morena Jehova. Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka lebaka la hore u itse Eke! khahlanong le sehalalelo sa ka, kahobane se silafalitsoe, le khahlanong le naha ea Iseraele, kahobane e entsoe lesupi, le khahlanong le ba ntlo ea Juda, kahobane ba isitsoe kholehong,+ 4 ka hona bonang! ke nehelana ka lōna ho baahi ba Bochabela hore le be ntho eo ba tla e rua,+ ba tla hloma liahelo tsa bona tse pota-potiloeng ke lerako ho lōna ’me ka sebele ba tla beha litabernakele tsa bona ho lōna. Ba tla ja litholoana tsa lōna, ’me ba tla noa lebese la lōna.+ 5 Ke tla etsa Raba+ lekhulo la likamele ’me bara ba Ammone ke ba etse sebaka sa phomolo sa mehlape;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”’”+
6 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore u ile ua opa liatla+ ua tila ka maoto ’me ua tsoela pele ho thaba ka nyeliso eohle moeeng oa hao khahlanong le naha ea Iseraele,+ 7 ka hona ke ’na enoa; ke otlolotse letsoho khahlanong le uena,+ ’me ke tla nehelana ka uena ho lichaba hore u be ntho e ka tlatlapuoang; ke tla u felisa lichabeng ’me ke u timetse linaheng.+ Ke tla u felisa,+ ’me u tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’
8 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore Moabe+ le Seire+ li itse: “Bonang! Ba ntlo ea Juda ba joaloka lichaba tse ling kaofela,”+ 9 ka hona bona! ke bula letsoapo la Moabe metseng, metseng ea eona ho isa meeling ea eona, mokhabiso oa naha, Bethe-jeshimothe,+ Baale-meone,+ esita le ho isa Kiriathaime,+ 10 ho ea ho baahi ba Bochabela,+ haufi le bara ba Ammone;+ ke tla e etsa ntho eo ba tla e rua, e le hore e se ke ea hopoloa,+ ke hore, bara ba Ammone, har’a lichaba. 11 Ke tla phethisa liketso tsa kahlolo Moabe;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
12 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore Baedomo ba entse ka ho iphetetsa ho ba ntlo ea Juda eaba ba tsoela pele ho fosa ka mokhoa o pharaletseng le ho iphetetsa ho bona,+ 13 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke tla boela ke otlolle letsoho khahlanong le Edomo+ ke felise ho eona motho le liphoofolo tse ruuoang,+ ke tla e etsa sebaka se ripitliloeng ho tloha Temane,+ le ho ea Dedane.+ Ba tla oa ka sabole. 14 ‘Ke tla tlisa phetetso ea ka Edomo ka letsoho la sechaba sa ka sa Iseraele;+ se tla etsa Edomo ho ea ka bohale ba ka; ba tla lokela ho tseba phetetso ea ka,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’
15 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore Bafilista ba iphetelitse+ ’me ba ile ba tsoela pele ho iphetetsa ka phetetso e nyelisang moeeng, e le hore ba bake tšenyo,+ ka bora bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ 16 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke otlolla letsoho khahlanong le Bafilista,+ ke tla felisa Bakerethe+ ’me ke timetse le ba bang kaofela lebōpong la leoatle.+ 17 Ke tla phethisa liketso tse khōlō tsa phetetso ho bona, ka likhalemelo tsa khalefo;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke tlisa phetetso ea ka ho bona.”’”+
26 Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka letsatsi la pele la khoeli, lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, ka lebaka la hore Tyre+ e itse khahlanong le Jerusalema,+ ‘Eke! E robehile,+ mamati a lichaba!+ Ka sebele tšekamelo e tla ba ho ’na. Ke tla tlatsoa—e ripitliloe,’+ 3 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke khahlanong le uena, Tyre, ’me ke tla tlisa lichaba tse ngata khahlanong le uena,+ feela joalokaha leoatle le nyolla maqhubu a lona.+ 4 Ka sebele li tla felisa marako a Tyre+ le ho qhaqha litora tsa eona,+ ’me ke tla fefa lerōle la eona ke e etse lefika le benyang, le se nang letho ka holimo. 5 E tla fetoha sebaka seo ho sona ho omisetsoang matlooa a huloang+ ka har’a leoatle.’+
“‘Etsoe ’na ke boletse,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me e tla fetoha ntho e tlatlapuoang bakeng sa lichaba. 6 Metse e itšetlehileng ka eona e leng naheng—e tla bolaoa ka sabole, ’me batho ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
7 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke etsa hore Nebukadrezare morena oa Babylona ea tsoang leboea,+ morena oa marena,+ a futuhele Tyre ka lipere+ le ka likoloi tsa ntoa+ le ka banna ba palameng lipere le ka phutheho,+ esita le ka sechaba se sengata haholo. 8 O tla bolaea ka sabole metse e itšetlehileng ka uena naheng, a etse lerako le thibellang khahlanong le uena ’me a qhobele ’mōtōmōtō o thibellang khahlanong le uena+ a hlahise thebe e khōlō khahlanong le uena; 9 o tla tobisa ho otla ha kofuto ea hae ea ho hlasela marakong a hao, ’me o tla heletsa litora tsa hao, ka lisabole tsa hae. 10 Ka lebaka la mohlape o nyolohang oa lipere tsa eona lerōle la tsona le tla u koahela.+ Ka lebaka la molumo oa monna ea palameng pere le oa lebili le oa koloi ea ntoa marako a hao a tla reketla, ha a kena ka liheke tsa hao, joaloka tabeng ea ho kena motseng o butsoeng makhalo. 11 O tla hatakela literata tsohle tsa hao ka likhōla tsa lipere tsa hae.+ O tla bolaea sechaba sa hao ka sabole, ’me lifika tsa hao tsa matla li tla theohela fatše. 12 Ka sebele ba tla hapa maruo a hao+ le ho tlatlapa thepa ea hao e rekisoang,+ ba qhaqhe marako a hao, ’me ba tla heletsa matlo a hao a lakatsehang. Majoe a hao le lintho tsa hao tse entsoeng ka lehong le lerōle la hao ba tla li beha ka har’a metsi.’
13 “‘Ke tla felisa morusu oa ’mino oa hao,+ ’me molumo oa liharepa tsa hao ha o sa tla hlola o utluoa.+ 14 Ke tla u etsa lefika le benyang, le se nang letho ka holimo.+ U tla fetoha sebaka seo ho omisetsoang ho sona matlooa a huloang.+ Le ka mohla u ke ke ua tsosolosoa; etsoe ’na, Jehova, ke boletse,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.+
15 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng Tyre, ‘Ha ho utloahala molumo oa ho oa ha hao, ha ea ntšitsoeng maqeba a bolaeang a bobola, ha ho e-na le polao ka hare ho uena, na lihlekehleke li ke ke tsa reketla?+ 16 Ka sebele marenana ’ohle a leoatle a tla theoha+ literoneng tsa ’ona+ a hlobole liaparo tsa ’ona tse se nang matsoho, ’me a tla hlobola liaparo tsa ’ona tse khabisitsoeng. A tla apara ho thothomela. A tla lula fatše,+ ka sebele a tla thothomela motsotso o mong le o mong+ ’me a u shebe ka ho makala. 17 A tla u binela koli-ea-malla+ a re ho uena:
“‘“U timetse hakaakang, uena ea neng a e-na le baahi maoatleng,+ Uena motse o rorisoang, o fetohileng o matla leoatleng,+ oona le ba ahileng ho oona, ba tšositseng baahi bohle ba lefatše! 18 Joale lihlekehleke li tla reketla ka letsatsi la ho oa ha hao. Lihlekehleke tse leoatleng li tla khathatseha ka lebaka la ho tsoa ha hao.”’+
19 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ha ke u etsa motse o ripitliloeng, joaloka metse e se nang baahi, ha ke tlisa boliba ba metsi holim ’a hao, ’me metsi a mangata haholo a tla be a u koahetse,+ 20 ke tla boela ke u theole hammoho le ba theohelang ka sekoting ho batho ba khale,+ ’me ke tla etsa hore u lule naheng e tlaase-tlaase,+ joaloka libaka tse ripitliloeng ka nako e telele, hammoho le ba theohelang ka sekoting,+ e le hore u se ke ua ba le baahi; ’me ke tla beha mokhabiso naheng ea ba phelang.+
21 “‘Ke tla u etsa matšabeho a tšohanyetso,+ ’me u ke ke ua ba teng; u tla batloa,+ empa ha u sa tla hlola u fumanoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
27 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Ha e le uena, mor’a motho, bina koli-ea-malla malebana le Tyre,+ 3 ’me u tla re ho Tyre,
“‘Uena ea lulang moo ho kenoang teng leoatleng,+ mohoebi oa mosali oa lichaba bakeng sa lihlekehleke tse ngata,+ sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Uena Tyre, u itse, ‘Ke phethahetse ka botle.’+ 4 Libaka tsa hao li har’a maoatle.+ Lihahi tsa hao li entse hore botle ba hao e be bo phethahetseng.+ 5 Li u etselitse mapolanka ka likoqo tsa junipere tse tsoang Senire.+ Li nkile kedare e tsoang Lebanone+ hore li u etsetse palo e tšehetsang seile ea sekepe. 6 Li entse masokoana a hao a sekepe ka lifate tsa litonanahali tse tsoang Bashane. Sefuba sa sekepe sa hao li se entse ka lenaka la tlou ka lehong la kyprese, le tsoang lihlekehlekeng tsa Kitime.+ 7 Lesela la hao le aliloeng ke line e mebala e sa tšoaneng e tsoang Egepeta,+ e le hore e be seile ea hao. Seaparo sa hao se khabileng ke tšoele e putsoa+ le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu+ ho tsoa lihlekehlekeng tsa Elisha.+
8 “‘“Baahi ba Sidone+ le ba Arvade+ ba fetohile basoki ba hao. Litsebi tsa hao,+ Uena Tyre, li ho uena; e ne e le basesisi ba likepe tsa hao.+ 9 Esita le banna-baholo ba Gebale+ le litsebi tsa eona ho uena e bile ba thibang matlere a leng mateanong a likarolo tsa likepe tsa hao.+ Likepe tsohle tsa leoatle le bakhanni ba tsona ba bile ho uena, e le hore le ka fapanyetsana lintho tse rekisoang. 10 Bapersia+ le Balude+ le banna ba Pute+—ba ne ba le lebothong la hao la sesole, banna ba hao ba ntoa. Ba ne ba fanyehile thebe le helmete ho uena.+ Ke bona ba bakileng botle ba hao. 11 Bara ba Arvade,+ esita le lebotho la hao la sesole, ba ne ba pota-potile marako a hao ka hohle, ’me banna ba sebete ke bona ba neng ba le litoreng tsa hao. Ba ne ba fanyehile lithebe tsa bona tse chitja ho pota-pota marako a hao ka hohle.+ Ba entse hore botle ba hao e be bo phethahetseng.
12 “‘“Tarshishe+ e ne e hoeba le uena ka lebaka la bongata ba mefuta eohle ea lintho tsa bohlokoa.+ Ho ile ha nehelanoa ka lipolokelo tsa hao ka lebaka la silevera ea eona, tšepe, thini le loto.+ 13 Javane,+ Tubale+ le Mesheke+ li ne li hoeba le uena. Ho nehelanoe ka lintho tsa hao tsa koporo le lintho tsa hao tse fapanyetsanoang bakeng sa meea ea moloko oa batho.+ 14 Ntlong ea Togarma+ ho ne ho e-na le lipere le lipere tsa ntoa le limmoulo, tseo ho ileng ha nehelanoa ka lipolokelo tsa hao bakeng sa tsona. 15 Bara ba Dedane+ ba ne ba hoeba le uena; lihlekehleke tse ngata e ne e le bahoebi ba u sebeletsang; li ile tsa u lefa ka manaka a tlou+ le motsoeri e le mpho ho uena. 16 Edomo e ne e hoeba le uena ka lebaka la mesebetsi ea hao e mengata. Ho ile ha nehelanoa ka lipolokelo tsa hao e le phapanyetsano bakeng sa thekoise,+ boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le lesela le mebala e sa tšoaneng le lesela la boleng bo botle le likorale le lirubi.
17 “‘“Juda le naha ea Iseraele li ne li hoeba le uena. Ho ile ha nehelanoa ka lintho tsa hao tse fapanyetsanoang+ bakeng sa koro+ ea Minithe+ le lijo tse khethehileng le mahe a linotši+ le oli le balsame.+
18 “‘“Damaseka+ e ne e hoeba le uena ka mesebetsi ea hao e mengata, ka lebaka la bongata ba lintho tsohle tsa hao tsa bohlokoa, ka veine+ ea Helbone le boea bo bothokoa bo bofubelu. 19 Vedane le Javane tsa Uzale—li ile tsa nehelana bakeng sa lipolokelo tsa hao. Tšepe e teiloeng, kasia le lehlaka+—e ile ea e-ba lintho tsa hao tse fapanyetsanoang. 20 U ne u hoeba le Dedane+ ka liaparo tsa masela a lohiloeng a ho palama. 21 Maarabia+ le marenana ’ohle a Kedare+ e ne e le bahoebi ba u sebeletsang. Ba ne ba hoeba le uena—ka likonyana tse tona le lipheleu le liphooko.+ 22 Bahoebi ba Sheba+ le Rama+ ba ne ba hoeba le uena; ho ile ha nehelanoa ka lipolokelo tsa hao bakeng sa mefuta eohle ea litlolo tse nkhang hamonate tsa boleng bo botle ka ho fetisisa le bakeng sa mefuta eohle ea majoe a bohlokoa le khauta.+ 23 Harane+ le Kane le Edene,+ bahoebi ba Sheba,+ Asshure+ le Kilmade ba ne ba hoeba le uena. 24 Ba ne ba hoeba le uena setsing sa hao sa khoebo ka liaparo tse ntle haholo, ka liaparo tsa ho ithatela tsa masela a maputsoa le masela a mebala e sa tšoaneng le ka limmete tsa masela a mebala e ’meli, ka liropo tse lohiloeng tse entsoeng ka mokhoa o tiileng.
25 “‘“Likepe tsa Tarshishe+ e ne e le lisebelisoa tsa hao bakeng sa lintho tsa hao tse fapanyetsanoang, hoo u ileng ua tlala ’me ua ba ea khanyang haholo har’a leoatle le bulehileng.+
26 “‘“Ba u sokang ba u tlisitse metsing a mangata.+ Moea oa bochabela o u robile har’a leoatle le bulehileng.+ 27 Lintho tsa hao tsa bohlokoa le lipolokelo tsa hao,+ lintho tsa hao tse fapanyetsanoang,+ bakhanni ba hao ba likepe le basesisi ba hao+ ba likepe, ba thibang matlere mateanong a likarolo tsa sekepe sa hao+ le ba fapanyetsanang lintho tsa hao tse rekisoang le banna bohle ba hao ba ntoa,+ ba leng ho uena le ba leng phuthehong eohle ea hao, ba leng ka hare ho uena,—ba tla oela har’a leoatle le bulehileng letsatsing la ho oa ha hao.+
28 “‘“Ha ho utloahala molumo oa mohoo oa basesisi ba hao ba likepe naha e sabaletseng e tla reketla.+ 29 Bohle ba tšoarang lesokoana la sekepe, bakhanni ba likepe, basesisi bohle ba likepe tsa leoatle, ka sebele ba tla theoha likepeng tsa bona; ba tla ema fatše.+ 30 Ka sebele ba tla etsa hore ba utluoe ka lentsoe la bona ’me ba tla hoeletsa habohloko ka lebaka la hao.+ Ba tla itšela ka lerōle lihloohong.+ Ba tla ipitika moloreng.+ 31 Ba tla lokela ho ipeola bakeng sa hao,+ ba itlame ka lesela la mokotla+ ’me ba u llele ka moea o utloileng bohloko,+ ka ho bokolla habohloko. 32 Ka sebele sellong sa bona ba tla u binela koli-ea-malla ’me ba u binele,+
“‘“‘Ke mang ea tšoanang le Tyre,+ ea tšoanang le ea khutsisitsoeng har’a leoatle?+ 33 Ha lipolokelo tsa hao+ li tsoa leoatleng le bulehileng,+ u khotsofalitse lichaba tse ngata.+ Ka lintho tsa hao tse ngata tsa bohlokoa le lintho tsa hao tse fapanyetsanoang u ruisitse marena a lefatše.+ 34 Joale u robiloe ke leoatle le bulehileng, bolibeng ba metsi.+ Ha e le lintho tsa hao tse fapanyetsanoang le phutheho eohle ea hao,+ li oetse ka hare ho uena. 35 Baahi bohle ba lihlekehleke+—ka sebele ba tla u sheba ka ho makala, ’me marena a bona a tla tlakasela ke ho nyaroha.+ Lifahleho li tla khathatseha.+ 36 Ha e le bahoebi ba har’a lichaba, ka sebele ba tla u letsetsa mololi.+ U tla fetoha matšabeho a tšohanyetso, ’me ha u sa tla hlola u e-ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’”’”+
28 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, e-re ho moeta-pele oa Tyre, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng:
“‘“Ka lebaka la hore pelo ea hao e ikhohomositse,+ ’me u ntse u re, ‘’Na ke molimo.+ Ke lutse setulong sa molimo,+ bohareng ba leoatle le bulehileng,’+ athe u motho oa lefatše,+ eseng molimo,+ ’me u ntse u etsa hore pelo ea hao e be joaloka pelo ea molimo— 3 bona! u bohlale ho feta Daniele.+ Ha ho liphiri tse ka u hlōlang.+ 4 Ka bohlale ba hao le ka temoho ea hao u iketselitse leruo, ’me u ntse u fumana khauta le silevera lipolokelong tsa hao.+ 5 Ka bongata ba bohlale ba hao,+ ka thepa ea hao e rekisoang,+ u atisitse leruo la hao,+ eaba pelo ea hao e qala ho ikhohomosa ka lebaka la leruo la hao.”’+
6 “‘Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka lebaka la hore u etsa hore pelo ea hao e be joaloka pelo ea molimo,+ 7 ka hona bona! ke tlisa basele holim ’a hao,+ bahatelli ba lichaba,+ ’me ka sebele ba tla tsomula lisabole tsa bona khahlanong le botle ba bohlale ba hao ’me ba silafatse botle ba hao bo khanyang.+ 8 Ba tla u theolela ka sekoting,+ ’me u tla shoa lefu la ea bolailoeng bohareng ba leoatle le bulehileng.+ 9 Na ruri u tla re, ‘’Na ke molimo,’ ka pel’a ea u bolaeang,+ athe u motho feela oa lefatše, eseng molimo,+ letsohong la ea u hlomphollang?”’
10 “‘U tla shoa lefu la ba sa bollang ka matsoho a basele,+ etsoe ’na ke boletse,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
11 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 12 “Mor’a motho, bina koli-ea-malla malebana le morena oa Tyre,+ ’me u re ho eena, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng:
“‘“U tiisa mohlala, o tletseng bohlale+ le o phethahetseng ka botle.+ 13 U ne u le Edene, serapeng sa Molimo.+ Lejoe le leng le le leng la bohlokoa le ne le u koahetse, rubi, topaze le jaspere; krysolite, onyxe+ le jade; safire, thekoise+ le emeralde; ’me liluloana tsa lintho tsa hao tseo u li entseng le mekoti e ho uena e ne e le khauta. Li ile tsa lokisoa letsatsing la ho bōptjoa ha hao. 14 U kerubime e tlotsitsoeng ea mosireletsi, ’me ke u behile. U ne u le thabeng e halalelang ea Molimo.+ U ne u tsamaea har’a majoe a mollo. 15 U ne u se na molato litseleng tsa hao ho tloha letsatsing la ho bōptjoa ha hao+ ho fihlela ho fumanoa ho se loke ho uena.+
16 “‘“Ka lebaka la thepa ea hao e ngata e rekisoang+ ba tlatsitse pefo ka hare ho uena, eaba u qala ho etsa sebe.+ Ke tla u tlosa u le ea silafetseng thabeng ea Molimo, ’me ke tla u timetsa,+ Uena kerubime ea mosireletsi, bohareng ba majoe a mollo.
