Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Jeremia 1:1-52:34
  • Jeremia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jeremia
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Jeremia

Jeremia

1 Mantsoe a Jeremia+ mora oa Hilkia, e mong oa baprista ba neng ba le Anathothe+ naheng ea Benjamine;+ 2 eo lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho eena matsatsing a Josiase+ mora oa Amone,+ morena oa Juda, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa ho busa ha hae.+ 3 La ’na la hlaha matsatsing a Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ho fihlela qetellong ea selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ho fihlela Jerusalema e e-ea kholehong ka khoeli ea bohlano.+

4 Lentsoe la Jehova la qala ho hlaha ho ’na, la re: 5 “Ke u tsebile+ pele ke u etsa ka mpeng,+ ’me ka u halaletsa pele u tsoa ka pōpelong.+ Ka u etsa moprofeta ho lichaba.”

6 Empa ka re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! ha ke tsebe ho bua,+ etsoe ke sa le moshanyana.”+

7 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “U se ke ua re, ‘Ke sa le moshanyana.’ Empa u lokela ho ea ho bohle bao ke tla u romela ho bona; ’me u lokela ho bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke tla u laela eona.+ 8 U se ke ua tšosoa ke lifahleho tsa bona,+ etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla,’+ ho bolela Jehova.”

9 Eaba Jehova o otlolla letsoho ’me o etsa hore le ame molomo oa ka.+ Joale Jehova a re ho ’na: “Bona! ke kentse mantsoe a ka molomong oa hao.+ 10 Bona, letsatsing lena ke u behile hore u okamele lichaba le mebuso,+ e le hore u fothole le ho heletsa le ho timetsa le ho qhaqha,+ ho haha le ho hloma.”+

11 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: “Jeremia, u bona’ng?”

Kahoo ka re: “Ke bona lehlōmela la sefate sa almonde.”

12 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “U bone hantle, etsoe ke lula ke falimehile malebana le lentsoe la ka e le hore ke le phethe.”+

13 Lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na ka lekhetlo la bobeli, la re: “U bona’ng?”

Kahoo ka re: “Ke bona pitsa e molomo o moholo e beselelitsoeng, ’me molomo oa eona o furaletse leboea.”

14 Eaba Jehova o re ho ’na: “Tlokotsi e tla lokolloa leboea khahlanong le baahi bohle ba naha.+ 15 Etsoe ‘bona! ke bitsa malapa ’ohle a mebuso ea leboea,’ ho bolela Jehova;+ ‘ka sebele a tla tla ’me a behe e mong le e mong terone ea hae monyako oa liheke tsa Jerusalema,+ khahlanong le marako ’ohle a eona a e pota-potileng le khahlanong le metse eohle ea Juda.+ 16 Ke tla bua le ’ona ka likahlolo tsa ka ka lebaka la bobe bohle ba ’ona,+ kahobane a ntlohetse+ ’me a ntse a etsetsa melimo e meng mosi oa sehlabelo+ ’me a inamela mesebetsi ea matsoho a ’ona.’+

17 “Ha e le uena, u lokela ho itlama letheka,+ u eme ’me u a bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laelang eona. U se ke ua tšosoa ke ’ona,+ e le hore ke se ke ka u tšosa ka pel’a ’ona. 18 Empa ha e le ’na, bona! kajeno ke u entse motse o etselitsoeng qhobosheane le tšiea ea tšepe le marako a koporo+ khahlanong le naha eohle,+ ho marena a Juda, ho likhosana tsa eona, ho baprista ba eona le ho batho ba naha.+ 19 Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla,+ etsoe ‘ke na le uena+ ho u lopolla,’+ ho bolela Jehova.”

2 Lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na,+ la re: 2 “E-ea, ’me u hoeletse moo Jerusalema e ntseng e utloa, u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng:+ “Ke hopola hantle mosa o lerato oa bocha ba hao,+ lerato nakong ea ha u lebelelitsoe bakeng sa lenyalo,+ ho ntatela ha hao lefeelleng, naheng e sa jaloang peō.+ 3 Iseraele e ne e le ntho e halalelang ho Jehova,+ sehlahisoa sa pele ho Eena.”’+ ‘Batho leha e le bafe ba e timetsang ba ne ba tla iketsa ba molato.+ Tlokotsi e ne e tla ba oela holimo,’ ho bolela Jehova.”+

4 Utloang lentsoe la Jehova, Lōna ba ntlo ea Jakobo,+ le lōna malapa ’ohle a ntlo ea Iseraele.+ 5 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bo-ntat’a lōna ba fumane eng ho ’na e hlokang toka,+ hoo ba leng hōle le ’na,+ ’me ba ’nileng ba latela litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ eaba ba fetoha ba se nang thuso?+ 6 Ha baa ka ba re, ‘Jehova o hokae, Ea re ntšang naheng ea Egepeta,+ Ea re tsamaisang lefeelleng, naheng ea thota ea lehoatata+ le e sekoti, naheng e hlokang metsi+ le ea moriti o lefifi,+ naheng eo ho seng motho ea kileng a feta ho eona le eo ho seng motho oa lefatše ea kileng a lula ho eona?’

7 “Qetellong ka le tlisa naheng ea serapa sa lifate tsa litholoana, hore le je litholoana tsa eona le lintho tsa eona tse ntle.+ Empa la kena ’me la silafatsa naha ea ka; la etsa lefa la ka ntho e manyala.+ 8 Baprista ha baa ka ba re, ‘Jehova o hokae?’+ Ba tšoarang molao ha baa ka ba ntseba;+ balisa ba ntšitetsoe,+ ’me le baprofeta ba profetile ka Baale,+ ’me ba latetse ba neng ba ke ke ba ba tlisetsa molemo.+

9 “‘Ka hona ke tla boela ke le loantše,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla loantša bara ba bara ba lōna.’+

10 “‘Empa fetelang libakeng tse lebōpong la leoatle tsa Kitime+ ’me le bone. E, romeletsang ho Kedare+ ’me le nahane ka ho khethehileng, ’me le bone hore na ebe ho kile ha etsahala ntho leha e le efe e tjena.+ 11 Na sechaba se fapanyetsane ka melimo,+ ka bao e seng melimo?+ Empa sechaba sa ka se fapantšitse khanya ea ka bakeng sa se ke keng sa tlisa molemo.+ 12 Shebang sena ka ho makala, Lōna maholimo; ’me le nyarohe haholo,’ ho bolela Jehova,+ 13 ‘hobane ho na le lintho tse peli tse mpe tseo sechaba sa ka se li entseng: Se ntlohetse,+ ’na mohloli oa metsi a phelang,+ e le hore se ichekele liliba, liliba tse phatlohileng, tse ke keng tsa boloka metsi.’

14 “‘Na Iseraele ke mohlanka,+ kapa lekhoba le tsoaletsoeng ntlong? Ke hobane’ng ha e fetohile e tlatlapuoeng? 15 Litaoana tse moetse lia e purumela;+ li ntšitse mantsoe a tsona.+ Li qalile ho etsa hore naha ea eona e be ntho e makalloang. Metse ea eona e chesitsoe, hoo ho se nang moahi.+ 16 Esita le bara ba Nofe+ le Takpanese + ba ’nile ba iphepa ka uena har’a hlooho.+ 17 Na see hase seo u ikentseng sona ka ho tlohela Jehova Molimo oa hao+ nakong ea ha a u tsamaisa tseleng?+ 18 Joale ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Egepeta+ e le hore u noe metsi a Shihore?+ Ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha ka tsela ea Assyria+ e le hore u noe metsi a Nōka? 19 Bobe ba hao bo lokela ho u khalemela,+ le liketso tsa hao tsa ho se tšepahale li lokela ho u khalemela.+ Joale, u tsebe, ’me u bone hore ho furalla ha hao Jehova Molimo oa hao ke ntho e mpe le e bohloko,+ ’me ho ntšaba ha hoa u fihlela,’+ ho bolela ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho.

20 “‘Etsoe ke khale ke robile joko ea hao likoto;+ ka khaola marapo a hao. Empa ua re: “Nke ke ka sebeletsa,” etsoe u ne u robala u thakhaletse+ leralleng le leng le le leng le phahameng le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ u ikentse letekatse.+ 21 Ha e le ’na, ke ne ke u hlomme hore u be sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu,+ kaofela ha sona e le peō ea ’nete. Kahoo u mphetohetse joang hore u be letlōbō le bolileng la sefate sesele sa morara?’+

22 “‘Empa le hoja u ka itlhatsoa ka alkali le ho inkela lokho e ngata,+ ka sebele phoso ea hao e ne e tla ba letheba ka pel’a ka,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 23 Ke joang u ka reng, ‘Ha kea itšilafatsa.+ Ha kea latela bo-Baale’?+ Bona tsela ea hao phuleng.+ Ela hloko seo u se entseng. Kamele e nyenyane e tšehali e lebelo e thalang litseleng tsa eona ka ntle ho morero; 24 qoaha+ e tloaetseng lefeella, eo ka lebaka la takatso ea moea oa eona, e fofonelang moea;+ nakong ea hore e tlōleloe, ke mang ea ka e khutlisang? Bohle ba e batlang ba ke ke ba ikhathatsa. Ba tla e fumana khoeling ea eona. 25 Thibela leoto la hao hore e se ke ea e-ba le sa roalang letho, le ’metso oa hao hore o se ke oa nyoroa.+ Empa u itse, ‘Ha ho na thuso!+ Che, empa ke qalile ho rata basele,+ ’me ke tla ba latela.’+

26 “Joaloka lihlong tsa lesholu ha le fumanoa, ka ho tšoanang ba ntlo ea Iseraele ba ikutloile ba hlajoa ke lihlong,+ bona, marena a bona, likhosana tsa bona le baprista ba bona le baprofeta ba bona.+ 27 Ba re ho sefate, ‘U Ntate,’+ ’me ba re ho lejoe, ‘U ntsoetse.’ Empa ba retelelitse likotlo ho ’na eseng lifahleho.+ Nakong ea tlokotsi ea bona ba tla re, ‘Ema ’me u re pholose!’+

28 “Empa melimo ea hao eo u iketselitseng eona e hokae?+ E ke e tsohe haeba e ka u pholosa nakong ea tlokotsi ea hao.+ Etsoe melimo ea hao e lekana le palo ea metse ea hao, Uena Juda.+

29 “‘Ke hobane’ng ha le ntse le ntoantša?+ Ke hobane’ng ha kaofela ha lōna, le ntšitetsoe?’+ ho bolela Jehova. 30 Bara ba lōna ke ba bolaetse lefeela.+ Ha ho taeo eo ba e nkileng.+ Sabole ea lōna e timelitse baprofeta ba lōna, joaloka tau e bakang tšenyo.+ 31 Lōna moloko, iponeleng lentsoe la Jehova.+

“Na ke fetohile lefeella ho Iseraele+ kapa naha ea lefifi le letšo-letšo? Ke hobane’ng ha sechaba sena sa ka, se itse, ‘Re ile ra solla. Ha re sa tla hlola re tla ho uena’?+ 32 Na moroetsana a ka lebala mekhabiso ea hae, monyaluoa a lebala linyepa tsa hae? Leha ho le joalo sechaba sa ka—se ntebetse ka matsatsi a se nang palo.+

33 “Ke hobane’ng ha uena, mosali, u ntlafatsa tsela ea hao e le hore u batle lerato? Ka hona u rutile litsela tsa hao lintho tse mpe.+ 34 Hape, liaparong tsa hao ho fumanoe maqaphaqapha a mali a meea+ ea mafutsana a hlokang molato.+ Ha kea a fumana ketsong ea ho thuha, empa a holim ’a tsena tsohle.+

35 “Empa u re, ‘Ke lutse ke hloka molato. Ruri bohale ba hae bo tlohile ho ’na.’+

“Bona! ke kena tsekong le uena ka lebaka la hore u re, ‘Ha kea etsa sebe.’+ 36 Ke hobane’ng ha u nka ho fetola tsela ea hao e le ntho eo e seng ea bohlokoa haholo?+ U tla hlajoa ke lihlong le ka Egepeta,+ feela joalokaha u ile ua hlajoa ke lihlong ka Assyria.+ 37 Le ka lebaka lena u tla tsamaea u itšoere hloohong,+ hobane Jehova o lahlile lintho tseo u kholisehileng ka tsona, ’me li ke ke tsa u atlehisa.”

3 Ho na le polelo e reng: “Haeba monna a ka re mosali oa hae a tsamaee ’me a tloha ho eena ’me ea e-ba oa monna e mong, na monna eo o lokela ho khutlela ho eena hape?”+

Na ka sebele naha eo ha ea silafatsoa?+

“U entse botekatse le metsoalle e mengata;+ ’me na u lokela ho khutlela ho ’na?”+ ho bolela Jehova. 2 “Phahamisetsa mahlo litseleng tse tsamauoang haholo ’me u bone.+ Ke hokae moo u sa kang ua beteloa teng?+ U ba luletse haufi le tsela, joaloka Moarabia lefeelleng;+ ’me u ntse u silafatsa naha ka liketso tsa hao tsa botekatse le ka bobe ba hao.+ 3 Kahoo lipula tsa melupe li thibetsoe,+ esita le pula ea selemo ha ea ’na.+ U na le phatla e tšoanang le ea mosali ea etsang botekatse. U hanne ho ikutloa u tlotlolohile.+ 4 Na ho tloha joale ho ea pele u hoelelitse ho ’na, ‘Ntate,+ u motsoalle ea tšepeloang makunutu oa bocha ba ka!+ 5 Na motho o lokela ho lula a halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa a lule a shebeletse ho hong ka ho sa feleng?’+ Bona! U buile, ’me ua tsoela pele ho etsa lintho tse mpe ’me ua hlōla.”+

6 Jehova a re ho ’na matsatsing a Morena Josiase:+ “‘Na u bone seo Iseraele e sa tšepahaleng e se entseng?+ E tsamaea holim ’a thaba e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng+ le ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ e le hore e ka etsa botekatse moo.+ 7 Ka mor’a hore e etse lintho tsena tsohle ke ile ka ’na ka re e lokela ho khutlela ho ’na, empa ha ea ka ea khutla;+ ’me Juda ea ’na ea talima morali’abo eona oa molotsana.+ 8 Ha ke bona hoo, ka lebaka la hore Iseraele e sa tšepahaleng e febile, ke ile ka re e tsamaee+ ’me ka e fa lengolo la ho e hlala ka ho feletseng,+ empa leha ho le joalo morali’abo eona Juda ea sebetsang ka bolotsana ha aa ka a tšoha, empa le eena a qala ho ea ’me a etsa botekatse.+ 9 Botekatse ba eona bo etsahetse ka lebaka la pono ea eona ea booatla, ’me ea ’na ea silafatsa naha+ ea feba le majoe le lifate;+ 10 ho sa tsotellehe sena sohle morali’abo eona oa molotsana Juda ha aa ka a khutlela ho ’na ka pelo eohle ea hae,+ haese ka bohata feela,’+ ho bolela Jehova.”

11 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Iseraele e sa tšepahaleng e pakile hore moea oa eona o lokile ho feta oa Juda e sebetsang ka bolotsana.+ 12 E-ea, ’me u phatlalatse mantsoe ana ka leboea+ u re:

“‘“Khutlang, Lōna Baiseraele ba koenehileng,” ho bolela Jehova.’+ ‘“Nke ke ka le sosobanyetsa sefahleho ka bohale,+ etsoe kea tšepahala,”+ ho bolela Jehova.’ ‘“Nke ke ka lula ke halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 13 Feela le ele hloko phoso ea lōna, etsoe le sitetsoe Jehova Molimo oa lōna.+ Le ile la tsoela pele ho hasanyetsa litsela tsa lōna ho basele+ ka tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ empa ha lea ka la mamela lentsoe la ka,” ho bolela Jehova.’”

14 “Khutlang, Lōna bara ba koenehileng,”+ ho bolela Jehova. “Etsoe ke fetohile monghali eo e leng monna oa lōna;+ ’me ke tla le nka, a le mong motseng le ba babeli lelapeng, ’me ke tla le tlisa Sione.+ 15 Ke tla le fa balisa ba tumellanong le pelo ea ka,+ ’me ka sebele ba tla le fepa tsebo le temohisiso.+ 16 Le tla ngatafala ’me ka sebele le behe litholoana naheng matsatsing ao,” ho bolela Jehova.+ “Ha ba sa tla hlola ba re, ‘Areka ea selekane sa Jehova!’+ leha e le hore e tla fihla pelong, kapa ba e hopole kapa ba e hloloheloe,+ ’me ha e sa tla hlola e etsoa. 17 Ka nako eo ba tla bitsa Jerusalema terone ea Jehova;+ ’me lichaba tsohle li tla phuthehela+ ho eona lebitsong la Jehova Jerusalema,+ ’me ha li sa tla hlola li latela manganga a lipelo tsa tsona tse mpe.”+

18 “Matsatsing ao ba ntlo ea Juda ba tla tsamaea haufi le ba ntlo ea Iseraele,+ ’me ba tla tsoa hammoho+ naheng ea leboea ba kene naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lōna e le lefa.+ 19 Ke itse, ‘Ke u behile har’a bara ’me ke u file naha e lakatsehang hakaakang,+ lefa la mokhabiso la mabotho a lichaba!’ Hape ke itse, ‘“Ntate!”+ Le tla hoeletsa ho ’na, ’me le ke ke la tlohela ho ntatela.’ 20 ‘Kannete joalokaha mosali ka bolotsana a tlohile ho motsoalle oa hae,+ ka ho tšoanang, Lōna ba ntlo ea Iseraele, le ntšebelitse ka bolotsana,’+ ho bolela Jehova.”

21 Ho utloahetse molumo litseleng tse tsamauoang haholo, sello, likōpo tse tiileng tsa bara ba Iseraele. Etsoe ba sothile litsela tsa bona;+ ba lebetse Jehova Molimo oa bona.+

22 “Khutlang, lōna bara ba koenehileng.+ Ke tla folisa boemo ba lōna ba bokoenehi.”+

“Ke rōna bana! Re tlile ho uena, etsoe Jehova, u Molimo oa rōna.+ 23 Kannete maralla hammoho le morusu o lithabeng+ ke bohata.+ Kannete poloko ea Iseraele e ho Jehova Molimo oa rōna.+ 24 Empa ntho e hlabisang lihlong+ e qetile ho sehla ha baholo-holo ba rōna ho tloha bocheng ba rōna, mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō, bara ba bona le barali ba bona. 25 Re robala ka lihlong tsa rōna,+ ’me ho tlotloloha ha rōna ho ntse ho re koahela;+ etsoe re sitetsoe Jehova Molimo oa rōna,+ rōna le bo-ntat’a rōna ho tloha bocheng ba rōna ho fihlela letsatsing lena,+ ’me ha rea mamela lentsoe la Jehova Molimo oa rōna.”+

4 “Haeba u ne u ka khutla, Uena Iseraele,” ho bolela Jehova, “u ka khutlela ho ’na.+ Haeba u tla tlosa lintho tsa hao tse nyonyehang ka lebaka la ka,+ joale u ke ke ua ba ’malehi. 2 Haeba ka sebele u tla hlapanya,+ ‘Ka Jehova ea phelang ka ’nete,+ ka toka le ka ho loka!’+ joale lichaba li tla itlhohonolofatsa ka eena, ’me li tla ithorisa ka eena.”+

3 Etsoe sena ke seo Jehova a se boleletseng banna ba Juda le Jerusalema: “Itemeleng thite, ’me le se ke la ’na la jala har’a meutloa.+ 4 Ipolotseng ho Jehova, ’me le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna,+ lōna banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo, ’me ka sebele ea tuka hoo ho seng ea ka e timang, ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”+

5 E boleleng Juda, le e phatlalatse le Jerusalema,+ ’me le e bue, le letse lenaka ho pholletsa le naha.+ Hoeletsang ka lentsoe le phahameng le re: “Bokanang, ’me re keneng metseng e etselitsoeng liqhobosheane.+ 6 Phahamisang pontšo ka nģ’a Sione. Etsang tokisetso bakeng sa tšireletso. Le se ke la ema.” Etsoe ke tlisa tlokotsi e tsoang leboea,+ le ho oa ho hoholo. 7 O tsoile joaloka tau moferong oa eona,+ ’me ea senyang lichaba o tsamaile;+ o tlohile sebakeng sa hae e le hore a etse naha ea hao ntho e makalloang. Metse ea hao e tla fetoha lithako hoo ho ke keng ha e-ba le moahi.+ 8 Ka lebaka lena itlameng ka lesela la mokotla.+ Ikotleng lifuba ’me le bokolle,+ hobane bohale bo tukang ba Jehova ha boa tloha ho rōna.+

9 “Letsatsing leo,” ho bolela Jehova, “pelo ea morena e tla timela,+ le lipelo tsa likhosana; ’me ka sebele baprista ba tla hlolloa, le baprofeta ba makale.”+

10 Ka re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Kannete u thetsitse sechaba sena+ le Jerusalema ka ho feletseng, ha u re, ‘Le tla ba le khotso,’+ ’me sabole e fihlile moeeng.”

11 Ka nako eo ho tla thoe ho sechaba sena le ho Jerusalema: “Ho na le moea o chesang oa litsela tse tsamauoang haholo lefeelleng+ tseleng e eang ho morali oa sechaba sa ka;+ hase oa ho olōsa, kapa oa ho hloekisa. 12 Moea o fokang ka matla o tsoa ho tsona o tla ho ’na. Joale le ’na ke tla ba bolella likahlolo.+ 13 Bonang! O tla nyoloha joaloka maru a pula, ’me likoloi tsa hae tsa ntoa li joaloka moea oa sefefo.+ Lipere tsa hae li lebelo ho feta lintsu.+ Ho malimabe rōna, hobane re tlatlapuoe! 14 Hlatsoa pelo ea hao hore e hloeke bobeng, Uena Jerusalema, e le hore u ka pholosoa.+ Menahano ea hao e fosahetseng e tla lula ka hare ho uena halelele hakae?+ 15 Etsoe lentsoe le bolela le le Dane+ ’me le phatlalatsa ntho e kotsi le le sebakeng se lithaba sa Efraime.+ 16 E, e boleleng lichabeng. E phatlalatseng khahlanong le Jerusalema.”

“Balebeli ba tsoa naheng e hōle,+ ’me ba tla hoeletsa ka mantsoe a bona khahlanong le metse ea Juda. 17 Ba khahlanong le eona ka mahlakoreng ’ohle joaloka balebeli ba naha e sabaletseng,+ kahobane e mphetohetse,”+ ho bolela Jehova. 18 “Tsela ea hao le mesebetsi ea hao—li tla busetsoa ho uena.+ Ena ke tlokotsi e holim ’a hao, etsoe e bohloko; hobane e fihlile pelong ea hao.”

19 Mala a ka, mala a ka! Ke utloa bohloko bo boholo marakong a pelo ea ka.+ Pelo ea ka e morusu ka hare ho ’na.+ Nke ke ka khutsa, etsoe moea oa ka o utloile molumo oa lenaka, mokhosi oa ntoa.+ 20 Ho hoelelitsoe ho oa holim ’a ho oa, etsoe naha eohle e tlatlapuoe.+ Litente tsa ka li tlatlapuoe ka tšohanyetso,+ masela a ka a tente a tlatlapuoe ka motsotsoana. 21 Ke tla ’ne ke bone pontšo halelele hakae, ke ’ne ke utloe molumo oa lenaka?+ 22 Etsoe sechaba sa ka ke maoatla.+ Ha sea nkela hloko.+ Ke bara ba seng bohlale; ’me ha ba na kutloisiso.+ Ba hlalefetse ho etsa bobe, empa ha ba na tsebo ea ho etsa se molemo.+

23 Ka talima naha, ’me, bonang! e ne e le feela ebile e le lefeella;+ ka talima maholimo, ’me leseli la ’ona le ne le se le le sieo.+ 24 Ka talima lithaba, ’me, bonang! li ne li reketla, le maralla kaofela a ne a sisinngoa.+ 25 Ka talima, ’me, bonang! ho ne ho se na motho oa lefatše, ’me libōpuoa tse fofang tsa maholimo li ne li balehile kaofela.+ 26 Ka talima, ’me, bonang! serapa sa lifate tsa litholoana e ne e le lefeella, le metse eohle ea sona e ne e qhaqhiloe kaofela.+ E ne e le ka lebaka la Jehova, ka lebaka la bohale ba hae bo tukang.

27 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Naha eohle e tla fetoha lesupi,+ ’me na nke ke ka phetha pheliso e feletseng?+ 28 Ka lebaka lena naha e tla siama,+ ’me ka sebele maholimo a holimo a tla fifala.+ Ke kahobane ke buile, ke nahanne, ’me ha kea ikutloa ke soabile, leha e le hore ke tla ho koenehela.+ 29 Motse oohle o balehisoa ke molumo oa banna ba lipere le oa ba fulang seqha.+ Ba kene meferong, ’me ba hloeletse mafikeng.+ Motse o mong le o mong o tlohetsoe, ’me ha ho na motho ea lulang ho eona.”

30 Kaha joale u tlatlapuoe, u tla etsa’ng, kaha u ne u apara sekareleta, kaha u ne u ikhabisa ka mekhabiso ea khauta, kaha u ne u hōlisa mahlo a hao ka setlolo se takang se setšo?+ Ke ha lefeela u neng u iketsa hore u be motle.+ Ba u lakatsang ka ho feteletseng ba u lahlile; ba ntse ba batla moea oa hao.+ 31 Etsoe ke utloile lentsoe le kang la mosali ea kulang, mahlomola a kang a mosali ea belehang ngoana oa hae oa letsibolo,+ lentsoe la morali oa Sione ea ntseng a hema ka thata. O ntse a otlolla liatla:+ “Joale, ho malimabe ’na, etsoe moea oa ka o khathetse ke babolai!”+

5 E-eang le solle literateng tsa Jerusalema, joale, le bone, ’me le tsebe, le ipatlele mapatlelong a eona hore na le ka fumana motho,+ hore na ho na le mang kapa mang ea etsang toka,+ le mang kapa mang ea batlang botšepehi,+ ’me ke tla mo tšoarela. 2 Esita leha ba ka re: “Ka Jehova ea phelang!” ka tsela eo ba tla be ba hlapanya ka leshano.+

3 Jehova, na mahlo a hao ha aa talima botšepehi?+ U ba otlile,+ empa ha baa ka ba kula.+ U ba felisitse.+ Ba hanne ho amohela taeo.+ Ba thatafalitse lifahleho tsa bona ho feta lefika.+ Ba hanne ho khutla.+ 4 Le ’na ke ne ke itse: “Ka sebele ke ba sehlopha se tlaase. Ba entse ka booatla, etsoe ba hlokomolohile tsela ea Jehova, kahlolo ea Molimo oa bona.+ 5 Ke tla ea ho ba baholo ’me ke bue le bona;+ etsoe ba ne ba tlameha hore ebe ba etse hloko tsela ea Jehova, kahlolo ea Molimo oa bona.+ Ka sebele ba ne ba tlameha hore ebe ba robile joko hammoho; ba ne ba tlameha hore ebe ba khaotse marapo.”+

6 Ke ka lebaka leo tau e tsoang morung e ba bolaileng, phiri ea thota ea lehoatata e ntse e ba tlatlapa,+ lengau le lula le falimehile metseng ea bona.+ E mong le e mong ea tlohang ho eona oa rusolloa. Etsoe litlōlo tsa bona li ngatafetse; liketso tsa bona tsa ho se tšepahale li bile ngata.+

7 Nka u tšoarela joang ka ntho ee? Bara ba hao ba ntlohetse, ’me ba ntse ba hlapanya+ ka seo e seng Molimo.+ Ka ’na ka ba khotsofatsa,+ empa ba tsoela pele ho feba,+ ’me ba ea ntlong ea mosali oa letekatse ka lihlopha. 8 Ba fetohile lipere tse nang le takatso ea ho tlōlela, tse nang le makoalata a maholo. E mong le e mong o llela mosali oa motsoalle oa hae.+

9 “Na ha kea lokela ho ahlola litaba ka lebaka la lintho tsee?” ho bolela Jehova.+ “Kapa na moea oa ka ha oa lokela ho iphetetsa ho sechaba se tjee?”+

10 “Futuhelang mela ea lifate tsa eona tsa morara ’me le bake tšenyo,+ empa le se ke la etsa pheliso ea sebele.+ Tlosang letlōbō la eona le tlokomang, etsoe hase la Jehova.+ 11 Etsoe ruri ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda ba sebetsane le ’na ka bolotsana,” ho bolela Jehova.+ 12 “Ba latotse Jehova, ’me ba ntse ba re, ‘Ha a eo.+ Ha ho tlokotsi e tla tla holim ’a rōna, ’me re ke ke ra bona sabole kapa tlala.’+ 13 Baprofeta ba fetoha moea, ’me lentsoe ha le eo ho bona.+ Ke kamoo ba tla etsoa kateng.”

14 Ka hona sena ke seo Jehova, Molimo oa mabotho, a se boletseng: “Ka lebaka la hore le bua ntho ena, bonang! ke etsa hore mantsoe a ka e be mollo melomong ea lōna,+ ’me sechaba sena e tla ba likotoana tsa patsi, ’me ka sebele o tla se timetsa.”+

15 “Bonang! ke le tlisetsa sechaba se tsoang hōle,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele,” ho bolela Jehova. “Ke sechaba se lulang se le teng.+ Ke sechaba sa khale, sechaba seo le sa tsebeng puo ea sona, ’me le ke ke la utloisisa seo se se buang. 16 Khohlopo ea sona e joaloka sebaka se bulehileng sa mabitla; kaofela ha sona ke banna ba matla.+ 17 Hape ka sebele se tla ja lijalo tsa lōna le bohobe ba lōna.+ Banna ba tla ja bara ba lōna le barali ba lōna. Ba tla ja mehlape ea lōna ea likhutšoane le mehlape ea lōna ea liphoofolo tse khōlō. Ba tla ja lifate tsa lōna tsa morara le lifate tsa lōna tsa feiga.+ Ka sabole ba tla senya metse ea lōna e etselitsoeng liqhobosheane eo le e tšepang.”

18 “Esita le matsatsing ao,” ho bolela Jehova, “nke ke ka le felisa.+ 19 Le tla re, ‘Ke ka lebaka lefe Jehova Molimo oa rōna a re entseng lintho tsee tsohle?’+ Le tla re ho bona, ‘Feela joalokaha le ntlohetse ’me le sebelelitse molimo osele naheng ea lōna, kahoo le tla sebeletsa basele naheng eo e seng ea lōna.’”+

20 Bolellang ntlo ea Jakobo sena, ’me le se phatlalatse Juda, le re: 21 “Joale, utloang sena, Lōna sechaba se seng bohlale le se se nang pelo:+ Ba na le mahlo, empa ha ba bone;+ ba na le litsebe, empa ha ba utloe.+ 22 ‘Na ha le ntšabe,’+ ho bolela Jehova, ‘kapa na ha le utloe bohloko bo boholo ka lebaka la ka,+ ’na ea behileng lehlabathe e le moeli oa leoatle, e le molao oa tsamaiso o hlolang ka nako e sa lekanyetsoang oo le ke keng la o feta? Le hoja maqhubu a lona a ikakhotsa, ho ntse ho le joalo a ke ke a hlōla; ’me le hoja a loebehlana, ho ntse ho le joalo a ke ke a o feta.+ 23 Empa sechaba sena se na le pelo e manganga le e tletseng borabele; se khelohile ’me se tsoela pele ho tsamaea tseleng ea sona.+ 24 Empa ha sea ka sa re ka pelong ea sona: “Joale, a re tšabeng Jehova Molimo oa rōna,+ Ea fanang ka pula ea litloebelele le pula ea lehoetla le pula ea selemo ka nako ea eona,+ Ea lebelang esita le libeke tse behiloeng tsa kotulo bakeng sa rōna.”+ 25 Liphoso tsa lōna li lelekile lintho tsena, ’me libe tsa lōna li le hanetse ka se molemo.+

26 “‘Etsoe har’a sechaba sa ka ho fumanoe batho ba khopo.+ Ba ntse ba nyarela, joaloka batšoasi ba linonyana ha ba khukhuna.+ Ba chehile sefi se senyang. Ba tšoasa batho. 27 Joalokaha ntloana ea letanta e tletse libōpuoa tse fofang, kahoo matlo a bona a tletse thetso.+ Ke ka lebaka leo ba fetohileng ba baholo ’me ba fumana maruo.+ 28 Ba nonne;+ baa benya. Hape ba tletse lintho tse mpe. Ha baa buella nyeoe,+ esita le nyeoe ea moshanyana ea se nang ntate,+ e le hore ba ka atleha;+ ’me ha baa emela kahlolo ea mafutsana.’”

29 “Na ha kea lokela ho ahlola litaba ka lebaka la lintho tsee,” ho bolela Jehova, “kapa na moea oa ka ha oa lokela ho iphetetsa ho sechaba se kang see?+ 30 Ho bile le boemo bo makatsang, esita le ntho e tšabehang naheng:+ 31 Baprofeta ba profeta leshano;+ ha e le baprista, ba qala ho busa ho ea ka matla a bona.+ Sechaba sa ka se ratile ha ho le joalo;+ ’me le tla etsa joang qetellong ea hona?”+

6 Itšireletseng, Lōna bara ba Benjamine, balehang Jerusalema; ’me le letse lenaka+ Tekooa.+ Phahamisang pontšo ea mollo Bethe-hakereme;+ hobane tlokotsi e talimile tlaase e tsoa leboea, esita le ho oa ho hoholo.+ 2 Ruri morali oa Sione o tšoana le mosali ea khahlehang ea hōlisitsoeng ka ho bokotsoa.+ 3 Balisa le mehlape ea bona ba tlile ho eena. Ba hlomme litente tsa bona khahlanong le eena ho pota-pota ka hohle.+ E mong le e mong o fulisitse karolo ea hae.+ 4 Ba halalelitse ntoa khahlanong le eena:+ “Tsohang, ’me re nyoloheng har’a motšehare!”+

“Ho malimabe rōna, etsoe letsatsi le sekame, etsoe meriti ea mantsiboea e ntse e ikatolosa!”

5 “Tsohang, re nyoloheng bosiu ’me re senye litora tsa eona tsa bolulo.”+

6 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Remang lifate+ ’me le qhobele ’mōtōmōtō o thibellang Jerusalema.+ Ke motse oo ho tla ahloloa litaba tsa oona.+ Ka har’a oona ha ho letho haese khatello.+ 7 Joalokaha seliba se boloka metsi a sona a pholile, kahoo e bolokile bobe ba eona bo pholile. Ho eona ho utloahala pefo le ho tlatlapa;+ boloetse le kotlo li ka pel’a sefahleho sa ka kamehla. 8 Khalemeloa,+ Uena Jerusalema, e le hore moea oa ka o se ke oa u furalla ka ho teneha;+ e le hore ke se ke ka u etsa lesupi, naha e se nang baahi.”+

9 Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ruri ba tla khoahlapisa masala a Iseraele feela joaloka sefate sa morara.+ Khutlisa letsoho la hao joaloka ea khang morara makaleng a ithatetseng a sefate sa morara.”

10 “Ke tla bua le bo-mang ’me ke fane ka temoso, e le hore ba ka utloa? Bonang! Litsebe tsa bona ha lia bolla, hoo ba sa khoneng ho ela hloko.+ Bonang! Lentsoe la Jehova le fetohile nyeliso ho bona,+ lentsoe leo ba ke keng ba khahlisoa ke lona.+ 11 Ke tletse khalefo ea Jehova. Ke khathetse ke ho e tiisetsa.”+

“E tšollele holim ’a ngoana seterateng+ le holim ’a sehlopha sa metsoalle e haufi-ufi sa bahlankana ka nako e tšoanang; etsoe le bona ba tla tšoasoa, monna hammoho le mosali oa hae, monna-moholo hammoho le ea atetsoeng ke matsatsi.+ 12 Ka sebele matlo a bona a tla nehoa ba bang hore ba a rue, masimo le basali ka nako e tšoanang.+ Etsoe ke tla otlolla letsoho khahlanong le baahi ba naha,” ho bolela Jehova.+

13 “Etsoe ho tloha ho e monyenyane ho bona esita le ho isa ho e moholo ho bona, e mong le e mong o iketsetsa phaello ea ho hloka toka;+ ’me ho tloha ho moprofeta esita le ho isa ho moprista, e mong le e mong o etsa ka bolotsana.+ 14 Ba leka ho folisa ho sithabela ha sechaba sa ka habobebe,+ ba re, ‘Khotso e teng! Khotso e teng!’ le hoja khotso e le sieo.+ 15 Na ba ile ba ikutloa ba hlajoa ke lihlong kahobane ba ne ba entse ntho e manyala?+ Tabeng ea pele, ruri ha ba ikutloe ba hlajoa ke lihlong ho hang; tabeng ea bobeli, ha ba tsebe le mokhoa oa ho ikutloa ba tlotlolohile.+ Ka hona ba tla oela har’a ba oang;+ ba tla khoptjoa nakong ea ha ke ahlola litaba tsa bona,” ho boletse Jehova.