17 “‘“Pelo ea hao e ile ea ikhohomosa ka lebaka la botle ba hao.+ U ile ua senya bohlale ba hao ka lebaka la botle ba hao bo khanyang.+ Ke tla u lahlela fatše.+ Ke tla u beha ka pel’a marena, e le hore a u talime.+
18 “‘“Ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata,+ ka lebaka la ho hloka toka ha thepa ea hao e rekisoang,+ u silafalitse lihalalelo tsa hao. Ke tla hlahisa mollo ka hare ho uena. Ke oona o tla u timetsa.+ Ke tla u etsa molora holim ’a lefatše ka pel’a mahlo a bohle ba u bonang.+ 19 Ha e le bohle ba u tsebang har’a lichaba, ka sebele ba tla u sheba ka ho makala.+ U tla fetoha matšabeho a tšohanyetso, ’me ha u sa tla hlola u e-ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’”+
20 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 21 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao nģ’a Sidone,+ ’me u profete khahlanong le eona. 22 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena,+ Sidone, ka sebele ke tla tlotlisoa ka hare ho uena;+ ’me batho ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke phethisa liketso tsa kahlolo+ ho eona ’me ke halaletsoa ho eona.+ 23 Ke tla romela lefu la seoa ho eona le mali literateng tsa eona.+ Ea bolailoeng o tla oa ka hare ho eona ka sabole e khahlanong le eona ka mahlakoreng ’ohle;+ ’me batho ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.+ 24 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le motsu o bolaeang+ ka tlung ea Iseraele kapa moutloa o bohloko ho bohle ba ba potolohileng, ba ba nyelisang; ’me batho ba tla lokela ho tseba hore ke ’na ’Musi Morena Jehova.”’
25 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ke bokella ba ntlo ea Iseraele ho tsoa lichabeng tseo ba hasantsoeng ho tsona,+ ke tla boela ke halaletsoe har’a bona mahlong a lichaba.+ Ka sebele ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka, Jakobo.+ 26 Ka sebele ba tla lula ho eona ba sireletsehile+ ’me ba hahe matlo+ le ho hloma lirapa tsa morara,+ ba tla lula ba sireletsehile+ ha ke phethisa liketso tsa kahlolo holim ’a bohle ba ba nyelisang ba ba pota-potileng ka hohle;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona.”’”
29 Ka selemo sa leshome, ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la leshome le metso e ’meli la khoeli, lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao khahlanong le Faro morena oa Egepeta+ ’me u profete khahlanong le eena le khahlanong le Egepeta kaofela.+ 3 Bua, ’me u re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena, Faro, morena oa Egepeta,+ phoofolo ea tonanahali ea leoatle+ e thakhaletseng bohareng ba melatsoana ea Nile,+ ea itseng, ‘Nōka ea ka ea Nile ke ea ka, ’me ’na—ke iketselitse eona.’+ 4 Ke tla kenya lihakisi mehlahareng ea hao+ ke etse hore litlhapi tsa melatsoana ea hao ea Nile li khomarele makhakhapha a hao. Ke tla u ntša ka har’a melatsoana ea hao ea Nile le litlhapi tsohle tsa melatsoana ea hao ea Nile tse khomaretseng makhakhapha a hao. 5 Ke tla u tlohela lefeelleng, uena le litlhapi tsohle tsa melatsoana ea hao ea Nile.+ U tla oela holim ’a naha.+ U ke ke ua phuthoa kapa ua bokelloa. Ke tla nehelana ka uena hore u be lijo tsa libata tsa lefatše le tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo.+ 6 Baahi bohle ba Egepeta ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ka lebaka la hore e bile lehlaka la ba ntlo ea Iseraele, e le setšehetso.+ 7 Ha ba u tšoara ka letsoho, u ile ua tletlerana,+ ’me ua tabola lehetla lohle la bona. Ha ba itšetleha ka uena, u ile ua robeha,+ ’me ua tetemisa matheka ’ohle a bona.”+
8 “‘Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona, ke tlisa sabole holim ’a hao,+ ke tla felisa motho oa lefatše le liphoofolo tse ruuoang ho uena.+ 9 Naha ea Egepeta e tla fetoha lesupi le sebaka se ripitliloeng;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova, ka lebaka la hore o itse, ‘Nōka ea Nile ke ea ka, ’me ke e entse.’+ 10 Ka hona ke khahlanong le uena ’me ke khahlanong le melatsoana ea hao ea Nile,+ ’me ke tla etsa hore naha ea Egepeta e be libaka tse ripitliloeng, komello, lesupi,+ ho tloha Migdole+ ho ea Siene+ le ho ea moeling oa Ethiopia. 11 Leoto la motho oa lefatše le ke ke la feta ho eona,+ leha e le hore leoto la liphoofolo tse ruuoang le tla feta ho eona,+ ’me e ke ke ea e-ba le baahi ka lilemo tse mashome a mane.+ 12 Ke tla etsa hore naha ea Egepeta e be lesupi har’a linaha tse entsoeng lesupi;+ metse ea eona e tla fetoha lesupi har’a metse e ripitliloeng ka lilemo tse mashome a mane;+ ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke ba qhalakanye har’a linaha.”+
13 “‘Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bofelong ba lilemo tse mashome a mane+ ke tla bokella Baegepeta ho tsoa lichabeng tseo ba tla beng ba hasantsoe har’a tsona,+ 14 ’me ke tla khutlisa sehlopha sa baholehuoa sa Baegepeta; ke tla ba khutlisetsa naheng ea Pathrose,+ naheng eo ba tsoaletsoeng ho eona, ’me moo ba tla fetoha ’muso o tlaase. 15 O tla ba tlaase ho feta mebuso e meng, ’me ha o sa tla hlola o iphahamisetsa lichaba tse ling,+ ke tla ba fokotsa hore ba se ke ba laola lichaba tse ling.+ 16 Ha o sa tla hlola o e-ba tšepo ea ba ntlo ea Iseraele,+ ho ba hopotsa phoso ka ho retelehela ha bona ka mor’a bona.+ Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na ’Musi Morena Jehova.”’”
17 Joale eare ka selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng, ka khoeli ea pele, ka letsatsi la pele la khoeli, lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 18 “Mor’a motho, Nebukadrezare,+ morena oa Babylona, o entse hore lebotho la hae la sesole le etse tšebeletso e khōlō khahlanong le Tyre.+ Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoe lefatla, ’me lehetla le leng le le leng le phumohile.+ Empa ha e le moputso,+ ha oa ka oa e-ba teng bakeng sa hae le lebotho la hae la sesole le tsoang Tyre bakeng sa tšebeletso eo a e entseng khahlanong le eona.
19 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang, ke nehelana ka naha ea Egepeta ho Nebukadrezare morena oa Babylona,+ ’me o tla nka leruo la eona a hape thepa e ngata ea eona+ le ho e tlatlapa haholo; ’me e tla ba moputso bakeng sa lebotho la hae la sesole.’
20 “‘Ke mo file naha ea Egepeta e le puseletso ea hae bakeng sa tšebeletso eo a e entseng khahlanong le eona, hobane ba nkile bohato bakeng sa ka,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
21 “Letsatsing leo ke tla etsa hore lenaka le mele bakeng sa ba ntlo ea Iseraele,+ ’me ke tla u fa nako ea ho ahlamisa molomo har’a bona;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”
30 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, profeta, ’me u re,+ ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bokollang, ‘Jo! letsatsi leo!’+ 3 etsoe letsatsi le haufi, e, letsatsi la Jehova le haufi.+ Letsatsi la maru,+ e tla ba nako e behiloeng ea lichaba.+ 4 Ka sebele sabole e tla tla Egepeta,+ ’me bohloko bo boholo bo tla ba teng Ethiopia ha motho a oa e le ea bolailoeng Egepeta ’me ba nka leruo la eona ’me metheo ea eona e qhaqhoa.+ 5 Ethiopia+ le Pute+ le Lude le sehlopha sohle se tsoakaneng+ le Kube le bara ba naha ea selekane—ba tla oa hammoho le bona ka sabole.”’+
6 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Batšehetsi ba Egepeta le bona ba tla oa, ’me boikakaso ba matla a eona bo tla theoha.’+
“‘Ho tloha Migdole+ ho ea Siene+ ba tla oela ho eona ka sabole,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 7 ‘Le bona ba tla etsoa lesupi har’a linaha tse entsoeng lesupi, ’me metse ea eona e tla ba har’a metse e ripitliloeng.+ 8 Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke hotetsa mollo Egepeta ’me batšehetsi bohle ba eona ba robeha.+ 9 Letsatsing leo manģosa a tla tsoa ka pel’a ka ka likepe, e le hore a thothometse Ethiopia e itšepileng.+ Ho tla ba le bohloko bo boholo har’a bona letsatsing la Egepeta, etsoe, bonang! le tla tla.’+
10 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke felise bongata ba Egepeta ka letsoho la Nebukadrezare morena oa Babylona.+ 11 Eena hammoho le batho ba hae, bahatelli ba lichaba,+ ba tlisoa hore ba etse naha lesupi. Ba tla tsomula lisabole tsa bona khahlanong le Egepeta ba tlatse naha ka ba bolailoeng.+ 12 Ke tla etsa hore melatsoana+ ea Nile e be mobu o omileng ’me ke tla rekisa naha matsohong a batho ba babe,+ ke tla etsa hore naha le botlalo ba eona e etsoe lesupi ke matsoho a basele.+ ’Na, Jehova, ke boletse.’+
13 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke senye litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang+ ’me ke felise melimo ea lefeela Nofe,+ ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le morenana ea tsoang naheng ea Egepeta; ka sebele ke tla tlisa tšabo naheng ea Egepeta.+ 14 Ke tla etsa hore Pathrose+ e be lesupi ke hotetse mollo Zooane+ ’me ke phethise liketso tsa kahlolo No.+ 15 Ke tla tšollela khalefo ea ka+ holim ’a Sine, qhobosheane ea Egepeta, ke felise bongata ba No.+ 16 Ke tla hotetsa mollo Egepeta. Ruri Sine e tla utloa bohloko bo boholo, ’me No e tla hapuoa ka makhalo; ha e le Nofe—ho tla ba le bahanyetsi nakong ea motšehare! 17 Ha e le bahlankana ba One+ le Pibesethe, ba tla oa ka sabole, ’me metse e tla ea kholehong. 18 Letsatsi le tla fifala Takpanese,+ ha ke roba lijoko tsa Egepeta moo.+ Boikakaso ba matla a eona bo tla felisoa.+ Ha e le eona, maru a tla e koahela,+ ’me metse e itšetlehileng ka eona e tla ea kholehong.+ 19 Ke tla phethisa liketso tsa kahlolo Egepeta;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”
20 Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka khoeli ea pele, ka letsatsi la bosupa la khoeli, lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 21 “Mor’a motho, ka sebele ke tla roba letsoho la Faro morena oa Egepeta,+ ’me, bonang! ho hang le ke ke la tlamisoa e le hore le fole ka ho le tlamisa ka lesela le tlamisang,+ hore le be le matla a ho tšoara sabole.”
22 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke khahlanong le Faro morena oa Egepeta,+ ’me ke tla roba matsoho a hae,+ le matla le le robehileng,+ ke etse hore sabole e oe letsohong la hae.+ 23 Ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke ba qhalakanye har’a linaha.+ 24 Ke tla matlafatsa matsoho a morena oa Babylona+ ’me ke fane ka sabole ea ka letsohong la hae,+ ke robe matsoho a Faro, ’me joaloka ea ntšitsoeng maqeba a bolaeang ka sebele o tla bobola haholo ka pel’a hae.+ 25 Ke tla matlafatsa matsoho a morena oa Babylona, ’me matsoho a Faro a tla oa; ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke fana ka sabole ea ka letsohong la morena oa Babylona ’me a e otlolla khahlanong le naha ea Egepeta.+ 26 Ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba+ ke ba qhalakanye har’a linaha; ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”
31 Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka khoeli ea boraro, ka letsatsi la pele la khoeli, lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, e-re ho Faro morena oa Egepeta le ho bongata ba hae,+
“‘U tšoana le mang ka boholo ba hao? 3 Bona! Moassyria, kedare ea Lebanone,+ e makala a matle,+ e makhasi a teteaneng a fanang ka moriti, le e telele,+ hoo ntlha ea eona e ka holimo-limo e neng e le har’a maru.+ 4 Ke metsi a entseng hore e be khōlō;+ boliba bo entse hore e be telele. Bo ne bo ea ka hohle sebakeng sa eona sa ho lema; ’me bo ne bo ntšetsa likotopo tsa bona lifateng tsohle tsa tšimo. 5 Ke ka lebaka leo e ileng ea e-ba telele ho feta lifate tse ling tsohle tsa naha.+
“‘Makala a eona a ile a ’na a ata, ’me makala a eona a ’na a tsoela pele ho lelefala ka lebaka la metsi a mangata a melatsoaneng ea eona.+ 6 Libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo tsa etsa lihlaha tsa tsona makaleng a eona,+ ’me libata tsohle tsa naha tsa tsoalla ka tlas’a makala a eona,+ ’me lichaba tse nang le baahi ba bangata li ne li lula ho eona. 7 Ea e-ba ntle boholong ba eona,+ boleleleng ba makhasi a eona, etsoe metso ea eona e ne e le metsing a mangata. 8 Likedare tse ling li ne li sa tšoane le eona serapeng sa Molimo.+ Ha e le lifate tsa junipere, li ne li sa tšoane le makala a eona. Lifate tsa poleini li ne li sa tšoane le eona ka makala. Ha ho sefate se seng serapeng sa Molimo se neng se tšoana le eona ka botle.+ 9 Ke e entse e le ntle ka makhasi a mangata,+ ’me lifate tse ling tsohle tsa Edene tse neng li le serapeng sa Molimo oa ’nete tsa ’na tsa e honohela.’+
10 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore e ile ea e-ba telele, hoo e ileng ea beha ntlha ea eona ka holimo-limo har’a maru+ ’me pelo ea eona ea phahama ka lebaka la bophahamo ba eona,+ 11 le eona ke tla nehelana ka eona matsohong a mohatelli oa lichaba.+ Ruri o tla nka bohato khahlanong le eona. Ke tla e leleka ho ea ka bokhopo ba eona.+ 12 Basele, bahatelli ba lichaba, ba tla e rema, batho ba tla e tlohela lithabeng; makhasi a eona a tla oela liphuleng tsohle, ’me makala a eona a tla robeha har’a likotopo tsohle tsa lefatše.+ Lichaba tsohle tsa lefatše li tla theoha li tlohe moriting oa eona li e tlohele.+ 13 Libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo li tla lula kutung ea eona e oeleng, ’me ka sebele libata tsohle tsa naha li tla ba holim ’a makala a eona;+ 14 e le hore ho se ke ha e-ba leha se le seng sa lifate tse nosetsoang se ka bang selelele, kapa sa beha ntlha ea sona e ka holimo-limo ea sefate har’a maru, le hore ho se ke ha e-ba leha se le seng se noang metsi se ka emang khahlanong le tsona bophahamong ba tsona, etsoe ka sebele kaofela ha tsona li tla neheloa lefu,+ naheng e tlaase,+ ka har’a bara ba moloko oa batho, ho ba theohelang ka sekoting.’
15 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Letsatsing la ho theohela ha eona Sheole ka sebele ke tla baka ho siama.+ Ke tla koahela boliba ka lebaka la eona, hore ke thibele melapo ea bona le hore metsi a mangata a thijoe; ke tla fifatsa Lebanone ka lebaka la eona, ’me lifate tsa naha li tla omella kaofela ka lebaka la eona. 16 Ha ho utloahala molumo oa ho oa ha eona ka sebele ke tla etsa hore lichaba li sisinyehe ha ke e theolela Sheole hammoho le ba theohelang ka sekoting,+ ’me naheng e tlaase lifate tsohle tsa Edene,+ tse khethehileng le tse ntlehali tsa Lebanone, tsohle tse noang metsi, li tla tšelisoa.+ 17 Li theohetse Sheole le eona,+ ho ba bolailoeng ka sabole, le bao joaloka peō ea hae ba lutseng moriting oa eona har’a lichaba.’+
18 “‘U tšoana le mang ka khanya+ le ka boholo har’a lifate tsa Edene?+ Empa ka sebele u tla theoleloa tlaase le lifate tsa Edene naheng e tlaase.+ U tla robala har’a ba sa bollang ba bolailoeng ka sabole. Enoa ke Faro le bongata bohle ba hae,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
32 Ka selemo sa leshome le metso e ’meli, ka khoeli ea leshome le metso e ’meli, ka letsatsi la pele la khoeli, lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, binela Faro morena oa Egepeta koli-ea-malla, ’me u re ho eena, ‘U khutsisitsoe joaloka taoana e moetse ea lichaba.+
“‘U bile joaloka phoofolo ea tonanahali ea metsi maoatleng,+ ’me u ’nile ua thala linōkeng tsa hao ua ’na ua luka metsi ka maoto le ho silafatsa linōka tsa ’ona.’
3 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke ale letlooa la ka holim ’a hao+ ke sebelisa phutheho ea lichaba tse ngata, ’me ka sebele li tla u tlisa ka letlooa la ka le huloang.+ 4 Ke tla u tlohela naheng. Ke tla u betsetsa holim ’a naha.+ Ke tla etsa hore libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo li lule holim ’a hao, ’me ke tla khotsofatsa libata tsa lefatše lohle ka uena.+ 5 Ke tla beha nama ea hao lithabeng ’me ke tlatse liphula ka mesaletsa ea hao.+ 6 Ke tla etsa hore naha e noe mali a hao,+ a tsoileng ho uena, holim ’a lithaba; ’me likotopo li tla tlala uena.’
7 “‘Ha u fela ke tla koahela maholimo ke fifatse linaleli tsa ’ona. Ha e le letsatsi, ke tla le koahela ka maru, ’me khoeli e ke ke ea khantša leseli la eona.+ 8 Mehloli eohle ea leseli e maholimong—ke tla e fifatsa ka lebaka la hao, ’me ke tla tlisa lefifi naheng ea hao,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
9 “‘Ke tla siteloa pelo ea lichaba tse ngata ha ke tlisa baholehuoa ba tsoang ho uena har’a lichaba ke ba isa linaheng tseo u sa kang ua li tseba.+ 10 Ke tla etsa hore lichaba tse ngata li tlale tšabo ka lebaka la hao,+ ’me marena a tsona a tla tlakasela ka ho nyaroha ka lebaka la hao ha ke tsoka sabole ea ka lifahlehong tsa tsona,+ ’me a tla lokela ho thothomela motsotso o mong le o mong, e mong le e mong bakeng sa moea oa hae, letsatsing la ho oa ha hao.’+
11 “Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Sabole ea morena oa Babylona e tla tla holim ’a hao.+ 12 Ke tla etsa hore bongata ba hao bo oe ka lisabole tsa ba matla, bahatelli ba lichaba, kaofela ha bona;+ ba tla tlatlapa boikakaso ba Egepeta, ’me bongata bohle ba eona bo tla felisoa.+ 13 Ke tla timetsa liphoofolo tsohle tsa eona tse ruuoang tse pel’a metsi a mangata,+ ’me leoto la motho oa lefatše ha le sa tla hlola le a luka,+ leha e le hore likhōla tsa phoofolo e ruuoang li tla a luka.’