16 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Emang litseleng, ’me le bone, ’me le botse ka litsela tsa khale, moo, joale, ho nang le tsela e ntle;+ le tsamaee ho eona,+ ’me le fumanele meea ea lōna boiketlo.”+ Empa ba ’na ba re: “Re ke ke ra tsamaea ho eona.”+ 17 “Ke ile ka le hlahisetsa balebeli,+ ‘Elang hloko molumo oa lenaka!’”+ Empa ba ’na ba re: “Re ke ke ra ela hloko.”+ 18 “Ka hona utloang, Lōna lichaba! Le tsebe, Lōna phutheho, se tlang ho ba har’a bona. 19 Mamela, Uena lefatše! Bona! ke tlisa tlokotsi holim ’a sechaba sena+ e le litholoana tsa menahano ea sona,+ etsoe ha sea ela hloko mantsoe a ka; ’me molao oa ka—se ’nile sa o lahla.”+

20 “Ke na le taba efe le hore ebe le tlisa libano tse tšoeu tse tsoang Sheba+ le lehlaka le letle le tsoang naheng e hōle? Linyehelo tsa lōna tse feletseng tsa secheso ha li khahlise,+ le mahlabelo a lōna ha aa nkhahlisa.”+ 21 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke behela sechaba sena likhopiso,+ ’me ka sebele se tla khoptjoa ke tsona, bo-ntate le bara hammoho; moahelani le motsoalle oa hae—ba tla timela.”+

22 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! Sechaba se tsoa naheng ea leboea, ’me ho na le sechaba se seholo se tla tsosoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.+ 23 Se tla tšoara seqha le lerumo le betsoang.+ Se sehlōhō, ’me se ke ke sa e-ba le mohau. Mantsoe a sona a tla luma joaloka leoatle,+ ’me se tla palama lipere.+ Se entse thekō ea ntoa joaloka monna oa ntoa khahlanong le uena, morali oa Sione.”+

24 Re utloile tlaleho ka sona. Matsoho a rōna a tepeletse.+ Mahlomola a re tšoere, bohloko ba pelehi bo kang ba mosali ea belehang.+ 25 U se ke ua tsoela tšimong, ’me u se ke ua tsamaea le tseleng; etsoe ho na le sabole ea sera, ho na le tšabo ka hohle.+ 26 Uena morali oa sechaba sa ka, itlame ka lesela la mokotla+ ’me u ipitike moloreng.+ Etsa hore ho siama ha hao e be ha ho siamela mora ea mong, ho bokolla ho bohloko;+ kahobane motlatlapi o tla re futuhela ka tšohanyetso.+

27 “Ke u entse mohlahlobi oa tšepe har’a sechaba sa ka, ea phenyang ka ho phethahetseng; u tla ela hloko ’me u hlahlobe tsela ea sona.+ 28 Kaofela ha sona ke batho ba manganga,+ ba tsamaeang hohle e le baetselletsi+—koporo le tšepe. Kaofela ha sona se senyehile.+ 29 Libutsoelo+ li chele. Mollong oa tsona ho tsoa loto.+ Ke ha lefeela motho a ’nileng a hloekisa ka matla, ’me ba babe ha baa aroloa.+ 30 Ka sebele batho ba tla se bitsa silevera e lahliloeng,+ etsoe Jehova o se lahlile.”+

7 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Ema hekeng ea ntlo ea Jehova, u phatlalatse lentsoe lena moo,+ ’me u re, ‘Utloang lentsoe la Jehova, lōna bohle ba Juda, ba kenang ka liheke tsena ho tla inamela Jehova. 3 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Etsang hore litsela tsa lōna le mesebetsi ea lōna e be metle, ’me ke tla le boloka le lula sebakeng sena.+ 4 Le se ke la tšepa mantsoe a leshano,+ a reng, ‘Tempele ea Jehova, tempele ea Jehova, ke bona bao e leng tempele ea Jehova!’ 5 Etsoe haeba ka sebele le tla etsa hore litsela tsa lōna le mesebetsi ea lōna e be metle, haeba ka sebele le tla phetha toka pakeng tsa motho le motsoalle oa hae,+ 6 haeba le sa hatelle mojaki,+ moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali, ’me le sa tšolle mali a hlokang molato sebakeng sena,+ ’me le sa latele melimo e meng bakeng sa ho itlisetsa tlokotsi,+ 7 ka sebele le ’na ke tla le boloka le lula sebakeng sena, naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lōna, ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”’”+

8 “Bonang! le tšepa mantsoe a leshano—ka sebele a ke ke a ba molemo ho hang.+ 9 Na ho ka ba le ho utsoa,+ ho bolaea+ le ho feba+ le ho hlapanya ka bohata+ le ho etsetsa Baale+ mosi oa sehlabelo le ho latela melimo e meng eo le sa kang la e tseba,+ 10 ’me na le tla tla ’me le eme ka pel’a ka ka tlung ee e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka,+ ebe le re, ‘Ka sebele re tla lopolloa,’ ho sa tsotellehe hore le ntse le etsa lintho tsee tsohle tse manyala? 11 Na ntlo ee e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka+ e fetohile lehaha feela la masholu mahlong a lōna?+ Bonang! le ’na ke ho bone,” ho bolela Jehova.+

12 “‘Leha ho le joalo, e-eang, joale, sebakeng sa ka se neng se le Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le lule teng pele,+ ’me le bone seo ke se entseng sona ka lebaka la bobe ba sechaba sa ka sa Iseraele.+ 13 Joale ka lebaka la hore le ’nile la etsa mesebetsi ena eohle,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke ’nile ka bua le lōna, ke tsoha hoseng ke bua,+ empa ha lea ka la mamela,+ ke ’nile ka le bitsa, empa ha lea ka la araba,+ 14 ntlo e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka,+ eo le e tšepileng,+ le sebaka seo ke se fileng lōna le baholo-holo ba lōna, ke tla li etsa feela joalokaha ke entse Shilo.+ 15 Ke tla le lahla ke le tlose ka pel’a sefahleho sa ka,+ feela joalokaha ke ile ka lahla barab’abo lōna, bana bohle ba Efraime.’+

16 “Ha e le uena, u se ke ua rapella sechaba sena, leha e le ho phahamisa mohoo oa kōpo e tiileng bakeng sa sona kapa thapelo kapa ua etsa thapeli ho ’na,+ kaha ke tla be ke sa u mamela.+ 17 Na ha u bone seo se se etsang metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema?+ 18 Bara ba roalla patsi, bo-ntate ba besa mollo, ’me basali ba luba hlama e le hore ba etsetse ‘mofumahali oa maholimo’ mahobe a sehlabelo;+ ’me ho tšolloa linyehelo tsa seno+ bakeng sa melimo e meng ka morero oa ho ntšiteloa.+ 19 ‘Na ba siteloa ’na?’ ho bolela Jehova.+ ‘Na ha ba itšiteloe, ka morero oa ho hlabisa lifahleho tsa bona lihlong?’+ 20 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena,+ molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, le sefateng sa tšimo+ le litholoaneng tsa naha; e tla tuka, ’me e ke ke ea tima.’+

21 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Eketsang linyehelo tseo tsa lōna tse feletseng tsa secheso mahlabelong a lōna ’me le je nama.+ 22 Etsoe ha kea ka ka bua le baholo-holo ba lōna, kapa ka ba laela letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta malebana le litaba tsa nyehelo e feletseng ea secheso le sehlabelo.+ 23 Empa ke ile ka ba bolella lentsoe lena e le taelo, ka re: “Mamelang lentsoe la ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa lōna,+ ’me le tla ba sechaba sa ka; le tla tsamaea tseleng eohle+ eo ke tla le laela eona, e le hore lintho li ka le tsamaela hantle.”’+ 24 Empa ha baa ka ba mamela, kapa ba sekeha tsebe,+ empa ba ile ba qala ho tsamaea ho ea ka merero le ho ea ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe,+ hoo ba ileng ba khutlela morao ba se ke ba ea pele,+ 25 ho tloha letsatsing leo ka lona baholo-holo ba lōna ba tsoileng Egepeta ho fihlela letsatsing lena;+ ’me ke ile ka ’na ka romela bahlanka bohle ba ka baprofeta ho lōna, ke tsoha hoseng letsatsi le leng le le leng ’me ke ba romela.+ 26 Empa ha baa ka ba ’mamela, ’me ha baa ka ba sekeha tsebe,+ empa ba ’na ba satalatsa melala.+ Ba ile ba etsa hampe ho feta baholo-holo ba bona!+

27 “U tla ba bolella mantsoe ana ’ohle,+ empa ba ke ke ba u mamela; ’me u tla ba hoeletsa, empa ba ke ke ba u araba.+ 28 U tla re ho bona, ‘Sena ke sechaba seo batho ba sona ba sa kang ba mamela lentsoe la Jehova Molimo oa sona,+ ’me ha sea ka sa amohela taeo.+ Botšepehi bo felile, ’me bo tlositsoe melomong ea sona.’+

29 “Kuta moriri oa hao o sa kutoang ’me u o lahle,+ u bine koli-ea-malla maralleng a se nang letho,+ etsoe Jehova o lahlile+ moloko oo a o halefetseng ’me o tla o tlohela.+ 30 ‘Etsoe bara ba Juda ba entse se sebe mahlong a ka,’ ho bolela Jehova. ‘Ba behile lintho tsa bona tse nyonyehang ka tlung e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka, e le hore ba e silafatse.+ 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong,+ e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.’+

32 “‘Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘ao ka ’ona ho ke keng ha hlola ho thoe ke Tofethe le phula ea bara ba Hinome, empa ho tla thoe ke phula ea polao;+ ’me ba tla lokela ho pata Tofethe kahobane ho se na sebaka se lekaneng.+ 33 Litopo tsa sechaba sena e tla ba lijo tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tsa lefatše, ho se ea li tšosang.+ 34 Ke tla felisa lentsoe la thabo e khaphatsehang le lentsoe la nyakallo, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema;+ etsoe naha e tla fetoha sebaka se ripitliloeng.’”+

8 “Ka nako eo,” ho bolela Jehova, “batho ba tla ntša le masapo a marena a Juda le masapo a likhosana tsa eona le masapo a baprista le masapo a baprofeta le masapo a baahi ba Jerusalema mabitleng a bona.+ 2 Ba tla a ala letsatsing le khoeling le makhotleng ’ohle a maholimo ao ba a ratileng le ao ba a sebelelitseng le ao ba a latetseng+ le ao ba a batlileng le ao ba a inametseng.+ A ke ke a phuthoa, kapa a patoa. A tla fetoha moiteli holim ’a lefatše.”+

3 “Ka sebele masala ’ohle a ba setseng lelapeng lena le lebe libakeng tsohle tsa ba setseng a tla khetha lefu ho e-na le bophelo,+ moo ke tla beng ke a qhalakanyelitse teng,”+ ho bolela Jehova oa mabotho.

4 “U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Na ba tla oa ’me ba se ke ba tsoha hape?+ Haeba e mong a ka khutla, na e mong le eena a ke ke a khutla?+ 5 Ke hobane’ng ha sechaba see, Jerusalema, se sa tšepahale ka ho se tšepahale ho tsoelang pele? Se tšoere ho qhekella;+ se hanne ho khutla.+ 6 Ke etse hloko,+ ’me ka ’na ka mamela.+ Tsela eo se neng se ntse se bua ka eona e ne e sa nepahala. Ho ne ho se na motho ea bakelang bobe ba hae,+ ea reng, ‘Ke entse’ng?’ E mong le e mong o khutlela tseleng e ratoang,+ joaloka pere e potlakelang ntoeng. 7 Esita le mokotatsie maholimong—o tseba hantle linako tsa oona tse behiloeng;+ le leebana-khoroana+ le lehaqasi le hlakahlothoana—li boloka hantle nako ea ho kena ha e ’ngoe le e ’ngoe. Empa ha e le sechaba sa ka, ha se tsebe kahlolo ea Jehova.”’+

8 “‘Ke joang le ka reng: “Re bohlale, ’me molao oa Jehova o ho rōna”?+ Joale, pene ea bohata+ ea bangoli e sebelitse leshano. 9 Ba bohlale ba hlabiloe ke lihlong.+ Ba tšohile ’me ba tla tšoaroa. Bonang! Ba lahlile lentsoe la Jehova, ’me ba na le bohlale bofe?+ 10 Ka hona basali ba bona ke tla ba fa banna ba bang, masimo a bona ke a fe ba hapang;+ etsoe, ho tloha ho e monyenyane ho isa le ho e moholo, e mong le e mong o etsa phaello ea ho hloka toka;+ ho tloha ho moprofeta ho isa le ho moprista, e mong le e mong o etsa ka bolotsana.+ 11 Ba leka ho folisa ho sithabela ha morali oa sechaba sa ka habobebe,+ ba re: “Khotso e teng! Khotso e teng!” le hoja khotso e le sieo.+ 12 Na ba ile ba ikutloa ba hlajoa ke lihlong kahobane ba ne ba entse ntho e manyala?+ Tabeng ea pele, ruri ba ne ba sa ikutloe ba hlabiloe ke lihlong; tabeng ea bobeli, ba ne ba sa tsebe le mokhoa oa ho ikutloa ba tlotlolohile.+

“‘Ka hona ba tla oela har’a ba oang. Ba tla khoptjoa ka nako ea ha ba eloa hloko,’+ ho boletse Jehova.+

13 “‘Ha ke bokella, ke tla ba qeta,’ ho bolela Jehova.+ ‘Ho ke ke ha e-ba le morara sefateng sa morara,+ ’me ho ke ke ha e-ba le lifeiga sefateng sa feiga, ’me ka sebele makhasi a tla pona. Lintho tseo ke ba fang tsona li tla ba feta.’”

14 “Ke hobane’ng ha re lutse re khutsitse? Bokanang, ’me re keneng metseng e etselitsoeng liqhobosheane+ ’me re khutse moo. Etsoe Jehova Molimo oa rōna o re khutsisitse,+ ’me o re fa metsi a chefo hore re a noe,+ kahobane re sitetsoe Jehova. 15 Re ne re tšepile hore ho tla ba le khotso, empa ha hoa hlaha molemo;+ re ne re tšepile nako ea ho folisa, empa, bonang! ho tšoha!+ 16 Ho utloahetse ho kurutla ha lipere tsa hae ho tloha Dane.+ Naha eohle e qalile ho reketla ka lebaka la molumo oa ho lla ha lipere tsa hae tse tona.+ Baa tla ’me ba qeta naha le se tletseng ho eona, motse le baahi ba oona.”

17 “Etsoe bonang! ke romela linoha har’a lōna, linoha tse chefo,+ tse ke keng tsa upelloa,+ ’me ka sebele li tla le loma,” ho bolela Jehova.

18 Ke hlahetsoe ke mesarelo e ke keng ea phekoloa.+ Pelo ea ka ea kula. 19 Bonang! ho na le molumo oa mohoo o kōpang thuso oa morali oa sechaba sa ka o tsoang naheng e hōle:+ “Na Jehova ha a Sione?+ Kapa na morena oa eona ha a ho eona?”+

“Ke hobane’ng ha ba ntšitetsoe ka litšoantšo tsa bona tse betliloeng, ka melimo ea bona esele ea lefeela?”+

20 “Kotulo e fetile, lehlabula le felile; empa ha e le rōna, ha re e-s’o pholosoe!”+

21 Ke sithabelitsoe+ ke ho ripitloa+ ha morali oa sechaba sa heso. Ke nyahame. Ke maketse haholo.+ 22 Na ha ho na balsame Gileade?+ Kapa na ha ho na mofolisi moo?+ Joale, ke hobane’ng ha morali oa sechaba+ sa heso a sa fola?+

9 Hoja hlooho ea ka ke metsi, ’me mahlo a ka ke mohloli oa meokho!+ Joale ke ne ke tla llela batho ba bolailoeng ba morali oa sechaba sa heso bosiu le motšehare.+

2 Hoja ke ne ke e-na le sebaka sa bolulo sa batsamai lefeelleng!+ Joale ke ne ke tla siea sechaba sa heso ’me ke tlohe ho sona, etsoe kaofela ha sona ke bafebi,+ seboka se hlomphehang sa basebetsi ba bolotsana;+ 3 se koba maleme a sona ka bohata joaloka seqha;+ empa hase ka botšepehi se bileng matla naheng.

“Etsoe se tlohile bobeng bo bong ho ea bobeng bo bong, ’me se ntlhokomolohile,”+ ho bolela Jehova.

4 “Itebeleng e mong le e mong khahlanong le motsoalle oa hae,+ ’me ho hang le se ke la tšepa mor’abo lōna.+ Etsoe ka sebele le mor’abo lōna e mong le e mong o tla nkela e mong sebaka,+ ’me motsoalle e mong le e mong o ne a tla tsamaea e le moetselletsi feela,+ 5 ’me e mong le e mong o ntse a etsetsa motsoalle oa hae mano;+ ’me ho hang ha ba bue ’nete. Ba rutile maleme a bona ho bua leshano.+ Ba ipaketse mokhathala ka ho etsa se fosahetseng feela.+

6 “U lutse har’a thetso.+ Ka thetso ba hanne ho ntseba,”+ ho bolela Jehova.

7 Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Bonang! kea ba qhibilihisa, ’me ke lokela ho ba hlahloba,+ hobane ho seng joalo ke tla nka bohato joang ka lebaka la morali oa sechaba sa ka?+ 8 Maleme a bona ke motsu o bolaeang.+ A boletse thetso. Ka molomo, motho o ntse a bua ka khotso le motsoalle oa hae; empa ka hare ho eena oa mo lalla.”+

9 “Na ha kea lokela ho ahlola litaba tsa bona ka lebaka la lintho tsee?” ho bolela Jehova. “Kapa na moea oa ka ha oa lokela ho iphetetsa holim ’a sechaba se kang see?+ 10 Ke tla lla ’me ke bokolle lithabeng,+ ’me ke bine koli-ea-malla makhulong a lefeella; etsoe a tla be a chesitsoe+ e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea fetang ’me batho ba ke ke ba utloa molumo oa liphoofolo tse ruiloeng.+ Sebōpuoa se fofang sa maholimo le sebata li tla be li balehile; li tla be li tsamaile.+ 11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be liqubu tsa majoe,+ selao sa liphokojoe;+ ’me metse ea Juda ke tla e etsa lesupi, e hloke baahi.+

12 “Ke motho ofe ea bohlale, e le hore a ka utloisisa see, le eo molomo oa Jehova o buileng le eena, e le hore a ka ho bolela?+ Ke ka lebaka lefe naha e lokelang ho timela, e chesoe joaloka lefeella ho se na ea fetang ho eona?”+

13 Jehova a re: “Ke ka lebaka la ho furalla ha bona molao oa ka oo ke faneng ka oona hore o be ka pel’a bona, le kahobane ha baa ka ba mamela lentsoe la ka ’me ha baa ka ba tsamaea ho lona,+ 14 empa ba ’nile ba latela manganga a lipelo+ tsa bona ’me ba latela litšoantšo tsa Baale,+ tseo bo-ntat’a bona ba neng ba ba rutile tsona;+ 15 ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke ba jesa lengana,+ ke hore, sechaba sena, ’me ke tla se noesa metsi a chefo;+ 16 ke tla se hasanya har’a lichaba tseo sona kapa bo-ntat’a sona ba sa kang ba li tseba,+ ’me ke tla se romela sabole ho fihlela ke se felisitse.’+

17 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Itšoareng ka kutloisiso, ’me le bitse basali ba binang koli-ea-malla,+ hore ba tle; ’me le romeletse le ho basali ba nang le tsebo, hore ba tle,+ 18 hore ba potlake ’me ba re hlahisetse sello. E se eka mahlo a rōna a ka rotha meokho le mahlo a rōna a khanyang a rotha metsi.+ 19 Etsoe ho utloahetse lentsoe la sello Sione:+ “Re tlatlapuoe hakaakang!+ Re ikutloile re hlajoa ke lihlong hakaakang! Etsoe re siile naha; etsoe ba lahlile libaka tsa rōna tsa bolulo.”+ 20 Empa Lōna basali, utloang lentsoe la Jehova, ’me e se eka litsebe tsa lōna li ka amohela lentsoe la molomo oa hae. Joale le rute barali ba lōna sello,+ ’me mosali e mong le e mong a rute motsoalle oa hae koli-ea-malla.+ 21 Etsoe lefu le kene ka lifensetere tsa rōna; le fihlile litoreng tsa rōna tsa bolulo, e le hore le felise ngoana seterateng, mohlankana mapatlelong.’+

22 “E-re, ‘Sena ke seo Jehova a se bolelang: “Litopo tsa moloko oa batho li tla oa joaloka moiteli tšimong le joaloka lijo-thollo tse sa tsoa khuoa tse entseng mokoloko ka mor’a mokotuli, ho se ea bokellang.”’”+

23 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Monna ea bohlale a se ke a ithorisa ka lebaka la bohlale ba hae,+ le monna ea matla a se ke a ithorisa ka lebaka la matla a hae.+ Morui a se ke a ithorisa ka lebaka la maruo a hae.”+

24 “Empa ea ithorisang a ke a ithorise ka lebaka la sena, ho ba le temohisiso+ le ho ntseba, hore ke ’na Jehova,+ Ea bontšang mosa o lerato, toka le ho loka lefatšeng;+ etsoe ke khahlisoa ke lintho tsena,”+ ho bolela Jehova.

25 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla ahlola litaba tsa e mong le e mong ea bolotseng empa a sa ntse a le boemong ba ho se bolle,+ 26 Egepeta+ le Juda+ le Edomo+ le bara ba Ammone+ le Moabe+ le bohle ba kutileng moriri oa litlhafunelo tsa bona ba lulang lefeelleng;+ etsoe lichaba tsohle ha lia bolla, ’me ntlo eohle ea Iseraele ha ea bolla pelong.”+

10 Utloang lentsoe leo Jehova a le boletseng khahlanong le lōna, ba ntlo ea Iseraele. 2 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ho hang le se ke la ithuta litsela tsa lichaba,+ ’me le se ke la tšosoa ke lipontšo tsa maholimo, hobane lichaba li tšosoa ke tsona.+ 3 Etsoe litloaelo tsa lichaba+ ke pululo feela, hobane ke sefate feela+ ka har’a moru seo motho a se remileng, mosebetsi oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho o entsoeng ka thipa e nang le ntlha e hakang.+ 4 Motho o etsa hore se be setle ka silevera le ka khauta.+ Ba li khokhothela ka lipekere le ka lihamore, e le hore ho se ke ha e-ba leha se le seng se sisinyehang.+ 5 Li joaloka setšosa sa tšimo ea likomkomere, ’me ha li tsebe ho bua.+ Ruri lia kakasoa, etsoe ha li khone ho tlosa leoto.+ Le se ke la li tšaba, etsoe li ke ke tsa etsa letho le bakang tlokotsi ’me, ho feta moo, ha li khone ho etsa letho le molemo.”+

6 Ha ho ea tšoanang le uena ka tsela leha e le efe, Jehova.+ U moholo, ’me lebitso la hao le leholo ka matla.+ 7 Ke mang ea sa lokelang ho u tšaba,+ Uena Morena oa lichaba,+ etsoe hoo ho u loketse; hobane har’a bohle ba bohlale ba lichaba le har’a borena bohle ba bona ha ho ea tšoanang le uena ka tsela leha e le efe.+ 8 Ka nako e tšoanang ha ba nahane ’me ba hloka kelello.+ Sefate ke keletso feela ea mafeela.+ 9 Ho tlisoa silevera e teiloeng hore e be makapa ho tsoa Tarshishe,+ le khauta e tsoang Ufaze,+ mosebetsi oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho le oa matsoho a ea sebetsang ka tšepe; liaparo tsa bona ke tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu. Kaofela ke mosebetsi oa batho ba nang le tsebo.+

10 Empa kannete Jehova ke Molimo.+ Ke Molimo ea phelang+ le Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Lefatše le tla reketla ka lebaka la khalefo ea hae,+ ’me ha ho na lichaba tse tla tiisetsa tlas’a nyatso ea hae.+ 11 Sena ke seo le tla li bolella sona: “Melimo+ e sa kang ea etsa maholimo le lefatše ke eona e tla timela lefatšeng+ le ka tlas’a maholimo ana.” 12 Ke Moetsi oa lefatše ka matla a hae,+ Ea tiisang ka thata ka bohlale ba hae naha e behang,+ le Eo ka kutloisiso ea hae a otlolotseng maholimo.+ 13 Ha a bua o fana ka metsi a entseng molumo maholimong,+ ’me o nyolla mouoane pheletsong ea lefatše.+ O entse le mekoallo ea metsi bakeng sa pula,+ ’me o hlahisa moea matlong a hae a polokelo.+

14 Motho e mong le e mong o itšoere ka mokhoa o sa nahaneng e le hore a se ke a tseba.+ Ka sebele e mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla ikutloa a hlabiloe ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng;+ etsoe setšoantšo sa hae se entsoeng ka ho qhibilihisoa ke leshano,+ ’me ha ho na moea ho tsona.+ 15 Ke lefeela, sesomo.+ Li tla timela nakong ea ha li eloa hloko.+

16 Kabelo ea Jakobo+ ha e joaloka lintho tsena, etsoe ke Moetsi oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ ’me Iseraele ke lere la lefa la hae.+ Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+

17 Phutha thōtō ea hao lefatšeng,+ Uena mosali ea lulang tlas’a khatello.+ 18 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! lekhetlong lena ke tjeketjela baahi ba lefatše,+ ’me ke tla ba bakela mahlomola e le hore ba ka fumana.”+

19 Ke malimabe ka lebaka la ho sithabela ha ka!+ Leqeba la ka le fetohile le kulisang. Ke itse: “Ka sebele bona ke boloetse ba ka, ’me ke tla bo mamella.+ 20 Tente ea ka e tlatlapuoe, le lithapo tsa tente ea ka kaofela li khaotsoe likoto tse peli.+ Bara ba ka ba tlohile ho ’na, ’me ha ba sa le eo.+ Ha ho sa na ea phuthollang tente ea ka kapa ea emisang masela a tente ea ka. 21 Etsoe balisa ba itšoere ka mokhoa o sa nahaneng,+ ’me ha baa batla Jehova.+ Ke ka lebaka leo ba sa etsang ka temohisiso, ’me liphoofolo tsohle tsa bona tse fulang lekhulong li hasane.”+

22 Mamelang! Tlaleho! Bonang! e tlile, le ho tila ho hoholo ho tlile ho tsoa naheng ea leboea,+ e le hore metse ea Juda e etsoe lesupi, selao sa liphokojoe.+

23 Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.+ 24 Leha ho le joalo Jehova, u nkhalemele ka kahlolo;+ eseng bohaleng ba hao,+ e le hore u se ke ua nketsa lefeela.+ 25 Tšollela khalefo ea hao holim ’a lichaba+ tse u hlokomolohileng,+ le holim ’a malapa a sa kang a ipiletsa lebitsong la hao.+ Etsoe a qetile Jakobo.+ E, a e qetile, ’me a ntse a e felisa;+ a entse sebaka sa eona sa bolulo lesupi.+

11 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Utloang mantsoe a selekane sena!

“U a bolelle+ batho ba Juda le baahi ba Jerusalema, 3 u re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ho rohakoe motho ea sa mameleng mantsoe a selekane sena,+ 4 ao ke a laetseng baholo-holo ba lōna letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta,+ sebōping sa tšepe,+ ke re, ‘Utloang lentsoe la ka, ’me le etse lintho ho ea ka sohle seo ke le laelang sona;+ ka sebele le tla ba sechaba sa ka ’me ke tla ba Molimo oa lōna,+ 5 ka morero oa ho phetha kano eo ke e hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna,+ ho ba fa naha e phallang lebese le mahe a linotši,+ joaloka letsatsing lena.’”’”

Ka araba ’me ka re: “Amen, Jehova.”

6 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Bolela mantsoe ana ’ohle metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema,+ u re, ‘Utloang, mantsoe a selekane sena, ’me le a phethe.+ 7 Etsoe ke elelitse baholo-holo ba lōna ka tieo letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta+ ho fihlela letsatsing lena, ke tsoha hoseng ke eletsa, ke re: “Mamelang lentsoe la ka.”+ 8 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe,+ empa ba ’na ba tsamaea e mong le e mong ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe;+ kahoo ka tlisa holim ’a bona mantsoe ’ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe, empa ha baa ka ba a phetha.’”

9 Ho feta moo, Jehova a re ho ’na: “Ho fumanoe morero oa bolotsana har’a batho ba Juda le har’a baahi ba Jerusalema.+ 10 Ba khutletse liphosong tsa baholo-holo ba bona,+ ba pele, ba hanneng ho mamela mantsoe a ka, empa ba latela melimo e meng hore ba e sebeletse.+ Ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda ba tlōtse selekane sa ka seo ke se hlabileng le baholo-holo ba bona.+ 11 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke ba tlisetsa tlokotsi+ eo ba ke keng ba khona ho tsoa ho eona;+ ’me ka sebele ba tla hoeletsa ho ’na ho kōpa thuso, empa nke ke ka ba mamela.+ 12 Metse ea Juda le baahi ba Jerusalema ba tla lokela ho ea ’me ba hoeletse ho kōpa thuso ho melimo eo ba e etsetsang mosi oa sehlabelo,+ empa eo ka sebele e ke keng ea ba tlisetsa poloko nakong ea tlokotsi ea bona.+ 13 Etsoe melimo ea lōna e mengata joaloka metse ea lōna, Juda;+ ’me le behile lialetare tse ngata joaloka literata tsa Jerusalema bakeng sa ntho e hlabisang lihlong,+ lialetare tsa ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo.’+

14 “Ha e le uena, u se ke ua rapella sechaba sena, ’me u se ke ua se etsetsa mohoo oa kōpo e tiileng kapa thapelo,+ etsoe ke tla be ke sa mamela nakong ea ha se hoeletsa ho ’na mabapi le tlokotsi ea sona.+

15 “Moratuoa oa ka o na le taba efe ka tlung ea ka,+ hore ba bangata ba bona ba etse ntho ee,+ morero oa bolotsana?+ Na ba tla etsa hore nama e halalelang e fetisoe holim ’a hao,+ ha tlokotsi ea hao e tla? Na u tla thaba ka nako eo?+ 16 Jehova o u rehile lebitso la ‘sefate sa mohloaare se behang haholo, se nang le litholoana tse ntle le sebōpeho se setle.’+ O hotelitse mollo o chesang khahlanong le eena ka molumo oa ho puruma ho hoholo, ’me ba robile makala a sona.+

17 “Jehova oa mabotho, Molemi oa hao,+ o boletse tlokotsi khahlanong le uena ka lebaka la bobe boo ba ntlo ea Iseraele+ le ba ntlo ea Juda ba bo entseng ka hore ba ntšiteloe ka ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo.”+

18 Jehova o ntsebisitse e le hore nka tseba. Ka nako eo u entse hore ke bone mesebetsi ea bona.+ 19 Ke ne ke le joaloka konyana e tona, e ratehang, e tlisoang tlhabong,+ ’me ke ne ke sa tsebe hore ba ne ba ntherile:+ “A re senyeng sefate le lijo tsa sona, ’me re mo felise naheng ea ba phelang,+ hore lebitso la hae le se ke la hlola le hopoloa.” 20 Empa Jehova oa mabotho o ahlola ka ho loka;+ o hlahloba liphio le pelo.+ E se eka nka bona phetetso ea hao ho bona, etsoe ke u senoletse nyeoe ea ka.+

21 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng khahlanong le batho ba Anathothe+ ba batlang moea oa hao, ba reng: “U se ke ua profeta ka lebitso la Jehova,+ e le hore u se ke ua shoela matsohong a rōna”; 22 ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho bona. Bahlankana ba tla bolaoa ka sabole.+ Bara ba bona le barali ba bona ba tla bolaoa ke tlala.+ 23 Ba ke ke ba e-ba le masala, kahobane ke tla tlisa tlokotsi holim ’a batho ba Anathothe,+ selemo sa hore ba eloe hloko.”+

12 Jehova, u lokile,+ ha ke ipelaetsa ho uena, ha ke bua le uena le ka litaba tsa kahlolo. Ke hobane’ng ha tsela ea ba khopo e atlehile,+ ha bohle ba etsang bolotsana ba sa tšoenyehe? 2 U ba hlomme; hape ba metse ka metso. Ba ntse ba tsoela pele; ba boetse ba hlahisitse litholoana. U haufi molomong oa bona, empa u hōle le liphio tsa bona.+ 3 Jehova, u ntseba hantle;+ ua mpona, ’me u hlahlobile pelo ea ka ua e fumana e le bonngoeng le uena.+ Ba qolle joaloka linku tse lokelang ho hlajoa,+ ’me u ba behelle ka thōko bakeng sa letsatsi la polao. 4 Naha e tla ’ne e pone halelele hakae,+ le limela tsa tšimo eohle li omelle?+ Ka lebaka la bobe ba ba lulang ho eona liphoofolo le libōpuoa tse fofang li felisitsoe.+ Etsoe ba itse: “Ha a bone bokamoso ba rōna.”

5 Hobane u mathile le batho ba tsamaeang ka maoto, ’me ba ne ba etsa hore u khathale, joale, ke joang u ka mathang peisong le lipere?+ Na u sebete naheng ea khotso?+ Kahoo u tla etsa joang har’a mefero e ikakasang ea Jordane?+ 6 Etsoe esita le barab’eno le ba ntlo ea ntat’ao, le bona ba u sebelitse ka bolotsana.+ Le bona ba hoelelitse ka lentsoe le phahameng ka mor’a hao. U se ke ua beha tumelo leha e le efe ho bona, kahobane feela ba u bolella lintho tse molemo.+

7 “Ke siile ntlo ea ka;+ ke tlohetse lefa la ka;+ ke nehelane ka moratuoa oa moea oa ka letsohong la lira tsa hae.+ 8 Ho ’na lefa la ka le fetohile ho kang tau morung. O phasolohile khahlanong le ’na. Ke ka lebaka leo ke mo hloileng.+ 9 Ho ’na lefa la ka+ le joaloka nonyana e mebala-bala e jang nama; linonyana tse jang nama li le pota-potile.+ Tloong, bokanang, lōna libata tsohle tsa naha; li tliseng hore li je.+ 10 Balisa ba bangata+ ba sentse serapa sa ka sa morara;+ ba hataketse kabelo ea ka.+ Ba fetotse kabelo ea ka e lakatsehang+ lefeella la lesupi. 11 Motho o e entse lesupi;+ e omeletse; e entsoe lesupi ho ’na.+ Naha eohle e entsoe lesupi, hobane ha ho na motho ea e tebiselitseng pelong.+ 12 Batlatlapi ba tlile ka litsela tsohle tse tsamauoang haholo lefeelleng. Etsoe sabole ea Jehova e timetsa ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ho isa le pheletsong e ’ngoe ea naha.+ Ha ho na khotso bakeng sa nama leha e le efe. 13 Ba jetse koro, empa ba kotutse meutloa.+ Ba sebelitse hore ba be ba kule; ba ke ke ba e-ba le molemo oa letho.+ Ka sebele ba tla hlajoa ke lihlong ka lihlahisoa tsa lōna ka lebaka la bohale bo tukang ba Jehova.”

14 Sena ke seo Jehova a se boletseng khahlanong le baahisani bohle ba ka ba babe,+ ba amang lefa la ka leo ke entseng hore sechaba sa ka, sa Iseraele, se le rue:+ “Bonang! ke ba fothola naheng ea bona;+ ’me ke tla fothola ba ntlo ea Juda har’a bona.+ 15 Etlare ka mor’a hore ke ba fothole ka sebele ke tla ba hauhela+ ’me ke ba khutlisetse, e mong le e mong lefeng la hae le e mong le e mong tšimong ea hae.”+

16 “Haeba ruri ba tla ithuta litsela tsa sechaba sa ka ka ho hlapanya ka lebitso la ka,+ ‘Ka Jehova ea phelang!’ feela joalokaha ba rutile sechaba sa ka ho hlapanya ka Baale,+ ba tla boela ba hahoe har’a sechaba sa ka.+ 17 Empa haeba ba sa mamele, le ’na ke tla fothola sechaba seo, ke se fothole le ho se timetsa,”+ ho bolela Jehova.

13 Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Tsamaea, ’me u iphumanele lebanta la line ’me u le tlame lethekeng, empa u se ke ua le kenya metsing.” 2 Kahoo ka fumana lebanta tumellanong le lentsoe la Jehova eaba ke le tlama lethekeng. 3 Lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na ka lekhetlo la bobeli, la re: 4 “Nka lebanta leo u le fumaneng, le lethekeng la hao, ’me u tlohe, u ee Eufrate,+ ’me u le pate lefarung la lefika.” 5 Kahoo ka ea ’me ka le pata Eufrate, feela joalokaha Jehova a ne a ntaetse.

6 Empa eare bofelong ba matsatsi a mangata Jehova a re ho ’na: “Tloha, u ee Eufrate ’me u nke lebanta leo ke u laetseng hore u le pate teng.” 7 Tumellanong le hoo ka ea Eufrate ’me ka cheka ’me ka nka lebanta sebakeng seo ke neng ke le patile ho sona, ’me, bonang! lebanta le ne le senyehile; le ne le sa lokela letho.

8 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 9 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ka tsela e tšoanang ke tla senya boikakaso ba Juda+ le boikakaso bo bongata ba Jerusalema. 10 Sechaba sena se sebe se hanang ho mamela mantsoe a ka,+ se tsamaeang ka manganga a lipelo tsa sona+ le se ntseng se latela melimo e meng e le hore se e sebeletse le ho e inamela,+ le sona se tla ba feela joaloka lebanta lena le sa lokelang letho.’ 11 ‘Etsoe feela joalokaha lebanta le khomarela letheka la motho, kahoo ke entse hore bohle ba ntlo ea Iseraele le bohle ba ntlo ea Juda ba nkhomarele,’+ ho bolela Jehova, ‘e le hore ba fetohe ho ’na sechaba+ le lebitso+ le thoriso le ho hong ho hotle; empa ha baa ka ba mamela.’+

12 “U ba bolelle lentsoe lena, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Nkho e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō e tlatsoa ka veine.”’+ Ka sebele ba tla re ho uena, ‘Na ruri ha re tsebe hore nkho e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō e tlatsoa ka veine?’ 13 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke tlatsa ka botahoa+ baahi bohle ba naha ena le marena a lutseng bakeng sa Davida+ teroneng ea hae le baprista le baprofeta le baahi bohle ba Jerusalema. 14 Ke tla ba thulanya, bo-ntate le bara, ka nako e tšoanang,”+ ho bolela Jehova. “Nke ke ka bontša qenehelo, kapa ka sareloa, ’me nke ke ka ba le mohau oa hore ke se ke ka ba felisa.”’+

15 “Utloang, ’me le mamele. Le se ke la ikhohomosa,+ etsoe Jehova o boletse.+ 16 Rorisang Jehova Molimo oa lōna,+ pele a etsa hore ho be lefifi+ le pele maoto a lōna a khoptjoa lithabeng ka shoalane.+ Ka sebele le tla lebella leseli,+ ’me o tla le etsa moriti o lefifi;+ o tla le fetola botšo bo boholo.+ 17 Haeba le sa utloe,+ moea oa ka o tla lla libakeng tse patehileng ka lebaka la boikakaso ’me ruri o tla ntša meokho; ’me leihlo la ka le tla rotha meokho,+ kahobane mohlape+ oa Jehova o tla be o isitsoe kholehong.

18 “E-re ho morena le ho mofumahali,+ ‘Lulang sebakeng se tlaase,+ etsoe ka sebele moqhaka oa lōna oa botle o tla theoha lihloohong tsa lōna.’+ 19 Metse ea boroa e koetsoe, hoo ho seng ea e bulang. Juda kaofela ha eona e isitsoe kholehong. E isitsoe kholehong ka ho feletseng.+

20 “Phahamisa mahlo ’me u bone ba tsoang leboea.+ O kae mohlape oo motho a u fileng oona, mohlape oa hao o motle?+ 21 U tla re’ng ha motho a lebisa tlhokomelo ho uena,+ ha u ba rutile joaloka metsoalle e tšepeloang makunutu haufi le uena ho tloha qalong?+ Na u ke ke ua tšoaroa ke bohloko ba pelehi, bo tšoanang le ba mosali ea belehang?+ 22 Ha u tla be u re ka pelong,+ ‘Ke hobane’ng ha ke hlahetsoe ke lintho tsee?’+ ka lebaka la bongata ba liphoso tsa hao seaparo sa hao se tlositsoe hore se se ke sa u koahela;+ lirethe tsa hao li tšoeroe ka mabifi.