14 “‘Ka nako eo ke tla etsa hore metsi a bona a hloeke, ’me linōka tsa bona ke tla etsa hore li phalle joaloka oli,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
15 “‘Ha ke etsa naha ea Egepeta lesupi ’me naha e entsoe lesupi ka botlalo,+ ha ke bolaea baahi bohle ba ho eona, le bona ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.+
16 “‘Ena ke koli-ea-malla, ’me ka sebele batho ba tla e bina. Esita le barali ba lichaba ba tla e bina; ba tla e binela Egepeta le bongata bohle ba eona,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
17 Ka selemo sa leshome le metso e ’meli, ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli, lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 18 “Mor’a motho, llela bongata ba Egepeta ’me u e theolele fatše,+ eona le barali ba lichaba tse hlomphehang, naheng e tlaase,+ hammoho le ba theohelang ka sekoting.+
19 “‘U motle ho feta mang?+ Theohela tlaase, ’me u tla behoa le ba sa bollang!’+
20 “‘Ba tla oela har’a ba bolailoeng ka sabole.+ E nehetsoe sabole. E hulanyeng le bongata bohle ba eona.
21 “‘Banna ba ka pele-pele ho ba matla ba tla bua le eona har’a Sheole, ba e-na le bathusi ba eona.+ Ka sebele ba tla theoha;+ ba tla robala e le ba sa bollang, ba bolailoeng ka sabole. 22 Ke moo Assyria le phutheho eohle ea eona e leng teng.+ Libaka tsa eona tsa lepato li e pota-potile. Kaofela ha bona ba bolailoe, ba oeleng ka sabole.+ 23 Etsoe libaka tsa eona tsa lepato li behiloe likarolong tse ka hare-hare tsa sekoti,+ ’me phutheho ea eona e pota-potile lebitla la eona, kaofela ha bona ba bolailoe, ba oa ka sabole, kahobane ba bakile tšabo naheng ea ba phelang.
24 “‘Ho na le Elame+ le bongata bohle ba eona bo pota-potileng lebitla la eona, kaofela ha bona ke ba bolailoeng, ba oang ka sabole, ba theohetseng naheng e tlaase ba sa bolla, ba bakileng tšabo naheng ea ba phelang; ’me ba tla mamella ho tlotlolloa ha bona le ba theohelang ka sekoting.+ 25 Ba e behetse bethe har’a ba bolailoeng+ har’a bongata bohle ba eona. Libaka tsa eona tsa mabitla li e pota-potile. Kaofela ha bona ha baa bolla, ba bolailoe ka sabole,+ kahobane tšabo ea bona e bakiloe naheng ea ba phelang; ’me ba tla mamella ho tlotlolloa ha bona le ba theohelang ka sekoting. E behiloe har’a ba bolailoeng.
26 “‘Ke moo Mesheke+ le Tubale+ le bongata bohle ba eona ba leng teng. Libaka tsa eona tsa mabitla li e pota-potile. Kaofela ha bona ha baa bolla, ba hlabiloe ka sabole, kahobane ba bakile tšabo ea bona naheng ea ba phelang. 27 Na ba ke ke ba robala le ba matla,+ ba oang har’a ba sa bollang, ba theohetseng Sheole ka libetsa tsa bona tsa ntoa? Ba tla beha lisabole tsa bona ka tlas’a lihlooho tsa bona, ’me liphoso tsa bona li be holim ’a masapo a bona,+ kahobane ba matla e ne e le tšabo naheng ea ba phelang.+ 28 Ha e le uena, u tla robeha har’a ba sa bollang, ’me u tla robala le ba bolailoeng ka sabole.
29 “‘Ke moo Edomo,+ marena a eona le marenana ’ohle a eona a leng teng, ao, matleng a ’ona, a ileng a behoa le ba bolailoeng ka sabole;+ a tla robala le ba sa bollang+ le ba theohelang ka sekoting.
30 “‘Ke moo babusisi ba leboea ba leng teng, kaofela ha bona, le Basidone kaofela,+ ba theohetseng tlaase le ba bolailoeng, ho tšabeheng ha bona ka lebaka la matla a bona, ba hlabiloe ke lihlong. Ba tla robala ba sa bolla le ba bolailoeng ka sabole ’me ba tla mamella ho tlotlolloa ha bona le ba theohelang ka sekoting.+
31 “‘Bana ke bao Faro a tla ba bona, ’me ka sebele o tla tšelisoa ka lebaka la bongata bohle ba hae.+ Faro le lebotho lohle la hae la sesole e tla ba batho ba bolailoeng ka sabole,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
32 “‘Etsoe o bakile tšabo naheng ea ba phelang,+ ’me o tla behoa har’a ba sa bollang, le ba bolailoeng ka sabole, Faro le bongata bohle ba hae,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
33 Lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, bua le bara ba sechaba sa heno,+ ’me u re ho bona,
“‘Mabapi le naha, haeba nka tlisa sabole holim ’a eona+ ’me batho ba naha, kaofela ha bona, ba nka monna eaba ba mo beha hore e be molebeli oa bona,+ 3 ’me ka sebele a bona sabole e tla naheng ’me a letsa lenaka le ho lemosa sechaba,+ 4 ’me ea utloang a utloa molumo oa lenaka empa a sa lemohe ho hang,+ ’me sabole e tla ’me e mo nka, mali a hae a tla ba holim ’a hlooho ea hae.+ 5 O utloile molumo oa lenaka, empa ha aa lemoha. Mali a hae a tla ba holim ’a hae. Hoja a ne a ile a lemoha, moea oa hae o ka be o phonyohile.+
6 “‘Joale ha e le molebeli, haeba a bona sabole e tla ’me a sa letse lenaka+ ’me sechaba se sa fumane temoso ho hang ebe sabole ea tla e nka moea ho sona, se tla tlosoa ka lebaka la phoso ea sona,+ empa mali a sona ke tla a batla letsohong la molebeli.’+
7 “Joale ha e le uena, mor’a motho, ke u entse molebeli ho ba ntlo ea Iseraele,+ u tla utloa lentsoe molomong oa ka ’me u ba fe temoso e tsoang ho ’na.+ 8 Ha ke re ho ea khopo, ‘Uena ea khopo, ka sebele u tla shoa!’+ empa u sa bue ho lemosa ea khopo tseleng ea hae,+ joaloka ea khopo o tla shoa ka lebaka la phoso ea hae,+ empa mali a hae ke tla a batla letsohong la hao. 9 Empa ha e le uena, haeba u lemosa ea khopo tseleng ea hae hore a e furalle empa a sa furalle tsela ea hae, o tla shoa ka lebaka la phoso ea hae,+ athe ka sebele u tla lopolla moea oa hao.+
10 “Joale ha e le uena, mor’a motho, e-re ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Ka hona le itse: “Kahobane bofetoheli ba rōna le libe tsa rōna li holim ’a rōna ’me re bolla ho tsona,+ ke joang, he, re ka lulang re phela?”’+ 11 E-re ho bona, ‘“Ka ’na ea phelang,” ho bolela ’Musi Morena Jehova, “ha ke khahloe ke lefu la ea khopo,+ empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla+ tsela ea hae ’me a lula a phela.+ Furallang, furallang litsela tsa lōna tse mpe,+ etsoe ke hobane’ng ha le lokela ho shoa, Lōna ba ntlo ea Iseraele?”’+
12 “Ha e le uena, mor’a motho, e-re ho bara ba sechaba sa heno, ‘Ho loka ha ea lokileng ho ke ke ha mo lopolla letsatsing la bofetoheli ba hae.+ Empa ha e le bokhopo ba ea khopo, bo ke ke ba etsa hore a khoptjoe letsatsing la ha a furalla bokhopo ba hae.+ Kapa hona hore esita leha e le mang ea nang le ho loka o tla ’ne a phele ka lebaka la hona letsatsing la ha a etsa sebe.+ 13 Ha ke re ho ea lokileng: “Ka sebele u tla lula u phela,” ’me a tšepa ho loka ha hae ’me a etsa ka ho hloka toka,+ liketso tsohle tsa hae tse lokileng li ke ke tsa hopoloa, empa ka lebaka la ho hloka toka ha hae hoo a ho entseng—o tla shoa ka lebaka la hona.+
14 “‘Ha ke re ho ea khopo: “Ka sebele u tla shoa,”+ ’me a furalla sebe sa hae+ ’me a etsa toka le ho loka,+ 15 ’me ea khopo a khutlisa ntho e lebelelitsoeng,+ a busetsa lintho tse nkiloeng ka tlatlapo,+ ’me a tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng tsa bophelo ka ho se etse ka ho hloka toka,+ ka sebele o tla lula a phela.+ A ke ke a shoa. 16 Ha ho libe tsa hae tseo a sitiloeng ka tsona tse tla hopoloa khahlanong le eena.+ O entse toka le ho loka. Ka sebele o tla lula a phela.’+
17 “Bara ba sechaba sa heno ba itse, ‘Tsela ea Jehova ha ea loka,’+ empa, ha e le bona, ke tsela ea bona e sa lokang.
18 “Ha ea lokileng a furalla ho loka ha hae ’me a etsa ka ho hloka toka, o tla shoa ka lebaka la tsona.+ 19 Ha ea khopo a furalla bokhopo ba hae ’me a etsa toka le ho loka, o tla lula a phela ka lebaka la tsona.+
20 “Le itse, ‘Tsela ea Jehova ha ea loka.’+ Ke tla ahlola e mong le e mong ho ea ka litsela hae,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele.”
21 Qetellong eare ka selemo sa leshome le metso e ’meli, ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la bohlano la khoeli ea ho isoa ha rōna kholehong, ha tla ho ’na ea phonyohileng ea tsoang Jerusalema,+ a re: “Motse o lihiloe!”+
22 Joale letsoho la Jehova le ne le le holim ’a ka ka shoalane pele ea phonyohileng a tla,+ eaba O ahlamisa molomo oa ka pele eo a tla ho ’na hoseng, ’me molomo oa ka oa ahlama eaba ke khona ho bua.+
23 Lentsoe la Jehova la qala ho hlaha ho ’na, la re: 24 “Mor’a motho, baahi ba libaka tsena tse ripitliloeng+ ba re ka naha ea Iseraele, ‘Abrahama o ne a le mong feela empa leha ho le joalo o ile a hapa naha.+ Re bangata; re filoe naha e le ntho eo re tla e hapa.’+
25 “Ka hona e-re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Le tsoela pele ho ja ka mali,+ ’me le ntse le phahamisetsa mahlo litšoantšong tse rapeloang tse nyonyehang,+ ’me le ntse le tšolla mali.+ Kahoo na le lokela ho hapa naha?+ 26 Le itšetlehile ka sabole ea lōna.+ Le entse ntho e manyala,+ ’me e mong le e mong oa lōna o silafalitse mosali oa motsoalle oa hae.+ Kahoo na le lokela ho hapa naha?”’+
27 “Sena ke seo u lokelang ho ba bolella sona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka ’na ea phelang, ka sebele ba leng libakeng tse ripitliloeng ba tla oa ka sabole;+ ’me ea leng naheng, ka sebele ke tla nehelana ka eena hore e be lijo tsa sebata sa naha;+ ’me ba leng liqhobosheaneng le mahaheng+ ba tla bolaoa ke lefu la seoa. 28 Ke tla etsa hore naha e be lesupi,+ e senngoe, ’me boikakaso ba matla a eona bo tla felisoa+ ’me lithaba tsa Iseraele li tla etsoa lesupi,+ ho se ea fetang ho tsona. 29 Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke etsa naha lesupi,+ ke etsa hore e senngoe, ka lebaka la lintho tsohle tsa bona tse manyala tseo ba li entseng.”’+
30 “Ha e le uena, mor’a motho, bara ba sechaba sa heno ba buisana ka uena ka thōko ho marako le menyakong ea matlo,+ ’me e mong o buile le e mong, e mong le e mong le mor’abo, a re, ‘Ka kōpo tloong, le utloe lentsoe le tsoang ho Jehova.’+ 31 Ba tla tla ho uena, joalokaha ho tla sechaba, ba lule ka pel’a hao joaloka batho ba ka;+ ’me ka sebele ba tla utloa mantsoe a hao empa ba ke ke ba a phetha,+ etsoe ba bolela litakatso tse feteletseng ka melomo ea bona ’me lipelo tsa bona li batla phaello ea ho hloka toka.+ 32 Bona! Ho bona u joaloka pina e tsosang maikutlo a lerato, joaloka motho ea nang le lentsoe le letle ’me a letsa seletsa se likhoele hantle.+ Ka sebele ba tla utloa mantsoe a hao, empa ha ho le ea mong ea a phethang.+ 33 Ha e phethahala—bona! e tla phethahala+—le bona ba tla lokela ho tseba hore moprofeta o ne a le har’a bona.”+
34 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, profeta khahlanong le balisa ba Iseraele. Profeta, ’me u re ho bona, balisa, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ho malimabe balisa ba Iseraele,+ ba fetohileng ba iphepang!+ Na balisa ha baa tšoanela ho fepa mohlape?+ 3 Le ja mafura,+ ’me le ikapesa ka boea. Le hlaba+ phoofolo e nonneng.+ Ha le fepe mohlape. 4 Tse kulang ha lea li matlafatsa,+ ha lea folisa e kulang, e robehileng ha lea e tlamisa, e hlahlathetseng ha lea e khutlisa, ’me e lahlehileng ha lea e batla,+ empa le ile la li laola ka thata, esita le ka khatello.+ 5 Butle-butle li ile tsa hasana kahobane ho se na molisa,+ hoo li ileng tsa fetoha lijo tsa sebata se seng le se seng sa naha, ’me tsa tsoela pele ho hasana.+ 6 Linku tsa ka tsa ’na tsa hlahlathela lithabeng tsohle le leralleng le leng le le leng le phahameng;+ ’me linku tsa ka+ tsa hasana holim ’a lefatše lohle, ho se ea li batlang ’me ho se ea batlang ho li fumana.
7 “‘“Ka hona, lōna balisa, utloang lentsoe la Jehova, 8 ‘“Ka ’na ea phelang,” ho bolela ’Musi Morena Jehova, “ka sebele ka lebaka la hore linku tsa ka li fetohile ntho e ka tlatlapuoang ’me linku tsa ka tsa tsoela pele ho ba lijo tsa sebata se seng le se seng sa naha, kahobane ho ne ho se na molisa, ’me balisa ba ka ha baa ka ba batla linku tsa ka, empa balisa ba ’na ba iphepa,+ ’me ha baa ka ba fepa linku tsa ka,”’ 9 ka hona, lōna balisa, utloang lentsoe la Jehova. 10 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke khahlanong le balisa,+ ’me ka sebele ke tla batla linku tsa ka matsohong a bona ke etse hore ba khaotse ho fepa linku tsa ka,+ ’me balisa ha ba sa tla hlola ba iphepa;+ ke tla lopolla linku tsa ka melomong ea bona, ’me e ke ke ea e-ba lijo tsa bona.’”+
11 “‘Etsoe sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ke ’na enoa, ke tla batla linku tsa ka ’me ke li hlokomele.+ 12 Ho ea ka tlhokomelo ea ea fepang mohlape oa hae+ letsatsing la ha a le ka har’a linku tsa hae tse hasantsoeng hohle,+ ke tsela eo ke tlang ho hlokomela linku tsa ka ka eona; ’me ke tla li lopolla libakeng tsohle tseo li hasantsoeng ho tsona letsatsing la maru le la botšo bo boholo.+ 13 Ke tla li ntša+ har’a lichaba ke li phuthe ho tloha linaheng ’me ke li tlise naheng ea tsona+ ke li fulise lithabeng tsa Iseraele, likotopong le libakeng tsohle tsa bolulo tsa naha.+ 14 Ke tla li fulisa lekhulong le letle, ’me sebaka sa tsona sa bolulo se tla ba lithabeng tse phahameng tsa Iseraele.+ Li tla botha moo sebakeng se setle sa bolulo,+ ’me li tla fula lekhulong le nonneng lithabeng tsa Iseraele.”
15 “‘“Ke tla fulisa linku tsa ka,+ ’me ke tla li bothisa,”+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 16 “E lahlehileng ke tla e batla,+ ’me e hlahlathetseng ke tla e khutlisa, e robehileng ke tla e tlamisa ’me e kulang ke tla e matlafatsa, empa e nonneng+ le e matla ke tla e felisa. Eo ke tla e fulisa ka kahlolo.”+
17 “‘Ha e le lōna linku tsa ka, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang, ke ahlola pakeng tsa nku le nku, pakeng tsa lipheleu le liphooko.+ 18 Na ke ntho e nyenyane hakaalo ha le fula lekhulong le letlehali+ empa makhulo a mang kaofela a lōna le a hatakela ka maoto, le noa metsi a hloekileng empa a setseng le a luka ka ho a hata ka maoto? 19 Ha e le linku tsa ka, na li lokela ho fula lekhulong leo le le hataketseng ka maoto ’me li noe metsi ao le a lukileng ka ho a hata ka maoto?”
20 “‘Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ba boleletseng sona: “Ke ’na enoa, ’me ka sebele ke tla ahlola pakeng tsa nku e nonneng le nku e otileng, 21 ka lebaka la hore le tsoela pele ho sutumetsa ka lehlakore le ka lehetla ’me le tsoela pele ho thesela ka linaka tsa lōna tsohle tse kulang ho fihlela le li hasanyelitse ka ntle.+ 22 Ke tla pholosa linku tsa ka, ’me ha li sa tla hlola li fetoha ntho e ka tlatlapuoang;+ ’me ke tla ahlola pakeng tsa nku le nku. 23 Ke tla li hlahisetsa molisa a le mong,+ ’me o tla li fepa, eena mohlanka oa ka Davida.+ O tla li fepa, ’me e tla ba molisa oa tsona.+ 24 ’Na Jehova, ke tla ba Molimo oa tsona,+ ’me mohlanka oa ka Davida e be morenana har’a tsona.+ ’Na Jehova, ke boletse.