23 “Na Mokushe+ a ka fetola letlalo la hae? kapa lengau la fetola maroboko a lona?+ Le lōna le ne le tla khona ho etsa se molemo, lōna batho ba rutiloeng ho etsa bobe.+ 24 Kahoo ke tla ba hasanya+ joaloka ’mōkō o fefoloang ke moea o tsoang lefeelleng.+ 25 Ena ke karolo ea hao, kabelo ea hao e lekantsoeng e tsoang ho ’na,”+ ho bolela Jehova, “hobane u ntebetse+ ’me u ntse u tšepa leshano.+ 26 Ke tla boela ke etse hore seaparo sa hao se u koahele sefahleho, ’me ka sebele ho se hlomphehe ha hao ho tla bonoa,+ 27 liketso tsa hao tsa ho feba+ le lillo tsa hao,+ boitšoaro ba hao bo hlephileng ba botekatse. Ke bone lintho tsa hao tse nyonyehang holim ’a maralla, naheng.+ U malimabe, Uena Jerusalema! U ke ke ua hloeka+—ka mor’a nako e telele hakae?”+

14 Lena ke lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho Jeremia malebana le litaba tsa komello:+ 2 Juda e qalile ho siama,+ ’me liheke tsa eona li nyametse.+ Li oetse fatše,+ esita le mohoo oa Jerusalema o nyolohile.+ 3 Ba hlomphehang ba bona ba rometse bao e seng ba bohlokoa ba bona bakeng sa metsi.+ Ba fihlile liforong. Ha baa fumana metsi.+ Ba khutlile linkho tsa bona li se na letho. Ba hlabisitsoe lihlong+ ’me ba soetsehile, ’me ba ikoahetse lihlooho.+ 4 Ka lebaka la mobu o senyehileng hobane ho sa ka ha e-ba le pula ea litloebelele naheng,+ lihoai li hlabiloe ke lihlong; li ikoahetse lihlooho.+ 5 Etsoe le khama e tšehali e naheng e tsoetse, empa ea e tlohela, hobane ho ne ho se na joang bo bonolo. 6 Le liqoaha+ li eme holim ’a maralla a se nang letho; li fofonetse moea joaloka liphokojoe; mahlo a tsona a feletsoe ke matla kahobane ho se na limela.+ 7 Esita le haeba liphoso tsa rōna li paka khahlanong le rōna, Jehova, nka bohato ka lebaka la lebitso la hao;+ etsoe liketso tsa rōna tsa ho se tšepahale li ngatafetse;+ re u sitetsoe.+

8 Uena tšepo ea Iseraele,+ Mopholosi oa eona+ nakong ea mahlomola,+ ke hobane’ng ha u fetoha ea joaloka mojaki naheng, le ea joaloka motsamai ea fapohetseng ho hlola bosiu?+ 9 Ke hobane’ng ha u fetoha ea joaloka motho ea hloletsoeng, ea joaloka motho ea matla ea sa khoneng ho pholosa ho hang?+ Empa leha ho le joalo u har’a rōna,+ Jehova, ’me re ’nile ra bitsoa ka lebitso la hao.+ U se ke ua re soetsa.

10 Sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le sechaba sena: “Ka tsela ena se ratile ho lelera;+ ha sea thiba maoto a sona.+ Kahoo Jehova ha aa khahlisoa ke sona.+ Joale o tla hopola liphoso tsa sona ’me o tla lebisa tlhokomelo libeng tsa sona.”+

11 Jehova a re ho ’na: “U se ke ua rapella sechaba sena hore se fumane molemo leha e le ofe.+ 12 Ha se itima lijo, ha ke mamele mohoo oa sona oa kōpo e tiileng;+ ’me ha se nyehela nyehelo e feletseng ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo, ha ke khahlisoe ke tsona;+ etsoe ke tla se felisa ka sabole le ka tlala le ka lefu la seoa.”+

13 Eaba ke re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! baprofeta ba re ho sona, ‘Le ke ke la bona sabole, ’me ha ho tlala e tla ba teng ho lōna, empa ke tla le fa khotso ea ’nete sebakeng sena.’”+

14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+ 15 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le baprofeta ba profetang ka lebitso la ka le bao ke sa kang ka ba roma le ba reng ha ho na sabole kapa tlala e tla hlaha naheng ena, ‘Baprofeta bao ba tla felisoa ka sabole le ka tlala.+ 16 Batho bao ba ba profetelang ba tla fetoha batho ba ntšelitsoeng literateng tsa Jerusalema ka lebaka la tlala le sabole, ho se ea ba patang—bona, basali ba bona le bara ba bona le barali ba bona.+ Ke tla tšollela tlokotsi ea bona holim ’a bona.’+

17 “U ba bolelle lentsoe lena, ‘Mahlo a ka a ke a rothe meokho bosiu le motšehare ’me a se ke a khutsa,+ etsoe morali oa sechaba sa ka oa moroetsana o robehile ka ho oa ho hoholo,+ ka leqeba le kulisang ka ho fetisisa.+ 18 Haeba ke e-ea tšimong, bonang, joale, ba bolailoeng ka sabole!+ Haeba ke fihla motseng, bonang, hape, mafu a tlisitsoeng ke tlala!+ Etsoe moprofeta le moprista ba chalaketse naheng eo ba sa kang ba e tseba.’”+

19 Na u lahlile Juda ka ho feletseng,+ kapa na moea oa hao o nyonya Sione?+ Ke hobane’ng ha u re otlile, hoo ho se nang pholiso bakeng sa rōna?+ Re ne re tšepile hore ho tla ba le khotso, empa ha hoa hlaha molemo; re ne re tšepile nako ea ho folisa, ’me, bonang! ho tšoha!+ 20 Jehova, re lumela bokhopo ba rōna, phoso ea baholo-holo ba rōna,+ etsoe re u sitetsoe.+ 21 U se ke ua re hlompholla ka lebaka la lebitso la hao;+ u se ke ua nyelisa terone ea hao e khanyang.+ Hopola; u se ke ua tlōla selekane sa hao le rōna.+ 22 Na har’a litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ tsa lichaba ho na le se ka nesang pula, kapa na le maholimo a ka fana ka lipula tsa melupe?+ Jehova Molimo oa rōna,+ na hase Uena ea ka etsang joalo? Re u tšepile, etsoe u entse lintho tsena tsohle.+

15 Eaba Jehova o re ho ’na: “Haeba Moshe+ le Samuele+ ba ne ba eme ka pel’a ka, moea oa ka o ne o ke ke oa e-ba ho sechaba sena.+ Se ne se tla tlosoa ka pel’a sefahleho sa ka, e le hore se tsoe.+ 2 Etlare ha ba ka re ho uena, ‘Re tla tsoela hokae?’ u tla boela u re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Mang kapa mang ea lokeloang ke lefu la seoa le bolaeang, a ee lefung la seoa le bolaeang! Mang kapa mang ea lokeloang ke sabole, a ee saboleng! Mang kapa mang ea lokeloang ke tlala, a ee tlaleng!+ ’Me mang kapa mang ea lokeloang ke kholeho, a ee kholehong!”’+

3 “‘Ke tla beha malapa a mane hore a ba okamele,’+ ho bolela Jehova, ‘sabole bakeng sa ho bolaea, le lintja bakeng sa ho hulanya, le libōpuoa tse fofang tsa maholimo+ le liphoofolo tsa lefatše bakeng sa ho ja le ho senya. 4 Ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele mebusong eohle ea lefatše+ ka lebaka la Manase mora oa Ezekiase, morena oa Juda, ka lebaka la seo a se entseng Jerusalema.+ 5 Etsoe ke mang ea tla u bontša qenehelo, Uena Jerusalema, ’me ke mang ea tla u utloela bohloko,+ hape ke mang ea tla fapohela hore a botse hore na u phela joang?’

6 “‘U ntlohetse,’+ ho bolela Jehova. ‘U ntse u tsamaea ka santhao.+ Ke tla otlolla letsoho la ka khahlanong le uena ’me ke u felise.+ Ke khathetse ke ho ikutloa ke soabile.+ 7 Ke tla ba olōsa ka fereko+ lihekeng tsa naha. Ka sebele ke tla ba amoha bana.+ Ke tla timetsa sechaba sa ka, kaha ha sea furalla litsela tsa sona.+ 8 Ho ’na bahlolohali ba sona ba bile bangata ho feta lehlabathe la leoatle. Ke tla se tlisetsa motlatlapi motšehare, ho ’mè, le mohlankana.+ Ke tla etsa hore ka tšohanyetso se oeloe ke tšabo le pherekano.+ 9 Mosali ea belehang ba supileng o khathetse; moea oa hae o phefumoloha ka thata.+ Letsatsi la hae le liketse e sa ntse e le motšehare;+ o hlabiloe ke lihlong ’me o ikutloa o soabile.’ ‘’Me masala a bona ke tla a nehela sabole ka pel’a lira tsa bona,’+ ho bolela Jehova.”

10 ’Mè, ke malimabe+ kahobane u ntsoetse, ’na motho oa liqabang le motho ea qabanang le lefatše lohle.+ Ha kea alimana ka letho, ’me ha baa nkalima letho. Kaofela ha bona baa nthohaka.+

11 Jehova o itse: “Ka sebele ke tla u sebeletsa bakeng sa se molemo.+ Ka sebele ke tla u buella nakong ea tlokotsi+ le nakong ea mahlomola, khahlanong le sera.+ 12 Na motho a ka roba tšepe likoto, tšepe e tsoang leboea, le koporo? 13 Ke tla nehelana ka maruo a hao le matlotlo a hao hore a tlatlapuoe,+ eseng hore a lefelloe, empa bakeng sa libe tsohle tsa hao, esita le libakeng tsohle tsa hao.+ 14 Ke tla etsa hore a tsamaee le lira tsa hao ho ea naheng eo u sa e tsebeng.+ Etsoe mollo o hotelitsoe bohaleng ba ka.+ O hotelitsoe khahlanong le lōna.”

15 U tsebile.+ Jehova, nkhopole+ ’me u lebise tlhokomelo ea hao ho ’na ’me u mpheteletse ho ba ntlhorisang.+ Ka ho lieha ha hao ho halefa u se ke ua ntlosa.+ Ela hloko ho jara ha ka nyeliso ka lebaka la hao.+ 16 Mantsoe a hao a ile a fumanoa, eaba kea a ja;+ ’me lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang+ le ho nyakalla ha pelo ea ka;+ etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao,+ Jehova Molimo oa mabotho.+ 17 Ha kea lula le sehlopha sa metsoalle e haufi-ufi sa ba etsang mesoaso+ eaba ke qala ho thaba.+ Ke lutse ke le mong ka lebaka la letsoho la hao,+ etsoe u ntlatsitse ka nyatso.+ 18 Ke hobane’ng ha bohloko ba ka bo fetohile bo sa foleng+ le leqeba la ka le fetohile le sa phekoleheng?+ Le hanne ho folisoa. Ka sebele u fetoha ho hong ho nthetsang,+ joaloka metsi a sa tšepahaleng.+

19 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Haeba u ka khutla, joale ke tla u khutlisa.+ U tla ema ka pel’a ka.+ Haeba u ka hlahisa sa bohlokoa linthong tsa lefeela, u tla tšoana le molomo oa ka. Ba tla khutlela ho uena, empa u ke ke ua khutlela ho bona.”

20 “Ho sechaba sena ke u entse lerako la koporo le etselitsoeng qhobosheane;+ ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla.+ Etsoe ke na le uena, ho u pholosa le ho u lopolla,”+ ho bolela Jehova. 21 “Ke tla u lopolla letsohong la ba babe,+ ’me ke tla u lopolla letsohong la bahatelli.”

16 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “U se ke ua inkela mosali, ’me u se ke ua ba le bara le barali sebakeng sena.+ 3 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le bara le malebana le barali ba tsoalloang sebakeng sena, le malebana le bo-’m ’a bona ba ba belehang le malebana le bo-ntat’a bona ba etsang hore ba tsoalloe naheng ena,+ 4 ‘Ba tla bolaoa ke mafu.+ Ba ke ke ba lleloa,+ kapa ba patoa.+ Ba tla fetoha moiteli holim ’a lefatše;+ ’me ba tla felisoa ka sabole le ke tlala,+ ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le tsa liphoofolo tsa lefatše.’+

5 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘U se ke ua kena ka tlung ea mokete oa ba siameng, ’me u se ke ua ea lla ’me u se ke ua ba utloela bohloko.’+

“‘Etsoe ke tlositse khotso ea ka sechabeng sena,’ ho bolela Jehova, ‘le mosa o lerato le mehauhelo.+ 6 Ka sebele ba tla shoa, ba baholo le ba banyenyane, naheng ena. Ba ke ke ba patoa,+ kapa hona hore batho ba ikotle ka lebaka la bona, leha e le hore ho na le ea tla itšeha+ kapa a ipeole ka lebaka la bona.+ 7 Ba ke ke ba ba ngoathela bohobe ho hang ka lebaka la ho siama bakeng sa ho tšelisa e mong ka lebaka la ea shoeleng;+ kapa ba ba fa senoelo sa matšeliso hore ba se noe ka lebaka la ntat’a motho kapa ka lebaka la ’m ’ae.+ 8 Ho hang u se ke ua kena ka tlung ea mokete ho lula le bona hore u je u noe.’+

9 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke felisa lentsoe la thabo e khaphatsehang le lentsoe la nyakallo, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa sebakeng sena ka pel’a mahlo a lōna le matsatsing a lōna.’+

10 “Etlare ha u bolella sechaba sena mantsoe ana ’ohle ’me se re ho uena, ‘Ke ka lebaka lefe Jehova a boletseng tlokotsi ena eohle e khōlō khahlanong le rōna, ’me phoso ea rōna ke efe le sebe seo re sitetsoeng Jehova Molimo oa rōna ka sona ke sefe?’+ 11 u tla re ho sona, ‘“Ke ka lebaka la hore bo-ntat’a lōna ba ntlohetse,”+ ho bolela Jehova, “’me ba ’nile ba latela melimo e meng ’me ba e sebeletsa ’me ba e inamela.+ Empa ’na ba ntlohetse, ’me ha baa boloka molao oa ka.+ 12 Lōna le entse hampe ho feta bo-ntat’a lōna,+ e mong le e mong o latela manganga+ a pelo ea hae e mpe ka ho se ’mamele.+ 13 Ke tla le ntša naheng ena+ ke le lahlele naheng eo le sa kang la e tseba,+ leha e le bo-ntat’a lōna, ’me le tla lokela ho sebeletsa melimo+ e meng moo bosiu le motšehare, kahobane nke ke ka le bontša kamohelo leha e le efe.”’

14 “‘Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,’+ ho bolela Jehova, ‘ao ka ’ona ho ke keng ha hlola ho thoe: “Ka Jehova ea phelang ea ntšitseng bara ba Iseraele naheng ea Egepeta!”+ 15 empa ho tla thoe: “Ka Jehova ea phelang ea ntšitseng bara ba Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyelitse ho tsona!” ’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa naheng ea bona, eo ke e fileng baholo-holo ba bona.’+

16 “‘Bonang! ke romeletsa hore ho be le batšoasi ba bangata ba litlhapi,’ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ba tla ba tšoasa; ka mor’a moo ke tla romeletsa hore ho be le litsomi tse ngata,+ ’me ka sebele li tla ba tsoma thabeng e ’ngoe le e ’ngoe le leralleng le leng le le leng le mafarung a mafika.+ 17 Etsoe mahlo a ka a talimile litsela tsohle tsa bona. Ha baa pateha ka pel’a ka, leha e le hore liphoso tsa bona li patehile ka pel’a mahlo a ka.+ 18 Pele ho tsohle, ke tla buseletsa liphoso tsa bona+ le libe tsa bona ka ho feletseng, ka lebaka la ho silafatsa ha bona naha ea ka.+ Ba ne ba tlatsitse lefa la ka ka litopo tsa lintho tsa bona tse nyonyehang le ka lintho tsa bona tse manyala.’”+

19 Jehova matla a ka le qhobosheane ea ka, le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola,+ lichaba li tla tla ho uena li tsoa lipheletsong tsa lefatše,+ ’me li tla re: “Baholo-holo ba rōna ba ruile leshano,+ lefeela le lintho tseo ho tsona ho neng ho se letho le molemo.”+ 20 Na motho oa lefatše a ka iketsetsa melimo le hoja e se melimo?+

21 “Ka hona bonang! ke etsa hore ba tsebe; ka nako ena e le ’ngoe ke tla etsa hore ba tsebe letsoho la ka le matla a ka,+ ’me ba tla lokela ho tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”+

17 “Sebe sa Juda se ngotsoe fatše ka pene ea tšepe.+ Se ngotsoe ka ho fatoa ka motsu oa daemane matlapeng a lipelo tsa bona,+ le manakeng a lialetare tsa bona,+ 2 ha bara ba bona ba hopola lialetare tsa bona le lipalo tsa bona tse halalelang ka thōko ho sefate se behang haholo, holim ’a maralla a phahameng,+ 3 lithabeng tse naheng. Maruo a hao, matlotlo ’ohle a hao, ke tla nehelana ka ’ona hore a tlatlapuoe+—libaka tsa hao tse phahameng ka lebaka la sebe libakeng tsohle tsa hao.+ 4 Ka ho rata ha hao, u ile ua tlohela lefa la hao leo ke neng ke u file lona.+ Hape ke tla etsa hore u sebeletse lira tsa hao naheng eo u sa kang ua e tseba;+ etsoe le hotelitsoe joaloka mollo bohaleng ba ka.+ O tla ’ne o hotetsoe ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”

5 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ho rohakoe monna ea shahlileng ea tšepang motho oa lefatše+ ’me a etsa nama letsoho la hae,+ le eo pelo ea hae e furallang Jehova.+ 6 Ka sebele o tla ba joaloka sefate se emeng se le seng thoteng ea lehoatata ’me a ke ke a bona ha molemo o hlaha;+ empa o tla lula libakeng tse omeletseng lefeelleng, naheng ea letsoai e se nang baahi.+ 7 Ho hlohonolofatsoe monna ea shahlileng ea tšepang Jehova, le eo Jehova e leng tšepo ea hae.+ 8 Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le metsi, seo metso ea sona e namelang molatsoaneng; a ke ke a bona ha mocheso o tla, empa makhasi a hae a tla beha haholo.+ Selemong sa komello+ a ke ke a tšoenyeha, kapa a khaotsa ho hlahisa litholoana.

9 “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.+ Ke mang ea ka e tsebang? 10 ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo,+ ke phenya liphio,+ esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+ 11 Motho ea etsang maruo, empa e se ka toka,+ o joaloka khoale e bokeletseng seo e sa se behelang. Bohareng ba matsatsi a hae o tla a tlohela,+ ’me qetellong e tla ba ea se nang kelello.”+

12 Ho tloha qalong ho na le terone e khanyang e phahameng;+ ke sebaka sa sehalalelo sa rōna.+ 13 Jehova, tšepo ea Iseraele,+ bohle ba u tlohelang ba tla hlabisoa lihlong.+ Ba nkoenehelang+ ba tla ngoloa lefatšeng, kahobane ba tlohetse mohloli oa metsi a phelang, Jehova.+ 14 Mpholise, Jehova, ’me ke tla fola.+ Mpholose, ’me ke tla pholoha;+ etsoe u thoriso ea ka.+

15 Bona! Ho na le ba reng ho ’na: “Lentsoe la Jehova le hokae?+ Ka kōpo, le ke le kene.” 16 Empa ha e le ’na, ha kea ka ka potlakela hore ke se ke ka ba molisa ea u latelang, ’me ha kea ka ka bontša takatso leha e le efe bakeng sa letsatsi la matšoenyeho. U tsebile polelo ea molomo oa ka; e hlahile ka pel’a sefahleho sa hao. 17 U se ke ua fetoha ho hong ho tšosang ho ’na.+ U setšabelo sa ka letsatsing la tlokotsi.+ 18 Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabisoe lihlong,+ empa ’na ke se ke ka hlabisoa lihlong.+ E be bona ba tšohang, empa ’na ke se ke ka tšoha. Ba tlisetse letsatsi la tlokotsi,+ ’me u ba robe ka tšenyo e fetang eo habeli.+

19 Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “E-ea, ’me u eme hekeng ea bara ba sechaba eo marena a Juda a kenang ka eona le eo a tsoang ka eona, le lihekeng tsohle tsa Jerusalema.+ 20 U tla re ho bona, ‘Utloang lentsoe la Jehova, lōna marena a Juda le Juda eohle le lōna baahi bohle ba Jerusalema, ba kenang ka liheke tsena.+ 21 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Lebelang meea ea lōna,+ ’me ka letsatsi la sabatha le se ke la jara mojaro leha e le ofe oo le tla o tlisa ka liheke tsa Jerusalema.+ 22 Le se ke la ntša mojaro leha e le ofe malapeng a lōna ka letsatsi la sabatha; ’me ho hang le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe.+ Le halaletse letsatsi la sabatha, feela joalokaha ke laetse baholo-holo ba lōna;+ 23 empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe,+ ’me ba satalatsa melala ea bona+ e le hore ba se ke ba utloa le hore ba se ke ba amohela taeo.”’+

24 “‘“Haeba le ’mamela ka tieo,”+ ho bolela Jehova, “hore le se ke la tlisa mojaro leha e le ofe ka liheke tsa motse ona ka letsatsi la sabatha+ le hore le halaletse letsatsi la sabatha ka ho se etse mosebetsi leha e le ofe ka lona,+ 25 ka sebele ho tla boela ho kene marena le likhosana ka liheke tsa motse ona,+ a lutseng teroneng ea Davida,+ a palameng likoloi le lipere, ’ona le likhosana tsa ’ona, banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; ’me ka sebele motse ona o tla ba le baahi ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 26 Batho ba tla tla ba tsoa metseng ea Juda le ho potoloha Jerusalema le ho tloha naheng ea Benjamine+ le mabalane+ le libakeng tse lithaba+ le Negebe,+ ba tlisitse nyehelo e feletseng ea secheso+ le sehlabelo+ le nyehelo ea lijo-thollo+ le libano tse tšoeu+ ’me ba tlisitse sehlabelo sa liteboho ka tlung ea Jehova.+

27 “‘“Empa haeba le sa ’mamele ka ho halaletsa letsatsi la sabatha le ka ho se jare mojaro,+ empa le kena ka oona lihekeng tsa Jerusalema ka letsatsi la sabatha, ke tla hotetsa mollo lihekeng tsa eona,+ ’me ka sebele o tla chesa litora tsa bolulo tsa Jerusalema+ ’me o ke ke oa tima.”’”+

18 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Ema, u theohele ntlong ea sebōpi,+ ’me ke tla etsa hore u utloe mantsoe a ka moo.”

3 Ka theohela ntlong ea sebōpi, ’me se ne se sebeletsa holim ’a mabili a sebōpi sa letsopa. 4 Sejana seo se neng se se etsa ka letsopa se ile sa senngoa ke letsoho la sebōpi, eaba sea khutla ’me se etsa sejana se seng, feela joalokaha ho ne ho bonahala ho nepahetse mahlong a sebōpi hore se etse joalo.+

5 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 6 “‘Na ha ke khone ho le etsa joaloka sebōpi see, lōna ba ntlo ea Iseraele?’ ho bolela Jehova. ‘Bonang! Joaloka letsopa letsohong la sebōpi, le lōna le joalo letsohong la ka, Lōna ba ntlo ea Iseraele.+ 7 Ka motsotso ofe kapa ofe ha nka bua khahlanong le sechaba le khahlanong le ’muso hore ke se fothole le ho se heletsa le ho se timetsa,+ 8 ’me sechaba seo se furalla bobe ba sona boo ke buileng ka bona,+ ke tla ikutloa ke soabile ka lebaka la tlokotsi eo ke neng ke nahanne ho e phethisa holim ’a sona.+ 9 Empa ka motsotso ofe kapa ofe ha nka bua ka sechaba le ka ’muso hore ke se hahe le ho se hloma,+ 10 ebe se etsa se sebe mahlong a ka ka ho se mamele lentsoe+ la ka, ke tla boela ke ikutloe ke soabile ka lebaka la molemo oo ke ipoleletseng hore ke tla o etsa molemong oa sona.’

11 “Joale ka kōpo, e-re ho banna ba Juda le ho baahi ba Jerusalema, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke etsa tlokotsi khahlanong le lōna ’me ke nahana monahano khahlanong le lōna.+ Ka kōpo, furallang, e mong le e mong tsela ea hae e mpe, ’me le etse hore litsela tsa lōna le mesebetsi ea lōna e be metle.”’”+

12 Ba re: “Ha ho na thuso!+ Etsoe re tla latela menahano ea rōna, ’me e mong le e mong o tla phetha manganga a pelo ea hae e mpe.”+

13 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ka kōpo, ipotsetseng har’a lichaba. Ke mang ea utloileng lintho tse kang tsee? Ho na le ntho e tšabehang eo moroetsana oa Iseraele a e entseng ka ho feteletseng.+ 14 Na lehloa la Lebanone le tla tloha lefikeng la naha e sabaletseng? Kapa na metsi asele, a pholileng, a phallang, a tla psha? 15 Etsoe sechaba sa ka se ntebetse+ ka hore ebe se etsetsa ho hong ho se nang thuso+ mosi oa sehlabelo, le ka hore se etsa hore batho ba khoptjoe litseleng tsa bona,+ litseleng tsa khale,+ hore ba tsamaee litseleng, tseleng e sa etsetsoang tutulu, 16 e le ho etsa hore naha ea bona e be ntho e makalloang,+ e letsetsoang mololi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ E mong le e mong oa ho qetela ea fetang ho eona o tla sheba ka ho makala ’me a sisinye hlooho.+ 17 Joaloka moea oa bochabela ke tla ba hasanya ka pel’a sera.+ Ke tla ba bontša mokokotlo, eseng sefahleho,+ letsatsing la koluoa ea bona.”

18 Eaba ba re: “Banna tloong, ’me re nahaneng menahano+ e itseng khahlanong le Jeremia, etsoe molao o ke ke oa timela ho moprista+ kapa keletso ho ea bohlale kapa lentsoe ho moprofeta.+ Tloong ’me re mo otle ka leleme,+ ’me re se ke ra ela hloko mantsoe leha e le afe a hae.”

19 Nkele hloko, Jehova, ’me u mamele lentsoe la bahanyetsi ba ka.+ 20 Na botle bo lokela ho buseletsoa ka bobe?+ Etsoe ba epetse moea oa ka sekoti.+ Hopola ha ke eme ka pel’a hao hore ke bue se molemo malebana le bona, ho khutlisa khalefo ea hao ho bona.+ 21 Ka hona nehelana ka bara ba bona tlaleng,+ ’me u nehelane ka bona matleng a sabole;+ ’me e se eka basali ba bona e ka ba basali ba amohuoeng bana, le bahlolohali.+ E se eka banna ba bona e ka ba ba bolailoeng ke lefu la seoa le bolaeang, bahlankana ba bona e be ba bolailoeng ka sabole ntoeng.+ 22 Ho ke ho utloahale mohoo ka matlung a bona, ha u ba tlisetsa sehlopha sa bafutuhi+ ka tšohanyetso. Etsoe ba epile sekoti hore ba nkhape, ’me ba patetse maoto a ka lifi.+

23 Empa Jehova, u tseba hantle morero oohle oa bona khahlanong le ’na bakeng sa lefu la ka.+ U se ke ua koahela phoso ea bona, ’me u se ke ua hlakola sebe seo sa bona ka pel’a hao; empa ba ke ba fetohe ba entsoeng hore ba khoptjoe ka pel’a hao.+ Ba nkele bohato nakong ea khalefo ea hao.+

19 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “E-ea, ’me u nke botlolo ea letsopa ea sebōpi+ le banna ba bang ba baholo sechabeng le banna ba bang ba baholo ba baprista. 2 U ee phuleng ea bara ba Hinome,+ e Hekeng ea Mangeta. ’Me moo u phatlalatse mantsoe ao ke tla u bolella ’ona.+ 3 U tla re, ‘Utloang lentsoe la Jehova, Lōna marena a Juda le lōna baahi ba Jerusalema.+ Sena ke seo Jehova oa mabotho,+ Molimo oa Iseraele, a se boletseng:

“‘“Bonang! ke tlisa tlokotsi sebakeng sena, eo ha mang kapa mang a utloa ka eona, litsebe tsa hae li tlang ho hlohlona;+ 4 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba entse hore sebaka sena e be se sa hlokomeleheng+ ’me ba entse mosi oa sehlabelo bakeng sa melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba,+ bona le baholo-holo ba bona le marena a Juda; ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba hlokang molato.+ 5 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale e le hore ba chese bara ba bona mollong e le linyehelo tse feletseng tsa secheso tse eang ho Baale,+ ntho eo ke neng ke sa e laela kapa ka bua ka eona,+ le e sa kang ea hlaha pelong ea ka.”’+

6 “‘“Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “ao ka ’ona sebaka sena se ke keng sa hlola se bitsoa Tofethe+ le phula ea mora oa Hinome,+ empa se tla bitsoa phula ea polao. 7 Ke tla etsa morero oa Juda le oa Jerusalema lefeela sebakeng sena,+ ’me ke tla etsa hore ba lihuoe ka sabole ka pel’a lira tsa bona le ke letsoho la ba batlang meea ea bona.+ Ke tla fa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tsa lefatše litopo tsa bona hore e be lijo tsa tsona.+ 8 Ke tla etsa hore motse ona e be ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi.+ E mong le e mong oa ho qetela ea fetang ho oona o tla o sheba ka ho makala ’me a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa oona.+ 9 Ke tla etsa hore ba je nama ea bara ba bona le nama ea barali ba bona; ’me e mong le e mong o tla ja nama ea oa habo, ka lebaka la bothata le ka lebaka la khatello eo lira tsa bona le ba batlang meea ea bona ba tlang ho ba pota-pota ka eona.”’+

10 “U pshatle botlolo ka pel’a mahlo a batho ba tsamaeang le uena. 11 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ka tsela e tšoanang ke tla pshatla sechaba sena le motse ona joalokaha motho a pshatla sejana sa sebōpi hoo se sa hloleng se khona ho lokisoa;+ ’me ba tla pata litopo Tofethe+ ho fihlela ho se ho se na sebaka sa ho pata.”’+

12 “‘Ke tla etsa joalo ka sebaka sena,’ ho bolela Jehova, ‘le ho baahi ba sona, ke etse le motse ona joaloka Tofethe.+ 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba joaloka sebaka sa Tofethe,+ a sa hloekang, ke hore, matlo ’ohle ao marulelong a ’ona ba ileng ba etsetsa makhotla ’ohle a maholimo+ mosi oa sehlabelo ’me ba tšollela melimo e meng nyehelo ea seno.’”+

14 Jeremia a khutla Tofethe,+ moo Jehova a neng a mo rometse teng ho ea profeta, ’me a ema lebaleng la ntlo ea Jehova eaba o re ho sechaba sohle:+ 15 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke tlisetsa motse ona le metse eohle ea oona tlokotsi eohle eo ke e buileng khahlanong le oona, kahobane ba satalalitse melala hore ba se ke ba mamela mantsoe a ka.’”+

20 Joale Pashkure mora oa Imere,+ moprista, eo hape e neng e le molaoli ea etellang pele ka tlung ea Jehova,+ a ’na a mamela Jeremia ha a ntse a profeta mantsoe ana. 2 Joale Pashkure a otla moprofeta+ Jeremia ’me a mo kenya metšoasong+ e neng e le Hekeng e ka Holimo ea Benjamine, e neng e le ka tlung ea Jehova. 3 Empa eare ka letsatsi la bobeli Pashkure a ntša Jeremia metšoasong,+ joale Jeremia a re ho eena:

“Jehova ha aa u reha lebitso+ la Pashkure, empa o u rehile Tšabo ka hohle.+ 4 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke u etsa hore u itšabe, u tšajoe le ke baratuoa bohle ba hao, ’me ka sebele ba tla lihuoa ka sabole ea lira+ tsa bona u ntse u shebile ka mahlo;+ ’me ke tla nehelana ka Bajuda bohle letsohong la morena oa Babylona, ’me o tla ba isa kholehong Babylona le ho ba bolaea ka sabole.+ 5 Ke tla nehelana ka lintho tsohle tse bolokiloeng tsa motse ona le lihlahisoa tsohle tsa oona le lintho tsohle tsa oona tsa bohlokoa; ke tla nehelana ka matlotlo ’ohle a marena a Juda matsohong a lira tsa bona.+ Ka sebele ba tla ba tlatlapa ’me ba ba nke ba ba tlise Babylona.+ 6 Ha e le uena, Pashkure, le bohle ba ahileng ka tlung ea hao, le tla ea kholehong;+ le tla ea Babylona ’me le shoelle teng ’me le tla pateloa teng le baratuoa bohle ba lōna,+ hobane le ba profetetse leshano.’”+

7 U nthetsise, Jehova, hoo ke ileng ka thetseha. U sebelisitse matla a hao khahlanong le ’na, hoo u ileng ua hlōla.+ Ke fetohile ntho e tšehisang letsatsi lohle; e mong le e mong o mphetola litšeho.+ 8 Etsoe hangata ha ke bua, kea hoeletsa. Ke hoeletsa pefo le tlatlapo.+ Etsoe lentsoe la Jehova le fetohile sesosa sa nyeliso le sesomo ho ’na letsatsi lohle.+ 9 Ka re: “Nke ke ka bua ka eena, ’me ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.”+ Ka pelong ea ka la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka; ka khathala ke ho le tiisetsa, ’me ke ne ke sa khone ho le mamella.+ 10 Etsoe ke utloile tlaleho e mpe ea ba bangata.+ Ho ne ho e-na le tšabo ka hohle. “Bolelang, e le hore re ka bolela ka eena.”+ Motho e mong le e mong ea shoang o re ho ’na “Khotso!”—ba talimile ho hlotsa ha ka:+ “Mohlomong o tla thetseha,+ e le hore re ka mo hlōla ’me ra iphetetsa ho eena.” 11 Empa Jehova o ne a e-na le ’na+ joaloka senatla se tšabehang.+ Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla khoptjoa ’me ba se ke ba hlōla.+ Ka sebele ba tla hlabisoa lihlong haholo, kahobane ba tla be ba sa atleha. Ho tlotloloha ha bona ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang ho ke ke ha lebaloa.+

12 Empa uena, Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng;+ u bona liphio le pelo.+ E se eka nka bona phetetso ea hao ho bona,+ etsoe ke u senoletse nyeoe ea ka.+

13 Binelang Jehova! Rorisang Jehova! Etsoe o lopolotse moea oa mofutsana matsohong a baetsi ba bobe.+

14 Ho rohakoe letsatsi leo ke tsoetsoeng ka lona! E se eka letsatsi leo ’Mè a ntsoetseng ka lona le ke ke la hlohonolofatsoa!+ 15 Ho rohakoe motho ea tliselitseng Ntate litaba tse molemo, a re: “U tsoaletsoe mora, ngoana e motona!” Ka sebele o ile a mo thabisa.+ 16 Motho eo o tla ba joaloka metse eo Jehova a e helelitseng empa A sa ka a ikutloa a soabile.+ O tla utloa mohoo hoseng le mokhosi har’a motšehare.+

17 Ke hobane’ng ha a sa ka a mpolaea ke sa le ka pōpelong, hore ’Mè a fetohe sebaka sa ka sa lepato le hore pōpelo ea hae e ime ho isa nakong e sa lekanyetsoang?+ 18 Ke hobane’ng ha ke tsoile pōpelong+ hore ke bone mosebetsi o boima le mesarelo+ le hore matsatsi a ka a felle ka lihlong feela?+

21 Lentsoe+ le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, ha Morena Tsedekia+ a romela ho eena Pashkure+ mora oa Malkija le Sofonia+ mora oa Maseia, moprista, le re: 2 “Ka kōpo botsa Jehova+ molemong oa rōna, hobane Nebukadrezare morena oa Babylona oa re loantša.+ Mohlomong Jehova o tla re etsa ho ea ka mesebetsi eohle ea hae e hlollang, e le hore a tlohe ho rōna.”+

3 Jeremia a re ho bona: “Sena ke seo le tla se bolella Tsedekia, 4 ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Bonang! ke fetola libetsa tsa ntoa tse matsohong a lōna, tseo le loantšang morena oa Babylona+ ka tsona, le Bakalde+ ba le thibeletseng ka ntle ho lerako, ’me ke tla li bokella ka har’a motse ona.+ 5 Ke tla le loantša+ ka letsoho le otlolohileng le ka letsoho le matla le ka bohale le ka khalefo le ka tlhonamo e khōlō.+ 6 Ke tla otla baahi ba motse ona, batho le liphoofolo. Ba tla shoa ka lefu le leholo la seoa.”’+

7 “‘“Ka mor’a moo,” ho bolela Jehova, “Tsedekia morena oa Juda le bahlanka ba hae le sechaba le ba phonyohileng lefung la seoa, saboleng le tlaleng motseng ona, ke tla nehelana ka bona letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, esita le matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang meea ea bona, ’me ka sebele o tla ba bolaea ka bohale ba sabole.+ A ke ke a ba utloela bohloko, leha e le ho bontša qenehelo kapa ho ba le mohau leha e le ofe.”’+

8 “U tla re ho sechaba sena, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke beha tsela ea bophelo le tsela ea lefu ka pel’a lōna.+ 9 Ea lutseng a khutsitse motseng ona o tla shoa ka sabole le ke tlala le ka lefu la seoa;+ empa ea tsoang ’me a oela ho Bakalde ba le thibeletseng o tla lula a phela, ’me ka sebele moea oa hae e tla ba oa hae e le thepa e hapuoeng.”’+

10 “‘“Etsoe ke tjametse motse ona bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo,”+ ho bolela Jehova. “Ho tla nehelanoa+ ka oona letsohong la morena oa Babylona, ’me ka sebele o tla o chesa ka mollo.”+

11 “‘Mabapi le ntlo ea morena oa Juda, utloang lentsoe la Jehova.+ 12 Lōna ba ntlo ea Davida,+ sena ke seo Jehova a se boletseng: “Hoseng+ ho hong le ho hong le ahlole ka toka,+ ’me le lopolle ea tlatlapuoang letsohong la molotsana,+ e le hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo+ ’me ea tuka ’me ha se ke ha e-ba le ea ka e timang ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”’+

13 “‘Bona! ke khahlanong le uena, mosali ea lulang khohlong,+ Uena lefika la naha e motsitsa,’ ho bolela Jehova. ‘Ha e le lōna ba reng: “Ke mang ea tla re futuhela? Ke mang ea tla tla libakeng tsa rōna tsa bolulo?”+ 14 Ke tla boela ke ahlole litaba khahlanong le lōna+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea lōna,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla hotetsa mollo morung+ oa eona, ’me ka sebele o tla chesa lintho tsohle tse e potolohileng.’”+

22 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Theohela ntlong ea morena oa Juda, ’me u bue lentsoe lena teng. 2 U tla re, ‘Utloa lentsoe la Jehova, Uena morena oa Juda ea lutseng teroneng ea Davida,+ uena le bahlanka ba hao le sechaba sa hao, ba kenang ka liheke tsena.+ 3 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Etsang toka le ho loka, ’me le lopolle ea tlatlapuoang letsohong la molotsana; ’me le se ke la tšoara mojaki leha e le ofe hampe, moshanyana ea se nang ntate kapa mohlolohali.+ Le se ke la ba ntša kotsi.+ Le se ke la tšolla mali leha e le afe a hlokang molato sebakeng sena.+ 4 Etsoe haeba ruri le ka phetha lentsoe lena, ka sebele lihekeng tsa motse ona ho tla kena marena a lutseng sebakeng sa Davida teroneng ea hae,+ a palame likoloi le lipere, eena hammoho le bahlanka ba hae le sechaba sa hae.”’+

5 “‘Empa haeba le sa mamele mantsoe ana, ke hlapanya ka ’na,’+ ho bolela Jehova, ‘hore ntlo ena e tla fetoha sebaka feela se ripitliloeng.’+

6 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le ntlo ea morena oa Juda, ‘U joaloka Gileade ho ’na, hlooho ea Lebanone.+ Kea u tiisetsa hore ke tla u etsa lefeella;+ ha e le metse, ha ho le o mong o tla ba le baahi.+ 7 Ke tla halaletsa ba u felisang,+ e mong le e mong le libetsa tsa hae;+ ba tla rema likedare+ tsa hao tse khethehileng ’me ba li lihele mollong.+ 8 Lichaba tse ngata li tla feta haufi le motse ona ’me li buisane li re: “Ke ka lebaka lefe Jehova a entseng tjee ho motse oo o moholo?”+ 9 Li tla lokela ho re: “Ka lebaka la hore ba tlohetse selekane sa Jehova Molimo+ oa bona ’me ba inametse melimo e meng ’me ba e sebelelitse.”’+

10 “Le se ke la llela ea shoeleng,+ ’me le se ke la mo utloela bohloko. Llang haholo bakeng sa ea tsamaeang, kaha ha a sa tla hlola a khutla ’me a ke ke a bona naha ea beng ka eena. 11 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le Shalume+ mora oa Josiase, morena oa Juda ea busang sebakeng sa ntat’ae Josiase,+ ea tlohileng sebakeng sena, ‘Ha a sa tla hlola a khutlela moo. 12 Etsoe o tla shoella sebakeng seo ba mo isitseng kholehong ho sona, ’me ha a sa tla hlola a bona naha ena.’+

13 “Ho malimabe ea hahang ntlo ea hae,+ empa e se ka ho loka, le likamore tsa hae tse ka holimo, empa e se ka toka, ka ho sebelisa oa habo ea sebeletsang lefeela, le eo a sa mo feng moputso oa hae;+ 14 ea reng, ‘Ke il’o ikahela ntlo e khōlō le likamore tse ka holimo tse khōlō;+ ’me lifensetere tsa ka li tla atolosoa bakeng sa eona, ’me e tla manehoa ka mapolanka a kedare+ ’me e tlotsoe ka bofubelu.’+ 15 Na u tla tsoela pele ho busa kahobane u etsa tlhōlisano ka ho sebelisa kedare? Ha e le ntat’ao, na ha aa ka a ja le ho noa le ho phethisa toka le ho loka?+ Lintho li ile tsa mo tsamaela hantle tabeng eo.+ 16 O ile a buella tseko ea molao ea ea hlorileng le ea mofutsana.+ Tabeng eo lintho li ile tsa mo tsamaela hantle. ‘Na eo hase taba ea ho ntseba?’ ho bolela Jehova. 17 ‘Kea u tiisetsa hore mahlo a hao le pelo ea hao ha li ho letho haese phaellong ea hao ea ho hloka toka,+ le maling a ea hlokang molato e le hore u a tšolle,+ le bolotsaneng le ho hanyapetseng e le hore u li ntšetse pele.’