25 “‘“Ke tla hlaba selekane sa khotso le tsona,+ ’me ka sebele ke tla etsa hore sebata se kotsi se fele naheng,+ ’me li tla lula lefeelleng li sireletsehile li robale morung.+ 26 Ke tla etsa hore tsona le libaka tse potolohileng leralla la ka e be tlhohonolofatso,+ ’me ke tla etsa hore pula e tšolohang e theohe ka nako ea eona. Ho tla ba le lipula tse tšolohang tsa tlhohonolofatso.+ 27 Sefate sa tšimo se tla ntša litholoana tsa sona,+ naha e tla ntša lihlahisoa tsa eona,+ ’me li tla ba naheng ea tsona li sireletsehile.+ Li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke roba lijoko+ tsa tsona ’me ke li lopolotse matsohong a ba ’nileng ba li sebelisa joaloka makhoba.+ 28 Ha li sa tla hlola li fetoha ntho e ka tlatlapuoang ke lichaba;+ ha e le sebata sa naha, se ke ke sa li harola, ’me ka sebele li tla lula li sireletsehile, ho se ea etsang hore li thothomele.+
29 “‘“Ke tla li hlahisetsa semela bakeng sa lebitso,+ ’me ha li sa tla hlola li fetoha tse tlositsoeng ke tlala naheng,+ ha li sa tla hlola li mamella ho tlotlolloa ke lichaba.+ 30 ‘Li tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova Molimo oa tsona, ke na le tsona+ le hore ke sechaba sa ka, ntlo ea Iseraele,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’+
31 “‘Ha e le lōna linku tsa ka,+ linku tsa lekhulo la ka, le batho ba lefatše. ’Na ke Molimo oa lōna,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
35 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao+ khahlanong le sebaka se lithaba sa Seire+ ’me u profete khahlanong le eona.+ 3 U tla re ho eona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona, ke khahlanong le uena, sebaka se lithaba sa Seire,+ ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le uena+ ke u etse lesupi, esita le tšenyeho.+ 4 Metse ea hao ke tla e etsa sebaka se ripitliloeng, ’me u tla fetoha lesupi;+ u tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ 5 ka lebaka la hore u bile le bora bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang+ ’me u ’nile ua nehelana ka bara ba Iseraele matleng a sabole,+ nakong ea koluoa ea bona,+ nakong ea phoso ea bona ea ho qetela.”’+
6 “‘Ka hona ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘kahobane ke ne ke u lokisetsa bakeng sa mali, mali le ’ona a tla u lelekisa.+ Ka sebele u ne u hloile mali, ’me mali a tla u lelekisa.+ 7 Ka sebele ke tla etsa sebaka se lithaba sa Seire lesupi, esita le tšenyeho,+ ’me ke tla tlosa motho ea fetang le ea khutlelang ho sona.+ 8 Ke tla tlatsa lithaba tsa sona ka babolauoa ba sona; ha e le maralla a hao le liphula tsa hao le likotopo tsohle tsa hao, ba bolailoeng ka sabole ba tla oela ho tsona.+ 9 Ke tla u etsa lesupi le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me metse ea hao e ke ke ea e-ba le baahi;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
10 “Ka lebaka la hore u itse, ‘Lichaba tsena tse peli le linaha tsena tse peli—e tla ba tsa ka, ’me ka sebele re tla hapa naha ka ’ngoe,’+ athe Jehova o ne a le moo,+ 11 ‘ka hona ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke tla boela ke etse ho ea ka bohale ba hao le ho ea ka poulelo ea hao eo u e bontšitseng ka lebaka la maikutlo a hao a lehloeo khahlanong le tsona;+ ’me ke tla itsebahatsa har’a tsona ha ke u ahlola.+ 12 U tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke utloile lintho tsohle tsa hao tse hlomphollang tseo u li boletseng malebana le lithaba tsa Iseraele,+ ha u re: “Li entsoe lesupi. Re li filoe e le lijo.”+ 13 Le tsoela pele ho etsa ka boikhohomoso khahlanong le ’na ka melomo ea lōna,+ ’me le atisitse mantsoe a lōna khahlanong le ’na.+ Ke a utloile.’+
14 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka nako e tšoanang le ea ha lefatše lohle le thaba, ke tla u etsa lesupi. 15 Joalokaha u ile ua thabela lefa la ntlo ea Iseraele kahobane e entsoe lesupi, ke tla u etsa ntho e tšoanang.+ U tla fetoha lesupi, Uena sebaka se lithaba sa Seire, esita le Edomo eohle, kaofela ha eona;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”+
36 “Ha e le uena, mor’a motho, profeta malebana le lithaba tsa Iseraele, ’me u re, ‘Lōna lithaba tsa Iseraele,+ utloang lentsoe la Jehova. 2 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka lebaka la hore sera se itse khahlanong le lōna,+ ‘Eke! Esita le libaka tse phahameng tsa linakong tsa khale+—li fetohile leruo la rōna!’”’+
3 “Ka hona profeta, ’me u re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ka lebaka la hore, esita le ka lebaka la hore ho bile le ho etsoa lesupi+ le ho omanngoa ha lōna ka mahlakoreng ’ohle,+ e le hore le fetohe leruo la ba setseng ba lichaba+ ’me ho tsoela pele ho buuoa ka lōna ka maleme+ ’me ho na le tlaleho e mpe har’a sechaba,+ 4 ka hona, Lōna lithaba tsa Iseraele,+ utloang lentsoe la ’Musi Morena Jehova! Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng lithaba le maralla, likotopo le liphula le libaka tse ripitliloeng tse neng li entsoe lesupi+ le metse e tlohetsoeng e fetohileng e tlatlapuoeng le sesomo ho ba setseng ba lichaba tse pota-potileng;+ 5 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka sebele ke tla bua ka mollo oa cheseho ea ka+ khahlanong le ba setseng ba lichaba le khahlanong le Edomo, kaofela ha eona,+ ba iphileng naha ea ka e le lefa ka ho thaba ha pelo eohle,+ ka nyeliso moeeng,+ ka lebaka la lekhulo la eona le bakeng sa ho e tlatlapa.’”’+
6 “Ka hona profeta malebana le naha ea Iseraele, ’me u re ho lithaba le ho maralla, ho likotopo le ho liphula, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! Ke tla bua chesehong ea ka le khalefong ea ka, ka lebaka la hore le mameletse ho tlotlolloa ke lichaba.”’+
7 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke phahamisitse letsoho ka kano+ hore lichaba tse le pota-potileng—li tla mamella ho tlotlolloa ha tsona.+ 8 Lōna lithaba tsa Iseraele, le tla ntša makala a lōna le ho beha litholoana tsa lōna bakeng sa sechaba sa ka sa Iseraele,+ etsoe se atametse ho kena.+ 9 Etsoe bonang! ke le hauhetse, ’me ka sebele ke tla retelehela ho lōna,+ ’me le tla lengoa le ho jaloa peō.+ 10 Ke tla atisa moloko oa batho ho lōna, bohle ba ntlo ea Iseraele, kaofela ha eona,+ ’me metse e tla ba le baahi,+ ’me libaka tse ripitliloeng li tla tsosolosoa.+ 11 E, ke tla atisa moloko oa batho le liphoofolo ho lōna,+ ’me ka sebele li tla ata le ho ngatafala, ke tla etsa hore le be le baahi joaloka boemong ba lōna ba pele+ ’me ke tla etsa se molemo ho feta boemong ba lōna ba pele;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.+ 12 Ke tla etsa hore moloko oa batho o tsamaee holim ’a lōna, esita le sechaba sa ka sa Iseraele, se tla le hapa,+ ’me le tla fetoha lefa la sona,+ ’me le ke ke la hlola le ba amoha+ bana.’”
13 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore ho na le ba reng ho lōna: “U fetohile ea harolang moloko oa batho, ’me u fetohile naha e amohang lichaba tsa hao bana,”’+ 14 ‘ka hona ha u sa tla hlola u harola moloko oa batho,+ ’me ha u sa tla hlola u amoha lichaba tsa hao bana,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 15 ‘Ke tla etsa hore ho se ke ha boela ha utloahala puo e tlotlollang ea lichaba malebana le uena,+ ’me ha u sa tla hlola u jara nyeliso ea lichaba,+ ’me ha u sa tla hlola u etsa hore lichaba tsa hao li khoptjoe,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
16 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 17 “Mor’a motho, ba ntlo ea Iseraele ba ne ba lula naheng ea bona, ’me ba ’na ba e silafatsa ka litsela tsa bona le ka mesebetsi ea bona.+ Tsela ea bona e joaloka ho se hloeke ha ho ilela khoeli ka pel’a ka.+ 18 Ka tšollela khalefo ea ka holim ’a bona ka lebaka la mali ao ba a tšolotseng holim ’a naha,+ e leng naha eo ba e silafalitseng ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 19 Ka ba hasanya har’a lichaba, hoo ba ileng ba qhalakana har’a linaha.+ Ke ba ahlotse ho ea ka litsela tsa bona le ho ea ka mesebetsi ea bona.+ 20 Kahoo ba ile ba kena lichabeng tseo ba keneng ho tsona, ’me batho ba qala ho hlompholla lebitso la ka le halalelang+ ka ho re mabapi le bona, ‘Bana ke batho ba Jehova, ’me ba tsoile naheng ea hae.’+ 21 Ke tla qenehela lebitso la ka le halalelang, leo ba ntlo ea Iseraele ba le hlompholotseng har’a lichaba tseo ba keneng ho tsona.”+
22 “Ka hona e-re ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ke ho etse ka lebaka la lōna, ba ntlo ea Iseraele, empa ke ho etsa ka lebaka la lebitso la ka le halalelang, leo le le hlompholotseng har’a lichaba tseo le keneng ho tsona.”’+ 23 ‘Ka sebele ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo,+ le neng le ntse le hlompholloa har’a lichaba, leo le le hlompholotseng har’a tsona; ’me lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ha ke halaletsoa har’a lōna ka pel’a mahlo a tsona.+ 24 Ke tla le ntša lichabeng ke le bokelle ho tsoa linaheng tsohle ’me ke le tlise naheng ea lōna.+ 25 Ke tla le fafatsa ka metsi a hloekileng, ’me le tla hloeka;+ ke tla le hloekisa litšileng tsohle tsa lōna+ le litšoantšong tsohle tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang.+ 26 Ke tla le neha pelo e ncha,+ ’me ke tla kenya moea o mocha ka hare ho lōna,+ ’me ke tla tlosa pelo ea lejoe nameng ea lōna ke le nehe pelo ea nama.+ 27 Ke tla kenya moea oa ka ka hare ho lōna,+ ’me ke tla nka bohato e le hore le tsamaee melaong ea ka ea tsamaiso,+ ’me le tla boloka liqeto tsa ka tsa boahloli le li phethe.+ 28 Ka sebele le tla lula naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lōna,+ le tla ba sechaba sa ka ’me ke tla ba Molimo oa lōna.’+
29 “‘Ke tla le pholosa litšileng tsohle tsa lōna+ ’me ke bitse lijo-thollo le ho etsa hore li ate, nke ke ka le tlisetsa tlala.+ 30 Ka sebele ke tla etsa hore litholoana tsa sefate li ate, le lihlahisoa tsa tšimo, e le hore le se ke la hlola le amohela nyeliso ea tlala har’a lichaba.+ 31 Le tla tlameha ho hopola litsela tsa lōna tse mpe le mesebetsi ea lōna e neng e se metle,+ ’me le tla tlameha ho ikutloa le inyonya ka lebaka la liphoso tsa lōna le ka lebaka la lintho tsa lōna tse manyala.+ 32 Ha ke etse sena ka lebaka la lōna,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘le ke le tsebe seo. Le hlajoe ke lihlong ’me le ikutloe le kokobelitsoe ka lebaka la litsela tsa lōna, Lōna ba ntlo ea Iseraele.’+
33 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka letsatsi leo la ha ke le hloekisa liphosong tsohle tsa lōna ke tla boela ke etse hore metse e be le baahi,+ ’me libaka tse ripitliloeng li tla tsosolosoa.+ 34 Naha e entsoeng lesupi e tla lengoa, le hoja e ne e fetohile lesupi ka pel’a mahlo a e mong le e mong ea fetang ka tsela.+ 35 Ka sebele batho ba tla re: “Naha eane e neng e entsoe lesupi e joaloka serapa sa Edene,+ ’me metse e neng e le lefeella le e neng e entsoe lesupi le e neng e qhaqhiloe e etselitsoe liqhobosheane; e na le baahi.”+ 36 Lichaba tse tla siuoa ho le pota-pota li tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke hahile lintho tse qhaqhiloeng,+ ke lemme se neng se entsoe lesupi. ’Na, Jehova, ke boletse ’me ke ho entse.’+
37 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Sena ke seo ke sa ntse ke tla itumella hore ke batloe ke ba ntlo ea Iseraele ka lebaka la sona hore ke ba etsetse sona:+ Ke tla ba atisa ka batho joaloka mohlape.+ 38 Joaloka mohlape oa batho ba halalelang, joaloka mohlape oa Jerusalema linakong tsa eona tsa mokete,+ ka tsela ena metse e neng e bile lefeella e tla tlala mohlape oa batho;+ ’me batho ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”
37 Letsoho la Jehova le ne le le holim ’a ka,+ hoo a ileng a ntlisa ka moea oa Jehova+ a mpeha har’a thota, ’me e ne e tletse masapo.+ 2 A mphetisa haufi le ’ona ho a pota-pota ka hohle, ’me, bonang! a ne a le mangata haholo holim ’a thota ’me, bonang! a ne a omeletse haholo.+ 3 A qala ho re ho ’na: “Mor’a motho, na masapo aa a ka phela?” Eaba ke re: “’Musi Morena Jehova, ke uena ea tsebang.”+ 4 A tsoela pele ho re ho ’na: “Profetela masapo ana, ’me u re ho ’ona, ‘Lōna masapo a omeletseng, utloang lentsoe la Jehova:
5 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng masapo ana: “Bonang! ke tlisa phefumoloho ho lōna, ’me le tla phela.+ 6 Ke tla le kenya mesifa ’me ke etse hore le be le nama, ke tla le koahela ka letlalo le ho kenya phefumoloho ho lōna, ’me le tla phela;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”’”+
7 Ka profeta feela joalokaha ke ne ke laetsoe.+ Molumo oa qala ho hlaha hang feela ha ke profetile, joale ho ne ho e-na le ho kotomana, eaba masapo a qala ho atamela, lesapo la atamela lesapo la lona. 8 Ka talima, ’me, bonang! holim ’a ’ona ha hlaha mesifa le nama ’me letlalo la qala ho a koahela. Empa ha e le phefumoloho, e ne e le sieo ho ’ona.
9 A tsoela pele ho re ho ’na: “Profetela moea. Profeta, mor’a motho, ’me u re ho moea, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Uena moea o tsoang meeeng e mene, kena ’me u fokele holim ’a batho bana ba bolailoeng,+ e le hore ba ka phela.”’”+
10 Ka profeta feela joalokaha a ne a ntaetse, ’me phefumoloho ea qala ho kena ho ’ona, ’me a qala ho phela le ho ema ka maoto,+ e le lebotho le leholo la sesole, le leholo haholo.
11 A tsoela pele ho re ho ’na: “Mor’a motho, ha e le masapo ana, ke bohle ba ntlo ea Iseraele.+ Bona! ba re, ‘Masapo a rōna a omeletse, ’me tšepo ea rōna e timetse.+ Re tlohetsoe re le bang.’ 12 Ka hona profeta, ’me u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! ke bula libaka tsa lōna tsa lepato,+ ’me ke tla le ntša libakeng tsa lōna tsa lepato, Lōna batho ba ka, ke le tlise naheng ea Iseraele.+ 13 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke bula libaka tsa lōna tsa lepato le ha ke le ntša libakeng tsa lōna tsa lepato, Lōna batho ba ka.”’+ 14 ‘Ke tla kenya moea oa ka ho lōna, ’me le tla phela,+ ke tla le beha naheng ea lōna; le tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke boletse ’me ke ho entse,’ ho bolela Jehova.”+
15 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 16 “Ha e le uena, mor’a motho, inkele thupa+ ’me u ngole ho eona, ‘Bakeng sa Juda le bakeng sa bara ba Iseraele balekane ba eona.’+ U nke thupa e ’ngoe u ngole ho eona, ‘Bakeng sa Josefa, thupa ea Efraime,+ le ntlo eohle ea Iseraele balekane ba eona.’+ 17 U etse hore ba atamelane thupeng e le ’ngoe bakeng sa hao, ’me ba tla fetoha ntho e le ’ngoe feela letsohong la hao.+ 18 Ha bara ba sechaba sa heno ba qala ho re ho uena, ‘Na u ke ke ua re bolella hore na lintho tsee li bolela’ng ho uena?’+ 19 u bue le bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! ke nka thupa ea Josefa, e letsohong la Efraime, le meloko ea Iseraele balekane ba eona, ’me ke tla ba beha holim ’a eona, ke hore, thupa ea Juda, ’me ke tla ba etsa thupa e le ’ngoe,+ ’me ba tla fetoha ntho e le ’ngoe letsohong la ka.”’20 Lithupa tseo u ngolang ho tsona li tla ba letsohong la hao ka pel’a mahlo a bona.+
21 “Bua le bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! ke nka bara ba Iseraele ho tsoa har’a lichaba tseo ba ileng ho tsona, ’me ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse ba pota-potileng le ho ba tlisa naheng ea bona.+ 22 Ke tla ba etsa sechaba se le seng naheng,+ lithabeng tsa Iseraele, ’me kaofela ha bona ba tla ba le morena a le mong,+ ’me ha ba sa tla hlola ba tsoela pele ho ba lichaba tse peli, leha e le hore ba sa tla hlola ba arohana ho ba mebuso e ’meli.+ 23 Ha ba sa tla hlola ba itšilafatsa ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang le ka lintho tsa bona tse nyonyehang le ka litlōlo tsohle tsa bona;+ ka sebele ke tla ba pholosa libakeng tsohle tsa bona tsa bolulo tseo ba entseng sebe ho tsona, ke tla ba hloekisa,+ ’me e tla ba sechaba sa ka, ’na ke tla ba Molimo oa bona.+
24 “‘“Mohlanka oa ka Davida e tla ba morena oa bona,+ ’me kaofela ba tla ba le molisa a le mong;+ ba tla tsamaea liqetong tsa ka tsa boahloli,+ ’me ba tla boloka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ’me ka sebele ba tla li phetha.+ 25 Ba tla lula naheng eo ke e fileng mohlanka oa ka, Jakobo, eo baholo-holo ba lōna ba neng ba lula ho eona,+ ’me ba tla lula ho eona,+ bona le bara ba bona le bara ba bara ba bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me mohlanka oa ka Davida e tla ba morenana oa bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
26 “‘“Ke tla hlaba selekane sa khotso le bona;+ e tla ba selekane se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang le bona.+ Ke tla ba beha le ho ba atisa+ le ho beha sehalalelo sa ka ka har’a bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 27 Tabernakele ea ka e tla ba holim ’a bona,+ ’me ka sebele ke tla ba Molimo oa bona, ’me bona e tla ba sechaba sa ka.+ 28 Lichaba li tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova,+ ke halaletsa Baiseraele ha sehalalelo sa ka se e-ba har’a bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’”+
38 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho,+ lebisa sefahleho sa hao khahlanong le Gogo oa naha ea Magogo,+ morenana ea ka sehloohong oa Mesheke+ le Tubale,+ ’me u profete khahlanong le eena. 3 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena, Gogo, uena morenana ea ka sehloohong oa Mesheke le Tubale. 4 Ka sebele ke tla u reteletsa ke kenye lihakisi mehlahareng ea hao+ ke u tlise le lebotho lohle la hao la sesole,+ lipere le banna ba lipere, kaofela ha bona e le ba apereng ho ea ka tsebo e phethahetseng ea ho khetha,+ e le phutheho e khōlō, ba nkile thebe e khōlō le thebe e nyenyane, kaofela ha bona ba tšoere lisabole;+ 5 Persia,+ hammoho le Ethiopia+ le Pute,+ kaofela ha bona ba nkile thebe e nyenyane le helmete; 6 Gomere+ le lihlopha tsohle tsa eona, ntlo ea Togarma,+ ea likarolo tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea, le lihlopha tsohle tsa eona, lichaba tse ngata li e-na le uena.+
7 “‘“Itokise, ’me u ke u itokise, uena le phutheho eohle ea hao,+ bohle ba phuthehileng haufi le uena, u be molebeli oa bona.