18 “Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ‘Ba ke ke ba mo llela ka ho re: “Oho, mor’eso! Le ka ho re oho, morali’eso!” Ba ke ke ba mo llela ka ho re: “Oho, monghali! Le ka ho re oho, ho hlompheha ha hae!”+ 19 O tla patoa ka lepato la esele e tona,+ ka ho hulanngoa le ka ho lahloa, ka nģ’ane ho liheke tsa Jerusalema.’+

20 “Nyolohela Lebanone ’me u hoeletse,+ ’me u hoeletse ka lentsoe la hao Bashane.+ U hoeletse u le Abarime,+ kahobane bohle ba u ratang haholo ba robiloe.+ 21 Ke buile le uena nakong ea ha u se matšoenyehong.+ U itse, ‘Nke ke ka mamela.’+ Ena e bile tsela ea hao ho tloha bocheng ba hao, etsoe ha ua ka ua mamela lentsoe la ka.+ 22 Moea o tla lisa balisa bohle ba hao;+ ’me ha e le ba u ratang haholo, ba tla ea kholehong.+ Etsoe ka nako eo u tla hlajoa ke lihlong ’me ka sebele u tla ikutloa u kokobelitsoe ka lebaka la tlokotsi eohle ea hao.+ 23 Uena ea lulang Lebanone,+ ea lulang sehlaheng sa likedare,+ ka sebele u tla feheloa hakaakang ha u tleloa ke bohloko ba pelehi,+ bohloko ba pelehi bo kang ba mosali ea belehang!”+

24 “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela Jehova, ‘esita le haeba Konia+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, e ne e le lesale la tiiso+ letsohong la ka le letona, ke ne ke tla u ntša moo!+ 25 Ke tla nehelana ka uena matsohong a ba batlang moea+ oa hao le matsohong a bao u ba tšabang le letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona le matsohong a Bakalde.+ 26 Uena le ’m ’ao+ ea u tsoetseng ke tla le lahlela naheng e ’ngoe eo le sa tsoalloang ho eona, ’me ke hona moo le tla shoella teng.+ 27 Ba ke ke ba khutlela lefatšeng leo ba tla phahamisa meea ea bona hore ba khutlele ho lona.+ 28 Na motho enoa Konia+ ke sebōpeho feela se nyelisoang, se pshatliloeng,+ kapa sejana se sa thabeloeng?+ Ke hobane’ng ha eena le bana ba hae ba tla liheloa fatše le ho lahleloa naheng eo ba sa kang ba e tseba?’+

29 “Uena lefatše, lefatše, lefatše, utloa lentsoe la Jehova.+ 30 Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ngolang motho enoa e le ea se nang bana,+ e le monna ea shahlileng ea ke keng a ba le katleho leha e le efe matsatsing a hae; etsoe ho bana ba hae ha ho le ea mong ea tla ba le katleho,+ a lule teroneng ea Davida+ ’me a buse Juda hape.’”

23 “Ho malimabe balisa ba timetsang le ba hasanyang linku tsa lekhulo la ka!”+ ho bolela Jehova.

2 Ka hona sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng khahlanong le balisa ba lisang sechaba sa ka: “Le hasantse linku tsa ka; la ’na la li qhalakanya, ’me ha lea lebisa tlhokomelo ea lōna ho tsona.”+

“Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna,”+ ho bolela Jehova.

3 “Ke tla bokella masala a linku tsa ka linaheng tsohle tseo ke li qhalakanyelitseng ho tsona,+ ’me ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona,+ ’me ka sebele li tla ata li ngatafale.+ 4 Ke tla li hlahisetsa balisa ba tla li lisa;+ ha li sa tla hlola li tšoha, kapa li tšaba,+ ’me ha ho le e ’ngoe e tla haella,” ho bolela Jehova.

5 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla hlahisetsa Davida lehlōmela le lokileng.+ Ka sebele morena o tla busa+ ’me a etse ka masene ’me a phethise toka le ho loka naheng.+ 6 Matsatsing a hae Juda e tla bolokoa,+ le Iseraele e tla lula e sireletsehile.+ Lena ke lebitso la hae leo a tla bitsoa ka lona, Jehova ke ho Loka ha Rōna.”+

7 “Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ha ba sa tla hlola ba re, ‘Jehova oa phela ea ntšitseng bara ba Iseraele naheng ea Egepeta,’+ 8 empa ba tla re, ‘Jehova oa phela ea ntšitseng le ea tlisitseng bana ba ntlo ea Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo ke ba qhalakanyelitseng ho tsona,’ ’me ka sebele ba tla lula naheng ea bona.”+

9 Mabapi le baprofeta, pelo ea ka e robehile ka hare ho ’na. Masapo a ka kaofela a qalile ho thothomela. Ke joaloka motho ea tahiloeng,+ le joaloka monna ea shahlileng ea hlōtsoeng ke veine, ka lebaka la Jehova le ka lebaka la mantsoe a hae a halalelang. 10 Etsoe naha e tletse+ bafebi.+ Etsoe ka lebaka la bomalimabe naha ea siama,+ makhulo a lefeella a omeletse;+ ’me liketso tsa bona li mpe, ’me matla a bona ha aa loka.

11 “Etsoe moprofeta le moprista ba silafetse.+ Hape ke fumane bobe ba bona ka tlung ea ka,”+ ho bolela Jehova. 12 “Ka hona litsela tsa bona li tla fetoha libaka tse thellang+ lefifing bakeng sa bona, ba tla sutumeletsoa ho tsona ’me ka sebele ba oe.”+

“Etsoe ke tla ba tlisetsa tlokotsi, selemo sa hore ba eloe hloko,”+ ho bolela Jehova. 13 “Ke bone ho sa tšoanelang ho baprofeta ba Samaria.+ Ba itšoere joaloka baprofeta ba susumelitsoeng ke Baale,+ ’me ba ntse ba etsa hore sechaba sa ka, sa Iseraele, se lelere.+ 14 Ke bone lintho tse tšabehang+ ho baprofeta ba Jerusalema, ho feba+ le ho tsamaea leshanong;+ ba matlafalitse matsoho a ba etsang bobe e le hore ba se ke ba khutla,+ e mong le e mong bobeng ba hae. Ho ’na kaofela ha bona ba joaloka Sodoma,+ ’me baahi ba eona ba joaloka Gomora.”+

15 Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng khahlanong le baprofeta: “Bonang! ke ba jesa lengana, ’me ke tla ba fa metsi a chefo hore ba a noe.+ Etsoe bokoenehi+ bo ile naheng eohle bo tsoa ho baprofeta ba Jerusalema.”

16 Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba le profetelang.+ Ba le etsa hore le be ba se nang thuso.+ Ba bua pono ea lipelo tsa bona+—eseng e tsoang molomong oa Jehova.+ 17 Nako le nako ba ntse ba re ho ba ntlhomphollang, ‘Jehova o boletse: “Le tla ba le khotso.”’+ Ho e mong le e mong ea tsamaeang ka manganga a pelo+ ea hae ba itse, ‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+ 18 Etsoe ke mang ea emeng sehlopheng sa metsoalle e haufi-ufi+ sa Jehova e le hore a bone ’me a utloe lentsoe la hae?+ Ke mang ea lebisitseng tlhokomelo lentsoeng la hae e le hore a le utloe?+ 19 Bonang! Moea oa sefefo oa Jehova, khalefo, ka sebele o tla tsoa, esita le sefefo se matla.+ Se tla feta ka potlako ka holim ’a lihlooho tsa ba khopo.+ 20 Khalefo ea Jehova e ke ke ea khutla ho fihlela a phethile+ le ho fihlela a entse hore likhopolo tsa pelo ea hae li phethahale.+ Karolong e qetellang ea matsatsi le tla e nahana ka kutloisiso.+

21 “Ha kea ka ka roma baprofeta, empa leha ho le joalo ba mathile. Ha kea ka ka bua le bona, empa leha ho le joalo ba profetile.+ 22 Empa hoja ba ne ba eme sehlopheng sa metsoalle ea ka e haufi-ufi,+ ba ka be ba entse hore sechaba sa ka se utloe mantsoe a ka, ’me ba ka be ba entse hore se furalle litsela tsa sona tse mpe le ho furalla mesebetsi ea sona e mebe.”+

23 “Na ’na ke Molimo ea haufi,” ho bolela Jehova, “eseng Molimo ea hōle?”+

24 “Kapa na motho leha e le ofe a ka patoa libakeng tse patehileng ’me ke se ke ka mo bona?”+ ho bolela Jehova.

“Na hase ’na ea tlalang maholimo le lefatše?”+ ho bolela Jehova. 25 “Ke utloile seo baprofeta ba profetang leshano ka lebitso+ la ka ba se buileng, ha ba re, ‘Ke lorile! Ke lorile!’+ 26 Ho tla ba halelele hakae lipelong tsa baprofeta ba profetang leshano le bao e leng baprofeta ba ho qhekella ha lipelo tsa bona?+ 27 Ba nahana ho lebatsa sechaba sa ka lebitso la ka ka litoro tsa bona tseo ba ntseng ba li phetelana,+ feela joalokaha bo-ntat’a bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka lebaka la Baale.+ 28 Moprofeta ea lorileng, a ke a phete toro; empa eo lentsoe la ka le leng ho eena, a ke a bolele lentsoe la ka ka ’nete.”+

“Joang bo amana kae le lijo-thollo?”+ ho bolela Jehova.

29 “Na ka ho tšoanang lentsoe la ka ha le joaloka mollo,”+ ho bolela Jehova, “le joaloka hamore ea ho khoba e thuhakanyang lefika?”+

30 “Ka hona bonang! ke khahlanong le baprofeta,”+ ho bolela Jehova, “ba utsoang mantsoe a ka, e mong le e mong ho motsoalle oa hae.”+

31 “Bonang! ke khahlanong le baprofeta,” ho bolela Jehova, “ba sebelisang maleme a bona hore ba re, ‘Polelo!’”+

32 “Bonang! ke khahlanong le baprofeta ba litoro tsa bohata,” ho bolela Jehova, “ba li phetang le ba etsang hore sechaba sa ka se lelere ka lebaka la mashano+ a bona le ka lebaka la ho ithorisa+ ha bona.”

“Empa ha kea ka ka ba roma kapa ka ba laela. Kahoo ho hang ba ke ke ba thusa sechaba sena,”+ ho bolela Jehova.

33 “Ha sechaba sena kapa moprofeta kapa moprista a u botsa, a re, ‘Moroalo oa Jehova ke eng?’+ u tla re ho bona, ‘“Ke lōna—le moroalo o mokaakang!+ Ka sebele ke tla le tlohela,”+ ho bolela Jehova.’ 34 Ha e le moprofeta kapa moprista kapa sechaba se reng, ‘Moroalo oa Jehova!’ ke tla boela ke lebise tlhokomelo ea ka ho motho eo le ho ba ntlo ea hae.+ 35 Ke sona seo le ntseng le se bolela e mong le e mong ho oa habo le e mong le e mong ho mor’abo, ‘Jehova o arabile ka ho re’ng? Jehova o buile’ng?’+ 36 Empa le se ke la hlola+ le bolela moroalo+ oa Jehova, etsoe moroalo oo o fetoha lentsoe la e mong le e mong,+ ’me le fetotse mantsoe a Molimo ea phelang,+ Jehova oa mabotho, Molimo oa rōna.

37 “Sena ke seo u tla se bolella moprofeta eo, ‘Jehova o u file karabo efe? Jehova o buile’ng?+ 38 Haeba le ntse le re, “Moroalo oa Jehova!” ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Kahobane le re, ‘Lentsoe lena ke lona moroalo oa Jehova,’ ha ke ntse ke romeletsa ho lōna, ke re, ‘Le se ke la re: “Moroalo oa Jehova!”’ 39 ka hona ke ’na enoa! Ke tla le hlokomoloha ka ho feletseng,+ ’me ke tla le tlohela hammoho le motse oo ke o nehileng lōna le baholo-holo ba lōna—hore le tlohe ka pel’a ka.+ 40 Ke tla beha nyeliso holim ’a lōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang le ho tlotloloha ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ho ke keng ha lebaloa.”’”+

24 Jehova a mpontša, ’me bonang! libaskete tse peli tsa lifeiga tse behiloeng ka pel’a tempele ea Jehova, ka mor’a hore Nebukadrezare morena oa Babylona a ise kholehong Jekonia+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, le likhosana tsa Juda le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho+ le lihahi tsa lerako la tšireletso, ho tsoa Jerusalema e le hore a ka ba isa Babylona.+ 2 Ha e le basketeng e ’ngoe, lifeiga li ne li le ntle haholo, joaloka lifeiga tse butsoang pele;+ ha e le basketeng e ’ngoe, lifeiga li ne li le mpe haholo, hoo li neng li ke ke tsa jeoa ka lebaka la bobe ba tsona.

3 Jehova a re ho ’na: “U bona’ng Jeremia?” Kahoo ka re: “Ke bona lifeiga, lifeiga tse ntle li ntle haholo, ’me lifeiga tse mpe li mpe haholo, hoo li ke keng tsa jeoa ka lebaka la bobe ba tsona.”+

4 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 5 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Joaloka lifeiga tsena tse ntle, ke tla talima joalo ba isitsoeng kholehong ba Juda, bao ke tla re ba tlohe sebakeng sena ba ee naheng ea Bakalde,+ ka tsela e ntle.+ 6 Ke tla ba beha leihlo ka tsela e ntle,+ ’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa naheng ena.+ Ke tla ba haha, ’me nke ke ka ba liha; ke tla ba hloma, ’me nke ke ka ba fothola.+ 7 Ke tla ba fa pelo ea ho ntseba,+ hore ke ’na Jehova; ’me e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona, etsoe ba tla khutlela ho ’na ka lipelo tsohle tsa bona.+

8 “‘Joaloka lifeiga tse mpe tse ke keng tsa jeoa ka lebaka la bobe ba tsona,+ sena ha e le hantle ke seo Jehova a se boletseng: “Kahoo ke tla nehelana ka Tsedekia+ morena oa Juda le likhosana tsa hae le masala a Jerusalema a setseng naheng+ ena le ba lulang naheng ea Egepeta+— 9 Hape ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele, tlokotsing, mebusong eohle ea lefatše,+ nyelisong le polelong ea maele, sesomong+ le thohakong,+ libakeng tsohle tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona.+ 10 Ke tla romela sabole+ khahlanong le bona, tlala+ le lefu la seoa,+ ho fihlela ba fela naheng eo ke e fileng bona le baholo-holo ba bona.”’”+

25 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia malebana le sechaba sohle sa Juda selemong sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ke hore, selemo sa pele sa Nebukadrezare morena oa Babylona; 2 leo moprofeta Jeremia a ileng a le bua malebana le sechaba sohle sa Juda le malebana le baahi bohle ba Jerusalema, le re:

3 “Ho tloha selemong sa leshome le metso e meraro sa Josiase+ mora oa Amone, morena oa Juda, ho fihlela letsatsing lena, lentsoe la Jehova le hlahile ho ’na ka lilemo tsena tse mashome a mabeli a metso e meraro, ’me ke ’nile ka bua le lōna, ke tsoha hoseng ’me ke bua, empa ha lea ka la mamela.+ 4 Jehova a le romela bahlanka bohle ba hae e leng baprofeta, a tsoha hoseng ’me a ba romela, empa ha lea ka la mamela,+ kapa la sekeha litsebe hore le utloe,+ 5 ba ne ba re, ‘Ka kōpo, furallang e mong le e mong tsela ea hae e mpe le bobe ba mesebetsi ea lōna,+ ’me le tsoele pele ho lula naheng eo Jehova a e fileng lōna le baholo-holo ba lōna ho tloha khale le ho isa nakong e telele e tlang.+ 6 Le se ke la latela melimo e meng hore le e sebeletse le hore le e inamele, e le hore le se ke la ntšiteloa ka mosebetsi oa matsoho a lōna, ’me ke se ke ka le bakela tlokotsi.’+

7 “‘Empa ha lea ka la ’mamela,’ ho bolela Jehova, ‘ka morero oa hore le ntšiteloe ka mosebetsi oa matsoho a lōna, bakeng sa tlokotsi ho lōna.’+

8 “Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘“Ka lebaka la hore ha lea ka la mamela mantsoe a ka, 9 bonang! kea romeletsa ’me ke tla nka malapa ’ohle a leboea,”+ ho bolela Jehova, “ke romeletse ho Nebukadrezare morena oa Babylona, mohlanka+ oa ka, ’me ke tla ba tlisa khahlanong le naha+ ena le khahlanong le baahi ba eona le khahlanong le lichaba tsena tsohle tse potolohileng;+ ke tla ba nehela timetso ’me ke ba etse ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi+ le libaka tse ripitliloeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 10 Ke tla felisa har’a bona molumo oa thabo e khaphatsehang le molumo oa nyakallo,+ lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa,+ molumo oa leloala la letsoho+ le khanya ea lebone.+ 11 Naha ena eohle e tla fetoha sebaka se ripitliloeng, ntho e makalloang, ’me lichaba tsena li tla lokela ho sebeletsa morena oa Babylona ka lilemo tse mashome a supileng.”’+

12 “‘Etlare ha lilemo tse mashome a supileng li phethahetse+ ke tla batla boikarabello ho morena oa Babylona le ho sechaba seo,’+ ho bolela Jehova, ‘bakeng sa liphoso tsa bona, le khahlanong le naha ea Bakalde,+ ’me ke tla e etsa lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 13 Ke tla tlisa naheng eo mantsoe ’ohle a ka ao ke a buileng khahlanong le eona, le sohle se ngotsoeng bukeng ena seo Jeremia a se profetileng khahlanong le lichaba tsohle.+ 14 Etsoe tsona, lichaba tse ngata le marena a maholo,+ li ba hanyapelitse joaloka bahlanka;+ ’me ke tla li buseletsa ho ea ka mosebetsi oa tsona le ho ea ka mosebetsi oa matsoho a tsona.’”+

15 Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a mpoleletseng sona: “Nka senoelo sena sa veine ea khalefo letsohong la ka, ’me u se noese lichaba tsohle tseo ke u romelang ho tsona.+ 16 Li tla se noa ’me li thekesele ’me li itšoare joaloka batho ba hlanyang ka lebaka la sabole eo ke e romelang har’a tsona.”+

17 Ka nka senoelo letsohong la Jehova ’me ka se noesa lichaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona:+ 18 e leng, Jerusalema le metse ea Juda le marena a eona, le likhosana tsa eona, ho li etsa sebaka se ripitliloeng, ntho e makalloang,+ ntho e letsetsoang mololi le bomalimabe, feela joaloka letsatsing lena;+ 19 Faro morena oa Egepeta le bahlanka ba hae le likhosana tsa hae le batho bohle ba hae;+ 20 le sehlopha sohle se tsoakaneng, le marena ’ohle a naha ea Utse,+ le marena ’ohle a naha ea Bafilista+ le Ashkelone+ le Gaza+ le Ekrone+ le masala a Ashdode;+ 21 Edomo+ le Moabe+ le bara ba Ammone;+ 22 le marena ’ohle a Tyre+ le marena ’ohle a Sidone+ le marena a sehlekehleke se sebakeng sa leoatle; 23 le Dedane+ le Tema+ le Buze le bohle ba kutileng moriri o litlhafunelong;+ 24 le marena ’ohle a Maarabia+ le marena ’ohle a sehlopha se tsoakaneng a lulang lefeelleng; 25 le marena ’ohle a Zimri le marena ’ohle a Elame+ le marena ’ohle a Bamede;+ 26 le marena ’ohle a leboea a haufi le a hōle, ka ho latellana, le mebuso eohle e meng ea lefatše e holim ’a lefatše; ’me morena oa Sheshake+ o tla noa ka mor’a bona.

27 “U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Noang le tahoe le hlatse le oe hoo le ke keng la tsoha+ ka lebaka la sabole eo ke e romelang har’a lōna.”’+ 28 Haeba ba hana ho nka senoelo letsohong la hao hore ba noe, u tla boela u re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ruri le tla noa.+ 29 Etsoe bonang! ke qala ka motse o bitsoang ka lebitso la ka ha ke tlisa tlokotsi,+ ’me na ka tsela leha e le efe le tla lokoloha kotlong?”’+

“‘Le ke ke la lokoloha kotlong, etsoe ho na le sabole eo ke e bitsang khahlanong le baahi bohle ba lefatše,’ ho bolela Jehova oa mabotho.

30 “Ha e le uena, u tla ba profetela mantsoe ana ’ohle, ’me u re ho bona, ‘Jehova o tla puruma a le phahameng,+ o tla ntša lentsoe la hae a le sebakeng sa hae se halalelang sa bolulo.+ Ruri o tla puruma a le sebakeng sa hae sa bolulo. O tla ntša mohoo o kang oa ba hatakelang sehatelo sa veine khahlanong le baahi bohle ba lefatše.’+

31 “‘Ka sebele lerata le tla utloahala karolong e hōle-hōle ea lefatše, etsoe Jehova o na le tseko le lichaba.+ O tla kena kahlolong le nama eohle.+ Ha e le ba khopo, o tla ba nehela sabole,’+ ho bolela Jehova.

32 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Bonang! Tlokotsi e tloha sechabeng se seng e ea ho se seng,+ ’me ho tla tsosoa sefefo se matla likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.+ 33 Ka sebele letsatsing leo ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše.+ Ba ke ke ba lleloa, kapa ba phuthoa kapa ba patoa.+ Ba tla fetoha moiteli holim ’a lefatše.’+

34 “Bokollang, lōna balisa, le hoeletse!+ Ipitikeng,+ lōna ba hlomphehang ba mohlape,+ kahobane matsatsi a hore le hlajoe ’me le hasanngoe a phethahetse,+ ’me le tla oa joaloka sejana se lakatsehang!+ 35 Sebaka seo ho ka baleheloang ho sona se senyehile bakeng sa balisa, le mokhoa oa ho phonyoha ho ba hlomphehang ba mohlape.+ 36 Mamelang! Mohoo oa balisa, le ho bokolla ha ba hlomphehang ba mohlape, etsoe Jehova o senya lekhulo la bona. 37 Libaka tsa bolulo tse nang le khotso li fetohile tse se nang bophelo ka lebaka la bohale bo tukang ba Jehova.+ 38 O siile selao sa hae joaloka taoana e moetse,+ etsoe naha e fetohile ntho e makalloang ka lebaka la sabole e tšoarang hampe le ka lebaka la bohale ba hae bo tukang.”+

26 Tšimolohong ea bobusi ba Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, lentsoe lena la hlaha le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ema lebaleng la ntlo ea Jehova,+ ’me u bue malebana le metse eohle ea Juda e tlang ho tla inama ka tlung ea Jehova mantsoe ’ohle ao ke tla u laela hore u e bolelle ’ona.+ U se ke ua fokotsa lentsoe leha le le leng.+ 3 Mohlomong ba tla mamela ’me ba khutle, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe,+ ’me ke tla lokela ho ikutloa ke soabile bakeng sa tlokotsi eo ke nahanang ho e phethisa holim ’a bona ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea bona.+ 4 U tla re ho bona: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Haeba le sa ’mamele ka hore le tsamaee molaong+ oa ka oo ke o behileng ka pel’a lōna,+ 5 ka hore le mamele mantsoe a bahlanka ba ka baprofeta, bao ke ba romelang ho lōna, ke tsoha hoseng ke ba romela, bao le sa kang la ba mamela,+ 6 le ’na ke tla etsa hore ntlo ena e be joaloka e Shilo,+ ’me ke tla etsa hore motse ona e be thohako ho lichaba tsohle tsa lefatše.’”’”+

7 Baprista le baprofeta le sechaba sohle sa qala ho utloa Jeremia ha a bua mantsoe ana ’ohle ka tlung ea Jehova.+ 8 Kahoo eare ha Jeremia a qetile ho bua sohle seo Jehova a neng a mo laetse hore a se bolelle sechaba sohle, joale baprista le baprofeta le sechaba sohle sa mo tšoara, sa re: “Ruri u tla shoa.+ 9 Ke hobane’ng ha u profetile ka lebitso la Jehova, ua re, ‘Ntlo ena e tla ba joaloka e Shilo,+ ’me motse ona o tla ripitloa hoo o ke keng oa e-ba le moahi’?” Sechaba sohle sa ’na sa phutheha ho potoloha Jeremia ka tlung ea Jehova.

10 Ka mor’a nako likhosana tsa Juda tsa utloa mantsoe ana, eaba li tloha ka tlung ea morena li ea ka tlung ea Jehova+ ’me li lula monyako oa heke e ncha ea Jehova.+ 11 Baprista le baprofeta ba qala ho re ho likhosana le ho sechaba sohle: “Monna enoa o tšoaneloa ke kahlolo ea lefu,+ kahobane o profetile ka motse ona feela joalokaha le ikutloetse ka litsebe tsa lōna.”+

12 Eaba Jeremia o re ho likhosana le ho batho bohle: “Ke Jehova ea nthometseng hore ke profete malebana le ntlo ena le malebana le motse ona mantsoe ’ohle ao le a utloileng.+ 13 Joale etsang hore litsela tsa lōna le mesebetsi ea lōna e be metle,+ ’me le mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lōna, ’me Jehova o tla ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a e buileng khahlanong le lōna.+ 14 Ha e le ’na, bonang! ke matsohong a lōna.+ Le nketse ho ea ka se molemo le ho ea ka se nepahetseng mahlong a lōna.+ 15 Ruri le mpe le tsebe hore, haeba le mpolaea, le itšela ka mali a hlokang molato ’me le tšela le motse ona le baahi+ ba oona, etsoe kannete Jehova o nthometse hore ke bue mantsoe ana ’ohle moo le ntseng le utloa.”+

16 Joale likhosana+ le batho bohle ba re ho baprista le baprofeta: “Motho enoa ha aa tšoaneloa ke kahlolo ea lefu,+ etsoe o buile le rōna ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna.”+

17 Ho feta moo, ba bang ho banna ba baholo ba naha eo ba ema ’me ba qala ho re ho phutheho eohle ea sechaba:+ 18 “Mikea+ oa Moreshethe+ o ne a profeta matsatsing a Ezekiase morena oa Juda+ ’me a tsoela pele ho re ho sechaba sohle sa Juda, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Sione e tla lengoa joaloka tšimo feela,+ ’me Jerusalema e tla fetoha qubu feela ea lithako,+ ’me thaba ea Ntlo e tla ba libaka tse phahameng tsa moru.”’+ 19 Na Ezekiase morena oa Juda le bohle ba Juda ba ile ba mo bolaea ka mokhoa leha e le ofe? Na o ne a sa tšabe Jehova ’me a nolofatsa sefahleho sa Jehova,+ hoo Jehova a ileng a ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a e buile khahlanong le bona?+ Kahoo re ipakela tlokotsi e khōlō khahlanong le meea ea rōna.+

20 “Hape ho ne ho e-na le monna ea profetang ka lebitso la Jehova, Uria mora oa Shemaia oa Kiriathe-jearime.+ O ile a ’na a profeta khahlanong le motse ona le khahlanong le naha ena tumellanong le mantsoe a Jeremia. 21 Morena Jojakime+ le banna bohle ba hae ba matla le likhosana tsohle tsa utloa mantsoe a hae, ’me morena a qala ho batla ho mo bolaea.+ Ha Uria a utloa ka sena hang-hang a tšoha+ eaba oa baleha ’me o fihla Egepeta. 22 Empa Morena Jojakime a romela banna Egepeta, Elnathane mora oa Akbore+ hammoho le banna ba bang Egepeta. 23 Ba ntša Uria Egepeta ’me ba mo tlisa ho Morena Jojakime, eo joale a ileng a mo bolaea ka sabole+ ’me a lahlela setopo sa hae mabitleng a bara ba sechaba seo.”

24 Ho feta moo, letsoho la Akikame+ mora oa Shafane+ le ne le e-na le Jeremia, e le hore a se ke a nehelana ka eena matsohong a sechaba hore se mo bolaee.+

27 Tšimolohong ea ’muso oa Jojakime mora oa Josiase,+ morena oa Juda, lentsoe lena la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona, ‘Iketsetse marapo le lijoko,+ ’me u li behe molaleng.+ 3 U li romele ho morena oa Edomo+ le ho morena oa Moabe+ le ho morena oa bara ba Ammone+ le ho morena oa Tyre+ le ho morena oa Sidone+ ka matsoho a manģosa a tlang Jerusalema ho Tsedekia morena oa Juda. 4 U a fe taelo e eang ho beng ba ’ona, e reng:

“‘“Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele,+ a se boletseng; sena ke seo le lokelang ho se bolella beng ba lōna, 5 ‘Ke entse lefatše,+ moloko oa batho+ le liphoofolo+ tse holim ’a lefatše ka matla a ka a maholo+ le ka letsoho la ka le otlolohileng;+ ’me ke li file ea lokileng mahlong a ka.+ 6 Joale ke fane ka linaha tsena tsohle letsohong la Nebukadnezare morena oa Babylona,+ mohlanka oa ka;+ ke mo file esita le libata tsa naha hore li mo sebeletse.+ 7 Lichaba tsohle li tla sebeletsa eena+ le mora oa hae le setloholo sa hae ho fihlela ho fihla nako ea naha ea hae,+ ’me lichaba tse ngata le marena a mangata a tla mo hanyapetsa joaloka mohlanka.’+

8 “‘“‘Sechaba le ’muso o ke keng oa mo sebeletsa, Nebukadnezare morena oa Babylona; le se ke keng sa beha molala oa sona tlas’a joko ea morena oa Babylona, ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho sechaba seo ka sabole+ le ka tlala+ le ka lefu la seoa,’+ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela ke se timelitse ka letsoho la hae.’+

9 “‘“‘Ha e le lōna, le se ke la mamela baprofeta+ ba lōna le linohe tsa lōna le balori+ ba lōna le maselamose a lōna le baloi ba lōna,+ ba reng ho lōna: “Le ke ke la sebeletsa morena oa Babylona.”+ 10 Etsoe ba le profetela leshano, ka morero oa ho etsa hore le isoe hōle le naha ea lōna; ’me ke tla lokela ho le qhalakanya, ’me le tla lokela ho timela.+

11 “‘“‘Ha e le sechaba se tla tlisa molala oa sona tlas’a joko ea morena oa Babylona se mo sebeletse, ke tla boela ke se tlohele hore se lule naheng ea sona,’ ho bolela Jehova, ‘ka sebele se tla e lema ’me se lule ho eona.’”’”+

12 Esita le Tsedekia+ morena oa Juda ke mo boleletse ho ea ka mantsoe ana ’ohle,+ ka re: “Tlisang melala ea lōna tlas’a joko ea morena oa Babylona ’me le mo sebeletse le batho ba hae ’me le ’ne le phele.+ 13 Ke hobane’ng ha uena le sechaba sa hao le lokela ho bolaoa ka sabole,+ ke tlala+ le ke lefu la seoa+ ho ea ka seo Jehova a se boleletseng sechaba se sa sebeletseng morena oa Babylona? 14 Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba reng ho lōna, ‘Le ke ke la sebeletsa morena oa Babylona,’+ kahobane ba le profetela leshano.+

15 “‘Etsoe ha kea ba romela,’ ho bolela Jehova, ‘empa ba profeta ka bohata ka lebitso la ka, e le hore ke le qhalakanye,+ ’me le tla lokela ho timela,+ lōna le baprofeta ba le profetelang.’”+

16 Ke boleletse baprista le sechaba sena sohle ka re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba lōna ba le profetelang, ba re: “Bonang! Lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova li se li tla khutlisoa Babylona haufinyane!”+ Etsoe ba le profetela leshano.+ 17 Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena oa Babylona ’me le ’ne le phele.+ Ke hobane’ng ha motse ona o lokela ho fetoha sebaka se ripitliloeng?+ 18 Empa haeba ke baprofeta ’me haeba lentsoe la Jehova le ho bona, ka kōpo, e-reng ba etse thapeli ho Jehova oa mabotho,+ hore lisebelisoa tse setseng ka tlung ea Jehova le ka tlung ea morena oa Juda le Jerusalema li se ke tsa tla Babylona.’

19 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng ka litšiea+ le ka leoatle+ le ka likariki+ le ka lisebelisoa tse setseng motseng ona,+ 20 tseo Nebukadnezare morena oa Babylona a sa kang a li nka ha a isa Jekonia+ mora oa Jojakime, morena oa Juda, kholehong ho tloha Jerusalema ho ea Babylona, hammoho le bahlomphehi bohle ba Juda le Jerusalema;+ 21 etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng ka lisebelisoa tse setseng ka tlung ea Jehova le ka tlung ea morena oa Juda le Jerusalema,+ 22 ‘“Li tla isoa+ Babylona ’me li tla tsoela pele li le moo ho fihlela letsatsing la ha ke lebisa tlhokomelo ea ka ho tsona,”+ ho bolela Jehova. “Ke tla li lata ’me ke li busetse sebakeng sena.”’”+

28 Eare selemong seo, tšimolohong ea ’muso oa Tsedekia+ morena oa Juda, ka selemo sa bone, ka khoeli ea bohlano, Hanania+ mora oa Azure, moprofeta ea tsoang Gibeone,+ a re ho ’na ka tlung ea Jehova ka pel’a mahlo a baprista le a sechaba sohle: 2 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ke tla roba joko ea morena oa Babylona.+ 3 Pele ho fela lilemo tse peli tse feletseng ke tla khutlisetsa sebakeng sena lisebelisoa tsohle tsa ntlo ea Jehova tseo Nebukadnezare morena oa Babylona+ a li nkileng sebakeng sena e le hore a ka li isa Babylona.’” 4 “‘Ke khutlisetsa sebakeng sena Jekonia+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, le baholehuoa bohle ba Juda ba tlileng Babylona+,’ ho bolela Jehova, ‘etsoe ke tla roba joko+ ea morena oa Babylona.’”

5 Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania ka pel’a mahlo a baprista le ka pel’a mahlo a sechaba sohle se neng se eme ka tlung ea Jehova;+ 6 e, moprofeta Jeremia a re: “Amen!+ E se eka Jehova a ka etsa ka tsela ena! E se eka Jehova a ka tiisa mantsoe a hao ao u a profetileng ka hore a khutlisetse lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova le sechaba sohle se isitsoeng kholehong Babylona sebakeng sena!+ 7 Leha ho le joalo, ka kōpo, utloa lentsoe lena leo ke le buang moo u ntseng u utloa le moo sechaba sohle se ntseng se utloa.+ 8 Ha e le baprofeta ba bileng teng pele ho ’na le pele ho uena khale,+ le bona ba ne ba profeta malebana le linaha tse ngata le malebana le mebuso e meholo, ka ntoa le ka tlokotsi le ka lefu la seoa.+ 9 Ha e le moprofeta ea profetang khotso,+ ha lentsoe la moprofeta eo le phethahala moprofeta eo Jehova a mo rometseng ka ’nete o tla tsebahala.”+

10 Eaba moprofeta Hanania o tlosa joko molaleng oa Jeremia ’me oa e roba.+ 11 Moprofeta Hanania+ a tsoela pele ho re ka pel’a mahlo a sechaba sohle: “Sena ke seo Jehova a se boletseng,+ ‘Ka mokhoa ona ke tla roba joko ea Nebukadnezare morena oa Babylona pele ho fela lilemo tse ling tse peli tse feletseng molaleng oa lichaba tsohle.’”+ Moprofeta Jeremia a tsamaea.+

12 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia,+ ka mor’a hore moprofeta Hanania a robe joko molaleng oa moprofeta Jeremia, la re: 13 “E-ea, u re ho Hanania, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “U robile lijoko+ tsa lehong, ’me sebakeng sa tsona u tla lokela ho etsa lijoko tsa tšepe.”+ 14 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Ke tla beha joko ea tšepe melaleng ea lichaba tsena tsohle, hore li sebeletse Nebukadnezare morena oa Babylona;+ ’me li tla mo sebeletsa.+ Ke tla mo fa esita le libata tsa naha.”’”+

15 Moprofeta Jeremia a tsoela pele ho re ho moprofeta Hanania:+ “Ka kōpo, mamela, Uena Hanania! Jehova ha aa u roma, empa u entse hore sechaba sena se tšepe leshano.+ 16 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! Ke u tlosa holim ’a lefatše. Selemong sena u tla shoa,+ etsoe u buile bofetoheli bo pepenene khahlanong le Jehova.’”+

17 Kahoo moprofeta Hanania a shoa selemong seo, ka khoeli ea bosupa.+

29 Ana ke mantsoe a lengolo leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela le tsoa Jerusalema le e-ea ho masala a banna ba baholo ba batho ba isitsoeng kholehong le ho baprista le ho baprofeta le ho batho bohle, bao Nebukadnezare a neng a ba isitse kholehong Babylona ba tloha Jerusalema,+ 2 ka mor’a hore Morena Jekonia+ le mofumahali+ le balaoli ba lekhotla, likhosana tsa Juda le Jerusalema,+ le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le lihahi tsa marako a tšireletso+ li tsoe Jerusalema. 3 E bile ka letsoho la Elasa mora oa Shafane+ le la Gemaria mora oa Hilkia, bao Tsedekia+ morena oa Juda a ileng a ba romela Babylona ho Nebukadnezare morena oa Babylona, a re:

4 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boleletseng batho bohle ba isitsoeng kholehong, bao ke entseng hore ba isoe kholehong+ Babylona ba tloha Jerusalema, 5 ‘Hahang matlo ’me le lule ho ’ona, ’me le leme lirapa le je litholoana tsa tsona.+ 6 Inkeleng basali ’me le tsoale bara le barali;+ le nkele bara ba lōna basali ’me le nehelane ka barali ba lōna ho banna, e le hore ba tle ba tsoale bara le barali; ’me ba ngatafale moo, ba se ke ba fokola. 7 Hape, le batlele motse oo ke entseng hore le ee kholehong ho oona khotso, ’me le o rapelle ho Jehova, etsoe ka khotso ea oona le tla ba le khotso.+ 8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Baprofeta ba lōna ba har’a lōna le linohe tsa lōna li se ke tsa le thetsa,+ ’me le se ke la mamela litoro tsa tsona tseo li li lorang.+ 9 Etsoe ‘li le profetela leshano ka lebitso la ka. Ha kea ka ka li roma,’+ ho bolela Jehova.”’”