8 “‘“U tla eloa hloko ka mor’a matsatsi a mangata. Karolong e qetellang ea lilemo u tla tla naheng+ ea batho ba khutlisitsoeng saboleng, ba bokeletsoeng ho tsoa lichabeng tse ngata,+ lithabeng tsa Iseraele, tseo e bileng sebaka se ripitliloeng ka ho sa khaotseng; esita le naha e hlahisitsoeng har’a lichaba, moo li neng li lutse li sireletsehile, kaofela ha tsona.+ 9 U tla tlameha ho hlaha. U tla kena joaloka sefefo.+ U tla ba joaloka maru a koahelang naha,+ uena le lihlopha tsohle tsa hao hammoho le lichaba tsohle tse nang le uena.”’
10 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Letsatsing leo lintho li tla hlaha ka pelong ea hao,+ ’me ka sebele u tla nahana morero o mobe;+ 11 ’me u tla re: “Ke tla futuhela naha e ka thōko e sabaletseng.+ Ke tla kena ho ba se nang khathatso, ba lutseng ba sireletsehile, bao kaofela ha bona ba lutseng ho se lerako,+ ’me ba se na leha e le mokoallo le menyako.” 12 E tla ba bakeng sa ho hapa thepa e ngata+ le ho tlatlapa haholo, e le hore u khutlisetse letsoho holim ’a libaka tse ripitliloeng tse ahiloeng bocha+ le holim ’a batho ba bokeletsoeng ho tsoa lichabeng,+ ba bokellang leruo le thepa,+ ba lulang bohareng+ ba lefatše.
13 “‘Sheba+ le Dedane+ le bahoebi ba Tarshishe+ le litaoana tsohle tsa eona tse moetse+—ba tla re ho uena: “Na u tlile bakeng sa ho hapa thepa e ngata? Na u phuthile phutheho ea hao bakeng sa ho tlatlapa haholo, e le hore u nke silevera le khauta, u nke leruo le thepa, u fumane khapo e khōlō?”’
14 “Ka hona profeta, Uena mor’a motho, ’me u re ho Gogo, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na u ke ke ua ho tseba letsatsing leo ha sechaba sa ka sa Iseraele se lutse se sireletsehile?+ 15 Ka sebele u tla tla u tsoa sebakeng sa hao, u tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea,+ uena hammoho le lichaba tse ngata, kaofela li kaletse lipere, e le phutheho e khōlō, e le lebotho le leholo la sesole.+ 16 U tla tlameha ho futuhela sechaba sa ka sa Iseraele, joaloka maru a koahelang naha.+ Ho tla etsahala karolong e qetellang ea matsatsi, ’me ka sebele ke tla u tlisa khahlanong le naha ea ka,+ ka morero oa hore lichaba li ntsebe ha ke ikhalaletsa ka uena ka pel’a mahlo a tsona, Uena Gogo.”’+
17 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Na ke uena+ eo ke buileng ka eena matsatsing a pele ka letsoho la bahlanka ba ka baprofeta ba Iseraele, ba neng ba profeta matsatsing ao—lilemong tseo—hore ke tla u tlisa holim ’a bona?’+
18 “‘Letsatsing leo, letsatsing la ha Gogo a kena naheng ea Iseraele,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘khalefo ea ka e tla hlaha linkong tsa ka.+ 19 Chesehong ea ka,+ mollong oa khalefo ea ka, ke tla lokela ho bua.+ Ka sebele letsatsing leo ho tla ba le tšisinyeho e khōlō naheng ea Iseraele.+ 20 Ka lebaka la ka litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le libata tsa naha le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng le moloko oohle oa batho o holim ’a lefatše o tla tlameha ho thothomela,+ ’me lithaba li tla heletsoa+ le litsela tse motheō li tla lokela ho oa, lerako le leng le le leng le tla oela fatše.’
21 “‘Ke tla mo bitsetsa sabole sebakeng sohle sa ka se lithaba,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.+ ‘Sabole ea e mong le e mong e tla ba khahlanong le mor’abo.+ 22 Ke tla kena kahlolong+ le eena, ka lefu la seoa+ le ka mali;+ le pula e tšolohang ea litloebelele le majoe a sefako,+ ’me ke tla nesa mollo+ le sebabole holim ’a hae le holim ’a lihlopha tsa hae le holim ’a lichaba tse ngata tse tla beng li e-na le eena.+ 23 Ka sebele ke tla itlotlisa ke ikhalaletse+ ’me ke itsebahatse ka pel’a mahlo a lichaba tse ngata; ’me li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
39 “Ha e le uena, mor’a motho, profeta khahlanong le Gogo,+ ’me u re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena, Gogo, uena morenana ea ka sehloohong oa Mesheke+ le Tubale.+ 2 Ke tla u reteletsa ’me ke u tsamaise+ ke etse hore u tle ho tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea+ ke u tlise holim ’a lithaba tsa Iseraele. 3 Ke tla otla seqha sa hao letsohong la hao le letšehali, ’me ke tla etsa hore metsu ea hao e oe letsohong la hao le letona. 4 U tla oela lithabeng tsa Iseraele,+ uena le lihlopha tsohle tsa hao le lichaba tse tla beng li e-na le uena. Ke tla nehelana ka uena hore u be lijo tsa linonyana tse jang nama, linonyana tsa mapheo a mefuta eohle, le ho libata tsa naha.”’+
5 “‘U tla oela naheng,+ etsoe ke boletse,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
6 “‘Ke tla romela mollo holim ’a Magogo+ le holim ’a ba lutseng ba sireletsehile lihlekehlekeng;+ ’me batho ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova. 7 Ke tla tsebahatsa lebitso la ka le halalelang har’a sechaba sa ka sa Iseraele, ’me ha ke sa tla hlola ke tlohela hore lebitso la ka le halalelang le hlompholloe;+ ’me lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ Mohalaleli oa Iseraele.’+
8 “‘Bonang! E tla tla ’me e tla ba teng,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. ‘Lena ke letsatsi leo ke buileng ka lona.+ 9 Ka sebele baahi ba metse ea Iseraele ba tla tsoa ba chese le ho besa mollo ka lihlomo le lithebe tse nyenyane le lithebe tse khōlō,—ka liqha le ka metsu le ka melamu e nang le lintlha tsa tšepe le ka marumo; ’me ba tla besa mollo ka eona+ ka lilemo tse supileng. 10 Ba ke ke ba nka lithupa naheng, kapa ba roalla patsi merung, etsoe ba tla besa mollo ka lihlomo.’
“‘Ka sebele ba tla hapa thepa ea ba ’nileng ba hapa thepa ea bona,+ le ho tlatlapa ba ’nileng ba ba tlatlapa,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
11 “‘Letsatsing leo ke tla fa Gogo+ sebaka moo, sebaka sa lepato Iseraele, phula ea ba fetang ka bochabela ho leoatle, ’me e tla thibela ba fetang. Ba tla lokela ho pata Gogo le bongata bohle ba hae moo, ’me ruri ba tla e bitsa Phula ea Bongata ba Gogo.+ 12 Ba ntlo ea Iseraele ba tla lokela ho ba pata ka morero oa ho hloekisa naha, ka likhoeli tse supileng.+ 13 Batho bohle ba naha ba tla lokela ho ba pata, ’me ka sebele ho bona e tla ba taba e tummeng letsatsing leo ke itlotlisang ka lona,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
14 “‘Ho tla ba le banna ba tsoelang pele ka mosebetsi bao ba tla ba arola, ba fetang naheng, ba pata, ba e-na le ba fetang, ba setseng holim ’a lefatše, e le hore ba le hloekise. Ba tla tsoela pele ba batla ho isa bofelong ba likhoeli tse supileng. 15 Ba fetang ba tla fetela pele naheng, ’me haeba motho a ka bona lesapo la motho o tla boela a etse letšoao ka thōko ho lona, ho fihlela ba patang ba le patile Phuleng ea Bongata ba Gogo.+ 16 Lebitso la motse e tla ba Hamona. Ba tla lokela ho hloekisa naha.’+
17 “Ha e le uena, mor’a motho, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘E-re ho linonyana tsa mapheo a mefuta eohle le ho libata tsohle tsa naha:+ “Phuthehang ’me le tle. Bokanang ka hohle sehlabelong sa ka, seo ke le hlabelang sona, sehlabelo se seholo lithabeng tsa Iseraele.+ Ka sebele le tla ja nama le noe mali.+ 18 Le tla ja nama ea linatla,+ le noe mali a marenana a lefatše, lipheleu, likonyana tse tona,+ le liphooko, lipohoana,+ liphoofolo tse nontšitsoeng tsa Bashane kaofela ha tsona.+ 19 Ruri le tla ja mafura ho fihlela le khotše+ ’me le noe mali ho fihlela le tahiloe, sehlabelong sa ka seo ke tla le hlabela sona.”’
20 “‘Le tla khora tafoleng ea ka ka lipere le bakhanni ba likoloi, batho ba matla le bahlabani ba mefuta eohle,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.+
21 “‘Ke tla beha khanya ea ka har’a lichaba; ’me lichaba tsohle li tla lokela ho bona kahlolo ea ka eo ke e phethisitseng+ le letsoho la ka leo ke le behileng har’a tsona.+ 22 Ba ntlo ea Iseraele ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ 23 Lichaba li tla lokela ho tseba hore e ne e le ka lebaka la liphoso tsa bona, ba ntlo ea Iseraele, ba ileng kholehong,+ ka lebaka la hore ba ile ba itšoara ka ho se tšepahale ho ’na, hoo ke ileng ka ba patela sefahleho sa ka+ le ho nehelana ka bona matsohong a bahanyetsi ba bona, ’me ba ’na ba oa, kaofela ha bona, ka sabole.+ 24 Ke ba entse ho ea ka ho se hloeke ha bona le ho ea ka litlōlo tsa bona,+ ka ’na ka ba patela sefahleho sa ka.’
25 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Joale ke tla khutlisa baholehuoa ba Jakobo+ ’me ke hauhele bohle ba ntlo ea Iseraele;+ ke tla bontša boinehelo bo khethehileng bakeng sa lebitso la ka le halalelang.+ 26 Ba tla be ba jere ho tlotloloha ha bona+ le ho se tšepahale hohle ha bona hoo ba ho entseng ho ’na,+ ha ba lula naheng ea bona ba sireletsehile,+ ho se ea etsang hore ba thothomele.+ 27 Ha ke ba khutlisa lichabeng ’me ke ba bokella ho tsoa linaheng tsa lira tsa bona,+ ke tla boela ke ikhalaletse har’a bona ka pel’a mahlo a lichaba tse ngata.’+
28 “‘Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona, ha ke ba romela kholehong lichabeng le ho ba bokella naheng ea bona,+ e le hore ke se ke ka hlola ke siea le ea mong teng.+ 29 Ha ke sa tla hlola ke ba patela sefahleho sa ka,+ hobane ke tla tšollela moea oa ka holim ’a ntlo ea Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
40 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e mehlano sa ho isoa ha rōna kholehong,+ mathoasong a selemo, ka letsatsi la leshome la khoeli, ka selemo sa leshome le metso e mene ka mor’a hore motse o lihuoe,+ ka lona letsatsi lena letsoho la Jehova la e-ba holim ’a ka,+ hoo a ileng a ntlisa sebakeng seo.+ 2 Liponong tsa Molimo a ntlisa naheng ea Iseraele ’me butle-butle a mpeha holim ’a thaba e phahameng haholo,+ eo holim ’a eona ho neng ho e-na le ho hong ho kang mohaho oa motse ka boroa.+
3 A ntlisa moo, ’me, bonang! ho ne ho e-na le monna. Ponahalo ea hae e ne e tšoana le ponahalo ea koporo,+ ’me ho ne ho e-na le thapo ea folaxe letsohong la hae, le lehlaka la ho lekanya,+ ’me o ne a eme hekeng. 4 Monna eo a qala ho bua le ’na: “Mor’a motho,+ bona ka mahlo, ’me u utloe ka litsebe, ’me u behe pelo ho sohle seo ke u bontšang sona, hobane u tlisitsoe mona ka morero oa hore ke u bontše. U bolelle ba ntlo ea Iseraele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e bonang.”+
5 Bonang! Ho ne ho e-na le lerako ka ntle ho ntlo ho pota-pota ka hohle. Letsohong la monna eo ho ne ho e-na le lehlaka la ho lekanya la litsoe tse tšeletseng, ka setsoe le bophara ba seatla. A qala ho lekanya bophara ba ntho e hahiloeng, lehlaka le le leng; ’me bophahamo, e le lehlaka le le leng.
6 A fihla hekeng, eo karolo ea eona e ka pele e leng ka nģ’a bochabela,+ ’me a nyoloha ka litepisi tsa eona. A qala ho lekanya monyako oa heke,+ e le lehlaka le le leng ka bophara, ’me monyako o mong, e le lehlaka le le leng ka bophara. 7 Kamore ea molebeli e ne e le bolelele ba lehlaka le le leng ’me e le lehlaka le le leng ka bophara, pakeng tsa likamore tsa balebeli+ e ne e le litsoe tse hlano; ’me monyako oa heke ka thōko ho mathule a heke ho leba ka hare e ne e le lehlaka le le leng.
8 A lekanya mathule a heke ho leba ka hare, e le lehlaka le le leng.+ 9 Kahoo a lekanya mathule a heke, e le litsoe tse robeli; ’me litšiea tsa ’ona tse ka mahlakoreng, e le litsoe tse peli; ’me mathule a heke a ne a leba ka hare.
10 Likamore tsa balebeli tsa heke e ka nģ’a bochabela li ne li le tharo ka lehlakoreng lena ’me li le tharo ka lehlakoreng lane. Boraro ba tsona li ne li lekana, ’me litšiea tse ka thōko li ne li lekana, ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane.
11 Joale a lekanya bophara ba monyako oa heke, litsoe tse leshome; bolelele ba heke, litsoe tse leshome le metso e meraro.
12 Sebaka se etselitsoeng motero se ka pel’a likamore tsa balebeli e ne e le setsoe se le seng, ’me ho ne ho e-na le sebaka se etselitsoeng motero sa setsoe se le seng ka lehlakoreng ka leng. Kamore ea molebeli e ne e le litsoe tse tšeletseng ka lehlakoreng lena le litsoe tse tšeletseng ka lehlakoreng lane.
13 A tsoela pele ho lekanya heke ho tloha marulelong a kamore e ’ngoe ea molebeli ho ea marulelong a e ’ngoe, e le bophara ba litsoe tse mashome a mabeli a metso e mehlano;+ monyako o ne o shebane le monyako. 14 Joale a etsa litšiea tse ka mahlakoreng hore e be litsoe tse mashome a tšeletseng, hammoho le litšiea tsa lebala tse ka mahlakoreng lihekeng tse pota-potileng ka hohle. 15 Ka pel’a heke ea monyako ho ea fihla ka pel’a mathule a heke e ka hare e ne e le litsoe tse mashome a mahlano.
16 Ho ne ho e-na le lifensetere tsa likosene tse nyenyefalang+ bakeng sa likamore tsa balebeli le bakeng sa litšiea tsa tsona tse ka mahlakoreng ho leba ka hare ho heke ho pota-pota ka hohle, ’me ke tsela eo mathule a neng a le ka eona. Lifensetere li ne li le ka hare ka hohle, ’me litšieeng tse ka mahlakoreng ho ne ho e-na le litšoantšo tsa sefate sa palema.+
17 Butle-butle a ntlisa ka lebaleng le ka ntle, ’me, bonang! ho ne ho e-na le likamore tsa ho jela,+ le sebaka se katiloeng se etselitsoeng lebala ho pota-pota ka hohle. Ho ne ho e-na le likamore tsa ho jela tse mashome a mararo holim ’a sebaka se katiloeng.+ 18 Sebaka se katiloeng se ka lehlakoreng la liheke se ne se lekana hantle feela le bolelele ba liheke—sebaka se katiloeng se ka tlaase.
19 A lekanya bophara ho tloha ka pel’a heke e ka tlaase ho ea ka pel’a lebala le ka hare. Ka ntle e ne e le litsoe tse lekholo, ho ea ka bochabela le ho ea ka leboea.
20 Lebala le ka ntle le ne le e-na le heke eo karolo ea eona e ka pele e neng e le ka nģ’a leboea. A lekanya bolelele ba eona le bophara ba eona. 21 Likamore tsa eona tsa balebeli li ne li le tharo ka lehlakoreng lena ’me li le tharo ka lehlakoreng lane. Litšiea tsa eona tse ka mahlakoreng le mathule a eona li ne li entsoe ho ea ka tekanyo ea heke ea pele. Bolelele ba eona e ne e le litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophara ba eona e ne e le litsoe tse mashome a mabeli a metso e mehlano. 22 Lifensetere tsa eona le mathule a eona le litšoantšo tsa eona tsa sefate sa palema+ li ne li lekana le tsa heke eo karolo ea eona e ka pele e neng e le ka nģ’a bochabela. Batho ba ne ba ka nyolohela ho eona ka litepisi tse supileng, ’me mathule a eona a ne a le ka pel’a eona.
23 Heke ea lebala le ka hare e ne e le mabapa le heke e ka leboea; le e ka bochabela. A lekanya litsoe tse lekholo ho tloha hekeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.
24 Butle-butle a ntlisa ka nģ’a boroa, ’me, bonang! ho ne ho e-na le heke ka nģ’a boroa,+ eaba o lekanya litšiea tsa eona tse ka mahlakoreng le mathule a eona ka litekanyo tse lekanang le tsena. 25 Eona le mathule a eona li ne li e-na le lifensetere ka hohle, joaloka lifensetere tsena. Bolelele e ne e le litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophara e ne e le litsoe tse mashome a mabeli a metso e mehlano. 26 Ho ne ho e-na le litepisi tse supileng bakeng sa ho nyolohela ho eona,+ ’me mathule a eona a ne a le ka pel’a eona. E ne e e-na le litšoantšo tsa sefate sa palema, se seng ka lehlakoreng lena se seng ka lehlakoreng lane litšieeng tsa eona tse ka mahlakoreng.
27 Lebala le ka hare le ne le e-na le heke ka nģ’a boroa. A lekanya litsoe tse lekholo ho tloha hekeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka nģ’a boroa. 28 Butle-butle a ntlisa ka lebaleng le ka hare ka heke e ka boroa. A lekanya heke e ka boroa ka litekanyo tse lekanang le tsena. 29 Likamore tsa eona tsa balebeli le litšiea tsa eona tse ka mahlakoreng le mathule a eona li ne li e-na le litekanyo tse lekanang le tsena. Eona le mathule a eona li ne li e-na le lifensetere ka hohle. Bolelele e ne e le litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophara e ne e le litsoe tse mashome a mabeli a metso e mehlano.+ 30 Ho ne ho e-na le mathule ka hohle; bolelele e le litsoe tse mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me bophara e le litsoe tse hlano. 31 Mathule a eona a ne a tsoetse lebaleng le ka ntle, ’me litšoantšo tsa sefate sa palema li ne li le litšieeng tsa eona tse ka mahlakoreng,+ ’me ho ne ho nyoloheloa ho eona ka litepisi tse robeli.+
32 Butle-butle a ntlisa lebaleng le ka hare ka tsela ea bochabela, ’me a lekanya heke ka litekanyo tse lekanang le tsena. 33 Likamore tsa eona tsa balebeli le litšiea tsa eona tse ka mahlakoreng le mathule a eona li ne li e-na le litekanyo tse lekanang le tsena, ’me eona le mathule a eona li ne li e-na le lifensetere ka hohle. Bolelele e ne e le litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophara e le litsoe tse mashome a mabeli a metso e mehlano. 34 Mathule a eona a ne a tsoetse ka lebaleng le ka ntle, ’me litšoantšo tsa sefate sa palema li ne li le litšieeng tsa tsona ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane. Ho ne ho nyoloheloa ho eona ka litepisi tse robeli.
35 A ntlisa hekeng e ka leboea,+ ’me a lekanya, ka litekanyo tse lekanang le tsena,+ 36 likamore tsa eona tsa balebeli, le litšiea tsa eona tse ka mahlakoreng le mathule a eona. E ne e e-na le lifensetere ka hohle. Bolelele e ne e le litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophara e le litsoe tse mashome a mabeli a metso e mehlano. 37 Litšiea tsa eona tse ka mahlakoreng li ne li le lebaleng le ka ntle, ’me litšoantšo tsa sefate sa palema li ne li le litšieeng tsa eona ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane.+ Ho ne ho nyoloheloa ho eona ka litepisi tse robeli.
38 Kamore ea ho jela le monyako oa eona li ne li le litšieeng tse ka mahlakoreng tsa liheke. Ke moo ba neng ba hlatsoa nyehelo e feletseng ea secheso teng.+
39 Mathuleng a heke ho ne ho e-na le litafole tse peli ka lehlakoreng lena le litafole tse peli ka lehlakoreng lane, tseo ho tsona ho hlabeloang nyehelo e feletseng ea secheso+ le nyehelo ea sebe+ le nyehelo ea molato.+ 40 Ka lehlakoreng le ka ntle, ha motho a nyolohela monyakong oa heke e ka leboea, ho ne ho e-na le litafole tse peli. Ka lehlakoreng le leng la mathule a heke ho ne ho e-na le litafole tse peli. 41 Ho ne ho e-na le litafole tse ’nè mona le litafole tse ’nè mane ka lehlakoreng la heke—litafole tse robeli, tseo ba neng ba hlabela ho tsona. 42 Litafole tse ’nè tsa nyehelo e feletseng ea secheso li ne li entsoe ka lejoe le betliloeng. Bolelele e ne e le setsoe se le seng le halofo, ’me bophara e le setsoe se le seng le halofo, ’me bophahamo e le setsoe se le seng. Holim ’a tsona ba ne ba boetse ba beha lisebelisoa tseo ka tsona ba neng ba hlaba nyehelo e feletseng ea secheso le sehlabelo. 43 Mehaoloana ea ho beha lintho fatše e ne e le bophara ba seatla se le seng, e tiisitsoe ka thata ka hare, ho pota-pota ka hohle; ’me holim ’a litafole ba ne ba beha nama ea nyehelo ea mpho.+
44 Ka ntle ho heke e ka hare ho ne ho e-na le likamore tsa ho jela tsa libini,+ lebaleng le ka hare, le leng ka lehlakoreng la heke e ka leboea. Lehlakore la tsona le ka pele le ne le le ka nģ’a boroa. Ho ne ho e-na le e ’ngoe lehlakoreng la heke e ka bochabela. Karolo e ka pele e ne e le ka nģ’a leboea.
45 A bua le ’na: “Kamore ena ea ho jela eo karolo ea eona e ka pele e leng ka nģ’a boroa, ke ea baprista ba hlokometseng mosebetsi oa ntlo.+ 46 Kamore ea ho jela eo karolo ea eona e ka pele e leng ka nģ’a leboea ke ea baprista ba hlokometseng mosebetsi oa aletare.+ Ke bara ba Tsadoke,+ ba tsoang ho bara ba Levi, ba atamelang Jehova ho mo sebeletsa.”+
47 A qala ho lekanya lebala le ka hare. Bolelele e ne e le litsoe tse lekholo, ’me bophara e le litsoe tse lekholo, le e-na le mahlakore a mane a lekanang. Aletare e ne e le ka pel’a ntlo.
48 A ntlisa mathuleng a ntlo,+ ’me a lekanya tšiea e ka lehlakoreng ea mathule, litsoe tse hlano ka lehlakoreng lena le litsoe tse hlano ka lehlakoreng lane. Bophara ba heke e ne e le litsoe tse tharo ka lehlakoreng lena le litsoe tse tharo ka lehlakoreng lane.
49 Bolelele ba mathule e ne e le litsoe tse mashome a mabeli, ’me bophara e le litsoe tse leshome le motso o mong. Ba ne ba nyolohela ho ’ona ka litepisi. Ho ne ho e-na le litšiea lipalong tse ka mahlakoreng, e ’ngoe e le mona ’me e ’ngoe e le mane.+
41 A ntlisa ka tempeleng, ’me a qala ho lekanya litšiea tse ka mahlakoreng, li le bophara ba litsoe tse tšeletseng mona le bophara ba litsoe tse tšeletseng mane, bophara ba tšiea e ka lehlakoreng. 2 Bophara ba monyako e ne e le litsoe tse leshome, ’me mahlakore a monyako e ne e le litsoe tse hlano ka mona le litsoe tse hlano ka mane. A qala ho lekanya bolelele ba oona, e le litsoe tse mashome a mane; ’me bophara, e le litsoe tse mashome a mabeli.
3 A kena ka hare ’me a lekanya tšiea e ka lehlakoreng ea monyako, e le litsoe tse peli; ’me monyako, e le litsoe tse tšeletseng; ’me bophara ba monyako e ne e le litsoe tse supileng. 4 A qala ho lekanya bolelele ba eona, e le litsoe tse mashome a mabeli; ’me bophara ba eona, e le litsoe tse mashome a mabeli,+ ka pel’a tempele. Joale a re ho ’na: “Sena ke Sehalalelisiso.”+
5 A lekanya lebota la ntlo, e le litsoe tse tšeletseng. Bophara ba kamore e ka lehlakoreng e ne e le litsoe tse ’nè, ho pota-pota ka hohle; le ne le pota-potile ntlo, ka hohle.+ 6 Likamore tse ka mahlakoreng e ne e le kamore e ka lehlakoreng holim ’a kamore e ka lehlakoreng, e le mekato e meraro, ’me e le ka makhetlo a mashome a mararo; ’me li ne li kena leboteng la ntlo, ke hore, likamore tse mahlakoreng tse pota-potileng ka hohle, e le hore li ka tšehetsoa, empa li ne li sa tšehetsoa ke lebota la ntlo.+ 7 E ne e atoloha le ho potoloha ho ea holimo likamoreng tse ka mahlakoreng, etsoe phaseje e matsoelintsoeke ea ntlo e ne e nyolohela holimo ho pota-pota ntlo eo ka hohle.+ Ka hona ntlo e ne e atolohile ho ea holimo, ’me ho tloha mokatong o ka tlaase-tlaase motho o ne a ka nyolohela mokatong o ka holimo-limo,+ ka mokato o hare.
8 Ka bona ho e-na le setupu se phahameng bakeng sa ntlo ho pota-pota ka hohle. Mabapi le metheo ea likamore tse ka mahlakoreng, ho ne ho e-na le lehlaka le feletseng la litsoe tse tšeletseng ho fihla moo e kopanang teng.+ 9 Bophara ba lebota la kamore e ka lehlakoreng, ho ea ka ntle, e ne e le litsoe tse hlano. Ho ne ho e-na le sebaka se siiloeng se bulehile moahong oa likamore tse ka lehlakoreng tsa ntlo.
10 Pakeng tsa likamore tsa ho jela+ e ne e le bophara ba litsoe tse mashome a mabeli ho potoloha ntlo, ka hohle. 11 Monyako oa kamore e ka lehlakoreng o ne o le sebakeng se siiloeng se bulehile, monyako o mong o le ka nģ’a leboea ’me monyako o mong o le ka boroa; bophara ba sebaka se siiloeng se bulehile e ne e le litsoe tse hlano, ka hohle.
12 Mohaho o neng o le ka pel’a sebaka se arotsoeng, oo lehlakore la oona le neng le le ka nģ’a bophirimela, o ne o le bophara ba litsoe tse mashome a supileng. Lebota la mohaho le ne le le bophara ba litsoe tse hlano, le pota-potile ka hohle; bolelele ba lona e ne e le litsoe tse mashome a robong.
13 A lekanya ntlo, e le bolelele ba litsoe tse lekholo; ’me sebaka se arotsoeng le mohaho le mabota a oona, e le bolelele ba litsoe tse lekholo. 14 Bophara ba sebaka se ka pele sa ntlo le sebaka se arotsoeng ka bochabela e ne e le litsoe tse lekholo.
15 A lekanya bolelele ba mohaho o ka pel’a sebaka se arotsoeng se neng se le ka mor’a oona le mathule a oona ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane, e le litsoe tse lekholo.
A lekanya le tempele le sebaka se ka hare+ le mathule a lebala; 16 menyako, le lifensetere tse nang le likosene tse nyenyefalang,+ le mathule a ne a e pota-potile ka boraro ba eona. Ka pel’a monyako ho ne ho manehiloe lehong ka hohle,+ le ho tloha fatše ho fihlela lifensetereng; ’me lifensetere li ne li koahetsoe. 17 Ho ea ka holim ’a monyako le ho ea fihla ntlong e ka hare le ka ntle le ka holim ’a lebota lohle le pota-potileng ka hohle, ka ntlong e ka hare le ka ntle, ho ne ho e-na le litekanyo, 18 esita le likerubime tse betliloeng+ le litšoantšo tsa sefate sa palema,+ ho e-na le setšoantšo sa sefate sa palema pakeng tsa kerubime le kerubime, ’me kerubime e ne e e-na le lifahleho tse peli.+ 19 Sefahleho sa motho se ne se lebile ka nģ’a setšoantšo sa sefate sa palema ka lehlakoreng lena, ’me sefahleho sa taoana e moetse se ne se lebile ka nģ’a setšoantšo sa sefate sa palema ka lehlakoreng lane,+ li betliloe ntlong eohle ho e pota-pota ka hohle. 20 Ho tloha fatše ho ea ka holim ’a monyako ho ne ho e-na le likerubime tse betliloeng le litšoantšo tsa sefate sa palema, leboteng la tempele.
21 Ha e le tempele, kosene ea monyako oa eona e ne e e-na le mahlakore a mane a lekanang;+ ’me ka pel’a sebaka se halalelang ho ne ho e-na le ponahalo e kang ponahalo e latelang: 22 aletare ea lehong e ne e le bophahamo ba litsoe tse tharo, ’me bolelele ba eona e ne e le litsoe tse peli, ’me e ne e e-na le lipalo tsa eona tse hukung.+ Bolelele ba eona le mabota a eona e ne e le lehong. A bua le ’na: “Ena ke tafole e ka pel’a Jehova.”+
23 Tempele le sebaka se halalelang li ne li e-na le menyako e ’meli.+ 24 Menyako e ne e e-na le mamati a mabeli, bobeli ba ’ona a bulehela ka hohle. Monyako o mong o ne o e-na le mamati a mabeli, ’me o mong o ne o e-na le mamati a mabeli. 25 Holim ’a ’ona, holim ’a mamati a tempele, ho ne ho entsoe likerubime le litšoantšo tsa sefate sa palema,+ tse joaloka tse neng li etselitsoe mabota, ’me ho ne ho e-na le sekhurumetso sa lehong ka pel’a mathule ka ntle. 26 Ho ne ho e-na le lifensetere tse nang le likosene tse nyenyefalang+ le litšoantšo tsa sefate sa palema mona le mane ka mahlakoreng a mathule le likamoreng tse ka mahlakoreng tsa ntlo le likhurumetsong.
42 Butle-butle a ntlisa+ lebaleng le ka ntle ka tsela e ka nģ’a leboea.+ A ntlisa mohahong oa kamore ea ho jela+ o neng o le ka pel’a sebaka se arotsoeng+ le o neng o le ka pel’a mohaho ka leboea. 2 Ka pel’a bolelele ba litsoe tse lekholo ho ne ho e-na le monyako o ka leboea, ’me bophara ba oona e ne e le litsoe tse mashome a mahlano. 3 Ka pel’a litsoe tse mashome a mabeli tsa lebala le ka hare+ le ka pel’a sebaka se katiloeng+ sa lebala le ka ntle ho ne ho e-na le mathule+ a bapileng le mathule ka mekato e meraro. 4 Ka pel’a likamore tsa ho jela ho ne ho e-na le tsela e bophara ba litsoe tse leshome ho ea ka hare,+ tsela ea setsoe se le seng, ’me menyako ea tsona e ne e le ka leboea. 5 Ha e le likamore tsa ho jela, tse ka holimo-limo li ne li le khutšoanyane, kaha mathule a ne a fokolitse sebaka sa tsona, ho feta tse ka tlaase-tlaase le ho feta tse hare, mabapi le mohaho. 6 Etsoe li ne li le mekatong e meraro,+ ’me li ne li se na litšiea tse joaloka litšiea tsa mabala. Ke ka lebaka leo ho ileng ha fokotsoa sebaka se sengata ho feta sa tse leng ka tlaase-tlaase le ho sa tse leng hare ho tloha fatše.
7 Lerako la majoe le neng le le ka ntle le ne le le haufi le likamore tsa ho jela ka nģ’a lebala le ka ntle ka pel’a likamore tse ling tsa ho jela. Bolelele ba lona e ne e le litsoe tse mashome a mahlano. 8 Etsoe bolelele ba likamore tsa ho jela tse neng li le ka nģ’a lebala le ka ntle e ne e le litsoe tse mashome a mahlano, ’me, bonang! ka pel’a tempele e ne e le litsoe tse lekholo. 9 Ka tlas’a likamore tsena tsa ho jela tsela e kenang e ne e le ka bochabela, ha motho a kena ho tsona a tsoa lebaleng le ka ntle.
10 Karolong e sephara ea lerako la majoe la lebala ka nģ’a bochabela, ka pel’a sebaka se arotsoeng+ le ka pel’a mohaho, ho ne ho e-na le likamore tsa ho jela.+ 11 Ho ne ho e-na le tsela ka pel’a tsona e joaloka ponahalo ea likamore tsa ho jela tse neng li le ka nģ’a leboea,+ bolelele ba tsona bo ne bo le joalo le bophara ba tsona bo ne bo le joalo; ’me menyako eohle ea tsona ea ho tsoa e ne e tšoana, ’me lipolane tsa tsona li ne li tšoana le menyako ea eona e ne e tšoana. 12 Joaloka menyako ea likamore tsa ho jela tse neng li le ka nģ’a boroa ho ne ho e-na le monyako mateanong a tsela, tseleng e ka pel’a lerako la majoe le tšoanang ka nģ’a bochabela, ha motho a kena ho tsona.+
13 A re ho ’na: “Likamore tsa ho jela tse ka leboea le likamore tsa ho jela tse ka boroa tse ka pel’a sebaka se arotsoeng,+ ke likamore tsa ho jela tse halalelang, tseo ho tsona baprista ba atamelang+ Jehova ba jellang lintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ Ke moo ba behang lintho tse halalelang ka ho fetisisa le nyehelo ea lijo-thollo le nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato, kahobane sebaka seo sea halalela.+ 14 Ha baprista ba kena, le bona ba ke ke ba tsoa sebakeng se halalelang ho ea lebaleng le ka ntle, empa ba tla beha liaparo tsa bona tseo ka tloaelo ba sebeletsang ka tsona,+ etsoe ke ntho e halalelang. Ba tla apara liaparo tse ling,+ ’me ba tla atamela ho se amanang le batho.”
15 A qeta ho lekanya ntlo e ka hare, ’me a ntlisa ka ntle ka tsela ea heke eo karolo ea eona e ka pele e neng e le ka nģ’a bochabela,+ eaba o e lekanya ka hohle.
16 A lekanya lehlakore le ka bochabela ka lehlaka la ho lekanya. E ne e le mahlaka a makholo a mahlano, ka lehlaka la ho lekanya,+ ka hohle.
17 A lekanya lehlakore le ka leboea, mahlaka a makholo a mahlano, ka lehlaka la ho lekanya, ka hohle.
18 A lekanya lehlakore le ka boroa, mahlaka a makholo a mahlano, ka lehlaka la ho lekanya.
19 A potoloha ho ea ka lehlakoreng le ka bophirimela. A lekanya mahlaka a makholo a mahlano, ka lehlaka la ho lekanya.
20 A e lekanya ka mahlakoreng a mane. E ne e e-na le lerako ho pota-pota ka hohle,+ le le bolelele ba mahlaka a makholo a mahlano le bophara ba mahlaka a makholo a mahlano,+ ho arola pakeng tsa se halalelang le se silafetseng.+
43 A nkisa hekeng, hekeng e shebileng ka nģ’a bochabela.+ 2 Bonang! Khanya+ ea Molimo oa Iseraele e ne e tsoa ka nģ’a bochabela,+ ’me lentsoe la hae le ne le le joaloka lentsoe la metsi a mangata;+ ’me lefatše la khanya ka lebaka la khanya ea hae.+ 3 E ne e le joaloka ponahalo ea pono eo ke neng ke e bone,+ joaloka pono eo ke e boneng ha ke ne ke tlil’o timetsa motse;+ ’me ho ne ho e-na le liponahalo tse kang ponahalo eo ke e boneng haufi le nōka ea Kebare,+ eaba ke itihela fatše ka sefahleho.
4 Khanya+ ea Jehova ea kena ka Tlung ka tsela ea heke eo karolo ea eona e ka pele e neng e le ka nģ’a bochabela.+ 5 Moea oa mphahamisa+ oa ntlisa ka lebaleng le ka hare, ’me, bonang! Ntlo e ne e tletse khanya ea Jehova.+ 6 Ka qala ho utloa e mong a bua le ’na a le ka Tlung,+ ’me monna eo o ne a eme ka thōko ho ’na.+ 7 A tsoela pele ho re ho ’na:
“Mor’a motho, sena ke sebaka sa terone ea ka+ le sebaka sa bohato ba maoto a ka,+ moo ke tla lula ka har’a bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang;+ ’me bona, ba ntlo ea Iseraele, ha ba sa tla hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang,+ bona le marena a bona,+ ka bohlola ba bona le ka litopo+ tsa marena a bona ha ba shoa, 8 ka ho beha monyako oa bona le monyako oa ka le kosene ea monyako oa bona ka thōko ho kosene ea monyako oa ka, ho e-na le lerako pakeng tsa ka le bona.+ Ba silafalitse lebitso la ka le halalelang ka lintho tsa bona tse manyala tseo ba li entseng,+ hoo ke ileng ka ba felisa bohaleng ba ka.+ 9 Joale ba ke ba suthisetse bohlola ba bona+ le litopo tsa marena a bona hōle le ’na,+ ’me ka sebele ke tla lula har’a bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
10 “Ha e le uena, mor’a motho, tsebisa ba ntlo ea Iseraele ka Ntlo eo,+ e le hore ba ka ikutloa ba tlotlolohile ka lebaka la liphoso tsa bona,+ ’me ba tla lekanya mohlala. 11 Haeba ba ikutloa ba tlotlolohile ka lebaka la sohle seo ba se entseng, u ba tsebise polane ea motheo ea Ntlo,+ tlhophiso ea eona le menyako ea eona ea ho tsoa le litsela tsa eona tse kenang, le lipolane tsohle tsa eona tsa motheo le lintlha tsohle tsa eona tse tobileng, le lipolane tsohle tsa eona tsa motheo le melao eohle ea eona ’me u e ngole ka pel’a mahlo a bona, e le hore ba ka boloka polane eohle ea eona ea motheo le lintlha tsohle tsa eona tse tobileng ’me ba li phethe.+ 12 Ona ke molao oa Ntlo. Ka holim ’a thaba sebaka sohle sa eona se e pota-potileng ka hohle ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ Bonang! Ona ke molao oa Ntlo.