10 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tumellanong le ho phethahala ha lilemo tse mashome a supileng Babylona ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna,+ ’me ke tla tiisa lentsoe la ka le molemo ho lōna ka ho le khutlisetsa sebakeng sena.’+

11 “‘Etsoe ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna,’+ ho bolela Jehova, ‘menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi,+ ho le fa bokamoso le tšepo.+ 12 Ka sebele le tla mpitsa ’me le tl’o nthapela, ’me ke tla le mamela.’+

13 “‘Le tla mpatla ’me le mphumane,+ etsoe le tla mpatla ka lipelo tsohle tsa lōna.+ 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla bokella sehlopha sa baholehuoa ba lōna ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le qhalakanyelitseng ho tsona,’+ ho bolela Jehova. ‘Ke tla le khutlisetsa sebakeng seo ke entseng hore le ee kholehong le le ho sona.’+

15 “Empa le itse, ‘Jehova o re hlahiselitse baprofeta Babylona.’

16 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng ho morena ea lutseng teroneng ea Davida+ le ho sechaba sohle se lulang motseng ona, barab’abo lōna ba sa eang le lōna kholehong,+ 17 ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Bonang! ke romela sabole,+ tlala+ le lefu la seoa+ khahlanong le bona, ’me ke tla ba etsa joaloka lifeiga tse phatlohileng tse ke keng tsa jeoa ka lebaka la bobe.”’+

18 “‘Ke tla ba lelekisa ka sabole, ka tlala le ka lefu la seoa, ’me ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele ka pel’a mebuso eohle ea lefatše,+ bakeng sa thohako le ho ba ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi le nyeliso har’a lichaba tsohle tseo ke tla ba qhalakanyetsa ho tsona,+ 19 ka lebaka la hore ha baa mamela mantsoe a ka,’ ho bolela Jehova, ‘ao ke ba rometseng ’ona ka bahlanka ba ka baprofeta, ke tsoha hoseng ’me ke ba romela.’+

“‘Empa ha lea mamela,’+ ho bolela Jehova.

20 “Ha e le lōna, utloang lentsoe la Jehova, lōna batho bohle ba isitsoeng kholehong,+ bao ke ba tlositseng Jerusalema ka ba isa Babylona.+ 21 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng malebana le Akabe mora oa Kolaia le ho Tsedekia mora oa Maseia, ba le profetelang leshano ka lebitso la ka,+ ‘Bonang! ke nehelana ka bona letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, ’me o tla ba bolaea ka pel’a mahlo a lōna.+ 22 Ka sebele sehlopha sohle sa baholehuoa ba Juda ba leng Babylona se tla nka bomalimabe ho bona, se re: “E se eka Jehova a ka u etsa joaloka Tsedekia le joaloka Akabe,+ bao morena oa Babylona a ba besitseng mollong!”+ 23 ka lebaka la hore ba ntšelitse pele ho se be le kelello Iseraele,+ ’me ba ntse ba feba le basali ba metsoalle+ ea bona ’me ka lebitso la ka ba ntse ba bolela ka bohata lentsoe leo ke sa kang ka ba laela lona.+

“‘“Ke ’na Ea tsebang ’me ke paki,”+ ho bolela Jehova.’”

24 “Ho Shemaia+ oa Nehelame u tla re, 25 ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Ka lebaka la hore u rometse ka lebitso la hao mangolo+ ho sechaba sohle se Jerusalema, le ho Sofonia+ mora oa Maseia, moprista, le ho baprista bohle, ua re, 26 ‘Jehova o u entse moprista sebakeng sa moprista Jehojada, e le hore u be molebeli e moholo oa ntlo ea Jehova+ ho monna leha e le ofe ea hlanyang+ le ea itšoarang joaloka moprofeta, ’me u mo kenye metšoasong ea maoto le matsoho le metšoasong ea hlooho le matsoho;+ 27 joale, ke hobane’ng ha u sa khalemela Jeremia oa Anathothe+ ka matla, ea itšoarang joaloka moprofeta ho lōna?+ 28 Etsoe ke ka lebaka leo a romelelitseng ho rōna Babylona, a re: “E tla nka nako e telele! Hahang matlo ’me le lule ho ’ona, ’me le leme lirapa le je litholoana tsa tsona,+—”’”’”

29 Moprista Sofonia+ a bala lengolo lena moo moprofeta Jeremia a ntseng a utloa.

30 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia, la re: 31 “Romeletsa ho batho bohle ba isitsoeng kholehong,+ u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le Shemaia oa Nehelame: “Ka lebaka la hore Shemaia o le profetetse, empa ke sa ka ka mo roma, ’me o lekile ho etsa hore le tšepe leshano,+ 32 ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho Shemaia+ oa Nehelame le ho bana ba hae.’+

“‘“‘A ke ke a ba le motho ea lulang har’a sechaba sena;+ ’me a ke ke a talima molemo oo ke o etsetsang sechaba sa ka,’+ ho bolela Jehova, ‘kaha o boletse bofetoheli bo pepenene khahlanong le Jehova.’”’”+

30 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ingolle mantsoe ’ohle ao ke tla u bolella ’ona bukeng.+ 3 Etsoe, “bona! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla bokella baholehuoa ba sechaba sa ka, Iseraele le Juda,”+ ho boletse Jehova, “’me ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona, ’me ka sebele ba tla e rua hape.”’”+

4 Ana ke mantsoe ao Jehova a a boleletseng Iseraele le Juda. 5 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Re utloile molumo oa ho thothomela, tšabo,+ ’me ha ho na khotso. 6 Ka kōpo, botsang, ’me le bone hore na motho e motona oa beleha. Ke hobane’ng ha ke bone monna e mong le e mong ea shahlileng a itšoere thekeng joaloka mosali ea belehang,+ ’me lifahleho tsohle li pulufetse?+ 7 Oho! Etsoe letsatsi leo ke le leholo,+ hoo ho seng le joaloka lona,+ ’me ke nako ea mahlomola bakeng sa Jakobo.+ Empa o tla pholosoa ho ’ona.”

8 “Letsatsing leo,” ho bolela Jehova oa mabotho, “ke tla roba joko ea motho molaleng oa hao, ’me ke khaole marapo a hao likoto tse peli,+ ’me basele ha ba sa tla hlola ba mo hanyapetsa joaloka mohlanka. 9 Ka sebele ba tla sebeletsa Jehova Molimo oa bona le morena oa bona Davida,+ eo ke tla ba hlahisetsa eena.”+

10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+

11 “Etsoe ke na le uena,” ho bolela Jehova, “ho u pholosa;+ empa ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u hasanyelitseng ho tsona.+ Leha ho le joalo, ha e le uena nke ke ka u felisa.+ Ke tla lokela ho u khalemela ka tekanyo e loketseng, kaha ho hang nke ke ka u tlohela u sa fuoe kotlo.”+

12 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ha ho na pheko bakeng sa ho sithabela ha hao.+ Leqeba la hao ke le sa foleng.+ 13 Ha ho na ea kōpang ka tieo nyeoeng ea hao, bakeng sa seso sa hao.+ Ha ho na mokhoa oa ho folisa, le phekolo, bakeng sa hao.+ 14 Bohle ba u ratang haholo ke bona ba u lebetseng.+ Hase uena eo ba ntseng ba mo batla. Etsoe ke u otlile ka chapo ea sera,+ ka chapo ea ea sehlōhō,+ ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata;+ libe tsa hao li ngatafetse.+ 15 Ke hobane’ng ha u hoeletsa ka lebaka la ho sithabela ha hao?+ Bohloko ba hao ke bo sa phekoleheng ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata; libe tsa hao li ngatafetse.+ Ke u entse lintho tsena. 16 Ka hona bohle ba u harolang ba tla haroloa;+ ha e le bahanyetsi bohle ba hao, kaofela ba tla ea kholehong.+ Ka sebele ba u nkelang thepa ka mahahapa ba tla nkeloa thepa ka mahahapa, ’me bohle ba u tlatlapang ke tla nehelana ka bona hore e be se tlatlapuoeng.”+

17 “Etsoe ke tla u folisa, ’me ke tla u phekola maqebeng a hao,”+ ho bolela Jehova. “Etsoe ba u bitsitse mosali ea lelekiloeng:+ ‘Ke Sione, eo ho se nang ea e batlang.’”+

18 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke bokella baholehuoa ba litente tsa Jakobo,+ ’me ke tla hauhela litabernakele tsa eona. Motse o tla tsosolosoa holim ’a tutulu ea oona;+ ’me tora ea bolulo e tla lula setšeng sa eona se loketseng.+ 19 Ho bona ho tla tsoa liteboho, le molumo oa ba tšehang.+ Ke tla ba atisa, ’me ba ke ke ba fokola;+ ke tla etsa hore palo ea bona e be e ngata, ’me e ke ke ea e-ba bao e seng ba bohlokoa.+ 20 Bara ba hae ba tla ba joaloka linakong tsa pele, ’me phutheho ea hae e tla tiisoa ka thata ka pel’a ka.+ Ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho bahatelli bohle ba hae.+ 21 Ka sebele ea hlomphehang oa hae o tla tsoa ho eena,+ ’me ’musi oa hae o tla tloha ho eena;+ ke tla etsa hore a atamele, ’me o tla nkatamela.”+

“Etsoe joale ke mang enoa ea faneng ka pelo ea hae e le tiiso hore a nkatamele?”+ ho bolela Jehova. 22 “Ka sebele le tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa lōna.”+

23 Bonang! Sefefo sa Jehova, khalefo, e tsoile, sefefo se matla se fielang se lebile pele.+ Se tla feta ka potlako ka holim ’a lihlooho tsa ba khopo.+ 24 Bohale bo tukang ba Jehova bo ke ke ba khutla ho fihlela a phethisitse le ho fihlela a phethahalitse likhopolo tsa pelo ea hae.+ Karolong e qetellang ea matsatsi le tla nahana ka hona.+

31 “Ka nako eo,” ho bolela Jehova, “ke tla ba Molimo oa malapa ’ohle a Iseraele; ha e le ’ona, e tla ba sechaba sa ka.”+

2 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Sechaba se entsoeng ka ba phonyohileng sabole se fumane kamohelo lefeelleng,+ ha Baiseraele ba ne ba tsamaea ho ea fumana phomolo.”+ 3 Jehova a hlaha ho ’na a le hōle, a re: “Ke u ratile ka lerato ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ke ka lebaka leo ke u hutseng ka mosa o lerato.+ 4 Leha ho le joalo ke tla boela ke u tsosolose ’me u tla tsosolosoa,+ Uena moroetsana oa Iseraele. U sa ntse u tla ikhabisa ka meropa ea hao e menyenyane ’me u tsoe ka motjeko oa ba tšehang.+ 5 U sa ntse u tla lema lirapa tsa morara lithabeng tsa Samaria.+ Ka sebele balemi ba tla lema ’me ba qale ho li sebelisa.+ 6 Etsoe ho na le letsatsi leo ka lona balebeli libakeng tse lithaba tsa Efraime ba tla hoeletsa, ‘Tsohang, ’me re nyoloheleng Sione, ho Jehova Molimo oa rōna.’”+

7 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Hoeletsang ka lentsoe le phahameng ho Jakobo ka thabo, ’me le tlerole litlatse ho lihlooho tsa lichaba.+ E phatlalatseng.+ Fanang ka thoriso ’me le re, ‘Jehova, pholosa sechaba sa hao, masala a Iseraele.’+ 8 Bonang! ke a tlisa a tsoa naheng ea leboea,+ ’me ke tla a bokella a tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.+ Har’a ’ona ho tla ba le lifofu le ba holofetseng, mosali oa moimana le ea belehang, bohle hammoho.+ A tla khutlela mona e le phutheho e khōlō.+ 9 Ba tla tla ka sello,+ ’me ke tla ba tlisa ka likōpo tse tiileng bakeng sa mohau. Ke tla ba tsamaisa liphuleng tsa molapo o phoroselang tsa metsi,+ ka tsela e nepahetseng eo ho eona ba ke keng ba etsoa hore ba khoptjoe. Etsoe ke fetohile Ntate ho Iseraele;+ ha e le Efraime, ke letsibolo la ka.”+

10 Utloang lentsoe la Jehova, Lōna lichaba, ’me le le bolelle lihlekehleke tse hōle,+ le re: “Ea hasanyang Iseraele o tla e bokella,+ ’me ka sebele o tla e boloka joalokaha molisa a boloka mohlape oa hae.+ 11 Etsoe Jehova o tla lopolla Jakobo+ ’me a e pholose letsohong la ea matla ho e feta.+ 12 Ka sebele ba tla tla ’me ba hoeletse ka thabo phahameng ea Sione+ ’me ba tlale thabo ka lebaka la molemo oa Jehova,+ ka lijo-thollo le ka veine e ncha+ le ka oli le ka likonyana le manamane.+ Meea ea bona e tla ba joaloka serapa se nang le metsi a mangata,+ ’me ha ba sa tla hlola ba tepella.”+

13 “Ka nako eo moroetsana o tla thaba motjekong, le bahlankana le banna-baholo, bohle hammoho.+ Ke tla fetola ho siama ha bona thabo e khaphatsehang, ’me ke tla ba tšelisa ’me ke ba thabise mesarelong ea bona.+ 14 Ke tla khotsofatsa moea oa baprista ka monono,+ ’me sechaba sa ka se tla khotsofatsoa ke molemo,”+ ho bolela Jehova.

15 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Lentsoe le utloahala Rama,+ seboko le ho lla habohloko;+ Ragele+ o llela bara ba hae.+ O hanne ho tšelisoa ka bara ba hae,+ kahobane ha ba sa le eo.’”+

16 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “‘Khutsa u se ke ua lla, le mahlo a hao a se ke a tsoa meokho,+ etsoe ho na le moputso bakeng sa mosebetsi oa hao,’ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ba tla khutla naheng ea sera.’+

17 “‘Tšepo+ e teng bakeng sa bokamoso ba hao,’ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele bara ba tla khutlela sebakeng sa bona.’”+

18 “Ruri ke utloile Efraime a itelela,+ ‘U nkhalemetse, e le hore ke khalemeloe,+ joaloka namane e sa koetlisoang.+ Etsa hore ke khutle, ’me hang-hang ke tla khutla,+ etsoe u Jehova Molimo oa ka.+ 19 Etsoe ka mor’a hore ke khutle ke ile ka ikoahlaea;+ ka mor’a hore ke tsebisoe ke ile ka otla serope.+ Ka hlajoa ke lihlong, hape ka ikutloa ke kokobelitsoe,+ etsoe ke ne ke jere nyeliso ea bocha ba ka.’”+

20 “Na Efraime ke mora oa bohlokoa ho ’na, kapa ngoana ea tšoaroang ka lerato?+ Etsoe ka tekanyo eo ke buileng khahlanong le eena ka eona ruri ke tla mo hopola ka ho eketsehileng.+ Ke ka lebaka leo mala a ka a lubehileng ka lebaka la hae.+ Ruri ke tla mo hauhela,”+ ho bolela Jehova.

21 “Itlhomele matšoao a tsela. Ipehele lipalo tsa letšoao.+ Tsepamisa pelo ea hao tseleng e khōlō, tsela eo u tla lokela ho tsamaea ka eona.+ Khutla, Uena moroetsana oa Iseraele. Khutlela metseng ena ea hao.+ 22 U tla retelehela ka nģ’ena le ka nģ’ane halelele hakae,+ Uena morali ea sa tšepahaleng?+ Etsoe Jehova o bōpile ntho e ncha lefatšeng: Motho e motšehali o tla qeka monna ea shahlileng.”

23 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Ba sa ntse ba tla bolela lentsoe lena naheng ea Juda le metseng ea eona, ha ke bokella baholehuoa ba bona, ‘E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa,+ Uena sebaka sa bolulo se lokileng,+ Uena thaba e halalelang.’+ 24 Ka sebele Juda le metse eohle ea eona e tla lula teng hammoho, lihoai le ba tsamaeang le mohlape.+ 25 Etsoe ke tla khotsofatsa moea o khathetseng, ’me ke tla khorisa moea o mong le o mong o tepeletseng.”+

26 Ka lebaka la ntho ena ke ile ka tsoha ’me ka qala ho bona; ha e le boroko ba ka, bo ne bo ’natefetse.

27 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla jala ntlong ea Iseraele le ntlong ea Juda peō ea motho le peō ea phoofolo e ruuoang.”+

28 “Joalokaha ke ne ke lutse ke ba falimehetse+ hore ke ba fothole le ho ba timetsa le ho ba senya,+ kahoo ke tla lula ke ba falimehetse hore ke ba hahe le ho ba hloma,”+ ho bolela Jehova. 29 “Matsatsing ao ha ba sa tla hlola ba re, ‘Bo-ntate ke bona ba jeleng morara o sa butsoang, empa ke meno a bara a theletseng.’+ 30 Empa e mong le e mong o tla shoela phoso ea hae.+ Motho leha e le ofe ea jang morara o sa butsoang, meno a hae a tla thella.”

31 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla hlaba selekane se secha+ le ba ntlo ea Iseraele+ le ba ntlo ea Juda;+ 32 eseng se tšoanang le selekane seo ke ileng ka se hlaba le baholo-holo ba bona letsatsing la ha ke ba tšoara ka matsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta,+ ‘e leng selekane sa ka seo ba se tlōtseng,+ le hoja ke ne ke le mong’a bona joaloka monna,’+ ho bolela Jehova.”

33 “Etsoe sena ke selekane+ seo ke tla se hlaba le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao,”+ ho bolela Jehova. “Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona,+ ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”+

34 “Ha ba sa tla hlola ba ruta e mong le e mong motsoalle oa hae le e mong le e mong mor’abo,+ ba re, ‘Tsebang Jehova!’+ etsoe ba tla ntseba kaofela, ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo ho bona,”+ ho bolela Jehova. “Etsoe ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.”+

35 Sena ke seo Jehova a se boletseng, Ea Fanang ka letsatsi bakeng sa leseli motšehare,+ litaelo tse hlomamisitsoeng+ tsa khoeli+ le linaleli bakeng sa leseli bosiu,+ Ea fuluhang leoatle hore maqhubu a lona a loebehlane,+ Eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho:+ 36 “‘Haeba melao ena ea tsamaiso e ka tlosoa ka pel’a ka,’+ ho bolela Jehova, ‘ka ho tšoanang bao e leng peō ea Iseraele ba ka khaotsa ho ba sechaba ka pel’a ka kamehla.’”+

37 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “‘Haeba maholimo a holimo a ne a ka lekanngoa ’me metheo ea lefatše e tlaase e ne e ka batlisisoa,+ le ’na ke ne nka lahla peō eohle ea Iseraele ka lebaka la sohle seo e se entseng,’+ ho bolela Jehova.”

38 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ka sebele Jehova o tla haheloa+ motse ho tloha Toreng ea Hananiele+ ho ea Hekeng e Sekhutlong.+ 39 Khoele ea tekanyo+ e sa ntse e tla leba pele ka ho toba leralleng la Garebe, ’me e tla potoloha ho ea Gooa. 40 Khohlo eohle ea litopo+ le melora e mafura,+ le masimo ’ohle ho ea fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Kidrone,+ ho fihlela sekhutlong sa Heke ea Lipere+ ka nģ’a bochaba-tsatsi, e tla ba ntho e halalelang ho Jehova.+ E ke ke ea fotholoa, leha e le hore e sa tla hlola e qhaqhoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+

32 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova ka selemo sa leshome sa Tsedekia morena oa Juda,+ ke hore, selemong sa leshome le metso e robeli sa Nebukadrezare.+ 2 Ka nako eo mabotho a sesole a morena oa Babylona a ne a thibeletse Jerusalema;+ ha e le moprofeta Jeremia, o ne a thibelletsoe ka Lebaleng la Balebeli+ le ka tlung ea morena oa Juda; 3 kahobane Tsedekia morena oa Juda o ne a mo thibelletse,+ a re:

“Ke hobane’ng ha u profeta+ u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babylona, ’me ka sebele o tla o hapa;+ 4 Tsedekia, morena oa Juda, a ke ke a phonyoha letsohong la Bakalde, etsoe ruri ho tla nehelanoa ka eena letsohong la morena oa Babylona, ’me molomo oa hae o tla bua le molomo oa eo, le mahlo a hae a tla bona mahlo a eo”’;+ 5 ‘o tla isa Tsedekia Babylona, ’me o tla hlola teng ho fihlela ke lebisa tlhokomelo ea ka ho eena,’+ ho bolela Jehova; ‘le hoja le ntse le loantša Bakalde, le ke ke la atleha’?”+

6 Jeremia a re: “Lentsoe la Jehova le hlahile ho ’na, le re, 7 ‘Bona! Hanamele mora oa Shalume mor’abo ntat’ao o tla ho uena, o re: “Ithekele tšimo ea ka e Anathothe,+ kahobane u na le tokelo ea thekollo hore u e reke.”’”+

8 Ka mor’a nako Hanamele mora oa mor’abo Ntate a tla ho ’na, ho ea ka lentsoe la Jehova, Lebaleng la Balebeli,+ ’me a re: “Ka kōpo, reka tšimo ea ka e Anathothe,+ naheng ea Benjamine,+ etsoe tokelo ea lefa ke ea hao, le matla a thekollo ke a hao. Ithekele eona.” Eaba kea tseba hore e ne e le lentsoe la Jehova.+

9 Kahoo ka reka tšimo e Anathothe+ ho Hanamele+ mora oa mor’abo Ntate. Ka qala ho mo bekhela chelete,+ lishekele tse supileng le likotoana tsa silevera tse leshome. 10 Joale ka ngola lengolo le tiisitsoeng+ ’me ka khomaretsa tiiso+ eaba ke nka lipaki+ ha ke qala ho bekha chelete likaleng.+ 11 Ka mor’a moo ka nka lengolo le tiisitsoeng la theko, le tiisitsoeng ho ea ka taelo le molao oa tsamaiso,+ le le siiloeng le phetliloe; 12 ka ntan’o fa Baruke+ mora oa Neria+ mora oa Mahaseia lengolo le tiisitsoeng la theko ka pel’a mahlo a Hanamele mora oa mor’abo Ntate le ka pel’a mahlo a lipaki, tse ngolang lengolo le tiisitsoeng la theko,+ ka pel’a mahlo a Bajuda bohle ba neng ba lutse Lebaleng la Balebeli.+

13 Joale ka laela Baruke ka pel’a mahlo a bona, ka re: 14 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ha u nka mangolo ana a tiisitsoeng, lengolo lena le tiisitsoeng la theko, esita le le koetsoeng, le lengolo le leng le tiisitsoeng le siiloeng le phetliloe,+ u a kenye ka har’a sejana sa letsopa, e le hore a tšoarelle ka matsatsi a mangata.’ 15 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ho sa ntse ho tla rekoa matlo le masimo le lirapa tsa morara naheng ena.’”+

16 Ka qala ho rapela+ Jehova ka mor’a hore ke fe Baruke+ mora oa Neria+ lengolo le tiisitsoeng la theko, ka re: 17 “Oho, ’Musi Morena Jehova!+ Bona! u entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho+ la hao le otlolohileng. Taba ena eohle hase e hlollang haholo bakeng sa hao,+ 18 uena Ea bontšang mosa o lerato ho ba likete,+ ea buseletsang phoso ea bo-ntate lifubeng tsa bara ba bona ka mor’a bona,+ Molimo oa ’nete, E moholo,+ Ea matla,+ eo lebitso+ la hae e leng Jehova oa mabotho,+ 19 ea nang le morero+ o moholo le ea liketso li ngata,+ uena eo mahlo a hae a talimileng litsela tsohle tsa bara ba batho,+ e le hore u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae le ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae;+ 20 uena ea entseng lipontšo le mehlolo naheng ea Egepeta ho fihlela kajeno le ho Iseraele le har’a batho,+ e le hore u ka iketsetsa lebitso, feela joaloka letsatsing lena.+ 21 Ua ntša sechaba sa hao sa Iseraele naheng ea Egepeta,+ ka lipontšo le ka mehlolo+ le ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng le ka ho tšabeha ho hoholo.+

22 “Ka mor’a nako ua se fa naha ena eo u ileng ua hlapanyetsa baholo-holo ba sona hore u tla se fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 23 Sa tla ’me sa e rua,+ empa ha sea ka sa mamela lentsoe la hao, ’me ha sea ka sa tsamaea molaong oa hao.+ Ha sea ka sa etsa lintho tsohle tseo u ileng ua laela hore se li etse,+ hoo u ileng ua etsa hore tlokotsi ena eohle e se hlahele.+ 24 Bona! Batho ba tlile motseng ka limmōtōmōtō tse thibellang+ bakeng sa ho o hapa,+ ’me ka sebele ho tla nehelanoa ka motse matsohong a Bakalde ba o loantšang,+ ka lebaka la sabole+ le tlala+ le lefu la seoa;+ ’me seo u se boletseng se etsahetse, ’me ua se bona.+ 25 Empa leha ho le joalo u itse ho ’na, ’Musi Morena Jehova, ‘Ithekele tšimo ka chelete+ ’me u nke lipaki,’+ le hoja ho tla nehelanoa ka motse matsohong a Bakalde.”+

26 Eaba lentsoe la Jehova le hlaha ho Jeremia, le re: 27 “Ke ’na enoa, Jehova, Molimo oa nama eohle.+ Na ho na le taba leha e le efe e hlollang haholo bakeng sa ka?+ 28 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke nehelana ka motse ona matsohong a Bakalde le letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, ’me o tla o hapa.+ 29 Bakalde ba loantšang motse ona ba tla kena ’me ba hotetse motse ona ka mollo ’me ba o chese+ le matlo ao marulelong a ’ona ba etselitseng Baale mosi oa sehlabelo ’me ba tšolla linyehelo tsa seno bakeng sa melimo e meng ka morero oa ho ntšiteloa.’+

30 “‘Etsoe ho ’na bara ba Iseraele le bara ba Juda e bile baetsi feela ba se sebe mahlong a ka, ho tloha bocheng ba bona;+ etsoe bara ba Iseraele ba bile ba ntšiteloa ka mosebetsi oa matsoho a bona,’+ ho bolela Jehova. 31 ‘Etsoe motse ona, ho tloha letsatsing leo ba o hahileng ka lona, ho fihlela letsatsing lena, ha ea ka ea e-ba letho haese sesosa sa bohale ho ’na+ le sesosa sa khalefo ho ’na, e le hore ke o tlose ka pel’a sefahleho sa ka,+ 32 ka lebaka la bobe bohle ba bara ba Iseraele+ le ba bara ba Juda+ boo ba bo entseng hore ba ntšiteloe,+ bona, marena a bona,+ likhosana tsa bona,+ baprista ba bona+ le baprofeta ba bona,+ le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema. 33 Ba ’na ba retelletsa mekokotlo ho ’na eseng lifahleho;+ le hoja ba rutiloe, le hoja ho tsohiloe hoseng ba rutoa, empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a mamela hore a amohele taeo.+ 34 Ba qala ho kenya lintho tsa bona tse manyala ka tlung e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka, e le hore ba e silafatse.+ 35 Ho feta moo, ba haha libaka tse phahameng tsa Baale+ tse phuleng ea mora oa Hinome,+ e le hore ba fetise bara ba bona le barali ba bona mollong+ ho Moloke,+ e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela eona,+ leha e le hore ho ile ha hlaha pelong ea ka ho etsa ntho ena e manyala,+ ka morero oa ho etsa hore Juda e etse sebe.’+

36 “Ka hona, joale sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng malebana le motse oo ka sebele le reng ho tla nehelanoa ka oona letsohong la morena oa Babylona ka sabole le tlala le lefu la seoa,+ 37 ‘Bonang! ke ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke tla beng ke ba qhalakanyelitse ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka le ka tlhonamo e khōlō;+ ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena ’me ke etse hore ba lule ba sireletsehile.+ 38 Ka sebele e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona.+ 39 Ke tla ba fa pelo+ e le ’ngoe le tsela e le ’ngoe e le hore ba ntšabe kamehla, molemong oa bona le oa bara ba bona ka mor’a bona.+ 40 Ke tla hlaba selekane le bona se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,+ sa hore nke ke ka ba furalla, hore ke ba etse hantle;+ ke tla kenya ho ntšaba ka lipelong tsa bona e le hore ba se ke ba suthela thōko le ’na.+ 41 Ke tla ba thabela hore ke ba etse hantle,+ ke tla ba lema naheng+ ena ka ’nete ka pelo eohle ea ka le ka moea oohle oa ka.’”

42 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Feela joalokaha ke tlisitse holim ’a sechaba sena tlokotsi ena eohle e khōlō, kahoo ke tlisa holim ’a bona molemo oohle oo ke o buang malebana le bona.+ 43 Ka sebele ho tla rekoa masimo naheng+ ena eo le tla re ka eona: “Ke lesupi+ le se nang motho le phoofolo e ruuoang. Ho nehelanoe ka eona matsohong a Bakalde.”’+

44 “‘Batho ba tla ithekela masimo ka chelete, ’me ho tla tlalehoa lengolong le tiisitsoeng+ le tiisong ’me ho nkoe lipaki+ naheng ea Benjamine+ le libakeng tse potolohileng Jerusalema+ le metseng ea Juda+ le metseng ea sebaka se lithaba le metseng ea mabalane+ le metseng ea boroa,+ kahobane ke tla khutlisa baholehuoa ba bona,’+ ho bolela Jehova.”

33 Lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia ka lekhetlo la bobeli, ha a sa ntse a koaletsoe Lebaleng la Balebeli,+ la re: 2 “Sena ke seo Jehova Moetsi+ oa lefatše a se boletseng, Jehova ’Mōpi+ oa lona ea le tiisitseng ka thata,+ eo lebitso la hae e leng Jehova,+ 3 ‘Hoeletsang ho ’na, ke tla le araba+ ’me ke le bolelle hang-hang lintho tse khōlō le tse ke keng tsa utloisisoa tseo le sa kang la li tseba.’”+

4 “Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng malebana le matlo a motse ona le malebana le matlo a marena a Juda a helelitsoeng ka lebaka la limmōtōmōtō tse thibellang le ka lebaka la sabole;+ 5 malebana le ba tlil’o loantša Bakalde le ho tlatsa libaka ka litopo tsa batho bao ke ba bolaileng ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka,+ ka lebaka la bohle bao bobe ba bona ke bo patetseng sefahleho sa ka motseng ona,+ 6 ‘Bona! kea o folisa ’me ke o fa bophelo bo botle;+ ke tla ba phekola ’me ke ba senolele khotso e ngata le ’nete.+ 7 Ke tla khutlisa baholehuoa ba Juda le baholehuoa ba Iseraele,+ ke tla ba haha joaloka qalong.+ 8 Ke tla ba hloekisa liphosong tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona,+ ke tla tšoarela liphoso tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona le tseo ba nketselitseng tlōlo ka tsona.+ 9 Ka sebele ho ’na o tla fetoha lebitso la thabo e khaphatsehang,+ thoriso le botle ho lichaba tsohle tsa lefatše tse tla utloa ka molemo oohle oo ke ba fang oona.+ Ka sebele li tla tšoha+ li ferekane+ ka lebaka la molemo oohle le ka lebaka la khotso eohle eo ke o fang eona.’”+

10 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Sebakeng sena seo le tla re ke lesupi le se nang motho le phoofolo e ruuoang, metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema tse entsoeng lesupi+ le se nang motho le le se nang moahi le le se nang phoofolo e ruuoang, ho sa ntse ho tla utloahala+ 11 molumo oa thabo e khaphatsehang le molumo oa nyakallo,+ lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, lentsoe la ba reng: “Rokang Jehova oa mabotho, etsoe Jehova o molemo;+ kaha mosa oa hae o lerato+ o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang!”’

“‘Ba tla tlisa nyehelo ea liteboho ka tlung ea Jehova,+ etsoe ke tla khutlisa baholehuoa ba naha feela joaloka qalong,’+ ho boletse Jehova.”

12 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Sebakeng sena se lesupi le se nang motho esita le phoofolo e ruuoang+ le metseng eohle ea sona ho sa ntse ho tla ba le lekhulo la balisa ba bothisang mohlape.’+

13 “‘Metseng ea sebaka se lithaba, metseng ea mabalane+ le metseng ea boroa+ le naheng ea Benjamine+ le libakeng tse potolohileng Jerusalema+ le metseng ea Juda+ mehlape e sa ntse e tla feta tlas’a matsoho a ea balang,’+ ho boletse Jehova.”

14 “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ke tla phetha lentsoe le molemo leo ke le buileng,+ malebana le ntlo ea Iseraele+ le malebana le ntlo ea Juda. 15 Matsatsing ao le ka nako eo ke tla melisetsa Davida lehlōmela le lokileng,+ ka sebele le tla phethisa toka le ho loka naheng.+ 16 Matsatsing ao Juda e tla pholosoa+ ’me Jerusalema e tla lula e sireletsehile.+ E tla bitsoa sena, Jehova ke ho Loka ha Rōna.’”+

17 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tabeng ea Davida ha ho motho ea tla tlosoa hore a se ke a lula teroneng ea ntlo ea Iseraele.+ 18 Tabeng ea baprista, Balevi, ha ho motho ea tla tlosoa ka pel’a ka hore a se ke a nyehela nyehelo e feletseng ea secheso le ho etsa hore ho kubelle nyehelo ea lijo-thollo le ho etsa sehlabelo kamehla.’”+

19 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho Jeremia, la re: 20 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Haeba le ka tlōla selekane sa ka sa motšehare le selekane sa ka sa bosiu, esita le hore bosiu le motšehare li se ke tsa e-ba teng ka nako ea tsona,+ 21 ka ho tšoanang le selekane sa ka le mohlanka oa ka Davida+ se ka tlōloa hoo a ke keng a ba le mora ea busang e le morena teroneng ea hae;+ ka ho tšoanang le Balevi, baprista, basebeletsi ba ka.+ 22 Feela joalokaha makhotla a maholimo a ke ke a baloa, kapa lehlabathe la leoatle la lekanngoa,+ ke tla atisa joalo peō ea mohlanka oa ka Davida le Balevi ba ntšebeletsang.’”+

23 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho Jeremia, la re: 24 “Na ha ua bona seo ba sechaba see ba se buileng, ha ba re, ‘Malapa a mabeli ao Jehova a a khethileng,+ na o tla a lahla’? Ba ntse ba hlompholla sechaba sa ka,+ e le hore se se ke sa tsoela pele e le sechaba ka pel’a bona.

25 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Haeba e ne e se hore ke lokiselitse selekane sa ka sa bosiu le motšehare,+ litaelo tse hlomamisitsoeng tsa leholimo le lefatše,+ 26 ka ho tšoanang ke ne ke tla lahla esita le peō ea Jakobo le ea mohlanka oa ka Davida,+ e le hore ke se ke ka nka peōng ea hae babusi ba peō ea Abrahama, Isaka le Jakobo. Etsoe ke tla bokella baholehuoa+ ba bona ’me ke tla ba hauhela.’”+

34 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, ha Nebukadrezare morena oa Babylona+ le lebotho lohle la hae la sesole+ le mebuso eohle ea lefatše, puso e tlas’a letsoho la hae,+ le lichaba tsohle li loantša Jerusalema le metse eohle ea eona,+ le re:

2 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘E-ea, ’me u re ho Tsedekia morena oa Juda,+ e, u re ho eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babylona,+ ’me o tla o chesa ka mollo.+ 3 U ke ke ua phonyoha letsohong la hae, kahobane ruri u tla tšoaroa ’me ho nehelanoe ka uena letsohong la hae.+ Mahlo a hao a tla bona mahlo a morena oa Babylona,+ molomo oa hae o tla bua le molomo oa hao, ’me u tla tla Babylona.’ 4 Leha ho le joalo, utloa lentsoe la Jehova, Uena Tsedekia morena oa Juda,+ ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le uena: “U ke ke ua bolaoa ka sabole. 5 U tla shoa ka khotso;+ ’me joaloka licheso tsa bo-ntat’ao, marena a pele a bileng teng pele ho uena,+ ka ho tšoanang ba tla u etsetsa secheso,+ ’me ‘Oho, Uena monghali!’+ ke seo ba tla se bolela ha ba u llela,+ etsoe ‘ke buile lentsoe lena,’ ho bolela Jehova.”’”’”