13 “Tsena ke litekanyo tsa aletare ka litsoe,+ setsoe e le setsoe le bophara ba seatla.+ Bokatlaase ba eona ke setsoe. Bophara ke setsoe. Moeli oa eona o holim ’a molomo oa eona ho pota-pota ka hohle, boahlamo ba seatla. Bona ke bokatlaase ba aletare. 14 Ho tloha fatše ho ea mopopotlong o potolohileng ho na le litsoe tse peli, ’me bophara ke setsoe se le seng. Ho tloha mopopotlong o monyenyane o potolohileng ho ea mopopotlong o moholo o potolohileng ho na le litsoe tse ’nè, ’me bophara ba eona ke setsoe se le seng. 15 Leifo la aletare ke litsoe tse ’nè, ’me ho tloha leifong la aletare le ho ea holimo ho na le manaka a mane.+ 16 Leifo la aletare le bolelele ba litsoe tse leshome le metso e ’meli, ka bophara ba litsoe tse leshome le metso e ’meli,+ le nang le mahlakore a mane a lekanang ka mahlakoreng a lona a mane.+ 17 Mopopotlo o potolohileng o bolelele ba litsoe tse leshome le metso e mene, ka bophara ba litsoe tse leshome le metso e mene, ka mahlakoreng a oona a mane; ’me moeli o o potolohileng ke halofo ea setsoe, ’me bokatlaase ba oona ke setsoe ka hohle.
“Litepisi tsa eona li shebile bochabela.”
18 A re ho ’na: “Mor’a motho, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Tsena ke litaelo tse hlomamisitsoeng tsa aletare letsatsing la ho etsoa ha eona, e le hore u nyehele holim ’a eona linyehelo tse feletseng tsa secheso+ le ho fafatsa mali holim ’a eona.’+
19 “‘U tla fa baprista ba Balevi,+ ba bana ba Tsadoke,+ ba atamelang ho ’na,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ho ntšebeletsa, pohoana e tona mohlapeng, e le nyehelo ea sebe.+ 20 U tla nka mali a mang a eona u a tšele linakeng tsa eona tse ’nè le likhutlong tse ’nè tsa mopopotlo o potolohileng le moeling o pota-potileng ’me u e hloekise sebeng+ le ho koahela libe tsa eona.+ 21 U tla nka pohoana, nyehelo ea sebe, ’me e chesetsoe sebakeng se behiloeng sa Ntlo, ka ntle ho sehalalelo.+ 22 Letsatsing la bobeli u tla atametsa phooko, e phetseng hantle, e le nyehelo ea sebe; ’me ba tla hloekisa aletare sebeng ho tšoana le kamoo ba e hloekisitseng kateng sebeng ka pohoana.’
23 “‘Ha u qetile ho e hloekisa sebeng u tla atametsa pohoana, e tona mohlapeng, e phetseng hantle, le pheleu e tsoang mohlapeng oa likhutšoane, e phetseng hantle. 24 U tla li atametsa ka pel’a Jehova, ’me baprista ba tla akhela letsoai holim ’a tsona le ho li nyehela+ e le nyehelo e feletseng ea secheso ea Jehova. 25 Ka matsatsi a supileng u tla fana ka phooko e le nyehelo ea sebe ka letsatsi;+ ’me ba tla fana ka pohoana e tona mohlapeng, le pheleu e tsoang mohlapeng oa likhutšoane, tse phethahetseng. 26 Ba tla koahela libe+ ka matsatsi a supileng bakeng sa aletare, ’me ba tla e hloekisa le ho e hloma. 27 Ba tla phetha matsatsi. Ka letsatsi la borobeli+ le ho tloha nakong eo ho ea pele baprista ba tla etsa linyehelo tsa lōna tse feletseng tsa secheso holim ’a aletare le mahlabelo a lōna a kopanetsoeng; ’me ka sebele ke tla khahlisoa ke lōna,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
44 A nkhutlisa ka tsela ea heke ea sehalalelo, e ka ntle e shebileng ka bochabela,+ ’me e ne e koetsoe.+ 2 Joale Jehova a re ho ’na: “Ha e le heke ena, e tla lula e koetsoe. E ke ke ea buloa, ’me ha ho motho ea tla kena ka eona; etsoe Jehova, Molimo oa Iseraele,+ o kene ka eona, ’me e tla lula e koetsoe. 3 Leha ho le joalo, morenana+—e le morenana o tla lula ho eona, e le hore a je bohobe ka pel’a Jehova.+ O tla kena ka tsela ea mathule a heke, ’me o tla tsoa ka eona.”+
4 Joale a ntlisa ka tsela ea heke e ka leboea ho tla ka pel’a Ntlo, e le hore ke bone, ’me, bonang! khanya ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Jehova.+ Ka qala ho itihela fatše ka sefahleho.+ 5 Joale Jehova a re ho ’na: “Mor’a motho, beha pelo+ ’me u bone ka mahlo, ’me u utloe ka litsebe sohle seo ke u bolellang sona mabapi le litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng tsa ntlo ea Jehova le mabapi le melao eohle ea eona, ’me u behe pelo ea hao tseleng e kenang ea Ntlo ka menyako eohle ea ho tsoa ea sehalalelo. 6 U tla re ho Borabele,+ ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ho lekane ka lōna ka lebaka la lintho tsohle tsa lōna tse manyala, Lōna ba ntlo ea Iseraele,+ 7 ha le tlisa basele ba sa bollang lipelong le ba sa bollang nameng,+ e le hore ba tle sehalalelong sa ka hore ba se silafatse, e leng ntlo ea ka; ha le hlahisa bohobe ba ka,+ mafura+ le mali,+ ha ba ntse ba tlōla selekane sa ka ka lebaka la lintho tsohle tsa lōna tse manyala.+ 8 Ha lea hlokomela mosebetsi oa lintho tsa ka tse halalelang,+ leha e le hore le tla ipehela ba bang e le ba hlokomelang mosebetsi oa ka ka sehalalelong sa ka.”’+
9 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ho osele, ea sa bollang pelong le ea sa bollang nameng, ea ka kenang ka sehalalelong sa ka, ke hore, motho leha e le ofe osele ea har’a bara ba Iseraele.”’+
10 “‘Empa ha e le Balevi ba ileng ba suthela hōle le ’na+ ha Baiseraele, ba ileng ba hlahlathela hōle le ’na, ba ne ba hlahlathela ka mor’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang, ba boetse ba tla jara liphoso tsa bona.+ 11 E tla ba basebeletsi ka sehalalelong sa ka mesebetsing ea bolebeli lihekeng tsa Ntlo le basebeletsi Ntlong.+ Ba tla hlaba nyehelo e feletseng ea secheso le sehlabelo bakeng sa sechaba,+ ’me ba tla ema ka pel’a bona ho ba sebeletsa.+ 12 Ka lebaka la hore ba ile ba tsoela pele ho ba sebeletsa ka pel’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang+ ’me ba fetoha khopiso ea phoso ho ba ntlo ea Iseraele,+ ke ka lebaka leo ke phahamisitseng letsoho la ka khahlanong le bona,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘’me ba tla jara liphoso tsa bona. 13 Ba ke ke ba nkatamela ho sebeletsa e le baprista ho ’na kapa ho atamela linthong leha e le life tsa ka tse halalelang, linthong tse halalelang ka ho fetisisa,+ ’me ba tla jara ho tlotloloha ha bona le lintho tsa bona tse manyala tseo ba li entseng.+ 14 Ka sebele ke tla ba etsa bahlokomeli ba mosebetsi oa Ntlo, mabapi le tšebeletso eohle ea eona le mabapi le sohle se lokelang ho etsoa ho eona.’+
15 “‘Ha e le baprista ba Balevi,+ bara ba Tsadoke,+ ba ileng ba hlokomela mosebetsi oa sehalalelo sa ka ha bara ba Iseraele ba ne ba hlahlathetse hōle le ’na,+ ba tla nkatamela hore ba ntšebeletse, ’me ba tla ema ka pel’a ka+ hore ba hlahise mafura+ le mali ho ’na,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 16 ‘Ke bona ba tla kena ka sehalalelong sa ka,+ ’me ba tla atamela tafoleng ea ka hore ba ntšebeletse,+ ’me ba tla hlokomela mosebetsi oa ka.+
17 “‘Ha ba kena lihekeng tsa lebala le ka hare, ba lokela ho apara liaparo tsa line, ’me ba se ke ba apara boea ha ba sebeletsa ka hare le lihekeng tsa lebala le ka hare.+ 18 Lihloohong ba lokela ho roala ntho e roaloang ea line,+ ’me ba lokela ho itlama ka maqapa lethekeng.+ Ha baa lokela ho itlama ka se bakang mofufutso. 19 Ha ba tsoela lebaleng le ka ntle, esita le lebaleng le ka ntle la sechaba, ba lokela ho hlobola liaparo tsa bona tseo ba neng ba sebeletsa ka tsona,+ ’me ba tla li beha ka likamoreng tsa ho jela tse halalelang+ ’me ba apare liaparo tse ling, e le hore ba se ke ba halaletsa sechaba ka liaparo tsa bona.+ 20 Ha baa lokela ho beola lihlooho,+ ’me ba se ke ba lepeletsa moriri oa lihlooho tsa bona. Ruri ba lokela ho kuta moriri oa lihlooho tsa bona.+ 21 Baprista leha e le bafe ha baa lokela ho noa veine ha ba kena ka lebaleng le ka hare.+ 22 Ha baa lokela ho inkela mohlolohali kapa mosali ea hlaliloeng hore e be basali ba bona,+ empa ba ka nka baroetsana ba bana ba ntlo ea Iseraele+ kapa mohlolohali eo e leng mohlolohali oa moprista.’
23 “‘Ba lokela ho rupela sechaba sa ka ka phapang pakeng tsa ntho e halalelang le ntho e silafetseng; ’me ba se tsebise phapang pakeng tsa se sa hloekang le se hloekileng.+ 24 Ba lokela ho ema nyeoeng e le hore ba ahlole;+ hape ba tla se ahlola ka liqeto tsa ka tsa boahloli.+ Ba lokela ho boloka melao ea ka le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng mabapi le linako tsohle tsa ka tsa mokete,+ ’me ba lokela ho halaletsa lisabatha tsa ka.+ 25 Ha aa lokela ho kena ho motho ea shoeleng oa moloko oa batho e le hore a se ke a silafala, empa ba ka itšilafatsa ka ntate kapa ka ’mè kapa ka mora kapa ka morali kapa ka mor’abo bona kapa ka khaitseli ea bona e se nang monna.+ 26 Ka mor’a tlhoekiso ea hae, ba lokela ho mo balla matsatsi a supileng.+ 27 Ka letsatsi leo a kenang ka sebakeng se halalelang ka lona, ka lebaleng le ka hare, ho sebeletsa ka sebakeng se halalelang, o lokela ho hlahisa nyehelo ea hae ea sebe,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
28 “‘E tla ba lefa la bona: Ke ’na lefa la bona.+ Ha lea lokela ho ba fa letlotlo Iseraele: Ke ’na letlotlo la bona. 29 Nyehelo ea lijo-thollo le nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato—ke bona ba tla li ja.+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nehetsoeng Iseraele—e tla ba ea bona.+ 30 Tsa pele litholoaneng tsohle tsa pele tse butsoitseng tsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe le monehelo o mong le o mong oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang menehelong eohle ea lōna—e tla ba tsa baprista;+ ’me litholoana tsa pele tsa lithollo tsa lōna tse haitsoeng le lokela ho li fa moprista,+ e le ho etsa hore tlhohonolofatso e lule holim ’a ntlo ea lōna.+ 31 Baprista ha baa lokela ho ja ntho e seng e shoele le sebōpuoa se rusolotsoeng sa libōpuoa tse fofang kapa sa liphoofolo.’+
45 “‘Ha le arola naha e le lefa,+ le lokela ho etsa monehelo ho Jehova,+ karolo e halalelang ea naha;+ ha e le bolelele, e be bolelele ba litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me ha e le bophara, e be tse likete tse leshome.+ E tla ba karolo e halalelang meeling eohle ea oona ka hohle. 2 Ho sena, ho tla ba le tse makholo a mahlano ka tse makholo a mahlano bakeng sa sebaka se halalelang, e be mahlakore a mane a lekanang ka hohle;+ ’me ka lehlakoreng ka leng se tla ba le lekhulo la litsoe tse mashome a mahlano.+ 3 Tekanyong ena u lokela ho lekanya bolelele ba likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano le bophara ba likete tse leshome, ’me ho eona ho tla ba le sehalalelo, ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 4 E tla ba karolo e halalelang ea naha bakeng sa baprista,+ basebeletsi ba sehalalelo, ba atamelang ho sebeletsa Jehova.+ E tla ba sebaka sa matlo bakeng sa bona, le sebaka se halalelang bakeng sa sehalalelo.
5 “‘Bolelele e tla ba likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ’me bophara e be likete tse leshome.+ E tla ba sa Balevi, basebeletsi ba Ntlo. Ba tla ba le likamore tsa ho jela tse mashome a mabeli e le letlotlo.+
6 “‘Le tla fana ka bophara ba likete tse hlano le bolelele ba likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano e le letlotlo la motse, hantle feela joaloka monehelo o halalelang.+ E tla ba oa ntlo eohle ea Iseraele.
7 “‘Bakeng sa morenana ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane la monehelo o halalelang+ le motse o ruiloeng, ka thōko ho monehelo o halalelang le ka thōko ho motse o ruiloeng, ho tla ba le ho hong ka lehlakoreng le ka bophirimela le ho hong ka nģ’a bophirimela le ho hong ka lehlakoreng le ka bochabela ka nģ’a bochabela. Bolelele bo tla ba hantle feela joaloka e ’ngoe ea likarolo, ho tloha moeling o ka bophirimela ho isa moeling o ka bochabela.+ 8 Ha e le naha, e tla ba letlotlo la hae Iseraele. Marenana a ka ha a sa tla hlola a tšoara sechaba sa ka hampe,+ ’me a tla fa ba ntlo ea Iseraele naha ho ea ka meloko ea bona.’+
9 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho lekane ka lōna, marenana a Iseraele!’+
“‘Tlosang pefo le tlatlapo,+ ’me le etse toka le ho loka.+ Tlosang ho tlatlapa ha lōna ho sechaba sa ka,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 10 ‘Le lokela ho ba le sekala se nepahetseng le efa e nepahetseng le tekanyo ea bate e nepahetseng.+ 11 Mabapi le efa le tekanyo ea bate, ho lokela ho ba le tekanyo e le ’ngoe e tobileng, hore bate e tšele karolo ea leshome ea homere ’me karolo ea leshome ea homere e tšele efa;+ tekanyo ea eona e batloang e lokela ho ba ea homere. 12 Shekele+ ke ligera tse mashome a mabeli.+ Lishekele tse mashome a mabeli, lishekele tse mashome a mabeli a metso e mehlano, lishekele tse leshome le metso e mehlano e lokela ho ba maneh ho lōna.’
13 “‘Ona ke monehelo oo le lokelang ho o etsa, karolo ea botšelela ea efa e tsoang homereng ea koro, le karolo ea botšelela ea efa e tsoang homereng ea harese; 14 ha e le kabelo ea oli, ho na le tekanyo ea bate ea oli. Bate ke karolo ea leshome ea kore. Libate tse leshome ke homere; kahobane libate tse leshome ke homere. 15 Nku e le ’ngoe mohlapeng, ho tse makholo a mabeli liphoofolong tse ruiloeng tsa Iseraele,+ bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo+ le bakeng sa nyehelo e feletseng ea secheso+ le bakeng sa mahlabelo a kopanetsoeng,+ hore ho koaheloe libe bakeng sa bona,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
16 “‘Ha e le batho bohle ba naha, ba tla ikarabella ka monehelo ona+ ho morenana oa Iseraele.+ 17 Linyehelo tse feletseng tsa secheso+ le nyehelo ea lijo-thollo+ le nyehelo ea seno+ li tla ba matleng a morenana+ nakong ea mekete+ le nakong ea likhoeli tse thoasitseng+ le nakong ea lisabatha,+ linakong tsohle tsa mekete ea ntlo ea Iseraele.+ Ke eena ea tla fana ka nyehelo ea sebe le nyehelo ea lijo-thollo le nyehelo e feletseng ea secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, e le hore a koahele libe bakeng sa ntlo ea Iseraele.’
18 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Khoeling ea pele, ka letsatsi la pele la khoeli, u lokela ho nka pohoana, e tona mohlapeng, e phetseng hantle,+ ’me u tla hloekisa sehalalelo sebeng.+ 19 Moprista o tla nka mali a mang a nyehelo ea sebe ’me a a tšele holim ’a kosene ea monyako+ oa Ntlo le holim ’a likhutlo tse ’nè tsa mopopotlo o potolohileng oa aletare+ le holim ’a kosene ea monyako oa heke ea lebala le ka hare. 20 Ke kamoo u tla etsa kateng ka letsatsi la bosupa la khoeli ka lebaka la monna leha e le ofe ea etsang phoso+ le ka lebaka la motho leha e le ofe ea se nang phihlelo; ’me le koahele libe tsa Ntlo.+
21 “‘Ka khoeli ea pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la khoeli, le lokela ho ba le paseka.+ E le mokete oa matsatsi a supileng ho lokela hore ho jeoe mahobe a sa lomosoang.+ 22 Letsatsing leo, morenana o tla fana ka pohoana e le nyehelo ea sebe, bakeng sa hae le bakeng sa batho bohle ba naha.+ 23 Ka matsatsi a supileng a mokete+ o lokela ho fana ka lipohoana tse supileng le lipheleu tse supileng, tse phetseng hantle, e le nyehelo e feletseng ea secheso ea Jehova letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a supileng,+ le phooko letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ea sebe.+ 24 E le nyehelo ea lijo-thollo o lokela ho fana ka efa bakeng sa pohoana le efa bakeng sa pheleu, ’me, ha e le ka oli, a fane ka hine ea efa.+
25 “‘Ka khoeli ea bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli, nakong ea mokete,+ o lokela ho fana ka tse tšoanang le tsena bakeng sa matsatsi a supileng,+ ka ho tšoanang le nyehelo, le nyehelo e feletseng ea secheso, le nyehelo ea lijo-thollo le oli.’”
46 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ha e le heke ea lebala le ka hare e shebileng bochabela,+ e lokela ho tsoela pele e koetsoe+ ka matsatsi a tšeletseng a mosebetsi,+ ’me ka letsatsi la sabatha e lokela ho buloa, ’me ha khoeli e thoasitse e lokela ho buloa.+ 2 Morenana o tla kena ka tsela ea mathule a heke,+ a tsoa ka ntle, a eme haufi le kosene ea monyako oa heke;+ ’me baprista ba tla fana ka nyehelo ea hae e feletseng ea secheso le mahlabelo a hae a kopanetsoeng, ’me o tla inama monyako oa heke,+ a tsoe, empa heke ha ea lokela ho koaloa ho fihlela ka shoalane. 3 Batho ba naha ba tla inama monyakong oa heke eo ka lisabatha le ha likhoeli li thoasa, ka pel’a Jehova.+
4 “‘Nyehelo e feletseng ea secheso eo morenana a lokelang ho e hlahisa ho Jehova ka letsatsi la sabatha e lokela ho ba ea likonyana tse tona tse tšeletseng tse phetseng hantle le pheleu e phetseng hantle;+ 5 ’me e le nyehelo ea lijo-thollo, efa bakeng sa pheleu,+ ’me bakeng sa likonyana tse tona nyehelo ea lijo-thollo ho ea ka seo a ka khonang ho fana ka sona,+ ’me, ha e le oli, hine ea efa.+ 6 Ka letsatsi la khoeli e thoasitseng+ ho lokela hore ho be le pohoana, e tona mohlapeng, e phetseng hantle, le likonyana tse tšeletseng tse tona le pheleu; e lokela ho ba tse phetseng hantle.+ 7 O lokela ho fana ka efa bakeng sa pohoana le efa bakeng sa pheleu e le nyehelo ea lijo-thollo, le bakeng sa likonyana tse tona ho ea ka seo a ka se khonang; ’me, ha e le oli, hine ea efa.+
8 “‘Ha morenana+ a kena, o lokela ho kena ka tsela ea mathule a heke, ’me o lokela ho tsoa ka eona.+ 9 Ha batho ba naha ba tla ka pel’a Jehova linakong tsa mokete,+ ea kenang ka tsela ea heke e ka leboea+ hore a tl’o inama o lokela ho tsoa ka tsela ea heke e ka boroa;+ ’me ea kenang ka tsela ea heke e ka boroa o lokela ho tsoa ka tsela ea heke e ka leboea. Ha ho ea lokelang ho khutla ka tsela ea heke eo a keneng ka eona, kaha o lokela ho tsoa ka e ka pel’a hae ka ho toba. 10 Ha e le morenana ea leng har’a bona, ha ba kena, o lokela ho kena; ’me ha ba tsoa, o lokela ho tsoa.+ 11 Meketeng+ le linakong tsa mokete nyehelo ea lijo-thollo e lokela ho ba efa bakeng sa pohoana le efa bakeng sa pheleu, le bakeng sa likonyana tse tona ho ea ka seo a ka khonang ho fana ka sona; ’me, ha e le oli, hine ea efa.+
12 “‘Haeba morenana a ka fana ka nyehelo e feletseng ea secheso e le nyehelo ea boithaopo,+ kapa mahlabelo a kopanetsoeng e le nyehelo ea boithaopo ho Jehova, motho o tla mo bulela heke e shebileng bochabela,+ ’me o tla fana ka nyehelo ea hae e feletseng ea secheso le mahlabelo a hae a kopanetsoeng feela joalokaha a etsa ka letsatsi la sabatha.+ O tla tsoa, ’me motho o tla koala heke ka mor’a hore a tsoe.+
13 “‘U lokela ho fana ka konyana e tona e phetseng hantle, e leng selemong sa eona sa pele, e le nyehelo e feletseng ea secheso ea kamehla ho Jehova.+ U lokela ho fana ka eona hoseng ho hong le ho hong. 14 E le nyehelo ea lijo-thollo hammoho le eona u lokela ho fana ka karolo ea botšelela ea efa hoseng ho hong le ho hong ’me, ha e le oli, u fane ka karolo ea boraro ea hine bakeng sa ho fafatsa phofo e thumisehileng.+ Nyehelo ea lijo-thollo ea Jehova ke taelo e hlomamisitsoeng e hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, kamehla. 15 Ba tla fana ka konyana e tona le nyehelo ea lijo-thollo le oli hoseng ho hong le ho hong e le nyehelo e feletseng ea secheso ea kamehla.’
16 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Haeba morenana a ka fa e mong le e mong oa bara ba hae mpho e le lefa la hae, e tla ba thepa ea bara ba hae. Ke letlotlo la bona ka lefa. 17 Haeba a ka fa e mong oa bahlanka ba hae mpho lefeng la hae, le eona e tla ba ea hae ho fihlela ka selemo sa tokoloho;+ ’me e tla khutlela ho morenana. Ke lefa la hae feela—mabapi le bara ba hae—le lokelang ho lula e le la bona. 18 Morenana ha aa lokela ho nka lefa leha e le lefe la sechaba e le hore a se qobelle ho tloha letlotlong la sona.+ O lokela ho fa bara ba hae lefa ho tsoa letlotlong la hae, e le hore sechaba sa ka se se ke sa hasanngoa e mong le e mong ho tloha letlotlong la hae.’”+
19 A ntlisa ka tsela e kenang+ e neng e le ka lehlakoreng la heke ho ea likamoreng tsa ho jela tse halalelang, tsa baprista, tse neng li shebile ka leboea,+ ’me, bonang! ho ne ho e-na le sebaka moo ka mahlakoreng ka bobeli a ka morao ka bophirimela. 20 A re ho ’na: “Sena ke sebaka seo baprista ba tla phehela nyehelo ea molato+ le nyehelo ea sebe+ ho sona, le moo ba tla apeha nyehelo ea lijo-thollo teng,+ e le hore ho se ke ha e-ba le letho le isoang lebaleng le ka ntle bakeng sa ho halaletsa sechaba.”+
21 A ntlisa lebaleng le ka ntle ’me a mphetisa lipalong tse ’nè tse hukung ea lebala, ’me, bonang! ho ne ho e-na le lebala palong ena e hukung ea lebala, lebala palong eane e hukung ea lebala. 22 Lipalong tse ’nè tse hukung tsa lebala ho ne ho e-na le mabala a manyenyane, a le bolelele ba litsoe tse mashome a mane le bophara ba litsoe tse mashome a mararo. Ka bone ba ’ona hammoho le mehaho e sekhutlong a ne a e-na le litekanyo tse lekanang. 23 Ho ne ho e-na le mokoloko ho a pota-pota, ho a pota-pota ka bone ba ’ona, ’me ho ne ho entsoe libaka tseo ho pheheloang ho tsona+ ka tlas’a mekoloko e a pota-potileng ka hohle. 24 Joale a re ho ’na: “Ana ke matlo a ba phehang, moo basebeletsi ba Ntlo ba phehelang sehlabelo sa sechaba teng.”+
47 Butle-butle a nkhutlisetsa monyakong oa Ntlo,+ ’me, bonang! ho ne ho e-na le metsi+ a tsoang ka tlas’a monyako oa Ntlo ka nģ’a bochabela,+ kaha karolo e ka pele ea Ntlo e ne e le ka bochabela. Metsi a ne a theoha a tsoa ka tlaase, a tsoa ka letsohong le letona la Ntlo, ka boroa ho aletare.
2 Butle-butle a ntlisa ka tsela ea heke e ka leboea+ ’me a mpotisa ka tsela e ka ntle ho ea hekeng e ka ntle e shebileng ka nģ’a bochabela,+ ’me, bonang! metsi+ a ne a phalla ho tloha ka lehlakoreng le ka letsohong le letona.
3 Ha monna eo a ea ka nģ’a bochabela a nkile khoele ea ho lekanya letsohong,+ a boela a lekanya litsoe tse sekete ’me a mphetisa metsing, metsing a fihlang maqaqailaneng.
4 A tsoela pele ho lekanya sekete a ntan’o mphetisa metsing, metsing a fihlang mangoleng.
A tsoela ho lekanya sekete a ntan’o mphetisa—metsi a fihla lethekeng.
5 A tsoela pele ho lekanya sekete. E ne e le molapo o phoroselang oo ke neng ke sa khone ho o tšela, kaha metsi a ne a fihla holimo, metsi a lumellang ho sesa, molapo o phoroselang o neng o ke ke oa tšeloa.
6 A re ho ’na: “Na u bone see, Uena mor’a motho?”
Joale a ntsamaisa le ho nkhutlisetsa lebōpong la molapo o phoroselang. 7 Ha ke khutlile, bonang! ho ne ho e-na le lifate tse ngata haholo lebōpong la molapo o phoroselang, ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane.+ 8 A tsoela pele ho re ho ’na: “Metsi ana a ea sebakeng se ka bochabela ’me a tla theohela Araba.+ A tla fihla leoatleng.+ Kaha a tlisitsoe leoatleng,+ metsi a lona le ’ona aa folisoa. 9 Moea o mong le o mong o phelang o nyekenyehang,+ sebakeng se seng le se seng seo molapo o phoroselang o iphetang habeli ka boholo o fihlang ho sona, o tla fumana bophelo. Ho tla ba le litlhapi tse ngata haholo, hobane ke moo metsi ana ka sebele a fihlang teng, ’me metsi a leoatle a tla folisoa,+ ’me moo molapo o phoroselang o fihlang teng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla phela.
10 “Batšoasi ba litlhapi ba tla ema haufi le oona ho tloha Ene-gedi+ ho fihlela Ene-eglaime. Ho tla ba le sebaka seo ho omisetsoang matlooa a huloang ho sona. Ho tla ba le litlhapi ka mefuta ea tsona, joaloka litlhapi tsa Leoatle le Leholo,+ tse ngata haholo.
11 “Ho na le libaka tsa oona tse qhafu-qhafu le mekhoabo ea oona, ’me li ke ke tsa folisoa.+ Ka sebele li tla nehelloa letsoai.+
12 “Haufi le molapo o phoroselang, haufi le lebōpo la oona le ka lehlakoreng lena le le ka lehlakoreng lane, ho tla hlaha lifate tsa mefuta eohle bakeng sa lijo.+ Makhasi a tsona a ke ke a pona,+ kapa litholoana tsa tsona li fele.+ Likhoeling tsa tsona li tla beha litholoana tse ncha, hobane metsi a tsona—a tsoa sehalalelong.+ Litholoana tsa tsona e tla ba lijo ’me makhasi a tsona e be a ho folisa.”+
13 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Sena ke sebaka seo le tla ikabela sona hore e be lefa e le naha bakeng sa meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele, ’me Josefa a fumane likarolo tse peli tsa naha.+ 14 Le tla e rua, e mong le e mong ho tšoana le mor’abo, e leng naha eo ke phahamisitseng letsoho ka kano+ hore ke tla e fa baholo-holo ba lōna;+ ’me naha ena e tla oela ho lōna ka lotho e le lefa.+
15 “Ona ke moeli oa naha ho ea ka lehlakoreng le ka leboea, ho tloha Leoatleng le Leholo ka tsela ea Hethlone,+ ha motho a fihla Zedade,+ 16 Hamathe,+ Berotha,+ Siberaime, e pakeng tsa moeli oa Damaseka+ le moeli oa Hamathe; Hazere-hatikone, e ka nģ’a moeli oa Haurane.+ 17 Moeli o tlohang leoatleng o tla ba Hazare-enone,+ moeli oa Damaseka le leboea—ka nģ’a leboea, le moeli oa Hamathe.+ Lena ke lehlakore le ka leboea.
18 “Lehlakore le ka bochabela ke ho tloha pakeng tsa Haurane+ le Damaseka+ le pakeng tsa Gileade+ le naha ea Iseraele; Jordane,+ le lokela ho lekanya ho tloha moeling ho ea leoatleng le ka bochabela. Lena ke lehlakore le ka bochabela.
19 “Lehlakore le ka boroa le ka boroa, ho tloha Tamare+ ho ea metsing a Meribathe-kadeshe,+ phula ea molapo o phoroselang+ ho ea Leoatleng le Leholo. Lena ke lehlakore le ka boroa, nģ’a Negebe.
20 “Lehlakore le ka bophirimela ke Leoatle le Leholo, ho tloha moeling ho ea pele ka ho toba ho ea fihla moo ho kenoang teng Hamathe.+ Lena ke lehlakore le ka bophirimela.”
21 “Le tla ikarolela naha ena, ho meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele. 22 Le lokela ho e arola hore e be lefa la lōna+ le la bajaki ba lutseng e le bajaki har’a lōna,+ ba tsoetseng bara har’a lōna. Ho lōna ba tla ba joaloka matsoalloa har’a bara ba Iseraele. Ba tla oela hammoho le lōna ka lotho lefeng le har’a meloko ea Iseraele.+ 23 Molokong oo mojaki a lutseng le oona e le mojaki, ke moo le lokelang ho mo fa lefa la hae,” ho bolela ’Musi Morena Jehova.
48 “Ana ke mabitso a meloko. Ho tloha pheletsong e ka leboea, ka lehlakoreng ka tsela ea Hethlone+ ho ea moo ho kenoang teng Hamathe,+ Hazare-enane,+ moeli oa Damaseka ka nģ’a leboea, ka lehlakoreng la Hamathe; ’me e tla ba le moeli o ka bochabela le o ka bophirimela, karolo e le ’ngoe ea Dane.+ 2 Moeling oa Dane, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, Ashere+ e le ’ngoe. 3 Moeling oa Ashere, ho tloha moeling o ka bochabela le ho ea moeling o ka bophirimela, Nefthali+ e le ’ngoe. 4 Moeling oa Nefthali, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, Manase+ e le ’ngoe. 5 Moeling oa Manase, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, Efraime+ e le ’ngoe. 6 Moeling oa Efraime, ho tloha moeling o ka bochabela le ho ea moeling o ka bophirimela, Rubene+ e le ’ngoe. 7 Moeling oa Rubene, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, Juda+ e le ’ngoe. 8 Moeling oa Juda, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, monehelo oo le lokelang ho o nehela e lokela ho ba litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ka bophara,+ ’me bolelele e be ho ea ka e ’ngoe ea likarolo ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela. Sehalalelo se tla ba har’a oona.+
9 “Mabapi le monehelo oo le lokelang ho o nehela ho Jehova, bolelele e tla ba litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ’me bophara e be likete tse leshome. 10 Mabapi le tsona ho lokela ho ba le monehelo o halalelang bakeng sa baprista,+ ka leboea e be litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me ka bophirimela e be bophara ba tse likete tse leshome, ’me ka bophirimela e be bophara ba tse likete tse leshome, ’me ka boroa e be bolelele ba tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano. Sehalalelo sa Jehova se tla ba har’a oona.+ 11 E tla ba oa baprista, ba halalelitsoeng ho bara ba Tsadoke,+ ba ileng ba hlokomela mosebetsi oa ka, ba sa kang ba hlahlathela ha bara ba Iseraele ba ne ba hlahlathetse, feela joalokaha Balevi ba ile ba hlahlathela.+ 12 Ba tla ba le monehelo o tsoang monehelong oa naha e le ntho e halalelang ka ho fetisisa, moeling oa Balevi.+
13 “Haufi le sebaka sa baprista, Balevi ba lokela ho ba+ le bolelele ba litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano, ’me bophara e be likete tse leshome; bolelele kaofela e be likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ’me bophara e be likete tse leshome.+ 14 Ha baa lokela ho rekisa leha e le efe ea eona, leha e le hore motho o lokela ho etsa phapanyetsano, kapa motho a etse hore karolo e ntle ka ho fetisisa ea naha e tlohe ho bona; etsoe ke ntho e halalelang ho Jehova.+
15 “Ha e le bophara ba litsoe tse likete tse hlano tse setseng haufi le tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano, ke ntho e silafetseng bakeng sa motse,+ bakeng sa sebaka sa bolulo le bakeng sa lekhulo. Motse o tla ba har’a eona.+ 16 Tsena ke litekanyo tsa motse: moeli o ka leboea ke litsoe tse likete tse ’nè le makholo a mahlano, ’me moeli o ka boroa ke likete tse ’nè le makholo a mahlano, ’me moeli o ka bochabela ke likete tse ’nè le makholo a mahlano, ’me moeli o ka bophirimela ke likete tse ’nè le makholo a mahlano. 17 Motse o tla ba le lekhulo,+ ka leboea e be litsoe tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, ’me ka boroa e be tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, ’me ka bochabela e be tse makholo a mabeli le mashome a mahlano, ’me ka bophirimela e be tse makholo a mabeli le mashome a mahlano.
18 “Bolelele ba se setseng bo tla lekana hantle feela le monehelo o halalelang,+ litsoe tse likete tse leshome ka bochabela, le tse likete tse leshome ka bophirimela; ’me se tla lekana hantle feela le monehelo o halalelang, ’me lihlahisoa tsa sona e tla ba tsa bohobe bakeng sa ba sebeletsang motse.+ 19 Ba sebeletsang motse melokong eohle ea Iseraele ba tla se lema.+
20 “Monehelo oohle ke litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ka tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano. Le lokela ho nehela karolo e nang le mahlakore a mane a lekanang e le monehelo o halalelang hammoho le motse o ruiloeng.
21 “Se setseng e tla ba sa morenana,+ ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane la monehelo o halalelang le oa motse o ruiloeng,+ haufi le litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano tsa monehelo ho ea moeling o ka bochabela; le ka bophirimela haufi le litsoe tse likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano moeling o ka bophirimela.+ Se tla ba hantle feela joaloka likabelo, bakeng sa morenana. Monehelo o halalelang le sehalalelo sa Ntlo li tla ba har’a sona.
22 “Ha e le se ruiloeng ke Balevi le motse o ruiloeng, se lokela ho ba pakeng tsa seo e leng sa morenana. Se pakeng tsa moeli oa Juda+ le moeli oa Benjamine e tla ba sa morenana.
23 “Ha e le meloko e meng kaofela, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, karolo e le ’ngoe ke ea Benjamine.+ 24 Moeling oa Benjamine, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, e le ’ngoe ke ea Simeone.+ 25 Moeling oa Simeone, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, e le ’ngoe ke ea Isakare.+ 26 Moeling oa Isakare, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, e le ’ngoe ke ea Zabulone.+ 27 Moeling oa Zabulone, ho tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, e le ’ngoe ke ea Gade.+ 28 Moeling oa Gade, ho ea moeling o ka boroa, o tla ba ka ’nģ’a boroa; ’me moeli o tla tloha Tamare+ ho ea fihla metsing a Meribathe-kadeshe,+ ho ea phuleng ea molapo o phoroselang,+ ho ea fihla Leoatleng le Leholo.+
29 “Ena e tla ba naha eo le tla etsa hore e oele melokong ea Iseraele ka lotho e le lefa,+ ’me tsena e tla ba likarolo tsa bona,”+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
30 “Tsena e tla ba likhoro tsa motse: Moeling o ka leboea, tekanyo e tla ba litsoe tse likete tse ’nè le makholo a mahlano.+
31 “Liheke tsa motse li tla ba ho ea ka mabitso a meloko ea Iseraele, liheke tse tharo li le ka leboea, heke ea Rubene, e be ’ngoe; heke ea Juda, e be ’ngoe; heke ea Levi, e be ’ngoe.
32 “Moeling o ka bochabela e tla ba litsoe tse likete tse ’nè le makholo a mahlano, le liheke tse tharo, esita le heke ea Josefa, e le ’ngoe; heke ea Benjamine, e be ’ngoe; heke ea Dane, e be ’ngoe.
33 “Moeli o ka boroa e tla ba litsoe tse likete tse ’nè le makholo a mahlano, ka liheke tse tharo, heke ea Simeone, e be ’ngoe; heke ea Isakare, e be ’ngoe; heke ea Zabulone, e be ’ngoe.
34 “Moeli o ka bophirimela e tla ba litsoe tse likete tse ’nè le makholo a mahlano, ho be le liheke tse tharo, heke ea Gade, e be ’ngoe; heke ea Ashere, e be ’ngoe; heke ea Nefthali, e be ’ngoe.
35 “Ho tla ba le litsoe tse likete tse leshome le metso e robeli ka hohle; ’me lebitso la motse ho tloha letsatsing leo ho ea pele e tla ba Jehova o Teng Moo.”+