6 Moprofeta Jeremia a bolella Tsedekia morena oa Juda mantsoe+ ana ’ohle Jerusalema, 7 ha mabotho a sesole a morena oa Babylona a ne a loantša Jerusalema le metse eohle ea Juda e setseng,+ Lakishe+ le Azeka;+ etsoe eona, metse e etselitsoeng liqhobosheane,+ ke eona e neng e setse har’a metse ea Juda.+

8 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova ka mor’a hore Morena Tsedekia a hlabe selekane le sechaba sohle se neng se le Jerusalema bakeng sa ho phatlalatsa tokoloho ho sona,+ 9 hore e mong le e mong a tlohele hore mohlanka oa hae le lekhabunyane la hae, monna oa Moheberu+ le mosali oa Moheberu, ba lokolohe, e le hore ba se ke ba ba sebelisa e le bahlanka, ke hore, Mojuda, eo e leng mor’abo.+ 10 Kahoo likhosana+ tsohle tsa mamela, le sechaba sohle se neng se kene selekaneng sa hore ba tlohele bahlanka le makhabunyane a lokolohe, e le hore ba se ke ba hlola ba ba sebelisa e le bahlanka, ba mamela ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee.+ 11 Empa ka mor’a moo ba reteleha+ ’me ba qala ho khutlisa bahlanka le makhabunyane ao ba neng ba a tlohetse hore a tsamaee, ’me ba qala ho ba beha tlaase e le bahlanka le makhabunyane.+ 12 Ka lebaka leo lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, la re:

13 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke hlabile selekane le baholo-holo+ ba lōna letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta,+ ka tlung ea bahlanka,+ ka re: 14 “Bofelong ba lilemo tse supileng e mong le e mong a tlohele mor’abo hore a tsamaee,+ monna oa Moheberu,+ eo u mo rekiselitsoeng+ le ea u sebelelitseng ka lilemo tse tšeletseng; u mo lokolle hore a tlohe ho uena.” Empa baholo-holo ba lōna ha baa ka ba ’mamela, kapa ba sekeha tsebe.+ 15 Sokolohang kajeno ’me le etse se lokileng mahlong a ka ka ho phatlalatsa tokoloho e mong le e mong ho motsoalle oa hae, ’me le hlabe selekane ka pel’a ka+ ka tlung e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka.+ 16 Joale lea reteleha+ ’me le hlompholla lebitso la ka+ ’me le khutlisa e mong le e mong mohlanka oa hae le lekhabunyane la hae, bao le ileng la ba tlohela hore ba tsamaee tumellanong le meea ea bona, ’me le ba beha tlaase hore e be bahlanka ba lōna le makhabunyane a lōna.’+

17 “Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ha lea ’mamela ka ho tsoela pele le phatlalatsa tokoloho+ e mong le e mong ho mor’abo le e mong le e mong ho motsoalle oa hae. Bonang! ke phatlalatsa tokoloho ho lōna,’+ ho bolela Jehova, ‘saboleng,+ lefung la seoa+ le tlaleng,+ ’me ka sebele ke tla nehelana ka lōna mebusong eohle ea lefatše hore le thothomele.+ 18 Ke tla nehelana ka batho ba hlokomolohang selekane sa ka,+ ka hore ebe ha baa ka ba phetha mantsoe a selekane seo ba se hlabileng ka pel’a ka ka namane eo ba e sehileng likoto tse peli+ e le hore ba fete pakeng tsa likotoana tsa eona;+ 19 e leng, likhosana tsa Juda le likhosana tsa Jerusalema,+ balaoli ba lekhotla le baprista le sechaba sohle sa naha se ileng sa qala ho feta pakeng tsa likotoana tsa namane— 20 e, ke tla nehelana ka bona matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang meea ea bona;+ litopo tsa bona e tla ba lijo tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le tsa liphoofolo tsa lefatše.+ 21 Ke tla nehelana ka Tsedekia morena oa Juda+ le likhosana tsa hae matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang meea ea bona le matsohong a mabotho a sesole a morena oa Babylona+ a ikhulang hore a se ke a le hlasela.’+

22 “‘Bonang! kea laela,’ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa motseng ona,+ ’me ba tla o loantša ’me ba o hape ’me ba o chese ka mollo;+ ’me ke tla etsa metse ea Juda lesupi le se nang moahi.’”+

35 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova matsatsing a Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, le re: 2 “E-ea ka tlung ea Barekabe,+ u bue le bona ’me u ba tlise ka tlung ea Jehova, ho e ’ngoe ea likamore tsa ho jela; ’me u ba fe veine hore ba noe.”

3 Kahoo ka nka Jazania mora oa Jeremia mora oa Habazinia le barab’abo, le bara bohle ba hae, le lelapa lohle la Barekabe, 4 eaba ke ba tlisa ka tlung ea Jehova, kamoreng ea ho jela+ ea bara ba Hanane mora oa Igdalia, monna oa Molimo oa ’nete, e neng e le pel’a kamore ea ho jela ea likhosana e neng e le ka holim ’a kamore ea ho jela ea Maseia mora oa Shalume+ molebeli oa monyako. 5 Joale ka beha ka pel’a bara ba ntlo ea Barekabe linoelo tse tletseng veine le mepotjoana eaba ke re ho bona: “Noang veine.”

6 Empa ba re: “Re ke ke ra noa veine, kahobane Jonadabe mora oa Rekabe,+ moholo-holo oa rōna, ke eena ea re laetseng, a re, ‘Le se ke la noa veine, lōna kapa bara ba lōna, ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 7 Le se ke la haha ntlo, le se ke la jala peō; le se ke la lema serapa sa morara, kapa hona hore e be sa lōna. Empa le lule litenteng ka matsatsi ’ohle a lōna, e le hore le ’ne le phele ka matsatsi a mangata holim ’a naha eo le lutseng ho eona le le bajaki.’+ 8 Kahoo re ntse re mamela lentsoe la moholo-holo oa rōna Jonadabe mora oa Rekabe nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a re laetseng+ eona ka ho se noe veine ka matsatsi ’ohle a rōna, rōna, basali ba rōna, bara ba rōna le barali ba rōna,+ 9 le ka ho se hahe matlo hore re lule ho ’ona, e le hore re se ke ra ba le serapa sa morara kapa tšimo kapa peō. 10 Re ntse re lula litenteng ’me re mamela le ho etsa ho ea ka sohle seo moholo-holo oa rōna Jonadabe+ a re laetseng sona.+ 11 Empa eare ha Nebukadrezare morena oa Babylona a loantša naha+ ra qala ho re, ‘Tloong, re keneng Jerusalema ka lebaka la lebotho la sesole la Bakalde le ka lebaka la lebotho la sesole la Basyria, ’me re luleng Jerusalema.’”+

12 Lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia, la re: 13 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘E-ea, ’me u re ho batho ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: “Na ha lea ka la tsoela pele ho amohela keletso ea hore le mamele mantsoe a ka?”+ ho bolela Jehova. 14 “Ho phethiloe mantsoe a Jonadabe mora oa Rekabe,+ ao a a laetseng bara ba hae, hore ba se ke ba noa veine, ’me ha ba e-s’o e noe ho fihlela letsatsing lena, hobane ba mametse taelo ea moholo-holo oa bona.+ Ha e le ’na, ke buile le lōna, ke tsoha hoseng ke bua,+ empa ha lea ’mamela.+ 15 Ka ’na ka le romela bahlanka bohle ba ka baprofeta,+ ke tsoha hoseng ke ba romela, ke re, ‘Ka kōpo, furallang e mong le e mong tsela ea hae e mpe,+ ’me le etse hore mesebetsi ea lōna e be metle,+ ’me le se ke la latela melimo e meng ho e sebeletsa.+ Le ’ne le lule naheng eo ke e fileng lōna le baholo-holo ba lōna.’+ Empa ha lea ka la sekeha tsebe, kapa la ’mamela.+ 16 Empa bara ba Jonadabe mora oa Rekabe+ ba phethile taelo ea moholo-holo oa bona eo a ba laetseng eona;+ empa ha e le sechaba sena, ha sea ’mamela.”’”+

17 “Ka hona sena ke seo Jehova, Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke tlisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema tlokotsi eohle eo ke e buileng khahlanong le bona,+ ka lebaka la hore ke buile le bona empa ha baa ka ba mamela, ’me ka ’na ka ba bitsa empa ba se ke ba araba.’”+

18 Jeremia a re ho lelapa la Barekabe: “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore le mametse taelo ea moholo-holo oa lōna Jonadabe+ ’me le ntse le boloka litaelo tsohle tsa hae le ho etsa ho ea ka sohle seo a le laetseng sona,+ 19 ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Ha ho motho oa Jonadabe mora oa Rekabe ea tla tlosoa hore a se ke a ema+ ka pel’a ka kamehla.”’”+

36 Eitse ka selemo sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, lentsoe lena la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Inkele moqolo oa buka,+ ’me u ngole ho oona mantsoe+ ’ohle ao ke u boleletseng ’ona khahlanong le Iseraele le khahlanong le Juda+ le khahlanong le lichaba tsohle,+ ho tloha letsatsing la ha ke bua le uena, ho tloha matsatsing a Josiase, ho fihlela kajeno.+ 3 Mohlomong ba ntlo ea Juda ba tla mamela tlokotsi eohle eo ke nahanang ho e etsa ho bona,+ e le hore ba ka khutla, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe,+ e le hore nka tšoarela liphoso tsa bona le libe tsa bona.”+

4 Jeremia a bitsa Baruke+ mora oa Neria e le hore Baruke a ka ngola ho tsoa molomong oa Jeremia mantsoe ’ohle a Jehova ao A neng a mo boleletse ’ona, moqolong oa buka.+ 5 Joale Jeremia a laela Baruke, a re: “Ke koaletsoe. Ha ke khone ho kena ka tlung ea Jehova.+ 6 Kena ’me u balle holimo moqolo oo u o ngotseng ho tsoa molomong oa ka mantsoe a Jehova+ moo sechaba se ntseng se utloa ka tlung ea Jehova ka letsatsi la ho itima lijo;+ hape u a balle holimo+ moo bohle ba Juda ba tsoang metseng ea bona ba ntseng ba utloa. 7 Mohlomong kōpo ea bona ea mohau e tla oela ka pel’a Jehova+ ’me ba tla khutla, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe,+ etsoe bohale le khalefo eo Jehova a e boletseng khahlanong le sechaba sena e khōlō.”+

8 Baruke+ mora oa Neria a etsa ho ea ka sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona, hore a balle holimo ho tsoa bukeng+ mantsoe a Jehova ka tlung ea Jehova.+

9 Joale eare ka selemo sa bohlano sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ka khoeli ea borobong,+ sechaba sohle se Jerusalema le sechaba sohle se neng se tla se tsoa metseng ea Juda se ea Jerusalema sa phatlalatsa ho itima lijo ka pel’a Jehova.+ 10 Baruke a qala ho balla holimo ho tsoa bukeng ea mantsoe a Jeremia ka tlung ea Jehova, ka kamoreng ea ho jela+ ea Gemaria+ mora oa mokopitsi+ Shafane,+ lebaleng le ka holimo, monyakong oa heke e ncha ea ntlo ea Jehova,+ moo sechaba sohle se ntseng se utloa.

11 Mikaia mora oa Gemaria mora oa Shafane+ a utloa mantsoe ’ohle a Jehova a tsoang bukeng. 12 Eaba o theohela ka tlung ea morena, ka kamoreng ea ho jela ea mongoli, ’me bonang! ke hona moo likhosana tsohle li neng li lutse teng, mongoli Elishama+ le Delaia+ mora oa Shemaia le Elnathane+ mora oa Akbore+ le Gemaria+ mora oa Shafane+ le Tsedekia mora oa Hanania le likhosana tse ling tsohle. 13 Mikaia+ a ba bolella mantsoe ’ohle ao a neng a a utloile ha Baruke a balla buka holimo moo sechaba se ntseng se utloa.+

14 Joale likhosana tsohle tsa roma Jehudi+ mora oa Nethania mora oa Shelemia mora oa Kushi ho Baruke,+ tsa re: “Moqolo oo u ileng ua o balla holimo moo sechaba se ntseng se utloa—o nke ka letsoho ’me u tle.” Tumellanong le hoo Baruke mora oa Neria a nka moqolo ka letsoho ’me a tla ho bona.+ 15 Joale ba re ho eena: “Ka kōpo, lula fatše ’me u o balle holimo moo re ntseng re utloa.” Kahoo Baruke+ a balla holimo moo ba ntseng ba utloa.

16 Eare hang ha ba utloa mantsoe ’ohle, ba talimana ka ho tšoha; eaba ba re ho Baruke: “Ruri re tla bolella morena mantsoe ana ’ohle.”+ 17 Ba botsa Baruke, ba re: “Ka kōpo, re bolelle, U ngotse mantsoe aa ’ohle joang a tsoang molomong oa hae?”+ 18 Joale Baruke a re ho bona: “O ’nile a mpolella mantsoe ana ’ohle a tsoang molomong oa hae, ’me ke ne ke a ngola bukeng ka enke.”+ 19 Qetellong likhosana tsa re ho Baruke: “E-ea, u ipate, uena le Jeremia, e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla tseba moo le leng teng.”+

20 Joale ba kena ho morena, lebaleng,+ ’me ba beha moqolo tlhokomelong ea kamore ea ho jela+ ea mongoli Elishama;+ ba qala ho bolela mantsoe ’ohle moo morena a ntseng a utloa.

21 Kahoo morena a romela Jehudi+ hore a e’o nka moqolo. Tumellanong le hoo a o nka kamoreng ea ho jela ea mongoli+ Elishama.+ Jehudi a qala ho o balla holimo moo morena le moo likhosana tse emeng pel’a morena li ntseng li utloa. 22 Morena o ne a lutse ka tlung ea mariha,+ ka khoeli ea borobong,+ leifo+ le ntse le tuka ka pel’a hae. 23 Eare hang ha Jehudi a balile maqephe a mararo kapa a mane, a o tabola ka thipa ea mongoli, a o lahlela mollong o leifong ho fihlela moqolo oohle o fella mollong o leifong.+ 24 Ha baa ka ba tšoha;+ morena le bahlanka bohle ba hae, ba neng ba mametse mantsoe ana ’ohle, ha baa ka ba hahola liaparo tsa bona.+ 25 Elnathane+ le Delaia+ le Gemaria+ ba ile ba kōpa morena ka tieo hore a se ke a chesa moqolo oo, empa ha aa ka a ba mamela.+ 26 Ho feta moo, morena a laela Jeramiele mora oa morena le Seraia mora oa Azriele le Shelemia mora oa Abdiele hore ba tle le mongoli Baruke le moprofeta Jeremia.+ Empa Jehova a ba boloka ba patiloe.+

27 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho Jeremia ka mor’a hore morena a chese moqolo le mantsoe ao Baruke+ a neng a a ngotse a tsoa molomong oa Jeremia,+ la re: 28 “U boele u inkele moqolo, o mong hape, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle a pele a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.+ 29 U lokela ho re khahlanong le Jojakime morena oa Juda, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “U chesitse moqolo ona,+ ua re, ‘Ke hobane’ng ha u ngotse ho oona,+ u re: “Ruri morena oa Babylona o tla tla ’me ka sebele a felise naha ena ’me a felise motho le phoofolo ho eona”?’+ 30 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng khahlanong le Jojakime morena oa Juda, ‘A ke ke a ba le ea lutseng teroneng ea Davida,+ ’me setopo sa hae e tla ba ntho eo motšehare e ntšetsoang+ mochesong ’me bosiu e ntšetsoang serameng. 31 Ke tla batla boikarabello ho eena+ le ho bana ba hae le ho bahlanka ba hae bakeng sa liphoso tsa bona,+ ’me ke tla tlisetsa bona le baahi ba Jerusalema le batho ba Juda tlokotsi eohle eo ke buileng ka eona khahlanong le bona,+ eaba ha ba mamele.’”’”+

32 Jeremia a nka moqolo o mong a ntan’o o fa Baruke mora oa Neria, mongoli,+ ea ileng a ngola ho oona ho tsoa molomong+ oa Jeremia mantsoe ’ohle a buka eo Jojakime morena oa Juda a neng a e chesitse mollong;+ ’me ho ’ona ha eketsoa mantsoe a mangata a kang ao.

37 Morena Tsedekia+ mora oa Josiase+ a qala ho busa sebakeng sa Konia+ mora oa Jojakime,+ eo Nebukadrezare morena oa Babylona a ileng a mo etsa morena naheng ea Juda.+ 2 Eena le bahlanka ba hae le sechaba sa naha eo ha baa ka ba mamela mantsoe a Jehova+ ao a a buileng ka moprofeta Jeremia.+

3 Morena Tsedekia a romela Jukale+ mora oa Shelemia le Sofonia+ mora oa moprista Maseia+ ho moprofeta Jeremia, a re: “Ka kōpo, re rapelle ho Jehova Molimo oa rōna.”+ 4 Jeremia o ne a kena ’me a tsoa har’a sechaba,+ kaha ba ne ba e-s’o mo kenye ka tlung ea botlamuoa. 5 Ho ne ho e-na le lebotho la sesole la Faro le tsoang Egepeta;+ eaba Bakalde ba neng ba thibeletse Jerusalema ba utloa tlaleho ka lona. Kahoo ba ikhula hore ba se ke ba futuhela Jerusalema.+ 6 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho moprofeta Jeremia, la re: 7 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Sena ke seo le tla se bolella morena oa Juda, ea le rometseng ho ’na hore le mpotse:+ “Bonang! Lebotho la Faro le tlang ho lōna ka morero oa ho thusa le tla lokela ho khutlela naheng ea lona, Egepeta.+ 8 Ka sebele Bakalde ba tla khutla ’me ba loantše motse ona ba o hape ’me ba o chese ka mollo.”+ 9 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le se ke la thetsa meea ea lōna,+ la re, ‘Ruri Bakalde ba tla tloha ho rōna,’ hobane ba ke ke ba tloha. 10 Etsoe haeba le ne le bolaile lebotho lohle la Bakalde ba le loantšang+ ’me ho bona ho ne ho setse banna ba hlabiloeng,+ ba ne ba tla phahama e mong le e mong tenteng ea hae ’me ba chese motse ona ka mollo.”’”

11 Eare ha lebotho la Bakalde le ikhutse hore le se ke la futuhela Jerusalema+ ka lebaka la lebotho la sesole la Faro,+ 12 Jeremia a qala ho tloha Jerusalema ho ea naheng ea Benjamine+ le ho fumana karolo ea hae hona teng har’a sechaba. 13 Kahoo ha a le Hekeng ea Benjamine+ molaoli ea tšoereng bolebeli, eo lebitso la hae e leng Irija mora oa Shelemia mora oa Hanania, o ne a le moo. Hang-hang a tšoara moprofeta Jeremia, a re: “U tla oela ka ho Bakalde!” 14 Empa Jeremia a re: “Ke leshano!+ Nke ke ka oela ka ho Bakalde.” Empa ha aa ka a mo mamela. Kahoo Irija a tšoara Jeremia ’me a mo tlisa ho likhosana. 15 Likhosana+ tsa qala ho halefela Jeremia,+ ’me tsa mo otla+ eaba li mo kenya ka tlung ea litlamo,+ ka tlung ea mongoli Jonathane,+ etsoe ke eona eo ba neng ba e entse ntlo ea litlamo.+ 16 Ha Jeremia a kena ka tlung ea seliba+ le ka likamoreng tse nang le marulelo a chitja, joale Jeremia a ’na a lula moo ka matsatsi a mangata.

17 Morena Tsedekia a romeletsa ’me a mo tlisa, eaba morena o qala ho mo botsa lipotso ka tlung ea hae sebakeng seo ho ipatoang ho sona.+ A tsoela pele ho re: “Na ho na le lentsoe le tsoang ho Jehova?” Eaba Jeremia o re: “Le teng!” A boela a re: “Ho tla nehelanoa ka uena letsohong la morena oa Babylona!”+

18 Joale Jeremia a re ho Morena Tsedekia: “Ke u sitetsoe ka tsela efe le bahlanka ba hao le sechaba see,+ hoo le nkentseng ka tlung ea litlamo? 19 Joale ba hokae baprofeta ba lōna ba le profetetseng, ba re, ‘Morena oa Babylona a ke ke a le futuhela le ho futuhela naha ee’?+ 20 Joale ka kōpo mamela, khosi ea ka morena. Ka kōpo, e se eka kōpo ea ka ea mohau+ e ka oela ka pel’a hao, ’me u se ke ua nkhutlisetsa ka tlung ea mongoli Jonathane,+ e le hore ke se ke ka shoela teng.”+ 21 Tumellanong le hoo Morena Tsedekia a laela, eaba ba kenya Jeremia litlamong Lebaleng la Balebeli;+ o ne a fuoa polokoe ea bohobe letsatsi le leng le le leng e tsoang seterateng sa baapehi,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a tsoela pele ho lula Lebaleng la Balebeli.+

38 Shefatia mora oa Matane le Gedalia mora oa Pashkure le Jukale+ mora oa Shelemia le Pashkure mora oa Malkija+ ba utloa mantsoe ao Jeremia a neng a a bolella sechaba+ sohle, a re: 2 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ea tsoelang pele ho lula motseng ona o tla bolaoa ka sabole,+ tlala+ le lefu la seoa.+ Empa ea eang ho Bakalde o tla tsoela pele a phela ’me ka sebele o tla fumana moea oa hae e le thepa e hapuoeng ’me a phele.’+ 3 Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ruri ho tla nehelanoa ka motse ona letsohong la lebotho la sesole la morena oa Babylona, ’me ka sebele o tla o hapa.’”+

4 Likhosana tsa qala ho re ho morena: “Ka kōpo, monna enoa a ke a bolaoe,+ etsoe ke kamoo a fokolisang matsoho a banna ba ntoa ba setseng motseng ona le matsoho a sechaba sohle, ka ho bua le bona ho ea ka mantsoe ana.+ Etsoe motho enoa ha a batlele sechaba sena khotso empa o se batlela tlokotsi.” 5 Kahoo Morena Tsedekia a re: “Bonang! O matsohong a lōna. Etsoe ho hang ha ho letho leo morena a ka le hlōlang ka lona.”+

6 Ba nka Jeremia ’me ba mo akhela lemeneng la Malkija+ mora oa morena, le neng le le Lebaleng la Balebeli.+ Kahoo ba theola Jeremia ka liropo. Joale ka lemeneng leo ho ne ho se na metsi, haese seretse; ’me Jeremia a qala ho tetebela seretseng.+

7 Ebede-meleke Moethiopia,+ monna eo e neng e le leqhalaha le ea neng a le ka tlung ea morena, a utloa hore ba ne ba kentse Jeremia ka lemeneng; ’me morena o ne a lutse Hekeng ea Benjamine.+ 8 Kahoo Ebede-meleke a tsoa ka tlung ea morena ’me a bua le morena, a re: 9 “Khosi ea ka morena, banna bana ba entse bobe ho sohle seo ba se entseng ho moprofeta Jeremia, eo ba mo lahletseng ka lemeneng, hoo a tla shoela+ teng ka lebaka la tlala.+ Etsoe ha ho sa na bohobe motseng.”

10 Joale morena a laela Ebede-meleke Moethiopia, a re: “Nka banna ba mashome a mararo sebakeng sena hore ba be taolong ea hao, ’me u ntše moprofeta Jeremia ka lemeneng pele a shoa.”+ 11 Tumellanong le hoo Ebede-meleke a nka banna ba taolong ea hae eaba o kena ka tlung ea morena ka tlas’a polokelo ea matlotlo+ ’me moo a nka likatana tse tsofetseng le masela a tsofetseng a a theolela ho Jeremia ka lemeneng+ ka liropo. 12 Joale Ebede-meleke Moethiopia a re ho Jeremia: “Ka kōpo, kenya likatana tse tsofetseng le likotoana tsa lesela ka mahafing ka tlas’a liropo.” Joale Jeremia a etsa joalo.+ 13 Qetellong ba ntša Jeremia ka liropo ’me ba mo nyolla ka lemeneng. Jeremia a tsoela pele ho lula Lebaleng la Balebeli.+

14 Morena Tsedekia a romeletsa ’me ha tlisoa moprofeta Jeremia ho eena+ tseleng ea boraro e kenang,+ e ka tlung ea Jehova,+ joale morena a re ho Jeremia: “Ke kōpa ho itseng ho uena. U se ke ua mpatela letho.”+ 15 Eaba Jeremia o re ho Tsedekia: “Haeba ke u bolella, na ruri u ke ke ua mpolaea? Haeba ke u eletsa, u ke ke ua ’mamela.”+ 16 Eaba Morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia a le sebakeng seo ho ipatoang ho sona, o re: “Ka Jehova ea phelang, ea re etselitseng moea ona,+ nke ke ka u bolaea, ’me nke ke ka nehelana ka uena matsohong a banna bana ba batlang moea oa hao.”+

17 Joale Jeremia a re ho Tsedekia: “Sena ke seo Jehova, Molimo oa mabotho,+ Molimo oa Iseraele,+ a se boletseng, ‘Haeba ruri u tla ea ho likhosana tsa morena oa Babylona,+ ka sebele moea oa hao le oona o tla lula o phela ’me motse ona o ke ke oa chesoa ka mollo, me ka sebele uena le ba ntlo ea hao le tla lula le phela.+ 18 Empa haeba u ke ke ua ea ho likhosana tsa morena oa Babylona, motse ona le oona ho tla nehelanoa ka oona matsohong a Bakalde, ’me ba tla o chesa ka mollo,+ ’me u ke ke ua phonyoha matsohong a bona.’”+

19 Joale Morena Tsedekia a re ho Jeremia: “Ke tšaba Bajuda ba oetseng ka ho Bakalde,+ esere ba nehelana ka ’na matsohong a bona ’me ba nketsa hampe.”+ 20 Empa Jeremia a re: “Ba ke ke ba fana ka uena ka tsela eo. Ka kōpo, mamela lentsoe la Jehova ho seo ke u bolellang sona, ’me lintho li tla u tsamaela hantle,+ ’me moea oa hao o tla ’ne o phele. 21 Empa haeba u hana ho ea,+ ena ke ntho eo Jehova a mpontšitseng eona: 22 Bona! Basali bohle ba siiloeng ka tlung ea morena oa Juda+ ba tlisoa ho likhosana tsa morena oa Babylona,+ ’me ba re,

‘Batho ba nang le khotso le uena ba u hoka-hokile+ ’me ba u hlōtse.+

Ba entse hore leoto la hao le tetebele seretseng; ba khutletse ka lehlakoreng le fapaneng.’+

23 Basali bohle ba hao le bara ba hao ba ba tlisa ho Bakalde, ’me u ke ke ua phonyoha matsohong a bona,+ empa ka letsoho la morena oa Babylona u tla tšoaroa, ’me motse ona o tla chesoa ka mollo ka lebaka la hao.”+

24 Tsedekia a re ho Jeremia: “Ho hang ho se ke ha e-ba le motho ea tla tseba ka lintho tsena, e le hore u se ke ua shoa. 25 Haeba likhosana+ li utloa hore ke buile le uena ’me li kena ho uena li re ho uena, ‘Ka kōpo, re bolelle, U itse’ng ho morena? U se ke ua re patela letho, re ke ke ra u bolaea. Hona morena o itse’ng ho uena?’ 26 u tla re ho tsona, ‘Ke ne ke etsa hore kōpo ea ka ea mohau e oele ka pel’a morena, hore a se ke a nkhutlisetsa ka tlung ea Jonathane+ hore ke shoele teng.’”

27 Ka mor’a nako likhosana tsohle tsa kena ho Jeremia ’me tsa qala ho mo botsa. Eaba o li bolella ho ea ka mantsoe ’ohle ao morena a mo laetseng ’ona.+ Kahoo tsa khutsa ka pel’a hae, kaha taba e ne e sa utluoa. 28 Jeremia a tsoela pele ho lula Lebaleng la Balebeli+ ho fihlela letsatsing leo Jerusalema e haptjoang ka lona.+ Ha etsahala hantle feela ha Jerusalema e haptjoa.+

39 Ka selemo sa borobong sa Tsedekia morena oa Juda, ka khoeli ea leshome,+ Nebukadrezare morena oa Babylona le lebotho lohle la hae ba tla Jerusalema ’me ba qala ho e thibella.+

2 Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka khoeli ea bone, ka letsatsi la borobong la khoeli, motse oa thuhuoa.+ 3 Likhosana tsohle tsa morena oa Babylona tsa tla ’me tsa lula Hekeng e Bohareng,+ e leng, Nergale-sharezere, Samgare-nebo, Sarsekime, Rabsarise, Nergale-sharezere Morabemake le likhosana tse ling kaofela tsa morena oa Babylona.

4 Joale eare hang ha Tsedekia morena oa Juda le banna bohle ba ntoa ba li bona, ba qala ho baleha+ ’me ba tsoa motseng bosiu ka tsela ea serapa sa morena,+ ka heke e pakeng tsa lerako le habeli; ba ’na ba tsoa ka tsela ea Araba.+ 5 Lebotho la sesole la Bakalde la qala ho ba lelekisa,+ ’me ba fihlela Tsedekia lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko.+ Joale ba mo nka ’me ba mo tlisa ho Nebukadrezare morena oa Babylona Ribla+ naheng ea Hamathe+ e le hore a phatlalatse liqeto tsa boahloli ho eena.+ 6 Morena oa Babylona a bolaea+ bara ba Tsedekia Ribla ka pel’a mahlo a hae,+ ’me morena oa Babylona a bolaea+ bahlomphehi bohle ba Juda. 7 A foufatsa+ mahlo a Tsedekia, ka mor’a moo a mo tlama ka litlamo tsa koporo, e le hore a mo tlise Babylona.

8 Bakalde ba chesa ntlo ea morena le matlo a sechaba ka mollo,+ ’me ba heletsa marako a Jerusalema.+ 9 Batho ba bang kaofela ba neng ba setse motseng, le ba koenehileng ba neng ba oetse ka ho eena, le batho ba bang kaofela ba setseng, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli+ a ba isa kholehong Babylona.+

10 Ba bang sechabeng, ba tlaase ba neng ba se na letho ho hang, Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba siea naheng ea Juda;+ a ba fa lirapa tsa morara le tšebeletso e qobelloang letsatsing leo.+

11 Ho feta moo, Nebukadrezare morena oa Babylona a fana ka taelo malebana le Jeremia ka Nebuzaradane mookameli oa balebeli, a re: 12 “Mo nke ’me u mo behe leihlo, u se ke ua mo etsa letho le lebe.+ Empa feela kamoo a ka buang le uena kateng, u mo etse joalo.”+

13 Tumellanong le hoo Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli le Nebushazbane Morabsarise, le Nergale-sharezere Morabemake le banna bohle ba ka sehloohong ba morena oa Babylona ba romeletsa; 14 ba romeletsa ’me ba nka Jeremia Lebaleng la Balebeli+ ’me ba mo neha Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane,+ e le hore a mo tlise ka tlung ea hae, a tle a lule har’a sechaba.

15 Lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia ha a ntse a koaletsoe Lebaleng la Balebeli,+ la re: 16 “E-ea, ’me u re ho Ebede-meleke+ Moethiopia, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Bona! ke phethahatsa mantsoe a ka holim ’a motse ona bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo,+ ’me ka sebele a tla etsahala ka pel’a hao letsatsing leo.”’+

17 “‘Letsatsing leo ke tla u lopolla,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ho ke ke ha nehelanoa ka uena matsohong a batho bao u ba tšabang.’+

18 “‘Etsoe ruri ke tla u pholosa, ’me u ke ke ua lihuoa ka sabole; ka sebele u tla fumana moea oa hao e le thepa e hapuoeng,+ kahobane u ntšepile,’+ ho bolela Jehova.”

40 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova ka mor’a hore Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a mo late Rama,+ ha a mo nka a ntse a tlamiloe ka mahlaahlela har’a baholehuoa bohle ba Jerusalema le Juda, ba neng ba isoa kholehong Babylona.+ 2 Joale mookameli oa balebeli a nka Jeremia ’me a re ho eena: “Jehova Molimo oa hao o boletse tlokotsi ena khahlanong le sebaka sena,+ 3 e le hore Jehova a ka e phethahatsa ’me a etsa feela joalokaha a boletse, hobane le sitetsoe Jehova ’me ha lea mamela lentsoe la hae. Ntho ena e le etsahalletse.+ 4 Joale bona! kajeno ke u lokolotse mahlaahleleng a neng a le matsohong a hao. Haeba ho le molemo mahlong a hao hore u tle le ’na Babylona, tloo, ’me ke tla u beha leihlo.+ Empa haeba ho le hobe mahlong a hao ho tla le ’na Babylona, u tlohele. Bona! Naha eohle e ka pel’a hao. Kae kapa kae moo ho leng hotle le moo ho nepahetseng mahlong a hao hore u ee, u ee teng.”+

5 O ne a ntse a ke ke a khutla, ha Nebuzaradane a re: “Khutlela ho Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane,+ eo morena oa Babylona a mo behileng hore a okamele metse ea Juda, ’me u lule le eena har’a sechaba; kapa leha e le kae moo ho leng hotle mahlong a hao hore u ee, u ee teng.”+

Joale mookameli oa balebeli a mo fa kabelo ea lijo le mpho eaba o mo tlohela hore a tsamaee.+ 6 Tumellanong le hoo Jeremia a fihla Mizpa+ ho Gedalia+ mora oa Akikame eaba o lula le eena har’a sechaba se neng se setse naheng eo.

7 Ka mor’a nako balaoli bohle ba mabotho a sesole ba neng ba le naheng,+ bona le banna ba bona, ba utloa hore morena oa Babylona o ne a behile Gedalia mora oa Akikame hore a okamele banna le basali le bana ba banyenyane le ba bang ba batho ba tlaase naheng, ba neng ba sa isoa kholehong Babylona.+ 8 Kahoo ba fihla ho Gedalia Mizpa, esita le Ishmaele+ mora oa Nethania le Johanane+ le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia mora oa Tanhumethe le bara ba Efai Monetofa+ le Jezania+ Momakathe,+ bona le banna ba bona.+ 9 Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane+ a hlapanyetsa+ bona le banna ba bona, a re: “Le se ke la tšaba ho sebeletsa Bakalde. Le tsoele pele le lula naheng ’me le sebeletse morena oa Babylona, ’me lintho li tla le tsamaela hantle.+ 10 Ha e le ’na, bonang! ke lula Mizpa,+ e le hore ke eme ka pel’a Bakalde ba tlang ho tla ho rōna. Ha e le lōna, bokellang veine+ le litholoana tsa lehlabula le oli ’me le li tšele lijaneng tsa lōna ’me le lule metseng ea lōna eo le e hapileng.”

11 Bajuda bohle ba neng ba le Moabe le har’a bara ba Ammone le Edomo le ba neng ba le linaheng tse ling tsohle,+ le bona ba utloa hore morena oa Babylona o ne a file Juda masala le hore o ne a behile Gedalia+ mora oa Akikame mora oa Shafane hore a a okamele. 12 Bajuda bohle ba qala ho khutla libakeng tsohle tseo ba neng ba qhalakanyelitsoe ho tsona, ba ’na ba tla naheng ea Juda ho Gedalia Mizpa.+ Ba qala ho bokella veine le litholoana tsa lehlabula tse ngata haholo.

13 Ha e le Johanane+ mora oa Karea+ le balaoli bohle ba mabotho a sesole ba neng ba le naheng,+ ba tla ho Gedalia Mizpa. 14 Ba re ho eena: “Na ho hang ha u tsebe hore Baalise, morena oa bara ba Ammone,+ o rometse Ishmaele+ mora oa Nethania+ hore a otle moea oa hao a o bolaee?” Empa Gedalia mora oa Akikame ha aa ka a ba lumela.+

15 Johanane+ mora oa Karea a re ho Gedalia, sebakeng seo ho ipatoang ho sona Mizpa: “Ke batla ho ea, hona joale, ke bolaee Ishmaele mora oa Nethania, kaha ho hang ha ho ea tla tseba.+ Ke hobane’ng ha a lokela ho otla moea oa hao hore a o bolaee, ’me ke hobane’ng ha bohle ba Juda ba bokeletsoeng ho uena ba hasanngoa le masala a Juda a timela?”+ 16 Empa Gedalia+ mora oa Akikame+ a re ho Johanane mora oa Karea: “U se ke ua etsa ntho ena, etsoe seo u se buang malebana le Ishmaele ke leshano.”+

41 Kahoo eitse ka khoeli ea bosupa Ishmaele+ mora oa Nethania mora oa Elishama+ oa lesika la borena+ ea har’a banna ba ka sehloohong ba morena hammoho le banna ba bang+ ba leshome ba tla ho Gedalia mora oa Akikame Mizpa.+ Ba qala ho ja bohobe hammoho moo Mizpa.+ 2 Joale Ishmaele mora oa Nethania le banna ba leshome ba neng ba e-na le eena ba phahama ’me ba bolaea Gedalia mora oa Akikame mora oa Shafane ka sabole.+ Kahoo a bolaea eo morena oa Babylona a neng a mo behile hore a okamele naha.+ 3 Ishmaele a bolaea Bajuda bohle ba neng ba e-na le eena, ke hore, ba e-na le Gedalia, Mizpa, le Bakalde ba ileng ba fumanoa teng, ke hore, banna ba ntoa.

4 Eare ka letsatsi la bobeli Gedalia a bolailoe, ha ho ne ho se na mang kapa mang ea tsebang ka hona,+ 5 joale ha fihla banna ba tsoang Shikeme,+ le Shilo+ le Samaria,+ banna ba mashome a robeli ba beotseng+ litelu le ba hahotseng liaparo tsa bona ’me ba itšehile,+ matsohong ba ne ba nkile nyehelo ea lijo-thollo le libano tse tšoeu+ hore ba li tlise ka tlung ea Jehova. 6 Kahoo Ishmaele mora oa Nethania a tsoa Mizpa ho ea ba khahlanyetsa, a lla ha a ntse a tsamaea.+ Eitse hang ha a teana le bona a re ho bona: “Tloong ho Gedalia mora oa Akikame.” 7 Empa eare hang ha ba fihla har’a motse, Ishmaele mora oa Nethania a qala ho ba bolaea le ho ba lahlela ka har’a lemena, eena le banna bao a neng a e-na le bona.+

8 Empa ho ne ho e-na le banna ba leshome har’a bona bao hang-hang ba ileng ba re ho Ishmaele: “U se ke ua re bolaea, etsoe re na le matlotlo a patiloeng naheng, koro le harese le mahe a linotši.”+ Kahoo a ithiba, ’me ha aa ka a ba bolaea har’a barab’abo bona. 9 Joale lemena leo ho lona Ishmaele+ a ileng a lahlela litopo tsohle tsa banna bao a neng a ba bolaile e ne e le lemena le leholo, le neng le entsoe ke Morena Asa ka lebaka la Baasha morena oa Iseraele.+ Ke lona leo Ishmaele mora oa Nethania a ileng a le tlatsa ka ba bolailoeng.

10 Joale Ishmaele a isa kholehong masala ’ohle a sechaba a neng a le Mizpa,+ barali ba morena+ le sechaba sohle se neng se setse Mizpa,+ seo Nebuzaradane mookameli oa balebeli a neng a se behile tlhokomelong ea Gedalia mora oa Akikame.+ Kahoo Ishmaele mora oa Nethania a se isa kholehong ’me a tloha a tšelela ho bara ba Ammone.+

11 Ka mor’a nako Johanane+ mora oa Karea le balaoli bohle ba mabotho a sesole+ ba neng ba e-na le eena ba utloa ka bobe bohle boo Ishmaele mora oa Nethania a neng a bo entse. 12 Ka lebaka leo ba nka banna bohle eaba baa tloha ho ea loantša Ishmaele mora oa Nethania ’me ba mo fumana pel’a metsi a mangata a neng a le Gibeone.+

13 Joale eare hang ha sechaba sohle se neng se e-na le Ishmaele se bona Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba mabotho a sesole ba neng ba e-na le eena, sa qala ho thaba. 14 Sechaba sohle seo Ishmaele a neng a se eteletse pele se holehiloe ho tloha Mizpa+ sa reteleha sa khutla ’me sa ea ho Johanane mora oa Karea. 15 Ha e le Ishmaele mora oa Nethania, a phonyoha+ le banna ba robeli ka pel’a Johanane, e le hore a ka ea ho bara ba Ammone.

16 Joale Johanane+ mora oa Karea le balaoli bohle ba mabotho a sesole ba neng ba e-na le eena ba nka masala ’ohle a sechaba ao ba neng ba a khutlisitse ho Ishmaele mora oa Nethania, Mizpa, ka mor’a hore a bolaee Gedalia+ mora oa Akikame, banna ba shahlileng, banna ba ntoa, le basali le bana ba banyenyane le balaoli ba lekhotla, bao a ba khutlisitseng Gibeone. 17 Kahoo ba tsamaea ’me ba qala ho lula sebakeng sa bolulo sa Kimhame se neng se le pel’a Bethlehema,+ e le hore ba e’o kena Egepeta,+ 18 ka lebaka la Bakalde;+ etsoe ba ne ba tšohile ka lebaka la bona,+ kaha Ishmaele mora oa Nethania o ne a bolaile Gedalia mora oa Akikame,+ eo morena oa Babylona a neng a mo behile hore a okamele naha.+

42 Joale balaoli bohle ba mabotho a sesole le Johanane+ mora oa Karea le Jezania+ mora oa Hoshaia+ le sechaba sohle, ho tloha ho e monyenyane esita le ho isa ho e moholo, ba tla 2 ’me ba re ho moprofeta Jeremia: “Ka kōpo, e se eka kōpo ea rōna ea mohau e ka oela ka pel’a hao, ’me u re rapelle ho Jehova Molimo oa hao,+ molemong oa masala ana kaofela, etsoe re siiloe, re le ’maloa har’a ba bangata,+ feela joalokaha mahlo a hao a re bona. 3 E se eka Jehova Molimo oa hao a ka re bolella tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona le ntho eo re lokelang ho e etsa.”+

4 Eaba moprofeta Jeremia o re ho bona: “Ke utloile. Bonang! ke rapela Jehova Molimo oa lōna ho ea ka mantsoe a lōna;+ ’me ka sebele lentsoe le leng le le leng leo Jehova a le arabang ka lona ke tla le bolella lona.+ Ha ho lentsoe leo ke tla le patela lona.”+

5 Ba re ho Jeremia: “E se eka Jehova e ka ba paki ea ’nete le e tšepahalang khahlanong le rōna+ haeba re ke ke ra etsa hantle feela ho ea ka lentsoe le leng le le leng leo Jehova Molimo oa hao a u romelang ho rōna ka lona.+ 6 Ebang le letle kapa le lebe, ke lentsoe la Jehova Molimo oa rōna eo re u romelang ho eena leo re tla le mamela, ka morero oa hore lintho li re tsamaele hantle kahobane re utloa lentsoe la Jehova Molimo oa rōna.”+

7 Joale eare bofelong ba matsatsi a leshome lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia.+ 8 Kahoo a bitsa Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba mabotho a sesole ba neng ba e-na le eena le sechaba sohle, ho tloha ho e monyenyane esita le ho isa ho e moholo;+ 9 eaba o tsoela pele ho re ho bona: “Sena ke se boletsoeng ke Jehova Molimo oa Iseraele, eo le nthometseng ho eena ho etsa hore kōpo ea lōna ea mohau e oele ka pel’a hae,+ 10 ‘Haeba ruri le tla ’ne le lule naheng ena,+ ke tla boela ke le hahe ’me nke ke ka le qhaqha, ke tla le lema ’me nke ke ka le fothola;+ etsoe ka sebele ke tla ikutloa ke soabile ka lebaka la tlokotsi eo ke le baketseng eona.+ 11 Le se ke la tšoha ka lebaka la morena oa Babylona, eo le mo tšabang.’+

“‘Le se ke la mo tšaba,’+ ho bolela Jehova, ‘etsoe ke na le lōna, e le hore ke le pholose le ho le lopolla letsohong la hae.+ 12 Ke tla le fa mehauhelo, ’me ka sebele o tla le hauhela ’me a le khutlisetse naheng ea lōna.+

13 “‘Empa haeba le re: “Che; re ke ke ra lula naheng ena!” e le hore le se ke la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna,+ 14 le re: “Che, empa re tla kena naheng ea Egepeta,+ moo re ke keng ra bona ntoa le moo re ke keng ra utloa molumo oa lenaka le moo re ke keng ra lapela bohobe; ke hona moo re tla lula teng”;+ 15 ka hona, joale utloang lentsoe la Jehova, lōna masala a Juda. Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Haeba ka sebele le lebisa lifahleho tsa lōna ho kena Egepeta ’me le kena teng hore le lule teng le le bajaki,+ 16 sabole eo le e tšabang e tla le fumana naheng ea Egepeta,+ le tlala eo le e tšabang e tla le latela haufi-ufi ho ea Egepeta;+ ’me ke hona moo le tla shoela teng.+ 17 Banna bohle ba lebisitseng lifahleho tsa bona ho kena Egepeta hore ba lule teng e le bajaki ba tla bolaoa ka sabole, tlala le lefu la seoa;+ ’me ba ke ke ba e-ba le mophonyohi le ea balehang, ka lebaka la tlokotsi eo ke e tlisang holim ’a bona.”’+

18 “Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Feela joalokaha bohale ba ka le khalefo ea ka e tšolletsoe holim ’a baahi ba Jerusalema,+ le khalefo ea ka e tla tšolleloa joalo holim ’a lōna ka lebaka la hore le kene Egepeta, ’me ka sebele le tla fetoha thohako le ntho e makalloang le bomalimabe le nyeliso,+ ’me ha le sa tla hlola le bona sebaka sena.’+

19 “Jehova o buile khahlanong le lōna, masala a Juda. Le se ke la kena Egepeta.+ Ka sebele le tsebe hore ke pakile khahlanong le lōna kajeno,+ 20 hore le entse phoso khahlanong le meea+ ea lōna; etsoe le nthometse ho Jehova Molimo oa lōna, le re, ‘Re rapelle ho Jehova Molimo oa rōna; ’me ho ea ka sohle seo Jehova Molimo oa rōna a se bolelang u re bolelle ka tsela eo, ’me ka sebele re tla se phetha.’+ 21 Kea le bolella kajeno, empa ka sebele le ke ke la mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna kapa ntho leha e le efe eo a nthometseng ho lōna ka eona.+ 22 Joale ka sebele le tsebe hore ka sabole,+ tlala le lefu la seoa le tla shoella sebakeng seo le thabelang ho kena ho sona hore le lule le le bajaki.”+

43 Joale eitse hang ha Jeremia a qetile ho bolella sechaba sohle mantsoe ’ohle a Jehova Molimo oa sona ao Jehova Molimo oa sona a mo rometseng ho sona ka ’ona, mantsoe ana ’ohle,+ 2 Azaria mora oa Hoshaia+ le Johanane+ mora oa Karea le banna bohle ba iketelletsang pele+ ba re ho Jeremia: “U bua leshano.+ Jehova Molimo oa rōna ha aa u romela, a re, ‘Le se ke la kena Egepeta hore le lule teng le le bajaki.’+ 3 Empa Baruke+ mora oa Neria o u hlohlelletsa khahlanong le rōna ka morero oa hore u nehelane ka rōna matsohong a Bakalde, hore ba re bolaee kapa hore ba re ise kholehong Babylona.”+

4 Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba mabotho a sesole le sechaba sohle ha baa ka ba mamela lentsoe la Jehova,+ hore ba ’ne ba lule naheng ea Juda.+ 5 Kahoo Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba mabotho a sesole ba nka masala ’ohle a Juda a neng a khutlile lichabeng tsohle tseo a neng a qhalakanyelitsoe ho tsona, e le hore a lule ka nakoana naheng ea Juda,+ 6 esita le banna ba shahlileng le basali le bana ba banyenyane le barali ba morena+ le moea o mong le o mong oo Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a neng a o tlohetse hore o lule le Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane,+ le moprofeta Jeremia le Baruke+ mora oa Neria. 7 Qetellong ba fihla naheng ea Egepeta,+ etsoe ba ne ba sa mamela lentsoe la Jehova; ’me butle-butle ba ea fihla Takpanese.+

8 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia Takpanese, le re: 9 “Letsohong la hao u nke majoe a maholo, ’me u a pate seretseng se setupung sa litene se monyako oa ntlo ea Faro Takpanese ka pel’a mahlo a banna ba Bajuda.+ 10 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Bona! kea romeletsa ’me ke tla nka Nebukadrezare morena oa Babylona,+ mohlanka oa ka,+ ke tla beha terone ea hae holim ’a majoe ana ao ke a patileng, ’me ka sebele o tla otlolla tente ea hae ea bophahamo holim ’a ’ona. 11 O tla kena ’me a hlasele naha ea Egepeta.+ Mang kapa mang ea loketsoeng ke lefu la seoa le bolaeang o tla hlaheloa ke lefu la seoa le bolaeang, ’me mang kapa mang ea loketsoeng ke kholeho o tla isoa kholehong, mang kapa mang ea loketsoeng ke sabole o tla bolaoa ka sabole.+ 12 Ke tla hotetsa mollo matlong a melimo ea Egepeta;+ ka sebele o tla a chesa ’me a ba etelle pele ba holehiloe ’me a ithatele naheng ea Egepeta, feela joalokaha molisa a ithatela ka seaparo sa hae,+ ’me o tla tloha teng ka khotso. 13 Ka sebele o tla roba lifika tsa Bethe-shemeshe likoto, tse naheng ea Egepeta; o tla chesa matlo a melimo ea Egepeta ka mollo.”’”

44 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia bakeng sa Bajuda bohle ba neng ba lula naheng ea Egepeta,+ ba lulang Migdole+ le Takpanese + le Nofe+ le naheng ea Pathrose,+ le re: 2 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Le bone tlokotsi eohle eo ke e tliselitseng Jerusalema+ le metse eohle ea Juda, ’me bonang! ke sebaka se ripitliloeng kajeno, ’me ha e na baahi.+ 3 Ke ka lebaka la bobe ba bona boo ba bo entseng e le hore ba ntšiteloe ka ho ea le ho etsa mosi oa sehlabelo+ le ho etsa tšebeletso ho melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba, lōna kapa baholo-holo ba lōna.+ 4 Ka ’na ka romela ho lōna bahlanka bohle ba ka baprofeta, ke tsoha hoseng ke ba romela,+ ke re: “Ka kōpo, le se ke la etsa ntho ena ea mofuta o manyala eo ke e hloileng.”+ 5 Empa ha baa ka ba mamela,+ kapa ba sekeha tsebe hore ba tlohele bobe ba bona ka ho se etsetse melimo e meng mosi oa sehlabelo.+ 6 Kahoo khalefo ea ka, le bohale ba ka, bo ile ba tšoloha ’me ba chesa metse ea Juda le literata tsa Jerusalema;+ ’me ea fetoha sebaka se ripitliloeng, lesupi, joaloka letsatsing lena.’+

7 “Joale sena ke seo Jehova, Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke hobane’ng ha le bakela meea ea lōna tlokotsi e khōlō,+ e le hore ho felisoe ho lōna monna le mosali, ngoana le ea anyang,+ har’a Juda, hoo le sa itšieleng masala; 8 ka ho ntšiteloa ka mesebetsi ea liatla tsa lōna ka ho etsetsa melimo+ e meng mosi oa sehlabelo naheng ea Egepeta, eo le kenang ho eona ho ea lula le le bajaki; ka morero oa ho ipakela hore le felisoe le ka morero oa hore le fetohe bomalimabe le nyeliso har’a lichaba tsohle tsa lefatše?+ 9 Na le lebetse liketso tse mpe tsa baholo-holo+ ba lōna le liketso tse mpe tsa marena a Juda+ le liketso tse mpe tsa basali+ ba ’ona le liketso tsa lōna tse mpe le liketso tse mpe tsa basali ba lōna,+ tseo ba li entseng naheng ea Juda le literateng tsa Jerusalema? 10 Ho fihlela letsatsing lena ha baa ka ba ikutloa ba sithabetse,+ ’me ha baa ka ba tšoha,+ kapa ba tsamaea molaong+ oa ka le litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng tseo ke li behileng ka pel’a lōna le ka pel’a baholo-holo ba lōna.’+

11 “Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke le tjamela ka morero oa ho le tlisetsa tlokotsi le ka morero oa ho felisa Juda eohle.+ 12 Ke tla nka masala a Juda a lebisitseng lifahleho tsa ’ona ho kena naheng ea Egepeta hore a lule e le bajaki,+ ’me ka sebele kaofela a tla fella naheng ea Egepeta.+ A tla lihuoa ka sabole; ’me a tla felisoa ke tlala,+ ho tloha ho e monyenyane esita le ho isa ho e moholo; a tla bolaoa ka sabole le ke tlala. A tla fetoha thohako, ntho e makalloang le bomalimabe le nyeliso.+ 13 Ke tla ahlola litaba khahlanong le ba lulang naheng ea Egepeta, feela joalokaha ke ahlotse litaba khahlanong le Jerusalema, ka sabole, ka tlala le ka lefu la seoa.+ 14 Ho ke ke ha e-ba le ea balehang kapa mophonyohi bakeng sa masala a Juda a kenang hore a lule teng e le bajaki, naheng ea Egepeta,+ esita le ho khutlela naheng ea Juda eo ba phahamisang takatso ea moea hore ba khutlele teng e le hore ba lule;+ etsoe ba ke ke ba khutla, haese ba balehileng.’”

15 Banna bohle ba neng ba tseba hore basali ba bona ba ne ba etsetsa melimo+ e meng mosi oa sehlabelo, le basali bohle ba neng ba eme e le phutheho e khōlō, le sechaba sohle se neng se lula naheng ea Egepeta,+ Pathrose,+ ba araba Jeremia, ba re: 16 “Mabapi le lentsoe leo u re boleletseng lona ka lebitso la Jehova, ha re u mamele;+ 17 empa ka sebele re tla phetha lentsoe le leng le le leng le tsoileng melomong ea rōna,+ e le hore re etsetse ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa hae tsa seno,+ feela joalokaha rōna+ le baholo-holo ba rōna,+ marena+ a rōna le likhosana tsa rōna re ile ra etsa metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema, ha re ne re khora bohobe ’me re atlehile, ’me re sa bone tlokotsi ho hang.+ 18 Ho tloha ka nako eo ka eona re ileng ra khaotsa ho etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa seno re haeletsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me re felisitsoe ka sabole le ke tlala.+

19 “Hape, ha re ne re etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo ’me re batla ho mo tšollela linyehelo tsa seno,+ na re ile ra mo etsetsa mahobe a sehlabelo re sa kōpa banna ba rōna, e le hore re etse setšoantšo sa hae, le ho mo tšollela linyehelo tsa seno?”+

20 Eaba Jeremia o re ho sechaba sohle, ho banna ba shahlileng le ho basali le ho sechaba sohle, se neng se mo araba ka lentsoe, a re: 21 “Ha e le mosi oa sehlabelo oo le o entseng metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema,+ lōna+ le baholo-holo ba lōna,+ marena+ a lōna le likhosana+ tsa lōna le sechaba sa naha, na hase sona seo Jehova a ileng a se hopola ’me sa hlaha pelong ea hae?+ 22 Qetellong Jehova o ne a se a sa khone ho se mamella ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna, ka lebaka la lintho tse manyala tseo le li entseng,+ kahoo naha ea lōna ea fetoha sebaka se ripitliloeng le ntho e makalloang le bomalimabe, ea fetoha e se nang moahi, joaloka letsatsing lena.+ 23 Ka lebaka la hore le entse mosi oa sehlabelo+ le hore le sitetsoe Jehova+ ’me ha lea mamela lentsoe la Jehova+ ’me ha lea ka la tsamaea molaong+ oa hae le litaelong tsa hae tse hlomamisitsoeng le likhopotsong tsa hae, ke ka lebaka leo le hlahetsoeng ke tlokotsi ena joaloka letsatsing lena.”+

24 Jeremia a tsoela pele ho re ho sechaba sohle le ho basali bohle: “Utloang lentsoe la Jehova, Juda eohle e naheng ea Egepeta.+ 25 Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Ha e le lōna banna le basali ba lōna,+ lōna basali le bua ka melomo, (’me le phethahalitse ka matsoho,) le re: “Ruri re tla phetha boitlamo ba rōna boo re itlammeng+ ka bona, ba ho etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’+ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa seno.”+ Lōna basali ruri le tla phetha boitlamo ba lōna, ’me ruri le tla etsa boitlamo ba lōna.’

26 “Ka hona utloang lentsoe la Jehova, lōna bohle ba Juda ba lulang naheng ea Egepeta,+ ‘“Bonang! ke hlapantse ka lebitso la ka le leholo,”+ ho boletse Jehova, “hore lebitso la ka ha e sa tla hlola e e-ba ntho e bitsoang ke molomo oa motho leha e le ofe oa Juda,+ a re, ‘Ka ’Musi Morena Jehova ea phelang!’+ naheng eohle ea Egepeta. 27 Bonang! ke lula ke ba falimehetse bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo;+ ’me ka sebele batho bohle ba Juda ba leng naheng ea Egepeta ba tla felisoa ka sabole le ke tlala, ho fihlela ba khaotsa ho ba teng.+ 28 Ha e le ba phonyohang sabole, ba tla khutlela naheng ea Juda ba tsoa naheng ea Egepeta, ba fokola ka palo;+ ’me bohle ba masala a Juda, ba kenang naheng ea Egepeta hore ba lule teng e le bajaki, ka sebele ba tla tseba hore na ke lentsoe la mang le fetohang ’nete, le tsoang ho ’na kapa le tsoang ho bona.”’”+

29 “‘Ena ke pontšo ea lōna,’+ ho bolela Jehova, ‘hore ke lebisa tlhokomelo ea ka ho lōna sebakeng sena, e le hore ruri le ka tseba hore mantsoe a ka a tla phethahala ho lōna bakeng sa tlokotsi:+ 30 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke nehelana ka Faro Hofra, morena oa Egepeta,+ matsohong a lira tsa hae le matsohong a ba batlang moea oa hae,+ feela joalokaha ke nehelane ka Tsedekia morena oa Juda letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona, sera sa hae le ea batlang moea oa hae.”’”+

45 Lentsoe leo moprofeta Jeremia a le boleletseng Baruke+ mora oa Neria ha a ne a ngola bukeng mantsoe ana a tsoang molomong oa Jeremia+ ka selemo sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, a re:

2 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng malebana le uena, Baruke, 3 ‘U itse: “Joale ho malimabe ’na,+ etsoe Jehova o ekelitse mesarelo bohlokong ba ka! Ke tepeletse ka lebaka la ho feheloa ha ka, ’me ha kea fumana sebaka sa phomolo.”’+

4 “Sena ke seo u lokelang ho mo bolella sona, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! Ke qhaqha seo ke se hahileng, ’me ke fothola seo ke se lemileng, esita le naha eohle.+ 5 Empa ha e le uena, u ntse u ipatlela lintho tse khōlō.+ U se ke ua ’na ua li batla.”’+

“‘Etsoe bona! ke tlisa tlokotsi holim ’a nama eohle,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.’”+

46 Sena ke se ileng sa hlaha e le lentsoe la Jehova ho moprofeta Jeremia malebana le lichaba:+ 2 Bakeng sa Egepeta,+ malebana le lebotho la sesole la Faro Neko morena oa Egepeta,+ ea neng a le pel’a nōka ea Eufrate Karkemishe,+ eo Nebukadrezare morena oa Babylona a ileng a mo hlōla ka selemo sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda: 3 “Etsang thekō le tšoere thebe e nyenyane le thebe e khōlō, ’me le atamele ntoeng.+ 4 Qhanehang lipere, ’me le palame, lōna banna ba lipere, ’me le eme le roetse lihelmete. Leotsang marumo. Aparang liaparo tse makhakhapha a tšepe.+

5 “‘Ke hobane’ng ha ke bone ba tšohile? Baa khutla, ’me banna ba bona ba matla ba silakantsoe; ka sebele ba balehile, ha baa reteleha.+ Ho na le tšabo ka hohle,’+ ho bolela Jehova. 6 ‘Ea lebelo a se ke a leka ho baleha, ’me monna ea matla a se ke a leka ho phonyoha.+ Holimo leboea+ pel’a lebōpo la nōka ea Eufrate ba khopiloe ’me ba oele.’+

7 “Ke mang enoa ea nyolohang joaloka Nōka ea Nile, joaloka linōka tseo metsi a tsona a ikakhotsang?+ 8 Egepeta e nyoloha joaloka Nōka ea Nile,+ ’me metsi a ikakhotsa joaloka linōka.+ E re, ‘Ke tla nyoloha. Ke tla koahela lefatše. Hang-hang ke tla timetsa motse le ba ahileng ho oona.’+ 9 Nyolohang, Lōna lipere; le mathe ka lebelo, Lōna likoloi! Banna ba matla ba ee, Kushe+ le Pute,+ ba tšoarang thebe, le Balude,+ ba tšoarang le ba hatakelang seqha.

10 “Letsatsi leo ke la ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, letsatsi la phetetso bakeng sa ho iphetetsa ho bahanyetsi ba hae.+ Ka sebele sabole e tla timetsa ’me e ikhotsofatse ’me e khorisoe ke mali a bona, etsoe ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, o na le sehlabelo+ naheng ea leboea pel’a nōka ea Eufrate.+

11 “Nyolohela Gileade ’me u nke balsame,+ Uena morali oa Egepeta oa moroetsana.+ Ke ha lefeela u atisitseng mokhoa oa ho folisa. Ha ho na phekolo bakeng sa hao.+ 12 Lichaba li utloile ho se hlomphehe+ ha hao ’me mohoo oa hao o tletse naheng.+ Etsoe ba khopiloe, monna ea matla khahlanong le monna ea matla.+ Ba oele hammoho, ba le babeli.”

13 Lentsoe leo Jehova a le buileng le moprofeta Jeremia mabapi le ho tla ha Nebukadrezare morena oa Babylona ho tla hlasela naha ea Egepeta:+ 14 “Ho boleleng Egepeta, le ho phatlalatse Migdole,+ le ho phatlalatse Nofe+ le Takpanese.+ Le re, ‘Ema, u itokise,+ etsoe ka sebele sabole e tla timetsa sohle se u potolohileng.+ 15 Ke hobane’ng ha ba matla ba lōna ba hohotsoe?+ Ha baa ema, etsoe Jehova o ba sutumelelitse hōle.+ 16 Ba khoptjoa ka bongata. Hape baa oa. Ba ntse ba buisana ba re: “Ema, ’me re khutlele sechabeng sa habo rōna le naheng ea beng ka rōna ka lebaka la sabole e tšoarang hampe.”’ 17 Teng ba phatlalalitse, ‘Faro morena oa Egepeta ke lerata feela.+ O tloheletse nako ea mokete hore e fete.’+

18 “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho,+ ‘o tla tla joaloka Tabore+ har’a lithaba le joaloka Karmele+ pel’a leoatle. 19 Iketsetse thōtō ea kholeho,+ Uena moahi oa mosali, morali+ oa Egepeta. Etsoe Nofe+ e tla fetoha ntho e makalloang ’me e chesoe, hoo e ke keng ea e-ba le moahi.+ 20 Egepeta e joaloka khomo e ntle ea sethole. Ka sebele monoang o tla e futuhela o tsoa leboea.+ 21 Ho feta moo, masole a eona a hiriloeng a joaloka manamane a nontšitsoeng.+ Empa le ’ona a inehetse;+ a balehile hammoho. Ha aa ema.+ Etsoe letsatsi la tlokotsi le tlile ho ’ona, nako ea hore a eloe hloko.’+

22 “‘Lentsoe la hae le tšoana le la noha e tsamaeang;+ etsoe banna ba tla tsamaea ka mafolofolo, ’me ba tla kena ho eona ka lilepe, joaloka ba roallang patsi. 23 Ka sebele ba tla rema moru oa hae,’+ ho bolela Jehova, ‘kaha o ne o ke ke oa phunyeletsoa. Etsoe ba bangata ho feta litsie,+ ’me ha ba na palo. 24 Ka sebele morali+ oa Egepeta o tla ikutloa a hlajoa ke lihlong. Ho tla nehelanoa ka eena matsohong a sechaba sa leboea.’+

25 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o itse, ‘Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho Amone+ ea tsoang No+ le ho Faro le ho Egepeta le ho melimo+ ea eona le ho marena+ a eona, esita le ho Faro le ho bohle ba mo tšepileng.’+

26 “‘Ke tla nehelana ka bona matsohong a ba batlang meea ea bona le letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona+ le matsohong a bahlanka ba hae; ’me ka mor’a moo e tla hahoa joaloka matsatsing a khale,’+ ho bolela Jehova.

27 “‘Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo, ’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle ’me bana ba hao ke ba pholosa naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a ba le khathatso ’me a lule ka boiketlo ho se ea bakang ho thothomela.+ 28 Ha e le uena, u se ke ua tšoha, Uena mohlanka oa ka Jakobo,’ ho bolela Jehova, ‘etsoe ke na le uena.+ Ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u qhalakanyelitseng ho tsona,+ empa uena nke ke ka u felisa.+ Empa leha ho le joalo ke tla lokela ho u shapa ka tekanyo e loketseng,+ ’me ho hang nke ke ka u tlohela u sa fuoe kotlo.’”+

47 Lentsoe la Jehova e bile lena ho moprofeta Jeremia malebana le Bafilista+ pele Faro a hlasela Gaza.+ 2 Sena ke seo Jehova a se boletseng:

“Bonang! Metsi a nyoloha+ leboea+ ’me a fetohile molapo o phoroselang o tšolohang. A tla pupetsa naha le se tletseng ho eona, motse le ba ahileng ho oona.+ Ka sebele banna ba tla hoeletsa, ’me e mong le e mong ea lulang naheng o tla bokolla.+ 3 Ha ho utloahala molumo oa ho tila ha litlhako tsa lipere tse tona,+ ha ho utloahala ho kotomana ha likoloi tsa hae tsa ntoa,+ molumo oa mabili a hae,+ bo-ntate ba ke ke ba retelehela ho bara, ka lebaka la ho tepella ha matsoho a bona, 4 ka lebaka la letsatsi le tlang la ho tlatlapa Bafilista kaofela,+ ho felisa mophonyohi e mong le e mong ea neng a thusa+ Tyre+ le Sidone.+ Etsoe Jehova o tlatlapa Bafilista,+ bao e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.+ 5 Lefatla+ le tla tla Gaza.+ Ashkelone+ e khutsisitsoe. Lōna masala a khohlo ea bona, le tla itšeha halelele hakae?+

6 “Eke, sabole ea Jehova!+ U ke ke ua khutsa halelele hakae? Khohlela selateng sa hao.+ Iphomolele ’me u khutse.

7 “E ka khutsa joang, ha Jehova a e file taelo? Ke ea Ashkelone le lebōpo la leoatle.+ Ke hona moo a e khethetseng hore e be teng.”

48 Bakeng sa Moabe+ sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng:+ “Ho malimabe Nebo,+ etsoe e tlatlapuoe! Kiriathaime+ e hlabisitsoe lihlong, e hapuoe. Sebaka se phahameng sa tšireletso se hlabisitsoe lihlong ’me se tšositsoe.+ 2 Ha ho sa na thoriso bakeng sa Moabe.+ Ba e nahanetse tlokotsi Heshbone:+ ‘Tloong, banna, a re e feliseng hore e se ke ea e-ba sechaba.’+

“Le uena Madmene, u lokela ho khutsa. Ka mor’a hao ho tsamaea sabole. 3 Ho na le molumo oa seboko Horonaime,+ ho tlatlapa le tšenyo e khōlō. 4 Moabe e sentsoe.+ Bana ba eona ba banyenyane ba entse hore mohoo o utloahale. 5 Etsoe motho o nyoloha tseleng e nyolohelang Luhithe+ ka sello—ho na le sello. Etsoe tseleng e theohelang Horonaime ho na le mohoo o bakang mahlomola ka lebaka la ho senngoa+ hoo sechaba se ho utloileng.

6 “Balehang; pholosang meea+ ea lōna, ’me le lokela ho ba joaloka sefate sa junipere lefeelleng.+ 7 Kahobane tšepo ea hao e mesebetsing ea hao le matlotlong a hao, le uena u tla haptjoa.+ Ka sebele Kemoshe+ e tla ea kholehong,+ le baprista ba eona le likhosana tsa eona ka nako e tšoanang.+ 8 Motlatlapi o tla kena motseng o mong le o mong,+ ’me ha ho na motse o tla phonyoha.+ Ka sebele khohlo e tla senyeha le naha e motsitsa e felisoe, ntho eo Jehova a e boletseng.

9 “Nehang Moabe letšoao la tsela, etsoe e tla tsoa ha ho e-ba le lithako;+ metse ea eona e tla fetoha ntho e makalloang, ho se ea lulang ho eona.+

10 “Ho rohakoe ea phethang thōmo ea Jehova ka ho se tsotelle;+ ’me ho rohakoe ea thibang sabole ea hae maling!

11 “Bamoabe ba ’nile ba lula ka boiketlo ho tloha bocheng+ ba bona, ’me ba lutse holim ’a litšifa tsa bona ba sa khathatsehe.+ Ha baa tšolloa ho tloha sejaneng se seng ho ea ho se seng, ’me ha baa ea kholehong. Ke ka lebaka leo takatso ea bona e ntseng e le ho bona, le monko oa bona o sa fetohang.

12 “‘Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla ba romela ba thulamisang lijana, ’me ka sebele ba tla ba thulamisa;+ ba tla tšolla lijana tsa bona, ’me ba pshatle linkho tsa bona tse khōlō. 13 Bamoabe ba tla lokela ho hlabisoa lihlong ke Kemoshe,+ feela joalokaha ba ntlo ea Iseraele ba hlabisitsoe lihlong ke Bethele tšepo ea bona.+ 14 Ke joang le ka reng: “Re banna ba matla+ le banna ba mafolofolo bakeng sa ntoa”?’

15 “‘Moabe e tlatlapuoe, ’me motho o futuhetse metse ea eona.+ Bahlankana ba eona ba khethehileng ba theohetse polaong,’+ ho bolela Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.+

16 “Tlokotsi ea Bamoabe e haufi le ho tla, ’me tlokotsi ea bona e hlile e potlakile haholo.+ 17 Bohle ba ba potolohileng ba tla lokela ho ba utloela bohloko, esita le bohle ba tsebang mabitso a bona.+ E-reng, ‘Molamu oa matla o robiloe hakaakang, lere la botle!’+

18 “Theoha khanyeng, ’me u lule fatše ka lenyora, Uena moahi oa mosali oa morali+ oa Dibone;+ etsoe motlatlapi oa Moabe o u futuhetse. O tla felisa libaka tsa hao tse etselitsoeng liqhobosheane.+

19 “Ema ’me u shebe tsela, Uena mosali ea lulang Aroere.+ Botsa ea balehang le ea phonyohang. E-re, ‘Ho hlahile’ng?’+ 20 Moabe e hlabisitsoe lihlong, etsoe e tšohile.+ Bokollang le hoeletse. Bolelang Arnone,+ hore Moabe e tlatlapuoe. 21 Kahlolo e tlile naheng ea sebaka se motsitsa,+ Holone le Jahaze+ le khahlanong le Mefathe,+ 22 le khahlanong le Dibone+ le khahlanong le Nebo+ le khahlanong le Bethe-diblathaime, 23 le khahlanong le Kiriathaime+ le khahlanong le Bethe-gamule le khahlanong le Bethe-meone+ 24 le khahlanong le Keriothe+ le khahlanong le Bozra+ le khahlanong le metse eohle ea naha ea Moabe, e hōle le e haufi.

25 “‘Lenaka la Moabe le ponngoe,+ ’me letsoho la eona le robehile,’+ ho bolela Jehova. 26 ‘E tahiseng,+ etsoe e ikhohomoselitse Jehova;+ ’me Moabe e poqile mahlatseng a eona,+ ’me e fetohile ntho e songoang.

27 “‘Na Iseraele ha ea ka ea fetoha ntho e songoang ho lōna?+ Kapa na e fumanoe har’a masholu?+ Etsoe le ne le itšisinya nako le nako ha le bua khahlanong le eona.

28 “‘Tlohelang metse ’me le lule lefikeng,+ lōna baahi ba Moabe, ’me le be joaloka leeba le iketsetsang sehlaha libakeng tse molomong oa sekoti.’”+

29 “Re utloile ka boikakaso ba Moabe+—e ikhohomosa haholo—ka bophahamo ba eona le ka boikakaso ba eona le ka ho iphahamisa ha eona le ka ho iphahamisa ha pelo ea eona.”+

30 “‘Ke tsebile khalefo ea eona,’ ho bolela Jehova, ‘’me ho ke ke ha e-ba ka tsela eo; puo ea eona ea lefeela+—ba ke ke ba etsa ka tsela eo.+ 31 Ke ka lebaka leo ke tlang ho llela Moabe, ’me ke tla hoeletsa ka lebaka la Moabe kaofela ha eona.+ Etsoe motho o tla llela banna ba Kire-hereshe.+

32 “‘Ke tla u llela ho feta Jazere,+ Uena sefate sa morara sa Sibma.+ Letlōbō la hao le tlokomang le tšetse leoatle. Le fihlile leoatleng—Jazere.+ Motlatlapi o oetse+ holim ’a litholoana+ tsa hao tsa lehlabula le holim ’a morara o bokeletsoeng. 33 Thabo le nyakallo li tlositsoe serapeng sa lifate tsa litholoana le naheng ea Moabe.+ Ke felisitse veine lihatelong tsa veine.+ Ha ho ea tla hatakela ka ho hooa. Mohoo e ke ke ea e-ba mohoo.’”+

34 “‘Ho tloha mohoong oa Heshbone+ ho fihlela Eleale,+ ho fihlela Jahaze+ ba ntšitse mantsoe a bona,+ ho tloha Zooare+ ho fihlela Horonaime,+ ho ea Eglathe-shelishia;+ etsoe le metsi a Nimrime+ a tla fetoha lesupi. 35 Ke tla etsa hore Moabe ho fele ea tlisang nyehelo sebakeng se phahameng le ea etsetsang molimo+ oa hae mosi oa sehlabelo,’ ho bolela Jehova. 36 Ke ka lebaka leo pelo ea ka e tla lubeha bakeng sa Moabe, feela joaloka makolilo;+ pelo ea ka e tla lubeha bakeng sa batho ba Kire-hereshe,+ feela joaloka makolilo. Ke ka lebaka leo ka sebele bongata boo a bo hlahisitseng bo tlang ho timela.+ 37 Etsoe hloohong e ’ngoe le e ’ngoe ho na le lefatla,+ ’me litelu tse ling le tse ling li kutiloe.+ Matsohong ’ohle ho na le ho sehoa,+ ’me mathekeng ho na le lesela la mokotla!’”+

38 “‘Marulelong ’ohle a Moabe le mapatlelong a eona—ho eona kaofela—hoa bokolloa;+ etsoe ke pshatlile Moabe feela joaloka sejana se sa thabeloeng,’+ ho bolela Jehova. 39 ‘E tšohile hakaakang! Bokollang! Moabe e furaletse hakaakang! E hlabiloe ke lihlong.+ Moabe e fetohile ntho e songoang le ho hong ho tšosang ho bohle ba e potolohileng.’”

40 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Feela joaloka ntsu e fofang,+ hape e mong o tla otlollela mapheo a hae holim ’a Moabe.+ 41 Metse e tla haptjoa, ’me ka sebele liqhobosheane tsa eona li tla haptjoa. Lipelo tsa banna ba matla ba Moabe letsatsing leo li tla ba joaloka pelo ea mosali ea nang le bohloko ba pelehi.’”+

42 “‘Ka sebele Moabe e tla felisoa hore e se ke ea e-ba sechaba,+ etsoe e ikhohomoselitse Jehova.+ 43 Tšabo le sekoti le sefi li holim ’a hao, Uena moahi oa Moabe,’+ ho bolela Jehova. 44 ‘Mang kapa mang ea balehang ka lebaka la tšabo o tla oela ka sekoting; ’me mang kapa mang ea tsoang ka sekoting o tla tšoasoa sefing.’+

“‘Etsoe ke tla tlisa holim ’a eona, holim ’a Moabe, selemo sa hore e eloe hloko,’+ ho bolela Jehova. 45 ‘Ba balehang ba eme ba se na matla moriting oa Heshbone. Etsoe ka sebele mollo o tla tsoa Heshbone,+ le lelakabe har’a Sihone;+ o tla chesa litlhafunelo tsa Moabe ’me bara ba moferefere o ba chese har’a hlooho.’+

46 “‘Ho malimabe uena Moabe!+ Sechaba sa Kemoshe+ se timetse. Etsoe bara ba hao ba nkiloe e le baholehuoa le barali ba hao e le baholehuoa. 47 Ke tla bokella baholehuoa ba Moabe karolong e qetellang ea matsatsi,’+ ho bolela Jehova. ‘Ho fihlela ntlheng ena ke kahlolo ea Moabe.’”+

49 Bakeng sa bara ba Ammone+ sena ke seo Jehova a se boletseng: “Na Iseraele ha a na bara, kapa na ha a na mojalefa? Ke hobane’ng ha Malkame+ a hapile Gade,+ le sechaba sa hae se lula metseng ea Iseraele?”+

2 “‘Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla etsa hore ho utloahale mokhosi oa ntoa+ khahlanong le Raba+ ea bara ba Ammone; ka sebele e tla fetoha tutulu ea lesupi,+ ’me metse e itšetlehileng ka eona+ e tla chesoa mollong.’+

“‘Iseraele o tla hapa ba mo hapileng,’+ ho boletse Jehova.

3 “‘Bokolla,+ Uena Heshbone,+ etsoe Ai e tlatlapuoe! Hoeletsang, Lōna metse e itšetlehileng ka Raba. Itlameng ka masela a mokotla.+ Bokollang, le solle masakeng a majoe, etsoe Malkame o tla ea kholehong,+ hammoho le baprista ba hae le likhosana tsa hae.+ 4 Ke hobane’ng ha u ithorisa ka likhohlo, khohlo ea hao e phallang,+ Uena morali ea sa tšepahaleng, uena ea tšepileng matlotlo a hae,+ ea reng: “Ke mang ea tla tla ho ’na?”’”+

5 “‘Bona! ke u tlisetsa ntho e tšabehang,’+ ho bolela ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, ‘e tsoang ho bohle ba u potolohileng. Ka sebele le tla qhalakanngoa, e mong le e mong ka tsela ea hae,+ ’me ha ho na ea tla bokella ba balehang.’”

6 “‘Empa ka mor’a moo ke tla bokella baholehuoa ba bara ba Ammone,’+ ho bolela Jehova.”

7 Bakeng sa Edomo sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Na ha ho sa na bohlale+ Temane?+ Na keletso e timetse ho ba nang le kutloisiso? Na bohlale ba bona bo bolile?+ 8 Balehang!+ Ineheleng! Tebelang tlaase e le hore le lule,+ Lōna baahi ba Dedane!+ Etsoe ke tla e tlisetsa koluoa ea Esau, nakong eo ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho eona.+ 9 Haeba ba khang morara ba kene ho uena, na ba ne ba ke ke ba siea se khoahlapisoang? Haeba masholu a kene bosiu, ka sebele a ne a tla baka tšenyo ka hohle kamoo a batlang.+ 10 Empa ha e le ’na, ke tla hlobolisa Esau hore a sale a sa apara letho.+ Ke tla senola libaka tseo a ipatang ho tsona,+ ’me motho a ke ke a khona ho ipata.+ Ka sebele bana ba hae le barab’abo le baahelani ba hae ba tla tlatlapuoa,+ ’me a ke ke a ba teng.+ 11 Tlohela bashanyana ba hao ba se nang bo-ntate.+ Ke tla ba boloka ba phela, ’me bahlolohali ba hao ba tla ntšepa.”+

12 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! Le hoja ba sa tloaela ho noa senoelo, ruri ba tla se noa.+ Na u tla tloheloa u sa fuoa kotlo? U ke ke ua tloheloa u sa fuoa kotlo, etsoe ruri u tla se noa.”+

13 “Etsoe ke hlapantse ka ’na,”+ ho bolela Jehova, “hore Bozra+ e tla fetoha ntho e makalloang+ le nyeliso, le thipitlo le bomalimabe; ’me metse eohle ea eona e tla fetoha libaka tse ripitliloeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+

14 Ke utloile tlaleho e tsoang ho Jehova, ’me ho na le moromuoa ea rometsoeng har’a lichaba, e reng: “Phuthehang, ’me le mo futuhele, le phahame bakeng sa ntoa.”+

15 “Etsoe bona! ka sebele ke u entse hore u be monyenyane har’a lichaba, u be ea nyelisehang har’a moloko oa batho.+ 16 Ho tlakasela hoo u ho bakileng ho u thetsitse, ho iketelletsa pele ha pelo ea hao,+ Uena ea lulang tšireletsong ea lefika, ea tšoereng bophahamo ba leralla. Le hoja u haha sehlaha sa hao holimo feela joaloka ntsu,+ ke tla u theola teng,”+ ho bolela Jehova. 17 “Edomo e tla fetoha ntho e makalloang.+ E mong le e mong ea fetang ho eona o tla sheba ka ho makala ’me a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa eona.+ 18 Feela joaloka ho lihuoa ha Sodoma le Gomora le metse ea eona ea boahelani,”+ ho boletse Jehova, “ha ho na motho ea tla aha teng, ’me ha ho na mora oa moloko oa batho ea tla lula teng e le mojaki.+

19 “Bonang! E mong o tla nyoloha feela joaloka tau+ moferong o phahameng pel’a Jordane ho ea sebakeng se tšoarellang sa bolulo,+ empa ka motsotsoana ke tla etsa hore a e balehe.+ Ke tla beha ea khethiloeng hore a e okamele. Etsoe ke mang ea tšoanang le ’na,+ ’me ke mang ea tla mphephetsa,+ ’me joale, ke molisa ofe ea ka emang ka pel’a ka?+ 20 Ka hona, utloang morero oa Jehova oo a o rerileng khahlanong le Edomo,+ le menahano ea hae eo a e nahanneng khahlanong le baahi ba Temane:+ Ka sebele tse nyenyane mohlapeng li tla hulanngoa. Ka sebele ka lebaka la bona o tla etsa hore sebaka sa bona sa bolulo e be lesupi.+ 21 Ha ho utloahala molumo oa ho oa ha bona lefatše le qalile ho reketla.+ Ho na le mohoo!+ Molumo oa oona o utloahetse le Leoatleng le Lefubelu.+ 22 Bonang! Feela joaloka ntsu e mong o tla nyoloha ’me a tsubelle,+ o tla phukalatsa mapheo holim ’a Bozra;+ ’me letsatsing leo lipelo tsa banna ba matla ba Edomo li tla tšoana le pelo ea mosali ea nang le bohloko ba pelehi.”+

23 Bakeng sa Damaseka:+ “Hamathe+ le Arpade+ li hlabiloe ke lihlong, etsoe li utloile tlaleho e mpe. Li tsekolohile.+ Leoatleng ho na le ho tšoenngoa ke lipelaelo; ha le khone ho lula le sa khathatsehe.+ 24 Damaseka e feletsoe ke tšepo. E retelehile hore e balehe, ’me e tšohile ka ho fetisisa.+ Mahlomola le bohloko ba pelehi bo e tšoere, joaloka mosali ea belehang.+ 25 Ho tla joang hore ebe motse oa thoriso ha oa tloheloa, motse oa thabo e khaphatsehang?+

26 “Ka hona bahlankana ba oona ba tla oela mapatlelong a oona, ’me banna bohle ba ntoa ba tla khutsisoa letsatsing leo,”+ ho bolela Jehova oa mabotho. 27 “Ke tla hotetsa mollo lerakong la Damaseka, ’me ka sebele o tla chesa litora tsa bolulo tsa Ben-hadade.”+

28 Bakeng sa Kedare+ le mebuso ea Hazore,+ eo Nebukadrezare morena oa Babylona a ileng a e hlasela,+ sena ke seo Jehova a se boletseng: “Phahamang, nyolohelang Kedare, ’me le tlatlape bara ba Bochabela.+ 29 Litente+ tsa bona le mehlape+ ea bona e tla nkoa, masela a bona a tente+ le lintho tsohle tsa bona. Likamele+ tsa bona li tla nkoa ho bona. Ka sebele ba tla ba hoeletsa, ‘Tšabo e ka hohle!’”+

30 “Balehang, balehelang hōle; tebelang tlaase e le hore le lule, Lōna baahi ba Hazore,”+ ho bolela Jehova. “Etsoe Nebukadrezare morena oa Babylona+ o rerile morero khahlanong le lōna ’me o nahanne monahano khahlanong le lōna.”

31 “Phahamang, le futuhele sechaba se lutseng ka boiketlo,+ se lutseng se sireletsehile!”+ ho bolela Jehova.

“Ha se na mamati le mekoallo. Se lula se ’notši.+ 32 Likamele+ tsa sona li tla fetoha se tlatlapuoeng, le liphoofolo tsa sona tse ngata tse ruiloeng e be thepa e hapuoeng. Se kutileng moriri oa sona o litlhafunelong,+ ke tla se hasanyetsa moeeng+ o mong le o mong; ’me ke tla tlisa koluoa ea sona ho tsoa libakeng tsohle tse haufi le sona,” ho bolela Jehova. 33 “Hazore+ e tla ba selao sa liphokojoe,+ e be lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ha ho na motho ea tla lula moo, ’me ha ho na mora oa moloko oa batho ea tla lula e le mojaki teng.”+

34 Sena ke se etsahetseng e le lentsoe la Jehova ho moprofeta Jeremia malebana le Elame+ tšimolohong ea ho busa ha Tsedekia+ morena oa Juda, le re: 35 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Bonang! ke roba seqha sa Elame,+ tšimoloho ea matla a bona. 36 Ke tla tlisa holim ’a Elame meea e mene e tsoang lipheletsong tse ’nè tsa maholimo.+ Ke tla ba hasanyetsa meeeng ena eohle,+ ’me ho ke ke ha e-ba le sechaba seo ba qhalakantsoeng+ ba Elame ba ke keng ba fihla ho sona.’”

37 “Ke tla ripitla Baelame ka pel’a lira tsa bona le ka pel’a ba batlang meea ea bona; ke tla ba tlisetsa tlokotsi, bohale ba ka bo tukang,”+ ho bolela Jehova. “Ke tla romela sabole ka mor’a bona ho fihlela ke ba felisitse.”+

38 “Ke tla beha terone ea ka Elame,+ ’me ke tla felisa teng morena le likhosana,” ho bolela Jehova.

39 “Ka sebele karolong e qetellang ea matsatsi+ ke tla bokella baholehuoa ba Elame,”+ ho bolela Jehova.

50 Lentsoe leo Jehova a ileng a le bua malebana le Babylona,+ malebana le naha ea Bakalde,+ ka moprofeta Jeremia: 2 “Le boleleng har’a lichaba ’me le le phatlalatse.+ Phahamisang pontšo;+ e phatlalatseng. Le se ke la pata letho. E-reng, ‘Babylona e hapuoe.+ Bele o hlabisitsoe lihlong.+ Merodake o tšohile. Litšoantšo tsa eona li hlabisitsoe lihlong.+ Litšoantšo tsa eona tse rapeloang tse nyonyehang li tšohile.’ 3 Etsoe sechaba se e futuhetse se tsoa leboea.+ Ke sona se etsang hore naha ea eona e be ntho e makalloang, hoo ho se nang ea lulang ho eona.+ Motho le phoofolo e ruuoang ba balehile.+ Ba tsamaile.”+

4 “Matsatsing ao le nakong eo,”+ ho bolela Jehova, “bara ba Iseraele, bona hammoho le bara ba Juda, ba tla tla.+ Ba tla tsamaea, ba tsamaee ba ntse ba lla,+ ’me ba tla batla Jehova Molimo oa bona.+ 5 Ba tla ’ne ba botse tsela e eang Sione, lifahleho tsa bona li shebile ka nģa eo,+ ba re, ‘Tloong ’me re ikopanyeng le Jehova selekaneng se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang se ke keng sa lebaloa.’+ 6 Sechaba sa ka se fetohile mohlape oa libōpuoa tse timelang.+ Balisa ba sona ba entse hore se lelere.+ Ba se tsamaisitse lithabeng.+ Ba tlohile thabeng ba ea leralleng. Ba lebetse sebaka sa bona sa phomolo.+ 7 Bohle ba ba fumanang ba ba qetile,+ ’me lira tsa bona li itse,+ ‘Re ke ke ra ba molato,+ ka lebaka la hore ba sitetsoe Jehova sebaka sa bolulo sa ho loka+ le tšepo ea baholo-holo ba bona,+ Jehova.’”

8 “Balehang Babylona, ’me le tsoe naheng ea Bakalde,+ le be joaloka liphoofolo tse etellang mohlape pele.+ 9 Etsoe bonang! ke tsosa le ho tlisa phutheho ea lichaba tse khōlō tse tsoang naheng ea leboea khahlanong le Babylona,+ ’me ka sebele li tla etsa thekō khahlanong le eona.+ E tla haptjoa moo.+ Marumo a motho a joaloka a monna ea matla ea bakang ho amohuoa bana, ea ke keng a khutla ho se na litholoana.+ 10 Kalde e tla fetoha thepa e hapuoeng.+ Bohle ba hapang thepa ho eona ba tla ikhotsofatsa,”+ ho bolela Jehova.

11 “Etsoe le ’nile la nyakalla,+ etsoe le ’nile la thaba ha le nkela lefa la ka thepa ka mahahapa.+ Etsoe le ’nile la tila joaloka khomo ea sethole holim ’a joang bo bonolo,+ ’me la ’na la lla joaloka lipere tse tona.+ 12 ’M’a lōna o hlabisitsoe lihlong haholo.+ Ea le tsoetseng o soetsehile.+ Bonang! Ke oa bohlokoa bo fokolang ka ho fetisisa har’a lichaba, ke lefeella le se nang metsi le thota ea lehoatata.+ 13 Ka lebaka la khalefo ea Jehova e ke ke ea e-ba le baahi,+ ’me kaofela ha eona e tla fetoha lesupi.+ Ha e le mang kapa mang ea fetang Babylona, o tla sheba ka ho makala ’me a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa eona.+

14 “Etsang thekō khahlanong le Babylona ka mahlakoreng ’ohle,+ lōna bohle ba hatakelang seqha.+ E fuleng.+ Le se ke la qenehela motsu, etsoe e sitetsoe Jehova.+ 15 Tlerolang mohoo oa ntoa khahlanong le eona ka mahlakoreng ’ohle.+ E fane ka letsoho la eona.+ Litšiea tsa eona li oele. Marako a eona a qhaqhiloe.+ Etsoe ke phetetso ea Jehova.+ Iphetetseng ho eona. Feela joalokaha e entse, le e etse joalo.+ 16 Felisang mojali Babylona,+ le ea tšoereng sekele nakong ea kotulo. Ka lebaka la sabole e tšoarang hampe e mong le e mong o tla retelehela sechabeng sa habo, ’me e mong le e mong o tla balehela naheng ea habo.+

17 “Baiseraele ke linku tse hlahlathetseng.+ Litau li li qhalakantse.+ Lekhetlong la pele morena oa Assyria o ba timelitse,+ ’me lekhetlong lena la bobeli Nebukadrezare morena oa Babylona o phurile masapo a bona.+ 18 Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho morena oa Babylona le holim ’a naha ea hae ka tsela e tšoanang le eo ka eona ke ileng ka lebisa tlhokomelo ea ka ho morena oa Assyria.+ 19 Ke tla khutlisetsa Iseraele lekhulong la eona,+ ’me ka sebele e tla fula Karmele+ le Bashane;+ moea oa eona o tla khora sebakeng se lithaba sa Efraime+ le Gileade.’”+

20 “Matsatsing ao le ka nako eo,”+ ho bolela Jehova, “phoso ea Iseraele e tla batloa,+ empa e ke ke ea e-ba teng; libe tsa Juda li tla batloa,+ empa li ke ke tsa fumanoa, etsoe ke tla tšoarela bao ke ba sieang.”+

21 “Futuhelang naha ea Merathaime—futuhelang eona+ le baahi ba Pekode.+ Ho ke ho be le ho rinya le ho nehela timetso haufi le bona,” ho bolela Jehova, “’me le etse ho ea ka sohle seo ke le laetseng sona.+ 22 Ho na le molumo oa ntoa naheng, le thipitlo e khōlō.+ 23 Hamore+ e khobang ea lefatše lohle e ponngoe ’me e robeha hakaakang!+ Babylona e fetohile ntho e makalloang hakaakang har’a lichaba!+ 24 Ke u chehetse leraba ’me le uena u tšoasitsoe, Uena Babylona, ’me ha ua ka ua tseba.+ U fumanoe ’me ua tšoaroa, etsoe u ile ua halefela Jehova.+

25 “Jehova o butse ntlo ea hae ea polokelo, ’me o ntša libetsa tsa nyatso ea hae.+ Etsoe ho na le mosebetsi oo ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, a nang le oona naheng ea Bakalde.+ 26 Kenang ho eona ho tsoa karolong e hōle-hōle.+ Bulang meliko ea eona.+ E etsetseng tutulu, feela joaloka ba etsang litutulu,+ ’me le e nehele timetso.+ E se eka e ke ke ea e-ba le ba setseng.+ 27 Rinyang lipohoana tsohle tsa eona.+ E se eka li ka theohela tlhabong.+ Li malimabe, etsoe letsatsi la tsona le fihlile, nako ea hore li eloe hloko!+

28 “Ho na le molumo oa ba balehang le ba phonyohang naheng ea Babylona+ hore ba bolele phetetso ea Jehova Molimo oa rōna Sione,+ phetetso bakeng sa tempele ea hae.+

29 “Bitsetsang Babylona ba fulang metsu, bohle ba hatakelang seqha.+ Hlomang liahelo khahlanong le eona ka hohle. Ho se ke ha e-ba le baphonyohi.+ E buseletseng ho ea ka mosebetsi oa eona.+ Ho ea ka sohle seo e se entseng, le e etse joalo.+ Etsoe e iketelelitse pele khahlanong le Jehova, khahlanong le Mohalaleli oa Iseraele.+ 30 Ka hona bahlankana ba eona ba tla oa mapatlelong a eona,+ ’me le banna ba eona bohle ba ntoa ba tla khutsisoa letsatsing leo,”+ ho bolela Jehova.

31 “Bona! Ke khahlanong le uena,+ Ho Iketelletsa Pele,”+ ho bolela ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho, “etsoe letsatsi la hao le tla tla, nako eo ke tla u ela hloko ka eona. 32 Ka sebele Ho Iketelletsa Pele ho tla khoptjoa ’me ho oe,+ ’me ha ho na ea tla ho phahamisa.+ Ke tla hotetsa mollo metseng ea hona, ’me o tla chesa libaka tse ho potolohileng.”+

33 Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Bara ba Iseraele le bara ba Juda ba hatelloa hammoho, ’me bohle ba ba isang kholehong ba ba tšoere.+ Ba hanne ho ba tlohela hore ba tsamaee.+ 34 Morekolli oa bona o matla,+ lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+ Ruri o tla tsamaisa nyeoe ea bona,+ e le hore a fe naha+ phomolo ’me a bake pherekano ho baahi ba Babylona.”+

35 “Ho na le sabole khahlanong le Bakalde,”+ ho bolela Jehova, “le khahlanong le baahi ba Babylona+ le khahlanong le likhosana+ tsa eona le khahlanong le ba bohlale ba eona.+ 36 Ho na le sabole khahlanong le ba buang lefeela,+ ’me ka sebele ba tla etsa ka booatla.+ Ho na le sabole khahlanong le banna ba eona ba matla,+ ’me ba tla tšoha.+ 37 Ho na le sabole khahlanong le lipere+ tsa bona le likoloi tsa bona tsa ntoa le sehlopha se tsoakaneng se har’a eona,+ ’me ka sebele ba tla fetoha basali.+ Ho na le sabole khahlanong le matlotlo a eona,+ ’me a tla tlatlapuoa. 38 Ho na le thipitlo metsing a eona, ’me a tla psha.+ Etsoe ke naha ea litšoantšo tse betliloeng,+ ’me ba ntse ba etsa ka bohlanya ka lebaka la lipono tsa bona tse tšosang. 39 Ka hona baahi ba libaka tse se nang metsi ba tla lula le liphoofolo tse llang, ’me limpshe li tla lula ho eona;+ ha ho sa tla hlola ho luloa ho eona, kapa e be le baahi ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”+

40 “Feela joalokaha Molimo a ile a liha Sodoma le Gomora+ le metse ea boahelani,”+ ho bolela Jehova, “ha ho na motho ea tla lula teng, kapa hona hore mora oa moloko oa batho a lule teng e le mojaki.+

41 “Bonang! Sechaba se tla se tsoa leboea; sechaba+ se seholo le marena+ a maholo a tla tsosoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.+ 42 A tšoara seqha le lerumo le betsoang.+ A khopo ’me a ke ke a bontša mohau.+ Molumo oa ’ona o tšoana le leoatle le loebehlanang,+ ’me a tla palama lipere;+ a entse thekō khahlanong le uena joaloka motho a le mong, Uena morali oa Babylona.+

43 “Morena oa Babylona o utloile tlaleho ka ’ona,+ ’me matsoho a hae a tepeletse.+ Ho na le mahlomola! O tšoeroe ke bohloko bo boholo, feela joaloka mosali ea belehang.+

44 “Bonang! E mong o tla phahama feela joaloka tau moferong o phahameng pel’a Jordane ho ea sebakeng sa bolulo se tšoarellang,+ empa ka motsotsoana ke tla etsa hore ba mo balehe.+ Ke tla beha ea khethiloeng hore a mo okamele.+ Etsoe ke mang ea tšoanang le ’na,+ ’me ke mang ea tla mphephetsa,+ ’me joale, ke molisa ofe ea ka emang ka pel’a ka?+ 45 Ka hona utloang, morero+ oa Jehova oo a o rerileng khahlanong le Babylona+ le menahano ea hae eo a e nahanneng khahlanong le naha ea Bakalde.+ Ka sebele ba banyenyane mohlapeng ba tla hulanngoa.+ Ka sebele ka lebaka la bona o tla etsa hore sebaka sa bona sa bolulo e be lesupi.+ 46 Ha ho utloahala molumo oa ha Babylona e hapuoe, ka sebele lefatše le tla reketla,+ ’me ho utloahale mohoo har’a lichaba.”+

51 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bonang! ke tsosa moea+ o senyang khahlanong le Babylona+ le khahlanong le baahi ba Leb-kamai; 2 ke tla romela Babylona baolōsi bao ka sebele ba tla e olōsa ’me ba etse naha ea eona lefeela;+ etsoe ba tla e futuhela ka mahlakoreng ’ohle letsatsing la tlokotsi.+

3 “Ea hatakelang seqha a se ke a hatakela.+ Ho se ke ha e-ba le ea emang a apere seaparo sa hae se makhakhapha a tšepe.

“Le se ke la bontša qenehelo leha e le efe ho bahlankana ba eona.+ Nehelang lebotho lohle la eona timetso.+ 4 Ba tla oa ba bolailoe naheng ea Bakalde+ ’me ba hlabiloe literateng tsa eona.+

5 “Etsoe Baiseraele le Bajuda+ ha baa arohanngoa le Molimo oa bona, le Jehova oa mabotho.+ Etsoe naha ea bao e tletse molato ponong ea Mohalaleli oa Iseraele.+

6 “Balehang Babylona,+ ’me e mong le e mong a pholose moea oa hae.+ Le se ke la fetoha ba sa pheleng ka lebaka la phoso ea eona.+ Etsoe ke nako ea phetetso ea Jehova.+ Ho na le tšoaro eo a e buseletsang ho eona.+ 7 Babylona e ’nile ea e-ba senoelo sa khauta letsohong la Jehova,+ sa tahisa lefatše lohle.+ Lichaba li tahiloe ke veine ea eona.+ Ke ka lebaka leo lichaba li ntseng li etsa ka bohlanya.+ 8 Babylona e oele ka tšohanyetso, hoo e robehileng.+ E lleleng.+ Nkang balsame bakeng sa bohloko ba eona.+ Mohlomong e ka fola.”

9 “Re ka be re folisitse Babylona, empa ha ea fola. E tloheleng,+ ’me a re eeng e mong le e mong naheng ea habo.+ Etsoe kahlolo ea eona e fihlile maholimong, ’me e phahamiselitsoe maholimong a koahetsoeng ke maru.+ 10 Jehova o re tliselitse liketso tsa ho loka.+ Tloong ’me re phete mosebetsi oa Jehova Molimo oa rōna Sione.”+

11 “Leotsang marumo.+ Tlatsang lithebe tse chitja. Jehova o tsositse moea oa marena a Bamede,+ hobane khopolo ea hae e khahlanong le Babylona,+ e le hore a e felise. Etsoe ke phetetso ea Jehova, phetetso bakeng sa tempele ea hae.+ 12 Phahamisang pontšo khahlanong le marako a Babylona.+ Etsang hore tebelo e be matla.+ Behang balebeli. Lokisang ba lallang.+ Etsoe Jehova o rerile ’me ka sebele o tla etsa seo a se buileng khahlanong le baahi ba Babylona.”+

13 “Uena mosali ea lutseng holim ’a metsi a mangata,+ ea nang le matlotlo a mangata,+ bofelo ba hao bo fihlile, tekanyo+ ea ho etsa phaello ha hao.+ 14 Jehova oa mabotho o hlapantse ka moea+ oa hae, ‘Ke tla le tlatsa ka batho, joaloka litsie,+ ’me ka sebele ba tla le binela mohoo.’+ 15 Ke Moetsi oa lefatše ka matla a hae,+ Ea tiisang ka thata naha e behang+ ka bohlale ba hae,+ le Eo ka kutloisiso+ ea hae a otlolotseng maholimo.+ 16 Ka lentsoe la hae o fana ka molumo oa metsi maholimong, ’me o nyolla mouoane lipheletsong tsa lefatše.+ O entse le mekoallo ea metsi bakeng sa pula,+ ’me o hlahisa moea matlong a hae a polokelo. 17 Motho e mong le e mong o itšoere ka mokhoa o sa nahaneng e le hore a se ke a tseba.+ E mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla ikutloa a hlabiloe ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng;+ etsoe setšoantšo sa hae se entsoeng ka ho qhibilihisoa ke leshano,+ ’me ha ho na moea ho tsona.+ 18 Ke lefeela,+ sesomo.+ Nakong ea ha li eloa hloko li tla timela.+

19 “Kabelo ea Jakobo ha e joaloka lintho tsena,+ etsoe ke Moetsi oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ esita le lere la lefa la hae.+ Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.”+

20 “U molangoana oa ka, joaloka libetsa tsa ntoa,+ ’me ka sebele ke tla robakanya lichaba ka uena, ’me ke tla felisa mebuso ka uena. 21 Ka uena ke tla robakanya pere le mopalami oa eona, ’me ka uena ke tla robakanya+ koloi ea ntoa le mopalami oa eona. 22 Ka uena ke tla robakanya monna le mosali, ’me ka uena ke tla robakanya monna-moholo le moshanyana, ’me ka uena ke tla robakanya mohlankana le moroetsana. 23 Ka uena ke tla robakanya molisa le mohlape oa hae, ’me ka uena ke tla robakanya sehoai le sepane sa sona sa liphoofolo, ’me ka uena ke tla robakanya babusisi le batlatsi ba babusisi. 24 Ke tla buseletsa Babylona le baahi bohle ba Kalde bobe bohle ba bona boo ba bo entseng Sione ka pel’a mahlo a lōna,”+ ho bolela Jehova.

25 “Bona! ke khahlanong le uena,+ thaba e senyang,”+ ho bolela Jehova, “uena mosenyi oa lefatše lohle;+ ke tla otlolla letsoho khahlanong le uena ’me ke u phikolose mafikeng ke u etse thaba e chesitsoeng.”+

26 “Batho ba ke ke ba nka lejoe la sekhutlo kapa lejoe la motheo ho uena,+ kahobane u tla fetoha lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang,”+ ho bolela Jehova.

27 “Phahamisang pontšo naheng.+ Letsang lenaka har’a lichaba. Halaletsang+ lichaba khahlanong le eona. Bitsang mebuso ea Ararate,+ Mini le Ashkenaze+ khahlanong le eona. Behang molaoli ea thaothang khahlanong le eona. Etsang hore lipere+ li nyolohe joaloka litsie tse mapheoana a liqala. 28 Halaletsang lichaba khahlanong le eona, marena a Media,+ babusisi ba eona le batlatsi ba eona bohle ba babusisi le naha eohle e pusong ea e mong le e mong. 29 Lefatše le reketle ’me le utloe bohloko bo boholo,+ etsoe mehopolo ea Jehova e hlahile khahlanong le Babylona ho etsa hore naha ea Babylona e be ntho e makalloang, e se nang baahi.+

30 “Banna ba matla ba Babylona ba khaolitse ho loana. Ba ntse ba lutse liqhobosheaneng. Matla a bona a felile.+ Ba fetohile basali.+ Libaka tsa eona tsa bolulo li chesitsoe. Mekoallo ea eona e robehile.+

31 “Semathi se seng se mathela ho ea kopana le se seng, ’me motlalehi e mong o mathela ho ea kopana le motlalehi e mong,+ ho tlalehela morena oa Babylona hore motse oa hae o hapuoe ka hohle,+ 32 le hore maliboho a nkiloe,+ ’me likepe tsa loli li chesitsoe ka mollo le hore banna ba ntoa ba khathatsehile.”+

33 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Morali oa Babylona o joaloka seotlo.+ Ke nako ea ho mo hatakela ka tieo. Ka nakoana o tla fihleloa ke nako ea kotulo.”+

34 “Nebukadrezare morena oa Babylona o ntjele;+ o mpherekantse. O mpehile joaloka sejana se se nang letho. O nkoentse joaloka noha e khōlō;+ o tlatsitse mpa ea hae ka lintho tsa ka tse monate. O ntlositse. 35 ‘Pefo e entsoeng ho ’na le ’meleng oa ka e be holim ’a Babylona!’ mosali ea lulang Sione o tla rialo.+ ‘Mali a ka a be holim ’a baahi ba Kalde!’ Jerusalema e tla rialo.”+

36 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke tsamaisa nyeoe ea hao,+ ’me ka sebele ke tla phethisa phetetso bakeng sa hao.+ Ke tla pshesa leoatle la eona, ’me ke tla pshesa liliba tsa eona.+ 37 Babylona e tla fetoha liqubu tsa majoe,+ selao sa liphokojoe,+ ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi, e se nang moahi.+ 38 Bohle hammoho ba tla puruma joaloka litaoana tse moetse. Ka sebele ba tla rora joaloka malinyane a litau.”

39 “Ha ba futhumetse ke tla beha mekete ea bona ’me ke tla ba tahisa, e le hore ba ka thaba;+ ba tla robala boroko bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, boo ba ke keng ba tsoha ho bona,”+ ho bolela Jehova. 40 “Ke tla ba theolela tlhabong joaloka nku e tona, joaloka lipheleu hammoho le liphooko.”+

41 “Sheshake e hapuoe hakaakang,+ ’me Thoriso ea lefatše lohle e nkiloe hakaakang!+ Babylona e fetohile ntho e makalloang hakaakang har’a lichaba!+ 42 Leoatle le nyolohetse Babylona. E koahetsoe ke maqhubu a lona a mangata.+ 43 Metse ea eona e fetohile ntho e makalloang, naha e se nang metsi le thota ea lehoatata.+ E le naha, ha ho na motho ea tla lula ho eona, ’me ha ho na mora oa moloko oa batho ea tla feta ho eona.+ 44 Ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho Bele+ Babylona, ’me ke tla ntša molomong oa hae seo a se metsitseng.+ Lichaba ha li sa tla hlola li phallela ho eena.+ Hape, lerako la Babylona le tla oa.+

45 “Tsoang ho eena, Lōna sechaba sa ka,+ ’me e mong le e mong a balehise+ moea oa hae bohaleng bo tukang ba Jehova.+ 46 Kapa ho seng joalo lipelo tsa lōna li tla tšoha,+ ’me le tla tšoha ka lebaka la tlaleho e tla utloahala naheng. Tlaleho eo e tla tla ka selemo se le seng, ’me ka mor’a eona selemong se seng ho tla ba le tlaleho le pefo lefatšeng ’me ’musi a be khahlanong le ’musi. 47 Ka hona, bonang! matsatsi aa tla, ’me ke tla lebisa tlhokomelo ea ka litšoantšong tse betliloeng tsa Babylona;+ naha eohle ea eona e tla hlajoa ke lihlong, ’me bohle ba eona ba bolailoeng ba tla oa bohareng ba eona.+

48 “Maholimo le lefatše le tsohle tse ho tsona li tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la Babylona,+ etsoe batlatlapi ba tla tla ho eona ba tsoa leboea,”+ ho bolela Jehova. 49 “Babylona e ne e se feela lebaka la hore ba bolailoeng ba Iseraele ba oe+ empa hape ba bolailoeng ba lefatše lohle ba oele ka lebaka la Babylona.+

50 “Lōna ba phonyohileng sabole, le ’ne le tsamaee. Le se ke la ema.+ Hopolang Jehova le le hōle,+ ’me e se eka Jerusalema e ka tla lipelong tsa lōna.”+

51 “Re hlabisitsoe lihlong,+ etsoe re utloile nyeliso.+ Ho tlotloloha ho koahetse lifahleho tsa rōna,+ etsoe basele ba futuhetse libaka tse halalelang tsa ntlo ea Jehova.”+

52 “Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla lebisa tlhokomelo ea ka litšoantšong tsa eona tse betliloeng,+ ’me naheng eohle ea eona ea hlabiloeng o tla bobola.”+

53 “Esita le haeba Babylona e ka nyolohela maholimong+ ’me le haeba e ka etsa hore bophahamo ba matla a eona e be bo sa atameleheng,+ batlatlapi ba tla tla ho eona ba tsoa ho ’na,”+ ho bolela Jehova.

54 “Mamelang! Ho na le mohoo Babylona,+ le ho oa ho hoholo naheng ea Bakalde,+ 55 etsoe Jehova o tlatlapa Babylona, ’me ka sebele ho eona o tla timetsa lentsoe le leholo,+ ’me maqhubu a bona a tla loebehlana joaloka metsi a mangata.+ Ka sebele lerata la lentsoe la bona le tla tsoa. 56 Etsoe ho tla tla motlatlapi+ holim ’a eona, holim ’a Babylona, ’me ka sebele banna ba eona ba matla ba tla haptjoa.+ Liqha tsa bona li tla robakanngoa,+ etsoe Jehova ke Molimo oa liphetetso.+ Ruri o tla buseletsa.+ 57 Ke tla tahisa+ likhosana tsa hae le ba bohlale ba hae, babusisi ba hae le batlatsi ba babusi ba hae le banna ba hae ba matla, ’me ba tla robala boroko bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, boo ba ke keng ba tsoha ho bona,”+ ho bolela Morena,+ eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.+

58 Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Lerako la Babylona, le hoja le le sephara, ruri le tla heletsoa;+ liheke tsa eona, le hoja li phahame, li tla chesoa ka mollo.+ Lichaba li tla lokela ho sehlela lefeela,+ le lihlopha tsa lichaba li tla sehlela mollo;+ ’me li tla ikhathatsa feela.”

59 Lentsoe leo moprofeta Jeremia a ileng a le laela Seraia mora oa Neria+ mora oa Mahaseia+ ha a ne a ea Babylona le Tsedekia morena oa Juda ka selemo sa bone e le morena; ’me Seraia e ne e le mohlokomeli oa lebotho la ntoa. 60 Jeremia a ngola bukeng+ e le ’ngoe tlokotsi eohle e neng e tla tla ho Babylona, mantsoe ana ’ohle a ngotsoeng khahlanong le Babylona. 61 Ho feta moo, Jeremia a re ho Seraia: “Hang ha u fihla Babylona ’me u e bona, u boele u balle mantsoe ana ’ohle holimo.+ 62 U tla re, ‘Jehova, u buile khahlanong le sebaka sena, e le hore ho se ke ha e-ba le moahi ho sona,+ motho kapa phoofolo e ruuoang, empa hore e be lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’ 63 Etlare ha u qetile ho bala buka ena, u e tlamelle lejoeng, ’me u e lahlele har’a Eufrate.+ 64 U tla re, ‘Ke kamoo Babylona e tla teba kateng ’me le ka mohla e se ke ea phahama ka lebaka la tlokotsi eo ke e tlisang ho eona;+ ka sebele li tla ikhathatsa.’”+

Ho tla fihlela ntlheng ena ke mantsoe a Jeremia.

52 Tsedekia+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a motso o mong ha a qala ho busa,+ ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna.+ 2 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova,+ ho ea ka sohle seo Jojakime+ a neng a se entse. 3 Etsoe ka lebaka la bohale ba Jehova hoo ho ile ha etsahala Jerusalema le Juda, ho fihlela a ba tlositse ka pel’a sefahleho sa hae.+ Tsedekia a fetohela morena oa Babylona.+ 4 Qetellong ka selemo sa borobong e le morena,+ ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la leshome la khoeli, Nebukadrezare morena oa Babylona eena le lebotho lohle la hae la sesole, a futuhela Jerusalema,+ eaba ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona le ho haha lerako le e thibellang ho pota-pota ka hohle.+ 5 Kahoo motse oa thibelloa ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa Morena Tsedekia.+

6 Ka khoeli ea bone, ka letsatsi la borobong la khoeli,+ ha e-ba le tlala e khōlō motseng, ’me ho ne ho se na bohobe bakeng sa batho ba naha eo.+ 7 Qetellong motse oa thuhuoa;+ ha e le banna bohle ba ntoa, ba qala ho baleha+ ’me ba tloha motseng bosiu ka tsela ea heke e pakeng tsa lerako le habeli le haufi le serapa sa morena,+ ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse ka hohle; ’me ba ’na ba tsamaea ka tsela ea Araba.+ 8 Lebotho la sesole la Bakalde la qala ho lelekisa morena,+ eaba le fihlela Tsedekia+ lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko; ’me lebotho lohle la hae la sesole le ne le hasane ho tloha lehlakoreng la hae.+ 9 Joale ba tšoara morena ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona+ Ribla+ naheng ea Hamathe,+ e le hore a ka phatlalatsa liqeto tsa boahloli holim ’a hae.+ 10 Morena oa Babylona a bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae,+ hape likhosana tsohle tsa Juda a li bolaela Ribla.+ 11 A foufatsa mahlo a Tsedekia,+ ka mor’a moo morena oa Babylona a mo tlama ka litlamo tsa koporo a mo tlisa Babylona+ ’me a mo beha ka tlung ea botlamuoa ho fihlela letsatsing la lefu la hae.

12 Ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la leshome la khoeli, ke hore, ka selemo sa leshome le metso e robong sa Morena Nebukadrezare,+ morena oa Babylona, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli, ea neng a eme ka pel’a morena oa Babylona, a tla Jerusalema. 13 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō a e chesa ka mollo.+ 14 Mabotho ’ohle a sesole a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako ’ohle a Jerusalema ka hohle.+

15 Ba bang ba batho ba tlaase sechabeng le batho ba bang kaofela ba neng ba siiloe motseng+ le ba koenehileng ba neng ba oetse ka ho morena oa Babylona le basebetsi ba bang kaofela ba hloahloa Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba isa kholehong.+ 16 Ba bang ba batho ba tlaase ba naha Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba siea e le balemi ba morara le basebetsi ba qobelloang.+

17 Litšiea+ tsa koporo tsa ntlo ea Jehova le likariki+ le leoatle+ la koporo tse neng li le ka tlung ea Jehova Bakalde ba li roba likoto ’me ba qala ho isa koporo eohle ea tsona Babylona.+ 18 Ba nka maleke le likharafu+ le litima-lebone+ le likotlolo+ le linoelo le lisebelisoa tsohle tsa koporo tseo ba neng ba sebeletsa ka tsona.+ 19 Libeisine+ le lipane tsa mollo le likotlolo+ le maleke le liluloana tsa lebone+ le linoelo le likotlolo tsa khauta ea sebele,+ le tseo e neng e le tsa silevera ea sebele,+ mookameli oa balebeli a li nka.+ 20 Le litšiea tse peli,+ leoatle le le leng,+ le lipoho+ tse leshome le metso e ’meli tsa koporo tse neng li le tlas’a leoatle, likariki, tseo Morena Solomone a neng a li etselitse ntlo ea Jehova.+ Ha hoa ka ha lekanngoa boima ba koporo ea tsona—lintho tsena tsohle.+

21 Ha e le litšiea, tšiea ka ’ngoe e ne e le bophahamo ba litsoe tse leshome le metso e robeli,+ ’me khoele ea litsoe tse leshome le metso e ’meli e ne e li potoloha;+ botenya ba eona e le botenya ba menoana e mene, e le sekoti. 22 Hlooho e holim ’a eona e ne e le ea koporo,+ bophahamo ba hlooho e ’ngoe e ne e le litsoe tse hlano;+ ha e le letanta le likharenate tse holim ’a hlooho, ho pota-pota ka hohle,+ kaofela e ne e le koporo; ’me tšiea ea bobeli e ne e e-na le lintho tse tšoanang le tsena, le likharenate.+ 23 Likharenate li ne li le mashome a robong a metso e tšeletseng, ka mahlakoreng, likharenate tsohle li ne li le lekholo holim ’a letanta ho potoloha.+

24 Ho feta moo, mookameli oa balebeli a nka moprista ea ka sehloohong Seraia+ le Sofonia+ moprista oa bobeli le balebeli ba bararo ba monyako,+ 25 ’me motseng a nka molaoli a le mong oa lekhotla eo e neng e le molaoli oa banna ba ntoa, le banna ba supileng ho ba kenang ho morena,+ ba ileng ba fumanoa motseng, le mongoli oa molaoli oa lebotho, ea khobokanyang batho ba naha, le banna ba mashome a tšeletseng ba batho ba naha, ba neng ba fumanoa har’a motse.+ 26 Kahoo Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a nka bana ’me a ba isa ho morena oa Babylona Ribla.+ 27 Morena oa Babylona a ba otla+ eaba o ba bolaela Ribla+ naheng ea Hamathe.+ Kahoo Juda ea ea kholehong ho tloha naheng ea eona.+

28 Bana ke batho bao Nebukadrezare a ba isitseng kholehong: ka selemo sa bosupa, Bajuda ba likete tse tharo le mashome a mabeli a metso e meraro.+

29 Ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Nebukadrezare,+ ho tloha Jerusalema ho ne ho e-na le meea e makholo a robeli le mashome a mararo a metso e ’meli.

30 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e meraro sa Nebukadrezare, Nebuzaradane mookameli oa balebeli a isa Bajuda kholehong, meea e makholo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano.+

Meea eohle e ne e le likete tse ’nè le makholo a tšeletseng.

31 Qetellong ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho isoa kholehong ha Jojakine+ morena oa Juda, ka khoeli ea leshome le metso e ’meli, ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mehlano la khoeli, Evile-merodake morena oa Babylona, ka selemo sa ha e e-ba morena, a phahamisa hlooho+ ea Jojakine morena oa Juda ’me a mo ntša ka tlung ea chankana. 32 A qala ho bua lintho tse molemo le eena ’me a phahamisa terone ea hae ho feta literone tsa marena a mang a neng a e-na le eena Babylona.+ 33 A mo hlobolisa liaparo tsa hae tsa chankana,+ a ja bohobe+ ka pel’a hae kamehla ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.+ 34 Ha e le kabelo ea hae, o ne a fuoa kabelo ea kamehla e tsoang ho morena oa Babylona, e loketseng letsatsi le leng le le leng, ho fihlela letsatsing la lefu la hae,+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela